December
Labohlano, la 1 December
Kamano e haufi-ufi le Jehova ke ea ba mo tšabang.—Pes. 25:14.
Ka Bibeleng, Abrahama o bitsoa motsoalle oa Molimo. (Esa. 41:8; Jak. 2:23) Ke eena feela eo ka ho toba Bibele e mo bitsang motsoalle oa Molimo. Na see se bolela hore Abrahama ke eena feela motho eo e ileng ea e-ba motsoalle oa Jehova? Che. Bibele e re kaofela ha rōna re ka ba metsoalle ea Molimo. Ka Lentsoeng la Molimo ho na le litlaleho tse ngata tsa banna le basali ba tšepahalang, ba neng ba tšaba Jehova ba bile ba lumela ho eena, bao e ileng ea e-ba metsoalle ea hae. Ke karolo ea ‘leru le leholo la lipaki’ leo Pauluse a buileng ka lona. Kaofela ha bona e ne e le metsoalle ea Molimo. Ke karolo ea ‘leru le leholo la lipaki,’ ’me le bona ba bile le tlotla ea ho ba metsoalle ea Molimo. E se eka re ka tsoela pele ho etsisa mehlala e joalo ea tumelo. (Baheb. 6:11, 12) Ha re etsa joalo, re tla fumana moputso oa ho ba metsoalle ea Jehova ka ho sa feleng! w16.02 2:1, 2, 19
Moqebelo, la 2 December
Ha kea theoha . . . ho tla etsa thato ea ka, empa ho etsa thato ea ea nthomileng.—Joh. 6:38.
Nka hore motsoalle oa hao o u fa koloi. O u fa lipampiri tsa koloi ’me o re: “Linotlolo tsona ke tla li tšoara. Ke ’na ea tla e khanna, eseng uena.” U ne u ka ikutloa joang? Ha motho a inehela ho Jehova, o re ho eena: “Ke u fa bophelo ba ka. Ke ikemiselitse ho u phelela.” Jehova o na le tokelo ea ho lebella hore motho eo a phethe seo a se tšepisitseng. Empa ho etsahala’ng haeba motho eo a qala ho se mamele Jehova ka hore a ratane ka sekhukhu le motho ea sa sebeletseng Molimo? Kapa a nka mosebetsi o mo sitisang ho kopanela tšebeletsong ea tšimo le o etsang hore a fose liboka? Motho eo o tla be a sa phethe seo a se tšepisitseng Jehova. O tla be a tšoana le motho eloa ea tšoarang linotlolo tsa koloi. Ha re inehela ho Jehova, re re ho eena, “Ke ikemiselitse ho u phelela, eseng ho iphelela.” Kahoo, re tla lula re etsa seo Jehova a batlang hore re se etse, esita le haeba e se seo rōna re batlang ho se etsa. Seo se tla bontša hore re batla ho etsisa Jesu, joalokaha temana ea kajeno e bolela. w16.03 1:16, 17
Sontaha, la 3 December
Nke ke ka u tlohela.—2 Mar. 2:2.
Lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng, moprofeta Elia o ile a kōpa Elisha ea mocha hore e be mohlanka oa hae. Elisha o ile a lumela hang-hang, ’me ka botšepehi a thusa moprofeta eo, ka ho etsa mosebetsi oa boemo bo tlaase. (2 Mar. 3:11) Elia o ile a koetlisa Elisha ka lilemo tse ka bang tse tšeletseng. Joale, ha mosebetsi oo Elia a neng a o etsa Iseraele o se o le mothating oa ho fela, moprofeta eo o ile a bolella mohlanka oa hae hore a khaotse ho mo sebeletsa. Empa Elisha o ne a ikemiselitse ho khomarela mokoetlisi oa hae kahohle-hohle. Mor’abo rōna ea koetlisoang, u ka etsisa Elisha joang? Potlakela ho amohela mosebetsi oo u o fuoang, le haeba e le oa boemo bo tlaase. U hopole hore mokoetlisi oa hao ke motsoalle oa hao. Mo bolelle hore u ananela seo a u etsetsang sona. Habohlokoa le ho feta, etsa mosebetsi oa hao ka botšepehi. Hobane’ng? Ha u bontša hore u motho ea tšepahalang le ea ka tšeptjoang, baholo ba tla hlokomela hore Jehova o batla hore u fuoe boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong.—Pes. 101:6; 2 Tim. 2:2. w15 4/15 2:13, 14
Mantaha, la 4 December
O itlhapanyelitse se sebe, leha ho le joalo ha a fetohe.—Pes. 15:4.
Saule o ne a batla hore Jonathane a mo hlahlame boreneng, eseng Davida. (1 Sam. 20:31) Empa Jonathane o ne a rata Jehova ’me a tšepahala ho eena. Kahoo, ho e-na le hore Jonathane a ichebe boeena, e ile ea e-ba motsoalle oa Davida ’me a phethahatsa seo a mo tšepisitseng sona. Ha e le hantle, motho ea ratang Jehova ’me a tšepahala ho eena, a ke ke a koenehela likano tseo a li entseng. Kaha re tšepahala ho Molimo, re tla phetha likano tsa rōna. Ka mohlala, haeba re entse tumellano ea khoebo, re lokela etsa seo re se tšepisitseng esita le ha ho le thata. ’Me haeba re e-na le mathata lenyalong, re lokela ho bontša hore re rata Jehova ka hore re tšepahalle balekane ba rōna. (Mal. 2:13-16) Hape a re tsoeleng pele ho tšepahalla bara le barali babo rōna, le haeba ba re utloisitse bohloko. Ka tsela eo re tla thabisa pelo ea Jehova. (Liprov. 27:11) Re ka kholiseha hore o tla lula a re etsetsa se molemo le ho re hlokomela. w16.02 3:16, 17
Labobeli, la 5 December
Ho thaba bohle ba mo lebeletseng.—Esa. 30:18.
Hape, u hopole hore Jehova o tseba seo motho ka mong a ka se mamellang le seo a ke keng a se mamella. (Pes. 103:14) Kahoo, o re fa matla ao re a hlokang. Ke ’nete hore ka linako tse ling re ka ’na ra utloa eka ha re sa khona ho mamella. Empa Jehova o re tšepisa hore haeba re tobana le teko eo re sitoang ho e mamella, o tla re ‘bulela tsela ea ho tsoa.’ (1 Bakor. 10:13) Hoa khothatsa ho tseba hore Jehova o oa tseba hore na re ka mamella liteko ho isa bohōleng bofe. Haeba re rapela Jehova re mo kōpa hore a re thuse ’me a sa re arabe hang-hang, re lokela ho ba le mamello. Hopola hore Jehova o labalabela ho re thusa, empa o emela nako e loketseng ka ho fetisisa ea ho re fa seo re se hlokang. Bibele e re: “Jehova o tla lebella hore a le bontše mohau, ka hona o tla ema hore a le bontše mohau. Etsoe Jehova ke Molimo oa kahlolo.” w15 4/15 4:8, 9
Laboraro, la 6 December
Pele basali ba halalelang ba neng ba tšepile Molimo ba ne ba ikhabisa joalo, ba ipeha tlas’a banna ba bona.—1 Pet. 3:5.
Nakong ea borapeli ba lelapa, le ka buisana ka seo le tla se bua tšimong, kaha seo se tla le thusa hore le ee le le malala-a-laotsoe. Litho tsa lelapa li tla atamelana haufi ha li buisana ka litaba tsa Mangolo ebile li bona kamoo tse ling li ratang Jehova kateng, ’me li tla batla ho mo khahlisa. Monna le mosali ba ka sebelisana ’moho joang? Ba tla thaba ’me ba momahane haeba ba rata Jehova ba bile ba mo sebeletsa hammoho. Ba boetse ba lokela ho ratana, joaloka Abrahama le Sara, Isaka le Rebeka, esita le Elkana le Anna. (Gen. 26:8; 1 Sam. 1:5, 8) Ha monna le mosali ba ratana, seo se etsa hore ba momahane ’me ba be le kamano e haufi le Jehova.—Moek. 4:12. w16.03 3:12, 13
Labone, la 7 December
Emang khahlanong le [Satane], le tiile tumelong.—1 Pet. 5:9.
Satane o loantša batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng le “linku tse ling.” (Joh. 10:16) Ka nako ena e khutšoanyane e mo saletseng, Diabolose o batla ho senya tumelo ea bahlanka ba bangata ba Jehova kahohle kamoo a ka khonang. (Tšen. 12:9, 12) Empa re ka hlōla Satane. Bibele e re: “Le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.” (Jak. 4:7) Batho ba bangata ha ba lumele hore Satane o teng. Ba nka hore Satane le bademona ba hlaha feela libukeng, lifiliming le lipapaling tsa video. Ba lumela hore batho ba hlalefileng, ha ba lumele hore meea e khopo e teng. Na Satane o oa khathatseha ha batho ba sa lumele hore eena le bademona ba teng? Che. Ho bonolo hore Satane a thetse batho ba sa lumeleng hore o teng. (2 Bakor. 4:4) Ha e le hantle, Satane o hlohlelletsa batho hore ba lumele sena e le hore a ka ba khelosa. w15 5/15 2:1, 2
Labohlano, la 8 December
[Moshe] o ile a nka nyeliso ea Kreste e le maruo a maholo ho feta matlotlo a Egepeta; kaha o ile a talima ka hloko tefong ea moputso.—Baheb. 11:26.
Batsoali ba hae ba Baheberu ba ne ba mo rutile ka Jehova, ba mo rutile hore Jehova o tšepisitse ho lokolla Baheberu bokhobeng le ho ba fa Naha e Tšepisitsoeng. (Gen. 13:14, 15; Ex. 2:5-10) Moshe o ile a rata Jehova le ho feta ha a ntse a nahanisisa ka tšepiso ea Jehova ea ho lokolla Baheberu bokhobeng. Joaloka bahlanka ba bang ba Jehova, Moshe le eena o ne a tseba hore Jehova o tla lopolla batho bohle lefung. (Jobo 14:14, 15; Baheb. 11:17-19) Kahoo, Moshe o ne a utloisisa hore Jehova o rata batho haholo. Sena se ile sa etsa hore Moshe a rate Jehova le ho feta ’me a mo tšepe haholoanyane. Se ile sa etsa hore a ikemisetse ho sebeletsa Jehova bophelo bohle ba hae. (Deut. 6:4, 5) Esita le nakong eo Faro a neng a batla ho mo bolaea, Moshe ha aa ka a tšoha. O ne a tseba hore Jehova o tla mo putsa nakong e tlang.—Ex. 10:28, 29. w15 5/15 3:11-13
Moqebelo, la 9 December
Ha ba na veine.—Joh. 2:3.
Jesu o ile a etsa mohlolo oa pele lenyalong le neng le le motseng oa Kana. Ha re tsebe hore na ho tlile joang, empa ho ne ho se na veine e lekaneng. Ana e ne e tla ba mahlabisa-lihlong ho banyalani ba bacha, kaha e ne e le boikarabelo ba bona ho hlokomela baeti. ’Mè oa Jesu e leng Maria le eena o ne a le teng lenyalong leo. O ile a kōpa Jesu hore a thuse, mohlomong hobane a lumela hore o na le matla a ho etsa seo. E tlameha ebe Maria o ne a ’nile a thuisa ka boprofeta bo mabapi le mora oa hae, ’me o ne a tseba hore o tla bitsoa “Mora oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa.” (Luka 1:30-32; 2:52) Empa ho hlakile hore Maria le Jesu ba ne ba batla ho thusa banyalani bao. Kahoo, Jesu o ile a fetola lilithara tse ka bang 380 tsa metsi hore e be veine e monate. (Joh. 2:6-11) Na Jesu o ne a tlamehile ho etsa mohlolo oo? Che. O o entse hobane a tsotella batho, ebile a etsisa Ntate oa hae, ea fanang ka seatla se bulehileng. w15 6/15 1:3
Sontaha, la 10 December
Morena, na u khutlisetsa ’muso ho Iseraele nakong ee?—Lik. 1:6.
Pele Jesu a khutlela leholimong, barutuoa ba hae ba ile ba mo botsa, ba re: “Morena, na u khutlisetsa ’muso ho Iseraele nakong ee?” Jesu o ile a re ha e-s’o be nako ea hore ba tsebe hore na ’Muso oa Molimo o tla qala ho busa neng. O ile a bolella barutuoa ba hae hore ba amehe ka mosebetsi oa bohlokoa oa boboleli. (Lik. 1:7, 8.) Empa a boela a ba ruta hore ba rapelle hore ’Muso oa Molimo o tle ’me ba o letele. Ke kahoo le kajeno re ntseng re rapella ’Muso oo hore o tle. Ha nako ea hore Jesu a qale ho busa a le leholimong e ntse e atamela, Jehova o ile a thusa batho ba hae ho utloisisa hore na seo se tla etsahala neng. Ka 1876, Charles Taze Russell o ile a ngola sehlooho se reng, “Linako Tsa Lichaba: Li Fela Neng?” O ile a hlalosa hore “linako tse supileng” tseo ho buuoang ka tsona boprofeteng ba Daniele ke “linako tse behiloeng tsa lichaba” tse boprofeteng ba Jesu. Sehlooho seo se ile sa hlalosa hore linako tseo li tla fela ka 1914.—Dan. 4:16; Luka 21:24. w15 6/15 4:11, 12
Mantaha, la 11 December
Jesu a ntša meokho.—Joh. 11:35.
Jesu o ne a utloa bohloko ha a bona ba bang ba le mahlomoleng. Ka mohlala, ha motsoalle oa hae Lazaro a shoele, Jesu o ile “a bobola moeeng ’me a khathatseha” ha a bona kamoo beng ka Lazaro le metsoalle ba utloileng bohloko kateng. (Joh. 11:33-36) Jesu o ile a lla, le hoja a ne a tseba hore o tlil’o tsosa Lazaro. O ne a sa tšabe ho bontša ba bang maikutlo a hae. Jesu o ne a rata Lazaro le ba lelapa labo hoo a ileng a sebelisa matla ao Molimo a mo fileng ’ona ho tsosa Lazaro! (Joh. 11:43, 44). Bibele e re Jesu o tšoana hantle le Ntate oa hae, Jehova. (Baheb. 1:3) Kahoo, mehlolo ea Jesu e bontša hore Jehova le eena o batla ho felisa ho kula, bohloko le lefu. Haufinyane, Jehova le Jesu ba tla tsosa batho ba bangata bafung. Jesu o ile a re “hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso” ba tla tsosoa.—Joh. 5:28, 29. w15 6/15 2:13, 14
Labobeli, la 12 December
Ba ke ba roke lebitso la hao.—Pes. 99:3.
Le hoja batho ba malumeli a mangata ka phoso ba nahana hore ba tla rorisa Molimo ha ba se ba shoele ba le leholimong, bahlanka ba Jehova baa tseba hore ke habohlokoa ho mo rorisa hona joale ba sa phela. Ha re rorisa Jehova, re etsisa mohlala oa bahlanka ba tšepahalang ba Molimo bao ho buuoang ka bona ho Pesaleme ea 99:1-3, 5. Nakong e fetileng, banna ba tšepahalang ba kang Moshe, Arone le Samuele ba ile ba tšehetsa ka botlalo tokisetso ea Molimo ea borapeli ba ’nete. (Pes. 99:6, 7) Kajeno, batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng ba sebeletsa Jehova ka botšepehi karolong e lefatšeng ea tempele ea moea, pele ba ea leholimong ho ea sebetsa e le baprista hammoho le Jesu. “Linku tse ling” tse baloang ka limilione li ba tšehetsa ka botšepehi. (Joh. 10:16) Lihlopha tsena ka bobeli li rapela Jehova li momahane. Kahoo re lokela ho ipotsa, ‘Na ke tšehetsa tokisetso ea Jehova ea borapeli ba ’nete ka botlalo?’ w15 7/15 1:4, 5
Laboraro, la 13 December
U lule u e lebeletse.—Hab. 2:3.
Bahlanka ba Jehova ba ’nile ba letela ho phethahala ha boprofeta ka mamello. Esaia o ile a profeta hore Jehova o tla lokolla Bajuda botlamuoeng e le hore ba khutlele Juda, ’me a re: “Ho thaba bohle ba mo lebeletseng.” (Esa. 30:18) Mikea le eena o ne a letetse ho phethahala ha litšepiso tsa Jehova, ’me a re: “Ke tla ’ne ke lebelle Jehova.” (Mik. 7:7) Bahlanka ba Molimo ba qetile lilemo tse makholo ba letetse ho tla ha Mesia ea tšepisitsoeng, kapa Kreste. (Luka 3:15; 1 Pet. 1:10-12) Le rōna kajeno re letetse ho phethahala ha boprofeta bo mabapi le ’Muso oa Jehova. Kaha Jesu ke Morena oa ’Muso oo, haufinyane o tla pholosa bahlanka ba Molimo lefatšeng lena le kotsi. O tla timetsa batho ba khopo, ’me a felise mahlomola ’ohle. (1 Joh. 5:19) Kahoo, re lokela ho lebella letsatsi la Jehova hore le fihle ka nako leha e le efe, ’me re etse sohle se matleng a rōna ho lula re itokisitse. w15 8/15 2:1, 2
Labone, la 14 December
Cheseho ea ntlo ea hao e tla ntja.—Joh. 2:17.
Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba hahe tabernakele. (Ex. 25:8) Hamorao a ba laela hore ba hahe tempele. (1 Mar. 8:27, 29) Ha batho ba Molimo ba khutla botlamuoeng Babylona, ba ne ba kopanela lisynagogeng. (Mar. 6:2; Joh. 18:20; Lik. 15:21) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo bona ba ne ba kopanela malapeng. (Lik. 12:12; 1 Bakor. 16:19) Kajeno, bahlanka ba Jehova lefatšeng ka bophara ba kopanela Liholong Tsa ’Muso tse likete tse mashome, moo ba ithutang ka Jehova le ho mo rapela. Jesu o ne a hlompha tempele ea Jehova e Jerusalema haholo. Tsela eo Jesu a neng a rata tempele ka eona, e ile ea hopotsa barutuoa ba hae mantsoe a mopesaleme a tlalehiloeng temaneng ea kajeno. (Pes. 69:9) Holo ea ’Muso hase “ntlo ea Jehova” ka kutloisiso e kang ea tempele e neng e le Jerusalema. (2 Likron. 5:13; 33:4) Leha ho le joalo, re lokela ho hlompha libaka tsa rōna tsa borapeli haholo. w15 7/15 4:1, 2
Labohlano, la 15 December
Le ikapese lerato.—Bakol. 3:14.
Na re tla bontšana lerato ’me re tšoarelane, nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete? Haeba re ithuta ho tšoarela ba bang le ho sebelisana hantle le bona hona joale, re tla nolofalloa ho etsa seo lefatšeng le lecha. (Bakol. 3:12, 13) Lefatšeng le lecha, re ka ’na ra se ke ra lula re fumana lintho tseo re li batlang, kapa re ka ’na ra lokela ho leta pele re li fumana. Re tla lokela ho amohela le ho khotsofalla boemo leha e le bofe boo re tla ba ho bona. Ha e le hantle, re tla lokela ho bonahatsa litšobotsi tseo Jehova a re rutang hore re be le tsona hona joale. Kahoo, ha re ithuta ho bonahatsa litšobotsi tseo hona joale, re bontša hore re nka lefatše le lecha e le la sebele le hore re itokiselletsa ho phela ka ho sa feleng. (Baheb. 2:5; 11:1) Hape, re bontša hore re batla ho phela lefatšeng leo ho lona bohle ba tla beng ba mamela Jehova. w15 8/15 3:11, 12
Moqebelo, la 16 December
Le tsoele pele le tsamaea bonngoeng le [Jesu].—Bakol. 2:6.
Ha u sheba litholoana tse butsoitseng ’marakeng, u tla fumana hore ha li tšoane hantle. Empa ho na le lintho tse itseng tseo li tšoanang ka tsona, tse bontšang hore li butsoitse. Ho joalo le ka Bakreste ba hōlileng tsebong. Ha ba tšoane hantle. Ba tsoa linaheng le litsong tse sa tšoaneng. Ha ba lekane ka lilemo ebile ba rata lintho tse sa tšoaneng. Empa ho na le litšobotsi tse itseng tse khethollang Bakreste bohle ba hōlileng tsebong. Tse ling tsa litšobotsi tsee ke life? Mokreste ea hōlileng tsebong o etsisa Jesu ’me o latela “mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Pet. 2:21) Jesu o ile a re motho o lokela ho rata Jehova ka pelo ea hae eohle, ka moea oa hae oohle le ka kelello ea hae eohle, ’me a rate moahelani oa hae joalokaha a ithata. (Mat. 22:37-39) Mokreste ea hōlileng tsebong o leka ka matla ho mamela taelo eo. Tsela eo a phelang ka eona e bontša hore o nka kamano ea hae le Jehova le ho rata ba bang e le habohlokoa. w15 9/15 1:3-5
Sontaha, la 17 December
Ka ho bonahatsa ’nete re ipuella letsoalong la motho e mong le e mong mahlong a Molimo.—2 Bakor. 4:2.
Letsoalo le koetlisitsoeng le re hlokomelisa lintho tse fosahetseng, ’me le boetse le re susumelletsa ho etsa lintho tse nepahetseng. Har’a tse ling le re susumelletsa ho paka ka ntlo le ntlo le ho fana ka bopaki bo sa reroang. Pauluse o ile a etsa sona seo. O ile a re: “Ke tlamehile ho ho etsa. Ka sebele, ho malimabe ’na haeba ke sa ka ka bolela litaba tse molemo!” (1 Bakor. 9:16) Ha re etsisa Pauluse, re tla ba le letsoalo le letle kaha re tla be re tseba hore re etsa se nepahetseng. Hape, ha re bolella ba bang litaba tse molemo, re ba thusa hore ba sebelise matsoalo a bona. Ha re ithuta Lentsoe la Molimo kamehla re bile re thuisa ka lona ’me re sebelisa seo re ithutileng sona, re tla be re koetlisa matsoalo a rōna. Ka tsela eo, mpho ena e babatsehang e tla ba motataisi ea tšepahalang bophelong ba rōna ba Bokreste! w15 9/15 2:16, 18
Mantaha, la 18 December
Jehova o khalemela eo a mo ratang.—Liprov. 3:12.
Josefa, Moshe le Davida ba ile ba tobana le maemo a boima haholo. Leha ho le joalo, Jehova o ile a ba tšehetsa nakong eo e thata. Ha re ntse re bala ka Bibeleng kamoo Jehova a tšehetsang batho ba hae le ho ba koetlisa kateng, rea hlokomela hore o re rata e le kannete. Jehova o tsoela pele ho re bontša lerato esita le ha re entse liphoso. Haeba re mamela ha a re khalemela ’me re baka, o tla re tšoarela “ka tsela e khōlō.” (Esa. 55:7) See se bolela’ng? Seo Davida a se buileng ka ho tšoarela ha Jehova se bontša kamoo e leng Ntate ea mohau kateng, ha a re: “Eena ea tšoarelang liphoso tsohle tsa hao, ea folisang mafu ’ohle a hao, ea pholosang bophelo ba hao sekoting, ea u roesang moqhaka oa mosa o lerato le mehauhelo.” (Pes. 103:3, 4) Jehova o re tataisa le ho re khalemela ka litsela tse sa tšoaneng. Na u potlakela ho etsa liphetoho? Kamehla hopola hore Jehova o re khalemela hobane a re rata.—Pes. 30:5. w15 9/15 4:13, 14
Labobeli, la 19 December
Maria . . . a lula a mametse lentsoe la [Jesu].—Luka 10:39.
Maretha o ne a phathahane a lokisetsa Jesu lijo tse khethehileng eaba o utloa bohloko ha a bona Maria a lutse a sa mo thuse, ’me a tletleba ka taba eo ho Jesu. Jesu o ne a tseba hore Maretha o leka ho etsa lintho tse ngata haholo, kahoo ka mosa a re ho eena: “Maretha, Maretha, u tšoenyehile le ho khathatseha ka lintho tse ngata.” A mo bolella hore ha ho hlokahale hore a phehe lintho tse ngata. Jesu a ntan’o babatsa Maria hore ebe o mo mametse ka hloko. O ile a re: “Maria o khethile karolo e ntle, ’me a ke ke a e amohuoa.” (Luka 10:38-42) E ka ’na eaba Maria o ile a lebala hore na o jele’ng mantsiboeeng ao, empa ha ho pelaelo hore ha aa ka a lebala lintho tseo a ithutileng tsona ho Jesu le tsela eo a ileng a mo babatsa ka eona. Lilemo tse fetang 60 hamorao, moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Jesu o ne a rata Maretha le morali’abo.” (Joh. 11:5) Mantsoe ana a bontša hore Maretha o ile a amohela keletso e lerato ea Jesu ’me a sebeletsa Jehova ka botšepehi bophelo bohle ba hae. w15 10/15 3:3, 4
Laboraro, la 20 December
Matla a fetang se tloaelehileng . . . a [tsoa ho] Molimo.—2 Bakor. 4:7.
Re na le bopaki bo bongata ba hore Jehova o ntse a thusa batho le kajeno. Re atisa ho utloa liphihlelo tsa batho ba ileng ba rapela Molimo hore a ba thuse, ’me Molimo a araba lithapelo tsa bona. (Pes. 53:2) Ka mohlala, ha Allan a ntse a paka sehlekehlekeng se seng sa Philippines, o ile a buisana le mosali e mong, ’me mosali eo a qala ho lla. O re: “Hoseng hoo, mosali eo o ne a ile a rapela Jehova, a mo kōpa hore a mo thuse ho kopana le Lipaki.” O ne a ithuta Bibele le Lipaki ha e sa le ngoanana, eaba ha a nyaloa o fallela sehlekehlekeng seo, ’me a khaotsa ho ithuta. Molimo o ile a arabela thapelo ea hae ka potlako hoo a ileng a ameha maikutlo. Le pele selemo se fela, o ile a inehela ho Jehova. Bahlanka ba bangata ba Jehova ba lemohile matla a hae ha ba khaotsa mekhoa e mebe e kang ho tsuba, ho sebelisa lithethefatsi kapa ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso. Ba bang ba re ba lekile ho khaotsa mekhoa eo, ’me ba hlōleha. Empa ha ba kōpa Jehova hore a ba thuse, o ile a ba fa “matla a fetang se tloaelehileng,” ’me qetellong ba atleha ho khaotsa mekhoa eo e mebe.—Pes. 37:23, 24. w15 10/15 1:10, 11
Labone, la 21 December
Le ithekele nako e loketseng.—Baef. 5:16.
Batho ba bang ba tsoha hoseng hore ba bale, ba thuise le ho rapela. Ba bang ba etsa sena nakong ea khefu ea lijo tsa motšehare. Mohlomong uena u fumana nako e molemo ea ho bala Bibele e le mantsiboea kapa pele u robala. Ba bang ba thabela ho bala Bibele hoseng le ha ba il’o robala. (Josh. 1:8) Ntho ea bohlokoa ke hore u “ithekele nako,” ka mantsoe a mang, ho e-na le ho etsa lintho tse se nang thuso, u sebelise nako eo ho thuisa ka Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi. Bibele e tšepisa hore Jehova o tla hlohonolofatsa bohle ba thuisang ka Lentsoe la hae le ba lekang ka matla ho sebelisa seo ba ithutang sona. (Pes. 1:1-3) Jesu o ile a re: “Ho thaba ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka!” (Luka 11:28) Habohlokoa le ho feta, ho thuisa ka Lentsoe la Jehova letsatsi le letsatsi ho tla re thusa hore re etse lintho tse tla mo tlotlisa. Ha re etsa joalo, Jehova o tla re putsa ka thabo hona joale le ka bophelo bo sa feleng lefatšeng la hae le lecha.—Jak. 1:25; Tšen. 1:3. w15 10/15 4:17, 18
Labohlano, la 22 December
Eaba Petrose o mo nkela ka thōko ’me o qala ho mo khalemela ka matla, o re: “Ikhauhele, Morena; ho hang u ke ke ua ba le qetello ena.”—Mat. 16:22.
Ha Jesu a bolella barutuoa ba hae hore o tl’o bolaoa, Petrose o ile a re Jesu a ikhauhele. Jesu o ne a tseba hore Petrose o oa mo rata, empa hape o ne a tseba hore tsela eo a nahanang ka eona e fosahetse. Jesu o ile a thusa Petrose le barutuoa ba bang joang? O ile a qala ka ho khalemela Petrose. Eaba o ba hlalosetsa se tla etsahalla batho ba khaotsang ho etsa thato ea Jehova ha ho nyolosetsa. Jesu o ile a boela a re Jehova o tla putsa ba se nang boithati. (Mat. 16:21-27) Petrose o ile a ithuta thuto ea bohlokoa ho sena. (1 Pet. 2:20, 21) Kōpa Jehova hore a u thuse ho ba le temoho e le hore u elelloe hore na ngoana o hloka thuso ea mofuta ofe. (Pes. 32:8) Mohlomong u ua hlokomela hore ha a sa thabile joaloka pele, kapa hore o bua hampe ka balumeli-’moho le rōna. Kapa mohlomong u nahana hore ho na le seo a u patelang sona. U se ke ua potlakela ho nahana hore ho na le ntho e mpe eo ngoana a e etsang lekunutung. Empa u se ke ua iphapanyetsa bothata boo kapa ua nahana hore bo tla feta feela. Mohlomong ho hlokahala hore u mo thuse ho imatlafatsa tumelong. w15 11/15 2:12, 13
Moqebelo, la 23 December
Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso. . . . Le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.—Bakol. 3:12, 14.
Se khethollang bahlanka ba Jehova e le balumeli ba ’nete ke lerato le bonngoe bo teng har’a bona. Jesu o ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Joh. 13:34, 35) Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Bana ba Molimo le bana ba Diabolose ba totobala ka ’nete ena: E mong le e mong ea sa tsoeleng pele ho etsa ho loka ha a simolohe ho Molimo, leha e le ea sa rateng mor’abo. Kaha ona ke molaetsa oo le o utloileng ho tloha tšimolohong, hore re lokela ho ratana.” (1 Joh. 3:10, 11) Ntho e khethollang Lipaki Tsa Jehova e le balateli ba Kreste ba ’nete, bao Molimo a ba sebelisetsang ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle, ke lerato le bonngoe.—Mat. 24:14. w15 11/15 4:10, 11
Sontaha, la 24 December
Lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng le joaloka liapole tsa khauta ka lijaneng tse betliloeng tsa silevera.—Liprov. 25:11.
Re lokela ho nahana ka setso le litumelo tsa batho ba tšimong ea rōna, e le hore re khethe nako e loketseng ea ho bua le bona. Ke maemong afe ao re ka ’nang ra lokela ho sebelisa temoho ho ’ona? Mohlomong motho o bua ntho e re khopisang. Ho e-na le ho mo araba hang-hang ’me re bue ntho e booatla, e ka ba hantle hore re nahane: ‘Na o ne a rerile ho mpuisa hampe? Na hoa hlokahala hore ke mo botse ka ntho eo a e buileng?’ Ho ka ’na ha e-ba molemo ho thōla. Empa haeba ho hlile ho hlokahala hore re bue le eena, re lokela ho emela hore maikutlo a theohe. (Liprov. 15:28) Kapa mohlomong re batla ho thusa beng ka rōna bao e seng Lipaki hore ba ithute ka Jehova. Re lokela ho ba le mamello, re nahane ka hloko ka seo re batlang ho se bua, ’me re khethe nako e loketseng eo ba ka mamelang ka eona. w15 12/15 3:6, 8, 9
Mantaha, la 25 December
O re rupella . . . ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong . . . har’a tsamaiso ena ea hona joale ea lintho.—Tite 2:12.
Ha re etsa qeto ea hore na re etsa teko efe kapa re khetha phekolo efe, re lokela ho e etsa ka kelello e hlaphohileng, kapa re be le temoho. Sena ke sa bohlokoa le ho feta haeba ho bonahala eka ho etsoa teko kapa ho fanoa ka phekolo e sa tloaelehang. Na motho ea reng ke etse teko kapa ke sebelise phekolo e itseng a ka hlalosa hore na e sebetsa joang? Na tlhaloso ea hae e ea utloahala? Na lingaka tse ngata li lumellana le hore teko kapa pheko ee e ea sebetsa? (Liprov. 22:29) Mohlomong motho e mong o re bolella ka pheko e fumanoeng sebakeng se seng, eo lingaka li e-s’o tsebe ka eona. Empa na ho na le bopaki bo bontšang hore pheko e joalo e teng? Ba bang ba ka ’na ba u khothalletsa ho sebelisa litlhare tse entsoeng ka motsoako o sa tsebahaleng kapa pheko e sebelisang matla a sa tsejoeng. Sena se ka ba kotsi haholo. Re lokela ho hopola hore Molimo o re lemosa hore re se ke ra sebelisa boloi kapa boselamose.—Esa. 1:13; Deut. 18:10-12. w15 12/15 4:16
Labobeli, la 26 December
Ha ho e-s’o hlahisoe e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa motho e monyenyane ’musong oa maholimo o moholo ho eena.—Mat. 11:11.
Ka Bibeleng ho na le batho ba bangata ba tšepahalang bao Jehova a ileng a ba fa moea o halalelang, empa ha baa ea leholimong. E mong oa bona ke Johanne Mokolobetsi. Jesu o ile a re ha ho motho e moholo ho Johanne, empa o ile a boela a re a ke ke a ea busa leholimong. Davida le eena o ne a tataisoa ke moea o halalelang. (1 Sam. 16:13) Moea o halalelang o ile oa mo thusa ho utloisisa lintho tsa Jehova tse tebileng, oa ba oa mo tataisa ha a ngola likarolo tse ling tsa Bibele. (Mar. 12:36) Leha ho le joalo, moapostola Petrose o ile a re Davida “ha aa ka a nyolohela maholimong.” (Lik. 2:34) Jehova o ile a sebelisa moea oa hae o halalelang ho ba fa matla a ho etsa lintho tse hlollang, empa ha aa ka a o sebelisa ho ba memela leholimong. Seo se ne se sa bolele hore ba ne ba sa tšepahale ka ho lekaneng, kapa ba sa tšoanelehe ho ea busa leholimong. Empa Jehova o tla ba tsosa, e le hore ba tl’o phela lefatšeng la Paradeise.—Joh. 5:28, 29; Lik. 24:15. w16.01 3:16
Laboraro, la 27 December
’Na le Ntate re bang.—Joh. 10:30.
Ha re sebetsa ’moho le batho bao re ba ratang, re atamela haufi le bona. Re ba tseba haholoanyane hore na ke batho ba joang. Re boetse re tseba merero ea bona le hore na ba batla ho e finyella joang. Jesu o ’nile a sebetsa le Jehova ka lilemo tse ka bang libilione. Seo se ile sa etsa hore lerato la bona le tiee hoo ho seng letho le ka ba arohanyang. Ba momahane ’me ba sebetsa ’moho ka kutloano. Jesu o ile a kōpa Jehova hore a sireletse barutuoa ba hae. Hobane’ng? O ile a rapela a re: “E le hore ba ka ba bang feela joalokaha re le bang.” (Joh. 17:11) Ha re mamela melao ea Molimo bophelong, ’me re etsa mosebetsi oa boboleli, re tla hlokomela makhabane a hae a ikhethang. Re tla ithuta hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho mo tšepa le ho latela litaelo tsa hae. Hape, ha re atamela haufi le Molimo, le eena o tla atamela haufi le rōna. (Jak. 4:8) Re boetse re atamela haufi le Bakreste-’moho le rōna kaha re hlaheloa ke mathata a tšoanang, ho feta moo, re thabela lintho tse tšoanang kaha re na le morero o le mong. w16.01 5:9, 10
Labone, la 28 December
Khutla le ngoetsi-’moho le uena.—Ruthe 1:15
Naomi le lingoetsi tsa hae tse peli, e leng Ruthe le Orpa, ba ile ba nka leeto le lelelele ba tloha Moabe ba ea Iseraele. Ha ba le tseleng, Orpa o ile a etsa qeto ea ho khutlela ha habo Moabe. Empa Naomi o ne a ikemiselitse ho ea Iseraele. Ruthe eena o ile a khetha ho etsa’ng? O ne a lokela ho etsa qeto e boima haholo. Na o ne a tla khutlela ha habo Moabe, kapa o ne a tla tsamaea le ’mè matsale oa hae, Naomi, ’me a ee le eena Bethlehema? (Ruthe 1:1-8, 14) Ba habo Ruthe ba ne ba lula Moabe. O ne a ka khutlela ho bona, ’me ba ne ba ka ’na ba mo hlokomela. O ne a tseba batho ba Moabe, a bile a tseba puo le setso sa teng. Naomi o ne a tseba hore maemo a ke ke a tšoana ha ba fihla Bethlehema. Hape o ne a tšoenyehile hore Ruthe a ke ke a fumana motho ea tla mo nyala kapa ea tla mo hlokomela. Kahoo, Naomi o ile a mo kōpa hore a khutlele Moabe. Rea hopola hore Orpa o ile ‘a khutlela ho batho ba habo le ho melimo ea habo.’ (Ruthe 1:9-15) Empa Ruthe o ile a hana ho khutlela ho batho ba habo ba rapelang melimo ea bohata. w16.02 2:4, 5
Labohlano, la 29 December
Jehova o batla eng ho uena haese hore u sebelise toka u rate mosa ’me u inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao?—Mik. 6:8.
Saule le masole a hae a 3 000 ba ne ba tsoma Davida lefeelleng la Juda ba batla ho mo bolaea. Empa ka bosiu bo bong, Davida le banna ba hae ba ile ba fihla kampong ea Saule le masole a hae. Ba fumana ba khalehile, eaba Davida le Abishai baa nanya ba feta masole ao ’me ba ea moo Saule a robetseng teng. Abishai o ile a hoeshetsa a re ho Davida: “E-re ke mo hlabelle fatše ka lerumo hanngoe feela, ’me nke ke ka mo etsa joalo habeli.” Empa Davida ha aa ka a mo lumella hore a bolaee Saule. O ile a re: “U se ke ua mo felisa, etsoe ke mang ea otlolotseng letsoho la hae khahlanong le motlotsuoa oa Jehova ’me a lula a hloka molato?” Eaba Davida o re: “Ke ho sa utloahaleng, ponong ea Jehova, hore ke otlolle letsoho khahlanong le motlotsuoa oa Jehova!” (1 Sam. 26:8-12) Davida o ne a tseba hore na o lokela ho etsa’ng e le hore a tšepahale ho Jehova. O ne a tseba hore o lokela ho hlompha Saule, ’me a se ke a nahana ka ho mo utloisa bohloko. Hobane’ng? Hobane Molimo o ne a khethile Saule hore e be morena oa Iseraele. Le kajeno Jehova o batla hore bahlanka ba hae ba tšepahale ho eena ’me ba hlomphe batho bao a ba fileng boikarabelo. w16.02 4:1, 2
Moqebelo, la 30 December
Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka.—Pes. 40:8.
Na u mocha ea ntseng a nahana ka ho kolobetsoa? Haeba ho joalo, u nahana ka ntho ea bohlokoa haholo. Leha ho le joalo, kolobetso ke taba e tebileng. Ha u kolobetsoa u bontša ba bang hore u inehetse ho Jehova, ka mantsoe a mang, u mo tšepisitse ho mo sebeletsa ka ho sa feleng le hore u nka ho etsa thato ea hae e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao. Kaha ho etsa tšepiso e joalo ho Molimo ke taba e tebileng, u lokela ho e etsa ha u se u hōlile ka ho lekaneng tsebong ’me u utloisisa hantle se boleloang ke ho inehela ho Molimo. Leha ho le joalo, mohlomong u ikutloa eka ha u e-s’o lokele ho kolobetsoa. Kapa mohlomong u utloa eka u se u loketse empa batsoali ba hao ba nka hore u lokela ho ema ho fihlela u se u le moholo. Joale u lokela ho etsa’ng? U se ke ua nyahama. Ho e-na le hoo, sebelisa nako ena ho intlafatsa e le hore u ka tšoaneleha ho kolobetsoa. w16.03 2:1, 2
Sontaha, la 31 December
Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang.—2 Bakor. 6:14.
Ba bang ba ithutile ’nete ba se ba ntse ba le lenyalong, ’me balekane ba bona ha e ea ka ea e-ba Lipaki. Ba bang ba ne ba nyalane e le Lipaki, eaba molekane e mong o tlohela phutheho. Maemong ana, Mokreste o lokela ho etsa sohle se matleng a hae ho matlafatsa kamano ea bona ea lenyalo ka hore a sebelise likeletso tsa Bibele. Ka linako tse ling ho ka ’na ha e ba thata ho etsa sena. Kajeno, Satane o hlasela malapa. Ke kahoo monna le mosali ba sebeletsang Jehova ba lokelang ho sebelisana. Ho sa tsotellehe hore na ke khale hakae le nyalane, nahanang ka seo le ka se buang kapa la se etsa ho matlafatsa kamano ea lōna ea lenyalo. Lōna banyalani ba seng ba hōlile le ka behela banyalani ba bacha mohlala. Mohlomong le ka ba memela hore ba be teng borapeling ba lōna ba lelapa. Ba tla elelloa hore ho sa tsotellehe hore na ke khale hakae ba nyalane, ba ntse ba lokela ho ratana le ho momahana.—Tite 2:3-7. w16.03 3:14, 15