January
Sontaha, la 1 January
Lintho tseo u ileng ua li utloa ho ’na . . . u li behe ho banna ba tšepahalang, bao, le bona, e tla ba ba tšoanelehang ka ho lekaneng ho ruta ba bang.—2 Tim 2:2.
Balebeli ba potoloho ba hlokometse hore baholo ba bangata ba lokela ho qeta nako e eketsehileng ba koetlisa barab’abo rōna e le hore ba tsebe ho hlokomela phutheho. Empa ho etsa sena ho ka ’na ha e-ba thata. Hobane’ng? Haeba u moholo oa Mokreste, u ua tseba hore ke habohlokoa ho qeta nako e eketsehileng u koetlisa ba bang. U ua tseba hore ho hlokahala barab’abo rōna ba eketsehileng ho matlafatsa liphutheho hona joale le ho tšehetsa tse tla thehoa. (Esa. 60:22) Bibele e re u lokela “ho ruta ba bang.” Empa ho ka ’na ha e-ba thata ho ipha nako ea ho etsa joalo. U lokela ho hlokomela ba lelapa la hao ka seo ba se hlokang, ha ka nako e tšoanang u sebetsa. Hape u lokela ho etsa mesebetsi ea phutheho le lintho tse ling tse potlakileng. Leha ho le joalo, ba hloka koetliso, e le hore ba jare boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong. Haeba ho e-na le barab’abo rōna ba bangata ba koetlisitsoeng ka phuthehong, bohle ba tla rua molemo. w15 4/15 1:2, 3
Mantaha, la 2 January
Timothea . . . ke ngoana oa ka ea ratoang le ea tšepahalang Moreneng; o tla le hopotsa mekhoa ea ka.—1 Bakor. 4:17.
Ha u fuoa boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong, u se ke ua nka hore u lokela ho fetola tsela eo lintho li neng li etsoa ka eona ka ho feletseng. U hopole hore lintho ka phuthehong li lokela ho fetoloa haeba feela ho e-na le lebaka kapa haeba mokhatlo oa Jehova o fana ka tataiso ea hore ho etsoe joalo. Ha u ua lokela ho fetola lintho hobane feela u batla ho li fetola. Kahoo haeba u khethoa, tsoela pele ho sebelisa mekhoa e thehiloeng Bibeleng eo bakoetlisi ba hao ba neng ba e sebelisa, u bontša hore u hlompha baholo ba nang le phihlelo, ’me bara le barali babo rōna ba tla u tšepa. Ha u ntse u ba le phihlelo, u tla etsa liphetoho tse ka thusang phutheho ho latela tataiso ea mokhatlo oa Jehova, o lulang o hatela pele. ’Me ha nako e ntse e ea, Jehova a ka ’na a u thusa hore u etse mesebetsi e meholo ho feta ea bakoetlisi ba hao.—Joh. 14:12. w15 4/15 2:17
Labobeli, la 3 January
Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.—Pes. 32:8.
U ka ’na ua ba boemong bo thata hoo u ka ikutloang joaloka Pauluse, ’me ua lokela ho pholosoa “molomong oa tau.” (2 Tim. 4:17) Linakong tse thata joalo, ke habohlokoa hore u tšepe Jehova. Ka mohlala, mohlomong u oka setho se seng sa lelapa. U rapetse Jehova ua mo kōpa hore a u thuse ho etsa liqeto tse bohlale le hore a u fe matla. Joale u ka ikutloa u imolohile ha u hopola hore Jehova o bona boemo ba hao ebile o oa bo utloisisa. O tla u thusa hore u mamelle ’me u lule u tšepahala. Ka linako tse ling, u ka ’na ua bona eka Jehova ha a u thuse. Mohlomong lingaka ha li lumellane ka pheko. Kapa u ne u tšepile hore beng ka uena ba tla u tšehetsa, empa ho e-na le hoo ekare ba mpefatsa boemo le ho feta. Tšepa Jehova kamehla hore o tla u fa matla. Atamela ho eena. (1 Sam. 30:3, 6) Hamorao ha u hlokomela kamoo Jehova a u thusitseng kateng, seo se tla matlafatsa kamano ea hao le eena. w15 4/15 4:10, 11
Laboraro, la 4 January
Emang khahlanong le [Satane].—1 Pet. 5:9.
Bahlanka ba Jehova, baa tseba hore Satane o teng. Rea tseba hore Diabolose ke motho oa sebele. Bibele e re bolella hore Satane o ile a sebelisa noha ho bua le Eva. (Gen. 3:1-5) A belaella sepheo seo Jobo a etsang lintho ka sona. (Jobo 1:9-12) Satane o ile a leka ho khelosa Jesu. (Mat. 4:1-10) Ka mor’a hore Jesu e be Morena ka 1914, Satane o ile a qala ho “loantša” batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng. (Tšen. 12:17) Diabolose o ntse a tsoela pele ho ba loantša, kaha o leka ho senya tumelo ea batlotsuoa le ea linku tse ling. E le hore re hlōle ntoeng ena, re lokela ho loantša Satane ’me re lule re le matla tumelong. Satane o oa ikhohomosa. Lengeloi lena le khopo le ile la hanyetsa tokelo ea Molimo ea ho busa, ’me la leka ho etsa hore ba bang ba le rapele ho e-na le ho rapela Jehova. Ke mohlala o ka sehloohong oa boikhohomoso le boikakaso. Tsela e ’ngoe eo re ka loantšang Satane ka eona ke ka ho qoba boikhohomoso, ’me re ikokobetse.—1 Pet. 5:5. w15 5/15 2:3, 4
Labone, la 5 January
Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.—Esa. 25:8.
Jehova o re tšepisa bokamoso bo babatsehang. Rea thaba ha re nahana ka nako eo, ’me seo se re fa matla ao re a hlokang e le hore re tsoele pele re mo sebeletsa. Na u ipona u se u etsa lintho tseo Jehova a u tšepisitseng tsona, ebang u tla be u le leholimong kapa u le lefatšeng? Haeba u na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, ak’u nahane u se u sebetsa le metsoalle ea hao ho etsa lefatše serapa se setle. Ba u etellang pele mosebetsing ona, e le batho ba u tsotellang. ’Me batho bohle ba rata Jehova, joaloka uena. U tla be u phela hantle ’me u le mahlahahlaha, ho se na letho le u tšoenyang. U tla thabela ho sebelisa tsebo le bokhoni ba hao ho thusa ba bang le ho tlotlisa Jehova. Mohlomong u tla be u thuse ba tsositsoeng bafung hore ba ithute ka Jehova. (Joh. 17:3; Lik. 24:15) Ha u nahana ka lintho tsena, u tla be u sa lore. Li tla etsahala kaha ke sona seo Bibele e reng se tla etsahala nakong e tlang.—Esa. 11:9; 33:24; 35:5-7; 65:22. w15 5/15 3:15
Labohlano, la 6 January
Motsamaisi oa mokete a latsoa metsi a neng a fetotsoe veine.—Joh. 2:9.
Jesu o ile a atisa veine ka mohlolo, ’me ea lekana batho ba bangata. (Joh. 2:6-11) Ha ho mohla Jesu a kileng a sebelisa matla a hae ka boithati. Nahana ka se ileng sa etsahala ha Diabolose a ne a leka Jesu a re a fetole majoe bohobe. Jesu o ile a hana ho sebelisa matla a hae ho ithuisa molemo. (Mat. 4:2-4) Ho e-na le hoo, o ne a ikemiselitse ho sebelisa matla a hae ho thusa ba bang. Re ka mo etsisa joang tabeng ea ho hloka boithati? Jesu o ile a re re lokela “ho fana.” (Luka 6:38) Re ka etsa sena ka ho memela ba bang lijong. Re ka boetse ra ipha nako ea ho thusa ba bang ka mor’a liboka, mohlomong ra mamela mor’abo rōna ha a itlhakisetsa puo. Kapa re ka ’na ra khona ho thusa ba bang le ho ba koetlisa tšebeletsong ea tšimo. Re etsisa Jesu tabeng ea ho fana ka seatla se bulehileng ha re thusa ba bang neng le neng ha re khona. w15 6/15 1:3, 4, 6
Moqebelo, la 7 January
Ha ho moahi ea tla re: “Kea kula.”—Esa. 33:24.
Haeba re lula re tšepahala, re ka ba le monyetla oa ho bona mohlolo o moholo, oa ho pholoha matšoenyeho a maholo! Ka mor’a Armagedone, re tla bona e meng e mengata. Ka nako eo, batho bohle ba tla be ba phetse hantle. (Esa. 35:5, 6; Tšen. 21:4) Ak’u nahane u se u bona batho ba lahla likhalase tsa mahlo, melamu, litulo tsa likooa le mechine e thusang batho ba sa utloeng hantle litsebeng! Batho ba pholohileng Armagedone ba tla ba le mosebetsi o mongata oo ba lokelang ho o etsa. Ke bona ba tla fetola lefatše la rōna hore e be paradeise e ntle. (Pes. 115:16) Kajeno “bongata bo boholo” boa khothala ha bo bala kamoo Jesu a ileng a folisa ba kulang kateng. (Tšen. 7:9) Mehlolo eo e tiisa tšepo ea rōna e babatsehang ea hore re tla phekoloa nakong e tlang. E boetse e bontša tsela eo Mora oa Molimo oa letsibolo a ratang batho ka eona. (Joh. 10:11; 15:12, 13) Qenehelo ea Jesu e senola lerato le tebileng leo Jehova a ratang mohlanka e mong le e mong oa hae ka lona.—Joh. 5:19. w15 6/15 2:16, 17
Sontaha, la 8 January
Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.—Tšen. 12:12.
Ka 1914, ntoa e ile ea qhoma Europe ’me ea namela likarolong tsohle tsa lefatše. Ntoa eo e ile ea etsa hore ho be le tlala ea bo-ja-likata. ’Me ha e lala ka 1918, lefu la mokakallane la bolaea batho ba bangata ho feta ba bolailoeng ntoeng. Lintho tsena kaofela e ne e le karolo ea “pontšo” eo Jesu a neng a buile ka eona. Pontšo eo e ile ea paka hore Jesu e bile Morena leholimong ka 1914. (Mat. 24:3-8; Luka 21:10, 11) Selemong seo, o ile ‘a tloha e le ea hlōlang e le hore a phethe tlhōlo ea hae.’ (Tšen. 6:2) Jesu o ile a leleka Satane le bademona leholimong, ’me a ba lihela lefatšeng. Ka mor’a moo, ho ile ha phethahala boprofeta bo temaneng ea kajeno. w15 6/15 4:13
Mantaha, la 9 January
Ke tla fetela liponong tse phahametseng matla a tlhaho le litšenolong tsa Morena.—2 Bakor. 12:1.
Le pele ho feta lilemo tse lekholo phutheho ea Bokreste e thehiloe, bokoenehi bo neng bo boletsoe esale pele bo ile ba hlahella. (Lik. 20:28-30; 2 Bathes. 2:3, 4) Ka mor’a moo, ho ile ha e-ba thata ho khetholla barapeli ba ’nete ba Molimo. Ho ile ha feta lilemo tse makholo pele Jehova a sebelisa Jesu ho khetholla batho ba sebeletsang Molimo tempeleng ea Hae ea moea. Ka 1919, batho ba sebeletsang Molimo tempeleng ea hae ea moea le bao a ba amohelang ba ile ba khetholleha ka ho hlaka. Ba ile ba etsa liphetoho e le hore Jehova a amohele borapeli ba bona. (Esa. 4:2, 3; Mal. 3:1-4) Kahoo, pono eo moapostola Pauluse a bileng le eona lilemo tse makholo pele ho moo, e ile ea phethahala. Pono eo Pauluse a bileng le eona e hlalositsoe ho 2 Bakorinthe 12:2-4. Ponong eo, Jehova o ile a bontša Pauluse se neng se tla etsahala nakong e tlang. w15 7/15 1:6-8
Labobeli, la 10 January
Ka nako eo ba lokileng ba tla khanya ka ho phatsimang joaloka letsatsi ’musong oa Ntat’a bona.—Mat. 13:43.
Na see se bolela hore batlotsuoa “ba tla nkeloa sebakeng”? Ba bangata Bokreste-’mōtoaneng ba lumela hore Bakreste ba tla nkeloa leholimong ka ’mele ea nama. Ba boetse ba nahana hore ba tla bona Jesu ka mahlo ha a khutla ho tla busa lefatšeng. Empa Bibele e bontša ka ho hlaka hore Jesu o tla khutla ka mokhoa o sa bonahaleng, ha e re “pontšo ea Mor’a motho e tla bonahala leholimong” ’me Jesu o tla tla “ka maru a leholimo.” (Mat. 24:30) Bibele e boetse e re “nama le mali li ke ke tsa rua ’muso oa Molimo.” Kahoo, batlotsuoa ba tla nkeloa leholimong ba lokela ho “fetoloa, ka motsotsoana, ka ho panya ha leihlo, nakong ea terompeta ea ho qetela.” (1 Bakor. 15:50-53) Re ke ke ra re “ba tla nkeloa sebakeng,” kaha eo ke thuto ea Bokreste-’mōtoana. Empa batlotsuoa ba tšepahalang ba tla beng ba ntse ba le lefatšeng ba tla bokelloa hammoho ka ho panya ha leihlo. w15 7/15 2:14, 15
Laboraro, la 11 January
Ke tla u rorisa har’a phutheho.—Pes. 22:22.
Holo ea ’Muso ke setsi sa borapeli moo batho ba bokanang teng ho rapela Jehova. Liboka ke mpho e tsoang ho Molimo ebile li re thusa ho matlafatsa kamano ea rōna le eena. Ha re le libokeng, mokhatlo oa hae o re fa khothatso le tataiso eo re e hlokang. Ka sebele ke tlotla ho mengoa ke Jehova le Mora oa hae ho tla ja “tafoleng ea Jehova” beke le beke. (1 Bakor. 10:21) Re lokela ho lula re ananela memo ena e khethehileng. Jehova o re bolella ka ho hlaka hore re lokela ho ba teng libokeng e le hore re mo rapele le ho khothatsana. (Baheb. 10:24, 25) Kaha re hlompha Jehova, re ke ke ra fosa liboka ntle le ha ho e-na le lebaka le utloahalang. Ha re lokisetsa liboka ’me re nka karolo ho tsona re bontša hore rea li ananela. w15 7/15 4:3, 4
Labone, la 12 January
Le lule le lebetse.—Mat. 24:42.
Mokhatlo oa Jehova o lula o re hopotsa hore re lokela ‘ho leta le ho lula re hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova’ ’me re tsepamise kelello lefatšeng le lecha leo Jehova a le tšepisang. (2 Pet. 3:11-13) Haeba balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba lokela ho lula ba lebeletse letsatsi la Jehova, joale ke habohlokoa le ho feta kajeno hore re le lebelle. Hobane’ng? Hobane pontšo eo Jesu a faneng ka eona e paka hore e bile Morena oa ’Muso oa Molimo ho tloha ka 1914 le hore re phela matsatsing a ho qetela, kapa ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho.’ Ka mohlala, maemo a lefatše a ntse a mpefala le ho feta, feela joalokaha Jesu a profetile ’me litaba tse molemo tsa ’Muso li boleloa lefatšeng lohle. (Mat. 24:3, 7-14) Jesu ha aa ka a bolela hore na matsatsi a ho qetela a tla nka nako e kae, kahoo re lokela ho lebella bofelo hore bo fihle ka nako leha e le efe. w15 8/15 2:4, 5
Labohlano, la 13 January
U ithabele ka ho phethehileng ho Jehova.—Pes. 37:4.
Lefatšeng le lecha, ntho e tla re thabisa ka ho fetisisa ke ho ba le kamano e haufi le Jehova. (Mat. 5:3) Re tla phathahana ka ho sebeletsa Jehova, ’me seo se tla re tlisetsa thabo. Kahoo, ha re etelletsa Jehova pele bophelong ba rōna hona joale, re itokiselletsa ho phela lefatšeng le lecha. (Mat. 6:19-21) Re ka etsa’ng e le hore re thabele ho sebeletsa Jehova haholoanyane? Tsela e ’ngoe eo re ka etsang seo ka eona ke ka ho ipehela lipakane. Haeba u mocha, nahana ka ho teba ka ho sebeletsa Jehova. U ka etsa lipatlisiso lingoliloeng tsa rōna ka mefuta e sa tšoaneng ea tšebeletso ea nako e tletseng. U ka ipehela pakane ea ho kenela mofuta o mong oa tšebeletso ea nako e tletseng. Buisana le motho ea qetileng lilemo tse ngata a sebeletsa Jehova ka nako e tletseng. Ha u sebeletsa Jehova, u tla fumana koetliso ea bohlokoa. Koetliso ena e tla u thusa hore u sebeletse Jehova lefatšeng le lecha. w15 8/15 3:13, 14
Moqebelo, la 14 January
Litholoana tsa moea ke lerato.—Bagal. 5:22.
Litšobotsi tse ling tsa tholoana ea moea, tse kang bonolo, boitšoaro le mamello le tsona ke tsa bohlokoa. (Bagal. 5:23) Li thusa Mokreste ea hōlileng tsebong ho mamella maemo a thata a sa tenehe le hore a lule a e-na le tšepo ha lintho li sa tsamaee hantle. Ha Mokreste ea hōlileng tsebong a ithuta Bibele, o sheba melao-motheo e ka mo thusang ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng. Joale, o tla nolofalloa ho etsa liqeto tse bohlale ha a sebelisa letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele. Mokreste ea hōlileng tsebong o ikokobelitse, kahoo o lumela hore tataiso le melao eo Jehova a fanang ka eona e molemo ho feta ea hae. O bolela litaba tse molemo ka cheseho, ’me o etsa sohle se matleng a hae ho thusa phutheho hore e lule e momahane. Ho sa tsotellehe hore na ke khale hakae re sebeletsa Jehova, e mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa: ‘Na ho na le moo ke lokelang ho etsa liphetoho teng e le hore ke etsise Jesu haholoanyane?’ w15 9/15 1:6, 7
Sontaha, la 15 January
Uena ea nang le tumelo e nyenyane, ke hobane’ng ha u ile ua itesella ho belaela?—Mat. 14:31.
Barutuoa ba ile ba bona Jesu a tsamaea holim’a metsi, Leoatleng la Galilea. Petrose a hoeletsa Jesu, a mo kōpa hore na a ka tla ho eena a tsamaea holim’a metsi. Jesu o ile a re a tle, eaba Petrose o tsoa ka seketsoaneng ’me o ea ho eena. Empa ka mor’a nakoana, Petrose a qala ho teba. Hobane’ng? Hobane o ile a talima sefefo le maqhubu eaba o oa tšoha. Petrose o ile a hoeletsa a kōpa thuso ’me Jesu a mo tšoara a ntan’o bua mantsoe a ka holimo. (Mat. 14:24-32) Petrose o ne a e-na le tumelo e matla. Ha Jesu a mo bitsa, o ile a tsoa ka seketsoaneng ’me a tsamaea holim’a metsi. O ne a lumela hore matla a Molimo a tla mo nolofalletsa ho tsamaea holim’a metsi, feela joaloka Jesu. Le rōna ka ho tšoanang, ha Jesu a re mema hore re mo latele, re ile ra inehela ho Jehova ’me ra kolobetsoa. Hobane re lumela ho Jehova le ho Jesu ’me re tšepa hore ba tla re thusa.—Joh. 14:1; 1 Pet. 2:21. w15 9/15 3:1, 3
Mantaha, la 16 January
O lebela meea ea ba tšepahalang ba hae; o ba lopolla matsohong a ba khopo.—Pes. 97:10.
Ntate ea lerato o sireletsa lelapa la hae kotsing. Ke sona seo Ntate oa rōna, Jehova, a se etsang. Nahana ka sena: Feela joalokaha u potlakela ho sireletsa mahlo a hao hobane e le a bohlokoa ho uena, Jehova o potlakela ho sireletsa batho ba hae, hobane ke ba bohlokoa ho eena. (Zak. 2:8) Ke ’nete hore bahlanka ba bang ba Jehova ba kang morutuoa Setefane le ba bang, ba ile ba bolaoa hobane ba tšepahala. Maemong a mang Jehova ha a thibele sena ho etsahala. Empa o sireletsa bahlanka ba hae e le sehlopha ka ho ba lemosa ka maraba a sa tšoaneng ao Satane a lekang ho ba tšoasa ka ’ona. (Baef. 6:10-12) Jehova o sebelisa Bibele le lingoliloeng tse tsoang mokhatlong oa hae. Ka mohlala, re lemosoa ka likotsi tsa Inthanete, lerato la chelete, lifilimi, libuka le lipapali tse nang le boitšoaro bo bobe le pefo. Ho hlakile hore Jehova o oa re rata ’me o batla ho re sireletsa. w15 9/15 4:15, 17
Labobeli, la 17 January
Letsoho la Jehova ha lea khutsufala hoo le ke keng la pholosa.—Esa. 59:1.
Jehova o thusitse batho ba hae hore ba sireletse tokelo ea ho bolela litaba tse molemo le ho e theha ka molao. (Bafil. 1:7) Ka mohlala, ha mebuso e meng e leka ho thibela mosebetsi oa boboleli, re kōpa thuso makhotleng. Re se re hlōtse bonyane linyeoe tse 268 makhotleng a phahameng lefatšeng ka bophara, ’me tse 24 ho tseo re li hlōtse Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho ho tloha ka 2000. Ho hlakile hore ha ho motho ea ka emang morero oa Molimo pele. (Esa. 54:17) Ho boleloa ha litaba tse molemo lefatšeng ka bophara ke bopaki bo bong ba hore Molimo o thusa batho ba hae. (Mat. 24:14; Lik. 1:8) Ha e le hantle, ke ka thuso ea Jehova feela bahlanka ba hae ba tsoang lichabeng tsohle ba momahaneng. Bonngoe bona boa ikhetha! Esita le batho ba sa rapeleng Jehova ba re: “Ka sebele Molimo o har’a lōna.” (1 Bakor. 14:25) Re na le bopaki bo bongata bo bontšang hore Molimo o tšehetsa batho ba hae.—Esa. 66:14. w15 10/15 1:13, 14
Laboraro, la 18 January
Le se ke la rata . . . lintho tse lefatšeng.—1 Joh. 2:15.
Re lemosoa hore re se ke ra sebelisa lefatše ka botlalo. Sena se akarelletsa ho qeta nako e ngata linthong tsa lefatše. (1 Bakor. 7:29-31) Tse ling tsa lintho tsena ha lia fosahala, empa li ka re jella nako. Ka mohlala, e ka ’na eaba re rata ho itlosa bolutu ka ho bala, ho shebella thelevishene, ho ea libakeng tsa boikhathollo, ho reka, kapa ho batlisisa ka lihlahisoa tsa morao-rao tsa elektronike le lintho tse ling tse joalo. Ba bangata ba rata ho buisana le metsoalle ka Inthanete, ho romellana melaetsa ka fono le li-e-mail, kapa ho sheba litaba le tsa lipapali. Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba lemalla ho etsa lintho tsena. (Moek. 3:1, 6) Haeba re qeta nako e ngata re etsa lintho tseo e seng tsa bohlokoa, re ka ’na ra hlokomoloha borapeli ba rōna ho Jehova, e leng bona bo ka sehloohong. (Baef. 5:15-17) Satane o etsa sohle se matleng a hae ho re hohela ka lintho tsa lefatše le ho re sitisa ho sebeletsa Jehova. O ile a etsa sena nakong e fetileng ’me le kajeno o ntse a etsa se tšoanang. (2 Tim. 4:10) Kahoo, re lokela ho mamela keletso e hlahang temaneng ea rōna ea kajeno. w15 10/15 3:7, 8
Labone, la 19 January
Re laele seo re tšoanelang ho se etsa.—Baahl. 13:8.
Manooa le mosali oa hae ba ne ba sa nahane hore ba tla ke ba be le ngoana. Empa ka letsatsi le leng, lengeloi la Jehova le ile la bolella mosali oa Manooa hore o tla ba le mora. Manooa o ile a nahana ka ho teba ka seo Jehova a se lebeletseng ho eena joaloka ntate. Eena le mosali oa hae ba ne ba ka etsa’ng ho koetlisa mora oa bona hore a rate Jehova le ho mo sebeletsa, le hoja Baiseraele ba bangata ba ne ba etsa lintho tse fosahetseng? Manooa o ile a kōpa Jehova hore a romele lengeloi la hae, a re: “Monna oa Molimo oa ’nete eo u sa tsoa mo romela, ka kōpo, e-re a boele a tle ho rōna ’me a re laele seo re tšoanelang ho se etsa ho ngoana ea tlang ho tsoaloa.” (Baahl. 13:1-8) Haeba u motsoali, mohlomong u utloisisa kamoo Manooa a neng a ikutloa kateng. Le uena u na le boikarabelo ba ho thusa bana ba hao hore ba tsebe Jehova le ho mo rata. (Liprov. 1:8) Ha le tšoere borapeli ba lelapa, u ka ba thusa hore ba ithute ka Jehova ba be ba ithute le Bibele. Ha e le hantle, ha hoa lekana ho ithuta Bibele feela le bana ba hao beke le beke. (Deut. 6:6-9) Ke’ng eo u ka e etsang ho ba thusa hore ba rate Jehova le ho mo sebeletsa? w15 11/15 1:1, 2
Labohlano, la 20 January
Bonang, Moiseraele kannete-nete, eo ho seng thetso ho eena.—Joh. 1:47.
Ho fapana le Jesu, ha u khone ho bona se ka pelong ea ngoana oa hao, empa u ka se lemoha. Jehova a ka u thusa hore u hlokomele litšobotsi tse ntle tseo ngoana a nang le tsona. Esita le haeba a etsa lintho tse u nyahamisang, u se ke ua re o tsoile tseleng kapa ke setlokotsebe. U se ke ua mo nka ka tsela eo. Ho e-na le hoo, mo bolelle hore u lemoha litšobotsi tse ntle tseo a nang le tsona ’me u lumela hore o batla ho etsa se nepahetseng. Hlokomela ha a ntlafatsa ’me u mo babatse. Mo thuse hore a ntlafatse litšobotsi tsa hae tse ntle ka hore u mo fe boikarabelo bo eketsehileng ha ho khoneha. Ke seo Jesu a ileng a se etsa ka barutuoa ba hae. Ka mor’a hore ho fete selemo le halofo a kopane le Nathanaele, Jesu o ile a mo fa boikarabelo ba bohlokoa. A mo khetha hore e be moapostola, ’me ka botšepehi Nathanaele a etsa mosebetsi oo Jesu a mo fileng oona. (Luka 6:13, 14; Lik. 1:13, 14) Kahoo, ho e-na le ho etsa hore ngoana a ikutloe eka ha a na thuso, mo babatse le ho mo khothatsa. Etsa hore a elelloe hore a ka u thabisa a ba a thabisa Jehova le hore a ka sebelisa bokhoni ba hae ho mo sebeletsa. w15 11/15 2:15, 16
Moqebelo, la 21 January
Ba . . . etsetsa [Molimo] tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare.—Tšen. 7:15.
Ha matsatsi a ho qetela a qala ka 1914, bahlanka ba Molimo ba ne ba le likete tse seng kae feela. Le hoja ba ne ba fokola ka palo, bara le barali bana babo rōna ba tlotsitsoeng ba ile ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ho sa tsotellehe mathata ao ba neng ba tobana le ’ona, kaha ba ne ba rata baahelani ebile Molimo a ba thusa ka moea o halalelang. Kahoo, hona joale ho bokelloa bongata bo boholo bo nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Ho na le Lipaki tse ka bang 8 000 000 liphuthehong tse fetang 115 400 ho pota lefatše, ’me palo eo e ntse e eketseha. Ka mohlala, selemong sa tšebeletso sa 2014 ho kolobelitsoe Lipaki tse ncha tse fetang 275 500, e leng hoo e ka bang tse 5 300 beke ka ’ngoe. Mokhatlo oa rōna o oa hōla kaha re tšepa Molimo ’me re lumela hore Bibele ke Lentsoe la hae le bululetsoeng. (1 Bathes. 2:13) Re tsoela pele ho thabela litlhohonolofatso tsa Jehova, le hoja Satane a re hloile a bile a re hanyetsa.—2 Bakor. 4:4. w15 11/15 4:12, 14, 16
Sontaha, la 22 January
Lentsoe la Molimo oa rōna, le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.—Esa. 40:8.
Litsebi tsa Bibele li ile tsa hlahloba ka hloko libuka tse ngotsoeng ka letsoho le likarolo tse ling tsa tsona hammoho le liphetolelo tsa khale tsa Bibele. Sena se ile sa etsa hore li hlokomele ho se tšoane litemaneng tse seng kae le hona linthong tse fokolang. Empa molaetsa oa Bibele ha o oa fetoha. Liphuputso tse kang ena li netefaletsa liithuti tsa Bibele hore Bibele eo li e balang kajeno ke Lentsoe la Jehova le bululetsoeng. Le hoja e le khale Bibele e hlaseloa, e fetoletsoe ka lipuo tse fetang 2 800. Ke eona feela buka e fetoletsoeng ka lipuo tse ngata hakaalo. Batho ba bangata ha ba lumele ho Molimo, empa Lentsoe la hae le tsoela pele ho ajoa ka bongata ho feta buka leha e le efe e ’ngoe. Le hoja liphetolelo tse ling tsa Bibele li le thata ho utloisiseha kapa li na le liphoso, boholo ba tsona li fana ka molaetsa o bonolo oa tšepo le oa bophelo bo sa feleng. w15 12/15 1:13, 14
Mantaha, la 23 January
Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole.—Liprov. 12:18.
Seo re se buang se ka khothatsa ba bang kapa sa ba nyahamisa. Ba bangata lefatšeng lena la Satane ba sebelisa mantsoe a hlabang joaloka “motsu” kapa “sabole” hobane ba batla ho utloisa ba bang bohloko. (Pes. 64:3) Boholo ba bona ba ithutile ho bua ka tsela ena lifiliming le mananeong a thelevishene ao ba a shebellang. Empa Bakreste ha baa lokela ho bua ka tsela e hlokang mosa, esita le haeba ba soasoa. Metlae e ea tšehisa ebile e ka natefisa seo re se buang. Empa ha rea lokela ho soma ba bang kapa ho bua lintho tse tla ba soabisa hobane re batla hore ba bang ba tšehe. Bibele e laela Bakreste hore ba se ke ba sebelisa “puo e nyefolang.” E boetse e re: “Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna, empa ho tsoe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha kamoo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore e ka fana ka se molemo ho ba e utloang.”—Baef. 4:29, 31. w15 12/15 3:10
Labobeli, la 24 January
Haeba le phema lintho tsena, le tla atleha. Bophelo bo botle ho lōna!—Lik. 15:29.
Mantsoe ana a qetellang lengolo la sehlopha se busang sa mehleng ea baapostola, ao e leng tsela e ’ngoe feela ea hore ba sale hantle, a re hopotsa hore ka tlhaho re batla ho phela hantle. Re ke ke ra qoba ho kula, kaha ha rea phethahala. ’Me ha re kula, ha rea lebella hore Jehova a re folise ka mohlolo. Empa re ka lebella hore nakong e tlang Molimo o tla re folisa ka ho feletseng. Ho Tšenolo 22:1, 2, moapostola Johanne o ile a bua ka “metsi a bophelo” le “lifate tsa bophelo” tse tla phekola batho bohle. O ne a sa bue ka litlhare tseo re ka li noang hona joale kapa lefatšeng le lecha ho iphekola. Ho e-na le hoo, o ne a bua ka lintho tsohle tseo Jehova le Jesu ba tla li etsa e le hore re phele ka ho sa feleng.—Esa. 35:5, 6. w15 12/15 4:17, 18
Laboraro, la 25 January
Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.—Zak. 8:23.
Ha Jehova a bolela esale pele ka mehla ena eo re phelang ho eona, o ile a re: “Banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba ba tla tšoara, e, ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda, ba re: ‘Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.’” (Zak. 8:23) “Monna oa Mojuda” o emela batho bao Molimo a ba tlotsitseng ka moea o halalelang. O boetse o bitsoa “Iseraele ea Molimo.” “Banna ba leshome” ba emela batho ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Baa tseba hore Jehova o hlohonolofalitse batlotsuoa ’me ba nka e le tlotla ho sebeletsa Molimo hammoho le bona. (Bagal. 6:16) Ho tšoana le moprofeta Zakaria, Jesu le eena o ile a re batho ba Molimo ba tla momahana. O ile a re ba nang le tšepo ea ho phela leholimong ke “mohlatsoana,” ’me ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ke “linku tse ling.” Leha ho le joalo, Jesu o ile a re e tla ba “mohlape o le mong” ’me eena e be “molisa” oa bona.—Luka 12:32; Joh. 10:16. w16.01 4:1, 2
Labone, la 26 January
Le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.—Bafil. 4:8.
Re lokela ho sireletsa setsoalle sa rōna le Jehova. Kaha re phela lefatšeng la Satane, ebile ha rea phethahala, ho bonolo hore re qale ho nahana le ho etsa lintho ka tsela eo batho ba lefatše ba etsang ka eona. Ho tšoana le ho sesa nōkeng eo metsi a eona a phallelang lehlakoreng leo re sa batleng ho ea ho lona. Kahoo, re lokela ho sebetsa ka thata hore re ee lehlakoreng leo re le batlang. Ka ho tšoanang, re lokela ho sebetsa ka thata hore re qobe ho susumetsoa ke lefatše la Satane. Ha re bua ka Jehova le ka Bibele, re nahana ka lintho tsa bohlokoa le tse molemo, eseng ka lintho tse ka re thefulang tumelong. Mosebetsi oa boboleli o matlafatsa tumelo ea rōna, kaha o re hopotsa litšepiso tsa Molimo le melao ea hae e lerato. O boetse o etsa hore re be le makhabane a tla re thusa hore re itšireletse khahlanong le Satane le lefatše la hae. (Baef. 6:14-17) Ha re phathahana mosebetsing oa boboleli, re ithuta re bile re thusa ba bang ka phuthehong, rea sireletseha kaha ha re be le nako ea ho tšoenyeha haholo ka mathata a rōna. w16.01 5:12, 13
Labohlano, la 27 January
Batho ba heno e tla ba batho ba heso, ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.—Ruthe 1:16.
Ruthe o ne a rata Jehova. Sena se ile sa khahla Boaze, ’me hamorao a mo babatsa ka hore ebe o ile a ‘batla setšabelo tlas’a mapheo a Jehova.’ (Ruthe 2:12) Mantsoe a Boaze a ka ’na a re hopotsa kamoo lelinyane la nonyana le itšireletsang kateng tlas’a mapheo a ’m’a lona. (Pes. 36:7; 91:1-4) Ka tsela e tšoanang, Jehova o ile a sireletsa Ruthe a ba a mo putsa ka lebaka la tumelo ea hae. Ha ho mohla Ruthe a ileng a ikoahlaela qeto eo a e entseng. Batho ba bangata ba ithuta ka Jehova empa ba khetha ho se batle tšireletso ea hae. Baa qeaqea ha ba lokela ho inehela ho eena le ho kolobetsoa. Haeba u boemong boo, ipotse hore na ke hobane’ng. Motho e mong le e mong o sebeletsa molimo oa hae. (Josh. 24:15) Kahoo, e ka ba bohlale ho khetha ho sebeletsa Jehova. Ha u inehela ho eena, u bontša hore u lumela hore o tla u sireletsa. O tla u thusa hore u lule u mo sebeletsa, ho sa tsotellehe mathata ao u ka tobanang le ’ona. Mohlala oa Ruthe o re tiisetsa seo. w16.02 2:6, 7
Moqebelo, la 28 January
E-re ke mo hlabelle fatše ka lerumo hanngoe feela, ’me nke ke ka mo etsa joalo habeli.—1 Sam. 26:8.
Ha Abishai a ne a batla ho bolaea Saule, o ne a leka ho tšepahalla Davida. Empa kaha Davida o ne a tseba hore ke phoso ho bolaea “motlotsuoa oa Jehova,” ha aa ka a lumellana le eena. (1 Sam. 26:9-11) Re ithuta ntlha ea bohlokoa ho sena: E leng hore ha re hloka ho etsa qeto ea hore na re tšepahalla mang pele, re lokela ho nahana ka melao-motheo ea Bibele e buang ka boemo boo re tobaneng le bona. Ka tloaelo re tšepahalla batho bao re ba ratang, ba kang metsoalle kapa beng ka rōna. Empa kaha ha rea phethahala, maikutlo a rōna a ka ’na a re khelosa. (Jer. 17:9) Kahoo haeba motho eo re mo ratang a etsa sebe ’me a tlohela phutheho, re lokela ho hopola hore ke habohlokoa ho tšepahalla Jehova ho feta mang kapa mang.—Mat. 22:37. w16.02 4:5, 6
Sontaha, la 29 January
Le [ipakele] e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.—Bar. 12:2.
Ke hobane’ng ha Bakreste ba Baroma ba ne ba lokela ho etsa see? Mohlala oa Timothea o ka u thusa. O ne a tseba Mangolo hantle kaha ’mè oa hae le nkhono oa hae ba ne ba mo rutile ’ona. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a re ho Timothea: “U tsoele pele linthong tseo u ileng ua ithuta tsona le tseo u ileng ua susumelletsoa hore u li lumele.” (2 Tim. 3:14, 15) Lentsoe le fetoletsoeng e le ho “susumelletsoa” mona le bolela “ho kholiseha hore taba e itseng ke ’nete.” Kahoo Timothea o ne a lokela ho kholiseha hore seo a ithutileng sona Mangolong ke ’nete. Ha aa ka a lumela feela seo ’mè oa hae le nkhono oa hae ba mo bolellang sona, empa o ile a nahanisisa ka lintho tseo a ithutileng tsona ’me tsa mo susumetsa. (Bar. 12:1) Ka ho tšoanang, ho ipha nako ea ho ithuta ho tla u thusa ho araba lithaka tsa hao, ho tlosa lipelaelo le ho matlafatsa tumelo ea hao.—Lik. 17:11. w16.03 2:3, 4, 7
Mantaha, la 30 January
Ba ne ba tloaetse ho ea Jerusalema selemo le selemo bakeng sa mokete oa paseka.—Luka 2:41.
Baiseraele ba ne ba sebelisana ’moho ha ba ea meketeng Jerusalema. Ba ne ba hlophisa lintho tsohle tseo ba tla li hloka leetong. Ba tsamaisana tsela ba bile ba thusana. Ha ba le tempeleng, ba ne ba rapela Jehova hammoho ba bile ba mo rorisa. Le rōna re lokela ho momahana le ho sebelisana ’moho, ha re ntse re itokiselletsa ho phela lefatšeng le lecha. Re leboha Jehova ha a re thusitse ho ba le khotso le ho utloisisa ’nete ea Bibele! Bahlanka ba Jehova lefatšeng ka bophara ba mo rapela ka tsela eo a e amohelang. Matsatsing ana a ho qetela, ba momahane ho feta le ha e le neng pele. Feela joalokaha Esaia le Mikea ba profetile, re nyolohela “thabeng ea Jehova” hammoho. (Esa. 2:2-4; Mik. 4:2-4) Ruri nakong e tlang re tla thaba ha batho bohle lefatšeng ba tla be ba momahane “hammoho ka tumellano” ba bile ba rapela Jehova hammoho! w16.03 3:16, 17
Labobeli, la 31 January
Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.—Moek. 3:1.
Baholo ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ho koetlisa barab’abo rōna ka phuthehong. Ba bang ba ka ’na ba re: ‘Ho na le lintho tse ling tse potlakileng ka phuthehong, tseo re lokelang ho li etsa hang-hang. Le haeba ke sa koetlise barab’abo rōna hona joale, seo se ke ke sa ama phutheho.’ Ke ’nete hore ho na le lintho tse ling tseo baholo ba ka ’nang ba lokela ho li etsa hang-hang. Empa haeba ba chechisa taba ea ho koetlisa barab’abo rōna, seo se ka ’na sa bakela phutheho mathata. Haeba baholo ba sa koetlise barab’abo rōna ka phuthehong, ho ke ke ha e-ba le banna ba koetliselitsoeng mesebetsi e lokelang ho etsoa. Kahoo baholo ha baa lokela ho nahana hore ho ba koetlisa hase taba ea bohlokoa. Baholo ba nahanang ka bokamoso ba phutheho ’me ba ipha nako ea ho koetlisa barab’abo rōna ba bontša bohlale, ebile ke ba bohlokoa ho bara le barali babo rōna.—1 Pet. 4:10. w15 4/15 1:4, 6, 7