September
Sontaha, la 1 September
[Hōlisang bana] ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.—Baef. 6:4.
Ho ruta bana hore ba rate Jehova ke e ’ngoe ea litokelo tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo batsoali ba nang le tsona. (Pes. 127:3) Mehleng ea Baiseraele, bana ba ne ba hlaha e se e ntse e le karolo ea batho ba inehetseng ho Jehova. Empa mehleng ena ha ho joalo. Hape, ha batsoali ba rata Jehova, ha se hore le bana ba bona ba tla mo rata. Ho tloha letsatsing leo ngoana a hlahileng ka lona, batsoali ba lokela ho mo thusa hore e be morutuoa le hore ebe mohlanka oa Jehova ea kolobelitsoeng le ea inehetseng ho Eena. Ke hobane’ng ha taba ee e le bohlokoa? Ha motho a inehetse le ho kolobetsoa a bile a sebeletsa Jehova, O tla mo sireletsa nakong ea matšoenyeho a maholo. (Mat. 24:13) Batsoali, e se eka le lona le ka thaba ’me la khotsofala ka tsela e tšoanang ha le bona bana ba lona ba inehela ho Jehova ’me ba kolobetsoa. w18.03 12 ¶16-17
Mantaha, la 2 September
Ikele hloko kamehla ’me u ele hloko le ho ruta ha hao.—1 Tim. 4:16.
Kamehla batho bohle ba fanang ka keletso ba sebelisa Bibele, ba lokela ho etsisa Kreste. Ka ho etsa joalo, ba bontša hore ba tataisoa ke Jehova le Jesu. Ha re amohela khalemelo ea Jehova, re bile re etsisa tsela eo Jehova le Jesu ba khalemelang ka eona, re tla fumana litlhohonolofatso tse ngata. Ho tla ba le khotso ka malapeng a rona le ka phuthehong ’me motho e mong le e mong o tla ikutloa a sireletsehile, a utloe a ratoa a bile a amoheleha. Hona joale re thabile ebile re na le khotso. Empa re tla thaba le ho feta lefatšeng le lecha. (Pes. 72:7) Ha Jehova a re khalemela, o re ruta ho phela ka khotso ka ho sa feleng le hore re be lelapa la hae le momahaneng. (Esa. 11:9) Haeba re hopola taba ena, re tla utloisisa hore Jehova o re khalemela hobane a re rata e le kannete. w18.03 26 ¶15; 27 ¶17, 19
Labobeli, la 3 September
Ba kolobetsoa ke eena Nōkeng ea Jordane, ba bolela libe tsa bona pepenene.—Mat. 3:6.
Ha motho a ne a kolobetsoa ke Johanne o ne a bontša hore o baketse libe tsa ho tlola Molao oa Moshe. (Mat. 3:1-6) Leha ho le joalo, motho oa bohlokoa ka ho fetisisa eo Johanne a ileng a mo kolobetsa o ne a se na libe. Johanne o bile le tlotla ea ho kolobetsa Jesu ea neng a phethahetse. (Mat. 3:13-17) Jesu o ne a se na sebe, kahoo o ne a sa hloke ho baka. (1 Pet. 2:22) Ha a kolobetsoa, o ne a bontša hore o batla ho etsa ho etsa thato ea Jehova. (Baheb. 10:7) Barutuoa ba Jesu ba ile ba kolobetsa batho nakong ea ha a ntse a phela lefatšeng. (Joh. 3:22; 4:1, 2) Batho ba neng ba kolobetsoa ke barutuoa le bona ba ne ba lokela ho bakela libe tseo ba li entseng ka ho tlola Molao oa Moshe. Leha ho le joalo, ka mor’a hore Jesu a shoe ebe o tsosoa bafung, lebaka leo batho ba kolobetsoang ka lona le ne le tla fapana hole le la pele ho lefu la hae. w18.03 5 ¶6-7
Laboraro, la 4 September
Motho oa moea o hlahloba lintho tsohle.—1 Bakor. 2:15.
Motho ea nang le kamano e ntle le Molimo o fapana le ea se nang eona ka hore eena o rata Molimo. O lumella Jehova hore a mo tataise ka moea oa hae o halalelang ’me o sebetsa ka thata ho mo etsisa. (Baef. 5:1) Kahoo o leka ka hohle ho ithuta hore na Jehova o rata eng ’me a shebe lintho kamoo Jehova a li shebang kateng. O nka Jehova e le motsoalle oa hae. Motho ea nang le setsoalle le Molimo o mamela melao ea Hae linthong tsohle. (Pes. 119:33; 143:10) Ho e-na le hore a etse “mesebetsi ea nama,” o leka ho ba le “litholoana tsa moea.”—Bagal. 5:22, 23. w18.02 19 ¶3, 6
Labone, la 5 September
Uena Daniele, monna ea khahlehang haholo.—Dan. 10:11.
Daniele o ne a le botlamuoeng motseng oa Babylona o neng o tumme ka borapeli ba litšoantšo le tšebelisano le bademona. Ho feta moo Bababylona ba ile ba soma Bajuda hammoho le Molimo oa bona Jehova. (Pes. 137:1, 3) E tlameha ebe Daniele le Bajuda ba bang ba tšepahalang ba ile ba utloisoa bohloko ke taba ena. Hape, ba ne ba lokela ho ja lijo tsa morena tse neng li akarelletsa tseo Jehova a sa batleng hore bahlanka ba hae ba li je. Empa Daniele ha aa ka a “itšilafatsa ka limenyemenye tsa morena.” (Dan. 1:5-8, 14-17) Bohlale ba Daniele bo ile ba qetella e le phephetso ho eena kaha morena o ile a mo etsa motho oa bohlokoa pusong eo. (Dan. 1:19, 20) Empa ho e-na le hore ebe oa ikhohomosa le ho tsitlella maikutlong a hae, o ile a ikokobetsa, ’me a tsoela pele a lebisa thoriso ho Jehova. (Dan. 2:30) Jehova o ile a balella Daniele har’a batho ba lokileng bao e leng mohlala o motle ba kang Noe le Jobo, a sa le lilemong tsa bocha. (Ezek. 14:14) Na Jehova o ne a fositse ka ho tšepa Daniele? Che! Daniele o ile a tšepahalla Jehova bophelo bohle ba hae. w18.02 5 ¶11-12
Labohlano, la 6 September
Levi a lokisetsa [Jesu] mokete o moholo oa kamohelo ka tlung ea hae.—Luka 5:29.
Jesu o re bontšitse mohlala o motle oa ho ba le maikutlo a nepahetseng ka ho ithabisa. O ile a ba teng ‘moketeng oa lenyalo’ le ‘moketeng o moholo oa kamohelo.’ (Joh. 2:1-10) Moketeng oa lenyalo, ho ne ho se veine e lekaneng, kahoo Jesu o ile a etsa mohlolo eaba o fetola metsi hore e be veine. Empa Jesu o ne a sa nke ho ithabisa e le ntho ea bohlokoa bophelong. O ne a nka Jehova e le eena ea tlang pele bophelong ba hae ’me a leka ka hohle ho thusa batho. Ka ho rata, o ile a ba a shoa lefu le bohloko thupeng ea tlhokofatso e le hore a pholose batho. Jesu o ile a bua le batho ba batlang ho mo latela a re: “Ho thaba lōna ha batho ba le nyelisa ’me ba le hlorisa ’me ka leshano ba bua ntho ea mofuta o mong le o mong e khopo ka lōna ka lebaka la ka. Thabang ’me le tlōle ke thabo, kaha moputso oa lōna o moholo maholimong.” (Mat. 5:11, 12) Kaha re rata Jehova ebile re batla ho mo thabisa, re leka ka hohle ho qoba lintho tseo re tsebang hore li fosahetse hammoho le tseo re nahanang hore li tla mo koatisa.—Mat. 22:37, 38. w18.01 26 ¶16-18
Moqebelo, la 7 September
Haeba motho a bokotsa mohlanka oa hae ho tloha bocheng ho ea pele, bophelong ba hae hamorao o tla fetoha ea se nang teboho.—Liprov. 29:21.
Re fa Jehova lintho tseo re nang le tsona hobane re mo rata re bile re ananela lintho tseo a re etselitseng tsona. Re felloa ke mantsoe ha re nahana ka lintho tseo Jehova a re fileng tsona. Morena Davida o ile a re lintho tsohle tseo re li fumanang li tsoa ho Jehova le hore re fa Jehova lintho tseo a re fileng tsona. (1 Likron. 29:11-14) Ho bohlokoa hore re fane ka pelo eohle ho feta ho lula re thabela ho fuoa. Nahana ka ngoana ea fuoang chelete ke batsoali ba hae ebe karolo ea chelete eo o e sebelisetsa ho ba rekela mpho. Batsoali ba hae ba ka ikutloa joang ka mpho eo? Kapa nahana ka pula-maliboho e mocha ea lulang le batsoali ba hae ebe o ba fa chelete ho ba thusa ho patala rente kapa ho reka lijo bakeng sa lelapa. Le hoja batsoali ba sa lebella hore a patale letho, ba amohela mpho ena hobane ke ntho e ntle ha ngoana a bontša hore o ananela lintho tsohle tseo batsoali ba hae ba mo etsetsang tsona. Jehova le eena oa tseba hore re tla be re etsa hantle haeba re fana ka lintho tsa rona tsa bohlokoa. w18.01 18 ¶4, 6
Sontaha, la 8 September
Le khethe bophelo e le hore le tsoele pele le phela, lōna le bana ba lōna.—Deut. 30:19.
Ha hoa lekana ho bolella ngoana oa hao feela hore na lintho tse nepahetseng le tse fosahetseng ke life. U boetse u lokela ho mo thusa hore a khone ho araba lipotso tse kang: ‘Ke hobane’ng ha Bibele e re hanela ho etsa lintho tseo ho ka bonahalang li le monate? Ke kholisoa ke’ng hore kamehla melao ea Jehova e molemong oa ka?’ (Esa. 48:17, 18) Haeba ngoan’a hao a batla ho kolobetsoa, u lokela ho mo thusa hore a nahane ka ho teba hore na boikarabelo ba hae e tla ba bofe ha a se a kolobelitsoe. Hape u lokela ho tseba hore na o ikutloa joang ka ho kolobetsoa. Melemo ea ho kolobetsoa ke efe? Na ho na le mathata a tlisoang ke ho kolobetsoa? U ka mo bontša joang hore melemo ea ho kolobetsoa e feta mathata leha e le afe a ka hlahang? (Mar. 10:29, 30) Ho bohlokoa hore a nahane ka lipotso tsena pele a kolobetsoa. Ha u thusa ngoan’a hao hore a nahanisise ka tsona, o tla kholiseha hore ho mamela melao ea Jehova kamehla ho molemong oa hae. w17.12 21 ¶14-15
Mantaha, la 9 September
E ’ngoe le e ’ngoe o e bitsa le ka lebitso.—Esa. 40:26.
Ho na le bara le barali babo rona ba bangata ba tšoeroeng ke mafu a kotsi. Ba bang bona le hoja ba se ba holile, ba lokela ho hlokomela beng ka bona bao e leng maqheku. Empa ba bang ba hloleha ho hlokomela ba malapa a bona ka lintho tseo ba li hlokang. Batho ba bang bona ba hlaheloa ke mathata a mangata ka nako e le ’ngoe ’me ho ba hloka nako le chelete hore ba sebetsane le ’ona. Haeba Jehova a thahasella linaleli e leng lintho tse sa pheleng, nahana hore na o ikutloa joang ka uena motho ea mo sebeletsang ka ho rata eseng hobane u tlamehile. (Pes. 19:1, 3, 14) Jehova o u tseba hantle. Ha Bibele e bua ka Jehova e re: “Moriri oa lihlooho tsa lōna o baliloe kaofela.” (Mat. 10:30) Re boetse re tšelisoa ke Pesaleme ea 37:18 e reng: “Jehova o hlokomela matsatsi a ba se nang molato,” e leng hore o hlokomela mathata a hlahelang bahlanka ba hae. Kahoo, a ka u fa matla a hore u khone ho a mamella kaofela. w18.01 7 ¶1; 8 ¶4
Labobeli, la 10 September
Tabitha, tsoha!—Lik. 9:40.
Ka mor’a hore Petrose a tsose Tabitha, “ba bangata ea e-ba balumeli ho Morena.” Ba ne ba ka bolella batho ka Jesu le hore Jehova a ka tsosa bafu. (Lik. 9:36-42) Batho ba bang le bona ba ile ba bona ha batho ba tsosoa. Ka nako e ’ngoe moapostola Pauluse o ne a le motseng oa Troase oo hona joale o bitsoang Turkey ’me moo o ne a le sebokeng se neng se tšoaretsoe kamoreng e ka holimo. Pauluse o ile a bua ho fihlela ka khitla. Mohlankana e mong ea bitsoang Eutikase o ne a mametse a lutse fensetereng. Empa o ile a khaleha eaba o oela fatše a tloha mokatong oa boraro oa ntlo. Ho ka etsahala hore ebe ngaka Luka e ile ea e-ba eena oa pele oa ho fihla ho Eutikase a ba a mo hlahloba. Ha aa ka a fumana Eutikase a lemetse kapa a akhehile, empa o ile a fumana a shoele. Pauluse o ile a tla moo ba neng ba le teng eaba o tšoara setopo ’me o re: “Moea oa hae o ho eena,” e leng hore oa phela. E tlameha ebe batho ba neng ba le moo ba ile ba thaba ’me “ba tšeliseha” haholo.—Lik. 20:7-12. w17.12 5 ¶10-11
Laboraro, la 11 September
Tloong, le bone mesebetsi ea Jehova.—Pes. 46:8.
Na ehlile batho ba khona ho laola mathata a teng lefatšeng? Mathata ana a bile teng ka lilemo tse ngata. Ha e le hantle batho ha ba tsebe ho qoba lintoa. Litlolo tsa molao tse kang bomenemene bo etsoang ka Inthanete, tlhekefetso le bokhukhuni li ntse li eketseha ka tsela e tšosang. Mafu a bolaeang le ona a eketsehile haholo. Ha re makale ha re bona lintho li ntse li mpefala ka tsela ena hobane bo-rakhoebo le bo-ralipolotiki ba meharo. Ba ke ke ba khona ho felisa lintoa, tlolo ea molao, mafu le bofutsana. Ke ’Muso oa Molimo feela o ka li felisang. Nahana hore na Jehova o tla etsetsa batho eng. ’Muso oa Molimo o tla felisa sesosa sa lintoa, e leng batho ba meharo, ba ratang bobolu le ba ratang linaha tsa habo bona ka ho fetelletseng. O tla boela o felise bolumeli ba bohata hammoho le Satane. (Pes. 46:9) ’Muso oa Molimo o tla felisa tlolo ea molao. O se o ntse o ruta batho ba limilione hore ba ratane ’me ba tšepane. Ha ho ’Muso leha e le ofe o ka etsang joalo. (Esa. 11:9) Haufinyane Jehova o tla felisa mafu ’ohle ’me a etse hore batho bohle ba be le bophelo bo botle. (Esa. 35:5, 6) O tla felisa bofutsana, a etse hore batho ba thabele bophelo ’me e be metsoalle ea hae.—Pes. 72:12, 13. w17.11 24 ¶14-16
Labone, la 12 September
U se ke ua ba le molato oa mali.—Deut. 19:10.
Le leng la mabaka a hore ho be le metse ea setšabelo e ne e le ho sireletsa Baiseraele hore ba hloke molato oa mali. Kaha Jehova o rata bophelo, o hloile “matsoho a tšollang mali a hlokang molato.” (Liprov. 6:16, 17) Hape, kaha o na le toka ebile oa halalela, o ne a ke ke a iphapanya ha motho a bolaile e mong ka phoso. Bangoli le Bafarisi ba ne ba sa tšoane le Jehova hobane ba ne ba sa tsotelle bophelo ba batho ba bang. Jesu o ile a re ho bona: “Le ile la tlosa senotlolo sa tsebo. Ha lea ka la kena, ’me ba kenang le ile la ba sitisa.” (Luka 11:52) Jesu o ne a bolela’ng? Bangoli le Bafarisi ba ne ba lokela ho hlalosetsa batho Lentsoe la Molimo ’me ba ba thuse hore ba fumane bophelo bo sa feleng. Ho e-na le hore ba etse joalo, ba ne ba sitisa batho hore ba se ke ba latela Jesu, e leng “Moemeli ea ka Sehloohong oa bophelo.” (Lik. 3:15) Kahoo, ba ne ba lebisa batho timetsong. Kaha bangoli le Bafarisi ba ne ba ikhohomosa ba bile ba icheba bobona, ba ne ba sa tsotelle bophelo ba batho ba bang. Ba ne ba le khopo ba bile ba se na mohau. w17.11 15 ¶9-10
Labohlano, la 13 September
Etsoe mang kapa mang ea hlajoang ke lihlong ka lebaka la ka . . . , Mor’a motho le eena o tla hlajoa ke lihlong ka lebaka la hae.—Mar. 8:38.
Ho ka etsahala hore ebe qalong re ne re tšaba ho bolella beng ka rona hore re ithuta le Lipaki Tsa Jehova. Empa ha tumelo ea rona e ntse e e-ba matla, re ile ra ba sebete ’me ra ba bolella hore re sebeletsa Jehova. Haeba ho tšepahalla Jehova ho lukile khotso pakeng tsa hao le beng ka uena bao e seng Lipaki, leka ho ba nahanela. Re thaba haholo hore ebe re ithutile ka Jehova. Leha ho le joalo, beng ka rona ba ka ’na ba nahana hore re qhekeletsoe kapa hore re karolo ea bolumeli bo makatsang. Ba ka nka hore ha re sa ba rata hobane re sa be le bona meketeng e mengata kapa hore ho na le kotsi e tla re etsahalla ka mor’a hore re shoe. Leha ho le joalo, re lokela ho ba nahanela ka hore re leke ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba ikutloa ka tsela eo. (Liprov. 20:5) Moapostola Pauluse o ile a leka ho utloisisa “batho ba mefuta eohle” e le hore a ka ba ruta litaba tse molemo. Haeba re leka ho utloisisa beng ka rona, seo se ka re thusa ho ba ruta ka Jehova.—1 Bakor. 9:19-23. w17.10 15 ¶11-12
Moqebelo, la 14 September
[Binelang] Molimo . . . lipina tsa thoriso.—Pes. 33:2.
Mohlomong re tšaba ho bina hobane re sa tsebe ho bina. Empa ho na le lintho tseo re ka li etsang tse ka re thusang ho ntlafatsa tsela eo re binang ka eona. U ka khona ho bina ka lentsoe le phahameng haeba u hema ka tsela e nepahetseng. Feela joalokaha lebone le khantšoa ke motlakase, ho hema ho etsa hore mantsoe a rona a be matla ha re bua le ha re bina. U lokela ho bina ka lentsoe le phefa joalokaha u bua, kapa le ho feta. Ha e le hantle, ka linako tse ling Bibele e re barapeli ba Jehova ba lokela ho ‘hoeletsa ka thabo’ ha ba binela Jehova. (Pes. 33:1-3) Leka ho etsa lintho tse latelang: Khetha pina ea ’Muso eo u e ratang. Balla mantsoe a eona holimo ka lentsoe le phefa. Ka mor’a moo, leka ho bala poleloana e le ’ngoe ea pina u sa e phomolele. Ebe u bina poleloana eo ka lentsoe lona leo le phefa. (Esa. 24:14) Lentsoe la hao le tla ba matla, e leng eona ntho e hlokehang. Empa le se ke la u tšosa kapa la u hlabisa lihlong. w17.11 5-6 ¶11-13
Sontaha, la 15 September
E mong le e mong eo moea oa hae o neng o tsositsoe molota ke Molimo oa ’nete, hore ba nyolohe ho ea tsosolosa ntlo ea Jehova, e neng e le Jerusalema.—Esdr. 1:5.
Ho ka etsahala hore ebe ha ba ntse ba tsamaea leeto leo le le lelele, ba ne ba ntse ba nahana ka sebaka seo ba il’o lula ho sona. E ka ’na eaba ba holileng ba ile ba bolella ba bacha kamoo Jerusalema e kileng ea e-ba ntle kateng le hore na tempele e ne e le hokae. (Esdr. 3:12) Haeba u ne u ntse u tsamaea le bona, u ne u tla ikutloa joang ha u bona Jerusalema ka lekhetlo la pele, e leng moo u il’o lula teng? Na u ne u tla nyahama ha u bona mehaho e soahlamaneng eo ka hare e metseng litlama-tlama e bile e se na likeiti le litora tsa balebeli? Na u ne u tla bapisa marako a maholo a Babylona le marako a Jerusalema a oeleng? Bajuda ha baa ka ba nyahama. Hobane’ng? Hobane ha ba ntse ba tsamaea leeto la bona le le lelele, ba ile ba bona ha Jehova a ba thusa le ho ba sireletsa. Hang ha ba fihla Jerusalema, ba ile ba haha aletare moo tempele e neng e le hona teng eaba ba etsetsa Jehova mahlabelo letsatsi le letsatsi.—Esdr. 3:1, 2. w17.10 26-27 ¶2-3
Mantaha, la 16 September
U se ke ua tšoha kapa ua haroha letsoalo, etsoe Jehova . . . o na le uena.—1 Likron. 28:20.
Ho ka etsahala hore ebe Solomone o ile a ithuta ho ba sebete ho ntate oa hae. Davida o ile a ba sebete sa ho beha tau setsoetse ha a ne a loantša Goliathe. Molimo o ile a mo thusa hore a mo hlole. (1 Sam. 17:45, 49, 50) Kahoo Davida o ne a le boemong bo botle hore a khothalletse Solomone ho ba sebete e le hore a hahe tempele. Jehova o ne a tla ba le eena ho fihlela a qeta ho e haha. Kaha Solomone o ne a nahana ka lintho tseo ntate oa hae a mo boleletseng tsona, ha aa ka a nyahama hobane a le mocha a bile a se na boiphihlelo. Ho e-na le hoo, o ile a ba sebete eaba Jehova o mo thusa hore a hahe tempele ka lilemo tse supileng le likhoeli tse tšeletseng. Feela joalokaha Jehova a ile a thusa Solomone, le rona a ka re thusa hore re etse mosebetsi oa rona ebang ke ka lapeng kapa ke ka phuthehong. (Esa. 41:10, 13) Haeba re e-ba sebete ha re sebeletsa Jehova, o tla re hlohonolofatsa hona joale le nakong e tlang. w17.09 28 ¶3; 29 ¶4; 32 ¶20-21
Labobeli, la 17 September
Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.—Baheb. 4:12.
Kaha re batho ba Jehova re kholisehile hore lentsoe la hae, e leng molaetsa o eang ho moloko oa batho “lea phela ’me le fana ka matla.” Re bone matla a Lentsoe la Molimo bophelong ba rona le bophelong ba batho ba bang. Pele e e-ba Lipaki ba bang e ne e le masholu, ba sebelisa lithethefatsi ha ba bang ba ne ba etsa thobalano kantle ho lenyalo. Ba bang bona ba ne ba tumme ebile ba e-na le chelete e ngata empa ba ile ba ’na ba utloa eka ho na le ho haellang bophelong ba bona. (Moek. 2:3-11) Hoa thabisa hore ebe Bibele e ile ea thusa ba bangata ba neng ba se na morero bophelong hore ba be le tšepo. Mohlomong u ile oa thabela ho bala ka batho ba joalo tlas’a sehlooho se reng “Bibele e Fetola Batho,” se hlahang Molula-Qhooeng. ’Me u hlokometse hore le ka mor’a hore ba ithute Bibele, Bakreste ba tsoela pele ho etsa liphetoho bophelong ba bona. w17.09 23 ¶1
Laboraro, la 18 September
Ka lebaka la qenehelo ea Jehova ho eena, . . . ba mo ntša ba mo beha ka ntle ho motse.—Gen. 19:16.
Tlaleho ena e buang ka Lota e re thusa ho hlokomela hore Jehova oa bona ha batho ba hae ba le maemong a boima. (Esa. 63:7-9; Jak. 5:11; 2 Pet. 2:9) O boetse o ruta batho ba hae bohlokoa ba ho qenehela. Nahana ka molao o neng o fuoe Baiseraele o neng o lumella motho ho nka seaparo sa ea mo kolotang. (Exoda 22:26, 27) Motho ea se nang pelo o ne a ka nka seaparo sa ea mo kolotang ebe o mo siea a se na letho leo a ka le aparang ha a robala. Jehova o ile a ruta batho ba hae hore ba utloele batho ba bang bohloko ho e-na le hore ba ba tšoare ka tsela eo. Le rona re lokela ho utloela batho ba bang bohloko. Haeba ho e-na le ntho eo re ka thusang Mokreste-’moho le rona ka eona, ha rea lokela ho iphapanyetsa eena, empa re lokela ho mo thusa.—Bakol. 3:12; Jak. 2:15, 16; 1 Joh. 3:17. w17.09 9 ¶4-5
Labone, la 19 September
Ntate, u ba tšoarele, kaha ha ba tsebe seo ba se etsang.—Luka 23:34.
Jesu o ile a kopa Jehova hore a tšoarele bahlorisi ba hae. O ne a le bonolo ’me a mamella le hoja a ne a opeloa a bile a le tlas’a maemo ao a boima. (1 Pet. 2:21-23) Pauluse o ile a ngolla balumeli-’moho le eena hore na ba lokela ho etsa’ng ho bontša hore ba bonolo ba bile ba na le mamello. O ile a re: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.” (Bakol. 3:13) Re lokela ho ba bonolo ’me re be le mamello e le hore re tšoarele batho ba bang. Ha re etsa joalo, re tla bopa khotso ’me re etse hore phutheho e momahane. Jehova o batla hore re be bonolo ’me re be le mamello ha re sebetsana le batho. Ke makhabane a bohlokoa a tla re thusa hore re pholohe. (Mat. 5:5; Jak. 1:21) Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore re tla thabisa Jehova ’me re thuse batho ba bang hore le bona ba etse se tšoanang.—Bagal. 6:1; 2 Tim. 2:24, 25. w17.08 25-26 ¶15-17
Labohlano, la 20 September
Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong.—2 Pet. 2:9.
Ka Bibeleng ho na le mehlala ea lintho tse sa lebelloang tseo Jehova a ileng a li etsa. Nakong eo Morena Ezekiase a neng a busa, Morena Sankeribe oa Assyria o ile a hlasela le ho hapa metse eohle ea Juda ntle le Jerusalema. (2 Mar. 18:1-3, 13) Eaba ka mor’a moo o ea Jerusalema. Morena Ezekiase o ne a tla etsa’ng ha litaba li le mosenekeng tjee? O ile a rapela Jehova eaba o batla keletso ho Esaia, moprofeta oa Jehova. (2 Mar. 19:5, 15-20) Ezekiase o ile a bontša hore o na le temoho ka hore a lefe lekhetho leo Sankeribe a neng a le batla. (2 Mar. 18:14, 15) Ka mor’a nako, Ezekiase o ile a lokisetsa ho sireletsa Jerusalema. (2 Likron. 32:2-4) Empa Jehova o ile a mo thusa joang? Jehova o ile a romela lengeloi le ileng la bolaea masole a Sankeribe a 185 000 ka bosiu bo le bong. Ho hang Ezekiase o ne a sa lebella ntho e joalo.—2 Mar. 19:35. w17.08 10 ¶7; 11 ¶12
Moqebelo, la 21 September
Le etse batho ba lichaba . . . barutuoa, . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.—Mat. 28:19, 20.
U ka itokisa joang e le hore u tle u be pula-maliboho? Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u ka e etsang ke hore u be le kamano e ntle le Jehova. Kahoo, khothalla ho ithuta Bibele le ho nahanisisa haholoanyane ka lintho tseo u li balang. Ha u le libokeng, ikitlaelletse ho araba le ho phetha likabelo tsa hao. Ha u etsa joalo, u tla be u bontša hore tumelo ea hao e matla. Nakong eo u ntseng u le sekolong, u ka ntlafatsa bokhoni ba hao ba ho bua le batho ka Bibele ka hore u ba botse lipotso ka bohlale ’me u mamele hore na ba re’ng ha ba araba. Hape, u ka ithaopela ho hloekisa Holo ea ’Muso le ho e boloka e le boemong bo botle. Jehova oa thaba ha a sebeletsoa ke batho ba ikokobelitseng le ba batlang ho mo sebeletsa. (Pes. 110:3; Lik. 6:1-3) Moapostola Pauluse o ile a mema Timothea hore a sebetse le eena e le moromuoa hobane “o ne a buuoa hantle ke barab’abo rōna.”—Lik. 16:1-5. w17.07 23 ¶7; 26 ¶14
Sontaha, la 22 September
Lengole le leng le le leng le tla nkhumamela, leleme le leng le le leng le tla hlapanya.—Esa. 45:23.
Ho ke ke ha e-ba le khotso pakeng tsa lichaba, merabe le malapa hafeela qoso ea hore Jehova ha a tšoanelehe ho busa e ntse e e-s’o rarolloe. Ka mor’a hore Jehova a tlose qoso eo, batho bohle ba tla phela ka khotso tlas’a puso ea hae. Ho tla ba le khotso lefatšeng lohle. (Baef. 1:9, 10) Ha nako e ntse e e-ea, ho tla hlaka hore Jehova ke eena ea tšoanelang ho busa batho kaha puso ea Satane le ea batho e tla hloleha ka ho feletseng ’me e felisoe. Puso ea Molimo eo Morena oa eona e leng Kreste, e tla atleha. Batho ba tla pholoha, ba tla be ba bontša hore batho ba ka khona ho tšepahalla Molimo le ho tšehetsa bobusi ba hae. (Esa. 45:23, 24) Na u batla ho ngoloa har’a ba tla ngoloa e le ba ileng ba tšepahala ’me ba tšehetsa bobusi ba Jehova? Ha ho pelaelo hore u batla joalo. Re lokela ho hlokomela kamoo taba ena e leng ea bohlokoa kateng e le hore re baloe har’a batho ba tšepahalang. w17.06 23 ¶4-5
Mantaha, la 23 September
Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.—Liprov. 17:17.
Batho ha ba tšelisehe ka mor’a nako e lekanang. Kahoo, e-ba teng ho tšelisa motho ea siameng, eseng feela matsatsi ka mor’a lefu nakong eo ba lelapa le metsoalle ba leng teng, empa le likhoeli ka mor’a hore batho bohle ba ee malapeng. Re lokela ho tšelisa Bakreste-’moho le rona nakong eo ba siameng, ho sa tsotellehe hore na ho nka nako e kae hore ba tšelisehe. (1 Bathes. 3:7) Hopola hore motho ea hlokahalletsoeng a ka boela a utloa bohloko ka lebaka la lintho tse kang ’mino, lifoto, liketsahalo, menko e itseng, melumo, letsatsi le itseng joaloka la lenyalo kapa nako ea selemo. Lintho tse ngata tseo motho ea hlokahalletsoeng ke molekane a li etsang a le mong ka lekhetlo la pele, tse kang ho ea kopanong kapa Sehopotsong, li ka mo utloisa bohloko haholo. Empa batho ba hlokahalletsoeng ba hloka ho tšelisoa ka linako tsohle, eseng feela ka matsatsi a khethehileng. w17.07 16 ¶17-19
Labobeli, la 24 September
Le sa hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lōna feela, empa hape le hlokomela lithahasello tsa ba bang.—Bafil. 2:4.
Hangata ha re phathahane ka ho thusa batho ba bang, re lebala ka mathata a rona. Baralib’abo rona baa tseba hore ho monate haholo ho ba basebetsi-’moho le Molimo ka ho bolella batho ba bang litaba tse molemo ebang ba nyetsoe kapa che. Ba ikemiselitse ho rorisa Molimo ka ho etsa thato ea hae. Ka lebaka leo, baa thaba. Kaofela re ka tlatsetsa hore phutheho e momahane ha re bontša hore re rata Bakreste-’moho le rona hammoho le batho bao re buang le bona ka Bibele tšimong. Moapostola Pauluse o ile a etsa joalo. O ile a bontša hore o tsotella Bakreste-’moho le eena joalokaha “’mè . . . a baballa bana ba hae” le hore o ba rata “joalokaha ntate a etsa ho bana ba hae.” (1 Bathes. 2:7, 11, 12) Ha bana ba rata Jehova ’me ba mo mamela, ba ka tšelisa ba malapa a habo bona. Ba ka bontša hore ba rata Jehova ka hore ba hlomphe batsoali ba bona ’me ba ba thuse ka litsela tsohle. Batsoali ba ka khothala ha bana ba bontša hore ba rata Jehova. w17.06 7 ¶13-14; 8 ¶17
Laboraro, la 25 September
Iketsetseng metsoalle ka maruo a sa lokang.—Luka 16:9.
Ha ho motho ea sa hlokomeleng hore batho ba bangata ke mafutsana futse, athe ba bang bona ba ruile hoo ba nang le chelete e ka ba phelisang bophelo bohle ea ba ea phelisa le litloholo tsa bona. Jesu le eena o ne a hlokomela taba ena. O ne a tseba hore boemo ba moruo bo ke ke ba fetoha ho fihlela ’Muso oa Molimo o busa. Tšenolo 18:3 e re bo-ralipolotiki, baruti hammoho le “bahoebi”, kaofela ke karolo ea lefatše lena la Satane. Le hoja batho ba Molimo ba khona ho ikarola lipolotiking le bolumeling ba bohata, boholo ba batho ba sitoa ho ikarola ka ho feletseng litabeng tsa moruo oa lefatše lena la Satane. Kaha re Bakreste, re lokela ho ipotsa lipotso tse latelang e le hore re itlhahlobe hore na maikutlo a rona ke afe ka maruo: ‘Nka sebelisa lintho tseo ke nang le tsona joang ho bontša hore ke rata Jehova? Nka etsa’ng hore ke se ke ka phathahana ka ho etsa chelete? Ke lintho life tse etsahalletseng batho ba Molimo tse bontšang hore baa mo tšepa leha ho nyolosetsa?’ w17.07 7-8 ¶1-3
Labone, la 26 September
Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo.—Luka 21:34.
Jesu o ne a tseba hore re tla hlaheloa ke mathata a mangata. O ile a re ho na le batho ba tla mamela “lentsoe la ’muso” empa “matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho le matla a thetsang a maruo” a tla “bipetsa lentsoe.” (Mat. 13:19-22; Mar. 4:19) Kahoo, haeba re se hlokolosi, kamano ea rona le Jehova e ka fokola hobane re lula re nahana ka mathata ao re nang le ’ona. Re ka bontša hore re rata Kreste ka ho etsa hore mosebetsi oo a re fileng oona o tle pele bophelong ba rona. Ke’ng e ka re thusang ho etsa hore mosebetsi oo o tle pele bophelong ba rona? Re lokela ho lula re ipotsa: ‘Ke’ng eo ke e ratang haholo? Na ke thaba haholo ha ke sebeletsa Jehova kapa ke thaba ha ke etsa lintho tse ling?’ w17.05 23 ¶3-4
Labohlano, la 27 September
Le bua puo e utloisisoang habonolo.—1 Bakor. 14:9.
Haeba uena le ba lelapa la hao le falleletse naheng e ’ngoe ’me le lula hole le Lipaki tse ling tse buang puo ea lona, le ka ea libokeng tsa phutheho e haufi le moo le lulang. (Pes. 146:9) Empa haeba ho e-na le phutheho ea puo ea lona haufi le moo le lulang, le lokela ho ea libokeng tsa phutheho efe? Ntate o lokela ho kopa tataiso ho Jehova ’me a buisane le ba lelapa la hae e le hore a etse qeto ea hore na ba tla kopanela phuthehong efe. (1 Bakor. 11:3) Batsoali ba lokela ho tseba hantle hore na bana ba bona ba hloka’ng. Ke ’nete hore ho sa tsotellehe puo eo bana ba e buang, ho ea libokeng feela ha hoa lekana hore ba be le kamano e ntle le Jehova. Leha ho le joalo, hlokomela: Bana ba ka rua molemo ka hore feela ebe ba teng libokeng tsa puo eo ba e utloisisang hantle le hoja batsoali ba ka se hlokomele seo. Empa haeba ba sa ee libokeng tsa puo eo ba e utloisisang hantle, ho ka etsahala hore ba se ke ba rua molemo.—1 Bakor. 14:11. w17.05 10 ¶10-11
Moqebelo, la 28 September
Bakeng sa ho ithaopa ha batho, Bokang Jehova.—Baahl. 5:2.
E mong le e mong oa rona o lokela ho ipotsa: ‘Na ke na le tumelo le sebete ’me ke sebelisa sohle seo ke nang le sona tšebeletsong ea Jehova? Na ke nahana ho fallela sebakeng se seng e le hore ke fumane mosebetsi o patalang hantle? Haeba ho joalo, na ke rapela Jehova hore a nthuse ho hlokomela hore na ho etsa joalo ho tla ama lelapa la ka le phutheho joang?’ Ke tlotla e kholo ho tšehetsa bobusi ba Jehova. Satane Diabolose le eena o na le batho ba tšehetsang bobusi ba hae. Kahoo ha re tšehetsa bobusi ba Jehova, re bontša ka ho hlaka hore na re ka lehlakoreng la mang. Jehova oa thaba ha u mo sebeletsa ka botšepehi. (Liprov. 23:15, 16) Ha u tšehetsa bobusi ba hae, o fana ka karabo liqosong tsa Satane. (Liprov. 27:11) Kahoo ha u mamela Jehova, ha e le hantle u mo fa mpho e molemo ’me o thaba haholo. w17.04 32 ¶15-16
Sontaha, la 29 September
Neng kapa neng ha u etsa boitlamo ho Molimo, u se ke ua tsilatsila ho bo phetha, etsoe ha ho thabeloe ba hlokang kelello. U phethe boitlamo boo u bo etsang.—Moek. 5:4.
Molao oo Molimo a ileng a o fa Baiseraele ka Moshe o ne o re: “Haeba monna a etsa boitlamo ho Jehova kapa a hlapanya ka kano e tlamang moea oa hae . . . , a se ke a koenehela lentsoe la hae. O lokela ho etsa tumellanong le sohle se tsoileng molomong oa hae.” (Num. 30:2) Hamorao Solomone o ile a bululeloa ho ngola mantsoe a temana ea letsatsi ea kajeno. Jesu o ile a bontša bohlokoa ba ho etsa boitlamo ha a ne a re: “Ho itsoe ho ba linakong tsa boholo-holo, ‘U se ke ua hlapanya u sa phethe, empa u phethe boitlamo ba hao ho Jehova.’” (Mat. 5:33) Ho hlakile hore ho tšepisa Molimo ntho itseng ke taba e tebileng. Tsela eo re phethang litšepiso tsa rona ka eona e ama kamano ea rona le Jehova. Davida o ile a ngola a re: “Ke mang ea ka nyolohelang thabeng ea Jehova, ke mang ea ka phahamang sebakeng sa hae se halalelang? Mang kapa mang . . . ea sa nkang moea oa [Jehova] e le o se nang thuso ka ho feletseng, kapa a nka kano ka thetso.”—Pes. 24:3, 4. w17.04 4 ¶3-4
Mantaha, la 30 September
Ea sa etselletsang ka leleme la hae.—Pes. 15:3.
Ha Mokreste a lumela hore o tšoeroe ka ho hloka toka, ha aa lokela ho ’na a bua ka taba eo. Ke ’nete hore ho loketse ho kopa thuso ho baholo le ho ba bolella haeba Mokreste a entse sebe se tebileng. (Lev. 5:1) Leha ho le joalo, maemong ao ho se nang sebe se tebileng, e ka ba hantle hore Bakreste ba lokise litaba ba le bang ntle le hore baholo ba kenelle. (Mat. 5:23, 24; 18:15) Re lokela ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ha re kopana le maemo a joalo. Ka nako e ’ngoe, re ka hlokomela hore ha e le hantle re ne re sa tšoaroa ka ho hloka toka. Kahoo re tla thaba haholo haeba re sa ka ra mpefatsa lintho le ho feta ka hore re bue hampe ka Bakreste-’moho le rona. Hopola, ho sa tsotellehe hore na re nepile kapa che, ho hlabana ka mantsoe ho ke ke ha lokisa bothata. Ho tšepahalla Jehova le Bakreste-’moho le rona, ho tla re thusa ho qoba phoso eo. w17.04 21 ¶14