Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ol karolo 1 maq. 4-5
  • Na ke Malumeli ’Ohle a Rutang ’Nete?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Malumeli ’Ohle a Rutang ’Nete?
  • Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bolumeli ba Rōna bo Lokela ho Thehoa ’Neteng
  • Malumeli a Bohata a Sentse Molimo Lebitso Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Na Bolumeli Leha e le Bofe bo Lokile?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Bolumeli Bo Qalile Joang?
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
Bala Tse Ling
Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
ol karolo 1 maq. 4-5

Karolo 1

Na ke Malumeli ’Ohle a Rutang ’Nete?

1. A mang a malumeli a Afrika ke afe?

HOO e batlang e le motho e mong le e mong Afrika oa lumela hore ho rapela Molimo ke habohlokoa. Empa maikutlo aa fapa-fapana ha ho tluoa tabeng ea kamoo a lokelang ho rapeloa kateng. Ba bang ba rapela mehahong ea Mamosleme ea borapeli, ha ba bang ba ea lithakong tsa baholo-holo ba bona. Ba bang bona ba ea kerekeng. Empa e ka ba phoso ho nahana hore ho na le malumeli a mararo feela Afrika. Mamosleme, a na le melao le litumelo tse sa tšoaneng. Bolumeli ba moetlo bo fapa-fapana ho ea ka libaka. Likereke tseo ho thoeng ke tsa Bokreste, li litsekana le ho feta. Ntle ho likereke tse khōlō, ho na le tse ling tse likete tse ikemetseng ho pholletsa le Afrika.

Bolumeli ba Rōna bo Lokela ho Thehoa ’Neteng

2. (a) Hangata ke’ng se susumelletsang motho ho kena bolumeling bo itseng? (b) Ke lebaka lefe le sa etseng hore bolumeli ba rōna e be bo khahlisang Molimo?

2 Ke hobane’ng ha batho ba rapela ka tsela e itseng? Batho ba bangata ba amohetse bolumeli ba batsoali ba bona. Liketsahalo tsa nakong e fetileng le tsona li susumetsa bolumeli boo batho ba leng ho bona kajeno. Buka e bitsoang The Africans—A Triple Heritage e re: “Boislamo bo ile ba namela ka leboea ho Sahara ka khapo, . . . Bokreste ba namela ka boroa ho Sahara ka tsela e tšoanang. Ha Boislamo bo nametse ka leboea ho Sahara ka lerumo, Bokreste bona bo nametse ka boroa ho Sahara ka sethunya.” Leha ho le joalo, bongata ba rōna re lumela hore bolumeli ba rōna bo khahlisa Molimo. Empa bolumeli hase ba ’nete hobane feela e le ba batsoali ba rōna kapa hobane sechaba se itseng se matla se ile sa qobella baholo-holo ba rōna ho bo kena.

3-5. Ke papiso efe e re thusang ho bona hore hase malumeli kaofela a rutang ’nete?

3 Le hoja malumeli kaofela a bolela hore a fana ka tataiso e ka tšeptjoang tabeng ea ho sebeletsa Molimo, a na le likhopolo tse sa tšoaneng. A ruta lintho tse ngata tse sa tšoaneng ka hore na Molimo ke mang le hore na o lebeletse eng ho rōna. Ak’u nahane ka sena: Nka hore u fumana mosebetsi k’hamphaning e khōlō. Letsatsing la pele u le mosebetsing, u utloa ho thoe mookameli ha a eo o ile phomolong. Kahoo u botsa basebetsi ba bararo hore na u lokela ho etsa’ng. Mosebetsi oa pele o re mookameli o batla hore u fiele. Oa bobeli o re u lokela ho penta mohaho. Oa boraro o re u tsamaise poso.

4 Ebe u botsa basebetsi bana ka mookameli. Oa pele a re mookameli o molelele, o sa le mocha, ’me ke mohatelli. Oa bobeli a re o mokhutšoanyane, o tsofetse ’me o mosa. Oa boraro o u bolella hore mookameli hase monna—ke mosali. U ka ’na ua etsa qeto ea hore basebetsi bao, ka boraro ba bona ha ba bue ’nete. Haeba u sa batle ho felloa ke mosebetsi oo u sa tsoa u fumana, mohlomong u tla ke u botsisise ho utloa hore na hantle-ntle mookameli ke mang le hore na o batla hore u etse’ng.

5 Ho joalo le ka bolumeli. Kaha ho na le likhopolo tse ngata ka hore na Molimo ke mang le hore o batla’ng ho rōna, re lokela ho tiisa hore tsela ea rōna ea borapeli e lumellana le ’nete. Empa re ka tseba ’nete joang ka Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela