Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 11/8 maq. 10-11
  • “Ka Linako Tse Ling ke ee ke Nahane Hore Kea Lora!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ka Linako Tse Ling ke ee ke Nahane Hore Kea Lora!”
  • Tsoha!—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo U ka Lulang U Tšepahala Lefatšeng le sa Tšepahaleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Bacha ba Ratang ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Mehlolo le Lipono Tsa Mohlolo—Tse Fetileng le Tsa Kajeno
    Tsoha!—1989
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 11/8 maq. 10-11

“Ka Linako Tse Ling ke ee ke Nahane Hore Kea Lora!”

Lourdes o sheba motse ka fensetere a le foleteng ea hae, menoana ea hae e koahetse molomo o thothomelang. Ke mosali oa Latin America ea ileng a sotloa ke monna oa hae ea mabifi, Alfredo, lilemo tse fetang 20. Alfredo o ile a susumelletsoa hore a fetohe. Empa ho ntse ho le thata hore Lourdes a bue ka bohloko ba ’mele le ba maikutlo boo a ileng a bo mamella.

Lourdes o re ka lentsoe le tlaase: “Ho ile ha qala libeke tse peli feela ka mor’a lechato la rōna. Ka nako e ’ngoe, o ile a nkhenola meno a mabeli. Ka lekhetlo le leng ke ile ka fola ’me a bjaratsa oteropo ka feisi. Empa ha e le ho ntlhapaola ke hona ho neng ho nkutloisa bohloko le ho feta. O ne a mpitsa ‘sebolu se se nang thuso’ ’me o ne a ntšoara joalo ka sethoto. Ke ne ke batla ho tsamaea, empa ke ne ke tla etsa hoo joang ke e-na le bana ba bararo?”

Alfredo o tšoara mahetla a Lourdes ka bonolo. O re: “Ke setsebi se maemong a holimo. Ke ile ka tlotloloha ha ke fuoa taelo ea lekhotla ea hore ke khaotse ho hlekefetsa mosali. Ke ile ka leka ho fetoha, empa ka potlako ke ne ke khutlela mokhoeng oo oa ka.”

Ke eng e ileng ea fetola lintho? Lourdes eo hona joale a bonahalang a phutholohile o re: “Mofumahali oa lebenkele le k’honeng ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ile a ithaopela ho nthusa ho utloisisa Bibele. Ke ile ka ithuta hore Jehova Molimo o nka basali e le ba bohlokoa. Ke ile ka qala ho ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova, le hoja qalong seo se ile sa halefisa Alfredo haholo. E ne e le ntho e ncha ho ’na ho qeta nako e itseng le metsoalle Holong ea ’Muso. Ke ile ka hlolloa ha ke hlokomela hore ke khona ho ba le tumelo ea ka, ho e bolela ke lokolohile esita le ho e ruta ba bang. Ke ile ka hlokomela hore ke oa bohlokoa ho Molimo. Sena se ile sa mpha sebete.

“Ho ile ha ba le phetoho eo nke keng ka hlola ke e lebala. Alfredo o ne a ntse a e-ea ’Miseng Sontaha se seng le se seng Kerekeng e K’hatholike, ’me o ne a hanyetsa ho kopanela ha ka le Lipaki tsa Jehova. Ke ile ka mo sheba ka har’a lithaka tsa mahlo ’me ke sa etse lerata ka re ka sebete: ‘Alfredo, seo o se nahanang ha se seo ’na ke se nahanang.’ Empa ha aa ka a nkotla! Kapele ka mor’a moo, ke ile ka kolobetsoa, ’me ha a e-s’o ka a nkotla hape lilemo tse hlano tse fetileng.”

Empa e ne e le hona liphetoho tse khōloanyane li tlang. Alfredo oa hlalosa: “Lilemo tse tharo ka mor’a hore Lourdes a kolobetsoe, mosebetsi-’moho le ’na eo e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a ’memela ha hae, ’me o ile a ntlhalosetsa lintho tse hlollang tse tsoang ka Bibeleng. Ke sa bolelle mosali oa ka, ke ile ka qala ho ithuta Bibele le eena. Ka potlako ke ile ka qala ho ea le Lourdes libokeng. Lipuo tse ngata tseo ke neng ke li mamela moo li ne li bua ka bophelo ba lelapa, ’me hangata sena se ne se ntšoabisa.”

Alfredo o ile a khahloa ha a bona litho tsa phutheho, ho akarelletsa le banna, li fiela ka mor’a liboka. Ha a etetse malapeng a tsona, o ile a bona banna ba thusa basali ba bona ho hlatsoa lijana. Liketso tsena tse fokolang li ile tsa bontša Alfredo hore na lerato la ’nete le bonahatsoa joang.

Kapele ka mor’a moo, Alfredo o ile a kolobetsoa, ’me hona joale eena le mosali oa hae ke basebeletsi ba nako e tletseng. Lourdes o re: “Hangata o nthusa ho hleka lijana tafoleng ka mor’a lijo le ho nthusa ho alola bethe. Oa mpabatsa ha ke phehile, ebile o ntumella hore ke iketsetse khetho—linthong tse kang ’mino oo ke batlang ho o mamela kapa hore na re reke lintho life bakeng sa ntlo. Tsena ke lintho tseo Alfredo a neng a ke ke a li etsa le khale! Haufinyane o sa tsoa nthekela sehlopha sa lipalesa ka lekhetlo la pele. Ka linako tse ling ke ee ke nahane hore kea lora!”

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

“Ke ile ka hlokomela hore Molimo o nkuka ke le oa bohlokoa. Sena se ile sa mpha sebete”

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Alfredo o ile a hlolloa ha a bona litho tsa phutheho, ho kopanyelletsa le banna, ba fiela ka mor’a liboka

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

O ile a bona banna ba bang ba thusa basali ba bona ho hlatsoa lijana

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

“Haufinyane tjena, o ile a nthekela sehlopha sa lipalesa ka lekhetlo la pele”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela