October
Labobeli, la 1 October
Haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale, a ’ne a kōpe Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise.—Jak. 1:5.
Jehova ke eena Mohloli oa bohlale ebile o fana ka bona ho batho. Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka fumanang bohlale ke ka ho mo mamela ha a re khalemela. Ha re e-na le bohlale boo, re ke ke ra etsa lintho tse fosahetseng ’me re tla ba metsoalle ea Jehova. (Liprov. 2:10-12) Ha re etsa joalo re tla be re ‘ipoloka leratong la Molimo, . . . ka tebello ea bophelo bo sa feleng.’ (Juda 21) Ka linako tse ling ho ka ba thata ho amohela khalemelo kapa ho e ananela ka lebaka la ho se phethahale kapa tsela eo re holisitsoeng ka eona. Ha re bona kamoo khalemelo e leng bohlokoa kateng bophelong ba rona, re tla utloisisa hore Jehova oa re rata. Liproverbia 3:11, 12 e re: “Mora oa ka, u se ke ua lahla taeo ea Jehova , . . . hobane Jehova o khalemela eo a mo ratang.” Re lokela ho kholiseha hore Jehova o re batlela bophelo bo molemo. (Baheb. 12:5-11) Kaha Jehova o re tseba hantle, tsela eo a re khalemelang ka eona e nepahetse ebile ke eona ntho eo re e hlokang. w18.03 28 ¶1-2
Laboraro, la 2 October
Bontšanang kamohelo ea baeti.—1 Pet. 4:9.
Moapostola Petrose o ile a ngolla bara le barali babo rona ba tsoang libakeng tse sa tšoaneng tsa Asia Minor mantsoe ao hobane ba ne ba hlorisoa. Ke’ng e ka thusang Bakreste bohle hore ba pholohe nakong eo e thata? (1 Pet. 1:1; 4:4, 7, 12) Hlokomela hore Petrose o ile a phehella bara le barali babo rona hore ba ‘bontšane’ kamohelo ea baeti, esita le haeba ba tsebana ba bile ba tloaetse ho etsa lintho ’moho. Ho ba le kamohelo ea baeti ho ne ho tla ba tsoela molemo joang? Ho ne ho tla ba thusa hore ba momahane. Na u hopola kamoo u ileng oa thaba kateng mohla o neng o amohetsoe ka mofuthu lelapeng le leng? Haeba u memela Bakreste-’moho le uena lapeng la hao, le tla momahana. Tsela e molemo ea ho tseba Bakreste-’moho le rona ke ka hore re ba amohele malapeng a rona. Bakreste ba mehleng ea Petrose ba ne ba lokela ho momahana haholo-holo ha maemo a mpefala. Kaha re phela “matsatsing a ho qetela,” le rona re lokela ho momahana le Bakreste-’moho le rona.—2 Tim. 3:1. w18.03 14-15 ¶1-3
Labone, la 3 October
Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, kaha ’muso oa maholimo ke oa bona.—Mat. 5:3.
Bibele e re batho ba nang le kamano e ntle le Molimo ba thabile. Matheu 5:3 e re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, kaha ’muso oa maholimo ke oa bona.” Baroma 8:6 e re: “Ho beha kelello nameng ho bolela lefu, empa ho beha kelello moeeng ho bolela bophelo le khotso.” Ka mantsoe a mang, bophelo ba rona bo itšetlehile ka hore re nahane ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona. Ha re etsa joalo, re tla ba metsoalle ea hae, re be le khotso ’me re be le tšepo ea bophelo bo sa feleng. Leha ho le joalo, re phela lefatšeng le kotsi. Kaha re phela har’a batho ba sa nahaneng ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona, ho re hloka boiteko hore re sireletse likelello tsa rona. Haeba re sa nahane ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona, batho ba lefatše lena ba tla re susumelletsa ho etsa lintho tse se nang thuso. Lengolo la Juda le re ho na le ba liketso li mpe hoo “ba se nang bomoea.”—Juda 18, 19. w18.02 19 ¶5, 7 20 ¶8
Labohlano, la 4 October
Batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.—2 Tim. 3:13.
Lingaka le baoki ba bangata ba sebetsana le batho ba nang le mafu a tšoaetsanoang. Ba hlokomela bakuli ba bona hobane ba batla ho ba thusa. Leha ho le joalo, ba lokela ho itšireletsa e le hore ba se ke ba tšoaetsoa ke mafu ao ba lekang ho a phekola. Ka tsela e tšoanang, kaha re bahlanka ba Molimo, boholo ba rona re kopana le batho ba tšoaelitsoeng ke mekhoa e mebe, ebang ke moo re lulang kapa ke mosebetsing. Ho ka ba thata ho sebetsana le boemo bona. Matsatsing ana a ho qetela, batho ha ba natse melao ea Molimo. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa mekhoa ea bona e mebe lengolong leo a le ngoletseng Timothea. (2 Tim. 3:1-5) Le hoja mekhoa ena e mebe e ka re tšosa, re ka ’na ra tšoaetsoa ke tsela eo batho ba nahanang ka eona, ba buang ka eona le eo ba etsang lintho ka eona. (Liprov. 13:20) Kahoo, re lokela ho itšireletsa hore re se ke ra tšoaetsoa ke mekhoa eo ha re ntse re leka ho thusa batho hore e be metsoalle ea Jehova. w18.01 27 ¶1-2
Moqebelo, la 5 October
Le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.—Mat. 28:19.
Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung ka selemo sa 33, o ile a bonoa ke batho ba fetang 500. Ho ka etsahala hore ebe ke ka eona nako eo a ileng a bua mantsoe a temana ea kajeno. (1 Bakor. 15:6) Ho bonahala eka balateli ba Jesu ba makholo ba ne ba le teng ha a fana ka taelo ena. Kahoo, Jesu o ne a bontša hore motho o lokela ho kolobetsoa pele a ka jara joko ea ho ba Mokreste. (Mat. 11:29, 30) Mang kapa mang ea neng a lakatsa ho sebeletsa Jehova o ne a lokela ho tseba le ho amohela karolo eo Jesu a e phethang morerong oa Jehova. Ke feela ka mor’a moo, a neng a ka kolobetsoa ’me Jehova a mo amohela. Bibele e na le bopaki ba hore mehleng ea baapostola, barutuoa ba sa tsoa latela Jesu ba ne ba utloisisa bohlokoa ba kolobetso. Ba ne ba se leqe ho kolobetsoa.—Lik. 2:41; 9:18; 16:14, 15, 32, 33. w18.03 5 ¶8
Sontaha, la 6 October
Uena Daniele, monna ea khahlehang haholo.—Dan. 10:11.
Mehleng ena batho bao re phelang har’a bona ba mekhoa e mebe ebile ba rutoa lithuto tse fosahetseng ke Babylona e Moholo e leng setsi se seholo sa bolumeli ba bohata, “sebaka sa bolulo sa bademona.” (Tšen. 18:2) Kaha re fapane hole le bona, baa re hlorisa. (Mar. 13:13) Kahoo, re lokela ho etsisa Daniele ka hore re be le kamano e ntle le Jehova Molimo oa rona. Haeba re ikokobelitse, re mamela Jehova re bile re mo tšepa, o tla re rata haholo. (Hag. 2:7) Batsoali ba ka ithuta lintho tsa bohlokoa ho batsoali ba Daniele. Joang? Le hoja a hotse le Bajuda ba neng ba sa rate Jehova, Daniele eena o ne a mo rata. Empa ha hoa iketsahalla ka mohlolo hore Daniele a rate Jehova. Batsoali ba hae ba ile ba mo ruta ka Jehova. (Liprov. 22:6) Lebitso la Daniele le bolelang “Moahloli oa ka ke Molimo,” le bontša hore batsoali ba hae ba ne ba rata Jehova. (Dan. 1:6) Kahoo, batsoali, le se ke la fella bana ba lona pelo ha le ba ruta ka Jehova. (Baef. 6:4) Hape, le lokela ho ba rapella le be le rapele le bona. Ha u leka ka hohle ho ruta bana ba hao Bibele, Jehova o tla u hlohonolofatsa.—Pes. 37:5. w18.02 5 ¶12; 6 ¶14-15
Mantaha, la 7 October
Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoa ho uena, ’me re u file se tsoang letsohong la hao.—1 Likron. 29:14.
Re fa Jehova lintho tsa rona tsa bohlokoa hobane ke karolo ea borapeli ba rona. Ponong, moapostola Johanne o ile a utloa bahlanka ba Jehova ba leholimong ba re: “Ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.” (Tšen. 4:11) Ke ’nete hore Jehova o lokeloa ke khanya le tlhompho, ke kahoo re lokelang ho mo fa lintho tseo re li ratang. Jehova o ile a re Moshe a laele sechaba sa Iseraele hore se keteke mekete e meraro ka selemo. Karolo e ’ngoe ea borapeli ba bona meketeng ena e ne e le ho fa Jehova lintho tsa bona tsa bohlokoa. Bahlanka bao ba ne ba se ba boleletsoe hore “ho se ke ha e-ba le ea mong [oa bona] ea hlahang ka pel’a Jehova a sa nka letho.” (Deut. 16:16) Le mehleng ena ea rona karolo e ’ngoe ea borapeli ba rona ke ho fa Jehova matlotlo a rona ka pelo eohle. Ka ho etsa joalo re tla be re bontša hore re ananela le ho tšehetsa mosebetsi oa mokhatlo oa Jehova. w18.01 18 ¶4-5
Labobeli, la 8 October
Ke tla le khatholla.—Mat. 11:28.
Jesu o ile a re: “Jarang joko ea ka . . . Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” (Mat. 11:29,30) Mantsoe ao ke ’nete. Ka linako tse ling re ikutloa re khathetse ha re lokela ho ea libokeng kapa tšimong. Empa ha re khutla, re ikutloa re khatholohile re bile re e-na le matla a ho sebetsana le mathata a rona. Joko ea Jesu e mosa e le kannete. Mohlala, morali’abo rona Mokotjo o na le lefu la ho tetebela maikutlo, o lula a khathetse a bile a tšoeroe ke hlooho. Kahoo, ka linako tse ling o sitoa ho ba teng libokeng. Empa ka mor’a hore a khone ho ba teng libokeng le ho mamela puo ea phatlalatsa o ile a re: “Ho ne ho buuoa ka ho nyahama. Sebui se ne se bua ka tsela e mosa hoo ke ileng ka lla. Puo eo e ile ea nkhopotsa hore ke lokela ho lula ke e-ba teng libokeng.” Morali’abo rona Mokotjo o ile a thabisoa ke hore ebe o entse boiteko ba ho ba teng libokeng. w18.01 8-9 ¶6-7
Laboraro, la 9 October
Mehato ea ka e ne e batlile e thellisoa.—Pes. 73:2.
U lokela ho etsa’ng ha ngoan’a hao a bontša hore ha aa kholiseha ka tumelo ea hae ka mor’a hore a kolobetsoe? Mohlala, mocha a ka ’na a bonahala a se a rata lintho tse tla mo sitisa ho sebeletsa Jehova. Kapa a qale ho belaella hore ho mamela melao ea Jehova ho re tsoela molemo. (Pes. 73:1, 3, 12, 13) Tsela eo u itšoarang ka eona ha ngoana a etsa joalo, e ka etsa hore a khethe ho lokisa kamano ea hae le Jehova kapa e senyehe le ho feta. U se ke oa leka ho mo loantša, ho sa tsotellehe hore na o lilemo li kae. Ho e-na le hoo, u lokela ho mo bontša hore u batla ho mo thusa le hore oa mo rata. Mocha ea kolobelitsoeng o inehetse ho Jehova, e leng hore o tšepisa ho mo rata le ho etsa thato ea Hae feela. (Mar. 12:30) Kaha Jehova o nka boitlamo boo e le ba bohlokoa, le rona re lokela ho bo nka bo le joalo.—Moek. 5:4, 5. w17.12 22 ¶16-17
Labone, la 10 October
Kea tseba hore [khaitseli ea ka] o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.—Joh. 11:24.
Joaloka Maretha, bahlanka ba Jehova ba ne ba tseba hore ho tla ba le tsoho. Nahana ka seo Jehova a ileng a laela Abrahama hore a se etse ka mora oa hae ea mong, Isaka. Jehova o ile a re: “Ka kōpo, nka mora oa hao, mora oa hao ea mong eo u mo ratang haholo, Isaka . . . u mo nyehele e le nyehelo ea secheso.” (Gen. 22:2) Nahana hore na Abrahama o ile a ikutloa joang. Jehova o ne a mo tšepisitse hore lichaba tsohle li ne li tla hlohonolofatsoa ka litloholo tsa hae. (Gen. 13:14-16; 18:18; Bar. 4:17, 18) Hape Jehova o ne a itse litloholo tseo li ne li “tla ba teng ka Isaka.” (Gen. 21:12) Empa see se ne se tla etsahala joang haeba Abrahama a ne a ka etsa sehlabelo ka Isaka? Pauluse o ile a bululeloa hore a hlalose hore Abrahama o ne a lumela hore Molimo a ka tsosa Isaka. (Baheb. 11:17-19) Abrahama o ne a sa tsebe hore na mora oa hae o tla tsosoa neng. Empa o ne a e-na le tšepo ea hore Jehova o tla tsosa Isaka. w17.12 5-6 ¶12-14
Labohlano, la 11 October
Ke hloekile maling a batho bohle.—Lik. 20:26.
Re lokela ho etsisa Pauluse ka hore re ikutloe ka tsela eo Jehova a ikutloang ka eona ka bophelo kaha o bo nka bo le bohlokoa. Jehova “o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9) Haeba re rata batho re bile re ba hauhela, re tla ba ruta ka Molimo. Ha re etsa joalo, re tla thaba. Re lokela ho bontša hore re hlompha bophelo ka hore re qobe lintho tse ka behang bophelo ba rona le ba batho ba bang kotsing. Re be hlokolosi ha re khanna, ha re sebetsa, ha re haha le ha re ea libokeng. Batho, bophelo bo botle le tšireletseho e lokela ho ba tsona lintho tsa bohlokoa ho rona ho feta ho boloka nako kapa chelete. Re batla ho tšoana le Molimo oa rona ea etsang lintho tse nepahetseng kamehla. Ka ho khetheha, baholo ba lokela ho ameha ka hore ba itšireletse ba be ba sireletse batho ba bang. (Liprov. 22:3) Haeba moholo a re hopotsa melao ea polokeho, re lokela ho mo mamela. (Bagal. 6:1) Ha re hlompha bophelo joaloka Jehova, re ke ke ra “ba le molato oa mali.”—Deut. 19:10. w17.11 16 ¶11-12
Moqebelo, la 12 October
Ho se ke ha e-ba le motho ea le amohang moputso.—Bakol. 2:18.
Batlotsuoa ba na le tšepo ea ho fumana “moputso oa pitso ea holimo ea Molimo,” feela joaloka moapostola Pauluse. (Bafil. 3:14) Ba letetse ka tjantjello ho e’a sebetsa ’moho le Jesu Kreste ’Musong oa hae o leholimong le ho thusana le eena ho etsa hore batho bohle ba boele ba phethahale. (Tšen. 20:6) Batho baa ba fumane mosebetsi o babatsehang hakaakang! Athe ba sehlopheng sa linku tse ling ba na le tšepo e fapaneng. Le bona ba letetse ka tjantjello ho fumana moputso oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng mona. (2 Pet. 3:13) Ha Pauluse a ne a khothatsa batlotsuoa-’moho le eena hore ba lule ba tšepahala e le hore ba tle ba fumane moputso, o ile a re: “Bolokang likelello tsa lōna li tsepame linthong tse holimo.” (Bakol. 3:2) Ba ne ba lokela ho lula ba nahanisisa ka tšepo eo ba nang le eona ea ho fumana moputso oa ho ea leholimong. (Bakol. 1:4, 5) Ho lula re nahanisisa ka litlhohonolofatso tseo Jehova a tl’o re tlisetsa tsona ho tla re thusa hore re lule re li letetse ka tjantjello.—1 Bakor. 9:24. w17.11 25 ¶1-2
Sontaha, la 13 October
Binelang Jehova.—Pes. 96:1.
Boholo ba lipina tsa buka e ncha ea “Binelang Jehova le Thabile” ekare lithapelo. Li re thusa ho bolella Jehova kamoo re ikutloang kateng. Tse ling li re thusa “hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle” le Bakreste-’moho le rona. (Baheb. 10:24) Kahoo, re lokela ho ithuta merethetho le mantsoe a lipina tsa rona. Re ka ithuta tsona ka hore re mamele likhatiso tsa tsona tse rekotiloeng tse hlahang ho jw.org. Ha u li bina u sa le hae, u tla li tseba ebe u khona ho li bina ka lentsoe le phefa. Hopola hore ho bina ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba rona. Ke tsela e ntle ka ho fetisisa eo re bontšang Jehova ka eona hore rea mo rata ebile re ananela lintho tseo a re etselitseng tsona. (Esa. 12:5) Ha u bina ka lentsoe le phefa, u susumelletsa batho ba bang hore le bona ba bine joalo. Batho bohle, ebang ba baholo, ke bacha kapa ba sa tsoa fihla ka phuthehong, ba ka rorisa Jehova ka ho mo binela lipina. Kahoo, u se ke oa ba lesisitheho ho bina ho tsoa pelong. A re bineleng Jehova re thabile. w17.11 7 ¶18-19
Mantaha, la 14 October
Le be seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo le hloke molato joaloka maeba.—Mat. 10:16.
Batho ba bangata ba tsoa linaheng tseo mosebetsi oa rona oa boboleli o thibetsoeng. Ka lebaka leo ba fumana monyetla oa ho utloa molaetsa oa Bibele ka lekhetlo la pele, ha Lipaki tsa linaheng tseo ba fihletseng ho tsona li ba bolella ka “lentsoe la ’muso.” (Mat. 13:19, 23) Ba bangata “ba imetsoeng” baa khatholoha ha ba le libokeng ’me baa bona hore ‘ka sebele Molimo o har’a rona.’ (Mat. 11:28-30; 1 Bakor. 14:25) Ha re pakela batho ba tsoang linaheng tse ling, re lokela ho ba “seli” hape re be “masene.” (Liprov. 22:3) Re ba mamele ka hloko, empa re se ke ra qoqa le bona ka lipolotiki. E le hore re se ke ra beha bophelo ba rona kapa ba ba bang kotsing, re lokela ho latela tataiso e tsoang ofising ea lekala le e tsoang ho balaoli ba sebaka seo re leng ho sona. Re boetse re lokela ho hlompha setso sa batho ba tsoang linaheng tse ling re be re hlomphe maikutlo a bona ka seo ba se lumelang. Ka mohlala, batho ba linaheng tse ling baa khopeha ha batho ba bo-’mè ba sa apara hantle. Kahoo re lokela ho apara ka tsela e hlomphehang ha re ba pakela. w17.05 7 ¶17-18
Labobeli, la 15 October
Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa.—Bakol. 4:6.
Re ka kopa Jehova hore a re fe moea o halalelang hore o re thuse ho ba bonolo le ho ba mosa ha re sebetsana le beng ka rona bao e seng Bakreste. Re lokela ho qoba ho etsa khang le bona ka lithuto tse fosahetseng tsa bolumeli ba bona ba bohata. Haeba ba re utloisa bohloko ka lipuo kapa liketso tsa bona, re ka etsisa mohlala oa Baapostola. Pauluse o ile a re: “Ha re ntse re hlapaoloa, rea hlohonolofatsa; ha re ntse re hlorisoa, rea mamella; ha re ntse re nyelisoa, re kōpa ka tieo.” (1 Bakor. 4:12, 13) Le hoja ho bua ka bonolo ho ka re thusa ha re bua le beng ka rona, boitšoaro ba rona bo ka re buella le ho feta. (1 Pet. 3:1, 2, 16) E-ba mohlala o motle ho beng ka uena e le hore ba ka bona hore Lipaki Tsa Jehova li thabile, li hlokomela bana ba tsona le hore malapa a tsona a thabile ’me li itšoere hantle. Le haeba beng ka rona e sa be Lipaki, re tla thaba ha re hopola hore re thabisa Jehova. w17.10 15 ¶13-14
Laboraro, la 16 October
Itlhahise u amoheleha ho Molimo.—2 Tim. 2:15.
Na hoa makatsa hore ebe ba bangata ba phelang hona joale ba entse liphetoho tse kholo ka lebaka la ho ithuta Bibele? Le hanyenyane. Ha re bala ka batho ba joalo, re hopola bara le barali babo rona ba phetseng mehleng ea Pauluse ba neng ba e-na le tšepo ea ho phela leholimong. (1 Bakor. 6:9-11) Ha Pauluse a bua ka ba neng ba ke ke ba rua ’Muso oa Molimo o ile a re: “Ke seo ba bang ba lōna ba neng ba le sona.” Empa ba ile ba fetoha ka thuso ea Lentsoe la Molimo le moea oa hae o halalelang. Le ka mor’a ho ithuta Bibele, ba bang ba ile ba loana ka thata e le hore ba ka phela ka litaelo tsa Molimo. Mohlala, Bibele e bua ka mor’abo rona ea tlotsitsoeng ea ileng a khaoloa. Hamorao o ile a etsa liphetoho eaba o khutlisetsoa ka phuthehong. (1 Bakor. 5:1-5; 2 Bakor. 2:5-8) Hoa khothatsa hore ebe bara le barali babo rona ba ile ba etsa liphetoho tse ngata ka lebaka la Lentsoe la Molimo. Kahoo, re lokela ho ithuta lona haholo. w17.09 23-24 ¶2-3
Labone, la 17 October
A re se keng ra rata ka lentsoe kapa ka leleme, empa re rate ka ketso le ’nete.—1 Joh. 3:18.
Jehova ke mohloli oa lerato. (1 Joh. 4:7) Lerato la ’nete le lokela ho lumellana le melao-motheo. Ka Bibeleng lerato la mofuta ona le hlalosoa ke lentsoe la Segerike e leng agape. Ha le akarelletse feela ho ba lerato le ho utloela batho ba bang bohloko empa le akarelletsa haholo-holo liketso tse se nang boithati tseo re li etsetsang batho ba bang. Le re susumeletsa ho etsetsa batho ba bang lintho tse molemo. Joale, ha re e-na le lerato la mofuta oo re tla thaba bophelong. Jehova o ile a bontša hore o rata batho le pele a bopa Adama le Eva. O ile a bopa lefatše hore e be lehae leo re ka phelang ho lona ka ho sa feleng, ebile le e-na le sohle seo re se hlokang hore re thabele bophelo. Jehova o bopile lefatše bakeng sa rona, eseng bakeng sa hae. O ile a boela a re bontša lerato ka ho re fa tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise. w17.10 7 ¶1-2
Labohlano, la 18 October
U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.—Jak. 2:8.
Jakobo o ile a boela a re: “Haeba le tsoela pele ho bontša leeme, le etsa sebe.” (Jak. 2:9) Haeba re rata batho, re ke ke ra ba tšoara ka leeme hobane e le ba morabe o itseng, ba sa ruteha kapa ba futsanehile. Ha rea lokela ho iketsa eka ha re leeme. Re lokela ho hloka leeme. Hape “lerato lea tiisetsa ’me le mosa. . . . Ha le ikhohomose.” (1 Bakor. 13:4) Re lokela ho tiisetsa kapa re be le mamello, re be mosa ’me re ikokobetse ha re bolella batho ka ’Muso oa Molimo. (Mat. 28:19) Ha re etsa joalo, ho tla ba bonolo hore re utloane le Bakreste bohle ka phuthehong. Melemo ea ho ba le lerato le joalo ke efe? Liphutheho li tla momahana ’me seo se tla etsa hore batho ba tlotlise lebitso la Jehova ebe ba tla ka phuthehong. Kahoo, ha Bibele e fera litaba tsena e re: “Empa, ntle ho lintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—Bakol. 3:14. w17.08 26 ¶18-19
Moqebelo, la 19 October
Jehova . . . a ’na a romeletsa khahlanong le bona nako le nako, . . . hobane o ne a qenehela batho ba hae.—2 Likron. 36:15.
Re lokela ho qenehela batho bao re kopanang le bona tšimong kaha ba ka fetoha ebe ba sebeletsa Jehova. Jehova ha a batle hore mang kapa mang a timele. (2 Pet. 3:9) Re lokela ho tsoela pele re bua le batho ka Bibele ho fihlela Jehova a ka timetsa batho ba khopo. Ho na le ntho eo re ka ithutang eona ka Jesu. O ne a qenehela batho bao a kopanang le bona kapa a ba utloela bohloko ‘hobane ba ne ba sohlokehile ’me ba qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.’ Ha a ba bona o ile a ‘qala ho ba ruta lintho tse ngata.’ (Mat. 9:36; Mar. 6:34) O ne a fapane hole le Bafarisi hobane bona ba ne ba sa batle ho thusa batho ba sohlokehileng. (Mat. 12:9-14; 23:4; Joh. 7:49) Le rona re lokela ho labalabela ho thusa batho hore ba be le kamano e ntle le Jehova. w17.09 9 ¶6; 10 ¶9
Sontaha, la 20 October
Ke tla sebetsa, ’me ke mang ea ka le tlosang?—Esa. 43:13.
Ha Josefa a ntse a le teronkong Egepeta, o ne a sa tsebe ho hang hore ka le leng o tla behoa hore a okamele ntlo ea morena naheng ea Egepeta, kapa hore Jehova o tla mo sebelisa ho pholosa ba lelapa labo hore ba se ke ba bolaoa ke tlala. (Gen. 40:15, 41:39-43; 50:20) Jehova o ile a etsa lintho tseo Josefa a neng a sa li lebella ho hang. Sara o ne a sa lebella ho hang hore Jehova o tla etsa hore a belehe ngoana hobane o ne a se a tsofetse. Kahoo, le ka mohla Sara ha aa ka a nahana hore o tla tsoala Isaka. (Gen. 21:1-3, 6, 7) Ke ’nete hore re ke ke ra lebella hore Jehova a felise mathata ’ohle a rona ka mohlolo mehleng ena ea rona. Hape, ha rea lebella hore Jehova a re etsetse mehlolo bophelong ba rona. Empa rea tseba hore Jehova Molimo oa rona o ile a thusa bahlanka ba hae ka litsela tse ngata tseo ba neng ba sa li lebella. (Esa. 43:10-12) Re kholisehile hore a ka etsa eng kapa eng ho re thusa e le hore re etse thato ea hae ka ho feletseng. (2 Bakor. 4:7-9) Kahoo, hafeela re lula re tšepahalla Jehova, a ka re thusa ha re thulane le mathata ao ho ka bonahalang eka a ke ke a rarolleha. w17.08 11-12 ¶13-14
Mantaha, la 21 October
Rōlela mesebetsi ea hao ho Jehova ’me merero ea hao e tla tiisoa ka thata.—Liprov. 16:3.
Ha u le pula-maliboho, u tla sebetsa ’moho le bo-pula-maliboho ba bang ’me u tla ithuta lintho tse ngata ho bona tse tla u thusa ho matlafatsa kamano ea hao le Jehova haholoanyane. Hangata batho ba qalileng ho bula maliboho pele ba nyala kapa ba nyaloa, ba atleha ho tsoela pele e le bo-pula-maliboho le balekane ba bona leha ba se ba nyetse kapa ba nyetsoe.(Bar. 16:3, 4) U lokela ho rera ho sebeletsa Jehova hobane u mo rata ho tsoa pelong. Pesaleme ea 20:4 e re: “E se eka a ka u fa ho ea ka pelo ea hao, e se eka a ka phethahatsa morero oohle oa hao.” Kahoo, nahanisisa haholoanyane ka hore na u batla ho etsa’ng bophelong, u nahanisise ka lintho tseo Jehova a li etsang mehleng ena le hore na u ka etsa tsoho la monna joang mosebetsing oo a re fileng oona. Ka mor’a moo, u rere ho etsa lintho tse tla mo thabisa. Ho sebeletsa Jehova haholoanyane ho tla u khotsofatsa haholo hobane u rorisa Jehova. “U ithabele ka ho phethehileng ho Jehova, o tla u fa tseo pelo ea hao e li kōpang.”—Pes. 37:4. w17.07 26 ¶15-18
Labobeli, la 22 October
Rorisang Jah. . . . Etsoe ke ho khahlisang—thoriso e loketse.—Pes. 147:1.
Ha motho a entse ntho e ntle kapa a e-na le makhabane a itseng, oa rorisoa. Haeba re rorisa batho, re na le mabaka a mangata le ho feta a hore re rorise Jehova Molimo. Re lokela ho mo rorisa hobane o matla ’ohle ’me o bopile lintho tsohle tse ntle, ebile oa re rata hobane o ile a fana ka Mora oa hae e le sehlabelo bakeng sa rona. Mongoli oa Pesaleme ea 147 o ile a rorisa Jehova, a ba a khothalletsa batho ba bang hore le bona ba rorise Jehova. (Pes. 147:7, 12) Le hoja re sa tsebe hore na mongoli oa Pesaleme ena ke mang, e ka ’na eaba o phetse nakong eo Jehova a ileng a lokolla Baiseraele motseng oa Babylona. (Pes. 147:2) Mopesaleme eo o ile a rorisa Jehova hobane Baiseraele ba ile ba lokolloa e le hore ba e’o rapela sebakeng sa bona se loketseng. Uena u na le mabaka afe a ho rorisa Jah?—Pes. 147:1. w17.07 17 ¶1-3
Laboraro, la 23 October
Iketsetseng metsoalle ka maruo a sa lokang, e le hore, ha a fela, ba ka le amohela libakeng tsa bolulo tse sa feleng.—Luka 16:9.
Jesu o ne a tseba hore balateli ba hae ba lokela ho fumana mekhoa ea ho iphelisa lefatšeng lena le hlokang toka. Le hoja a sa ka a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a re maruo ha aa loka, Bibele e re hlakisetsa hore Molimo o ne a sa rera hore batho ba etse chelete. Jehova o ile a etsa hore lintho tsohle tseo Adama le Eva ba li hlokang li be teng ka bongata. (Gen. 2:15, 16) Lilemo hamorao, ha phutheho ea batlotsuoa e fuoa moea o halalelang, “ho ne ho se le ea mong ea neng a re leha e le efe ea lintho tseo a neng a e-na le tsona ke ea hae; empa ba ne ba kopanela lintho tsohle.” (Lik 4:32) Moprofeta Esaia o ile a re ho na le nako eo batho ba tla sebelisa lihloliloeng tsa lefatše mahala. (Esa. 25:6-9; 65:21, 22) Empa pele nako eo e fihla, barutuoa ba Jesu ba tlameha ho ba le “bohlale bo sebetsang” e le hore ba khone ho iphelisa ka “maruo a sa lokang” a lefatše lena ’me ba ’ne ba sebeletse Jehova.—Luka 16:8. w17.07 8 ¶4-6
Labone, la 24 October
Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona e letsohong la hao.—Jobo 1:12.
Bukeng ea Jobo, e leng e ’ngoe ea libuka tsa pele, Satane o ile a re haeba Jobo a ka sotleha, o tla rohaka Molimo. A ba a re Jehova e be eena ea mo otlang. Jehova ha aa ka a etsa joalo, empa a re Satane e be eena ea lekang Jobo. Liphoofolo tsa Jobo, bahlanka ba hae hammoho le bana ba ile ba shoa. Satane o ile a etsa hore ho bonahale eka Molimo ke eena ea baketseng Jobo mahlomola ao. (Jobo 1:13-19) Ka mor’a moo Satane a otla Jobo ka lefu le bohloko le bileng le nyonyehang. Jobo o ile a utloa bohloko le ho feta ha metsoalle ea hae e meraro e mo buela lintho tse bohloko ’me mosali oa hae a re a rohake Molimo. (Jobo 2:9; 3:11; 16:2) Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Ho ile ha hlaka hore Satane o leshano. Jobo ha aa ka a furalla Molimo.—Jobo 27:5. w17.06 24 ¶9-10
Labohlano, la 25 October
Haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang . . bakeng sa litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo.—1 Tim. 5:8.
Bo-ntate ba nang le malapa baa tseba hore ke boikarabelo ba bona ho hlokomela ba malapa a bona ka lintho tseo ba li hlokang. Ba lokela ho sebetsa ka thata ho etsa joalo. Leha ho le joalo, mehleng ena mosebetsi o ka etsa hore re imeloe kelellong. Kaha mesebetsi ha e eo, ba seng ba ntse ba e-na le eona ba sebetsa lihora tse ngata le hoja ka linako tse ling ba pataloa hanyane. Likhoebong tse ngata basebetsi baa fokola ka palo, empa ba fuoa mosebetsi o mongata haholo. Kahoo, basebetsi ba ka iphumana ba khathetse ba bile ba kula. Haeba ba sa batle ho sebetsa ka thata joalo, ba ka felloa ke mosebetsi. Re lokela ho lula re tšepahalla Jehova Molimo, eseng motho ea re hirileng. (Luka 10:27) Ha re sebetsa, re ka khona ho fumana lintho tseo re li hlokang ho phela ’me re sebeletse Jehova. Empa haeba re se hlokolosi, mosebetsi o ka re sitisa ho sebeletsa Jehova. w17.05 23 ¶5-7
Moqebelo, la 26 October
Mamela ntat’ao ea u tsoetseng, ’me u se ke ua nyelisa ’m’ao hobane feela a tsofetse.—Liprov. 23:22.
Ka linako tse ling, bahoeletsi ba bacha ba kopa Bakreste-’moho le bona hore ba ba thuse ho ithuta Bibele le bana ba bona. Haeba motsoali a etsa qeto ea ho kopa motho e mong ho ithuta Bibele le ngoana oa hae, motho eo ha aa lokela ho iketsa motsoali oa ngoana eo. (Baef. 6:1-4) Maemong a mang, mohoeletsi a ka koptjoa ho ithuta Bibele le ngoana eo batsoali ba hae ba sa thahaselleng ho ithuta. Boemong boo, mohoeletsi o lokela ho hopola hore ha se motsoali oa ngoana eo. Kahoo, o lokela ho ithuta le ngoana moo batsoali ba hae kapa motho e mong e moholo a leng teng kapa sebakeng se bulehileng. Ha a etsa joalo, ha ho na motho ea ka bang le lipelaelo tsa hore na o etsa’ng le ngoana eo. Mohlomong ha nako e ntse e ea motsoali o tla phetha boikarabelo ba ho ruta ngoana oa hae. w17.06 8 ¶15-16
Sontaha, la 27 October
Haeba ke sa utloisise . . . ea buang, . . . ea buang e tla ba osele ho ’na.—1 Bakor. 14:11.
Haeba bana ba sa rate setso sa habo bona, ho ka etsahala hore ba se ke ba rata puo le bolumeli ba batsoali ba bona. Batsoali, le lokela ho nka kamano e ntle eo bana ba lona ba nang le eona le Jehova e le ntho ea bohlokoa le ho feta lintho tseo le li batlang. (1 Bakor. 10:24) Mor’abo rona Samuel o re: “’Na le mohats’a ka re ile ra kopa Jehova ho re thusa ho bona hore na ke puo efe eo bana ba rona ba e utloisisang e le hore ba be le kamano e ntle le eena. Re ile ra hlokomela hore bana ba rona baa pulufalloa ha ba ile libokeng tsa puo ea rona, kahoo ra etsa qeto ea ho ea libokeng tsa puo ea moo re falleletseng teng. Re ne re ea le bona libokeng le tšimong re bile re memela bara le barali babo rona ba phutheho ea rona e ncha lijong le maetong a boithabiso. Ka lebaka leo, bana ba rona ba ile ba ba le metsoalle ka phuthehong ’me kamano ea bona le Jehova ea matlafala. Re ne re batla hore ba rate Jehova ho feta hore ba tsebe puo ea rona.” w17.05 10 ¶11-13
Mantaha, la 28 October
Bokang Jehova.—Baahl. 5:2.
Haufinyane lefatšeng ho tla tlala batho ba ratang bobusi ba Jehova ba bile ba bo tšehetsa. Re labalabela nako eo. Re ikutloa joaloka Debora le Barake ba ileng ba re: “Lira tsohle tsa hao li ke li timele, Jehova, ’me ba u ratang ba be joaloka letsatsi ha le hlaha ka matla a lona.” (Baahl. 5:31) Jehova o tla araba kopo eo ha a felisa lefatše la Satane le khopo. Ha ntoa ea Armagedone e fihla, ha ho na hlokahala hore re loane. Ka nako eo, re tla ‘ema ’me re bone poloko ea Jehova.’ (2 Likron. 20:17) Empa hona joale, re na le menyetla e mengata ea ho bontša hore re etsa thato ea Jehova ka sebete le ka cheseho. Debora le Barake ba ile ba qala pina ea bona ea tlholo ka mantsoe ana: “Bakeng sa ho ithaopa ha batho, bokang Jehova!” Ba ne ba sa rorise motho, empa ba ne ba rorisa Ea Phahameng ka ho Fetisisa. (Baahl. 5:1, 2) E se eka u ka tsoela pele ho bontša moea oa boithaopo ’me u thuse ba bang hore le bona ba rorise Jehova. w17.04 32 ¶17-18
Labobeli, la 29 October
Ha kea etsa letho ho hang leo ka lona ba lokelang ho nkenya ka sekoting sa chankana.—Gen. 40:15.
Le hoja Josefa a sa ka a lebala maemo ao a fetileng ho ’ona ka lilemo tse 13, ha aa ka a a lumella hore a mo nyahamise. (Gen. 45:5-8) Habohlokoa le ho feta ke hore ha aa ka a lumella hore liphoso tsa batho ba bang li senye kamano ea hae le Jehova. Botšepehi ba Josefa bo mo thusitse ho bona ha Jehova a lokisa ho hloka toka hoo ’me a hlohonolofatsa eena le ba lelapa labo. Ka tsela e tšoanang, re lokela ho ananela kamano ea rona le Jehova re be re e sireletse. Le ka mohla re se ke ra lumella liphoso tsa Bakreste-’moho le rona ho re sitisa ho sebeletsa Molimo. (Bar. 8:38, 39) Ho e-na le hoo, ha re tšoaroa ka leeme ke balumeli-’moho le rona, a re etsiseng Josefa ’me re atamele ho Jehova le ho feta, re etse lintho ka tsela ea Jehova. Ha re entse sohle ho lokisa boemo ho latela melao-motheo ea Bibele, re lokela ho tlohella lintho ho Jehova, re kholisehile hore o tla li lokisa ka nako ea hae le ka tsela ea hae. w17.04 20 ¶12; 22 ¶15-16
Laboraro, la 30 October
Haeba ruri u . . . tla fa lekhabunyane la hao ngoana e motona, ke tla mo fa Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.—1 Sam. 1:11.
Anna o ile a etsa seo a neng a se tšepisitse Molimo. Ha aa ka a nahana le ka ho koeneha. O ile a isa Samuele tabernakeleng e neng e le Shilo ho Moprista ea Phahameng Eli ’me a re: “E ne e le mabapi le moshanyana enoa ke neng ke rapela hore Jehova a phethahatse kōpo ea ka e matla eo ke mo kōpileng eona. ’Na, ke alimane ka eena ho Jehova. Ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae, o kōpetsoe Jehova.” (1 Sam. 1:24-28) Ha a le moo, “moshanyana Samuele a tsoela pele ho hōlela ho Jehova.” (1 Sam. 2:21) Empa seo se ne se bolela’ng ho Anna? O ne a rata mora oa hae haholo empa joale o ne a sa tl’o mo holisa. E tlameha ebe o ne a lakatsa ho mo sika, ho mo bapalisa le ho mo hlokomela, e leng seo batsoali ba bangata ba se thabelang ha ba ntse ba holisa bana ba bona. Leha ho le joalo, Anna ha aa ka a itšola ka lebaka la ho fana ka mora oa hae hobane o ne a rata Jehova ka pelo ea hae eohle.—1 Sam. 2:1, 2; Pes. 61:1, 5, 8. w17.04 5 ¶7-8
Labone, la 31 October
Tseba sena, hore matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.—2 Tim. 3:1.
Ka mor’a hore moapostola Pauluse a bolele esale pele hore mehleng ena ho tla ba le “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” o ile a boela a re: “Batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.” (2 Tim. 3:2-5, 13) Na mantsoe aa ke ’nete? Boholo ba rona re kile ra sotloa ke batho ba khopo, ba re soma kapa ba re hlasela. Ba bang ha ba pate bokhopo boo ba bo etsang, ha ba bang bona ba etsa eka ke batho ba molemo empa ba le khopo. Le haeba liketso tsa bokhopo ha li e-s’o re ame ka ho toba empa ka tsela e itseng li ntse li re ama. Lintho tse mpe tseo ba li etsang lia re nyarosa. Tsela eo batho ba khopo ba sotlang bana, batho ba holileng, le batho ba sa khoneng ho itšireletsa ka eona e etsa hore re lule re tšohile haholo. Batho ba khopo ba itšoara joaloka liphoofolo ’me ba etsa liketso tsa bodemona. (Jak. 3:15) Litaba tse monate ke hore Lentsoe la Jehova le re fa tšepo ea hore maemo ana a tla felisoa. w17.04 10 ¶4