Phapang e sa Lebelloang
HO LEBELLETSOE hore keketseho ea baahi ba lefatše lohle e eketse lenane la baahi lefatšeng la rōna ka lenane le batlang le lekana le la baahi ba Chaena lilemong tsa bo-1990. Ke boemo bo thata ka ho fetisisa metseng ea litoropo ea lefatše. Ha e le hantle, nakong ea lilemo tse 15 tse tlang ho lebelletsoe hore lenane la batho ba lulang metseng ea litoropo naletsaneng ena le fete la batho ba bang ba lulang mahaeng ka lekhetlo la pele. Makasine International Wildlife o hlokomela hore ha metse ea litoropo tsa lefatše e ntse e fetoha metse e meholo, e “silafatsa moea le metsi, e nka sebaka se ka lengoang ho potoloha meeli ea sona, e senya meru bakeng sa ho etsa mafura le mapolanka, e baka tlōlo ea molao, boloetse, le ho tepella.”
Ka nako e tšoanang, libaka tse eketsehileng tsa mahae lia tloheloa. Ka mohlala, United States, metse ea mahae e makholo ea oa ka baka la ho haella ha batho. Karolo e khōlō ea Great Plains e ka bophirimela ho United States le libaka tse ling tsa mahae hona joale li na le metse e mengata e se nang batho ho e-na le e nang le batho. Libaka tse khōlō tse leshome Dakota Leboea li na le batho ba 1,5 feela kapa ka tlaase ho moo square kilometer e le ’ngoe; libaka tse 18 li lahlehetsoe ke karolo ea 50 lekholong ea baahi ba tsona ho tloha ka 1930. Ba bang ba bile ba ikutloa joalokaha The Wall Street Journal e hlalosa hore karolo eohle ea Great Plains e “qobelloa ho khutlela boemong ba eona ba sebaka se mofero boo e tsoang ho bona.” Hobane’ng? Litsebi li beha molato tabeng ea ho se tsebe ho sebelisa mobu hantle, tšebeliso e mpe ea phepelo e fokolang ea metsi, komello, le moruo o oeleng.
Ke metse ea litoropo e nang le baahi ba bangata ho feta tekanyo. Ke libaka tsa mahae tse sa lengoang tse tletseng metse e siiloeng e se na baahi. Har’a phapang eo e sa lebelloang ho na le bopaki bo matla ba hore motho ha a tsebe ho laola libaka tsa mahae joalokaha a sa tsebe ho laola metse ea litoropo, ha a tsebe ho laola naletsana ena joalokaha a sa tsebe ho laola batho ba eona. Ho joalokaha Bibele e ho hlalosa ka ho toba: “Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Empa ’Mōpi oa motho o na le matla a ho tlisa ’muso o nang le matla le o lokileng. O tšepisitse hore haufinyane lefatše lohle e tla ba le behang, le tla lengoa ke baahi ba nang le khotso ho e-na le ho senngoa ke baahi ba tsoileng taolong.—Pesaleme ea 67:6; 72:16; Esaia 65:21-23.