Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 11/8 maq. 16-19
  • Matatu—Sepalangoang se Mebala-bala sa Kenya

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matatu—Sepalangoang se Mebala-bala sa Kenya
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khahleho e Hlollang
  • Boshoa bo Tšoere
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2001
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Hlaolela Mekhoa ea ho Khanna ka Polokeho
    Tsoha!—1988
  • Jehova o Sebetsa Litaba ka Botšepehi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 11/8 maq. 16-19

Matatu—Sepalangoang se Mebala-bala sa Kenya

KA MONGOLI OA TSOHA! KENYA

MOETI oa Kenya ha a ome mathe ha a hlalosa leeto la hae. Tlou e tšehali e busang tse ling, tau ea tonanahali le mafube a ho likela ha letsatsi ke lintho tseo moeti a sa li lebaleng. Ho na le lintho tse ntle ka mefuta-futa sebakeng sena. Leha ho le joalo, mebileng e mengata ea sebaka sena, ho na le mofuta o mong o hapang tlhokomelo—matatu e tenyetsehang. Lebitso lena ke la sehlopha se itseng sa likoloi tsa baeti. Mekhoa ea tsona e hlollang e entse hore e be tsona tse tloaelehileng lipalangoeng tsa Kenya.

Tšimoloho ea matatu e thahasellisa joaloka mokhoa oo li sebetsang ka oona. Ea pele-pele e bile moetso oa Ford Thames ea mokeretlana, e neng e sebelisoa ke masole a Brithani Ethiopia nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše. Mathoasong a bo-1960, moahi oa Nairobi o ile a sebelisa mokeretlana ona ho palamisa metsoalle ea hae ho e isa toropong, a kōpa hore e mong le e mong a ntše lisente tse 30 bakeng sa peterole.a Kapele ka mor’a moo, ba bang ba ile ba lemoha monyetla oa chelete e ka hlahisoang ke likoloi tsa khale. Ka hona, tse ngata li ile tsa fetoloa hore e be tse ka palamisang batho ba 21, ho behiloe libenche tse tharo tse bapileng hore ba lule ho tsona. Moetso ona o tšoana le oa bolekajas ea boholo-holo ea Nigeria. Mopalami ka mong o ne a lefa lisente tse mashome a mararo feela leeto ka leng. Sena se hlalosa lebaka leo ka lona likoloi tsena li ileng tsa rehoa matatu—e tsoang lentsoeng la Seswahili tatu, e bolelang “tharo.” Ho tloha ka nako eo, matatu e ’nile ea fetoha ka ho feletseng hoo moetso oa eona oa morao tjena o fapaneng ka ho feletseng le e neng e sebelisoa pele e neng e khehlemana. E, kajeno matatu ke koloi e ntle eo koranta e ’ngoe ea letsatsi le letsatsi ea Kenya e ileng ea e hlalosa e le “koloi e mebala-bala e bōpehileng joaloka sefofane sa jete.” Ona hase mosebetsi o neng o iketsetsoa linaheng tsa mahaeng oa lilemong tsa bo-1960!

Ho palama matatu e ka ba phihlelo e thabisang, haholo-holo ha mokhanni a tsoelipana sephethephetheng se seholo sa toropo ho ipulela tsela! A re ke re ikutloiseng ho palama matatu, re nke leeto le lekhutšoanyane ka eona Nairobi.

Khahleho e Hlollang

Leeto la rōna le tla qala ka setopong moo likoloi tsena li emang teng ka bongata, li emetse ho tsoa ka makhalo a fapaneng. Ke hora ea pele thapama, ’me sebaka sena sea phethesela, batho ba batla ho fumana matatu e eang moo ba eang teng. Baeti ba bang ba ea libakeng tse ka ntle, moo leeto le tla nka lihora tse ’maloa. Ba bang ba ea lik’hilomithara li se kae feela ho tloha ka har’a toropo, mohlomong ho ea fumana se eang ka maleng ka potlako. Matatu e thusa haholo.

Na u hlokometse hore boholo ba likoloi tsee li mebala-bala e khanyang? Sena ha se feela bakeng sa ho etsa hore e bohehe. Ho na le bapalami ba khethang ho palama matatu e ntle ho feta tse ling. Ha u shebela likoloi tsena haufi, ho boetse ho na le mabitso a fapa-fapaneng a ngotsoeng mahlakoreng. A mang a mabitso ana a hlalosa lihlooho tsa morao-rao—ka mohlala, “El Nino,” “Millennium,” “The Website,” “Internet,” le “Dot Com.” A mang a kang “Bonolo” le “Moromuoa” a bontša litšoaneleho tse ratehang tsa motho kapa lintho tseo a li finyeletseng. Koloi e batlang e hlōlisana le ponahalo e ntle ea matatu ke jipi e fetotsoeng bese ea moetso oa Phillippine. Ho thahasellisang ke hore bese ena le eona e hlahile masalleng a ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše.

Ho thaothoa ha bapalami ho baka moferefere o mong. Ho sa tsotellehe matšoao a ngotsoeng lifensetereng tse ka pele tsa likoloi ho bontša hore na li ea libakeng life, lik’hontae li hoeletsa ka mantsoe ’ohle a tsona ha bakhanni ba ntse ba letsa lihutara ka melumo e fapaneng. U se ke ua makala ha u bona matatu e ’ngoe e ngotse “Jerusalema” kapa “Jeriko.” Ha u ka palama e ’ngoe ea ’ona, u ke ke ua iphumana u le Bochabela bo Hare, ho e-na le hoo, ho na le metse-toropo ea Nairobi e reheletsoeng ka mabitso ana a Bibele. Hase ho makatsang hore ebe bapalami ba bangata ba thatafalloa ke ho khetha matatu eo ba ka e palamang kaha lik’hontae li ba hloa setha ho buella likoloi tsa tsona!

Rea le amohela ka har’a Strawberry! Mohlomong le leeto le tla hle le be monate joalo ka sona strawberry. Ho bonahala batho ba bangata ba rata matatu ena kaha e nkile metsotso e ’maloa feela hore e tlale. ’Mino o llelang fatše o tsoang lipikareng tse nyenyane tse holimo o khatholla bapalami. Leha ho le joalo, u se ke ua nahana hore ho joalo ka matatu e ’ngoe le e ’ngoe. Tse ling li tsebahala ka lipikara tse khōlō tse behiloeng ka tlas’a litulo, tse ntšang mino o lerata le tabolang litsebe. Joale ho se ho fetile metsotso e leshome ka mor’a hore koloi e tlale. Empa matatu eo re e palameng ha e e-s’o tlohe. Molato? Sebaka se lipakeng tsa litulo se tlameha ho tlatsoa ke bapalami ba emeng ka maoto. Ka potlako ha ho sa na sebaka seo motho a ka sisinyehelang ho sona. Ha e le hantle, matatu ena e ka ’na ea tsamaea e ema tseleng ho nka bapalami ba eketsehileng.

Qetellong rea tsamaea. Bapalami ba sa tsebaneng ba qoqa ka cheseho, ba bua haholo-holo ka lintho tse etsahetseng letsatsing leo. E ka re ke ka ’marakeng. Leha ho le joalo, hlokomela hore u se behe kelello eohle ea hao moqoqong. Ho thoe ba bang koloi e ’nile ea feta ka bona litopong tseo ba lokelang ho theoha ho tsona ka lebaka la ho haptjoa ke meqoqo e joalo.

Re se re boletse hore matatu ea tenyetseha. Ha ea tlamelloa tseleng e le ’ngoe. Hore a fihle ka nako eo a ipehetseng eona, mokhanni o tla sebelisa sebaka leha e le sefe se fumanehang, ho akarelletsa le tselana ea maoto ea litaaso—ka linako tse ling a li fose ka lisenthimithara feela. Ho sa le joalo, mosebetsi oa k’hontae ha o bonolo. O leka ho bokella chelete bapalaming ba entseng lerata, bao ba bang ba bona ba se nang tšebelisano e ntle le eena. Leha ho le joalo, ha a mamelle likhang tse se nang kelello. Khetho ke ea mopalami, hore na oa lefa kapa ka potlako matatu ea ema ’me a bolelloe hore a theohe—ka linako tse ling ka tsela e seng monate! K’hontae e bolella mokhanni ha motho a batla ho theoha, ha ka nako e tšoanang e ntse e sheba ba bang ba batlang ho palama. E fa mokhanni molaetsa ka ho letsa mololi, ka ho phaphatha marulelo a koloi kapa ho letsa tšepe e kentsoeng pel’a lemati. Le hoja ho e-na le libaka tse khethetsoeng hore likoloi tsohle tsa sechaba li eme ho tsona, matatu e ka ema kae le kae ka nako leha e le efe, ebang ke bakeng sa ho palamisa kapa sa ho theola baeti.

Ha re se re tsoile ka toropong, re se re tsamaea motse-toropong o monyenyane, moo boholo ba batho bo theohang teng. Ke nako ea hore matatu e khutlele morao moo e tsoang teng. E tla tsamaea e ntse e palamisa batho ba eketsehileng tseleng. Phihlelo e ntse e tla ba e tšoanang le eo re bileng le eona. Ntle ho pelaelo, ho palama ha rōna Strawberry, le hoja e ne e se boiketlo bo bokaalo, e bile ho thabisang.

Boshoa bo Tšoere

Ka karolelano ea likoloi tse 30 000, indasteri ea lipalangoang tsa matatu Kenya e tlohile boemong ba ha e ne e sebelisa masalla a likoloi tsa mehleng ea ntoa mashome a lilemo a fetileng, joale e fetohile indasteri e phelang, e etsang liranta tse limilione-milione. Leha ho le joalo, ho tenyetseha ha eona ho bakile likhathatso. Ka mohlala, ho ’nile ha qosoa bakhanni hore ha ba mamele melao ea tsela e behetsoeng bakhanni, ’me ba boholong ba entse melao e mengata ho leka ho laola indasteri ena. Ka linako tse ling, indasteri ea matatu e ’nile ea arabela taolong e joalo ka ho khina tšebeletso ea eona, ka tsela eo, e sitise batho ba likete ba itšetlehileng ka eona letsatsi le leng le le leng. Le hoja e se bohle ba ka ratang tsamaiso ea matatu, likoloi tsena li fana ka mokhoa o potlakileng oa sepalangoang bakeng sa batho ba amohelang chelete e nyenyane sebakeng sena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sheleng ea Kenya e etsoa ke lisente tse 100. Ranta e le ’ngoe e lekana le lisheleng tse leshome.

[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

Moetso oa Ford Thames

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Noor Khamis/The People Daily

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela