February
Moqebelo, la 1 February
U phethe bosebeletsi ba hao ka botlalo.—2 Tim. 4:5.
Jesu o ne a nahanela batho bohle. Batho ba ile ba bona hore oa ba rata ’me taba eo ea ba nolofaletsa ho mamela molaetsa oa hae. Le rona ha re ka ithuta ho etsisa mohlala oa Jesu, batho ba bangata ba tla thabela ho re mamela ha re le tšimong. Ke’ng e ka re thusang hore re nahanele batho bao re ba pakelang? Re batla ho ikenya lieteng tsa batho bao re kopanang le bona tšimong, ebe re ba tšoara ka tsela eo re neng re ka thabela hore le rona re tšoaroe ka eona. (Mat. 7:12) Nahanela litlhoko tsa motho ka mong. Se ke oa qala moqoqo ka tsela e tšoanang ho motho e mong le e mong eo o kopanang le eena tšimong. Empa, u lokela ho leka ho utloisisa maemo a batho a fapakaneng le maikutlo a bona. U ka mo botsa lipotso ka bohlale e le hore u utloe hore na o lumela eng. (Liprov. 20:5) Ha re botsa batho lipotso, re ba lumella hore e be bona ba re bolellang hore na ke hobane’ng ha ba hloka litaba tse molemo. Ha re se re tseba hore na ba ikutloa joang, re ka etsisa Jesu ka ho bontša hore rea ba nahanela le ka ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang.—Bapisa le 1 Bakorinthe 9:19-23. w19.03 20 ¶2; 22 ¶8-9
Sontaha, la 2 February
Rolela mesebetsi ea hao ho Jehova ’me merero ea hao e tla tiisoa ka thata.—Liprov. 16:3.
Adama le Eva ba ile ba bontša hore ha ba ananele lintho tsohle tse molemo tseo Jehova a ba etselitseng tsona. Ho fapana le bona, kaofela re na le monyetla oa ho bontša hore re ananela lintho tsohle tse molemo tseo Jehova a re etselitseng tsona. Ha re kolobetsoa, re bontša Jehova hore rea lumela hore ke eena feela ea nang le tokelo ea ho re etsetsa melao ea lintho tse nepahetseng le tse fosahetseng. Re paka hore re rata Jehova ebile rea mo tšepa. Phephetso eo kaofela ha rona re tobanang le eona ka mor’a hore re kolobetsoe, ke ea hore letsatsi le letsatsi re loanele ho phela ka melao ea Jehova eseng ea rona. Bahlanka ba Jehova ba limilione ba se ba ntse ba loanela ho phela ka tsela eo. U ka ba e mong oa bona haeba u tsoela pele ho ithuta Lentsoe la Molimo, u e-ba teng libokeng kamehla, u bile u bolela litaba tse molemo ka cheseho. (Baheb. 10:24, 25) Ha u etsa liqeto, u lokela ho iphaphatha ka melao ea Jehova e ka Bibeleng le e fanoang ke mokhatlo oa hae. (Esa. 30:21) Ha u etsa joalo, u tla atleha nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang.—Liprov. 16: 20. w19.03 7 ¶17-18
Mantaha, la 3 February
Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo, kaha e theoha ho Ntate oa maseli a leholimo.—Jak. 1:17.
Jehova o re file Lentsoe la hae le lingoliloeng tseo re li fuoang ke lekhoba le tšepahalang. Mohlala, re fumana tataiso e tsoang ho Jehova ha re le libokeng, ha re bala limakasine le ha re sebelisa websaete ea rona. Na u kile oa mamela puo, oa bala sehlooho se seng kapa oa shebella Khaso ea JW eaba u fumana hore taba e buuang moo e u ama ka ho toba? Re ka etsa’ng ho bontša Jehova hore rea mo leboha? (Bakol. 3:15) Nako le nako ha re rapela re ka mo leboha ka limpho tsena tse molemo tseo a re fileng tsona. Re ka boetse ra bontša Jehova hore rea mo leboha ka hore re boloke libaka tsa rona tsa borapeli li le makhethe li bile li hloekile. Re etsa tsoho la monna ha ho hloekisoa Holo ea ’Muso ’me le batho ba sebetsang lefapheng la molumo ba ba hlokolosi hore ba se ke ba senya thepa. Liholo tsa rona tsa ’Muso li tla lula li le maemong a matle ’me li ke ke tsa hloka hore li lokisoe hangata ha re lula re li hlokometse. Ha re etsa joalo, re baballa chelete e ka sebelisoang ho haha Liholo tse ling tsa ’Muso le ho lokisa tse hlokang ho lokisoa lefatšeng lohle. w19.02 18 ¶17-18
Labobeli, la 4 February
Tsena ke linyane feela tsa litsela tsa hae, ke mohoeshetso o mokaakang o utloiloeng ka eena! —Jobo 26:14.
Jobo o ile a qeta nako a shebile lintho tseo Jehova a li bopileng. (Jobo 26: 7, 8) O ne a hlolloa ha a sheba lefatše, leholimo, maru le lehalima, hape a lumela hore lintho tseo a li tsebang ka popo ea Jehova ke linyane feela. O ne a boetse a rata litaelo tsa Jehova. Jobo o ile a re: “Ke bolokile lipolelo tsa molomo oa hae.” (Jobo 23:12) Jobo o ne a rata Jehova haholo, a bile a mo hlompha. O ne a batla ho etsa lintho tse tla mo khahlisa. Ka lebaka leo, boikemisetso ba hae ba ho lula a tšepahala bo ile ba tiea le ho feta. Re lokela ho etsisa Jobo. Re tseba lintho tse ngata haholo ka popo ea Jehova ho feta batho ba mehleng ea Jobo. Hape, re na le Bibele e feletseng e ka re thusang ho ithuta ka Jehova haholoanyane. Lintho tseo re ithutang tsona li ka matlafatsa lerato leo re ratang Jehova ka lona. Ha re rata Jehova re bile re mo hlompha re tla susumelletseha hore re mo mamele re be re mo tšepahalle ka linako tsohle.—Jobo 28:28. w19.02 5 ¶12
Laboraro, la 5 February
Nke ke ka tšoha. Motho oa lefatše a ka nketsa’ng?—Pes. 118:6.
Haesale bahlanka ba Jehova ba hlorisoa ke babusi. Ba ka ’na ba re qosa hobane ba re re tlotse molao, empa ha e le hantle ba re qosa hobane re “mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Lik. 5:29) Re ka ’na ra hobosoa, ra koalloa literonkong, kapa ra khakhathoa. Maemong a joalo, Jehova o tla re thusa hore re se ke ra iphetetsa, empa re lule re khobile matšoafo. Nahana ka mohlala oa Baheberu ba bararo ba neng ba le botlamuoeng Babylona, e leng Hanania, Mishaele le Azaria. Ka bonolo ba ile ba hlalosetsa morena hore na ke hobane’ng ha ba ke ke ba khumamela setšoantšo seo a se entseng. Ba ne ba ikemiselitse ho amohela eng kapa eng eo Jehova a neng a tla lumella hore e etsahale. (Dan. 3:1, 8-28) Re ka etsisa mohlala oa Baheberu baa ba bararo joang? Ka hore re ikokobetse ’me re tšepe hore Jehova o tla re hlokomela. (Pes. 118:7) Ka ho araba ka tsela e bonolo le e hlomphang ha batho ba re jajabetsa ka bohale. (1 Pet. 3:15) Le ka ho hana eng kapa eng e ka thunthetsang kamano ea rona le Jehova. w19.02 10-11 ¶11-13
Labone, la 6 February
Le be sebete!—Joh. 16:33.
Re ka lula re le sebete ka hore re lule re nahana ka tšepo eo re nang le eona ka lebaka la sehlabelo sa Kreste. (Joh. 3:16; Baef. 1:7) Libeke pele ho Sehopotso, re ba le monyetla oa ho bontša hore re ananela sehlabelo sa Jesu. Ka nako eo, re lokela ho bala ’Malo oa Bibele oa Sehopotso, re rapele re be re nahane le ka lintho tse ileng tsa etsahalla Jesu pele a e-shoa. Joale, ha re ea Sehopotsong re tla be re utloisisa hantle hore na bohobe le veine tse sebelisoang moo li emela’ng le hore na li bohlokoa hakae. Ha re utloisisa hantle hore na Jehova le Jesu ba re etselitse’ng le hore na sehlabelo seo se re tsoela molemo joang, tšepo ea rona ea matlafala ebile re tla ikemisetsa ho mamella ka sebete ho fihlela qetellong. (Baheb. 12:3) Rea thaba hore ebe Jesu o ntse a tsoela pele ho bontša makhabane ana joaloka Moprista ea Phahameng ea fetisetsang lithapelo tsa rona ho Jehova. (Baheb. 7:24, 25) E le ho bontša hore re ananela sehlabelo sa Jesu, re lokela hore ka botšepehi re ikhopotse lefu la hae joalokaha a re laetse.—Luka 22:19, 20. w19.01 22 ¶8; 23-24 ¶10-11
Labohlano, la 7 February
Jehova, ka kopo u khahlisoe ke linyehelo tsa boithaopo tsa molomo oa ka.—Pes. 119:108.
Jehova o entse hore kaofela ha rona re khone ho mo rorisa. Ha re araba, re etsetsa Jehova “sehlabelo sa thoriso” seo ho se nang motho ea ka re etsetsang sona. (Heb. 13:15) Empa ha a lebella hore re arabe ka tsela e tšoanang. Ha u ile libokeng ho tšoana le ha u ile lijong le metsoalle. Haeba u ne u memetsoe lijong joale u kopuoa hore u phehise ka ho hong u ne u tla etsa joang? Mohlomong u ne u ka ikutloa u le mosesaane empa u ne u ka leka ka hohle hore motho e mong le e mong a thabele ntho eo u tlileng le eona. Kaha Jehova o entse mokete, oa re mema. (Pes. 23:5; Mat. 24:45) Hape oa thaba ha re phehisa ka lintho tsa rona tsa bohlokoa. Kahoo, lokisetsa hantle u be u arabe ka hohle kamoo u ka khonang. Ha u etsa joalo u tla be u sa tle moketeng oa Jehova u phuthile matsoho. w19.01 8 ¶3; 13 ¶20
Moqebelo, la 8 February
Bohloko bo ba boholo ho bao, ha ho e-na le e mong, ba potlakelang ka mor’a hae.—Pes. 16:4.
Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele batho ba neng ba rapela melimo ea bohata ba ne ba etsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. (Hos. 4:13, 14) Batho ba bangata ba ne ba rata borapeli bona ba bohata hobane bo ne bo ba lumella hore ba iketsetse borata, ba ne ba bile ba etsa joalo hobane ba nahana hore ba tla thaba. Ba ne ba ntse ba ingola meno ka enke kaha ha baa ka ba thaba. Morena Davida o ile a re batho ba etsang joalo ba ba le ‘bohloko bo boholo.’ Ba ile ba etsa bokhopo bo boholo ka hore ba etse mahlabelo ka bana ba bona. (Esa. 57:5) Jehova o hloile liketso tsena tse khopo. (Jer. 7:31) Le mehleng ena, malumeli a bohata a lumella batho hore ba etse boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate bo akarelletsang hore batho ba bong bo tšoanang ba ratane. Batho bana ba nahana hore ba lokolohile empa baa ithetsa. (1 Bakor. 6:18, 19) Ha e le hantle ba itlhabile ka ‘bohloko bo boholo.’ Ka hona, bacha e se eka le ka mamela Jehova. Le kholisehe hore ho mamela Jehova hoa putsa. Boitšoaro bo bobe ha bo tlisetse motho thabo empa liphello tsa bona kamehla li ea baba ebile ke tsa nako e telele.—Bagal. 6:8. w18.12 27-28 ¶16-18
Sontaha, la 9 February
Le ’na ke tla ba oa hao.—Hos. 3:3.
Haeba molekane e mong a etsa boitšoaro bo hlephileng, molekane ea se nang molato o lokela ho etsa qeto. Jesu o itse molekane eo o na le lebaka le utloahalang la ho hlala le ho nyala motho e mong haeba a rata. (Mat. 19:9) Empa molekane ea foselitsoeng o ntse a ka tšoarela ea fositseng. Ha se phoso ho etsa joalo. Hosea o ile a tšoarela Gomere. Ha Gomere a se a khutletse ho Hosea, o ne a sa lokela ho kopanela liphate le monna e mong. (Hos. 3:1-3) Hosea o ile a qeta nako e itseng a sa robale le Gomere. Leha ho le joalo, ka mor’a nako Hosea o ile a boela a kopanela liphate le eena. Sena se ne se tšoantšetsa hore Molimo o ne a labalabela ho boela a amohela batho ba hae le ho sebelisana le bona hape. (Hos. 1:11; 3:4,5) See se re ruta’ng ka lenyalo kajeno? Haeba molekane ea foselitsoeng a khetha ho tšoarela molekane ea liphoso, ho ea sekateng ke pontšo ea hore ruri o mo tšoaretse. (1 Bakor. 7:3, 5) Ketso eo e hlakola monyetla oa tlhalo o neng o le teng ka lebaka la boitšoaro bo entsoeng ke molekane e mong. Ka mor’a moo, ba lokela ho thusana hore ka bobeli ba be le pono e kang ea Molimo ka lenyalo. w18.12 13 ¶13
Mantaha, la 10 February
Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.—Liprov. 22:3.
Ha re ithuta re lokela ho nahana hore na Jehova o ikutloa joang ka taba eo re ntseng re ithuta eona hobane ho etsa joalo ho tla re thusa ha re lokela ho etsa liqeto nakong e tlang. Ha re etsa joalo re tla be re itokisetsa maemo ’ohle a ka re hlahelang. Josefa o ile a bontša hore o nahana joaloka Jehova ha a hana ho etsa thobalano le mosali oa Potifaro. (Gen. 39:8, 9) O ile tiisa taba ena ka hore a re: “Nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?” O ile a bontša hore o sheba lintho joaloka Jehova. Re ka mo etsisa joang? A re re mohlomong mosebetsi-’moho le uena o u bontša hore oa u rata. Kapa mohlomong motho e mong o u romella molaetsa kapa setšoantšo se etsang hore u utloe u batla ho etsa thobalano. Ho ka ba bonolo hore re hlole mathata ana haeba re ka nahana hore na Jehova o ikutloa joang ka ’ona. w18.11 25 ¶13-14
Labobeli, la 11 February
Ke tla ithabela ho Jehova. —Hab. 3:18.
Litsebi tse ling tsa Bibele li nahana hore temana ena e re “ke tla tlola-tlola ke thabo ka lebaka la Morena; ke tla tantša ka lebaka la Molimo.” Lengolo lena le tiisa tumelo ea rona haholo. Jehova o re tšepisa hore o tla potlaka ha a phethahatsa litšepiso tsa hae. Lengolo la Habakuke le re ruta hore re lokela ho tšepa Jehova. (Hab. 2:4) Re lula re tšepa Jehova ka hore re matlafatse kamano ea rona le eena ka (1) ho mo rapela re mo bolelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe e re tšoenyang, (2) ho mo mamela ha a sebelisa Bibele le mokhatlo oa hae ho re tataisa le (3) ka hore re mamelle re be re tšepahale ha re ntse re letetse hore a tl’o re pholosa mathateng a rona. Ha re etsa joalo re tla be re etsisa Habakuke. Le hoja qalong a ne a nyahame, qetellong o ile a thaba ’me a ba le tšepo. Haeba re etsisa Habakuke re tla utloa hore Jehova oa re tsotella ebile oa re rata joaloka bana ba hae. Ka lebaka la mathata ao re phelang har’a ’ona, ha ho na matšeliso a fetang ana. w18.11 17 ¶18-19
Laboraro, la 12 February
[Kreste] o ile a shoela bohle e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, empa ba phelele ea ileng a ba shoela ’me a tsosoa.—2 Bakor. 5:15.
Bahlanka ba Jehova le bona ba rata Jehova hobane “o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) Jesu le eena o bontšitse hore oa re rata ka hore a re shoele. Kahoo, le rona re susumelletseha hore re mo rate. Bibele e re esita le “matšoenyeho kapa mahlomola . . . li ke ke tsa khona ho re arohanya le lerato . . . le leng ho Kreste Jesu.” (Bar. 8:35, 38, 39) Ka linako tse ling re ka kopana le mathata a etsang hore re felloe ke matla, re imeloe kelellong kapa re thatafalloe ke ho sebeletsa Jehova re thabile. Empa lerato leo Kreste a re ratang ka lona le ka re thusa ho lula re le matla e le hore re mamelle. (2 Bakor. 5:14) Ho tseba hore Jesu oa re rata ho re thusa hore re mamelle ha re hlaheloa ke likoluoa tsa tlhaho, re hlorisoa, re e-ba le mathata kapa re tšoenyehile. Kahoo, re tla tsoela pele re sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mathata ao. w18.09 14 ¶8-9
Labone, la 13 February
Ke tla tsamaea ’neteng ea hao.—Pes. 86:11.
E le hore re lule re le metsoalle ea Molimo, re lokela ho mamela litaelo tsohle tsa hae. Re tlameha ho ikemisetsa ho etsa thato ea Jehova hobane ke eona ntho ea bohlokoa. Le rona joaloka Davida, re lokela ho ikemisetsa ho mamela Molimo. Haeba re sa etse joalo, re ka ’na ra ikoahlaea eaba re batla ho rekisa ’nete. Empa re batla ho sebetsa ka thata e le hore kamano ea rona le Molimo e lule e le matla. Ebile rea hlokomela hore re ke ke ra khetha hore na re mamela melao efe empa re lokela ho tsamaea “ ’neteng eohle” ea hae. (Joh. 16:13) E le hore re sireletse kamano ea rona le Molimo, re lokela ho qoba ho senya nako ka ho kena Inthaneteng, ho shebella thelevishene kapa ho ithabisa. Ke ’nete hore ho etsa lintho tsena ha hoa fosahala empa ha re qeta nako e ngata re li etsa li ka re sitisa ho ithuta ka Molimo. w18.11 10 ¶7-8
Labohlano, la 14 February
Ke tšelisitse ’me ke khutsisitse moea oa ka.—Pes. 131:2.
Hangata ha maemo a rona a bophelo a fetoha rea nyahama. (Liprov. 12:25) Re ka thatafalloa le ho amohela boemo ha bo fetoha. Ebe ke eng e ka re ‘tšelisang’? (Pes. 131:1-3) Ha re e-na le mathata “khotso ea Molimo” e ka re lebela le ho thoba lipelo tsa rona. (Bafil. 4:6, 7) Kahoo, haeba re tšepa Jehova, khotso ea hae e ka re thusa hore re ikemisetse ho lula re mo sebeletsa le hore re se ke ra nyahama. Ho phaella tabeng ea ho re tšelisa, moea oa Molimo o ka re hopotsa litemana tsa bohlokoa tse ka re thusang ho lula re sebeletsa Jehova.—Joh. 14:26, 27. w18.10 27 ¶2; 28 ¶5, 8
Moqebelo, la 15 February
Bolellanang ’nete.—Zak. 8:16.
Ho na le ntho e ’ngoe eo e leng khale e le teng eo liphello tsa eona li leng bohloko. Ke efe? Ke leshano. Hangata ha motho a bua leshano o batla hore batho ba lumellane le eena. Satane ke eena motho oa pele ea ileng a bua leshano ’me ha Jesu a bua ka eena o ile a re: “Diabolose . . . ke ntate oa leshano.” (Joh. 8:44) Jehova o ile a bopa Adama le Eva ’me a ba fa lehae le letle la Paradeise e le hore ba ka thabela ho phela ho lona. O ile a ba laela hore ba se ke ba ja “sefate sa tsebo ea botle le bobe” e le hore ba se ke ba shoa. Satane o ile a ba thetsa a sebelisa noha a re: “Ka sebele le ke ke la shoa . . . etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang [litholoana] tsa sona mahlo a lona a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.” Lena ebile leshano la pele leo Satane a le buileng lilemo tse likete tse fetileng serapeng sa Edene.—Gen. 2:15-17; 3:1-5. w18.10 6 ¶1-2
Sontaha, la 16 February
Ho thaba ba lipelo li hloekileng kaha ba tla bona Molimo. —Mat. 5:8.
Re lokela ho lula re hloekile kantle le ka hare, pelong, menahanong le maikutlong. Ho bohlokoa hore re lule re hloekile e le hore Jehova a tle a re amohele. (2 Bakor. 4:2; 1 Tim. 1:5) Ke hobane’ng ha ho thoe batho ba lipelo li hloekileng ba tla “bona Molimo” empa Bibele e boetse e re ha ho motho ea ka “bonang [Molimo] ’me leha ho le joalo a phela”? (Ex. 33:20) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho bona Molimo” le bolela ho nahana, ho utloisisa kapa ho tseba. Ho bona Molimo ho bolela ho mo tseba hantle le ho rata makhabane a hae. (Baef. 1:18) Le hoja re ke ke ra bona Molimo, ha a re thusa ho joalokaha eka rea mo bona. (Jobo 42:5) Re lokela ho lula re nahana ka lintho tseo Jehova a li tšepisang bahlanka ba hae ba mo tšepahallang le ba lulang ba nahana lintho tse hloekileng. w18.09 20 ¶13, 15-16
Mantaha, la 17 February
Bohlale ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Fumana bohlale. —Liprov. 4:7.
Haeba re etsa lintho tseo re ithutileng tsona Bibeleng, re tla hlohonolofatsoa. Ke ’nete hore tsebo eo re nang le eona e ka re thusa ho ba bohlale. Empa ntho e kholo e bontšang hore na re bohlale hakae ke hore na re etsa liqeto life, eseng hore na re na le tsebo e kae. Mohlala, bohloa ha bo tsebe lintho tse ngata empa bo bontša bohlale ka hore bo itokisetse mariha. (Liprov. 30:24, 25) Kreste, eo Bibele e reng ke “bohlale ba Molimo,” o lula a etsa lintho tse khahlisang Ntate oa hae. (1 Bakor. 1:24; Joh. 8:29) Molimo oa tseba hore ho etsa qeto e nepahetseng ho fapana le ho phela tumellanong le eona. Hape o tla re hlohonolofatsa haeba re lula re ikokobelitse ebile re phela tumellanong le lintho tseo re ithutileng tsona Bibeleng. (Mat. 7:21-23) Kahoo, a re sebeletseng ho lula re ikokobelitse. Ho etsa joalo ho tla thusa Bakreste-’moho le rona hore le bona ba ikokobetse. Ho nka nako ebile ho hlokahala hore re be le mamello e le hore re phele tumellanong le lintho tseo re ithutileng tsona Bibeleng. Empa haeba re etsa joalo, re bontša hore re ikokobelitse ebile re tla lula re thabile. w18.09 7 ¶18
Labobeli, la 18 February
E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, . . . eseng ka ho ipapisa le motho e mong.—Bagal. 6:4.
Jehova o ne a batla hore batho ba phethahetseng ba sebetse ’moho le eena ho phethahatsa merero ea hae. Le hoja re sa phethahala, re ntse re ka atleha ho sebetsa ’moho le Jehova haeba feela re tšepahala. Mohlala, re ba “basebetsi-’moho le Molimo” ha re bua le batho ka Bibele le ho ba etsa barutuoa. (1 Bakor. 3:5-9) Nahana hore na ho thabisa hakaakang ho sebetsa ’moho le ’Mopi oa lefatše le leholimo mosebetsing oo a o nkang o le bohlokoa. Empa ho bua le batho ka Bibele le ho ba etsa barutuoa ha se tsona feela litsela tsa ho sebetsa ’moho le Jehova. Litsela tse ling tseo ka tsona re ka sebetsang ’moho le Jehova ke ka ho thusa ba malapa a rona le Bakreste-’moho le rona, ka ho amohela baeti le ho eketsa nako eo re e qetang re mo sebeletsa. (Bakol. 3:23) Leha ho le joalo, leka hore u se ke oa ipapisa le batho ba bang. Maemo a rona ha a tšoane ebile ha re lekane ka lilemo. Kahoo, re se ke ra lebella hore re ka sebeletsa Jehova ka mokhoa o tšoanang le batho ba bang. w18.08 23 ¶1-2
Laboraro, la 19 February
U lule u e lebeletse; kaha ruri e tla phethahala.—Hab. 2:3.
Jehova o ile a tiisetsa Habakuke hore o tla araba lipotso tsa hae. Ho ne ho setse nako e khutšoanyane pele a felisa mathata ’ohle a Habakuke. Ho le joalokaha eka Jehova o re ho eena: “E-ba le mamello ’me u ntšepe kaha ke tla felisa mathata ’ohle a hao.” O ile a mo khothatsa a ba a mo hopotsa hore o etsa lintho ka nako e le hore a phethahatse litšepiso tsa hae. Kahoo, moprofeta enoa o ne a ke ke a soetseha. Haeba re lula re letetse Jehova re mo tšepa re bile re mamela litaelo tsohle tsa hae, o tla re thusa hore re lule re khobile matšoafo ho sa tsotellehe mathata a ka re hlahelang. Jesu le eena o ile bontša hore re lokela ho tšepa Jehova re se ke ra ameha ka ‘nako’ eo Molimo a tla phethahatsa litšepiso tsa hae ka eona. (Lik. 1:7) Kahoo, e se eka ka boikokobetso, ka tumelo le ka mamello re ka tsoela pele re sebeletsa Jehova ka matla a rona ’ohle.—Mar. 13:35-37; Bagal. 6:9. w18.11 16 ¶13-14
Labone, la 20 February
Molimo o mpontšitse hore ha kea lokela ho re motho o silafetse kapa ha aa hloeka.—Lik. 10:28.
Petrose le Bajuda ba bang ba ne ba lumela hore balichaba ha baa hloeka. Empa ho na le ntho e ileng ea etsa hore Petrose a fetole tsela eo a nahanang ka eona. Mohlala, Molimo o ile a mo bontša pono. (Lik. 10:9-16) Joaloka Petrose re lokela ho itlhahloba ka botšepehi re ikemisetse ho amohela thuso ea ho loantša khethollo ka ho feletseng ka lipelong tsa rona. Re ka boela ra etsa’ng hape? Haeba re rata batho, re tla hlola khethollo. (2 Bakor. 6:11-13) Na u tloaelane le batho ba setso sa hao feela, ba morabe oa hao kapa bao u buang puo e le ’ngoe le bona? Haeba ho joalo, u lokela ho atoloha. U ka sebetsa tšimo le bara le barali babo rona bao maemo a bona a sa tšoaneng kapa u ba memele lijong? (Lik. 16:14, 15) Haeba u etsa joalo, u tla rata batho ebile u tla qoba ho ba le khethollo ka ho feletseng. w18.08 9¶3, 6; 10 ¶7
Labohlano, la 21 February
Phemang ho ba lisosa tsa khopiso.—1 Bakor. 10:32.
Ka linako tse ling Bakreste ba ka bonahala ba sa fapana hakaalo le batho bao e seng Lipaki. Mohlala, ha ba le meketeng, lintho tseo ba li etsang le tsela eo ba jaefang ka eona, ha e tšoanele Bakreste. Lifoto tseo ba bang ba li behang Inthaneteng le lintho tseo ba li ngolang, li bontša hore ha ba nahane lintho ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona. Kahoo, ba ka susumetsa Bakreste ba bang hampe ba ntseng ba sebetsa ka thata hore ba be le boitšoaro bo botle. (1 Pet. 2:11, 12) Batho bao e seng Bakreste ba re susumelletsa hore re be le “takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso.” (1 Joh. 2:16) Kaha re ka lehlakoreng la Jehova, re ‘hana ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše empa re phela ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo har’a tsamaiso ena ea hona joale ea lintho.’ (Tite 2:12) Ha re e-ja, re e-noa, re apara, re itlhopha, re sebetsa kapa re bua, re lokela ho bontša batho bohle hore re bahlanka ba Jehova. w18.07 25 ¶13-14
Moqebelo, la 22 February
Mahlo a rona a lebile ho Jehova Molimo oa rona ho fihlela a re bontša mohau.—Pes. 123:2.
Haeba re lula re tšepa Jehova ka linako tsohle, re ke ke ra lumella hore liphoso tsa batho ba bang li re halefise kapa li senye kamano ea rona le Jehova. Taba ena ke ea bohlokoa haholo haeba joaloka Moshe re e-na le boikarabelo bo bongata ka mokhatlong oa Molimo. Ha re ntse re ‘sebeletsa poloko ea rona ka tšabo le thothomelo,’ re lokela ho hopola hore Jehova ha a na molao o le mong o tšoanang oo a re ahlolang ka oona. (Bafil. 2:12) Ho e-na le hoo, haeba re fuoe mosebetsi o mongata, re tla ba le boikarabelo bo bongata. (Luka 12:48) Empa haeba re rata Jehova e le kannete, ha ho letho le tla senya kamano ea rona le eena. (Pes. 119:165; Bar. 8:37-39) Re lokela ho lula re tšepa “ea lulang maholimong” matsatsing ana a ho qetela e le hore re ka etsa thato ea hae. (Pes. 123:1) E se eka re ke ke ra lumella hore liphoso tsa batho ba bang li senye kamano ea rona le Jehova. w18.07 16 ¶19-20
Sontaha, la 23 February
Leseli la lona le ke le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka . . . tlotlisa Ntat’a lona ea maholimong.—Mat. 5:16.
Rea thaba ha re bona batho ba Jehova ba ntse ba eketseha. Ka 2017, re khannile lithuto tsa Bibele tse ka holimo ho limilione tse leshome. Bona ke bopaki ba hore batho ba Jehova ba lumella hore leseli la bona le khanye. Nahana hape ka batho ba limilione ba ratang Molimo ba bileng teng Sehopotsong. Ba ile ba ithuta kamoo Molimo a re ratang kateng ka hore ebe o fane ka thekollo. (1 Joh. 4:9) Lefatšeng ka bophara, re le batho ba Jehova re bua lipuo tse fapaneng. Leha ho le joalo, taba eo ha e re thibele hore re rorise Jehova re momahane. (Tšen. 7:9) Ho sa tsotellehe hore na re bua puo efe kapa re lula hokae, re ka ‘khanya re le maseli lefatšeng.’ (Bafil. 2:15) Ha re bona batho ba Jehova ba ntse ba eketseha, ba momahana le ho loanela ho lula ba falimehile, re tlotlisa Jehova. w18.06 21 ¶1-3
Mantaha, la 24 February
Rabi, ak’u je.—Joh. 4:31.
Karabo eo Jesu a ileng a ba fa eona e ile ea bontša hore o ne a amehile ka ho ruta ka ’Muso oa Molimo ho feta ntho leha e le efe. E ne e le thato ea Ntate oa hae ho ruta mosali oa Mosamaria. Ho eena, ho etsa joalo ho ne ho tšoana le lijo.(Joh. 4:31-34) Jakobo le Johanne ba ne ba sa utloisise thuto ena. Ha ba ntse ba tsamaea le Jesu motseng oa Samaria ba ile ba batla moo ba ka robalang teng. Basamaria ba ile ba hana ho ba amohela eaba Jakobo le Johanne ba halefa hoo ba ileng ba kopa hore motse oohle o timetsoe ka mollo. Jesu o ile a ba khalemela ka matla. (Luka 9:51-56) Hoja e ne e le batho ba motse oa bona ba ileng ba hana ho ba amohela, ba ka be ba sa ka ba halefa ka tsela eo ba ileng ba halefa ka eona. E ka ’na eaba ba ne ba e-na le khethollo ea morabe ke kahoo ba neng ba halefetse Basamaria. Ho ka etsahala hore ebe moapostola Johanne o ile a ikutloa a soabile ke tsela eo a ileng a halefa ka eona ha a bona Basamaria ba amohela molaetsa hamorao.—Lik. 8:14, 25. w18.06 10-11 ¶12-13
Labobeli, la 25 February
Le eme le tiile, matheka a lona a tlamiloe ka hohle ka ’nete. —Baef. 6:14.
Haeba matheka a rona a tlamiloe ka hohle ka ’nete, re tla phela tumellanong le Bibele ’me re bue ’nete ka linako tsohle. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho bua leshano? Hobane Satane o sebelisa leshano ho hlasela batho. Leshano le kotsi ho motho ea le buang le ea le kholoang. (Joh. 8:44) Re leka ka hohle hore re qobe ho bua leshano. (Baef. 4:25) Empa ha ho bonolo. Morali’abo rona Abigail ea lilemo li 18 o re: “Ha se kamehla ho bua ’nete ho bonahalang ho le molemo, haholo nakong eo ho bua leshano ho ka u ntšang mathateng.” Joale ke hobane’ng ha re lokela ho bua ’nete ka linako tsohle? Morali’abo rona Victoria ea lilemo li 23 o re: “Ha u bua ’nete u bile u bua ka Bibele le bana bao u kenang sekolo le bona, ba ka u hlorisa. Empa ho na le melemo e mengata. U tla itšepa, u be le kamano e ntle le Jehova ’me batho ba u ratang ba tla u hlompha.” Ho bohlokoa hore ‘matheka a rona a lule a tlamiloe ka hohle ka ’nete’ ka linako tsohle. w18.05 28 ¶3, 5
Laboraro, la 26 February
Le lule le lebetse.—Mat. 24:42.
Kaofela ha rona re lokela ho lula re falimehile kaha matsatsi a ntse a mpefala. Re kholisehile hore Jehova o tla nka khato ka nako e nepahetseng. (Mat. 24:42-44) Hona joale re lokela ho ba le mamello ’me re lule re falimehile. Re lokela ho bala Bibele letsatsi le letsatsi ’me re lule re rapela Jehova. (1 Pet. 4:7) Re lokela ho etsisa mehlala ea bara le barali babo rona ba lulang ba thabile ka lebaka la hore ba lula ba falimehile ’me ba tsoela pele ho khantša leseli la bona. Lula u e-na le batho ba u khothatsang ’me u phathahane ka mesebetsi e u matlafatsang. Ho etsa joalo ho tla etsa hore u thabe ’me u tla bona nako e tsamaea kapele. (Baef. 5:16) Tumelo ea rona ea matlafala ha re hopola hore Jehova o amohela tšebeletso ea rona le hoja re sa phethahala. Kahoo, re ananela hore ebe Jehova o re file “limpho [tseo e leng] banna,” kapa baholo ba phutheho. (Baef. 4:8, 11, 12) Ha moholo a u etetse, sebelisa monyetla oo hore u ithute ho hong ho eena ’me u sebelise keletso ea hae. w18.06 24-25 ¶15-18
Labone, la 27 February
Haeba le boloka litaelo tsa ka, le tla lula leratong la ka.—Joh. 15:10.
Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba se ke ba e-ba feela leratong la hae empa ba ‘lule ho lona.’ Hobane’ng? Hobane ho phela re le barutuoa ba Kreste ka linako tsohle ho hloka hore re be le mamello. Ha Jesu a hatisa bohlokoa ba ho ba le mamello, o ile a sebelisa lentsoe “lula” ka makhetlo a ’maloa tlalehong e khutšoanyane e hlahang lengolong la Johanne 15:4-10. Re ka bontša joang hore re batla ho lula leratong la Kreste le ho lula re amoheloa ke eena? Ka hore re boloke litaelo tsa hae. Ka mantsoe a bonolo, Jesu o ile a re: ‘Le ’mamele.’ Jesu ke mohlala tabeng ena. O re kopa hore re etse ntho eo a ileng a e etsa, o ekelletsa ka hore “feela joalokaha ke bolokile litaelo tsa Ntate ’me ke lula leratong la hae.” (Joh. 13:15) Ha re mamela taelo ea Jesu ea hore re bolele ka ’Muso, le rona re bontša hore re rata Molimo hobane litaelo tsa Jesu li bontša tsela eo Ntate oa hae a nahanang ka eona. (Mat. 17:5; Joh. 8:28) Kaha Jehova le Jesu baa thaba ha re bontša hore rea ba rata, re lula leratong la bona. w18.05 18 ¶5-7
Labohlano, la 28 February
Merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.—Liprov. 21:5.
Ho na le lintho tse ngata tseo bacha ba lokelang iketsetsa qeto ka tsona, tse kang hore na ba tla ea sekolong kapa che le hore na ba tla etsa mosebetsi ofe bakeng sa ho iphelisa le lintho tse ling. Hafeela u tseba hore na u batla ho etsa’ng bophelong, ho tla ba bonolo ho etsa liqeto tse nepahetseng. Kahoo, ha u qala u sa le mocha ho ba le merero e metle eo u batlang ho e fihlela ka moso, merero eo e tla atleha. Bacha ba bangata ba Lipaki lefatšeng ka bophara ba lokela ho babatsoa haholo. Ba qeta nako ea bona e ngata ba sebeletsa Jehova le ho etsa lintho tse tla ba thusa ho lula ba mo rata. Ka lebaka leo, ba lula ba thabile haholo. Hape, kaha ba mamela likeletso tsa Jehova liqetong tsohle tseo ba li etsang, baa thaba. Liqeto tseo li akarelletsa hore na ba tla nyala kapa ba tla nyaloa. Solomone o ile a re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle . . . U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.” (Liprov. 3:5, 6) Jehova o rata bacha ba Bakreste haholo, ebile oa ba sireletsa, oa ba tataisa le ho ba hlohonolofatsa. w18.04 26 ¶7; 27 ¶9
Moqebelo, la 29 February
Le ratane; le lona le ratane feela joalokaha ke le ratile.—Joh. 13:34.
Moapostola Johanne o ile a khothatsa Bakreste-’moho le eena. Haesale lengolo la Johanne leo a le ngotseng le khothatsa Bakreste ho tloha mehleng ea hae ho tla fihlela le mehleng ena. Ke lona feela le nang le mantsoe a Jesu a bontšang hore Bakreste ba ’nete ba tla tsebahala ka ho ratana. (Joh. 13:35) Ho na le lintho tse ling tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona mangolong a mang a mararo a ngotsoeng ke Johanne. Ha re nyahame ka lebaka la libe tsa rona, taba ea hore “mali a . . . Jesu a re hloekisa sebeng sohle” e re khothatsa haholo. (1 Joh. 1:7) Hape haeba re tsoela pele ho ikutloa eka ha re na thuso ka lebaka la liphoso tsa rona, ho tseba hore “Molimo o moholo ho lipelo tsa rona” hoa re khothatsa ebile re thaba haholo. (1 Joh. 3:20) Johanne o ile a boela a re “Molimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8, 16) Lengolong la hae la bobeli le la boraro, o khothatsa Bakreste bohle ba lulang ba sebeletsa Jehova ka botšepehi.—2 Joh. 4; 3 Joh. 3, 4. w18.04 18 ¶14-15