Lijo Tseo U li Jang na li ka U Bolaea?
“Mothapo oa hao oa pelo o thibane, hoo e batlang e le 95% ea oona e koalehile . . . Motsotsong ona pelo ea hao e ka ’na ea tsietsana.”
JOE ea lilemo li 32 o ile a sitoa ho lumela mantsoe a ngaka ea lefu la pelo e neng e hlahloba sesosa sa lehlaba le ka sefubeng sa hae. Hoo e ka bang halofo ea ba tla bolaoa ke lefu la pelo ha ba bile ha ba hlokomele hore ba na le lona.
Empa ke’ng se lebisitseng Joe boemong boo? Joe oa tletleba, ‘Ka lilemo tsena tse 32 ke hōtse ke e-ja sejo se seholo sa Maamerika e leng “nama le lebese.” Ka tsela e itseng ke ile ka hlokomoloha taba ea hore lijo tseo Maamerika a li jang li kotsi bophelong ba ka.’
Lijo Tseo U li Jang le Lefu la Pelo
Ke’ng se neng se le phoso ka lijo tseo Joe a li jang? Ha e le hantle, li ne li e-na le k’holeseterole e ngata le mafura a mangata, haholo-holo a liphoofolo. Ho tloha bonyenyaneng ba hae, Joe o ’nile a ipeha kotsing ea ho tšoaroa ke lefu la pelo ka hoo e batlang e le mothamo o mong le o mong oo a neng a o koenya. Ha e le hantle, lijo tse mafura li amahanngoa le lisosa tse hlano ho tse leshome tse ka sehloohong tsa lefu la pelo, United States. Ka holimo-limo lethathamong ke lefu la pelo.
Ho amana ha lijo le lefu la pelo ho bonoa phuputsong e ileng ea etsoa linaheng tse supileng ho batho ba ka bang 12 000 ba pakeng tsa lilemo tse 40 le 49. Phapang e teng tabeng ena e senola ho itseng ka ho khetheha. Phuputso e bontšitse hore Mafinishe—a jang lik’hilojule tse etsang karolo ea 20 lekholong tsa mafura a liphoofolo—a na le k’holeseterole e ngata maling, ha Majapane—a jang lik’hilojule tse etsang karolo ea 5 lekholong feela ea mafura a liphoofolo—a na le k’holeseterole e fokolang maling. ’Me monyetla oa hore Mafinishe a be le tlhaselo ea pelo o feta oa Majapane ka makhetlo a tšeletseng!
Leha ho le joalo, lefu la pelo le se le atile Japane. Lilemong tse ’maloa tse fetileng, ha mokhoa oa Bophirimela oa ho apeha lijo ka potlako o ata moo, tšebeliso ea mafura a liphoofolo e ile ea phahama ka karolo ea 800 lekholong. Hona joale, bashemane ba Majapane ba bile ba na le k’holeseterole e ngata maling ho feta bashemane ba Maamerika ba lithaka tsa bona! Ka ho hlakileng, lijo tse mafura le tse nang le k’holeseterole li beha bophelo kotsing, haholo-holo ea lefu la pelo.
Mosebetsi oa K’holeseterole
K’holeseterole ke ntho e tšoeu e boreleli e thusang haholo bophelong. E fumanoa liseleng tsohle tsa batho le liphoofolo. Libete tsa rōna li hlahisa k’holeseterole, ’me e boetse e fumaneha ka litekanyo tse sa tšoaneng lijong tseo re li jang. Mali a isa k’holeseterole liseleng ka limolek’hule tse bitsoang lipoproteins, tse entsoeng ka k’holeseterole, mafura le liprotheine. Mefuta e ’meli ea lipoproteins e tsamaisang boholo ba k’holeseterole maling ke low-density lipoproteins (LDL) le high-density lipoproteins (HDL).
Li-LDL li na le k’holeseterole e ngata. Ha li ntse li potoloha le mali, li kena liseleng ka limonyi tsa LDL tse manameng liseleng ’me lia qhetsoha hore li sebelisoe ke sele. Lisele tse ngata ’meleng li na le limonyi tse joalo, ’me li monya LDL e itseng. Empa sebete se etselitsoe hore se tlose karolo ea 70 lekholong ea LDL maling ka limonyi tsa LDL.
Ka lehlakoreng le leng, li-HDL ke limolek’hule tse nyoretsoeng k’holeseterole. Ha li le maling, li kototsa k’holeseterole e setseng ’me li e isa sebeteng. Sebete se qhetsola k’holeseterole ’me se e ntša ’meleng. Kahoo ’mele o bōpiloe ka mokhoa o babatsehang kaha o sebelisa k’holeseterole eo o e hlokang ’me o lahla eo o sa e sebeliseng.
Bothata bo hlaha ha ho e-na le LDL e ngata haholo maling. Sena se eketsa monyetla oa ho bokellana ha mafura a manamang methapong e tsamaisang mali ho tsoa pelong. Ha mafura ana a bokellana, methapo e tsamaisang mali ho tsoa pelong ea sesefala ’me oksijene e tsamaisoang ke mali ea fokotseha. Boemo bona bo bitsoa tšesefalo ea methapo. Ho bokellana hona ho tsoela pele butle ’me ha ho utloahale, ho nka mashome a lilemo pele ho hlahisa matšoao a bonahalang. Letšoao le leng ke letšoea kapa lehlaba la ka sefubeng, joaloka tabeng ea Joe.
Ha mothapo o tsamaisang mali ho tsoa pelong o thibane ka ho feletseng, hangata o thibiloe ke mahloele, karolo ea pelo e fepeloang mali ke mothapo oo ea shoa. Phello e ba ho tsietsana ha pelo, hoo hangata ho ka ’nang ha bolaea motho—e leng ho tsejoang ka hore ke tlhaselo ea pelo. Esita le haeba ho thibane karolo e itseng feela ea mothapo o tsamaisang mali ho tsoa pelong lisele tsa pelo li ka ’na tsa shoa, e leng ho ka ’nang ha ipata ka hore motho ha a opeloe. Ho thibana ha methapo e tsamaisang mali ho tsoa pelong likarolong tse ling tsa ’mele ho ka ’na ha baka stroke, mofetše oa maoto, esita le ho senyeha ha liphio.
Ha ho makatse hore ebe LDL e bitsoa k’holeseterole e mpe, ’me HDL e bitsoa e ntle. Haeba litlhahlobo li senola hore LDL e ngata kapa hore HDL e nyenyane, kotsi ea ho tšoaroa ke lefu la pelo e khōlō.a Tlhahlobo e tloaelehileng ea mali hangata e ka bontša kotsi e ka ’nang ea hlaha nako e telele pele motho a ka qala ho utloa matšoao a hlokomelehang, a kang letšoea. Ka hona, ke habohlokoa hore u lule u loanela ho theola k’holeseterole e maling. A re ke re bone kamoo lijo tseo u li jang li amang k’holeseterole kateng.
K’holeseterole e Maling le Lijo Tseo U li Jang
K’holeseterole e teng ka tlhaho lijong tse tsoang liphoofolong. Nama, mahe, tlhapi, nama ea khoho le lihlahisoa tsa lebese kaofela li na le k’holeseterole. Ka lehlakoreng le leng, lijo tse tsoang limeleng ha li na k’holeseterole.
’Mele o itlhahisetsa k’holeseterole eohle eo o e hlokang, kahoo k’holeseterole e jeoang lijong ke eo ’mele o sa e hlokeng. Boholo ba k’holeseterole eo re e jang bo ea sebeteng. Ka tloaelo, ha k’holeseterole eo re e jeleng e fihla sebeteng, sebete sea e sebelisa ’me se fokotsa ho hlahisa k’holeseterole. Sena se boloka k’holeseterole e teng maling tlas’a taolo.
Leha ho le joalo, ke’ng se etsahalang haeba ho jeoa lijo tse nang le k’holeseterole e ngata hoo sebete se sitoang ho e sebelisa ka potlako? Monyetla oa hore k’holeseterole e maname ka ho toba liseleng tsa mothapo o tsamaisang mali oa eketseha. Ha sena se etsahala, methapo e qala ho sesefala. Boemo e ba bo kotsi haholo haeba ’mele o tsoela pele ho hlahisa k’holeseterole ka tsela e tšoanang ho sa tsotellehe eo o seng o ntse o e fumane lijong. Motho a le mong ho ba bahlano, United States, o na le bothata bona.
Kahoo, ke bohlale ho fokotsa k’holeseterole lijong tsa hao. Empa ho na le mofuta o mong oa lijo o nang le phello e tebileng ho feta le ea k’holeseterole maling—ke mafura a liphoofolo.
Mafura le K’holeseterole
Mafura a oela lihlopheng tse peli: a liphoofolo le a limela. Mafura a limela a ka ba monounsaturated kapa polyunsaturated. Mafura a limela a molemo ho uena ha a bapisoa le a liphoofolo, kaha ho ja mafura a liphoofolo ho eketsa k’holeseterole maling. Mafura a liphoofolo a etsa sena ka litsela tse peli: A thusa ho hlahisa k’holeseterole e eketsehileng sebeteng, ’me a thibela limonyi tsa LDL tse liseleng tsa sebete ho monya k’holeseterole, e leng ho liehisang LDL ho tsoa maling.
Hangata mafura a liphoofolo a fumaneha lijong tse kang botoro, mothoebe o mosehla oa lehe, mafura a kolobe, lebese, ice cream, nama le nama ea bo-’malitšibana. A boetse a mangata chokoleteng, kokonateng le oling ea kokonate, hlameng e lubiloeng ka mafura a meroho le oling ea palema. Mafura a liphoofolo a lula a hoamme mochesong oa ntlo.
Ka lehlakoreng le leng, mafura a limela a lula e le mokelikeli mochesong oa ntlo. Lijo tse nang le mafura a monounsaturated le polyunsaturated li ka ’na tsa u thusa ho fokotsa k’holeseterole e maling haeba u li sebelisa sebakeng sa lijo tse nang le mafura a liphoofolo.b Leha ho le joalo mafura a polyunsaturated, a fumaneha haholo oling e tsoang korong le lithootseng tsa sonobolomo, a fokotsa k’holeseterole e molemo hammoho le e mpe, ha mafura a monounsaturated, a fumanehang ka bongata oling ea mohloaare le oling ea canola a fokotsa k’holeseterole e mpe feela empa a sa ame k’holeseterole e molemo.
Ke ’nete hore mafura a hlile aa hlokahala lijong tsa rōna. Ka mohlala, kantle ho ’ona livithamine A, D, E le K li ne li ke ke tsa monyeha ’meleng. Leha ho le joalo, ’mele o hloka mafura a fokolang haholo. A itlhahela habonolo feela ka ho ja meroho, linaoa, lijo-thollo le litholoana. Kahoo ho fokotsa ho ja lijo tse nang le mafura a liphoofolo ha ho amohe ’mele limatlafatsi tse hlokahalang.
Lebaka la ho Fokotsa Mafura le K’holeseterole
Na kamehla lijo tse nang le mafura le tse nang le k’holeseterole li eketsa k’holeseterole maling? Eseng kamehla. Thomas, ea boletsoeng sehloohong se qalang, o ile a etsa qeto ea ho etsa tlhahlobo ea mali ka mor’a ho buisana le Tsoha! Litlhahlobo li ile tsa bontša hore k’holeseterole ea hae e boemong bo loketseng. Ka ho hlakileng sebete sa hae se ne se khona ho laola k’holeseterole.
Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore Thomas ha a kotsing. Liphuputso tsa morao tjena li bontša hore k’holeseterole e lijong e ka ’na ea bakela motho lefu la pelo ho se moo e amang k’holeseterole e maling teng. Dr. Jeremiah Stamler, oa Univesithi ea Northwestern, o re: “Lijo tse nang le k’holeseterole e ngata li tlatsetsa ho bakeng lefu la pelo esita le ho batho ba nang le k’holeseterole e fokolang maling. ’Me ke kahoo batho bohle ba tlamehang ho ameha ka ho ja lijo tse nang le k’holeseterole e nyenyane, ho sa tsotellehe hore na e maling a bona ke e kae.”
Ho boetse ho na le taba e amang mafura lijong. Ha mafura a le mangata maling, ebang ke a tsoang lijong tse nang le mafura a liphoofolo kapa a limela, a etsa hore lisele tse khubelu tsa mali li khomarelane. Mali a ipōpileng joalo a sitoa ho feta methapong e menyenyane ea mali, a sitisa lihlopha tsa lisele ho fumana limatlafatsi tse hlokahalang. Ha lisele tse khomarelaneng li ntse li tsamaea ka har’a methapo e tsamaisang mali ho tsoa pelong li boetse li sitisa oksijene ho kena mothapong oa mali a tsoang pelong, e leng ho senyang bokahare ba sele, ho etsang hore mafura a qale ho manama habonolo. Empa ho na le kotsi e ’ngoe hape ea ho ja mafura ho tlōla tekano.
Kankere le Lijo
Dr. John A. McDougall o re: “Mefuta eohle ea mafura—a liphoofolo le a limela—ea ameha khōlong ea mefuta e itseng ea lisele tsa kankere.” Phuputso e ’ngoe ea machaba e neng e fuputsa lenane la ba tšoaroang ke kankere ea mala le ea matsoele e bontšitse phapang e tšosang pakeng tsa batho ba linaha tse tsoelang pele moruong le batho ba Bophirimela, moo ho jeoang lijo tse mafura haholo. Ka mohlala, United States, kankere ea mala e hlaha boemong ba bobeli mefuteng ea kankere e tšoarang banna hammoho le basali, athe kankere ea matsoele e atile haholo basaling.
Ho ea ka American Cancer Society, batho ba fallelang naheng e nang le lenane le phahameng la ba tšoaroang ke kankere le bona qetellong ba kenella lenaneng la ba tšoaroang ke kankere naheng eo, ho itšetlehile ka hore na ba nka nako e kae pele ba fetohela mokhoeng o mocha oa lijo tsa moo. Buka ea mopheho ea mokhatlo oa kankere e re: “Majapane a fallelang Hawaii, a phahamisa lenane la batho ba tšoaroang ke kankere Bophirimela: a eketsa lenane la ba tšoaroang ke kankere ea mala le ea matsoele, ’me a theola lenane la ba tšoaroang ke kankere ea qati—e leng ho fapaneng le se etsahalang Japane.” Ka ho hlakileng, kankere e amana le lijo.
Haeba lijo tseo u li jang li tletse mafura, mafura a liphoofolo, k’holeseterole le lik’hilojule, ho hlokahala hore u etse liphetoho tse itseng. Lijo tse molemo li ka lebisa bophelong bo botle ba ’mele ’me li ka ba tsa phekola maloetse a mangata a bakiloeng ke phepo e fosahetseng. Ha u nahana ka ho khetha pakeng tsa liphekolo tse bohloko tse kang tsa ho thibolloa ha mothapo o thibaneng, ho ka ’nang ha bitsa R190 000 kapa ho feta, ka sebele ho khetha lijo tse molemo ho bohlale.
Ka ho khetha ka hloko seo u se jang, u ka khona ho theola boima ba ’mele, ua ntlafatsa boikutlo ba hao, ’me ua ithusa ho qoba kapa hona ho phekola mafu a itseng. Litlhahiso tsa ho finyella sena li tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a K’holeseterole e lekanngoa ka limiligrama desilithareng ka ’ngoe. Kakaretso ea k’holeseterole e lakatsehang—e leng kakaretso ea LDL, HDL le k’holeseterole ea lipoproteins tse ling tse maling—e ka tlaase ho limiligrama tse 200 desilithareng e le ’ngoe. Limiligrama tse 45 desilithareng e le ’ngoe kapa ho feta-feta moo tsa HDL li talingoa li le molemo.
b Dietary Guidelines for Americans ea 1995 e khothalletsa hore mafura a jeoang ka kakaretso e be lik’hilojule tse ka tlaase ho karolo ea 30 lekholong ka letsatsi ’me e khothalletsa ho fokotsa mafura a liphoofolo ho ba lik’hilojule tse ka tlaase ho karolo ea 10 lekholong. Hangata ho fokotsa lik’hilojule tsa mafura a liphoofolo ka karolo ea 1 lekholong ho fokotsa k’holeseterole ka limiligrama tse 0,8 desilithareng e le ’ngoe.
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 26]
Bokahare ba methapo e tsamaisang mali ho tsoa pelong: (1) o bulehileng ka ho feletseng, (2) o thibaneng karolo e ’ngoe, (3) o batlang o thibane ka ho feletseng