February
Laboraro, la 1 February
Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.—Jak. 4:8.
Haeba u Paki ea Jehova e kolobelitsoeng, u na le letlotlo la bohlokoa. U na le kamano e khethehileng le Jehova. Empa lefatše la Satane le batla ho senya kamano ea rōna le eena, hape e ka fokolisoa ke ho se phethahale ha rōna. Bakreste bohle ba tobane le teko ena. Kahoo, re lokela ho boloka kamano ea rōna le Jehova e le matla ka ho fetisisa. Na ke Motsoalle oa hao? Na u ka rata ho matlafatsa kamano ea hao le eena? Temana ea rōna ea kajeno, e leng Jakobo 4:8, e u bolella seo u lokelang ho se etsa. Hlokomela hore u lokela ho etsa ho itseng, ’me Jehova le eena a etse ho hong. Ha u atamela ho eena, o tla atamela ho uena. Ha u tsoela pele ho atamela ho eena, e tla ba oa sebele haholoanyane ho uena, ’me kamano ea lōna e tla ba matla hoo u tla ikutloa joaloka Jesu ea ileng a re: “Ea nthomileng ke oa sebele ’me . . . kea mo tseba.”—Joh. 7:28, 29. w15 4/15 3:1, 2
Labone, la 2 February
Mamellang tlas’a matšoenyeho. Phehellang thapelong.—Bar. 12:12.
Nka hore setho se seng sa lelapa se khaotsoe. U ua tseba hore na Bibele e re re lokela ho tšoara batho ba khaotsoeng joang. (1 Bakor. 5:11; 2 Joh. 10) Empa kaha u rata motho eo, u ka ’na ua thatafalloa ho mamela taelo ea Bibele kapa ua nka hore u ke ke ua khona ho e mamela. Na u ka tšepa Ntate oa hao ea leholimong hore o tla u fa matla a hore u mamele taelo ea hae ka botšepehi? Na u tla talima boemo boo e le monyetla oa hore u atamele haufi le Jehova haholoanyane? Re lokela ho rata Jehova ho feta motho leha e le ofe e mong. (Mat. 22:37, 38) Haeba re hlile re rata Jehova, re ka atleha ho thusa beng ka rōna ka tsela e molemohali, ebang ba sebeletsa Jehova kapa che. ’Me haeba u tšoenyehile ka setho sa lelapa se khaotsoeng, rapela Jehova u mo bolelle maikutlo a hao.—Bafil. 4:6, 7. w15 4/15 4:14, 16
Labohlano, la 3 February
Re motlotlo ka lōna har’a liphutheho tsa Molimo ka lebaka la mamello ea lōna le tumelo ea lōna.—2 Bathes. 1:4.
Ho ba motlotlo ka lintho tseo ba bang ba li entseng kapa seo re se finyelletseng ho ka re ruisa molemo. Ha rea lokela ho soabela ba malapa abo rōna, setso kapa sebaka seo re hōletseng ho sona. (Lik. 21:39) Empa boikhohomoso bona bo ka senya kamano ea rōna le ba bang, haholo-holo setsoalle sa rōna le Jehova. Bo ka etsa hore re halefe ha re lemosoa. Bo ka ba ba etsa hore re hane keletso, ho e-na le ho e amohela ka boikokobetso. (Pes. 141:5) Bo hlalosoa e le ho inahana ho tlōla kapa “boikutlo ba ho inkela holimo bo bonahatsoang ke batho ba lumelang hore ba phahametse ba bang.” Jehova o hloile boikhohomoso kapa boikakaso. (Ezek. 33:28; Amose 6:8) Empa Satane o oa thaba ha batho ba mo etsisa, ba ikakasa. Nahana hore na Satane o ile a thaba hakaakang ha Nimrode, Faro le Absalome ba ithorisa!—Gen. 10:8, 9; Ex. 5:1, 2; 2 Sam. 15:4-6. w15 5/15 2:5, 6
Moqebelo, la 4 February
U fuparolla seatla sa hao u khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.—Pes. 145:16.
Ha Jesu a le lefatšeng, o ne a etsisa Ntate oa hae ka ho phethahetseng, ’me a atisa ho thusa ba hlokang. (1 Bakor. 1:24) O ne a sa ba thuse hobane feela a batla ho bontša hore o na le matla. Jesu o ne a tsotella batho e le kannete. Nahana ka Matheu 14:14-21. Batho ba bangata ba tsoang metseng ba ile ba sala Jesu morao ba tsamaea ka maoto. (Mat. 14:13) Ha shoalane e tšoara, barutuoa ba ne ba tšoenyehile ka hore batho bao ba khathatse ebile ba lapile. Kahoo, ba kōpa Jesu hore a re bongata boo bo il’o ithekela lijo. Jesu o ile a etsa’ng? Jesu o ile a fepa banna ba ka bang 5 000, hammoho le basali le bana ka mahobe a mahlano le litlhapi tse peli. E tlameha ebe Jesu o ile a etsa lijo tse ngata, kaha bongata boo bo ile “ba ja ba khora.” Lijo tseo ba neng ba li jele li ne li tla ba fa matla ao ba a hlokang hore ba nke leeto le lelelele ha ba khutlela hae. (Luka 9:10-17) Ha bohle ba se ba jele, barutuoa ba ile ba tlatsa libaskete tse 12 ka lijo tse setseng! w15 6/15 1:8, 9
Sontaha, la 5 February
Bobe boa phahamisoa har’a bara ba batho.—Pes. 12:8.
Jehova a ka re thusa ho phela ka tsela e mo khahlisang. Re ka hloeka le hoja re phela lefatšeng le hlephileng boitšoarong. E le hore re khahlise Jehova, re lokela ho nyonya sohle seo a se hloileng. Kaha ha rea phethahala re ka ’na ra hoheloa ke boitšoaro bo bobe joalokaha tlhapi e hoheloa ke leraba le e chehileng. Haeba re qala ho ba le monahano o litšila, re lokela ho o leleka hang-hang. Ho seng joalo, takatso e litšila e tla ba matla hoo haeba monyetla oa ho etsa sebe o hlaha re ka ’nang ra oela sebeng. Ho joalokaha Bibele e bolela: “Takatso, ha e emere, e tsoala sebe.” (Jak. 1:14, 15) Takatso e fosahetseng e ka hōla lipelong tsa rōna. Ke kahoo re lokelang ho ba hlokolosi ka lintho tseo re li lakatsang. Haeba re leleka litakatso tse fosahetseng, re tla qoba boitšoaro bo bobe le liphello tsa bona tse bohloko.—Bagal. 5:16. w15 6/15 3:1-3
Mantaha, la 6 February
Thato ea hao e ke e etsa- hale lefatšeng.—Mat. 6:10.
Lilemong tse ka bang 6 000 tse fetileng, thato ea Molimo e ne e etsahala lefatšeng. Ke kahoo Jehova a ileng a re ntho e ’ngoe le e ’ngoe e “molemo haholo.” (Gen. 1:31) Ka mor’a moo Satane o ile a fetohela Molimo, ’me ho tloha ka nako eo batho ba bangata ha baa ka ba etsa thato ea Molimo. Empa kajeno ho na le batho ba ka bang limilione tse robeli ba sebeletsang Jehova. Ba rapella thato ea Molimo hore e etsahale lefatšeng, ’me ba etsa thato ea Molimo. Ba phela ka tsela e khahlisang Molimo ’me ba pakela ba bang ka cheseho ka ’Muso oa hae. Ho fihlela Jehova a felisitse lira tsohle tsa hae lefatšeng, re tla tsoela pele ho rapella hore thato ea hae e etsahale. Joale lefatše le tla fetoha paradeise, ’me batho ba libilione ba tla tsosoa bafung. (Joh. 5:28, 29) U ka inahanela kamoo re tla thaba kateng ha re amohela baratuoa ba rōna ba tsositsoeng! w15 6/15 4:15, 17
Labobeli, la 7 February
Ke tla tlotlisa sebaka sa maoto a ka.—Esa. 60:13.
Re atisa ho bua ka paradeise ea moea, empa ha e le hantle ke eng? Ke khotso eo Molimo a e fang bahlanka ba hae. Kahoo paradeise ea moea le tempele ea moea hase ntho e le ’ngoe. Tempele ea moea ke tokisetso ea Molimo ea borapeli ba ’nete. Athe paradeise ea moea e khetholla ka ho hlaka batho bao Molimo a ba amohelang, ba mo rapelang tempeleng ea hae ea moea. (Mal. 3:18) Hoa thabisa ho tseba hore ho tloha ka 1919, Jehova o ’nile a lumella batho ba sa phethahalang ho matlafatsa le ho atolosa paradeise ea moea. Na u kenya letsoho mosebetsing oo o babatsehang? Na u ananela tlotla ea ho sebetsa le Jehova ho tlotliseng lebitso la hae lefatšeng? w15 7/15 1:10, 11
Laboraro, la 8 February
Ke ikhalaletsa ka uena ka pel’a mahlo a tsona, Uena Gogo.—Ezek. 38:16.
Ha Gogo a hlasela batho ba Molimo, ho tla be ho ntse ho e-na le masala a batlotsuoa lefatšeng. Batho ba Molimo ba tla etsa’ng? Ba tla mamela taelo e latelang: “Ho ke ke ha hlokahala hore le loane lekhetlong lena. Emang ’me le bone poloko ea Jehova molemong oa lōna. . . . Le se ke la tšoha kapa la haroha letsoalo.” (2 Likron. 20:17) Ka mor’a hore Gogo a qale ho hlasela, masala ’ohle a batlotsuoa a ntseng a le lefatšeng a tla nkeloa leholimong. Joale Tšenolo 17:14 e re bolella se tla etsahala leholimong ha Gogo a hlasela. Lira tsa batho ba Molimo “li tla loana le Konyana, empa konyana e tla li hlōla, kahobane e le Khosi ea likhosi le Morena oa marena. Hape, ba bitsitsoeng le ba khethiloeng le ba tšepahalang ba nang le eona ba tla etsa joalo.” Kahoo, Jesu hammoho le marena a 144 000 a batlotsuoa, ba tla pholosa batho ba Molimo mona lefatšeng. w15 7/15 2:16
Labone, la 9 February
Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.—Moek. 3:1.
Ke Jehova ea re memang hore re tle libokeng, ’me o tsotella tsela eo re itlhophang le ho itšoara ka eona ha re le moo. Kahoo, re qoba ho fetelletsa lintho. Jehova o batla re phutholohe ha re le Holong ea ’Muso, hammoho le batho bao re ba memmeng. Empa ha re batle ho hlompholla liboka ka tsela leha e le efe. Ke kahoo re sa apareng habohlasoa kapa hona ho ikaparela feela ha re e-ea libokeng, ’me re qoba ho romellana melaetsa ka fono, ho bua, ho ja, kapa ho noa ha liboka li ntse li tsoela pele. Batsoali le bona ba lokela ho ruta bana hore ba se ke ba matha kapa ba bapalla ka Holong ea ’Muso. Ha Jesu a bona batho ba rekisa lintho ka tempeleng ea Molimo, o ile a halefa ’me a ba leleka. (Joh. 2:13-17) Holong ea ’Muso ke moo re rapelang Jehova le ho ithuta ka eena. Kahoo, ha rea lokela ho sebetsana le litaba tsa khoebo ha re le moo.—Bapisa le Nehemia 13:7, 8. w15 7/15 4:7, 8
Labohlano, la 10 February
Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.—2 Tim. 3:1.
Bibele e ile ea bolela hore batho ba tla ba khopo le ho feta “matsatsing a ho qetela.” (2 Tim. 3:13; Mat. 24:21; Tšen. 12:12) Kahoo, le hoja maemo a le mabe hona joale, rea tseba hore a tla mpefala le ho feta. Ba bang ba ka ’na ba nahana hore pele ‘matšoenyeho a maholo’ a qala, ho tla ba le lintoa linaheng tsohle ’me batho ba bangata ba tla kula le ho bolaoa ke tlala. (Tšen. 7:14) Empa haeba seo se ne se ka etsahala, batho bohle ba ne ba tla elelloa hore boprofeta ba Bibele boa phethahala. Le batho ba sa thahaselleng Bibele ba ne ba tla hlokomela. Leha ho le joalo, Jesu o boletse esale pele hore matsatsing a ho qetela, batho ba bangata ‘ha ba na ho elelloa.’ Ba tla be ba iketsetsa mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi ’me ba tla makala ha letsatsi la Jehova le fihla. (Mat. 24:37-39) Kahoo, ho hlakile hore ha rea lokela ho lebella hore maemo a lefatše a be mabe haholo pele ‘matšoenyeho a maholo’ a qala, hoo batho ba tla tlameha ho lumela hore bofelo bo atametse.—Luka 17:20; 2 Pet. 3:3, 4. w15 8/15 2:6, 7
Moqebelo, la 11 February
Mosa oa hao o lerato o molemo ho feta bophelo.—Pes. 63:3.
Na ho na le se re lahlehelang ha re sebelisa nako ea rōna ho itokiselletsa ho phela lefatšeng le lecha la Molimo? Che! Ho sebeletsa Jehova ke tsela e molemohali ea ho phela. Ha re mo sebeletse hobane ho e-na le motho ea re qobellang hore re mo sebeletse kapa hobane feela re batla ho phonyoha matšoenyeho a maholo. Bophelo ba rōna bo ba le morero ebile rea thaba ha re e-na le kamano e ntle le Jehova. Ke kamoo a neng a rerile hore re phele kateng. Ha ho letho le molemo ho feta ho ratoa ke Molimo le ho tataisoa ke eena bophelong. (Pes. 63:1, 2) Kaofela re ka latsoa thabo e tlisoang ke ho sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle tsa rōna. Batho ba bang ba mo sebelelitseng ka lilemo tse ngata ba ka paka hore ena ke tsela e molemohali ea ho phela.—Pes. 1:1-3; Esa. 58:13, 14. w15 8/15 3:16
Sontaha, la 12 February
Le pholositsoe ka tumelo.—Baef. 2:8.
Tumelo e ka re nolofalletsa ho etsa lintho tseo ho sa bonahaleng eka li ka khoneha. (Mat. 21:21, 22) Ba bang ba rōna re fetotse mekhoa ea rōna ea pele hoo batho ba neng ba re tseba pele ba seng ba sa re elelloe. Re entse liphetoho tsena hobane re rata Jehova le hobane a re thusitse ho li etsa. (Bakol. 3:5-10) Tumelo e ile ea re susumelletsa hore re inehele ho Jehova, kahoo ra ba metsoalle ea hae, e leng seo re neng re ke ke ra se finyella ntle ho thuso ea hae. Tumelo e etsa hore re be matla. E re thusa ho loantša litlhaselo tsa sera sa rōna se matla, e leng Diabolose. (Baef. 6:16) Hape, kaha re tšepile Jehova, ha ho hlokahale hore re tšoenyehe ka ho feteletseng ha re e-na le mathata. Jehova o tšepisitse hore o tla re fa seo re se hlokang haeba re e-na le tumelo ho eena, re bile re etelletsa ’Muso oa hae pele. (Mat. 6:30-34) Ho feta moo, Jehova o tla re fa mpho e babatsehang ea bophelo bo sa feleng hobane re e-na le tumelo.—Joh. 3:16. w15 9/15 3:4, 5
Mantaha, la 13 February
Rea rata, hobane [Molimo] o ile a re rata pele.—1 Joh. 4:19.
Jehova o bontšitse ka litsela life hore “o ile a re rata pele”? Bibele e re: “Ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Bar. 5:8) Lerato ke tšobotsi ea Jehova e ka sehloohong. Ke kahoo re khonang ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a re taelo ea bohlokoa ka ho fetisisa ke e reng: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.” (Mar. 12:30) Jehova o batla hore re mo rate ka ‘lipelo tsa rōna tsohle.’ Jehova o utloa bohloko haeba re rata motho e mong kapa ntho e ’ngoe ho mo feta. Empa ha rea lokela ho bua feela hore rea mo rata. Jehova o lebeletse hore re mo rate ka ‘likelello tsa rōna tsohle’ le ka ‘matla a rōna ’ohle.’ Sena se bolela hore lerato leo re ratang Jehova ka lona le akarelletsa tsela eo re nahanang ka eona le lintho tseo re li etsang.—Mik. 6:8. w15 9/15 5:1-3
Labobeli, la 14 February
Ke utloile ka uena ka monyenyetsi, empa joale leihlo la ka lea u bona.—Jobo 42:5.
Ka linako tse ling, re ka ’na ra se ke ra lemoha litsela tseo Molimo a re thusang ka tsona. Hobane’ng? Ha re aparetsoe ke mathata, re ka ’na ra lebala makhetlo a mangata ao Jehova a ’nileng a re thusa ka ’ona. Sena ke sona se ileng sa etsahalla Elia. O ne a le sebete, empa o ile a tšoha ha Mofumahali Jezebele a batla ho mo bolaea. Ka nakoana, o ile a lebala hore Jehova o ’nile a mo thusa. Bibele e re Elia o ne a batla ho shoa. (1 Mar. 19:1-4) O ne a tla thusoa ke mang hore a be sebete? O ne a lokela ho itšetleha ka Jehova. (1 Mar. 19:14-18) Jobo le eena o ile a ameha ka mathata a hae hoo a sa kang a talima lintho ka tsela eo Jehova a li talimang ka eona. (Jobo 42:3-6) Ka linako tse ling, le rōna ha re tobane le mathata re ka ’na ra thatafalloa ho lemoha litsela tseo Molimo a re thusang ka tsona. Ke’ng e ka re thusang ho lemoha seo Molimo a re etsetsang sona? Re lokela ho thuisa ka seo Bibele e se buang ka mathata ao re tobanang le ’ona. w15 10/15 1:15, 16
Laboraro, la 15 February
Monn’a heso, ke mang ea mpehileng moahloli kapa moaroleli oa lōna?—Luka 12:14.
Jesu ha aa ka a lumella letho hore le mo sitise ho etsa mosebetsi oa boboleli. Ka mohlala, nakoana ka mor’a hore a qale ho bolela, batho ba bangata ba Kapernauma ba ile ba batla hore a qete nako e eketsehileng motseng oo. O ile a etsa’ng? O ile a tsepamisa kelello mosebetsing oa hae. O ile a re: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le metseng e meng, hobane ke rometsoe sena.” (Luka 4:42-44) Jesu o ile a ea libakeng tse hōle ho ea bolela litaba tse molemo le ho ruta batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. Le hoja a ne a phethahetse, o ne a khathala ’me ho hlokahala hore a phomole kaha o ne a sebetsa ka thata. (Luka 8:23; Joh. 4:6) Ka nako e ’ngoe ha Jesu a ntse a ruta barutuoa ba hae thuto ea bohlokoa, monna e mong o ile a mo kena hanong, a re: “Mosuoe, bolella mor’eso hore a nkarolele lefa.” Jesu ha aa ka a leka ho rarolla bothata ba monna eo.—Luka 12:13-15. w15 10/15 3:10, 11
Labone, la 16 February
Molimo ke lerato.—1 Joh. 4:8.
Lerato ke tšobotsi ea Jehova e ka sehloohong. Hase feela hore o na le lerato. Ke lerato. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e susumetsoa ke lerato. Ruri rea thaba hore ebe Jehova o ile a susumetsoa ke lerato hore a bōpe leholimo le lefatše le lintho tsohle tse phelang! Jehova o rata pōpo ea hae. Lerato la hae le re tiisetsa hore seo a se reretseng batho se tla phethahala. ’Me seo se tla etsa hore ba mo mamelang ba thabe. Ka mohlala, kaha Jehova o oa re rata “o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ahlola ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona ka monna eo a mo behileng,” Jesu Kreste. (Lik. 17:31) Re kholisehile hore sena se tla phethahala. Sena se bolela hore batho ba ileng ba mo mamela ba tla fumana bophelo bo sa feleng. w15 11/15 3:1, 2
Labohlano, la 17 February
Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai.—Bakol. 4:6.
Batho ba itšoara ka litsela tse sa tšoaneng ha re ba pakela. Ba bang baa re mamela, ha ba bang ba hloile molaetsa oa rōna. Ho sa tsotellehe hore na ba itšoara joang ha re ba pakela, re etsa seo Bibele e re eletsang hore re se etse. Neng le neng ha re buella seo re se lumelang, re batla ho etsa seo “ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng,” hobane re rata baahelani ba rōna. (1 Pet. 3:15) Esita le ha batho ba re halefela kapa ba sa mamele molaetsa oa rōna, re ba bontša lerato la boahelani ’me re latela mohlala oa Jesu. Ha Jesu a ne “a hlapaoloa, ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola. Ha a ne a utloa bohloko, ha aa ka a qala ho soka.” Ho e-na le hoo, Jesu o ile a tšepa Jehova. (1 Pet. 2:23) Kahoo, ka linako tsohle re lokela ho bontša boikokobetso, ’me re mamele keletso e reng: ‘Le se ke la phetetsa bobe ka bobe kapa ho hlapaola ka ho hlapaola, empa, ho fapana le hoo, le hlohonolofatse.’—1 Pet. 3:8, 9. w15 11/15 4:17, 18
Moqebelo, la 18 February
[Ba eletse hore] ba rate bana ba bona.—Tite 2:4.
Jesu o ne a atisa ho bolella barutuoa ba hae hore o oa ba rata. (Joh. 15:9) O ne a boetse a qeta nako e ngata a e-na le bona. (Mar. 6:31, 32; Joh. 2:2; 21:12, 13) Le uena u lokela ho bolella bana ba hao hore u ua ba rata ’me u bontše hore u ba nka e le ba bohlokoa. (Liprov. 4:3) Samuel ea lulang Australia, o re: “Ha ke sa le ngoana, Ntate o ne a tloaetse ho mpalla Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele mantsiboea a mang le a mang. O ne a araba lipotso tsa ka ebe o oa nhaka le ho ’meta pele ke robala. Ke ile ka makala hamorao ha ke hlokomela hore Ntate o hōletse lelapeng le neng le sa tloaela ho bontša lerato ka tsela eo! Leha ho le joalo, o ile a leka ka matla ho mpontša hore o oa nthata. Seo se ile sa etsa hore re atamelane haholoanyane, ’me ke ikutloe ke khotsofetse ke bile ke sireletsehile.” Etsa hore bana ba hao ba ikutloe ka tsela eo ka ho ba bolella khafetsa hore u ua ba rata. Ba bontše hore u ua ba rata. Iphe nako ea ho qoqa le bona, ea ho ja le bona le ea ho bapala le bona. w15 11/15 1:3, 4
Sontaha, la 19 February
Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene leo mong’a lona a le behileng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo, ho ba fa lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng?—Mat. 24:45.
Ka 1919, ho ile ha khethoa liithuti tse seng kae tsa Bibele hore e be “lekhoba le tšepahalang le le masene.” Ka nako eo, lekhoba le tšepahalang le ne le sebelisa Senyesemane haholo ha le ngolla batho ba Molimo. Empa kajeno lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele li fetoleloa ka lipuo tse fetang 700. Ho ile ha totobala hore batho ba Molimo ba hloka phetolelo ea Bibele e nepahetseng le e utloisisehang habonolo. Kahoo ho ile ha thehoa Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha, ’me barab’abo rōna ba komiting eo ba ile ba lokolla Bibele ka likarolo tse tšeletseng ho tloha ka 1950 ho ea ho 1960. Karolo ea pele e ile ea lokolloa kopanong ka la 2 August, 1950. Kopanong eo Mor’abo rōna Knorr o ile a re o tšepa hore Bibele ena ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha e tla thusa batho ba limilione ho ithuta ka Jehova. w15 12/15 1:15, 17
Mantaha, la 20 February
’Mokelli o ile a batla ho fumana mantsoe a thabisang le ho ngoloa ha mantsoe a nepahetseng a ’nete.—Moek. 12:10.
Ke’ng e ka re thusang hore re tsebe seo re lokelang ho se bua? Ho bala Bibele le lingoliloeng tsa rōna ho ka re thusa hore re fumane litsela tse ling tsa ho itlhalosa. Re ka batlisisa moelelo oa mantsoe ao re sa a utloisiseng. Re ka boela ra hlahloba mohlala oa Jesu e le hore re ithute kamoo re ka buang le ba bang ka tsela e khothatsang. O ne a tseba hantle seo a lokelang ho se bua, kaha Jehova o ne a mo rutile hore a “tsebe ho araba ea khathetseng.” (Esa. 50:4) Re boetse re lokela ho nahana hore na mantsoe a rōna a tla ama ba bang joang. (Jak. 1:19) Re ka ’na ra ipotsa: ‘Na ha ke beha taba ka tsela ee, motho o tla utloisisa seo ke lekang ho mo bolella sona? O tla ikutloa joang?’ w15 12/15 3:12
Labobeli, la 21 February
Ho etsoa lesupi ha [Jerusalema] ho atametse.—Luka 21:20.
Bakreste ba Judea, haholo-holo ba lulang Jerusalema, ba ne ba tla lokela ho nka bohato ka potlako. Hobane’ng? Jesu o ne a boleletse balateli ba hae hore hang ha ba bona masole a pota-potile motse oa Jerusalema, ba balehe. (Luka 21:21-24) Ho ne ho se ho fetile lilemo tse 28 Jesu a buile mantsoe ao. Bakreste ba Iseraele ba ile ba lula ba tšepahala nakong eo, le hoja ba ne ba hlorisoa ba bile ba tobana le liteko tse sa tšoaneng. (Baheb. 10:32-34) Empa Pauluse o ne a batla ho ba thusa ho itokiselletsa se larileng ka pele. Tumelo ea bona e ne e le haufi le ho lekoa. (Mat. 24:20, 21; Baheb. 12:4) E le hore ba mamele temoso ea Jesu ’me ba pholohe, ho ne ho hlokahala hore ba be le mamello le tumelo e matla. (Baheb. 10:36-39) Kahoo Jehova o ile a bululela Pauluse hore a ngolle bara le barali bao babo rōna. Ka Bibeleng lengolo leo le bitsoa buka ea Baheberu, ’me le ne le reretsoe ho ba matlafalletsa lintho tse haufi le ho etsahala. w16.01 1:1, 2
Laboraro, la 22 February
Baratuoa, haeba ona ke mokhoa oo Molimo a ileng a re rata ka oona, joale re tlamehile ho ratana.—1 Joh. 4:11.
Lerato leo Molimo a re ratang ka lona le re susumelletsa hore re rate barab’abo rōna. (1 Joh. 3:16) Re ka bontša joang hore rea ba rata? Jesu o re behetse mohlala oa hore na re ka rata ba bang joang. Ha a le lefatšeng o ile a thusa batho, haholo-holo ba tlaase. O ile a folisa ba kulang, ba holofetseng, ba sa boneng, ba sa utloeng le ba sa khoneng ho bua. (Mat. 11:4, 5) Jesu o ne a sa tšoane le baeta-pele ba bolumeli, kaha o ne a thabela ho ruta batho ba batlang ho tseba Molimo. (Joh. 7:49) O ne a rata batho ba ikokobelitseng ’me a batla ho ba thusa. (Mat. 20:28) Na u ka nahana hore na u ka etsa’ng ho thusa bara le barali beno ka phuthehong? Ha ho potang hore u tla elelloa ba bang ba ka hlokang thuso ea hao. Mohlomong ho na le ba hōlileng ba hlokang ho eteloa. E se eka lerato leo Molimo a re ratang ka lona le ka re susumelletsa ho rata bara le barali babo rōna! w16.01 2:12-14
Labone, la 23 February
Ke na le linku tse ling, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona ke tla li tlisa, . . . e tla ba mohlape o le mong, molisa a be mong.—Joh. 10:16.
Na linku tse ling li lokela ho tseba mabitso a batlotsuoa bohle ba ntseng ba le lefatšeng? Che. Lebaka ke hobane ha ho motho ea tsebang hantle hore na ba tla fumana moputso oa bona kapa che. Le hoja Molimo a ba tšepisitse ho ea phela leholimong, ba tla fumana moputso hafeela ba lula ba tšepahala. Satane o tseba taba ena, ke kahoo a sebelisang “baprofeta ba bohata” ho leka ho ba ‘khelosa.’ (Mat. 24:24) Batlotsuoa ba ke ke ba tseba hantle hore na ba tla fumana moputso oa bona kapa che, ho fihlela ha Jehova a ba tiisetsa hore ba tšepahetse. Jehova o ba tiisetsa sena kapa o ba fa tiiso ea ho qetela nakoana pele ba shoa kapa nakoana pele ‘matšoenyeho a maholo’ a qala.—Tšen. 2:10; 7:3, 14. w16.01 4:2, 3
Labohlano, la 24 February
Ka sebele [lentsoe la ka] le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.—Esa. 55:11.
Mosebetsi oa boboleli o amana joang le morero oa Jehova ka batho? Molimo o ne a rerile hore batho ba phele ka ho sa feleng, ’me morero oo ha o oa ka oa fetoha ha Adama a etsa sebe. Molimo o ile a lokisetsa hore re lokolloe sebeng le lefung. O ile a etsa see joang? Ka hore Jesu a tle lefatšeng ’me a fane ka bophelo ba hae e le sehlabelo. Empa batho ba lokela ho mamela Molimo, e le hore sehlabelo sena se ba tsoele molemo. Kahoo, Jesu o ile a ruta batho seo Molimo a se hlokang ho bona, eaba o laela barutuoa ba hae hore ba etse se tšoanang. Hona joale ha re bolela litaba tse molemo, re bile re thusa ba bang hore e be metsoalle ea Molimo, re sebetsa hammoho le Molimo tokisetsong ea hae ea ho thusa batho hore ba lokolloe sebeng le lefung. Hape re bontša hore rea ba rata le hore re rata Jehova. Thato ea Jehova ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Tim. 2:4. w16.01 5:15, 16
Moqebelo, la 25 February
[Akaze] a chesa bara ba hae mollong.—2 Likron. 28:3.
Mohlala o mobe oa Akaze o ne o ka ’na oa etsa hore mora oa hae, Ezekiase, a halefele Jehova ’me a mo hloee. Kajeno, batho ba bang ba mameletseng mathata a fokolang ha a bapisoa le a Ezekiase, ba “halefela Jehova,” kapa hona ho hloea mokhatlo oa hae. (Liprov. 19:3) Ba bang ba nka hore tsela eo ba hōlisitsoeng ka eona e ka ba bakela mathata bophelong, kapa ba nahana hore ba tla pheta liphoso tsa batsoali ba bona. (Ezek. 18:2, 3) Empa na see ke ’nete? Tsela eo Ezekiase a phetseng ka eona e bontša hore seo hase ’nete! Ha ho mohla re ka bang le lebaka le utloahalang la ho halefela Jehova. Hase eena ea etsang hore re hlaheloe ke lintho tse bohloko. (Jobo 34:10) Ke ’nete hore batsoali ba ka ruta bana ba bona hore ba etse lintho tse ntle kapa tse mpe. (Liprov. 22:6; Bakol. 3:21) Empa sena ha se bolele hore batsoali ba rōna ba ka re khethela hore na re tla ba batho ba mofuta ofe. Hobane’ng? Hobane Jehova o re file bolokolohi ba ho khetha ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng.—Deut. 30:19. w16.02 2:8-10
Sontaha, la 26 February
Bahatelli ba batlang moea oa ka.—Pes. 54:3.
Abnere o ile a thusa Saule ha a ne a batla ho bolaea Davida, le hoja a ne a tseba hore Molimo o batla hore Davida e be eena mohlahlami boreneng ba Iseraele. (1 Sam. 26:1-5) Empa ka mor’a lefu la Saule, Abnere ha aa ka a tšehetsa Davida. Ho e-na le hoo, o ile a leka ho beha mora oa Saule ea bitsoang Ishboshethe boreneng. E ka ’na eaba ha nako e ntse e ea Abnere o ile a batla hore e be eena morena, ke kahoo a ileng a robala le e mong oa basali ba Morena Saule. (2 Sam. 2:8-10; 3:6-11) Ka ho tšoanang, mora oa Morena Davida ea bitsoang Absalome ha aa ka a tšepahalla Molimo, kaha o ne a sa ikokobetsa. O ne a batla ho ba morena, kahoo a batla “koloi, e nang le lipere le e nang le banna ba mashome a mahlano ba mathang ka pel’a hae.” (2 Sam. 15:1) O ile a boela a hapa lipelo tsa Baiseraele ba bangata. Ho phaella moo, o ile a leka ho bolaea ntate oa hae, le hoja a ne a tseba hore o behiloe ke Jehova hore e be morena oa Iseraele. (2 Sam. 15:13, 14; 17:1-4) Ho thata hore motho a lule a tšepahala ho Molimo haeba a sa ikokobetsa a bile a batla ho hlahella. Empa kaha re rata Jehova, ha re batle ho ikhohomosa le ho ba khopo joaloka Abnere le Absalome. w16.02 4:9-11
Mantaha, la 27 February
Tumelo, le eona, ha e se na mesebetsi, e shoele.—Jak. 2:17.
Haeba u e-na le tumelo e tiileng, u tla e bontša ka liketso. Bacha le bona ba lokela ho hlaolela ‘liketso tse halalelang tsa boitšoaro.’ (2 Pet. 3:11) E le hore u etse lintho tse nepahetseng mahlong a Molimo, u lokela ho ba le boitšoaro bo botle. Ka mohlala, nahana ka lintho tseo u li entseng likhoeling tse tšeletseng tse fetileng. Ha u ne u lekeha ho etsa ntho e fosahetseng, na u ile ua nahanisisa ka melao-motheo e re tataisang ho khetha pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng? (Baheb. 5:14) Na u hopola makhetlo ao u sa kang ua inehela tekong kapa khatellong ea lithaka? Ha u le sekolong, na u itšoere hantle? Na u lula u tšepahala ho Jehova, kapa u itšoara joaloka liithuti-’moho le uena e le hore li se ke tsa u soma? (1 Pet. 4:3, 4) Ke ’nete hore kaofela ha rea phethahala. Ka linako tse ling, esita le Bakreste bao e leng khale ba sebeletsa Jehova ba ka ’na ba ba boi ’me ba thatafalloa ho pakela ba bang. Empa motho ea inehetseng ho Molimo o lokela ho ba motlotlo hore e be ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me o tla bontša seo ka ho itšoara hantle. w16.03 2:10, 11
Labobeli, la 28 February
Tsela ke eona ena. Tsa- maeang ho eona.—Esa. 30:21.
Haesale ho tloha tšimolohong, Jehova a fa batho ba hae litaelo tse tobileng. Ka mohlala, serapeng sa Edene, Jehova o ile a fa batho litaelo tse hlakileng tse neng li tla ba nolofalletsa ho phela ka ho sa feleng ba thabile. (Gen. 2:15-17) Empa Adama le Eva ha baa ka ba mamela litaelo tseo ba li fuoeng ke Ntate oa bona ea lerato. Eva o ile a mamela noha ’me Adama eena a mamela mosali oa hae. Phello ea see e bile efe? Ba ile ba apareloa ke masoabi, ’me ba shoa ba se na tšepo ea tsoho. Ka lebaka la ho se mamele ha bona, batho bohle ba ile ba futsa ho se phethahale, kahoo ba tjameloa ke lefu. Kajeno, Jehova o re tataisetsa bophelong bo sa feleng ebile o re qobisa likotsi. Jehova o tšoana le molisa ea lerato ea tataisang linku tsa hae le ho li qobisa maemo a kotsi. w16.03 4:2, 3