Thabo—E Tiisitsoe!
JESU KRESTE o itse: “Ho thabile ba elang tlhoko ea bona ea moea hloko.” (Mattheu 5:3, NW) Ho fapana le bohlale bo tloaelehileng, Jesu o lebisitse tlhokomelo tabeng ea ho khotsofatsa tlhoko ea motho ea moea ho e-na le ho khotsofatsa litakatso tsa hae tsa lintho tse bonahalang e le mokhoa o le mong oa bohlokoahali oa ho atleha telekisong ea thabo. Mantsoe ao a Jesu, haeba a lumelloa, a fana ka tiisetso ea thabo.
Leha ho le joalo, ho falimehela tlhoko ea motho ea moea, ho bolela ho fetang feela ho hlokomela hore tlhoko e joalo e teng. Hangata, tlhoko e sa khotsofatsoeng e-ba mohloli oa ho tšoenyeha le ho hlonama ho e-na le ho thabisa. Maele a Bibele a bolela tjena: “Tšepo ha e lieha ho phetheha, e babisa pelo.” (Liproverbia 13:12) Kahoo, thabo e hōla ha motho a nka mehato ho khetholla litlhoko tsa hae tsa moea ebe joale oa li khotsofatsa. See se ka etsoa joang?
Ke mona moo Bibele e fanang ka se hlokahalang. Hobane’ng? Hobane ke eona feela e ka fanang ka likarabo lipotsong tseo ba bangata ba ’nileng ba nahanisisa ka tsona nako e telele ba sa fumane likarabo tse khotsofatsang. Ka mohlala, na u kile ua ipotsa, ‘Morero oa bophelo ke eng? Ke hobane’ng ha motho a le lefatšeng? Bokamoso bo fupere eng?’ Ntle le ho fana ka likarabo tse khotsofatsang lipotsong tsena le tse ling tse ngata, Bibele e boetse e fana ka tataiso bakeng sa ho phela e thusitseng ba limilione ho sebetsana ka katleho le mathata a rarahaneng ao bohle re thulanang le ’ona kajeno ao hangata a re sitisang ho batla thabo. Mopesaleme o re: “Lentsoe la hao [Molimo] ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka.” (Pesaleme ea 119:105) E, Bibele ke tataiso e tšepahalang e ka u thusang hore u atlehe ho phehella thabo. Nahana ka mehlala ena e ’meli e hlileng e etsahetseng.
Ho Tloha Tlhonamong ho ea Thabong ea Lenyalo
Lenyalo e ka ba mohloli oa thabo kapa oa masisa-pelo. Ka masoabi, ho ba bangata ke oa masisa-pelo. Leha ho le joalo, keletso ea Bibele, ha e sebelisoa, e thusitse ba bangata ho fumana thabo lenyalong leo pele le neng le sa thaba.
Yungk’un le Meihsiu ba bile le phihlelo e joalo. Yungk’un oa bolela: “Lilemo tse supileng tsa ho qala tsa lenyalo la rōna e ne e le tse se nang thabo. Ke ne ke qeta nako e fokolang haholo le mosali oa ka le barali ba babeli. Ha e le hantle, hangata ke ne ke robaletsa moo ke sebetsang teng.” Le hoja ba ne ba e-na le lintho tsohle tse bonahalang tseo ba neng ba li hloka, ba ne ba sa thaba. Mosali oa hae oa phaella: “Ntle le hore monna oa ka o ne a re lokisetsa lintho tse bonahalang, o ne a siea litaba tsohle tsa lelapa tlhokomelong ea ka. Ka sebele ke ne ke ho hloile.” Ba bile ba nahana ka ho arohana.
Yungk’un o ne a e-na le mathata a mang a lelapa ka ho tšoanang. Ka lebaka la mathata a fetileng a lelapa, o ne a sa ka a buisa khaitseli oa hae ka lilemo tse supileng. Ho ne ho le joalo ho sa tsotellehe ’nete ea hore ba ne ba phela limithara tse sa feteng lekholo e mong ho tloha ho e mong. Leha ho le joalo, hona joale, o nyakallela lenyalo le thabileng le kamano e ntle le khaitseli ea hae. Ke hobane’ng ha ho bile le phetoho e khōlō hakaale?
Yungk’un oa hlalosa: “’Na le mosali oa ka re ile ra qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova le ho ba teng libokeng tsa bona tsa Bibele tsa beke le beke.” Khaitseli ea hae e ile ea etsa se tšoanang. Ba ile ba qala ho sebelisa lintho tseo ba neng ba ithuta tsona ’me ba ne ba makaletse liphello. Yungk’un o ile a fumana mosebetsi o neng o mo lumella ho hlokomela eseng feela litlhoko tsa lintho tse bonahalang tsa lelapa la hae empa hape le litlhoko tsa bona tsa moea le tsa maikutlo. Hona joale ba nyakallela bophelo ba lelapa bo thabileng, bo momahaneng.
O Fumane Morero Bophelong
Ba ithutang sebōpeho sa batho ba boletse hore e le hore re ka thaba, re hloka lebaka la ho phela, morero bophelong. Bophelo bo pota-potiloeng ke ho phehella lintho tse bonahalang ka boithati ha bo khotsofatse tlhoko ena. Lini ea lilemo li 26 o ile a fumana hore sena ke ’nete.
O re: “Ke ne ke atisa ho sebetsa lihora tse 12 ka letsatsi, matsatsi a supileng ka beke. Pakane ea ka e ne le ho bula salune e khōlō ea ho iketsa botle.” Esita le hoja a ne a se a le haufi le ho phetha toro ea hae, o ile a utloa hore ho na le ntho e ’ngoe e haellang bophelong ba hae. “Ke ne ke atisa ho ipotsa ka morero oa bophelo. Na e ne e le feela ho sebetsa le ho etsa chelete?”
Joale ka letsatsi le leng motho e mong o ile a tla khoebong ea hae ’me a ’motsa potso eona eo a neng a ’nile a ipotsa eona. O ile a bolelloa hore Bibele e ka arabela potso eo. Le hoja pele a ne a e-s’o ka a bala Bibele, o ile a lumela ho behella hora e le ’ngoe ka thōko beke e ’ngoe le e ’ngoe ho e hlahloba.
Thutong ea hae ea beke le beke, Lini o ile a ithuta hore Bibele e ne e boletse esale pele lintho tse ngata tseo a neng a li bona letsatsi le leng le le leng. O ne a hloletsoe ke kamoo Bibele e neng e hlalositse ka ho nepahala esale pele boitšoaro bohle bo neng bo mo potolohile, ha e bolela esale pele hore batho e ne e tla ba “baithati‚ ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa utloeng batsoali, ba sa leboheng‚ ba sa tšepahaleng‚ ba se nang kameho e lerato ea tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba se nang boitšoaro, ba bohale ka ho tšosang, ba sa rateng molemo, baeki, ba lihlooho li thata, ba tletseng [boikakaso], barati ba menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” O ile a ithuta boprofeta bo bong bo buang ka ho utloa bohloko hoo ho seng mohla ho kileng ha e-ba teng ho bakoang ke lintoa, litlala, le likoluoa tsa tlhaho tse bonoang ho potoloha le lefatše.—2 Timothea 3:1-5, NW; Mattheu 24:7, 12.
Joale Lini o ile a ithuta ntho e ileng ea mo thabisa haholo—hore maemo ana a lefatše ao hangata a amohang batho thabo ke pontšo ea hore mehla e mecha historing ea motho e atametse. (Mattheu 24:3-14) O ile a boela a ithuta ka Bibeleng hore ’Mōpi oa moloko oa batho o rerile ho hloma lefatše le lecha mona lefatšeng, moo katleho linthong tse bonahalang eo motho ea sa phethahalang a e-song ho ka a e bona e tla ata lefatšeng ka bophara. (Pesaleme ea 72:16; Esaia 65:17, 18, 21, 22) Sechaba sena se atlehileng sa kamoso se ke ke sa senngoa ke ho ba teng ha meharo, boithati, le ho rata lintho tse bonahalang, ka liphello tsa tsona tsohle tse mpe. (Pesaleme ea 37:9-11, 29; 1 Ba-Korinthe 6:9, 10) O ne a hloletsoe ha a bala mantsoe a na ka Bibeleng: “Empa re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.”—2 Petrose 3:13.
Thabo e U Letetse
Ho e-na le ho qeta nako ea hae eohle a phehella lipakane tsa lintho tse bonahalang, hona joale Lini o qeta lihora tse ngata tsa nako ea hae a bolella ba bang ka lintho tseo a ithutileng tsona. Na u ka rata ho tseba ka ho eketsehileng ka litšepiso tsee tse hlollang? Na u ka rata ho fumana hore na ke joang Bibele e ka u thusang hore u fumane thabo eo Lini, Yungk’un, Meihsiu, le ba bang ba limilione ba e fumaneng? Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa haholo.
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
’Mōpi oa rōna o rerile ho hloma paradeise lefatšeng