March
Labohlano, la 1 March
Ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse.—Bafil. 2:3.
Na ho na le motho eo u sa mo thabeleng ka phuthehong? Haeba u sa leke ho tlosa maikutlo ao a fosahetseng, a tla lula a le teng. Bibele e re re ka matlafatsa likamano tsa rona le batho ba bang esita le lira tsa rona ka hore re ba amohele malapeng a rona. (Liprov. 25:21, 22) Haeba re etsa joalo, liphapang tse teng lipakeng tsa rona le batho ba bang li tla rarolleha ’me re bope khotso. Re tla boela re bone hore na ke’ng eo Jehova a ileng a e rata ka bona ’me a ba etsa Lipaki tsa hae. (Joh. 6:44) Haeba ka lerato re mema motho a sa nahana, re ka ba metsoalle ea sebele. U ka etsa’ng ho netefatsa hore u mema batho hobane u ba rata? Tsela e ’ngoe ke ka ho mamela keletso e hlahang temaneng ea letsatsi ea kajeno. Haeba re nahana kamoo Bakreste-’moho le rona ba re phahametseng kateng, re tla ba rata haholoanyane ’me ho be bonolo hore re ba amohele. Ba ka re feta ka ho ba le tumelo, mamello kapa makhabane a mang ao Bakreste ba lokelang ho ba le ’ona. w18.03 17 ¶18-19
Moqebelo, la 2 March
[Jehova] ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe.—2 Pet. 3:9.
E ’ngoe ea lintho tse thata ka ho fetisisa ke hore motsoali a khaotse ho buisana le ngoan’a hae ea khaotsoeng. Morali’abo rona eo ngoan’a hae a ileng a khaoloa a ba a tloha lapeng, o ile a re: “Ke ne ke ipatlela mabaka ka har’a lingoliloeng a tla nthusa hore ke ikemele ’me ke qete nako le morali’aka le setloholo sa ka.” Empa molekane oa hae o ile a mo thusa ho hlokomela hore ha ba sa ikarabella ka lintho tseo morali oa bona a li etsang le hore ba lokela ho tšepahalla Jehova. Lilemo hamorao o ile a khutlisetsoa ka phuthehong. ’Mè oa hae o re: “O re hlompha haholo re le batsoali ba hae hobane oa tseba hore re mametse Jehova.” Haeba ngoan’a hao a khaotsoe, na u tla “tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao”? (Liprov. 3:5, 6) Kahoo, batsoali ba lokela ho kholiseha hore khalemelo le tataiso ea Jehova li nepahetse, esita le hoja ho ka ba bohloko ho li mamela. Mamela Jehova ’me u se ke oa loana ha a u khalemela. w18.03 31 ¶12-13
Sontaha, la 3 March
E-eang ’me le etse batho . . . barutuoa.—Mat. 28:19.
Bibele ha e re bolelle hore na motho o lokela ho kolobetsoa ha a le lilemo li kae. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ho ‘etsa batho barutuoa’ lengolong la Matheu 28:19 le bolela ho ruta ka sepheo sa hore batho e be barutuoa. Morutuoa ke motho ea ithutang a bile a utloisisa lithuto tsa Jesu ’me a li latela. Kahoo, batsoali ba Bakreste ba lokela ho ruta bana ba bona Bibele ho tloha boseeng ka sepheo sa ho ba thusa hore e be balateli ba Jesu ba kolobelitsoeng. Ho hlakile hore masea a ke ke a kolobetsoa. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore bacha ba ka khona ho utloisisa Lentsoe la Molimo ’me ba le rata. Mohlala, Timothea ke morutuoa ea ileng a qala ho sebeletsa Jehova a sa le mocha. O ne a e-na le tumelo e matla. (2 Tim. 1:5; 3:14, 15) Ha a le lilemo li ka bang 20, o ne a se a tšoaneleha ho fuoa boikarabelo ka phuthehong.—Lik. 16:1-3. w18.03 9 ¶4-5
Mantaha, la 4 March
Le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lōna.—Baef. 4:23.
Ha re qala ho sebeletsa Molimo, re ile ra etsa liphetoho bophelong ba rona. Le ka mor’a hore re kolobetsoe re ile ra ’na ra etsa liphetoho. Kaha ha rea phethahala, re lokela ho tsoela pele re etsa liphetoho bophelong ba rona. (Bafil. 3:12, 13) Ho sa tsotellehe hore na re bacha kapa re se re holile, re lokela ho itlhahloba ka botšepehi. Ipotse: ‘Na ke etsa liphetoho tse bontšang hore ke batla ho ba le kamano e ntle le Jehova? Na ke na le makhabane a tšoanang le a Jesu? Tsela eo ke itšoarang ka eona le eo ke etsang lintho ka eona ha ke le libokeng e bontša ke le motho ea joang? Lintho tseo ke li buang li bontša hore ke lintho life tse tlang pele bophelong ba ka? Tsela eo ke ithutang Bibele ka eona, eo ke aparang le ho itlhopha ka eona le eo ke itšoarang ka eona ha ke khalemeloa e bontša ke le motho ea joang? Ke etsa’ng ha ho hlaha maemo ao ho ’ona ho ka bang thata hore ke lule ke tšepahala? Na setsoalle sa ka le Jehova se matla?’ (Baef. 4:13) Ho nahana ka lipotso tsena ho tla re thusa ho itlhahloba hantle hore na kamano ea rona le Jehova e ntse e matlafala hakae. w18.02 24 ¶4-5
Labobeli, la 5 March
Ho thaba batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!—Pes. 144:15.
Re phela mehleng eo ho eona lintho li fapaneng hole haholo le mehleng ea khale. Jehova o ntse a bokella ‘bongata bo boholo . . . bo tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.’ Batho bao ba akarelletsa “sechaba se matla” sa batho ba limilione tse robeli ba thabileng ba ‘etsetsang Molimo tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare.’ (Tšen. 7:9, 15; Esa. 60:22) Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le batho ba bangata hakana lefatšeng ba ratang Molimo ba bile ba rata batho ba bang. Bibele e ile ea bolela esale pele hore mehleng ena, ho tla ba le batho ba sa rateng Molimo. Ho e-na le ho mo rata, ba tla icheba bobona. Moapostola Pauluse o ile a re: “Matsatsing a ho qetela . . . , batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, . . . ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” (2 Tim. 3:1-4) Bakreste ha baa lokela ho ba le lerato le joalo. Ho e-na le hoo, lerato leo le etsa hore lefatše le tlale baithati ’me ho ba thata ho sebetsana le bona. w18.01 22 ¶1-2
Laboraro, la 6 March
Ba batlang Jehova ba ka utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.—Liprov. 28:5.
Noe o ile a ithuta ka Jehova eaba o ba le tumelo e matla ’me Jehova a mo fa bohlale. Kahoo, o ile a sireletseha e le hore a se ke a senya kamano ea hae le Jehova. Kaha Noe o ne a batla ho ba motsoalle oa Jehova, o ne a sa iketse motsoalle oa batho ba se nang tumelo le ba sa mameleng Jehova. Ho fapana le bona, Noe ha aa ka a ea le khongoana holimo ha a bona bademona ba etsa mehlolo. Ba ne ba hapa maikutlo a batho ka mehlolo eo ba neng ba e etsa. Mohlomong ke kahoo batho ba bang ba neng ba ba rapela. (Gen. 6:1-4, 9) Noe o ne a tseba hore Jehova o batla hore batho ba be le bana ’me ba tlale lefatše. (Gen. 1:27, 28) Kahoo, o ne a tseba hore ho fosahetse hore bademona ba etse bana le basali. O ile a kholiseha le ho feta ha bana ba bona e e-ba lifonthoane ba bile ba le matla ho feta ba bang. Qetellong, Jehova o ile a bolella Noe hore o tla tlisa moroallo holim’a lefatše ’me a timetse batho ba khopo. Kaha o ne a tšepa Jehova, o ile a susumelletseha ho haha Areka ’me a pholosa eena le ba lelapa la hae.—Baheb. 11:7. w18.02 9 ¶8
Labone, la 7 March
Ke seo ke leng sona ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo.—1 Bakor. 15:10.
Haeba u entse sebe se tebileng, Jehova o ikemiselitse ho u thusa. Empa u lokela ho lumela ha a u thusa a sebelisa baholo. (Liprov. 24:16; Jak. 5:13-15) U se ke oa lieha ho kopa thuso kaha bophelo bo sa feleng bo itšetlehile ka hore u kope thuso ka potlako. Empa u lokela ho etsa’ng haeba esita le nako e telele ka mor’a hore Jehova a u tšoarele u ntse u ikutloa u le molato? Ka linako tse ling moapostola Pauluse o ne a nyahamisoa ke liphoso tsa hae tsa nakong e fetileng. O ile a re: “Ke e monyenyane ho baapostola, ’me ha ke tšoanelehe ho bitsoa moapostola, hobane ke ile ka hlorisa phutheho ea Molimo.” (1 Bakor. 15:9) Jehova o ne a tšoaretse Pauluse ’me a lebeletse hore Pauluse le eena a kholisehe ka taba eo. Haeba u baketse libe tsa hao u bile u li boletse ho Jehova le baholo, u lokela ho kholiseha hore Jehova o tla u hauhela. Kahoo, lumella Jehova hore a u tšoarele.—Esa. 55:6, 7. w18.01 11 ¶17-18
Labohlano, la 8 March
Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.—Jak. 4:8.
E le hore re be metsoalle ea Jehova, re lokela ho mo mamela re be re bue le eena. Tsela e ka sehloohong eo ka eona re mamelang Jehova ke ka ho ithuta Bibele. Ho ithuta Bibele ho akarelletsa ho e bala, ho bala lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng le ho nahanisisa ka lintho tseo u li balileng. Hopola hore ho ithuta Bibele ha se hore u tšoare lintho tseo u li balileng ka hlooho joalokaha eka u li balla hore feela u pase tlhahlobo ea sekolo. U lokela ho bala Bibele ka sepheo sa ho ithuta lintho tse ncha ka Jehova. Ha u etsa joalo, u tla rata Jehova le ho feta ’me le eena o tla u rata haholo. Ho na le litsela tse ngata tseo ka tsona mokhatlo oa Jehova o re thusang ho ithuta Bibele ka tsela e tla re tsoela molemo. Mohlala, websaeteng ea jw.org/st, tlas’a “Lithuto tsa Bibele” karolong ea “Bacha” ho na le tataiso ea ho ithuta ea “Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?” e ka u thusang hore u kholisehe hantle hore lintho tseo u ithutileng tsona Bibeleng ke ’nete.—Pes. 119:105. w17.12 25 ¶8-9
Moqebelo, la 9 March
Li ke ke tsa ntša kotsi leha e le efe kapa tsa baka tšenyo leha e le efe thabeng eohle ea ka e halalelang.—Esa. 11:9.
Bibele e bua ka liphoofolo tse hlaha tse kang liphiri le litau ’me e re li tla phela ’moho le liphoofolo tse kang likonyana le manamane. Empa ke hobane’ng ha li phela ’moho ka khotso? “Hobane ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.” Kaha liphoofolo li ke ke tsa ithuta ka Jehova, boprofeta bona bo bua ka liphetoho tseo batho ba li etsang ha ba ithuta Bibele. (Esa. 11:6, 7) Bakreste-’moho le rona bao pele ba neng ba le bohale joaloka liphiri ba se ba phela ka khotso le batho ba bang. U ka bala lipale tsa bophelo ba bona lihloohong tse reng “Bibele e Fetola Batho” tse hlahang ho jw.org/st. Batho bao pele ba neng ba le bohale, ba ‘apere botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.’ (Baef. 4:23, 24) Ha batho ba ithuta ka Jehova, baa hlokomela hore ba lokela ho mamela melao ea hae. Kahoo, ba fetola maikutlo ka lintho tseo ba neng ba li lumela, ba fetola tsela eo ba nahanang ka eona le eo ba etsang lintho ka eona. Le hoja ho se bonolo ho etsa joalo, Jehova o ba thusa ka moea oa hae hore ba etse thato ea hae. w18.01 31 ¶15-16
Sontaha, la 10 March
E mong le e mong [o tla tsosoa] boemong ba hae.—1 Bakor. 15:23.
Ha Bibele e bua ka batho ba tla tsosetsoa leholimong e re “e mong le e mong [o tla tsosoa] boemong ba hae.” Re kholisehile hore ba tla tsosetsoa lefatšeng le bona ba tla tsosoa ka tatellano e tšoanang. Empa na batho ba tla shoa hona joale, ba tla tsosoa ho elella qalong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete ’me ba amoheloe ke baratuoa ba bona? Na batho ba mehleng ea khale ba neng ba tseba ho etella batho pele ba tla tsoha pele e le hore ba hlophise batho lefatšeng le lecha? Batho ba neng ba sa sebeletse Jehova bona? Ba tla tsosoa neng hona ba tsosetsoa hokae? Re ka ipotsa lipotso tse ngata. Empa na hona joale ke nako ea ho nahana ka tsona? Na ha ho molemo hore re letele ho bona kamoo Jehova a tla sebetsa litaba kateng? Pele nako eo e fihla, re lokela ho lula re e-na le tumelo e matla ho Jehova hobane o ile a re tiisetsa ka Jesu hore kaha bafu ba mohopolong oa hae, ba tla tsosoa.—Joh. 5:28, 29; 11:23. w17.12 12 ¶20-21
Mantaha, la 11 March
Lōna basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna, kaha hoa tšoaneleha Moreneng. Lōna banna, le ’ne le rate basali ba lōna ’me le se ke la ba halefela ka matla. Lōna bana, le mamele batsoali ba lōna nthong e ’ngoe le e ’ngoe.—Bakol. 3:18-20.
Haeba malapa a mamela likeletso tsa Bibele, a ka thaba ’me a fumana moputso. Bibele e eletsa bo-ntate, e re: “Le ’ne le rate basali ba lōna ’me le se ke la ba halefela ka matla.” Ntate oa bontša hore o rata molekane oa hae haeba a mamela a bile a ananela maikutlo a hae. (1 Pet. 3:7) Ke ’nete hore ha se kamehla a ka sebelisang litlhahiso tsa molekane oa hae, empa a ka etsa qeto e ntle haholo haeba a ile a buisana le eena pele. (Liprov. 15:22) Ntate a ka etsa lintho tse tla etsa hore molekane oa hae a mo hlomphe ho e-na le ho mo laela hore a mo hlomphe. Haeba ntate a rata molekane oa hae le bana, lelapa la hae le tla thaba ’me le tla fumana moputso. w17.11 28 ¶12; 29 ¶15
Labobeli, la 12 March
Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela . . . ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše.—Bakol. 2:8.
Moapostola Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Kolose lengolo lilemong tsa bo-60 ho ea ho 61 mehleng ea baapostola, ha a ne a le teronkong Roma. O ile a ba hlalosetsa bohlokoa ba ho ba le “kutloisiso ea moea” e leng ho bona lintho ka tsela eo Jehova a li bonang ka eona. (Bakol. 1:9) Pauluse o ile a boela a re: “Ke bolela sena e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea ka le qhekellang ka likhang tse susumetsang. Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.” (Bakol. 2:4, 8) Pauluse o ile a ba a hlalosa hore na ke hobane’ng ha lineano tsa batho li fosahetse le hore na ke hobane’ng ha batho ba bangata ba li rata. Mohlala, lineano tsena li ka etsa hore batho ba inke ba le bohlale ho feta ba bang kapa ba ba phahametse. Lengolo leo le ne le ngoletsoe ho lemosa Bakreste ba Kolose hore ba qobe ho nahana joaloka batho bao e seng barapeli ba Jehova.—Bakol. 2:16, 17, 23. w17.11 20 ¶1
Laboraro, la 13 March
Joale, haeba letsoho la hao kapa leoto la hao le etsa hore u khoptjoe, u le khaole ’me u le lahlele hōle le uena.—Mat. 18:8.
Mokreste o lokela ho khaotsa ho etsa’ng e le hore Jehova a mo hauhele a be a mo tšoarele? O lokela ho tlohela lintho tseo a li ratang haeba feela li ka etsa hore a etse sebe. (Mat. 18:9) Mohlala, na u tla tlohela metsoalle ea hao haeba e u susumelletsa ho etsa lintho tseo Jehova a li hloileng? Na u tla qoba maemo a ka etsang hore u noe joala haeba u sa khone ho ipehela meeli? Haeba u ntse u loantša litakatso tsa ho kopanela liphate, na u qoba ho shebella lifilimi, ho kena liwebsaeteng kapa ho qoba lintho tse ka etsang hore u be le menahano e fosahetseng? Hopola hore Jehova o tla re putsa hafeela re ikitlaelletsa ho mamela melao ea hae. Re ke ke ra thaba haeba Jehova a re furaletse. Empa ha ho ntho e thabisang ho feta “mosa o lerato” oo Jehova a lulang a re bontša oona.—Esa. 54:7, 8. w17.11 11 ¶12
Labone, la 14 March
Ena ke thohako e eang holim’a lefatše lohle . . . , hobane e mong le e mong ea utsoang . . . o lokolohile kotlong.—Zak. 5:3.
Na u hlokometse hore Lengolo la Zakaria 5:4 le re: “Thohako . . . e tla kena ka tlung ea lesholu . . . ’me e tla lula ka har’a ntlo ea hae le ho e felisa”? Kahoo, Jehova a ka senola le ho ahlola mang kapa mang ea etsang sebe har’a batho ba hae. Jehova o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo motho a e utsoang, le hoja mapolesa, mohiri, baholo kapa batsoali ba ke ke ba tseba ka eona. (Baheb. 4:13) Ruri hoa thabisa ho ba har’a batho ba etsang sohle se matleng a bona ho lula ba tšepahala “linthong tsohle.” (Baheb. 13:18) Bosholu ba mofuta ofe kapa ofe bo koatisa Jehova. Ke tlotla ho tseba melao ea Jehova, ho e mamela le ho phela ka tsela e tlotlisang lebitso la hae. Ka ho etsa joalo, Jehova a ke ke a re ahlola kaha re tla be re mamela melao ea hae le ho mo hlompha. w17.10 22 ¶6-7
Labohlano, la 15 March
Le leke ka tieo ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.—Baef. 4:3.
Re lokela ho etsa sohle se matleng a rona ho bopa khotso le bara le barali babo rona, leha ka linako tse ling ba ka re sebetsa ka ho hloka toka. (Bar. 12:17, 18) Haeba re hatile mora ka morali’abo rona torong, ho kopa tšoarelo e le kannete ho ka lokisa litaba. Ka ho khetheha, ho bohlokoa hore banyalani ba bope khotso. Batho ba nyalaneng ha baa lokela ho etsa eka ba ratana ha ba le bathong empa ha ba le babeli ba sa buisane, ba sebelisa mantsoe a hlabang kapa ba loana. Hape re lokela ho tšoarelana ka bolokolohi. Re tšoarela ka bolokolohi haeba re sa jare batho ka pelo ha ba re utloisitse bohloko. E le hore re tšoarele batho e le kannete, ha rea lokela ho ‘boloka tlaleho ea bobe.’ (1 Bakor. 13:4, 5) Ha e le hantle ha re jara bara le barali babo rona ka pelo, ha re senye feela kamano ea rona le bona empa re senya le eo re nang le eona le Jehova.—Mat. 6:14, 15. w17.10 10 ¶14-15
Moqebelo, la 16 March
Le tla lokela ho tseba hore Jehova oa mabotho o nthometse ho lōna.—Zak. 6:15.
Molaetsa oa Zakaria o ile oa ama Bajuda ba mehleng ea hae joang? Mohlomong ba ne ba ipotsa hore na ba tla haha tempele joang kaha ba ne ba fokola ka palo. Jehova o ile a tšepisa hore o tla ba tšehetsa le ho ba sireletsa mosebetsing oa bona. Tšepiso eo Jehova a ileng a ba fa eona e ile ea etsa hore ba be le tšepo. Mantsoe a Zakaria a ile a etsa hore ba eme ba tiile ba sa tšabe letho kapa hona ho belaela. Ho ekelletsa moo, Jehova o ile a ba tšehetsa a sebelisa Heldai, Tobija le Jedaia. A boela a tšepisa hore batho ba bang ba bangata ‘ba tla tla ’me ba hahe tempele’ ea hae. Kaha Bajuda ba ne ba kholisehile hore Jehova o ba tšehelitse, ba ile ba tsoela pele ho etsa mosebetsi ona ka sebete le hoja morena oa Persia a ne a ba laetse hore ba emise ho haha. Le hoja tšitiso ena e ne e le kholo hoo e ka tšoantšoang le thaba, Jehova o ile a e tlosa eaba Bajuda ba tsosolosa tempele ka mor’a lilemo tse 22 ba lokolotsoe bokhobeng Babylona. (Esdr. 6:22; Zak. 4:6, 7) Empa mantsoe a Jehova a ne a profeta ntho e kholo e neng e tla etsahala mehleng ea rona. w17.10 29 ¶17
Sontaha, la 17 March
E-ba sebete . . . ’me u nke bohato.—1 Likron. 28:20.
Jehova o ile a khetha Solomone hore a etelle pele mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oa ho haha tempele Jerusalema. Tempele eo e ne “e lokela ho ba e hlollang ka mokhoa o fetisisang ka botle linaheng tsohle.” Taba ea bohlokoa le ho feta ke hore tempele eo e ne e tla ba “ntlo ea Jehova Molimo oa ’nete.” (1 Likron. 22:1, 5, 9-11) Le hoja Solomone e ne e le mocha a bile a se na boiphihlelo, Morena Davida o ne a kholisehile hore Jehova o tla mo tšehetsa. Na Solomone o ne a tla ba le sebete sa ho amohela boikarabelo boo ba ho haha tempele? Kapa na o ne a tla sitoa ho o etsa hobane e le mocha a bile a se na boiphihlelo? O ne a lokela ho ba sebete e le hore a etse mosebetsi oo. Hoja Solomone ha aa ka a ba sebete, a ka be a sa ka a haha tempele eo. E ne e tla ba ntho e mpe ho feta ho hloleha ho phetha mosebetsi oa hae. Le rona re hloka thuso ea Jehova hore re be sebete ’me re phethe mesebetsi ea rona. w17.09 28 ¶1-2; 29 ¶4-5
Mantaha, la 18 March
Lentsoe la Molimo oa rōna, le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.—Esa. 40:8.
Hoja Bibele e ne e le sieo, u nahana hore bophelo ba hao bo ka be bo le joang? Ho ne ho se moo u ka fumanang likeletso teng. U ne u ke ke oa tseba letho ka Molimo, bophelo kapa bokamoso. Hape u ne u ke ke oa tseba hore na Molimo o ile a sebelisana joang le batho nakong e fetileng. Ka lehlohonolo ha ho joalo. Jehova o re file Lentsoe la hae e leng Bibele. O re kholisa hore molaetsa oa eona o tla lula o le teng. Moapostola Petrose o ile a qotsa mantsoe a Esaia 40:8. Le hoja mantsoe ao a sa bue ka Bibele ka ho toba, a bua ka molaetsa oa eona. (1 Pet. 1:24, 25) Ka lilemo tse ngata, batho ba ile ba sebetsa ka thata ho e fetolela le ho e abela batho ba bang, le hoja ka linako tse ling ho ne ho se bonolo. Ba ne ba batla hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete,” e leng seo e leng thato ea Molimo.—1 Tim. 2:3, 4. w17.09 18 ¶1-2
Labobeli, la 19 March
U mosali oa hae. Kahoo nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?—Gen. 39:9.
Bacha ba bangata ba etsahalloa ke ntho e tšoanang le e ileng ea etsahalla Josefa. (Gen. 39:7) Nahana ka Kim. Hangata ka mor’a mafelo a beke barutoana-’moho le eena ba ne ba bua kamoo ba ileng ba etsa thobalano kateng. Ho ne ho se letho leo Kim a ka le buang. O re leha ho le joalo, ka linako tse ling o ne a ikutloa e le mokhelo kaha lithaka tsa hae li ne li re ke leoatla hobane o ne a sa ratane. Empa Kim o ne a le masene hobane o ne a tseba hore ho bacha, litakatso tsa thobalano li matla haholo. (2 Tim. 2:22) Lithaka tsa hae li ne li atisa ho mo botsa hore na e ntse e le moroetsana. Seo se ile sa mo fa monyetla oa hlalosa hore na ke hobane’ng ha a sa etse thobalano. Re motlotlo ka bacha ba rona ba sa inehelleng khatello ea lithaka ea ho etsa thobalano, ’me le Jehova o thabisoa ke liqeto tseo ba li etsang. w17.09 4 ¶8; 5 ¶10
Laboraro, la 20 March
U se ke ua iponahatsa u halefile hore feela u etse bobe.—Pes. 37:8.
Hangata batho bao e leng li-fela-peloana baa rohakana ha ba halefile. Ho hlakile hore mokhoa ona o ke ke oa thusa lelapa hore le thabe. Bibele e re eletsa hore re se ke ra halefa kapa ra rohakana. (Baef. 4:31) Lebaka ke hore ho halefa le ho rohakana ho qetella ka ntoa. Le hoja batho ba lefatše ba sa bone e le phoso ho etsa joalo, liketso tseo ha li thabise Jehova. Batho ba bangata ba ile ba tlameha ho khaotsa mekhoa ena e le hore ba etse lintho ka tsela e khahlisang Jehova. (Bakol. 3:8-10) Ntho e ’ngoe hape eo Jehova a sa e rateng ke leshano. Mohlala, batho ba bangata ba bua leshano ha ba sa batle ho lefa lekhetho kapa ho jara boikarabelo haeba ba entse liphoso. Empa Jehova eena ke “Molimo oa ’nete.” (Pes. 31:5) Kahoo o batla hore “e mong le e mong” oa barapeli ba hae “a bue ’nete le moahelani oa hae” ’me a se ke a bua leshano. (Baef. 4:25; Bakol. 3:9) Ka hona, re lokela ho bua ’nete esita le haeba ho le thata kapa ho ka re soabisa.—Liprov. 6:16-19. w17.08 18 ¶3, 5; 20 ¶12-13, 15
Labone, la 21 March
Lentsoe la hae le matha ka lebelo.—Pes. 147:15.
Mehleng ena, Jehova o re thusa ka Lentsoe la hae, e leng Bibele. “Lentsoe la hae le matha ka lebelo” hobane o re fa lintho tseo re li hlokang ka nako hore re be le kamano e ntle le eena. Nahana kamoo u ruang molemo kateng ha u bala Bibele, u bala lingoliloeng tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene,” u shebella Khaso ea JW, u kena ho jw.org/st, u buisana le baholo kapa u kopana le Bakreste-’moho le uena. (Mat. 24:45) Na u hlokometse kamoo Jehova a potlakang kateng hore a u tataise? Mopesaleme o ne a tseba hore Molimo o ne a rata batho ba hae. E ne e le bona feela sechaba seo Molimo a se fileng “lentsoe la hae . . . le liqeto tsa hae tsa boahloli.” (Pes. 147:19, 20) Mehleng ena, re hlohonolofalitsoe ka hore ebe ke rona feela ba bitsoang ka lebitso la Molimo. Kaha re tseba Jehova ’me re phetha seo re ithutileng sona Lentsoeng la hae, re na le kamano e ntle le eena. Na le uena joaloka mongoli oa Pesaleme ea 147 ha u na mabaka a mangata a ho ‘rorisa Jah’ le hore u khothalletse batho ba bang hore le bona ba mo rorise? w17.07 20 ¶15-16; 21 ¶18
Labohlano, la 22 March
Ha ho monna ea sebeletsang e le lesole ea ikenyang likhoebong tsa bophelo, e le hore a ka fumana kamohelo ea ea mo ngolisitseng e le lesole.—2 Tim. 2:3, 4.
Mehleng ena, balateli bohle ba Jesu ba latela keletso eo ka hohle kamoo ba ka khonang. Ha lefatše le ba susumetsa ka lipapatso hore ba be le maruo a eketsehileng, ba hopola mantsoe ana: “Ea alingoang ke mohlanka oa motho ea mo alimang.” (Liprov. 22:7) Satane o batla hore re qete nako ea rona e ngata re sehlela ho ba le maruo. Re ka qeta lilemo re sesa ka har’a likoloto ka lebaka la liqeto tse ling tseo re li entseng. Ka mohlala, sekoloto sa ntlo, sa sekolo, sa koloi esita le ho ntša chelete e ngata bakeng sa lechato ho ka etsa hore re imeloe haholo kelellong. Re tla be re bontša hore re bohlale ha re nolofatsa bophelo ka ho fokotsa likoloto le ho qoba ho reka lintho tseo re sa li hlokeng, e le hore re be makhoba a Molimo ho e-na le ho sehlela maruo.—1 Tim. 6:10. w17.07 10 ¶13
Moqebelo, la 23 March
Ke nkile litaelo tsohle tsa hao mabapi le lintho tsohle e le tse nepahetseng; ke hloile tsela e ’ngoe le e ’ngoe ea bohata.—Pes. 119:128.
Jehova o lokela ho re busa hobane o busa ka toka. O re: “Ke ’na Jehova, ea bontšang mosa o lerato, toka le ho loka lefatšeng; etsoe ke khahlisoa ke lintho tsena.” (Jer. 9:24) Jehova ha a laoloe ke melao ea batho hore a buse ka toka. Kaha Jehova o etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka toka, ke eena feela ea matla ’ohle, o busa ka toka ebile ke eena ea fang batho melao. Kaha “ho loka le kahlolo ke sebaka se tiisitsoeng sa terone ea [hae]” re ka kholiseha hore melao eohle ea hae le liqeto tseo a li etsang li lokile. (Pes. 89:14) Le hoja Diabolose a tsitlallela hore Jehova ha a buse ka toka, eena ha a khone ho etsa hore toka e be teng lefatšeng. w17.06 28 ¶5
Sontaha, la 24 March
’Musi Morena Jehova, . . . mantsoe a hao, ke a ’nete.—2 Sam. 7:28.
Jehova ke Molimo oa ’nete. (Pes. 31:5) O fa batho ba mo mamelang tsebo ea lithuto tsa Bibele. Re ile ra ba le tsebo ena ho tloha ha re ne re qala ho ithuta Bibele, re bala lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, re ea likopanong le libokeng. Ha nako e ntse e ea, re ba le ‘pokello . . . ea letlotlo’ la lintho tsohle tseo re ithutileng tsona le tseo re ntseng re tsoela pele ho ithuta tsona Bibeleng. (Mat. 13:52) Haeba re sebetsa ka thata ho batla tsebo ea lintho tsena, Jehova o tla etsa hore tsebo eo re nang le eona ea lithuto tsa Bibele e eketsehe. (Liprov. 2:4-7) Re ka batla tsebo eo joang? Re lokela ho itloaetsa ho bala Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng re be re etse lipatlisiso ka hloko e le hore re ithute lintho tse ncha Bibeleng. (Josh. 1:8, 9; Pes. 1:2, 3) Ho e-na le ho khotsofalla lithuto tseo re li tsebang feela, re lokela ho lula re batla tse ling tse ngata ka Bibeleng. w17.06 12 ¶13-14
Mantaha, la 25 March
Le tla mpitsa ’me le tl’o nthapela, ’me ke tla le mamela.—Jer. 29:12.
Mohlankana e mong o ile a buisana le moholo ea seng a e-na le lelapa ka taba e ’ngoe e neng e mo tšoenya. Mohlankana eo o ne a ntse a nahana ka lengolo la 1 Bakorinthe 7:28 le reng: “Ba kenang lenyalong ba tla ba le matšoenyeho nameng ea bona.” O ile a botsa moholo eo hore na matšoenyeho ao ke’ng le hore na o ne a ka sebetsana le ’ona joang haeba a nyala. Pele mor’abo rona a ka arabela potso eo, o ile a khothalletsa mocha eo ho nahana ka mantsoe a moapostola Pauluse a reng Jehova ‘Molimo oa matšeliso ’ohle o re tšelisa matšoenyehong ’ohle a rōna.’ (2 Bakor. 1:3, 4) Jehova ke Ntate ea lerato ea re tšelisang ha re e-na le mathata. Mohlomong ho na le nako eo Jehova a kileng a u tšelisa le ho u tataisa ka Lentsoe la hae. Mehleng ea khale Jehova o ile a batlela bahlanka ba hae se molemo. Le rona re kholisehile hore o re batlela se molemo.—Jer. 29:11. w17.06 4 ¶1-2
Labobeli, la 26 March
Jehova o sireletsa balichaba.—Pes. 146:9.
Baphaphathehi ha ba hloke ho thusoa ka lijo le liaparo feela. Ba boetse ba hloka ho thusoa hore ba matlafatse kamano ea bona le Molimo. Hape ba hloka ho khothatsoa e le hore ba se ke ba nyahama. (Mat. 4:4) Baholo ba ka etsa seo ka hore ba thuse baphaphathehi ho fumana lingoliloeng ka puo eo ba e buang. Hape ba ka ba thusa hore ba etse setsoalle le barab’abo rona ba buang puo ea bona. Baphaphathehi ba bangata ba arohane le ba malapa a bona, baahisani le Bakreste-’moho le bona. Ha re ba tšoara hantle, ba tla bona hore Jehova oa ba rata ebile o ba utloela bohloko. Ho seng joalo ba tla etsa setsoalle le batho ba kang ba leloko kapa batho ba tsoang naheng e le ’ngoe le bona, ba utloisisang setso sa bona le mathata ao ba tobanang le ’ona bao e seng Lipaki. (1 Bakor. 15:33) Re lokela ho etsa hore ba ikutloe ba amohelehile ka phuthehong ’me ha re etsa joalo re tla be re bontša hore re sebelisana le Jehova ka ho “lebela bajaki” kapa baphaphathehi. Ho ka etsahala hore ebe baphaphathehi ba ke ke ba khona ho khutlela habo bona hafeela ho ntse ho e-na le lintoa le mahloriso. Ba bangata ba ntse ba hopola lintho tse bohloko tse ba etsahaletseng. U ka ipotsa: ‘Haeba ke ne ke le boemong ba bona, ke ne ke tla thabela hore batho ba ntšoare joang?’—Mat. 7:12. w17.05 6 ¶15-16
Laboraro, la 27 March
Lerato la ba bangata le tla fola.—Mat. 24:12.
Kaha re phela lefatšeng le busoang ke Satane, re kopana le lintho tse ngata tse re utloisang bohloko. (1 Joh. 5:19) Empa haeba re nyahama ho ea ho ile, tumelo ea rona e ka fokola ’me lerato leo re ratang Molimo ka lona la fokotseha. Ka mohlala, re na le mathata a bakoang ke botsofali, ho kula kapa ho hloka chelete. Mohlomong re ka utloisoa bohloko ke hore lintho ha lia etsahala ka tsela eo re neng re nahanne. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho nka hore Jehova o re lahlile. Ho e-na le hoo, re lokela ho lula re nahana ka mantsoe ana a Pesaleme ea 136:23 a reng Jehova o re “hopola boemong ba rōna bo tlaase, etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Jehova o lula a rata barapeli ba hae. Kahoo, re kholisehile hore o utloa ‘likōpo tsa rona tse tiileng’ ebile oa li araba.—Pes. 116:1; 136:24-26. w17.05 18 ¶8
Labone, la 28 March
Haeba le sa tšoarele batho litšito tsa bona, le Ntat’a lōna a ke ke a le tšoarela litšito tsa lōna.—Mat. 6:15.
Joalokaha Lengolo la Bagalata 2:11-14 le bontša, Petrose o ne a tšaba batho. (Liprov. 29:25) O ne a tseba hore na Jehova o ikutloa joang ka Bakreste ba Balichaba. Leha ho le joalo, o ne a tšaba hore na Bakreste ba Bajuda ba bolotseng ba tla nahana’ng ka eena. Moapostola Pauluse o ile a khalemela Petrose ha ba le Antioke a ba a pepesa boikaketsi ba hae. (Lik. 15:12; Bagal. 2:13) Ka boikokobetso, Petrose o ile a mamela ha Pauluse a mo khalemela. Ha ho na moo Bibele e bontšang hore Petrose o ile a nkeloa litokelo. Ho e-na le hoo, o ile a bululeloa hore a ngole libuka tse peli tsa Bibele. Jesu o ile a tsoela pele ho mo fa boikarabelo. (Baef. 1:22) Bakreste ba nakong eo ba ne ba e-na le monyetla oa ho etsisa Jesu le Ntate oa hae ka hore ba tšoarele Petrose. E tlameha ebe ha ho le ea mong ho bona ea ileng a itumella hore a utloisoe bohloko ke phoso ea motho ea sa phethahalang. w17.04 27 ¶16-18
Labohlano, la 29 March
Ka ho fetola metse ea Sodoma le Gomora molora [Molimo] a e ahlola, a behela batho ba se nang bomolimo mohlala oa lintho tse tlang ho tla.—2 Pet. 2:6.
Ha Jehova a felisa baahi ba sebaka seo kaofela, o ne a sa felise liketso tse mpe feela empa o ne “a behela batho ba se nang bomolimo mohlala oa lintho tse tlang ho tla.” Joalokaha Jehova a ile a felisa batho bohle ba boitšoaro bo bobe mehleng eo, o tla boela a felise batho ba etsang liketso tse mpe ha a tlisa kahlolo lefatšeng. Liketso tse mpe li tla nkeloa sebaka ke’ng? Lefatše la Paradeise le tla tlala ka batho ba etsang mesebetsi e metle. Nahana ka mosebetsi o thabisang oa ho fetola lefatše paradeise kapa oa ho ikahela matlo le ho ahela bana babo rona. Nahana hore na ho tla ba joang ha re amohela batho ba limilione ba tsositsoeng bafung ’me re ba ruta ka Jehova le kamoo a ’nileng a sebelisana le batho kateng. (Esa. 65:21, 22; Lik. 24:15) Re tla thabela ho etsa mesebetsi eo re e ratang e bileng e tlotlisang Jehova! w17.04 12 ¶11-12
Moqebelo, la 30 March
Ea tsoelang ka ntle ho mamati a ntlo ea ka . . . e tla ba oa Jehova.—Baahl. 11:31.
Ha Jafeta a etsa kano eo, e ka ’na eaba o ne a tseba hore ke morali oa hae ea neng a tla mo khahlanyetsa. Ebang o ne a tseba kapa che, ho ne ho le thata hore Jafeta le morali oa hae ba phethe tšepiso eo. Ha a bona morali oa hae, Jafeta a qala ho “hahola liaparo tsa hae” ’me a re pelo ea hae e bohloko. Morali oa hae o ile a ‘llela boroetsana ba hae.’ Hobane’ng? Jafeta o ne a se na bara ’me morali oa hae o ne a ke ke a nyaloa, kahoo, Jafeta o ne a ke ke a ba le litloholo. Lelapa la Jafeta le ne le ke ke la ata. Leha ho le joalo, seo e ne e se sa bohlokoa hakaalo. Jafeta o ile a re: “Ke ahlamisitse molomo oa ka ho Jehova, ’me ha ke khone ho koeneha.” Morali oa hae a araba ka ho re: “Nketse ho ea ka se tsoileng molomong oa hao.” (Baahl. 11:35-39) Jafeta le morali oa hae ba ne ba tšepahala ’me ba ikemiselitse ho phetha tšepiso ea bona ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahala’ng ka bona.—Deut. 23:21, 23; Pes. 15:4. w17.04 4 ¶5-6
Sontaha, la 31 March
Ke tla leta.—Mik. 7:7.
Josefa o ile a tšoaroa ka leeme ka makhetlo a ’maloa. Ha a le lilemo li ka bang 17, baholoane ba hae ba ile ba mo rekisa hore e be lekhoba. Hamorao, mosali oa mong’a hae o ile a etseletsa Josefa ka hore o mo betile eaba o kenngoa teronkong. (Gen. 39:11-20; Pes. 105:17, 18) Le hoja Josefa a ne a tšepahalla Molimo, ho ne ho bonahala eka Molimo oa mo otla ho e-na le ho mo hlohonolofatsa. Empa ka mor’a lilemo tse 13, lintho li ile tsa fetoha ka potlako. O ile a lokolloa teronkong eaba Faro o mo beha hore a laole Egepeta. (Gen. 41:14, 37-43; Lik. 7:9, 10) Na Josefa o ile a halefa ha a tšoaroa ka leeme? Na o ile a khaotsa ho tšepa Molimo oa hae, Jehova? Che. Ke’ng e thusitseng Josefa hore a se ke a fela pelo? O ne a e-na le tumelo e matla ho Jehova. O ne a tseba hore lintho li taolong ea Jehova. Hlokomela hore na o ile a re’ng ho barab’abo: “Ha e le lōna, le ne le nkhopoletse bobe. Molimo o ne a hopotse se molemo ka morero oa ho etsa joaloka letsatsing lena ho boloka batho ba bangata ba phela.” (Gen. 50:19, 20) Qetellong, Josefa o ile a hlokomela hore ha aa ka a itšenyetsa nako ka ho letela Jehova. w17.08 4 ¶6; 6 ¶12-13