Albarracín—“Sehlaha sa Ntsu” se Ikhethang
“Etela o mong oa metse e metle ka ho fetisisa Spain, e leng Albarracín.”—José Martínez Ruiz, mongoli oa Lesepanishe ea boetseng a tsebahalang ka hore ke Azorín, 1873-1967.
ALBARRACÍN ke motse o ikhethang. Ke’ng se ikhethang ka oona? Ntlha ea pele ke hore o sebakeng se ikhethang, o boetse o na le nalane e ikhethang ’me o tikolohong e ntle. Ke kahoo ka 1961, ’muso oa Spain o ileng oa phatlalatsa hore motsana ona o profinseng ea Teruel ke seemahale sa naha. ’Me ka 2005, sehlopha sa baemeli ba bahahlauli se ile sa khetha Albarracín e le “motse o motle ka ho fetisisa Spain.”
Albarracín ke motse oa khale o lithabeng tsa Spain bohareng ’me ho na le batho ba ka bang 1 000 ba lulang moo. Motse ona o pota-potiloe ke makhulo a matalana a nosetsoang ke linōka tse ’maloa le ke lithaba tse rehiloeng lebitso le tšoanang le oona—e leng Sierra de Albarracín.
Mohloli oa Lijo le Metsi
Mehleng ea khale, liphoofolo tse ngata li ile tsa hohela batho hore ba lule Albarracín ’me litšoantšo tseo ba li takileng ka mahaheng li bontša hore ba ne ba ipabola le hore ba ne ba thahasella lintho tsa tlhaho. Ba ile ba toroea lipoho tse ngata tsa litonanahali le liphoofolo tse ling, tseo ba ileng ba li taka ka ’mala o mosoeu o sebelisitsoeng sebakeng sena feela. Litsebi li lumela hore mahaheng ana, ao ho takiloeng lintho tse neng li etsahala bophelong ba letsatsi le letsatsi, ho ne ho tšoareloa litšebeletso tsa bolumeli kapa mesebetsi e meng ea sechaba.
Esita le kajeno, ho ntse ho e-na le likhama tse ngata, likolobe-moru le liphoofolo tse ling tse nyenyane sebakeng se haufi le moo se sirelelitsoeng sa Montes Universales. Nōka ea Guadalaviar (eo ka Searabia e bolelang “Nōka e Tšoeu”) ke e ’ngoe ea linōka tse nang le litlhapi tse ngata ka ho fetisisa Spain.
Ka 133 B.C.E., Baroma ba ile ba hapa libaka tsa merabe ea moo ea Maceltiberiane ’me ba hloma metse e ’maloa sebakeng sa Albarracín. Lekholong la pele la lilemo C.E., baenjiniere ba Baroma ba ile ba haha kotopo (1). Ho nkoa hore kotopo ena ke o mong oa mesebetsi e rarahaneng ka ho fetisisa eo Baroma ba kileng ba e etsa Spain. Ho boetse ho na le bopaki ba hore bolumeli ba Roma bo ne bo le teng sebakeng seo. Setšoantšo se lejoeng la lebitla la motho e mong oa Roma le fumanoeng motseng oa Albarracín, se bontša hore moo ho ne ho rapeloa moemphera.
Nala Pusong ea Mamosleme
Mamosleme a ne a hapile sebaka sena lekholong la borobong la lilemo, ’me ho lumeloa hore Albarracín ke lebitso le nkiloeng ho bajaki ba Mamosleme, e leng moloko oa Berber oa Banu Razin. Mehleng e Bohareng, Mamosleme, Bajuda le ba ipitsang Bakreste ba ne ba phela ’moho ba hlomphana. Kahoo, batho ba ne ba atlehile haholo Albarracín.
Litsebi tsa mesebetsi ea matsoho Albarracín li ile tsa etsa lintho tse ntle, ’me kamoo ho bonahalang kateng ho ne ho boetse ho e-na le litsebi tsa bongaka. Litšepe tsa ho buoa tse sibolotsoeng moo li bontša hore lingaka tsa moo li ne li bile li tlosa lera la leihlo. Mamosleme a ile a tsoela pele ho busa Albarracín ho fihlela qetellong ea lekholo la bo12 la lilemo, ha puso e nkoa ke Roma e K’hatholike. Ka ho thahasellisang, ho bonahala eka leo ke lona feela lekhetlo leo ’muso o mong oa lipolotiki Spain o ileng oa nkeloa sebaka ke o mong ka khotso.
Albarracín e shebahala joang kajeno? Moeti o ntse a ka tsoelipana le litsela tsa motse oo oa boholo-holo, kaha ha ho na mehaho e mecha e ekelitsoeng.
Motse o Hlollang
Rafilosofi oa Lesepanishe ea bitsoang José Ortega y Gasset (1883-1955) o ile a hlalosa Albarracín e le “motse o hlollang o tlhōrōng ea leralla.” Tlhaloso ena e loketse, kaha motse ona o holim’a leralla le phahametseng leoatle ka limithara tse 1 200 ’me o pota-potiloe ke khohlo e o sirelelitseng. Ho theosa le makholo a lilemo, motse oa Albarracín o ’nile oa sireletsoa ke lintho tsena tsa tlhaho ’me o rekenetsoa ka hore ke Sehlaha sa Ntsu.
Ha motho a ntse a itsamaela feela literateng tse mopatisane tsa motse oo, tse katiloeng ka majoe a chitja, o bona mehaho e hlollang ea boholo-holo. Mehaho e meng e ikhethang ke oa Corner Balcony, Blue House (2), le oa Julianeta House (3). Mohaho oa Julianeta o mateanong a litsela, ho bonahala eka o kopantse mekhoa e sa tšoaneng ea ho haha.
Matlo a nakong eo a hahiloe ka lehong le samente, tse bobebe ho feta lejoe—e leng ntlha ea bohlokoa ha u haha ka holim’a leralla. Lifensetere tsa ’ona tse nyenyane tse nang le likharetene tsa lace le litšepe tse fapakanang (4) le tsona li hohela moeti. Marulelo a hlaheletseng ka thōko, mathule a entsoeng ka lehong le litšepe tse sa tloaelehang tseo motho a kokotang ka tsona monyako, tseo hangata li entsoeng hore li be ka sebōpeho sa phoofolo e itseng, le tsona li etsa hore matlo a moo e be a khahlang.
Motho ea nang le bothata ba molikoalikoane o lokela ho qoba ho sheba fatše ha a kena ka ho e ’ngoe ea matlo a tsullung. Kaha motse oo o hahiloe leralleng ’me ha ho na sebaka se lekaneng, baahi ba bang ba hahile matlo a bona lintšing tsa lona.
Holimo leralleng le okametseng motse oo, ho hahiloe qhobosheane ea Mamosleme eo e bileng moralo oa Albarracín. Mohaho oa Torre del Andador ke karolo ea lebota la qalong le hahiloeng ke Maarabia, lekholong la boleshome la lilemo. Hamorao ho ile ha hahoa kereke ea Magothe ea lekholong la bo16 la lilemo le holo ea motse e bōpehileng joaloka tlhako ea pere, e nang le mathule a chitja.
Matlotlo a Tlhaho a Sebakeng Seo
Albarracín e na le lintho tse ngata haholo tse ka khahlang batho ba ratang tlhaho. Lithabeng tse e pota-potileng ho na le limela le liphoofolo tse ngata. Liliba le liphororo li etsa hore lithaba tsena tse nang le lifate li bohehe. ’Me bahahlauli ba hlomang litente mona ba ka thabela ho boha botle ba linaleli bosiu.
Sebakeng sena ho lula malapa a ’maloa a Lipaki Tsa Jehova. Tikoloho e ntle eo a phelang ho eona e a hopotsa tšepiso ea Bibele ea hore ’Musong oa Molimo, batho ba mamelang ba tla phela lefatšeng la paradeise. Tsena ke litaba tse molemo tseo a ikitlaelletsang ho li bolella ba bang.—Pesaleme ea 98:7-9; Matheu 24:14.
Selemo ka seng, bahahlauli ba fetang likete tse lekholo ba tsamaea literateng tse mopatisane tsa Albarracín. Ha u etetse Spain, re u khothalletsa hore u ee ‘sehlaheng sena se ikhethang sa ntsu’ se ipatileng ka har’a lithaba.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 18]
HO SIBOLLOA MATLOTLO A LITSEBI ALBARRACÍN
Nkhoana ea silevera. Morena Abdelmelic oa Mamosleme o ile a re nkhoana ena e etsetsoe mosali oa hae ea bitsoang Zahr, e leng “Palesa” ka Searabia. Karolo e ’ngoe ea mantsoe a neng a fatiloe ho eona, ’me a ngotsoe ka khauta, e ne e re: “Litlhohonolofatso tse sa feleng . . . , thuso le tataiso ea bomolimo e isang molemong le tokeng.” Ho nkoa hore nkhoana ena ke e ’ngoe ea lintho tsa bonono tse ntle ka ho fetisisa tse entsoeng ka silevera tsa Mahispano a Arabia.
Tlhapi e betliloeng lejoeng le benyang. Tlhapi eo e na le makhekhebu, molomo oa silevera le mapheoana a khauta. E khabisitsoe ka liperela le lirubi. E entsoe ka tsela e rarahaneng hoo litsebi li lumelang hore ha ho motho ea neng a ka e etsa a le mong a ba a e qeta.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Jar: Museo de Teruel. Foto Jorge Escudero; crystal: Sta. Ma de Albarracín Foundation
[’Mapa o leqepheng la 16]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
PORTUGAL
SPAIN
MADRID
Albarracín
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
1 Kotopo
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
2 Blue House
3 Julianeta House
4 Litšepe tse fapakanang
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 17]
© Ioseba Egibar/age fotostock