Ho Hlokomela Matšoao a Khatello Ngoaneng oa Hao
“Ke ka seoelo maikutlo a khatello a sa beng le sesosa: Hangata ke karabelo liketsahalong tse itseng kapa maemong a itseng.”—Dr. Lilian G. Katz.
KE JOANG mokhanni oa sefofane a ka bonang moo a eang teng haeba a tsamaea bosiung bo lefifi, bo moholi? Ho tloha ha sefofane se fofa ho fihlela se lula, o itšetlehile ka matšoao. Ho na le lisebelisoa tse fetang lekholo sebakeng seo ho lulang bakhanni ba sefofane se seholo, ’me sesebelisoa ka seng se fana ka boitsebiso ba bohlokoa le ho hlokomelisa mokhanni oa sefofane ka mathata a ka ’nang a hlaha.
Ho hōlela lefatšeng la rōna le tletseng khatello ho tšoana le ho fofa har’a sefefo. Ke joang batsoali ba ka fanang ka tlhokomelo e hlokolosi hore ba etse hore sefofane se fofe hantle ho tloha boseeeng ho fihlela bocheng? Kaha bana ba bangata ha ba bolele khatello ea bona, batsoali ba lokela ho ithuta ho hlokomela matšoao.
’Mele oa “Bua”
Hangata khatello ea ngoana e boleloa ke ’mele. Matšoao a bonahalang ’meleng, a akareletsang likhathatso tsa ka maleng, hlooho, mokhathala, ho hlobaela le mathata nakong ea ho ithusa, e ka ba matšoao a bontšang hore ho na le phoso e itseng.a
Ho lahleheloa ke kutlo ha Sharon e bile nako eo ka eona bolutu bo matla bo fihlang sehlohlolong. Ha Amy a ea sekolong, mahlaba a hae a ka maleng a ile a bakoa ke tšabo ea ho arohana le ’mè oa hae. Ho pipitleloa ha John ho bakiloe ke khatello ea ho shebella ntoa e mabifi ea batsoali ba hae.
Ho hlekefetsoa ka likamano tsa botona le botšehali ho bile le liphello ’meleng oa Ashley ea lilemo li leshome. Oa hopola: “Ke hopola ke sa ee sekolong beke kaofela [ka mor’a ho betoa] hobane ke ne ke kula.” Buka When Your Child Has Been Molested ea hlalosa: “Moroalo oa ho ba le phihlelo ea ho betoa o ka hatella ngoana hore a se phele hantle.” Har’a a mang a matšoao a khatello e joalo a bonahalang ’meleng ke ho kula, mahlaba nakong ea ho ithusa, likhathatso tsa ka maleng tse hlahang nako le nako, hlooho le mahlaba masapong kapa mesifeng ao ha e le hantle a se nang sesosa se bonahalang.
Ha matšoao ana a bonahala ’meleng, batsoali ba lokela ho nahana ka oona ka botebo. Dr. Alice S. Honig o re: “Ebang ngoana oa iketsisa kapa che, seo hase sa bohlokoa. Ntho ea bohlokoa ke sesosa sa bothata.”
Liketso li Bua ho Feta Lipolelo
Hangata phetoho ea tšohanyetso boitšoarong ke pontšo ea ho batla thuso. Buka Giving Sorrow Words ea hlokomela: “Ha seithuti se hloahloa se qala ho sebetsa hampe lithutong tsa sona, seo se hloka tlhokomelo, ’me ho boetse ho joalo ka ngoana eo pele e neng e le setlokotsebe ha a itšoara hantle.”
Tšobotsi e ileng ea hlaha ka tšohanyetso ea ho bua leshano ha Timmy ea lilemo li supileng e simolotse ha ’mè oa hae a qala ho tšoareha haholo mosebetsing oa hae. Boitšoaro ba tšohanyetso ba mekhoa e mebe ea Adam ea lilemo li tšeletseng bo bakiloe ke maikutlo a ho inyenyefatsa sekolong. Ho qala hape ho ntšetsa metsi likobong ha Carl ea lilemo li supileng ho ile ha bontša takatso ea hae e matla haholo ea tlhokomelo ea batsoali eo joale e neng e bonahala e lebisitsoe ho khaitseli ea hae e nyenyane.
Boitšoaro ba ho intša kotsi ke bo khathatsang ka ho khethehileng. Likotsi tsa nako le nako tsa Sara ea lilemo li 12 li ne li ke ke tsa amahanngoa le ho se tsotelle feela. Ho tloha ha batsoali ba hae ba hlalana, ho intša kotsi e bile tsela eo a e sebelisang ho leka ho tsosolosa lerato la ntat’ae le seng le felile. E-bang ke maqeba a manyenyane ao a intšang oona kapa ntho e tebileng joaloka ho leka ho ipolaea, khalefo e ntšoang ka ho intša kotsi ke letšoao la khatello e matla ka ho fetisisa.
Ho Bua ho Tsoa Pelong
Jesu Kreste o itse: “Hobane molomo o buisoa ke seo pelo e tletseng sona.” (Mattheu 12:34) Hangata pelo e laoloang ke maikutlo a fosahetseng e senoloa ke seo ngoana a se buang.
Dr. Loraine Stern o re: “Bana ba tlang lapeng ’me ba re ‘Ha ho motho ea nthatang’ ba hlile ba u bolella hore ha ba ithate.” Ho joalo le ka boithoriso. Le hoja ngoana a bontša maikutlo a fapaneng le a ho ikhalala, ho ithorisa ka lintho tsa sebele tseo a li finyeletseng kapa tse inahaneloang e ka ’na ea ba boiteko ba ho hlōla maikutlo a ho ikhalala.
Ke ’nete hore bana bohle baa kula ’me ka linako tse ling ha ba itšoare hantle ’me hangata baa itšoabela. Empa ha mathata a joalo a fetoha tloaelo ’me ho se sesosa se bonahalang, batsoali ba lokela ho lekanyetsa se boleloang ke matšoao ao.
Ka mor’a ho hlahloba boitšoaro ba bongoaneng ba bacha ba tšeletseng ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba ileng ba hlaseloa ka mabifi, Mary Susan Miller o ile a hlokomela: “Ho ne ho e-na le matšoao a lekaneng. Bashemane bana ba ne ba ile ba bontša matšoao ana tseleng ea bophelo ka lilemo tse ngata, empa ha ho motho ea ileng aa hlokomela. Batho ba baholo ba ile ba a bona, empa ba ile ba iphapanyetsa ’ona.”
Hona joale, ho feta leha e le neng pele, batsoali ba lokela ho falimehela ho hlokomela matšoao a khatello ea nakong ea bongoana le ho a nkela bohato.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fapana le khatello e matla ka ho fetisisa ea kelello e akareletsang mafu a inahaneloang, lefu lena la matšoao a bonahalang ’meleng ke la sebele. Leha ho le joalo, sesosa sa lona ke maikutlo ho e-na le ’mele.
[Lebokose le leqepheng la 25]
Na ho na le Khatello ka Pōpelong?
Esita le lesea le ka pōpelong le ka utloa khatello, tšabo le matšoenyeho tseo mè oa lona a li fetisetsang ho lona ka liphetoho tsa lik’hemik’hale tse leng tsamaisong ea mali. Linda Bird Francke oa ngola bukeng Growing Up Divorced: “Lesea le hōlang ka pōpelong le utloa khatello e ’ngoe le e ’ngoe eo mosali oa moimana a e utloang. Le hoja tsamaiso ea methapo ea lesea le ka pōpelong le ea mosali li sa amane ka tsela e tobileng, ho na le kamano e le ’ngoe mahareng a batho bana ba babeli e ke keng ea arohanngoa.” Mohlomong sena se ka hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho latela makasine oa Time masea ao ho hakanngoang hore ke karolo ea 30 lekholong ea bana ba likhoeli tse 18 le ba ka tlaase ho moo a hlokofatsoa ke mathata a amanang le khatello ho tloha bothateng ba ho pata maikutlo ho isa ho kuleng ho khetholloang ka matšoenyeho a sa amaneng le sesosa leha e le sefe se bonahalang ’me hangata ho tsamaisana le ho fufuleloa, pelo e otlang ka matla le molikoa-likoane. Francke o phetha ka ho re: “Hangata masea a belehoang ke basali ba sa thabang, ba leng tlas’a khatello le ’ona ka booona haa thaba ebile a mahlomoleng.”
[Lebokose le leqepheng la 26]
Ha Ngoana a Leka ho Ipolaea
Lettie o ile a botsa ntat’ae: “Ho ne ho tla etsahala’ng haeba ke robala lilemo tse lekholo?” Ntat’ae o ile a nahana hore eo ke potso ea bongoana. Empa Lettie o ne a tiile. Matsatsi a se makae hamorao o ile a kena sepetlele ka lebaka ho noa lipilisi tse robatsang tse tletseng botlolo.
Ke’ng seo u lokelang ho se etsa haeba ngoana oa hao a nahana ho ipolaea kapa a hlile a leka ho ipolaea? Buka Depression—What Families Should Know ea phehella: “Ka potlako batla thuso ea litsebi. Ho thusa batho ba lekang ho ipolaea esita le ba nang le kameho e khōlō ka motho ea tepeletseng maikutlong hase mosebetsi oa bo-maithutoane. Mohlomong u ka nahana hore u kholisitse setho sa lelapa la hao hore se se ipolaee ha u bona se thōtse le ho boloka maikutlo a sona ho fihlela nakong eo maikutlo ana a phatlohang ka liphello tse tšosang.”
Ka thuso e loketseng, ho na le tšepo bakeng sa ngoana ea lekang ho ipolaea. Buka e boletsoeng ka holimo e re: “Ha e le hantle bongata ba batho ba lekang ho ipolaea ha ba hlile ha ba rate ho ipolaea. Ba mpa ba batla ho khaotsa ho utloa bohloko. Boiteko ba bona ke kōpo e tiileng ea thuso.” Ka phuthehong ea Bokreste batsoali ba thatafalloang ho sebetsana le litšekamelo tsa ho ipolaea ba ka fumana tšehetso e lerato le keletso e molemo ea Mangolo ho baholo.