Karolo 2
U ka Ithuta ’Nete ka Molimo Joang?
1, 2. Ke papiso efe e bontšang hore ho hlokahala tekanyetso e itseng e ka thusang ho etseng qeto ka litaba tsa bolumeli?
RE KA tseba Molimo joang? Na ho hlokahala hore re hlahlobe lithuto tsohle tsa malumeli a mangata? Seo se ke ke sa khoneha. Le haeba re ne re ka li hlahloba, re ne re tla tseba joang hore na ke thuto efe e nepahetseng?
2 Ke ’nete hore kaha ho na le likhopolo tse ngata tse sa tšoaneng ka Molimo, re hloka tsela ea ho tseba seo e leng ’nete, tekanyetso eo batho ba ka lumellanang ka eona. Ka mohlala: Nka hore ho na le khang ka ’marakeng ho phehisanoa ka bolelele ba lesela. Morekisi o re lesela le bolelele ba limithara tse tharo, empa moreki o nahana hore le ka tlaase ho moo. Qaka eo e ka rarolloa joang? Ka ho metha lesela leo ka theipi.
3. Bibele e ngotsoe ka morero ofe?
3 Na ho na le theipi, tekanyetso, e ka thusang ho etsa qeto litabeng tsa bolumeli? E teng, ke Bibele. Molimo o entse hore ho ngoloe Bibele e le hore batho hohle ba ka ithuta ’nete ka eena. Ho hatisitsoe likopi tse limilione tse likete. E fetoletsoe e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse fetang tse 2 100. Hoo e batlang e le motho e mong le e mong a ka bala ’nete ka Molimo ka puo ea hae.
4. Bibele e fupere boitsebiso bofe?
4 Bibele ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho Molimo. E hlalosa lintho tseo ho seng tsela e ’ngoe eo re neng re ka li tseba ka eona. E re bolella hore ke bo-mang ba phelang sebakeng sa moea. E senola mehopolo ea Molimo, botho ba hae le morero oa hae. E re bolella ka litšebelisano tsa hae le batho ho theosa le lilemo tse likete. E bua ka lintho tse tla etsahala nakong e tlang. E boetse e bontša kamoo re ka fumanang tsela e isang bophelong bo sa feleng kateng.
Lebaka la Hore U Lumele Bibele
5. Ke mohlala ofe o bontšang hore Bibele e lumellana le saense?
5 Ho na le mabaka a mangata ao ka ’ona re ka lumelang hore Bibele ke Lentsoe la Molimo e le kannete. Lebaka le leng ke hore Bibele e lumellana le saense. Mehleng ea boholo-holo batho ka kakaretso ba ne ba nahana hore lefatše le tšehelitsoe ke ntho e itseng. Ka mohlala, Afrika Bophirimela batho ba ne ba lumela hore lefatše le tšehelitsoe ke noha e ikharileng, ka makhetlo a 3 500 ka holimo ho lefatše le ka makhetlo a 3 500 ka tlaase ho lefatše. Leha ho le joalo, tumellanong le saense, mongoli oa Bibele o ile a ngola lilemong tse fetang 3 500 tse fetileng hore Molimo “o leketlisa lefatše holim’a lefeela.”—Jobo 26:7.
6. Bopaki bo matla ka ho fetisisa ba hore Bibele e tsoa ho Molimo ke bofe?
6 Bopaki bo matla ka ho fetisisa ba hore Bibele e tsoa ho Molimo e le kannete ke tlaleho ea eona e phethahetseng ha e bolela bokamoso esale pele. Ho fapana le linohe tsa batho, Molimo o tseba bokamoso e le kannete; ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e buang ea phethahala.
7. Ke boprofeta bofe ba Bibele bo ileng ba phethahala nakong e fetileng?
7 Mehleng ea boholo-holo ho ile ha phethahala boprofeta bo bongata ba Bibele. Ka mohlala, lilemo tse 700 esale pele, Bibele e ile ea bolela ka nepo hore Jesu o tla tsoalloa motseng oa Bethlehema, e leng sona se ileng sa etsahala. (Mikea 5:2; Matheu 2:3-9) Ho phaella boprofeteng bo bong bo bongata ka Jesu, Bibele e ile ea bolela esale pele hore o tla belehoa ke moroetsana le hore qetellong o tla ekoa ka likotoana tse 30 tsa silevera. Boprofeta boo le bona bo ile ba phethahala. Ka sebele ha ho motho ea neng a ka bolela lintho tseo esale pele!—Esaia 7:14; Zakaria 11:12, 13; Matheu 1:22, 23; 27:3-5.
8. Ke boprofeta bofe ba Bibele bo phethahalang kajeno, hona bo paka eng?
8 Boprofeta bo bongata ba Bibele boa phethahala mehleng ea rōna. Bo bong ba bona ke bona:
● “Sechaba se tla tsohela sechaba matla [ntoeng], le ’muso o tla tsohela ’muso matla; ’me ho tla ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, le mafu a seoa le likhaello tsa lijo sebakeng se seng ka mor’a se seng.”—Luka 21:10, 11.
● Ho tla ba le “ho eketseha ha tlōlo ea molao.”—Matheu 24:12.
● “Matsatsing a ho qetela . . . batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, . . . ba sa mameleng batsoali, . . . ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, . . . ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.”—2 Timothea 3:1-5.
Na ha u lumele hore lintho tsee lia etsahala kajeno? Ho nepahala ha boprofeta ba Bibele le ho tšepahala ha bona ho bontša hore Bibele hase buka feela tjee. Ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng!—2 Timothea 3:16.
Na Bibele e Fetohile?
9, 10. Ke’ng e bontšang hore Molimo ha aa ka a lumella batho ho fetola Bibele?
9 Nka hore u mong’a fektheri ’me u behetse basebeletsi ba hao letoto la melao. Haeba sera sa hao se ne se ka fetola seo u se ngotseng, u ne u tla etsa’ng? Na u ne u ke ke ua lokisa se fetotsoeng? Ka ho tšoanang, Molimo ha a lumelle batho hore ba fetole ’nete ea Lentsoe la hae, Bibele.
10 Ba lekileng ho fetola lithuto tsa Lentsoe la Molimo ha baa ka ba atleha. Ha re bapisa Bibele eo re nang le eona kajeno le likopi tsa Bibele tsa boholo-holo, lia tšoana. Sena se bontša hore Bibele ha ea fetoha ha lilemo li ntse li feta.
Neano ea Molomo—Na ea Tšepahala?
Bolumeli ba moetlo ba Afrika ha bo na libuka tse halalelang tsa boholo-holo. Lineano, meetlo le likhopolo tse itseng ka Molimo li fetisoa ka molomo ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong. Buka e bitsoang West African Traditional Religion e re: “Ho fetisa taba ka molomo e ka ’na ea se be khetho e molemo bakeng sa ho nepahala ha eona. Hangata litaba tse ling tse fetisoang ka molomo lia eketsoa kapa li fokotsoe, li fetoloe kapa li sothoe, li feteletsoe kapa li fapanngoe, hoo hangata ho bang thata ho khetholla ’nete tšōmong.”
[Potso ea Sehlooho se Ithutoang]
Lebokose: Buka e ’ngoe e re’ng ka ho tšepahala ha lineano tsa molomo?
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 6]
Drought victims: UN PHOTO 164671/JOHN ISAAC; soldier: United Nations/Photo by Yutaka Nagata