Keresemese—Na e Litšenyehelo ho Feta Kamoo U ka Nahanang?
“’MÈ, NTATE—na kannete Santa Claus o teng?” Oo ke motsotso oa ho bua ’nete oo batsoali ba bangata ba o tšabang. Ka mahlo a kopantseng ho nyahama le ho utloa bohloko, Jimmy ea lilemo li supileng o kōpa tiiso ea hore na motho enoa ea inahaneloang ea tlisitseng limpho tsohle tse ntle o hlile o teng na—le hore batsoali ba hae ha baa mo thetsa.
Ho etsahetseng ke hore, moshanyana oa moahisani ke eena ea molato oa ho senola ’nete ena e soabisang ea hore pale ea Santa Claus ke leshano le ho kenya batsoali bana tsietsing. Mohlomong mehopolo ea hao ea ha u sa le ngoana e akarelletsa ketsahalo e tšoanang.
Mekete ea matsatsi a phomolo ea mehleng ena ke ho fetang feela mekete ea bolumeli. Kamoo ho bonahalang ka teng, Keresemese e se e amoheleha libakeng tseo ho neng ho sa lebelloa hore e ka ratoa ho tsona. Mabuddha a Japane, Maafrika a nang le tumelo ea hore meea e arohana le ’mele, Bajode ba Amerika, le Mamosleme a Singapore ka ho tšoanang ba amohela monna eo ea motenya, ea aparang liaparo tse khubelu ea jarang limpho. Moeta-pele e mong oa bolumeli o ile a botsa, “Na Keresemese ha ea fetoha letsatsi la phomolo le akaretsang la phomolo le bolokoang ke bohle?”
Ho latela maikutlo a batho ba bangata, Keresemese e batla e hlobotse seaparo sa eona sa Bophirima sa “Bokreste” ’me e fetohile nako e ipiletsang ea ho nyakalla ho bohle. Bana ba keneletse ka ho teba moketeng ona. Batho ba bang ba re ha ho na ngoana eo bophelo ba hae bo feletseng ha ho se na monyaka o khethehileng oa letsatsi lena la phomolo. Kamoo ho bonahalang ka teng, Keresemese e ke ke ea fela. Nako ea lithuto tsa sekolo e likoloha ho eona. TV ea e tlotlisa. Litsi tsa mabenkele le mabenkele a arotsoeng ka mafapha lia e phatlalatsa. Batsoali ba sebelisa nako e ngata le chelete bakeng sa Keresemese. Empa ho fapana le phello e tloaelehileng ea sekoloto se boima, na ho na le theko e boimanyana eo lelapa la hao le ka e lefang?
Tšōmo ea Santa—Ho Felisa Tšepo ho Motho?
John ea lilemo li supileng o ile a bolella ’mè oa hae sena: “Ha ke lumele hore ho na le Molimo.” Sehlooho sa World Herald se hlalosa lebaka: “Kamoo ho bonahalang ka teng, John o ile a utloa pejana letsatsing leo hore Santa Claus hase motho oa sebele. O ile a bolella ’mè oa hae hore mohlomong le Molimo hase motho oa sebele.” Ha a hopola ho nyahama ha hae ha esale ngoana, John ea lilemo li 25 o ile a re: “Ha batsoali ba bolella bana hore Santa o teng, ke nahana hore seo mohlomong ke ho felisa tšepo ho motho.”
Ho lokela ho etsoa joang ka boemo bo boo ho leng thata ho sebetsana le bona? Litsebi tsa bana ha li lumellane. Se seng se ile sa khothaletsa batsoali hore ba bolelle bana ba bona ’nete ha ba le lilemo li tšeletseng kapa li supileng, ba lemosa hore “ha e le hantle ho ka ba kotsi likelellong tsa bona ha batsoali ba ka phehella ho buella tšōmo eo.”
Bukeng Why Kids Lie—How Parents Can Encourage Truthfulness, Dr. Paul Ekman o re: “Ha ho na pelaelo ea hore lōna le le batsoali le na le tšusumetso e khōlō baneng ba lōna mabapi le boikutlo, litumelo, le liketso kamanong ea bona le ba bang tse kang ho bua leshano kapa ho qhekella.” Ekman o tsoela pele: “Likamano li ke ke tsa hlola li tšoana ha leshano le se le felisitse tšepo. Ho felloa ke tšepo ho thata ho lokisoa; ka linako tse ling ho hang ha ho lokisehe.” Kahoo ke hobane’ng ha u tsoela pele ho bua leshano tabeng ea ho fana ka limpho ka matsatsi a phomolo?
Mofuputsi e mong oa bana o ile a tiisa: “Ke nahana hore bana ba utloisoa bohloko haholoanyane ke ho thetsoa le ho ekoa ke batsoali ho feta ho fumana hore Santa Claus hase motho oa sebele.” Dr. Judith A. Boss, moprofesa oa filosofi, o re: “Morero oa batho ba baholo . . . ke ho khelosa bana ka boomo ka sebōpeho sa Santa Claus. . . . Ka ho bolella bana hore Santa Claus ke motho oa sebele, ha re etse hore mehopolo ea bana e sebetse. Re mpa re ba bolella leshano.”
Haeba u motsoali, u talimane le phephetso e khōlō—ho hōlisa bana ba nang le lerato, ba thabileng lefatšeng leo ba ithutang ho tloha lilemong tse tlaase hore batho ba ke ke ba tšeptjoa. “U se ke ua bua le batho bao u sa ba tsebeng.” “U ke ke ua kholoa sohle seo phatlalatso ea TV e se bolelang.” “Ba bolelle hore ’Mè oa hao ha a eo.” Ke joang ngoana a ithutang hore na a tšepe mang? Buka How to Help Your Child Grow Up e re: “Bana ba banyenyane ba tlameha ho ithuta ho tloha boseeng bohlokoa le botle ba botšepehi, ba sebete, ba ho sebelisana le ba bang ka tlhompho; ’me lintho tsena li qala lapeng.”
Ha e le hantle, ha ho lelapa leo ho thoeng le phethahetse. Leha ho le joalo, mongoli Dolores Curran o ile a qalisa morero oa ho batlisisa sebōpeho sa malapa a matla. O ile a botsa litsebi tsa malapa tse 551 tsa likarolo tse fapaneng ho khetha lintlha tsa bohlokoa ka ho fetisisa. Seo a se fumaneng, bukeng Traits of a Healthy Family, o tšohla litšobotsi tse 15 tsa sehlooho tse khethiloeng ke litsebi. Tšobotsi ea bone e ne e le “boikutlo ba ho tšepa.” O re: “Lelapeng le phetseng hantle, tšepo e nkoa e le leruo la bohlokoa, le hōlisoang ka hloko ’me le hlokomeloa ha bana le batsoali ba feta hammoho maemong a fapaneng a bophelo ba lelapa.”
Batsoali ba etsa hantle ho ipotsa, ‘Na ho buella tšōmo ea Santa ho tšoaneloa ke ho lahleheloa ke ho tšeptjoa ke ngoana oa ka?’ Ho ka ’na ha se ke ha hlola ho khoneha hore u ho fumane hape. Na Keresemese e na le liphello tse ling tse patehileng?
Ho Fana Haholo?
Pampitšana 12 Rules for Raising Delinquent Children e re: “Qala ho fa ngoana oa hao sohle seo a se batlang ho tloha boseeng. Ka tsela ena o tla hōla a lumela hore lefatše le tlameha ho mo phelisa.” Ho hatisa lintho tse bonahalang ho feta tekanyo ka sebele ho ka ba kotsi.
Mongoli ebile e le motsoali Maureen Orth oa botsa: “Ke joang re ka kenyang baneng ba rōna litekanyetso tsa bohlokoa le tsa botho lefatšeng le ratang lintho tse bonahalang leo re phelang ho lona, leo ho lona takatso ea ho ba le lintho le meharo li bonahalang li tlotlisoa hakaale, hangata e se ka morero?” Sehloohong “Mpho ea ho se Fane,” o re: “Lesea la rōna le itšoarang joalokaha eka ke ’musi le lumela hore limpho ke ntho ea letsatsi le letsatsi—ho tšoana le ho fumana mangolo.” Na oo ke molaetsa oa sebele oa Keresemese?
Ho thoe’ng ka malapa ao ho hang a sa khoneng limpho tse majaba-jaba tseo ho boleloang hore ke tlamo ea Keresemese? Bacha bao ba ikutloa joang ha ba utloa hore Santa o fana ka limpho ho bana ba itšoereng hantle feela? ’Me ho thoe’ng ka bacha ba malapeng a arohaneng ba hlokomelisoang habohloko sekheo se teng lelapeng labo bona ka nako ea matsatsi a phomolo?
The New York Times e re: “Hangata sehlohlolo sa pokano ea letsatsi la phomolo ke ho phutholla limpho. Khatiso eo e fa bana khopolo ea hore limpho ke eona ntho eo lelapa le e bokanetseng ’me e ba beha boemong ba ho nyahama habobebe.”
Lerato ke tšusumetso e sebetsang haholoanyane ea ho etsa se molemo. Glenn Austin, mongoli oa Love and Power: Parent and Child, o re: “Lelapeng le momahaneng leo ho lona ngoana a ratang a bileng a hlomphang motsoali, ngoana a ka ’na a itšoara ka tsela e molemo hore a khahlise motsoali.” Lipaki tsa Jehova li sebetsa ka thata ho hlahisa boemo bo joalo bo mofuthu ba lerato malapeng a tsona. Ho phaella moo, bana ba Lipaki tsa Jehova ba hōlisitsoe hore ba tsebe le ho rata Molimo eo ba mo sebeletsang, Jehova. Eo ke tšusumetso e matla hakaakang bophelong ba bona ea hore ba etse se lokileng! Ha ba hloke motho oa tšōmong ho ba susumelletsa mesebetsi e molemo.
Lipaki tsa Jehova li hlokomela bana ba tsona joaloka limpho tse tsoang ho Molimo. (Pesaleme ea 127:3) Kahoo, ho e-na le ho emela matsatsi a itseng a reriloeng esale pele ho laola ho fana ka limpho, batsoali bana ba ka fana ka limpho selemo ho pota. Ka linako tse joalo ho thata ho bolela hore na ea thabileng ho feta e mong ke mang—mocha ea hloletsoeng kapa motsoali oa hae ea nyakaletseng. Ngoana o tseba moo mpho eo e tsoang teng. Ho feta moo, batsoali ba Lipaki ba khothaletsoa ho fana ka mpho ea nako ea bona khafetsa. Hobane ha ngoanana e monyenyane a ikutloa a sa thaba kapa a jeoa ke bolutu, kamore e tletseng lipopi e ka bapisoa joang le metsotso e seng mekae eo a e qetang a le liatleng tsa ’mè oa hae a mametse ha ’Mè a pheta lipale tsa ha a sa le monyenyane? Na moshanyana a ka rutoa ho ba monna ke otoropo e tletseng thepa ea baseball kapa ke ho qoqa nako e telele, hamonate le ntate oa hae ha ba ntse ba tsamaea hammoho?
Katamelano ena e baballetsoeng e ka pholosa bophelo. Bafuputsi ba bana ba fumane hore ha lekhalo la lilemo leo ho buuoang ka lona haholo le qala bakeng sa mocha, o qala ho susumetsoa haholo ke lithaka. Ho se itšoare hantle ha bacha le boikutlo bo ntseng bo theoha mabapi le batho ba baholo li tsamaisana hammoho. “Empa ba ileng ba boloka pono e lokileng ka bo-ntate ba bona le batho ba baholo ka kakaretso ha baa ka ba latela lithaka tse ling boitšoarong bo seng botle.”
Ka linako tse ling Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa tšoauoa phoso ka ho se kenelle monateng oa matsatsi a phomolo le malapa a tsona. Ho ka ’na ha bonahala eka bana ba Lipaki tsa Jehova ba tingoa monate ona o khethehileng. Empa batsoali bana le bana ba tšepahalang ba na le mabaka a utloahalang a Bibele a ho se kenelle. (Ka kōpo bona maqephe 19-22.) ’Me bacha bana ba hōlisa boikutlo bo matla ba boitšoaro bo tla mamella boima ba khatello ea lithaka e silakanyang boikemisetso ba bacha ba bang. Boitšoaro bo ntse bo hoholoa ke leqhubu le ntseng le phahama la bokhopo. Likamano tse litšila tsa botona le botšehali, lithethefatsi, pefo, tahi, lihlotšoana tsa bokhelohi tsa bolumeli, ba betang bana—likotsi tse ngata haholo li sokela bacha ba hlaseloang habonolo.
Motsoali a ka sireletsa mocha joang likotsing tsee tse lulang li le teng? Ho tloha boseeng bana ba Lipaki ba fumana thupelo e lumellanang ea ho itšetleha ka melao e matla ea boitšoaro ea Bibele. Batsoali ba lerato ba ba thusa ho utloisisa pono ea Molimo eseng feela ka matsatsi a phomolo empa le ka litšobotsi tsohle tsa bophelo. Ho utloa Molimo oa bona ho susumetsoa ke ho mo rata le ho mo hlompha, esita le haeba ho bolela ho ba ea fapaneng le ba bang. Ak’u nahane feela hore na ke joang sena se ba hlophisetsang ho ba batho ba baholo ba atlehileng! Haeba ngoana e monyenyane a ka lula ka tlelaseng e tletseng lithaka tse etsang se bonahalang se le monate ’me a emele seo a lumelang hore se nepahetse, a ka khona ho thibela hamolemo hakaakang phephetso ea hamorao ea lintho tse ling tse bonahalang li le monate—lithethefatsi, likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo, le likhoheli tse ling tse kotsi! Bana ba Lipaki tsa Jehova ba ka ’na ba hōlisa matla a boitšoaro ao bana ba bang ba bangata ba ka ’nang ba a hloka.
Dr. Robert Coles, mofuputsi oa Harvard oa hlokomela: “Bana ba bangata bao ke ba talimileng ha ba na tumelo. Ba lahlehetsoe ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe ntle le ho tšoareha ka litakatso tsa bona, ’me sena se hōlisoa letsatsi le letsatsi ke tsela eo ba hōlisoang ka eona.”
Ngaka e ’ngoe ea bana e hlalosa lelapa le fapaneng: “Ba batla bana ba tsotellang batho ba bang le ba reng letho ka bona. . . . Ba phela bophelo bo sa rarahanang . . . , empa ba na le ho hong hape. Ka lebaka la ho hloka tsela e molemonyana ea ho beha taba ena, nka ho bitsa khotsofalo.”
Dolores Curran o bolela hore ho etsetsa ba bang se molemo ke motheo oa ho fumana thabo. “Malapeng a mang sechabeng sa rōna [United States]—ka sebele nka re boholo ba ’ona—katleho le ho phehella bophelo bo mabotho-botho ke morero oa sehlooho.” Empa “malapa a nkang hore litho li tla hlokomela ba bang e ba ’ona malapa a matla a nkang ho etsetsa ba bang se molemo e le habohlokoa. . . . Ha bana ba tsoang malapeng ana ba hōla, ka tloaelo e-ba batho ba tsotellang le ba nang le boikarabelo ka lebaka la phihlelo ea lelapa labo bona.” Curran o hlokomela har’a batsoali ba atlehileng “poello ea bohlokoa ba ho batla thabo bathong le ka ho fana ho e-na le ho reka, ho nka, le ho sebelisa.”
Taba e behoa ka tsela e ’ngoe ke setsebi se hlahelletseng sa ho fana, “ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.” (Liketso 20:35) Malapa a Lipaki ke bopaki bo phelang ba polelo ena ea Kreste Jesu. Joaloka eena bophelo ba bona bo likoloha tšebeletsong ea Bokreste. Ba bang ba ka ’na ba e-ba le boikutlo ba hore bacha ba Lipaki baa tlatlapuoa le ho qobelloa ho tsamaea le batsoali ba bona ka ntlo le ntlo. Ho fapana le hoo ka ho feletseng, batsoali ba bona ba ba ruta ka ho ba behela mohlala oa ho bonahatsa lerato ho batho ’moho le bona ka ho fa baahelani ba bona litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka ntle ho tefo.—Mattheu 24:14.
‘Na e ke ke ea Hatella Bana?’
Empa na khōliso e thata ea bolumeli ha e hatelle ngoana? Na ha ho molemonyana ho emela hore e mong le e mong a iketsetse liqeto tsa hae ka bolumeli ha e e-ba motho e moholo? Oo e ka ’na ea e-ba molao oa boraro oa 12 Rules for Raising Delinquent Children: “Le ka mohla u se ke ua mo fa koetliso ea moea. Emela ho fihlela a e-ba lilemo li 21 ebe joale u mo lumella hore ‘a iketsetse qeto.’”
Leha ho le joalo, kutlo ea boitšoaro ba ngoana ea motheo ho ea ka Dr. Coles, e qala ho hōla ha a le lilemo li tharo. “Ka hare ho ngoana ho na le kutlo ea boitšoaro e hōlang. Ke nahana hore e fanoe ke Molimo, hore ho na le taba-tabelo e matla ea boitšoaro.” Ena ke nako ea bohlokoahali ea ho mo kenya litekanyetso tsa ’nete tsa boitšoaro. Ka mohlala, ke nako ea ho mo ruta ka ho ’mehela mohlala ka bohlokoa ba ho bua ’nete ho fapana le ho bua leshano. Bibele e hatisa bohlokoa ba ho fana ka koetliso nakong ea lilemo tsa bocha: “Ruta [“koetlisa,” NW] mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.”—Liproverbia 22:6.
Curran oa hlokomela: “Ho ke ke ha lebelloa hore bana kajeno ba be le boitšoaro empa ba sa thusoe. . . . Bao ke neng ke etsa lipatlisiso har’a bona ba supa hore lelapa le phetseng hantle haholoanyane le kutlo ea lona e hōtse haholoanyane tabeng ea se nepahetseng le se fosahetseng.”
Ha mosebeletsi oa sechaba a arabela patlisisong ea Curran o ile a hlokomela: “Ho na le motheo oa matla o ke keng oa qojoa oo tumelo ea bolumeli e o fang malapa.” Bakeng sa lelapa le arolelanang motso oa bolumeli, Curran o re, “tumelo ho Molimo e phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba lelapa ba letsatsi le letsatsi. Motheo oa bolumeli o matlafatsa tsamaiso ea tšehetso ea lelapa. Batsoali ba ikutloa ba e-na le boikarabelo bo matla ba ho fetisetsa tumelo ho bana ba bona, empa ba etsa joalo ka litsela tse nepahetseng le tse nang le morero.”
Thusa Bana ba Hao ho Hōlisa Lerato ho Molimo
Bontša bana limpho tsa Molimo tse ba fang thabo. Paqama mohloeng le bona ’me le hlahlobisise palesa e nyenyane e entsoeng ka bohlale bo boholo. Shebellang maleshoane ha a nyoloha moferong oa joang a nyolohela qetellong ea lekhasi la joang, a phahamisa mapheo a hae a nang le matheba a mafubelu le a matšo, ’me a fofela hōle. Etsa hore ba utloe boikutlo bo hlollang ba ha serurubele se lula letsohong ’me se ntse se phahamisa le ho theola mapheo a sona a masehla bakeng sa ho phomola ka nakoana le ho ora mofuthu oa letsatsi. Kakallang ’me le shebelle maru a masoeu a ntseng a phethesela holimo, ’me le shebelle ha libōpeho tsa maru li fetoha li nka libōpeho tsa likepe e ntan’o ba lipere e ntan’o ba matlo a borena marung. Ka nako e tšoanang hlokomelisa bana ba hao hore ke Molimo oa rōna eo e leng ’Mōpi ea fanang ka limpho tsena tse re thabisang.
Ho na le limpho tse ling tse ngata, tse joaloka lelinyane la katse le etsang menyakoe ka lekhasi ’me le re siea re keketehile kapa lelinyane la ntja le nang le boea bo bonojoana le re “khorohelang ka morero oa ho bapala,” hlooho e ntse e e-ea koana le koana, le rora le sa khaotse ha le ntse le hula letsoho la seaparo sa rōna, empa ka botsoalle le tsoka mohatla le sa khaotse nakong eo eohle. Kapa monyaka oa ho bapalla maqhubung a leoatle lebōpong, ho tsamaea lithabeng, kapa ho talima ka ho hlolloa leholimo le tletseng linaleli tse phatsimang le ho khanya holimo. Ka ho tseba hore limpho tsena le tse ling tse ke keng tsa baloa li tsoa ho Ea re fileng bophelo ba rōna, ho khona ho mo leboha ka limpho tsena, ho tlala teboho hore ebe rea mo tseba—sena sohle sea re thabisa ’me se bontša lerato le tebileng le le tletseng kananelo bakeng sa hae.
’Me qetellong tikolohong ea lelapa, ho hakoa le ho akoa ke Ntate le ’Mè, ho thusa bana ho latsoa mofuthu oa tšireletseho le ho tlala teboho letsatsi le letsatsi. Ba thuseng ho lula ba e-na le tumelo ho Jehova, ba qhele leshano le leholo le ho feta la Santa ea apereng liaparo tse khubelu, e leng, la hore ho iketsahalletse feela hore limpho tsena tsohle tse ntle tse tsoang ho Molimo li be teng, li itlhahisitse—leshano le rutoang ntle ho bopaki ba saense, le sa tšehetsoeng ke tšebetso ea saense, le tšehetsoang feela ka thuto e pheta-phetoang ho tlatsa likelello tsa bacha.a
Kopanela le bana ba hao lithapelong tse etsoang khafetsa tse eang ho Mofani e moholohali—nakong ea lijo, ha le bala Lentsoe la hae, qetellong ea letsatsi. Hōlisa ngoana ea tletseng teboho, ’me boikutlo boo ba kananelo bo tla natefisa phihlelo e ’ngoe le e ’ngoe eo a bang le eona bophelong. O tla hōla ho ba motho ea fanang a thabile joaloka Molimo oa ’nete le joaloka batsoali bao a ba ratang. Joale thabo e tla ba teng, e sa bakoe ke matsatsi a behiloeng esale pele a almanaka, empa ke linako tsa thabo e itlisang hobane motho a thabela ho phela. “Ho lehlohonolo sechaba seo Jehova e leng Molimo oa sona!”—Pesaleme ea 144:15.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona buka Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
E ’ngoe ea limpho tse molemohali tseo u ka li fang bana ba hao ke nako