April
Labone, la 1 April
Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle.—Liprov. 17:17.
Aristakase oa Thesalonika e Macedonia o ile a bontša hore ke motsoalle oa ’nete oa moapostola Pauluse. Re bala ka Aristakase ka lekhetlo la pele tlalehong ea ha Pauluse a ne a etetse Efese leetong la hae la boraro la boromuoa. Aristakase o ile a tšoaroa ke mokhopi ha a ne a felehelitse Pauluse. (Lik. 19:29) Ka mor’a hore a lokolloe ha a ka a batla hore a itšireletse empa o ile a lula e e-na le Pauluse. Likhoeli hamorao ha ba le Greece, Aristakase o ile a lula a ntse a tšehelitse Pauluse le ha lira tsa Pauluse li ne li ntse li batla ho mo bolaea. (Lik. 20:2-4) Hoo e ka bang ka selemo sa 58, ha Pauluse a ne a isoa Roma e le motšoaruoa, Aristakase o ne a e-na le eena leetong leo le letelele. Hape ka bobeli ba ile ba mamella mathata a ho robeheloa ke sekepe tseleng. (Lik. 27:1, 2, 41) Ka mor’a hore ba fihle Roma, ho ka etsahala hore ebe Aristakase o ile a qeta nako e itseng a e-na le Pauluse teronkong. (Bakol. 4:10) Ha ho makatsa hore ebe Pauluse o ile a ikutloa a khothetse a bile a fumane matšeliso ho motsoalle eo oa hae ea tšepahalang. Joaloka Aristakase, re lokela ho ba metsoalle ea ’nete ka hore re tšehetse bara le barali babo rona, e seng feela ha ho le monate empa le ha ho e-na le mahlomola. w20.01 9 ¶4-5
Labohlano, la 2 April
Ho thaba ’me ho halalela mang kapa mang ea nang le kabelo tsohong ea pele.—Tšen. 20:6.
Motlotsuoa a ka ’na a ikutloa eka ha a tšoanelehe ho fumana tlotla eo empa ha a na khoao ea hore Jehova o mo khethile. Oa thaba ebile oa ananela ha a nahana ka tšepo ea ho ea phela leholimong. (1 Pet. 1:3, 4) Na see se bolela hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba batla ho shoa? Moapostola Pauluse o araba potso eo. O ile a tšoantša ’mele ea bona le tente a re: “Ha e le hantle, rona ba leng tenteng ena rea bobola, kaha re imetsoe; hobane ha re batle ho e hlobola, empa re batla ho apara e ’ngoe, e le hore se shoang se ka metsoa ke bophelo.” (2 Bakor. 5:4) Ha se hore Bakreste bana ha ba batle ho phela lefatšeng hoo ba ka batlang ho shoa kapele. Empa ba thabela bophelo ’me ba batla ho sebeletsa Jehova letsatsi le letsatsi le beng ka bona le metsoalle ea bona. Ho sa tsotellehe hore na ba etsa’ng, ba lula ba hopola tšepo e khanyang eo ba nang le eona ea bokamoso.—1 Bakor. 15:53; 2 Pet. 1:4; 1 Joh. 3:2, 3. w20.01 23 ¶12-13
Moqebelo, la 3 April
Jehova o laea eo a mo ratang.—Baheb. 12:6.
Jehova o re koetlisa ka ho re laea ha ho hlokahala. O etsa joalo ka litsela tse ngata tse fapaneng. Ka mohlala, re ka ’na ra bala tlaleho e itseng ea Bibele kapa ha ba le ntho eo re ithutang eona libokeng e re thusang hore re fetole tsela eo re nahanang kapa re etsang lintho ka eona. Hape re ka fumana thuso ho baholo. Ho sa tsotellehe hore na Jehova o re khalemela joang, ntho eo re e tsebang ke hore o re khalemela hobane a re rata. (Jer. 30:11) Jehova oa re tšehetsa ha re e-na le mathata. Feela joalokaha ntate ea lerato a tšehetsa bana ba hae ha ba e-na le mathata, ntate oa rona Jehova oa re tšehetsa ha re e-na le mathata hape o re fa le matla. O sebelisa moea oa hae o halalelang ho re sireletsa ho ntho leha e le efe e ka senyang setsoalle sa rona le eena. (Luka 11:13) Jehova o boetse oa re thusa ha re nyahame. Ka mohlala, o re fa tšepo e tiileng ka bokamoso. Tšepo eo e re thusa ho mamella mathata. Ak’u nahane feela, ho sa tsotellehe hore na re hlaheloa ke lintho life tse bohloko, ntate oa rona ea lerato o tla li felisa. Mathata ’ohle a re hlahelang hona joale ke a nakoana empa litlhohonolofatso tsohle tseo Jehova a re fang tsona ke tsa ho ea ho ile.—2 Bakor. 4:16-18. w20.02 5 ¶14-15
Sontaha, la 4 April
Na ho lona ho bonahala eka lengolo le re ntle ho morero: “Moea o lutseng ho rona o ntse o hloloheloa ka tšekamelo ea ho ba mohono?”—Jak. 4:5.
Re ka khona ho hlola bothata ba ho ba mona. Ak’u nahane ka mohlala oa baholoane ba Josefa. Lilemo ka mor’a hore ba hlokele Josefa toka, ba ile ba kopana le eena Egepeta. Pele Josefa a ka itsebahatsa ho baholoane ba hae, o ile a ba leka pele e le ho bona hore na ba fetohile. O ile a ba lokisetsa lijo eaba o tsotella ngoan’abo Benjamine ho ba feta kaofela. (Gen. 43:33, 34) Empa baholoane ba hae ha baa ka ba shoela Benjamine mona. Ho e-na le hoo, ba ile ba bontša hore ba tsotella ngoana eo oa bo bona le ntate oa bona Jakobo. (Gen. 44:30-34) Kaha baholoane ba Josefa ba ne ba se ba tlohetse ho ba mona, ba ile ba khona ho etsa ho re lelapa labo bona le be le khotso hape. (Gen. 45:4, 15) Ka tsela e tšoanang haeba re qoba ho ba mona, re tla etsa hore malapa a rona le phutheho li be le khotso. Jehova o batla hore re qobe ho ba mona empa re phehelle khotso. Empa haeba re loanela ho ikokobetsa, ho khotsofala le ho ananela, re ke ke ra ba mona. w20.02 19 ¶17-18
Mantaha, la 5 April
[Ke rata Jehova] hobane o utloa lentsoe la ka, likopo tsa ka tse tiileng.—Pes. 116:1.
Tsela e ’ngoe eo u ka bontšang ka eona hore u ananela hore ebe Jehova oa u rata, ke ka ho bua le eena ka thapelo. U tla mo rata haholo haeba u mo bolella mathata a hao leha u mo leboha ka lintho tsohle tseo a u etselitseng tsona. Athe setsoalle sa lona sona se tla tiea le ho feta ha u bona kamoo a arabelang lithapelo tsa hao kateng. Hape u tla kholiseha hore oa u utloisisa. Leha ho le joalo, e le hore u atamele haufi le Jehova, u lokela ho tseba hore na o nahana joang, o rata’ng le hore na ha a rate’ng le hore na ke hobane’ng ha a etsa lintho tse itseng. Hape u lokela ho tseba hore na o lebeletse’ng ho uena. Ka hona, ntho feela e ka u thusang hore u tsebe lintho tseo, ke hore u ithute Lentsoe la hae Bibele. Kahoo, ithute ho nka Lentsoe la Molimo e le la bohlokoa. Ke Bibele feela e buang ’nete ka Jehova le ka merero ea hae ka batho. U bontša hore u nka Bibele e le ea bohlokoa ka hore u e bale letsatsi le letsatsi, u lokisetse thuto le hore u etse lintho tsohle tseo u ithutileng tsona. (Pes. 119:97, 99; Joh. 17:17) Na u na le nako eo u ipehetseng eona ea ho ithuta Bibele? Na u bala Bibele letsatsi le leng le le leng? w20.03 5 ¶8-9
Labobeli, la 6 April
A qala ho behelana mabaka . . . le ba neng ba e-ba teng.—Lik. 17:17.
Haeba ha u sa khona ho tsamaea nako e telele, u ka lula moo batho ba fetang ba le bangata e le hore u ba pakele. Mohlomong u ka paka ka tsela e sa reroang, oa sebelisa thelefono kapa oa ngola mangolo. Bahoeletsi ba bangata ba sa khoneng ho paka ka ntlo le ntlo ba ntse ba ka thaba ha ba sebelisa mekhoa e meng ea ho paka. Le hoja u e-na le mathata a bophelo, u ntse u ka khona ho phetha mosebetsi oa boboleli ka botlalo. Pauluse o ile a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafil. 4:13) Ha Pauluse a ne a le leetong le leng la hae, o ile a hloka matla ao ha a ne a kula. O ile a re ho Bagalata: “Ke ile ka le bolella litaba tse molemo ka lekhetlo la pele ka lebaka la ho kula ha ka nameng.” (Bagal. 4:13) Ka tsela e tšoanang, mathata a hao a bophelo a ka ’na a u fa monyetla oa ho pakela lingaka, baoki le batho ba bang ba u hlokomelang. Hangata bahoeletsi ha ba fumane batho bana ha ba ile tšimong kaha baa be ba ile mesebetsing. w19.04 4-5 ¶10-11
Laboraro, la 7 April
Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.—2 Tim. 3:12.
Ka 2018, ho ne ho se ho e-na le bahoeletsi ba fetang 223 000 ba phelang linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa rona o thibetsoeng ka ho feletseng kapa ho thibetsoe likarolo tse itseng tsa oona. Taba ena ha e makatse. Bakreste ba ’nete baa tseba hore ba tla hlorisoa. Ho sa tsotellehe hore na re lula hokae, ba boholong pusong ba ka leka ho re thibela ho sebeletsa Jehova ka hore ba thibele mosebetsi oa rona re sa lebella. Haeba ’muso o thibela mosebetsi oa rona, ka phoso re ka ’na ra nka hore Jehova ha a sa amohela tšebeletso ea rona. Empa re lokela ho lula re hopola hore ho hlorisoa ha se letšoao la hore Jehova ha a sa re amohela. Nahana ka mohlala oa moapostola Pauluse. Ha ho tika-tiko hore Molimo o ne a mo rata. O ile a bululeloa hore a ngole mangolo a 14 a Segerike a Bakreste hape e ne e le moapostola ho lichaba. Empa o ile a ’na a thulana le mahloriso a mangata. (2 Bakor. 11:23-27) Re ithuta mohlaleng oa moapostola Pauluse hore Jehova o ntse a ka ’na a lumella bahlanka ba hae hore ba hlorisoe. w19.07 8 ¶1, 3
Labone, la 8 April
[Re loana] . . . le makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.—Baef. 6:12.
Tsela e ka sehloohong eo Jehova a bontšang ka eona hore o rata bahlanka ba hae ke ka ho ba thusa hore ba hlole lira tsa bona. Lira tsa rona tse ka holimo-limo ke Satane le bademona ba hae. Jehova o ile a re lemosa ka lira tsena, a ba a re bontša hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re li hlole. (Baef. 6:10-13) Ha re amohela thuso ea Jehova ’me re itšetleha ka eena ka ho feletseng re ka hlola Diabolose. Re lokela ho ba sebete joaloka moapostola Pauluse. O ile a re: “Haeba Molimo a eme le rona, ke mang ea tla ba khahlanong le rona?” (Bar. 8:31) Joaloka Bakreste ba ’nete, ha rea ameha hakaalo-kaalo ka hore na Satane le bademona ba hae ba etsa’ng. Empa kamehla re amehile ka ho ithuta ka Jehova le ho mo sebeletsa. (Pes. 25:5) Leha ho le joalo, re ntse re lokela ho tseba hore na Satane o ntse a etsa’ng. Hobane’ng? E le hore re tle re bone ha a batla ho re qhekella.—2 Bakor. 2:11. w19.04 20 ¶1-2
Labohlano, la 9 April
Motho e mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua.—Jak. 1:19.
Na re mamela ka hloko ha re leka ho thusa motho ea tšoenyehileng? Ho mamela ka hloko ha ho bolele ho thola kapa ho sheba motho feela re sa letho. Re ka bontša hore re na le kutloelo-bohloko le ho tsotella batho ha ba ntse ba bua le rona. Ka linako tse ling, mantsoe a seng makae a thobang maikutlo a ka bontša hore na re ikutloa joang ka batho bao. U ka ’na oa re: “Ke utloa bohloko hore ebe o hlahetsoe ke ntho e tjena.” Mohlomong u ka botsa potso e le ’ngoe kapa tse peli e le ho leka ho bona hore na u ne u mametse ka hloko ha motho ea utloileng bohloko a ntse a bua le uena. U ka ’na oa mo botsa, “Na o ka ntlhalosetsa hore na o bolela’ng?” kapa “Ha o ntse o bua, ke ile ka nahana hore . . . Na ke nepile?” Ho bua le eena ka tsela e mosa joalo, ho tla mo kholisa hore u ne u mo mametse ka hloko hape u batla ho utloisisa hantle hore na o ntse a re’ng. (1 Bakor. 13:4, 7) Lula u hopola hore u lokela ho ‘lieha ho bua.’ U se ke oa potlakela ho fana ka keletso ha motho ea utloileng bohloko a ntse a bua kapa oa leka ho lokisa tsela eo a nahanang ka eona. U be le mamello. Ho e-na le ho potlakela ho rarolla mathata a hae, u ka mo bontša hore u mo utloela bohloko hape oa mo tsotella.—1 Pet. 3:8. w19.05 17-18 ¶15-17
Moqebelo, la 10 April
Banna, le tsoele pele le rata basali ba lona, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho ’me a inehela bakeng sa eona.—Baef. 5:25.
Ka lapeng, monna o lokela ho rata mosali oa hae “joalokaha Kreste le eena a etsa phutheho.” (Baef. 5:28, 29) Monna o lokela ho etsisa Jesu ka hore a itelle ho etsa lintho tseo mosali oa hae a li ratang. Banna ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ho bontša lerato ka tsela ena, mohlomong hobane ba holetse sebakeng seo ho etsa joalo e seng ntho e nkeloang hloohong. Ba ka ’na ba thatafalloa ho ithuta mokhoa ona o mocha, empa ba lokela ho etsa joalo e le ho bontša hore ba mamela molao oa Kreste. Monna ea ratang mosali oa hae ka tsela ena, o mo nolofaletsa hore a mo hlomphe. Ntate ea ratang bana ba hae e le kannete a ke ke a ba utloisa bohloko ka lintho tseo a li buang kapa tseo a li etsang. (Baef. 4:31) Ho e-na le hoo, o tla ba bontša hore oa ba rata ka tsela e tla etsa hore ba ikutloe ba sireletsehile. Bana ba ntate ea joalo baa mo rata ba bile baa mo hlompha. w19.05 6 ¶21
Sontaha, la 11 April
Jehova Molimo o tla mo fa terone ea ntat’ae Davida, ’me o tla busa e le Morena oa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng.—Luka 1:32, 33.
Mantsoe aa a Gabriele a ne a bolela’ng ho Maria? Na o ne a nahana hore Gabriele o ne a re Jesu o tl’o nka marapo pusong ea Morena Heroda kapa a e mong oa bahlahlami ba Heroda ’musong oa Iseraele? Hoja Jesu a ne a ile a nka puso ea Heroda, Maria e ka be e bile mofumahali ’me lelapa lohle la hae le ne le tla lula ntlong ea borena. Empa ha ho moo Bibele e reng Maria o kile a kopa hore a tle a fuoe sebaka se ikhethang ’Musong oa Molimo. Kannete Maria e ne e le motho ea ikokobelitseng! Re lokela ho hopola hore sepheo sa rona se ka sehloohong ha re ithuta Bibele le lingoliloeng tsa rona, ke hore re be le kamano e ntle le Jehova. Re boetse re lokela ho tseba hantle hore na re batho ba “mofuta ofe” le hore re tsebe na re ka etsa liphetoho hokae e le hore re thabise Molimo. (Jak. 1:22-25; 4:8) Nako le nako ha re qala ho ithuta, re lokela ho kopa Jehova hore a re fe moea oa hae o halalelang. Re boetse re lokela ho mo kopa hore a re thuse ho fumana lintlha tsa bohlokoa ha re ntse re ithuta le ho bona hore na ke liphetoho life tseo re lokelang ho li etsa. w19.05 31 ¶18-19
Mantaha, la 12 April
Ke [tšoenyehile] moeeng.—1 Sam. 1:15.
Ka linako tse ling, re thulana le mathata a mangata ka nako e le ’ngoe. Nahana ka mehlala e latelang. Mor’abo rona e mong ea bitsoang John, ea nang le bothata ba ho satalla ha mesifa o ile a utloa bohloko haholo ha mosali oa hae eo a phetseng le eena ka lilemo tse 19 a arohana le eena. Ka mor’a moo, barali ba hae ba babeli ba ile ba khaotsa ho sebeletsa Jehova. Banyalani ba bang e leng ntate Bob le ’mè Linda ba ile ba thulana le mathata a fapaneng le a mor’abo rona John. Bobeli ba bona ba ile ba felloa ke mosebetsi ’me ha baa ka hlola ba khona ho lefella ntlo ea bona. Ha ba ntse ba aparetsoe ke koluoa eo, ngaka e ile ea bolella ’mè Linda hore o na le lefu la pelo le ka ’nang la mo bolaea le hore o boetse o na le lefu le leng le ntseng le thefula matla a ’mele oa hae a ho loantša mafu. Re ka kholiseha hore ’Mopi oa rona ea lerato Jehova o utloisisa hantle hore na re ikutloa joang ha re tšoenyehile. Ebile o batla ho re thusa hore re khone ho hlola mathata ao re kopanang le ’ona. (Bafil. 4:6, 7) Lentsoe la hae Bibele le na le mehlala e mengata ea bahlanka ba hae ba ileng ba khona ho mamella mathata ao ba ileng ba kopana le ’ona. Le boetse le re bolella hore na Jehova o ile a ba thusa joang hore ba mamelle maemo ao a tšoenyang. w19.06 14 ¶2-3.
Labobeli, la 13 April
Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.—Liprov. 17:17.
Ha re thusa batho bao balekane ba bona ba ba siileng, rea ba kholisa hore re ntse re ba rata. Kaha joale ba se ba le bang, ba hloka metsoalle ea sebele. U ka bontša joang hore u fela u le motsoalle oa bona? U ka ba memela lijong. U ka ba oa ithaopela ho ea le bona boithabisong kapa tšimong. Ka linako tse ling u ka ba memela borapeling ba lona ba lelapa. Ha u etsa lintho tsena, u tla thabisa Jehova hobane “o haufi le ba lipelo li robehileng,” ebile ke Ntate oa bahlolohali. (Pes. 34:18; 68:5) Haufinyane, ha ’Muso oa Molimo o se o busa lefatše, “mahlomola [’ohle] a tla be a lebetsoe.” Re letetse ka tjantjello nako eo “lintho tsa pele li ke [keng] tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.” (Esa. 65:16, 17) Ho fihlela nako eo e fihla, e se eka re ka lula re bontša hore rea tšehetsana le ho ratana ka lintho tseo re li etsang le tseo re li buang.—1 Pet. 3:8. w19.06 25 ¶18-19
Laboraro, la 14 April
Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba.—Baheb. 13:6.
Khale koana Molula-Qhooa o ile oa re: “Motho ea tsebang Molimo hantle o tla mo tšepa haholo nakong eo a tobanang le mahloriso.” Taba ena ke ’nete. E le hore re khone ho mamella mahloriso, re lokela ho rata Jehova le ho mo tšepa ka ho feletseng. (Mat. 22:36-38; Jak. 5:11) Bala Bibele letsatsi le letsatsi ka sepheo sa ho tseba Jehova haholoanyane. (Jak. 4:8) Ha u ntse u e bala, tšoaea lintho tseo u ithutang tsona ka Jehova. Leka ho bona hore na o u rata hakaakang. (Ex. 34:6) Leha ho le joalo, batho ba bang ba thatafalloa ho utloisisa hore na Jehova o ba rata hakae hobane ba sa tsebe hore na ho ratoa ke ntho e joang. Haeba u ikutloa ka tsela ena, leka ho etsa lethathamo la lintho tse molemo le tse ntle tseo Jehova a u etselitseng tsona letsatsi ka leng. (Pes. 78:38, 39; Bar. 8:32) Ha u ntse u nahana ka lintho tse u hlahetseng bophelong le ho thuisa ka lintho tseo u ithutang tsona ka Bibeleng, u ka ’na oa khona ho thathamisa lintho tse ngata tseo Jehova a u etselitseng tsona. Haeba u ananela lintho tsohle tseo Jehova a u thusitseng ka tsona, u tla mo rata le ho feta.—Pes. 116:1, 2. w19.07 2-3 ¶4-5
Labone, la 15 April
Eseng hore re laola tumelo ea lona, empa re basebetsi-’moho bakeng sa thabo ea lona, kaha ke ka tumelo ea lona le emeng.—2 Bakor. 1:24.
Jehova ha a re fa tokelo ea ho etsetsa batho ba bang liqeto. Motho ea etsetsa’ng Bakreste-’moho le eena melao e sa hlokeheng ha a ba sireletse empa o leka ho iketsa morena oa bona. Satane Diabolose a ke ke a khaotsa ho hlorisa bahlanka ba Jehova. (1 Pet. 5:8; Tšen. 2:10) Satane le baetsana ba hae ba tla leka ho thibela bolokolohi ba rona ba ho sebeletsa Jehova. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho tšoha hoo re ka khaotsang ho sebeletsa Jehova. (Deut. 7:21) Jehova o na le rona ’me o tla tsoela pele ho re tšehetsa esita le ha mosebetsi oa rona o thibetsoe. (2 Likron. 32:7, 8) E se eka kaofela ha rona re ka ikemisetsa ho tšoana le Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ileng ba re ho babusi ba ka nako eo: “Hore na ho lokile mahlong a Molimo ho mamela lona ho e-na le Molimo, le ikahlolele. Empa ha e le rona, re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.”—Lik. 4:19, 20. w19.07 13 ¶18-20
Labohlano, la 16 April
Morero ka pelong ea motho o joaloka metsi a tebileng, empa motho ea nang le temoho o tla o kha.—Liprov. 20:5.
Ha re ntse re bolela litaba tse molemo, re lokela ho leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha batho bao re kopanang le bona ba ikutloa ka tsela eo ba ikutloang ka eona. Moapostola Pauluse o holetse har’a Bajuda. Kahoo, o ile a tlameha ho fetola mokhoa oo a neng a ruta ka oona ha a bua le balichaba ba neng ba sa tsebe letho kapa ba sa tsebe hakaalo ka Jehova le ka Bibele. Re ka ’na ra lokela ho etsa lipatlisiso ka hore na batho ba tšimong ea rona ba ikutloa joang ka Bibele.(1 Bakor. 9:20-23) Sepheo sa rona ke hore re fumane batho ba “tšoanelehang.” (Mat. 10:11) E le hore re atlehe, re lokela ho lumella batho hore ba ntše maikutlo a bona re be re ba mamele ka hloko. Mor’abo rona e mong oa Engelane o atisa ho botsa batho hore na ba nahana hore ke’ng e ka ba thusang hore malapa a bona a thabe, ba khone ho holisa bana le hore ba mamelle ho tšoaroa ka ho hloka toka. Ebe ka mor’a ho mamela maikutlo a bona o re, “U nahana joang ka keletso ee e ngotsoeng lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng?” Ntle le hore a bue ka “Bibele,” u ba bontša mangolo ao aa khethileng ka hloko fonong ea hae. w19.07 21-22 ¶7-8
Moqebelo, la 17 April
Molimo o buella lerato la hae ho rona ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.—Bar. 5:8.
Re lokela ho rata Jehova hakae? Jesu o ile a a re ho Mofarisi e mong: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.” (Mat. 22:36, 37) Le rona re batla ho rata Molimo ka lipelo tsohle. Ebile re batla hore lerato la rona ho eena le lule le hola letsatsi le letsatsi. Re lokela ho tseba Molimo hantle e le hore re mo rate. Bibele e re: “Ea sa rateng ha a tsebe Molimo, hobane Molimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8) Moapostola Pauluse o ile a re re tla rata Molimo haholoanyane haeba re ka ba le “tsebo e nepahetseng le temoho e feletseng” ka Molimo. (Bafil. 1:9) Ha re ne re qala ho ithuta ka Jehova, re ile ra mo rata le hoja re ne re sa tsebe lintho tse ngata ka eena. Eaba ha re ntse re tsoela pele ho ithuta ka Jehova, re mo rata le ho feta. Ke ka hona ho leng bohlokoa hore re ithute Bibele letsatsi le letsatsi re be re nahanisise ka lintho tseo re ithutileng tsona.—Bafil. 2:16. w19.08 9 ¶4-5
Sontaha, la 18 April
Ba babeli ba molemo ho feta a le mong.—Moek. 4:9.
Haeba u se u le kabelong e ncha, u lokela ho etsa metsoalle e meng. U hopole hore e le hore u tle u be le metsoalle, u lokela ho ba motho ea botsoalle. Bolella batho lintho tse monate tseo u ileng oa li thabela ha u ntse u sebeletsa Jehova, e le hore ba ka bona hore u fela u thabile. Haeba u ile oa lokela ho tloha kabelong ea hao hobane molekane oa hao a ne a kula, u se ke oa mo beha molato. Empa haeba e ne e le uena ea kulang, u se ke oa ipeha molato, oa nka hore u soetsitse molekane oa hao. U hopole hore le “nama e le ’ngoe” ’me le ile la tšepisa Jehova hore le tla hlokomelana tlas’a maemo afe kapa afe. (Mat. 19:5, 6) Haeba le ile la lokela ho tlohela kabelo ea lona hobane le il’o ba le ngoana le sa lebella, le etse bonnete ba hore ngoana oa lona oa tseba hore ke oa bohlokoa haholo ho lona ho feta kabelo eo le neng le e-na le eona. Le lule le bolella ngoana oa lona hore ke “moputso” oo Molimo a le fileng oona. (Pes. 127:3-5) Hape, le mo qoqele lipale tse monate tseo le bileng le tsona ha le le kabelong ea lona. Ho etsa joalo, ho ka susumetsa ngoana oa lona hore a batle ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng joaloka lona. w19.08 22 ¶10-11
Mantaha, la 19 April
Ke tla u bontša kahlolo ea seotsoa se seholo.—Tšen. 17:1.
Babylona e Moholo e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, o entse hore batho ba bangata ba se ke ba hlompha Molimo. O rutile batho mashano ka Molimo. O entse bohlola le marena a lefatše ka hore a tšehetse mebuso ea ’ona. O sotlile litho tsa hae le ho li nkela chelete ka mahahapa. O boetse o bolaile batho ba bangata ho akareletsa le bahlanka ba Molimo. (Tšen. 18:24; 19:2) Jehova o tl’o sebelisa “linaka tse leshome” tsa “sebata se ’mala o sekareleta” ho timetsa “seotsoa se seholo.” Sebata seo sa tšoantšetso se emela mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. Linaka tse leshome li emela mebuso ea lipolotiki e tšehetsang mokhatlo oo. Ka nako ea Molimo e loketseng, mebuso eo ea lipolotiki e tla hlasela Babylona e Moholo. Mebuso eo e “tla ripitla [seotsoa se seholo] le ho se hlobolisa” ka ho se nkela maruo a sona le ho pepesa bokhopo ba sona. (Tšen. 17:3, 16) Ho timetsoa hoo ha tšohanyetso ho tla ba joalokaha eka ho etsahetse ka letsatsi le le leng, ho tla makatsa ho be ho tšose batho ba neng ba tšehetsa seotsoa seo. Hobane se ne se tloaetse ho re: “Le ka mohla nke ke ka bona ho siama.”—Tšen. 18:7, 8. w19.09 10 ¶10-11
Labobeli, la 20 April
Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na.—Mat. 11:29.
Jesu o mema batho bohle ebile o tla amohela motho e mong le e mong ea hlileng a batlang ho sebeletsa Molimo. (Joh. 6:37, 38) Balateli bohle ba Kreste ba fuoe tlotla ea ho nka karolo mosebetsing oo Jehova a o fileng Jesu. Re kholisehile hore Jesu o tla lula a e-na le rona ho re thusa ho etsa mosebetsi oo. (Mat. 28:18-20) Batho ba ikokobelitseng ba ne ba rata Jesu. (Mat. 19:13, 14; Luka 7:37, 38) Hobane’ng? Nahana kamoo Jesu a neng a fapane kateng le Bafarisi. Bafarisi ba ne ba se na lerato ba bile ba ikhohomosa. (Mat. 12:9-14) Jesu eena o ne a rata batho a bile a ikokobelitse. Bafarisi ba ne ba rata botumo le ho nkeloa holimo. Jesu o ne a sa rate batho ba iphahamisang. O ile a ba a ruta barutuoa ba hae hore ba ikokobetse le hore ba sebeletse batho ba bang. (Mat. 23:2, 6-11) Bafarisi ba ne ba hatella batho ba bile ba ba tšosa haeba ba sa ba mamele. (Joh. 9:13, 22) Jesu eena o ne a khatholla batho ka liketso le ka lipuo. Na u etsisa Jesu? w19.09 20 ¶1; 21 ¶7-8; 23 ¶9
Laboraro, la 21 April
Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lona.—Jak. 4:8.
Liboka li re thusa ho tseba Jehova haholoanyane. Tsela eo re ikutloang ka eona ka ho ba teng libokeng kamehla ke letšoao la hore na re tla khona ho mamella mahloriso nakong e tlang. (Baheb. 10:24, 25) Ke hobane’ng ha re cho joalo? Haeba re lumella lintho tse sa reng letho ho re sitisa ho ba teng libokeng kamehla, ho tla etsahala’ng ka rona nakong e tlang ha re tlameha ho beha bophelo ba rona kotsing e le hore re kopane le bara le barali babo rona? Empa haeba re ikemisetsa ho ba teng libokeng kamehla, re ke ke ra khaotsa ho ea ho tsona esita le haeba bahanyetsi ba rona ba ka leka ho re thibela ho ea ho tsona. Re lokela ho itloaetsa ho ba teng libokeng kamehla esale hona joale. Haeba re rata ho ba teng libokeng, re ke ke ra sitisoa ke bahanyetsi ba rona kapa ba boholong pusong hore re mamele Molimo ho e-na le batho. (Lik. 5:29) Tšoara ka hlooho mangolo ao u a ratang. (Mat. 13:52) Le haeba kelello ea hao e ka ’na ea se khone ho tšoara mangolo ’ohle, Jehova a ka u thusa ka moea o halalelang hore u tle u a hopole ka nako eo. (Joh. 14:26) Mangolo ao a ka u thusa hore u lule u rata Jehova le hore u mamelle ho fihlela qetellong. w19.07 3 ¶5; 4 ¶8-9
Labone, la 22 April
Tseba sena, hore matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.—2 Tim. 3:1.
Na u hlahile ka mor’a selemo sa 1914? Haeba ho joalo, u phetse “matsatsing a ho qetela.” Kaofela ha rona re utloile ka litlaleho tsa lintho tseo Jesu a itseng li tla etsahala mehleng ena ea ho qetela. Tse ling tsa tsona ke lintoa, litlala, litšisinyeho tsa lefatše, maloetse, botlokotsebe le ho hlorisoa ha batho ba Jehova. (Mat. 24:3, 7-9, 12; Luka 21:10-12) Ho phaella moo, re boetse re bone hore boitšoaro ba batho bo joalokaha moapostola Pauluse a ile a bolela esale pele. Kahoo, rona Lipaki Tsa Jehova ha re re le hore fara! ena ke ‘karolo e qetellang ea matsatsi.’ (Mik. 4:1) Kaha joale ho se ho fetile lilemo tse ngata ho tloha ka 1914, ruri re phela qetellong ea “matsatsing a ho qetela.” Ha e le mona bofelo bo le haufi, re lokela ho tseba likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa tse kang: Ke lintho life tse tla etsahala qetellong ea ‘matsatsi a ho qetela’? Hona Jehova o lebelletse hore re etse’ng ha re ntse re letetse liketsahalo tseo? w19.10 8 ¶1-2
Labohlano, la 23 April
Ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.—Mat. 24:13.
Ha rea lokela ho mamella feela ha lintho li re tsamaela hantle. E le hore re khone ho mamella, re lokela ho itšetleha ka Jehova. (Bar. 12:12) Tšepiso ea Jesu e hlahang temaneng ea letsatsi ea kajeno e bolela hore re lokela ho lula re tšepahala ho sa tsotellehe mathata ao re kopanang le ’ona. Haeba re mamella mathata hona joale, tumelo ea rona e tla ba matla pele matšoenyeho a maholo a qala. Joalokaha re lokela ho itšetleha ka Jehova e le hore re be le mamello, re boetse re lokela ho itšetleha ka eena haeba re hloka ho ba sebete. Re ka ikemisetsa ho tšepa Jehova le ho feta joang? Ka hore re bale Bibele letsatsi le letsatsi re be re nahanisise ka hore na Jehova o ile a thusa bahlanka ba hae joang nakong e fetileng. (Pes. 68:20; 2 Pet. 2:9) Ha baeta-pele ba lefatše ba re hlasela ka matšoenyeho a maholo, re tla lokela ho ba sebete hape re tšepe Jehova ho feta leha e le neng pele. (Pes. 112:7, 8; Baheb. 13:6) Haeba re itšetleha ka Jehova hona joale, re tla ba sebete nakong eo Gogo a re hlaselang. Re kholisehile hore ka lerato Jehova o tla lula a re sirelelitse.—1 Bakor. 13:8. w19.10 18 ¶15-16
Moqebelo, la 24 April
Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.—1 Joh. 5:19.
Diabolose o laola lefatše lena ’me o le sebelisa ho etsa hore lintho tseo re li ratang e be tsa bohlokoa haholo ho rona. O boetse o sebelisa lefatše ho etsa hore ho be thata ho hlola litakatso tsa rona tse fosahetseng. (Baef. 2:1-3) O batla hore re rate le lintho tse ling ho e-na le ho rata Jehova a le mong feela. Ha moapostola Petrose a qeta ho ngola ka ho felisoa ha lefatše la Satane le ho bua ka lefatše le lecha, o ile a re: “Baratuoa, kaha le letetse lintho tsena, le etse sohle se matleng a lona hore qetellong a le fumane le se na letheba ebile le se na sekoli ’me le le khotsong.” (2 Pet. 3:14) Re bontša hore re sebeletsa Jehova a le mong feela haeba re mamela keletso eo le ka hore re phele ka tsela eo a e batlang. Satane le lefatše lena le laoloang ke eena ba tla lula ba etsa hore re se ke ra beha ’Muso oa Molimo pele bophelong ba rona. (Luka 4:13) Ho sa tsotellehe mathata ao re thulanang le ’ona, re ke ke ra lumella eng kapa eng kapa motho leha e le ofe ho re sitisa ho rata Jehova ka lipelo tsa rona tsohle. Kaha Jehova o lokeloa ke ho rapeloa, re ikemiselitse ho sebeletsa eena a le mong feela. w19.10 27 ¶4; 31 ¶18-19
Sontaha, la 25 April
Ka qala ho tšoenyeha ka lebaka la sebe sa ka.—Pes. 38:18.
Ke ntho e ntle ho tšoenyeha ka lintho tse itseng. Ka mohlala, ke ntho e ntle ho tšoenyeha ka ho khahlisa Jehova le Jesu. (1 Bakor. 7:32) Haeba re entse sebe se tebileng, re tšoenyeha ka ho lokisa kamano ea rona le Molimo. Re boetse re tšoenyeha ka ho khahlisa balekane ba rona, ho hlokomela malapa a rona le Bakreste-’moho le rona (1 Bakor. 7:33; 2 Bakor. 11:28) Ka lehlakoreng le leng, ho tšoenyeha haholo ho ka etsa hore re lule re tšoenyeha ka ho ba le lijo tse lekaneng le liaparo. (Mat. 6:31, 32) Kahoo, re ka ’na ra iphumana re se re shebane feela le mokhoa oa ho ba le lintho tseo. Haeba re itumella hore lintho tsena li re etsahalle, tumelo ea rona ho Jehova e tla fokola ’me setsoalle sa rona le eena se tla senyeha. (Mar. 4:19; 1 Tim. 6:10) Kapa re ka tšoenyeha haholo ka ho batla ho amoheloa ke batho. Re ka tšaba ho sonngoa kapa ho hlorisoa ke batho hoo re ka nkang ho khahlisa Jehova e se e se ntho ea bohlokoa. E le hore re itšireletse lerabeng leo, re tlameha ho kopa Jehova hore a re fe tumelo le sebete sa hore re hlole bothata boo.—Liprov. 29:25; Luka 17:5. w19.11 15 ¶6-7
Mantaha, la 26 April
Haeba mang kapa mang oa lona a haelloa ke bohlale, a ’ne a kope Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle.—Jak. 1:5.
Ho na le liqeto tse ling tsa bohlokoa tseo re ke keng ra li fetola. Ka mohlala, re ema re sa cheche qetong eo re e entseng ea ho sebeletsa Jehova, hape re ikemiselitse ho lula re tšepahalla balekane ba rona. (Mat. 16:24; 19:6) Empa ho na le liqeto tseo re ka tlamehang ho li fetola. Hobane’ng? Hobane maemo a fetoha. Ke’ng e ka re thusang ho etsa liqeto tse nepahetseng? Rapella bohlale. Ho isa boholeng bo itseng, kaofela ha rona re “haelloa ke bohlale.” Kahoo, kopa Jehova hore a u thuse ha u etsa qeto le ha u nahana ho fetola qeto eo u e entseng. Ka tsela ena, Jehova o tla u thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng. Iphe nako ea ho etsa lipatlisiso. Bala Bibele le lingoliloeng tsa mokhatlo hape u kope thuso ho batho bao u ba tšepang. (Liprov. 20:18) Ho etsa joalo ke habohlokoa pele u etsa qeto ea ho fetola mosebetsi, ea ho falla kapa ea ho batla mokhoa oa thuto o tla u thusa hore u khone ho iphelisa ha u ntse u sebeletsa Jehova. w19.11 27 ¶6-8
Labobeli, la 27 April
Ke monna ea soto hakaakang! Ke mang ea tla mpholosa ’meleng ona o fetang lefung lee?—Bar. 7:24.
Rea thaba hore ebe ho na le tsela eo Molimo a entseng hore re lokolloe kapa re pholosoe sebeng ka eona. Jesu ke eena mokokotlo oa tokoloho eo. Lilemo tse ka bang 700 pele Jesu a tla lefatšeng, moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele hore batho ba ne ba tla ba le tokoloho. Tokoloho eo e ne e tla ba molemo le ho feta eo Baiseraele ba neng ba e-ba le eona ha e ne e le selemo sa Jubile. O ile a re: “Moea oa ’Musi Morena Jehova o holim’a ka, ka lebaka la hore Jehova o ntlotselitse hore ke bolelle ba bonolo litaba tse molemo. O nthometse hore ke tlamise ba robehileng lipelo, ke phatlalatse tokoloho ho ba isitsoeng kholehong.” (Esa. 61:1) Boprofeta boo ba Esaia bo ne bo bua ka mang? Boprofeta boo ba bohlokoa bo buang ka tokoloho bo ile ba qala ho phethahala ha Jesu a ne qala tšebeletso ea hae. Ha Jesu a ne a le synagogeng e motseng oa habo oa Nazaretha, o ile balla Bajuda ba neng ba le teng moo mantsoe ao a boprofeta ba Esaia eaba o re mantsoe ao a bua ka eena.—Luka 4:16-19. w19.12 9-10 ¶6-8
Laboraro, la 28 April
Re [ile] ra iteta sebete ka Molimo oa rona ho le bolella litaba tse molemo tsa Molimo ka ntoa e kholo.—1 Bathes. 2:2.
Ho hlokeha hore u be sebete nakong eo u tobanang le mahloriso. U lokela ho etsa’ng haeba u utloa eka ha u motho ea sebete? Hopola hore e le hore u be sebete ha hoa itšetleha ka hore na u molelele kapa u mokhutšoanyane, u matla kapa u na le bokhoni hakae. Nahana ka mohlala oa Davida ha a ne a lokela ho loana le Goliathe. Ha a bapisoa le Goliathe, Davida o ne a le monyenyane, a se na matla a bile a sa hlomela hantle. O ne a bile a sa nka le sabole. Ho ntse ho le joalo, o ne a le sebete. Davida o ile a ba sebete hore a il’o loantša sehanyata seo sa moikhohomosi. Ke hobane’ng ha Davida a ne a le sebete hakaalo? O ne a kholisehile hore Jehova o na le eena. (1 Sam. 17:37, 45-47) Davida ha aa ka a tšoenyeha ka hore na Goliathe ke sehanyata se sekaakang ha a bapisoa le eena. Ho e-na le hoo, o ile a ameha ka hore Goliathe o fokola haholo ha a bapisoa le Jehova. Re ithuta’ng mohlaleng oo? Re tla ba sebete haeba re kholisehile hore Jehova o na le rona le hore bahanyetsi ba rona ba fokola haholo ha ba bapisoa le Molimo ea Matla ’Ohle.—2 Likron. 20:15; Pes. 16:8. w19.07 5 ¶11-13
Labone, la 29 April
Basebetsi-’moho le ’na . . . ba fetohile thuso e matlafatsang ho ’na.—Bakol. 4:11.
Tykikase e ne e le motsoalle ea tšepahalang oa moapostola Pauluse. (Lik. 20:4) Hoo e ka bang ka selemo sa 55, Pauluse o ile a lokisetsa hore ho bokelloe chelete e neng e tl’o thusa Bakreste ba Judea ’me ho ka etsahala hore ebe Tykikase o ile a thusana ka mosebetsi ona oa bohlokoa. (2 Bakor. 8:18-20) Hamorao ha Pauluse a ne a le teronkong Roma ka lekhetlo la pele, Tykikase o ile a sebetsa joaloka lenģosa la hae. O ile a isa melaetsa le mangolo a Pauluse a khothatsang liphuthehong tse Asia. (Bakol. 4:7-9) Tykikase o ile a lula e le motsoalle ea tšepahalang ho Pauluse. (Tite 3:12) Mehleng eo, ha se Bakreste bohle ba neng ba ka tšeptjoa joaloka Tykikase. Hoo e ka bang ka selemo sa 65, nakong eo Pauluse a neng a tšoeroe ka lekhetlo la bobeli, o ile a re Bakreste ba bangata ba Asia ba ne ba qoba ho itsoakanya le eena, mohlomong hobane ba ne ba tšaba bahanyetsi. (2 Tim. 1:15) Empa Tykikase o ne a ntse a ka tšeptjoa ’me Pauluse o ile a mo roma hape. (2 Tim. 4:12) E tlameha ebe Pauluse o ile a ananela haholo hore ebe o na le motsoalle ea kang Tykikase. w20.01 10 ¶7-8
Labohlano, la 30 April
Molimo o re senoletse tsona.—1 Bakor. 2:10.
Mohlomong o ntse o nahana ka hore na u tlotsitsoe ka moea o halalelang. Haeba ho joalo, nahana ka lipotso tsena tsa bohlokoa: Na u na le takatso e matla ea ho etsa thato ea Jehova? Na u chesehela mosebetsi oa boboleli? Na u thabela ho ithuta Bibele le ho ithuta “lintho tse tebileng tsa Molimo”? Na u bona Jehova a u hlohonolofalitse haholo mosebetsing oa boboleli? Na u utloa u tlameha ho etsa eng kapa eng e le hore u thuse batho hore ba ithute ka Molimo? Na u bona bopaki ba hore Jehova o u thusitse ka litsela tse ngata bophelong ba hao? Haeba u arabetse lipotso tsena ka phatla e phahameng, na taba ee e bolela hore u motlotsuoa? Che, ha e bolele joalo. Hobane’ng? Hobane bahlanka bohle ba Jehova ba ka ikutloa joalo. Ha e le hantle, haeba u ntse u ipotsa hore na u tlotsitsoe ka moea o halalelang, ho se kholisehe hoo ke hona ho bontšang hore ha oa tlotsoa. Batlotsuoa ha ba ipotse hore na ebe ba tlotsitsoe kapa che, baa tseba. w20.01 23 ¶14