Bophelo ba Phoofolo e Botsoa e Bitsoang Sloth
HA KE bona sloth se ’mala o motala ka morung, ke ile ka re ho khaitseli ea ka: “Tloo le k’hamera kapele!” Re ile ra tšeha ha re elelloa hore ho ne ho sa hlokahale hore a mathe, kaha sloth ke e ’ngoe ea liphoofolo tse noabolohang ka ho fetisisa lefatšeng.
E le hore ke ithute ho eketsehileng ka phoofolo ena, ke ile ka etela Zoo Ave e La Garita de Alajuela, Costa Rica. Sebaka seo hase sa polokelo ea liphoofolo feela, empa ke setsi se pholosang liphoofolo tsa moo tse hlaha, se li thusang ho khutlela boemong ba tsona se ntan’o li khutlisetsa naheng. Ha ke le moo Zoo Ave, ke ile ka kopana le Shirley Ramírez, eo e leng motsamaisi ea chesehang oa liphuputso. O ile a mpontša sloth se lulang moo se bitsoang Pelota, eo ka Sepanishe e bolelang “bolo.” Ha e le hantle, li-sloth li ka ’na tsa iphina sekolokoto, eaka ke bolo, ha li robala. Pelota ke sloth se lekanang le ntja e nyenyane, se nang le menoana e ’meli, boea bo phophomang, nko e penameng le mahlo a maholo a masootho a tletseng likhapha.
Ha ke ntse ke fuputsa ke ile ka fumana hore li-sloth ke liphoofolo tse iphelelang ka bonngoe le hore li ba le lelinyane le le leng hoo e ka bang hanngoe ka selemo. Lelinyane la sloth le qeta libeke tse ’nè ho isa ho tse tšeletseng le mamaretse ’m’a lona ho fihlela le khoele, empa ka mor’a moo le ka ’na la qeta likhoeli tse hlano ho isa ho tse robeli le le mpeng ea ’m’a lona. Nakong eo ’mè o fepa lelinyane ka molomo, makhasi a silehang habonolo. Ha nako e ntse e ea, lelinyane le ikhella makhasi le ntse le itšoarelelitse ka ’m’a lona. Ha li ntse li le ’moho, ’mè o boetse o tloaetsa lelinyane sebaka se senyenyane seo le tlil’o phela ho sona.
Tse Ling li Menoana e ’Meli, Tse Ling e Meraro, li Litala ka ’Mala Ebile Lia Bata
Ke ile ka hlokomela hore sloth seo ke se boneng ka morung e ne e le se menoana e meraro. Se ne se e-na le boea bo botšo ho pota-pota mahlo, mohatla o mokhutšoanyane o motenya, boea bo thata, maoto a ka pele a le malelele ho feta a ka morao se bile se e-na le setsiba se bosehla ba khauta. Sloth sa mofuta oo se na le masapo a robong molaleng, a se nolofalletsang ho reteletsa hlooho ha se ntse se batla makhasi ao se a ratang. Empa ke hobane’ng ha se ne se le setala? Shirley o re: “Botala boo bo hlahisoa ke bolele bo lalang boeeng ba sloth.”
Li-sloth tse menoana e ’meli li fapana le tsa mofuta oa habo tsona tse menoana e meraro, ka hore maoto a tsona a ka pele a batla a lekana le a ka morao. Li na le boea bo bolelele, bo bonolo, bo bosootho bo isang ’maleng oa khauta.
Sloth se qeta letsatsi lohle se ikanehile holimo lifateng. Bosiu se ka ’na sa e-ba le mocheso oa likhato tse 24 tsa Celsius ’meleng ha motšehare teng o ka fihla likhatong tse 33 tsa Celsius—e leng mocheso o holimo ho feta oa phoofolo leha e le efe e ’ngoe e anyesang. Sloth se na le mesifa e seng mekae, hoo se sa khoneng ho qhaqhasela e le hore se futhumale. Ke kahoo hangata se robalang se iphine sekolokoto, e le hore se baballe mofuthu. Boea ba sona bo bokhutšoanyane bo ka tlase, bo bonolo bo se sireletsa mochesong le serameng. Ha e le hantle, sloth se ka qeta lihora tse 20 ka letsatsi se robetse!
Se ja Butle
Kaha ho hlokahala hore ’mele o chese e le hore libaktheria li sebetse ’me lijo li bele, ebe lia sileha, sloth se lieha ho sila lijo ka lebaka la ho hloka mocheso o lekaneng. Makhasi a ka qeta khoeli a le ka moholung pele a fetela maleng a manyenyane. Nakong ea lipula ha ho ka bata ka matsatsi a latellanang, li-sloth li ka shoa li bolaoa ke tlala le hoja li na le lijo tse ngata ka mpeng. Shirley o re: “Li-sloth li hloka mofuthu oa letsatsi e le hore li khone ho sila lijo.”
Shirley o boetse o re: “Kaha ke hlokomela liphoofolo le ho hloekisa moo li koaletsoeng teng, ntho eo ke e ratang ka li-sloth ke hore li ithusa hanngoe feela ka beke le ho ntša metsi hang ka beke! Ha li batla ho ithusa, li theohela fatše, ebe li cheka sekoti ’me li epela mantle a tsona. Ke eona feela ntho eo li etsetsang fatše.”
Li Etselitsoe ho Phela li Leketlile Lifateng
Hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo li-sloth li e etsang—ho ja, ho robala, ho tlōlela le ho tsoala—li e etsa li leketlile lifateng. ’Mōpi o bōpile liphoofolo tsena ka tsela e bohlale e le hore li khone ho phela li qethohile. Liphoofolo tsena li itšoarelletsa ka menoana, e nang le maro a bolelele ba lisenthimithara tse supileng, ao li ngoaparelang ka ’ona lifateng. E le hore letlalo la sloth le se ke la koloba ha ho na pula ea litloebelele, boea ba sona le bona bo hōla bo shebile tlaase! Boa aroha mpeng ’me bo hōla bo ea tlaase ka mokokotlong—e leng ka tsela e fapaneng le ea liphoofolo tse ling tse sa pheleng metsing—kahoo metsi a pula a thella feela. Le hoja ha sloth se le fatše se shebahala se makatsa se bile se le sebe, ha se le holimo lifateng, se tebuka ka tsela e khahlang. Ho makatsang ke hore sloth se boetse se khona ho sesa ka tsela e hlollang!
Ke ithutile eng hape ka phoofolo ee e thōtseng e phelang makaleng a lifate? Ke ithutile lintho tse peli. Ea pele ke hore sloth se na le tsela e ikhethang ea hore se lule se phela le hoja se lemetse hampe, esita le ha se jele chefo e ka bolaeang liphoofolo tse ling. Se fola ka potlako ha se tsoile maqeba a mabe, ’me ke ka seoelo se tšoaetsoang mafu. Kahoo, bafuputsi ba meriana ba ka thuseha haeba ba ka utloisisa hore na sloth se itšireletsa joang mafung. Ea bobeli ke hore batho ba lulang ba potlakile ba bile ba le tlas’a khatello ea maikutlo ba ka ’na ba fumana ho le molemo hore ba etsise tsela eo sloth se etsang lintho ka eona, bonyane ho isa bohōleng bo itseng.—Se nehetsoe.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 15]
SE NA LE TŠEBELISANO-’MOHO
Botala bo boeeng bo makhisa ba sloth bo hlahisitsoe ke bolele bo lalang ’meleng oa phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe. Sloth se tlohella bolele hore bo lale ho sona, ebe bolele bona bo se fa limatlafatsi, tseo se li nyekang boeeng ba sona kapa tse kenang le letlalong. ’Mala o bothokoa bo isang botaleng o etsa hore sloth se shebahale joalokaha eka ke makhasi feela a omeletseng a leketlileng sefateng—e leng ho se sireletsang hantle morung! Ha sloth se ntse se hōla, se e-ba setala le ho feta!
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Top right: © Michael and Patricia Fogden; bottom: © Jan Ševčík