April
Sontaha, la 1 April
Lōna bao le kileng la ba ba arohileng ’me la ba lira kahobane likelello tsa lōna li ne li le mesebetsing e khopo, joale o boetse o le boelantse ka ’mele oa nama oa eo ka lefu la hae.—Bakol. 1:21, 22.
Re na le boikarabelo ba ho tsebisa batho hore e ka ba metsoalle ea ’Mopi. Pele batho ba bontša tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo, Molimo o ba nka e le lira. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Ea bontšang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng; ea sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, empa khalefo ea Molimo e sala holim’a hae.” (Joh. 3:36) Ke ho thabisang ho tseba hore sehlabelo sa Kreste se re thusa hore re boelane le Molimo. (2 Bakor. 5:18-20) Re phetha karolo e kholo ea ho ruta batho ’nete le ho ba thusa hore e be metsoalle ea Jehova. Ena ke karolo ea bohlokoa ea mosebetsi oa ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo. w16.07 4:8-10
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 14 Nisane) Johanne 19:1-42
Mantaha, la 2 April
Lebitso la hao le ke le halaletsoe.—Mat. 6:9.
Ntho ea pele eo Jesu a ileng a e kopa thapelong ea mohlala ke hore ho halaletsoe lebitso la Molimo. Kaha Jehova oa halalela, melao le melao-motheo ea hae ea halalela. Leha ho le joalo serapeng sa Edene, Satane o ile a belaella tokelo ea Molimo ea ho behela batho melao. Ka ho bua mashano ka Jehova, Satane o ile a senya lebitso la Molimo le halalelang. (Gen. 3:1-5) Jesu eena o ne a rata lebitso la Jehova haholo. (Joh. 17:25, 26) O ile a le halaletsa. (Pes. 40:8-10) Le hoja Jesu a ne a phethahetse ha a phela lefatšeng, o ile a bontša hore ho loketse hore Jehova a behele libopuoa tsa hae tse bohlale melao. Esita leha Satane a ile a etsa hore Jesu a bolaoe ka sehloho, Jesu o ile a lula a tšepahala ho Ntate oa hae ea leholimong. Ka ho lula a tšepahala, Jesu o ile a bontša hore motho ea phethahetseng a ka khona ho mamela ka ho feletseng melao ea Molimo e lokileng. w17.02 2:2-4
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 15 Nisane) Matheu 27:62-66 (Liketsahalo tsa mantsiboea a la 16 Nisane) Johanne 20:1
Labobeli, la 3 April
Ho Konyana e be . . . tlhompho le khanya.—Tšen. 5:13.
Jesu Kreste ke “Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše.” (Joh. 1:29) Bibele e re bolella hore o phahame ho feta batho bohle bao e leng marena le bao e kileng ea e-ba marena. E re ke “Morena oa ba busang e le marena le Khosi ea ba busang e le likhosi, eo e leng eena feela ea nang le ho se shoe, ea lulang leseling le sa atameleheng, eo ho seng le ea mong oa batho ea mo boneng kapa ea ka mo bonang.” (1 Tim. 6:14-16) Kannete ha ho na morena e mong ea ileng a ithaopela ho shoela libe tsa rona. Na le uena joaloka limiriade tsa mangeloi ha u susumelletsehe ho rorisa Jehova ’me u re: “Konyana e ileng ea hlajoa e tšoaneleha ho amohela bonatla le maruo le bohlale le matla le tlhompho le khanya le poko.” (Tšen. 5:12) Re tlamehile ho hlompha Jehova le Kreste, hobane re tla fumana bophelo bo sa feleng hafeela re etsa joalo.—Pes. 2:11, 12; Joh. 5:23. w17.03 1:3, 4
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 16 Nisane) Johanne 20:2-18
Laboraro, la 4 April
Haeba le nkhutlisetsa . . . , ke tla ba hlooho ea lōna!—Baahl. 11:9.
Jafeta o ne a ithutile tseleng eo Jehova a tšoarang Baiseraele ka eona hore na ke lintho life tse nepahetseng le tse fosahetseng mahlong a Molimo. (Baahl. 11:12-27) Jafeta o ile a sebelisa tsebo eo ha a etsa liqeto bophelong ba hae. O ne a tseba hantle hore na Jehova o ikutloa joang ka batho ba bohale le ba iphetetsang le hore o batla hore batho ba hae ba ratane. Ho phaella moo, Molao o ne o mo rutile hore na a tšoare batho ba bang joang, esita le ba mo hloileng. (Ex. 23:5; Lev. 19:17, 18) Mohlomong mohlala oa Josefa o ile oa thusa Jafeta. E tlameha ebe o ne a tseba hore Josefa o ile a thusa banab’abo le hoja ba ne ba mo hloile. (Gen. 37:4; 45:4, 5) E ka ’na eaba ho nahana ka mohlala ona ho ile ha thusa Jafeta hore a itšoare ka tsela e khahlisang Jehova. Barab’abo Jafeta ba ile ba mo utloisa bohloko. Empa o ne a nka hore ho loanela lebitso la Jehova le batho ba hae ke habohlokoa ho feta tsela eo a ikutloang ka eona.—Baahl. 11:1-3. w16.04 1:8, 9
Labone, la 5 April
Ba tsoela pele ho inehela . . . ho arolelaneng.—Lik 2:42.
Bahlanka ba Jehova ba thabela ho bokana hammoho. Mohlala, Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ne ba thabela ho rapela Jehova ba le hammoho le ho ithuta ka eena. E ka ’na eaba le uena u thabela ho ba teng libokeng. Mohlomong joaloka balumeli-’moho le uena ba bang, u thatafalloa ho ba teng libokeng kamehla. Ho ka etsahala hore ebe u sebetsa lihora tse ngata kapa u na le boikarabelo bo bongata kapa u lula u khathetse. Ho ananela liboka ho ka re thusa ho etsa sohle se matleng a rona hore re be teng ho tsona. Leha ho le joalo, bara le barali babo rona ba bang ha ba khone ho ba teng libokeng kamehla ka lebaka la maemo ao ba ke keng ba a qoba. Mohlala, ba bang ba kula haholo. Mohlomong baholo ba ka ba thusa ho mamela liboka ka thelefono kapa ba ba rekotela tsona. w16.04 3:3
Labohlano, la 6 April
Le be sebete! Ke hlōtse lefatše.—Joh. 16:33.
Mehlala ea bahlanka ba tšepahalang ba Jehova e ka re thusa hore re be le sebete le bohlale e le hore re mamelle. Nahana ka Shadrake, Meshake le Abednego, ba ileng ba hana ho khumamela setšoantšo se emelang ’muso oa Babylona. (Dan. 3:16-18) Tlaleho ena ea Bibele e thusa Lipaki tse ngata hore li be sebete ’me li hane ho inamela folakha ea naha ea habo tsona. Jesu ha aa ka a kenella lipolotiking kapa litabeng tse ling tse arolang batho. O ne a tseba hore mohlala oa hae o motle o tla thusa balateli ba hae. O ile a re: “Le be sebete.” Balumeli-’moho le uena ba ka u thusa hore u lule u sa nke lehlakore. Ba ka boela ba u thusa haeba ba tseba bothata ba hao, ’me ba ka u khothatsa. Ba kope hore ba u rapelle. Empa le rona re lokela ho ba tšehetsa le ho ba rapella.—Mat. 7:12. w16.04 4:16, 18
Moqebelo, la 7 April
Batho ba hao ba tla itlhahisa ka ho rata.—Pes. 110:3.
Na Lipaki Tsa Jehova li ntšisa batho koleke ha ba le Holong ea ’Muso kapa kopanong? Che! Mosebetsi oa tsona o tšehetsoa ka monehelo oa boithatelo. (2 Bakor. 9:7) Ka 2015, Lipaki Tsa Jehova li qetile lihora tse ka bang libilione tse peli li bolela litaba tse molemo ’me li khanna lithuto tsa Bibele tse limilione tse robong ka khoeli. Ha li lefuoe, empa li thabela ho itefella litšenyehelo ha li etsa mosebetsi ona. Mofuputsi e mong o ile a re ka Lipaki Tsa Jehova: “Sepheo sa tsona ke ho bolela litaba tse molemo le ho ruta batho.” A phaella ka ho re Lipaki Tsa Jehova li khona ho baballa chelete kaha ha li na baruti. Joale haeba sepheo sa rona ha se ho bokella chelete, ke hobane’ng ha re bolela litaba tse molemo? Re ithaopela ho bolella batho litaba tse molemo hobane re rata Jehova le batho ba bang. Seo se phethahatsa boprofeta bo hlahang temaneng ea letsatsi ea kajeno. w16.05 2:9
Sontaha, la 8 April
Bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile, hape bo na le khotso, kahlolo e molemo, bo itokiselitse ho mamela, bo tletse mohau le litholoana tse molemo.—Jak. 3:17.
Bibele e re ruta hore re lokela ho qoba mokhoa leha e le ofe oa boithabiso o ka etsang hore re nahane kapa re lakatse ho etsa lintho tse tsoileng tseleng. Ho feta moo, haeba re utloisisa hantle hore na Jehova o rata’ng ebile o hloile’ng, re tla nolofalloa ho khetha libuka, lifilimi kapa lipapali tse nepahetseng. Re ke ke ra hloka ho botsa ba bang hore na re etse’ng. Nako le nako ha re etsa liqeto re lokela ho khetha ho etsa liqeto tse tla thabisa Jehova. Empa pele re etsa qeto ea bohlokoa e ka ba hantle hore re kope keletso ho moholo kapa ho molumeli-’moho le rona ea holileng tsebong. (Tite 2:3-5; Jak. 5:13-15) Ho hlakile hore, re ke ke ra re motho eo a re etsetse qeto. Empa re lokela ho nahanisisa ka seo re ithutileng sona ka Bibeleng, ebe re iketsetsa qeto. (Baheb. 5:14) Moapostola Pauluse o ile a re: “E mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.”—Bagal. 6:5. w16.05 3:15, 16
Mantaha, la 9 April
Ke ne ke le monyefoli le mohlorisi le monna oa monyelisi.—1 Tim. 1:13.
Jehova ha a shebe batho ka tsela eo re ba shebang ka eona. Empa o ba hlahloba lipelo ’me o sheba seo re leng sona ka hare. (1 Sam. 16:7b) Jehova o ile a bontša sena ha a ne a theha phutheho ea Bokreste. O ile a bitsa batho ba bangata bao boholo ba bona ba neng ba nkoa ba se na thuso, hore ba tle ho eena le Mora oa hae. (Joh. 6:44) Ka mohlala, e mong oa bona, ke Mofarisi ea bitsoang Saule. Empa Jehova o ile a hlahloba pelo ea Saule ’me ha aa ka a bona e le letsopa le se nang thuso. (Liprov. 17:3) Ho e-na le hoo, Jehova o ile a bona hore Saule a ka bopeha hore e be “sejana se khethiloeng” se tla bolela litaba tse molemo “lichabeng hammoho le ho marena le ho bara ba Iseraele.” (Lik. 9:15) Jehova o ile a boela a khetha ba bang bao a neng a tla ba sebelisa bakeng sa mesebetsi “e hlomphehang,” bao pele e neng e le matahoa, batho ba boitšoaro bo bobe le masholu. (Bar. 9:21; 1 Bakor. 6:9-11) Ha ba ntse ba ithuta Bibele, tumelo ea bona ho Jehova e ile ea matlafala ’me seo sa etsa hore ho be bonolo hore a ba bope. w16.06 1:4
Labobeli, la 10 April
Bonang! Joaloka letsopa letsohong la sebopi, le lona le joalo letsohong la ka.—Jer. 18:6.
E le ho re thusa hore re lule re tšoana le letsopa le bonolo, Molimo o re file Lentsoe la hae, phutheho ea Bokreste le tšebeletso ea tšimo. Ho bala Bibele letsatsi le letsatsi le ho thuisa ka eona, ho re thusa ho ba bonolo ka matsohong a Jehova ’me seo se mo nolofalletsa hore a re bope. Jehova o ile a laela marena a Iseraele hore a ingolle Molao oa hae ’me a o bale letsatsi le letsatsi. (Deut. 17:18, 19) Baapostola ba ne ba tseba hore ho bala Mangolo le ho thuisa ka ’ona ke habohlokoa tšebeletsong ea bona. Ba ile ba qotsa likarolo tse ngata tsa Mangolo a Seheberu ha ba ngola libuka tsa Bibele, ’me ba khothalletsa le batho bao ba ba pakelang hore ba bale Mangolo. (Lik. 17:11) Le rona rea tseba hore ke habohlokoa ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi le ho thuisa ka lona. (1 Tim. 4:15) Sena se re thusa hore re lule re ikokobelitse, e le hore ho tle ho be bonolo hore Jehova a re bope. w16.06 2:10
Laboraro, la 11 April
Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.—Joh. 13:35.
Morao tjena, bahlanka ba Jehova ba ’nile ba bontša hore baa ratana, esita le ha linaha tsa habo bona li ea ntoeng. Mohlala, Ntoeng ea Bobeli ea Lefatše ho ile ha bolaoa batho ba ka bang limilione tse 55. Empa batho ba Jehova ha baa ka ba bolaea motho ntoeng eo. (Mik. 4:1, 3) Sena se ba thusitse ho lula ba “hloekile maling a batho bohle.” (Lik. 20:26) Batho ba Molimo ba tsoela pele ho eketseha ka palo le hoja ba e-na le sera se matla, e leng Satane. Ke “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (2 Bakor. 4:4) Satane o laola mekhatlo ea lipolotiki le mecha ea litaba ’me o leka ho e susumelletsa ho thibela mosebetsi oa boboleli. Empa a ke ke a atleha. Kaha oa tseba hore o saletsoe ke nako e khutšoanyane, o leka ho re thibela ho rapela Jehova.—Tšen. 12:12. w16.06 4:3, 4
Labone, la 12 April
Ithuteng ka likhahla tsa naha.—Mat. 6:28.
Jesu o re bontša mesebetsi e babatsehang ea Jehova. Re ka ithuta thuto ea bohlokoa ho “likhahla tsa naha.” E ka ’na eaba Jesu o ne a nahanne ka lipalesa tse ntle tsa naha tse kang khomo ea balisa, makholela le mohalalitoe. Lipalesa tsena ha li ohle, kapa hona ho ithokela liaparo. Empa li etsa lithunthung tse ntle ka tsela e hlollang. Ke kahoo ‘esita le Solomone khanyeng eohle ea hae a sa kang a apara joaloka e ’ngoe ea tsona’. Ntlha eo Jesu a neng a e bontša ke hore: ‘Haeba Molimo a apesa limela tsa naha joalo, na a ke ke a le apesa, lōna ba nang le tumelo e nyenyane?’ (Mat. 6:29, 30) Ha ho pelaelo hore a ka re apesa. Empa barutuoa ba Jesu ba ne ba haelloa ke tumelo. (Mat. 8:26; 14:31; 16:8; 17:20) Ba ne ba lokela ho ba le tumelo e matla ’me ba tšepe Jehova. Na rona re na le tumelo e matla? Na re kholisehile hore Jehova o batla ho re thusa le hore a ka khona ho re hlokomela? w16.07 1:15, 16
Labohlano, la 13 April
Ka tekanyo eo e mong le e mong a amohetseng mpho ka eona, le e sebelise ho sebeletsaneng joaloka batsamaisi ba khabane ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo.—1 Pet. 4:10.
Jehova a ka re thusa hore re sebetsane ka katleho le liteko leha e le life tseo re ka tobanang le tsona. (1 Pet. 1:6) Re fumana litlhohonolofatso tse ngata ka lebaka la mosa oa Jehova o bontšitsoeng ka litsela tse sa tšoaneng. E ’ngoe ea tsona ke ho tšoareloa libe. Ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Jehova, re tšoareloa libe haeba re baka ’me re loana ka thata khahlanong le tšekamelo ea rona ea boetsalibe. (1 Joh. 1:8, 9) Re ka bontša hore re ananela mohau oa Molimo ka hore re mo tlotlise. Ha Pauluse a ngolla Bakreste-’moho le eena ba tlotsitsoeng, o ile a re: “[Jehova] o ile a re lopolla matleng a lefifi ’me a re fetisetsa ’musong oa Mora oa hae ea ratoang, eo ka eena re nang le tokollo ea rōna ka thekollo, tšoarelo ea libe tsa rōna.” (Bakol. 1:13, 14) Ho tšoareloa libe ho re bulela monyetla oa hore re fumane litlhohonolofatso tse ling tse babatsehang. w16.07 3:7-9
Moqebelo, la 14 April
E tla u khoba hlooho.—Gen. 3:15.
Ho sa tsotellehe seo Satane a se entseng Edene, Jehova o ile a fa batho tšepo boprofeteng ba pele bo tlalehiloeng ka Bibeleng. Molimo o ne tla ‘khoba Diabolose hlooho,’ ’me a fe batho ba mamelang monyetla oa hore ba phele ka ho sa feleng tumellanong le morero oa hae oa qalong, oo banyalani ba pele ba ileng ba o lahla. (Joh. 3:16) Borabele ba Adama le Eva bo ile ba ama lenyalo la bona le ’ohle a ileng a latela. Mohlala, Eva le basali bohle ba neng ba tla latela ka mor’a hae ba ne ba tla ba le mahlaba ha e le baimana le nakong ea pelehi. Basali ba ne ba tla ba le takatso e matla ea hore banna ba bona ba ba rate, empa banna ba ne ba tla ba laola le ho ba hatella joalokaha re bona manyalong a mangata kajeno. (Gen. 3:16) Bibele e re banna ba lokela ho sebelisa bohlooho ka tsela e lerato. Ka lehlakoreng le leng, e re basali ba lokela ho ikokobelletsa bohlooho ba banna ba bona. (Baef. 5:33) Kaha banyalani ba hlomphang Molimo ba sebelisana ’moho, seo se fokotsa liqabang kapa se etsa hore li se ke tsa e-ba teng ka ho feletseng. w16.08 1:6, 7
Sontaha, la 15 April
Mosali, u tseba joang hore u ke ke ua pholosa monna oa hao? Kapa, monna, u tseba joang hore u ke ke ua pholosa mosali oa hao? —1 Bakor. 7:16.
Maemong a mang, Mokreste o nyalane le motho eo e seng morapeli oa Jehova. Bibele e fana ka mabaka a utloahalang a hore na ke hobane’ng ha a lokela ho tsoela pele a lula le eena. (1 Bakor. 7:12-14) Ebang molekane ea sa lumelang oa elelloa kapa ha a elelloe, “o halaletsoa” ka lebaka la ea lumetseng. Le bana ba bona ba nkoa ba “halalela,” kahoo Molimo oa ba sireletsa. Hoo e batlang e le phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe ea Lipaki Tsa Jehova, ho na le balekane bao e mong a thusitseng e mong hore a ‘pholohe.’ Moapostola Petrose o eletsa basali ba Bakreste hore ba ikokobeletse banna ba bona, “e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, kahobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa boitšoaro ba lona bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng.”—1 Pet. 3:1-4. w16.08 2:14, 15
Mantaha, la 16 April
Le ratane ka matla haholo ho tloha pelong.—1 Pet. 1:22.
Bibele e re re lokela ho bontšana “lerato” le ho sebeletsa barab’abo rona. (Luka 22:24-27) Mor’a Molimo o ile a tela sohle, ho akarelletsa le bophelo ba hae, e le hore a sebeletse batho. (Mat. 20:28) Dorkase ‘o ne a etsa liketso tse molemo a bile a fana ka limpho tsa mohau.’ (Lik. 9:36, 39) Maria le eena o ne a etsa “mesebetsi e mengata” molemong oa ba bang ka phuthehong. (Bar. 16:6) Re ka thusa ba bacha joang hore ba lemohe bohlokoa ba ho thusa bara le barali babo bona? Bahoeletsi ba nang le boiphihlelo ba ka kopa ba bacha hore ba tsamaee le bona ha ba etela ba kulang le ba tsofetseng. Haeba maemo a lumela, batsoali ba ka tsamaea le bana ba bona ha ba etela batho ba kulang le ba tsofetseng. Baholo ba ka thusana le ba bang ka phuthehong ho netefatsa hore bara le barali babo rona ba tsofetseng ba fumana lijo tse hantle le hore mahae a bona a hloekile. Ka tsela ena, bana le bahoeletsi ba bacha ba ithuta ho etsetsa ba bang liketso tse bontšang mosa le ho ithuta hore bohle ka phuthehong ba lokela ho bontšoa lerato.—Bar. 12:10. w16.08 4:13, 14
Labobeli, la 17 April
Enoa ke ea utloang lentsoe ’me a le utloisisa, eo ka sebele a hlileng a behang litholoana.—Mat. 13:23.
Morali’abo rona e mong oa Fora o re: “Matichere aa makala sekolong hore ebe ho na le bana ba ntseng ba lumela seo Bibele e se rutang.” Kaha u mocha ea sebeletsang Jehova kapa ea ntseng a ithuta ka eena, na u ikutloa u le tlas’a khatello ea ho lumela seo bongata bo se lumelang, joaloka hore lintho li iphetotse, ho e-na le ho lumela hore li entsoe ke Molimo? Haeba ho joalo, ho na le mehato eo u ka e nkang ho matlafatsa tumelo ea hao le ho e boloka e le matla. Har’a tse ling u ka sebelisa matla a ho nahana ao Molimo a u fileng ’ona, kaha “a tla u lebela.” A tla u sireletsa lifilosofing tsa lefatše tse ka u lihang tumelong. (Liprov. 2:10-12) Tumelo ea sebele e thehiloe tsebong e nepahetseng ka Molimo. (1 Tim. 2:4) Kahoo, u se ke ua okola boitsebiso ka holimo feela ha u ithuta Lentsoe la Molimo le lingoliloeng tsa rona tsa Bokreste. Sebelisa matla a ho nahana e le hore ‘u utloisise’ seo u se balang. w16.09 4:1-3
Laboraro, la 18 April
’ne u hlōle bobe ka botle.—Bar. 12:21.
Esita le haeba re hotse ka thata kapa re tobana le maemo a re nyahamisang, re lokela ho tsoela pele ho loana ’me re mamelle. Re ka kholiseha hore ha re etsa joalo, Jehova o tla re hlohonolofatsa. (Gen. 39:21-23) Ak’u nahane ka bothata boo u tobaneng le bona hona joale. Mohlomong u tšoeroe ka leeme, oa khetholloa kapa oa songoa. Kapa mohlomong motho e mong o u qosa ka bohata hobane feela a u shoela mona. Ho e-na le ho nyahama, hopola hore na ke’ng e ileng ea thusa Jakobo, Ragele le Josefa hore ba tsoele pele ho sebeletsa Jehova ba thabile. Molimo o ile a ba matlafatsa le ho ba hlohonolofatsa kaha ba ile ba bontša hore ba ananela lintho tsa moea. Ba ile ba tsoela pele ho loana le ho etsa lintho tse lumellanang le lithapelo tsa bona. Re phela qetellong ea tsamaiso ena e khopo ea lintho; kahoo re na le lebaka le utloahalang la ho itšoarella ka tieo ho seo Jehova a re tšepisitseng sona! Na u ikemiselitse ho amoheloa ke Jehova? w16.09 2:8, 9
Labone, la 19 April
Litholoana tsa moea ke . . . tumelo.—Bagal. 5:22.
U le motsoali, ntho ea bohlokoa haholo ke hore bana ba bone mohlala oa hao oa tumelo. Bana ba sheba seo u se etsang, ’me seo sea ba susumetsa. Kahoo, batsoali tsoelang pele ho ikaha tumelong. Etsang hore bana ba lona ba bone hore Jehova ke oa sebele ho lona. Ha banyalani ba bang ba Bermuda ba e-na le mathata, ba rapela hammoho le bana ba bona ho kopa tataiso ea Jehova, ’me ba khothalletsa bana hore ba rapele le ha ba le bang. Ba re: “Re boetse re bolella morali oa rona e moholo hore a tšepe Jehova ka ho feletseng, ’me a phathahane tšebeletsong ea ’Muso le hore a se ke a tšoenyeha haholo. Ha a bona lintho li raroloha, oa hlokomela hore Jehova oa re thusa. Sena se matlafalitse tumelo ea hae le ho etsa hore a tšepe Bibele le ho feta.” Bonneteng, bana ba lokela ho haha tumelo ea bona. Lona batsoali le ka lema le ho nosetsa. Empa ke Molimo feela ea melisang. (1 Bakor. 3:6) Kahoo, mo kopeng hore a le fe moea oa hae, ’me le ikitlaelletse ho ruta bana ba lona, kaha ha le etsa joalo Jehova o tla le hlohonolofatsa ka ho enneng.—Baef. 6:4. w16.09 5:16-18
Labohlano, la 20 April
U . . . rute mora oa hao [mantsoe ana] ka ho pheta-pheta.—Deut. 6:7.
Ka mor’a hore Serge le mohats’a hae, Muriel ba qete lilemo tse ka holimo ho tse tharo ba sebeletsa tšimong ea puo e ’ngoe, ba ile ba hlokomela hore mor’a bona ea lilemo li 17 ha a sa thabela ho ea tšebeletsong ea tšimo. Serge o re: “Ha re hlokomela hore ha re le tlhokahalong seo se mo sitisa ho hatela pele, re ile ra etsa qeto ea ho khutlela phuthehong eo re tsoang ho eona.” Ke lintho life tse ka susumetsang batsoali hore ba khutle? Ea pele, ba lokela ho ela hloko hore na ba na le nako e lekaneng ea ho susumetsa bana hore ba rate Jehova, ha ka lehlakoreng le leng ba ntse ba ba ruta puo e ’ngoe. Ea bobeli, ba ka ’na ba elelloa hore bana ha ba thahaselle ho ea tšimong eo ho buuoang puo e ’ngoe. Maemong ana, batsoali ba Bakreste ba ka ’na ba etsa qeto ea ho khutlela phuthehong ea puo eo bana ba e utloisisang, ho fihlela ba se ba tiile hantle tumelong.—Deut 6:5-7. w16.10 2:14, 15
Moqebelo, la 21 April
Ka tumelo Noe, ka mor’a ho fuoa temoso ea bomolimo ea lintho tse e-s’o bonoe, o ile a bontša tšabo ea bomolimo eaba o haha areka bakeng sa ho pholosa ba ntlo ea hae.—Baheb. 11:7.
Ha ho pelaelo hore baahelani ba Noe ba ile ba mo botsa hore na ke hobane’ng ha a haha ntho e kholo hakaalo. Na Noe o ile a itholela feela kapa a re ba khaohane le eena? Che! Tumelo e ile ea mo susumelletsa ho ba pakela ka sebete le ho ba hlokomelisa hore Molimo o tl’o tlisa kahlolo. Ho ka etsahala hore ebe Noe o ile a ba phetela mantsoe ao Jehova a a buileng ho eena ha a re: “Bofelo ba nama eohle bo fihlile ka pel’a ka, hobane lefatše le tletse pefo ka lebaka la bona. . . Ke tlisa moroallo oa metsi holim’a lefatše ho felisa nama eohle eo matla a bophelo a sebetsang ho eona tlas’a maholimo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng e tla shoa.” Ha ho pelaelo hore Noe o ile a hlalosetsa batho hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba pholohe, ’me a ba bolella hore Molimo o itse ho eena: “U tla kena ka arekeng.” Kahoo, Noe o ile a bontša tumelo ka hore e be “’moleli oa ho loka.”—Gen. 6:13, 17, 18; 2 Pet. 2:5. w16.10 4:7
Sontaha, la 22 April
Tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae . . . hore a tsamaise mehato ea hae.—Jer. 10:23.
Batsoali ba Bakreste ba bontša ho tšepa Jehova ha ba ruta bana ho latela Lentsoe la hae. Ha ba ba holise ho latela moetlo. Bakreste ha baa lokela ho lumella moea oa lefatše hore o ba susumetse. (Baef. 2:2) Ntate oa Mokreste a ke ke a re, ‘Rona setsong sa rona, basali ke bona ba rutang bana.’ Bibele e re ka ho hlaka: “Bo-ntate, . . . le tsoele pele ho . . . hōlisa [bana ba lōna] ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baef. 6:4) Batsoali ba tšabang Molimo ba batla hore bana ba bona ba tšoane le Samuele, etsoe Jehova o ile a mo tšehetsa ha a ntse a hola. (1 Sam. 3:19) Na e ka ba bohlale hore re etse liqeto tse tebileng tse amang ba malapa a rona, empa re sa qala ka ho hlahloba hore na Bibele e re’ng tabeng eo? Che! Re hloka tataiso ea Ntate oa rona ea leholimong, kaha ha re khone ho tsamaisa mehato ea rona. w16.11 3:14, 15
Mantaha, la 23 April
Ha ke bona maholimo a hao, mesebetsi ea menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li lokisitseng, motho ea shoang ke’ng hore u ’ne u mo hopole?—Pes. 8:3, 4.
Popo e bontša hantle hore Molimo o hlophisehile. Bibele e re: “Jehova o ile a theha lefatše ka bohlale. A tiisa maholimo ka temoho.” (Liprov. 3:19) Re tseba ‘linyane feela tsa litsela tsa Molimo’ le ‘mohoeshetso o utloiloeng ka eena.’ (Jobo 26:14) Empa lintlha tse seng kae tseo re li tsebang ka lipolanete le linaleli li re thusa ho lemoha hore lihloliloeng tsena tsa leholimo li hlophisehile ka tsela e hlollang. Lihlopheng tsa linaleli ho na le linaleli tse limilione tse tsamaeang sepakapakeng ka tsela e hlophisehileng. Lipolanete tse setsing sa rona li potoloha letsatsi joalokaha eka li latela melao ea tsela. Tsela e hlollang eo bokahohle bo hlophisehileng ka eona e re thusa ho lemoha hore re lokela ho rorisa Jehova, ea ‘entseng maholimo le lefatše ka kutloisiso’ le hore re lokela ho tšepahala ho eena esita le ho mo rapela.—Pes. 136:1, 5-9. w16.11 2:3
Labobeli, la 24 April
Ka sebele ho Jehova e tla ba batho ba hlahisang nyehelo ea mpho ka ho loka.—Mal. 3:3.
Malakia 3:1-3 e bua ka selemo sa 1914 ho ea mathoasong a 1919, e leng nako eo ka eona “bara ba Levi” ba tlotsitsoeng ba neng ba hloekisoa. Ka nako eo, Jehova Molimo, e leng “Morena oa ’nete,” le Jesu Kreste, “lenģosa la selekane,” ba ile ba tla tempeleng ea moea ho tla hlahloba ba sebeletsang ho eona. Ka mor’a hore ba fuoe khalemelo eo ba e hlokang, batho ba Jehova ba hloekisitsoeng ba ne ba se ba loketse ho jara boikarabelo bo eketsehileng. Ka 1919, ho ile ha khethoa “lekhoba le tšepahalang le le masene” hore le fe ba ntlo ea tumelo lijo ka nako e tšoanetseng. (Mat. 24:45) Batho ba Molimo ba ne ba se ba lokolohile tšusumetsong ea Babylona e Moholo. Ka lebaka la mosa oa Jehova o sa tšoanelang, ba ’nile ba tsoela pele ho utloisisa thato ea hae le ho bontša hore ba rata Ntate oa bona ea leholimong. Ruri o ile a ba hlohonolofatsa. w16.11 5:14
Laboraro, la 25 April
“Ntekeng tabeng ena,” ho boletse Jehova oa mabotho, “hore na ebe nke ke ka le bulela likhoro tsa moroallo tsa maholimo ’me ke le tšollele tlhohonolofatso ho fihlela ho se ho se letho le hlokoang.”—Mal. 3:10.
Re rata Jehova hobane “o ile a re rata pele.” (1 Joh. 4:19) Jehova o ithaopetse ho hlohonolofatsa bahlanka ba hae ba tšepahalang, e le ho bontša hore oa ba rata. Ha re ntse re rata Molimo le ho feta, re ba le tumelo e matla ea hore o teng le hore o putsa batho ba mo ratang. (Baheb. 11:6) Jehova o tsebahala ka ho putsa batho. Re ke ke ra re re na le tumelo haeba re sa kholiseha hore Molimo o tla putsa ba mo batlang ka tieo, kaha “tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona.” (Heb. 11:1) Tumelo e akarelletsa ho kholiseha ka ho feletseng hore Molimo o tla hlohonolofatsa bahlanka ba hae. Joalokaha re bona temaneng ea letsatsi ea kajeno, Jehova o re re mo leke. Re bontša kananelo ka ho mamela seo Jehova a reng re se etse. w16.12 4:1-3
Labone, la 26 April
Ho beha kelello nameng ho bolela lefu.—Bar. 8:6.
Mokreste a ka qala ho beha kelello ea hae linthong tsa nama esita le ka mor’a ho sebeletsa Jehova ka lilemo tse ngata. Sena ha se bolele Mokreste eo ka linako tse ling a nahanang ka lijo, mosebetsi, boikhathollo kapa ho bontša lerato lenyalong. Ha ho letho le phoso ka lintho tsena. Jesu o ne a ja, a fepa batho ba bang a bile a ikhatholla. Pauluse le eena o ile a bua ka ho bontša lerato lenyalong. Lentsoe la Segerike leo Pauluse a le sebelisitseng le bolela “ho nahanisisa ka ntho e itseng.” Batho ba phelang tumellanong le nama ba lumella hore bophelo ba bona bo laoloe ke botho ba bona bo sa phethahalang. Ha setsebi se seng se bua ka mantsoe a ho Baroma 8:5 se re: “Ba nahanisisa ka lintho tsa nama, ba lula ba bua ka tsona ebile baa li etsa.” w16.12 2:5, 9, 10
Labohlano, la 27 April
U mang hore u ahlole moahelani oa hao?—Jak. 4:12.
Re ka ikhohomosa haeba re rata lintho tsa lefatše. Ho inahana ho tlola, mona le bohale bo fetelletseng li entse hore batho ba ikhohomose. Ba bang ba bona e bile Absalome, Uzia le Nebukadnezare. Jehova o ile a ba kokobetsa hobane ba ne ba ikhohomosa. (2 Sam. 15:1-6; 18:9-17; 2 Likron. 26:16-21; Dan. 5:18-21) Empa ho na le mabaka a mang a ka ’nang a etsa hore motho a iketelletse pele. Nahana ka mehlala e hlahang ka Bibeleng ho Genese 20:2-7 le ho Matheu 26:31-35. Na lintho tseo Abimeleke le Petrose ba ileng ba li etsa li ne li susumetsoa ke boikhohomoso? Kapa mohlomong ba ne ba sa tsebe lintlha tsohle kapa ba entse lintho ba sa nahana? Kaha ha re khone ho bona se ka lipelong tsa batho, e ka ba hantle hore re se ke ra potlakela ho ba ahlola. w17.01 3:9, 10
Moqebelo, la 28 April
Ho tsoa bohloking ba hae o akhetse mokhoa oohle oa ho iphelisa oo a neng a e-na le oona.—Luka 21:4.
Feela joaloka mohlolohali eo, re kholisehile hore haeba re etelletsa ’Muso pele, Jehova o tla re fa tsohle tseo re li hlokang. (Mat. 6:33) Nahana ka mor’abo rona Malcolm. Lilemong tse ngata tseo eena le mosali oa hae ba li qetileng ba sebeletsa Jehova, ba ile ba tobana le mathata. O ile a re: “Ka linako tse ling bophelo ha boa tsitsa, ho hlaha maemo ao ho leng thata ho sebetsana le ’ona. Empa Jehova o hlohonolofatsa ba itšetlehileng ka eena.” Mor’abo rona Malcolm o ile a fana ka keletso e reng: “Rapela Jehova hore a u thuse hore u mo sebeletse ka mafolofolo. Ho e-na le ho tšoenyeha haholo ka lintho tseo re ke keng ra khona ho li etsa, re lokela ho nahana ka tseo re ka khonang ho li etsa.” Ha tsamaiso ena ea lintho e ntse e mpefala le ho feta, re lebeletse hore mathata ao re kopanang le ’ona a eketsehe. (2 Tim. 3:1, 13) Kahoo, ke habohlokoa hore re se ke ra tšoenyeha haholo ka mathata ao. Ho e-na le hoo, re lokela ho ba le tšepo e tiileng ho Jehova ha re ntse re nka mehato e nepahetseng. w17.01 1:17-19
Sontaha, la 29 April
Hase uena ea tla nkahela ntlo eo ke tla lula ho eona.—1 Likron. 17:4.
Davida o ile a khathatseha ha a hlokomela hore Jehova ha a na “ntlo,” kapa tempele, ’me a lakatsa ho e haha. Empa, Jehova ha aa ka a lumellana le seo joalokaha temana ea kajeno e bontša. Le hoja Davida a ne a kholisehile hore Jehova o tla ’ne a mo hlohonolofatse, Jehova o ile a khetha mora oa Davida e leng Solomone hore e be eena ea tla haha tempele. Davida o ile a etsa’ng? (1 Likron. 17:1-4, 8, 11, 12; 29:1) Davida o ile a tšehetsa Solomone ho haha tempele, a sa tsotelle hore na thoriso e tla ea ho mang. ’Me ka sebele mohaho oo o ile oa tsebahala e le tempele ea Solomone, e seng ea Davida. Le hoja lintho li sa ka tsa tsamaea ka tsela eo Davida a neng a lebeletse ka eona, o ile a tšehetsa Solomone. Davida o ile a thusa ka hore a hlophise basebetsi le ho bokella tšepe, koporo, silevera, khauta le patsi. Ho ekelletsa moo, o ile a khothatsa Solomone a re ho eena: “Joale, mora oa ka, e se eka Jehova a ka ba le uena, ’me o atlehe ’me o hahe ntlo ea Jehova Molimo oa hao.”—1 Likron. 22:11, 14-16. w17.01 5:6, 7
Mantaha, la 30 April
U re lopolle ’me u koahele libe tsa rōna ka lebaka la lebitso la hao.—Pes. 79:9.
Esita leha re hlorisoa, re etsa sohle seo re ka se khonang ho phela ka melao-motheo ea Jehova e lokileng. Ha re etsa lintho tse ntle, re etsa hore leseli le khanye ’me seo se tlisetsa lebitso la Hae thoriso. (Mat. 5:14-16) Re bontša hore rea halalela ka ho phela ka tsela e bontšang hore melao ea Jehova e molemo le hore liqoso tsa Satane ke mashano. Kaha ha rea phethahala, ha re etsa liphoso rea baka ’me re khaotsa ho etsa lintho tse sa khahliseng Jehova. Ka lebaka la sehlabelo sa Kreste, Jehova o tšoarela libe tsa ba bontšang tumelo. O amohela barapeli ba inehelang ho eena. Jehova o nka Bakreste ba tlotsitsoeng e le bana ba hae ba lokileng ’me ba “linku tse ling” o ba nka e le metsoalle ea hae e lokileng. (Joh. 10:16; Bar. 5:1, 2; Jak. 2:21-25) Kahoo, hona joale re khona ho ba ba lokileng ka pel’a Ntate oa rona le ho kenya letsoho ho halaletsoeng ha lebitso la hae. w17.02 2:5, 6