March
Mantaha, la 1 March
“Le ikarole,” ho bolela Jehova, “le khaotse ho ama ntho e sa hloekang.”—2 Bakor. 6:17.
Ho rata Jehova le Lentsoe la hae ho ka re tiisa le ho re matlafatsa nakong eo beng ka rona le metsoalle ba re qobellang ho kenella meetlong ea bafu e hananang le Bibele. Ba ka etsa hore re ikutloe re le molato ka ho re ba re ha re hlomphe motho eo ea hlokahetseng. Kapa ba ka ’na ba re haeba re sa kenelle meetlong eo, motho ea hlokahetseng o tla re tsamaela. Linaheng tsa Caribbea, batho ba bangata ba lumela hore ha motho a qeta ho hlokahala, “sepoko” sa hae se sala se ntse se hlorisa batho ba ileng ba utloisa motho eo bohloko. Buka e ’ngoe e re “sepoko” seo se ka ba sa bakela motse oohle mathata. Linaheng tse ling tsa Afrika, ho tloaelehile hore lelapeng leo ho lona ho nang le motho ea hlokahetseng, ho koaheloe liipone ebe le lifoto tse maboteng lia kubutoa. Ebe lebaka ke lefe? Batho ba bang ba re ho etsoa joalo e le hore motho ea hlokahetseng a se ke a ipona. Kaha re bahlanka ba Jehova, ha re lumele lithuto tsohle tsa Satane ebile ha re kenelle meetlong e lumellanang le mashano a hae.—1 Bakor. 10:21, 22. w19.04 16 ¶11-12
Labobeli, la 2 March
Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lona ka ho tšoanang le ba etse tsona.—Mat. 7:12.
Jesu o ile a ruta balateli ba hae melao-motheo e neng e tla ba thusa ho tšoara batho ba bang ka toka. Mohlala, nahana ka Molao oa Khauta. Kaofela re batla ho tšoaroa ka toka. Kahoo, re lokela ho tšoara batho ba bang ka toka. Haeba re etsa joalo, ba ka ’na ba susumetseha hore le bona ba re tšoare ka toka. Empa re tla etsa’ng haeba re sa tšoaroe ka toka? Jesu o ile a boela a ruta balateli ba hae hore ba lokela ho tšepa hore Jehova o tla “etsa hore toka e etsetsoe [bohle] ba hoeletsang ho eena bosiu le motšehare.” (Luka 18:6, 7) Ha e le hantle, mantsoe ana ke tšepiso ea hore: Molimo oa rona ea lokileng o ela hloko mathata ao re thulanang le ’ona matsatsing ana a ho qetela ’me o tla ahlola ka toka ka nako ea hae e loketseng. (2 Bathes. 1:6) Ha re mamela melao-motheo eo Jesu a re rutileng eona, re tla tšoara batho bohle ka toka. Hape, haeba re tšoeroe ka ho hloka toka lefatšeng lena la Satane, re ka tšelisoa ke ho tseba hore Jehova o tla khutlisetsa molamu sefateng ka nako ea hae e loketseng. w19.05 5 ¶18-19
Laboraro, la 3 March
Kamehla le loketse ho ikarabella ka pel’a e mong le e mong ea le batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho lona, empa le etsa joalo le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.—1 Pet. 3:15.
Haeba u mocha, na u ntse u kena sekolo? E ka ’na eaba bana bao u kenang sekolo le bona ba lumela khopolo ea ho iphetola ha lintho. Mohlomong u batla ho ba bolella hore Bibele e re Molimo o bopile lintho tsohle empa u ikutloa u se na matla a ho etsa joalo. Kahoo, oa bona hore u lokela ho etsa lipatlisiso. U ka ba le mabaka a mabeli a ho etsa joalo: (1) ho matlafatsa tumelo ea hao ho Jehova ea hore o bopile lintho tsohle le (2) ho ntlafatsa bokhoni ba hao ba ho buella Lentsoe la Molimo. (Bar. 1:20) U ka ’na oa ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha baithuti-’moho le ’na ba lumela khopolo ea ho iphetola ha lintho?’ Etsa lipatlisiso u sebelisa lingoliloeng tsa rona. U ka ’na oa fumana ho le bonolo ho hlalosetsa baithuti-’moho le uena seo Bibele e se rutang ho feta kamoo u neng u nahanne kateng. Batho ba bangata ba lumela khopolo ea ho iphetola ha lintho hobane feela batho bao ba ba hlomphang ba ba boleletse hore taba eo ke ’nete. Haeba u fumane lebaka le le leng kapa a mabeli ao u ka ba bolellang ’ona, u ka iphumana u thusitse motho ea ntseng a batla ho fumana likarabo ka Bibeleng.—Bakol. 4:6. w19.05 29 ¶13
Labone, la 4 March
Joaloka motho eo ’m’ae a ntseng a mo tšelisa, kahoo le ’na ke tla ’ne ke le tšelise.—Esa. 66:13.
Ha moprofeta Elia a ntse a baleha batho ba neng ba batla ho mo bolaea, o ile a nyahama hoo a neng a batla ho shoa. Jehova o ile a roma lengeloi la hae le matla hore le il’o mo khothatsa. Lengeloi leo le ile la fa Elia lintho tseo a neng a li hloka ka nako eo. Le ile la mo fa lijo eaba le mo khothaletsa hore a je. (1 Mar. 19:5-8) Tlalehong ena re ithuta hore, ka linako tse ling, ntho feela e sa reng letho eo re ka e etsetsang motho e mong e ka ba molemo haholo ho eena. Re ka bontša mora kapa morali’abo rona ea utloileng bohloko hore rea mo rata ka hore re mo phehele, re mo fe mpho kapa re mo ngolle lengolo le nang le litemana tsa Bibele tse khothatsang. Re ka boela ra etsa lintho tsena haeba re sa khone ho bua le motho ea joalo ka lintho tse ka ’nang tsa mo utloisa bohloko. Ka mohlolo Jehova o ile a fa moprofeta Elia matla a hore a tsamaee leeto le lelele ho ea thabeng ea Horebe hole le batho ba neng ba batla ho mo bolaea. Re ithuta’ng mohlaleng oo? Haeba re batla ho khothatsa motho ea kileng a hlekefetsoa ka motabo, re ka ’na ra lokela ho qala pele ka ho etsa hore a phutholohe, e bang ke moo a lulang kapa Holong ea ’Muso. w19.05 16 ¶11; 17 ¶13-14
Labohlano, la 5 March
Naha e tla bokolla, . . .[le] lelapa la ntlo ea Nathane.—Zak. 12:12.
A re re mohlomong u ntse u bala ka boprofeta bo ho Zakaria khaolo ea 12 bo buang ka lefu la Mesia. (Zak. 12:10) Temana ea 12 e re “lelapa la ntlo ea Nathane” le ne le tla lla habohloko ka lebaka la lefu la Mesia. Ho e-na le ho tlolisa mantsoe ao mahlo holimo, khefutsa hanyane ebe oa ipotsa: ‘Ke kamano efe e teng lipakeng tsa lelapa la Nathane le Mesia?’ U tla lokela ho ba “lefokisi” joale. Litšupiso tse bohareng ba leqephe, li u isa ho 2 Samuele 5:13, 14 e bontšang hore Nathane e ne e le e mong oa bara ba Davida. Tšupiso e ’ngoe ke Luka 3:23, 31, e bontšang hore Jesu o ne a tsoa lelokong la Nathane e leng moholo-holo oa Maria. Ka mor’a moo, u tla utloa u se u batla ho ea pele! Oa tseba hore ho ile ha boleloa esale pele hore Jesu o ne a tla hlaha lelokong la Davida. (Mat. 22:42) Empa Davida o ne a e-na le bara ba fetang 20. Na ha se ho thahasellisang ho tseba hore na ke hobane’ng ha Zakaria a ile a bua ka lelapa la Nathane ka ho khetheha hore le ne le tla lla ka lebaka la lefu la Jesu? w19.05 30 ¶17
Moqebelo, la 6 March
Le fetohe ka ho fetola likelello tsa lona, e le hore le ka ipakela e le lona thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.—Bar. 12:2.
Re lokela ho etsa’ng? Haeba re ithuta Bibele kamehla, re ka ipakela ka borona hore lintho tseo re ithutang tsona ke ’nete. Re ka kholiseha ka ho feletseng hore melao ea Jehova e nepahetse. Qetellong, tumelo ea rona e ka tsitsa joaloka sefate se nang le metso e tiileng. (Bakol. 2:6, 7) Hopola hore ha ho na motho ea ka etsang hore tumelo ea hao e tiee. Kahoo, tsoela pele u matlafatsa tsela eo nahanang ka eona. Lula u rapela ’me u kopa Jehova hore a u fe moea oa hae o halalelang. Iphe nako ea ho thuisa ’me u lule u hlahloba tsela eo u nahanang ka eona le mabaka a hao a ho etsa lintho. Khetha metsoalle e nepahetseng e tla u thusa hore u fetole tsela eo u nahanang ka eona. Ha u etsa lintho tsena, u tla khona ho itšireletsa khahlanong le tšusumetso e mpe ea lefatše la Satane, u be u atlehe ho “phethola menahano le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng e phahamisoang khahlanong le tsebo ea Molimo.”—2 Bakor. 10:5. w19.06 13 ¶17-18
Sontaha, la 7 March
Mofuta oa borapeli o hloekileng le o sa silafalang ponong ea Molimo le Ntate oa rona ke ona: ho hlokomela likhutsana le bahlolohali matšoenyehong a bona.—Jak. 1:27.
Feela joalokaha Ruthe a ile a lula a le haufi le Naomi oa mohlolohali, re lokela ho lula re tšehetsa batho ba hlokahaletsoeng ke baratuoa ba bona. (Ruthe 1:16, 17) ’Mè Paula o re: “Hang ka mor’a hore mohats’aka a hlokahale, batho ba bangata ba ile ba ntšehetsa haholo. Ho e-s’o ee kae, ba ile ba nkapoha. Empa bophelo ba ka bo ne bo fetohile ka ho feletseng. Ho thusa haholo ha batho ba hlokomela hore motho ea siameng o ntse a hloka tšehetso esita le ka mor’a likhoeli, kapa lilemo ka mor’a moo.” Leha ho le joalo, batho ha ba tšoane. Ba bang ba ka ’na ba tloaela maemo a macha ka mor’a nako e khutšoanyane. Ha ba bang bona ba khutlisetsoa morao ke ha ho hlaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ba hopotsang moratuoa oa bona. Batho ba siama ka litsela tse fapaneng. A re luleng re hopola hore Jehova o re file tlotla le boikarabelo ba ho hlokomela batho ba hlokahaletsoeng ke balekane ba bona. w19.06 24 ¶16
Mantaha, la 8 March
Ke tla beha ntho e tlamang molomo e le molebeli molomong oa ka, hafeela ea khopo a le ka pel’a ka.—Pes. 39:1.
Nakong eo re thibetsoeng, re tlameha ho ela hloko hore ho na le “nako ea ho khutsa.” (Moek. 3:7) Re lokela ho boloka lintho tse latelang e le lekunutu, mabitso a bara le barali babo rona, tsela eo re pakang ka eona, moo re tšoarelang liboka teng le hore na re fumana lingoliloeng joang. Re ke ke ra bua ka litaba tsena ho bahlanka ba ’muso, metsoalle ea rona e haufi-ufi kapa batho bao re amanang le bona ba phelang naheng eo re leng ho eona kapa ba naheng e ’ngoe. Haeba letlapa le ka thella ka rona ntlheng ena, re tla be re behile bophelo ba Bakreste-’moho le rona kotsing. U se ke oa lumella lintho tse sa reng letho hore li bake likarohano. Satane oa tseba hore ha a ka re seha mpa ka lehare o tla be a re hlotse. (Mar. 3:24, 25) O tla tsoela pele ho leka ka matla hore a re arohanye. Ka tsela eo, o lumela hore re tla loantšana ka borona ho e-na le ho mo loantša. Le Bakreste ba matla tumelong, ba lokela ho itebela hore ba se ke ba oela lerabeng lena. Haeba re loanela ho bopa khotso le Bakreste-’moho le rona, re tla qoba leraba la ho baka likarohano har’a rona.—Bakol. 3:13, 14. w19.07 11-12 ¶14-16
Labobeli, la 9 March
Lekhoba la Morena . . . ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle, le tšoanelehele ho ruta.—2 Tim. 2:24.
Hangata batho bao re buang le bona ka Bibele ba susumetsoa ke hore na re bua le bona joang eseng hore na re reng ho bona. Baa thaba ha re bua le bona ka tsela e mosa le e utloahalang ebile re bontša hore rea ba tsotella. Ha re ba qobelle hore ba re mamele. Ho e-na le hoo, re leka ho utloisisa maikutlo a bona ka bolumeli hape re ela hloko hore re se ke ra ba utloisa bohloko. Mohlala, ha Pauluse a ne a bua le Bajuda, o ne a behelana mabaka le bona ka Mangolo. Leha ho le joalo, ha a ne a bua le bo-rafilosofi ba Bagerike ba Areopago, o ne a sa ba bolelle hore litaba tsa hae li tsoa Bibeleng. (Lik. 17:2, 3, 22-31) Re ka etsisa Pauluse joang? Haeba re bua le motho ea sa rateng Bibele, ekaba hantle hore re se ke ra bua ka eona ka ho toba. Haeba u bona eka motho eo u buang le eena o soabela ho bonoa a ntse a bala Bibele le uena, u ka leka ho mo balla eona fonong ea hao. w19.07 21 ¶5-6
Laboraro, la 10 March
Itebeleng esere lipelo tsa lona tsa ekoa, ’me la kheloha eaba le rapela melimo e meng.—Deut. 11:16.
Satane o ile a hohela Baiseraele hore ba rapele litšoantšo. Kaha o ne a tseba hore ba hloka lijo, o ile a nka monyetla oo ho ba hohela hore ba etse ntho eo a e batlang. Ha Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng ba ile ba tlameha ho ithuta mekhoa e mecha ea ho lema. Ha ba ne ba le Egepeta ba ne ba nosetsa lijalo tsa bona ka metsi a tsoang Nokeng ea Nile. Empa Naheng e Tšepisitsoeng ho ne ho se na noka e kholo eo ba neng ba ka fumana metsi ho eona, kahoo e le ho nosetsa lijalo tsa bona, ba ne ba tlameha ho tšepa hore pula e tla na kapa ho be le phoka. (Deut. 11:10-15; Esa. 18:4, 5) Ka lebaka leo, Baiseraele ba ne ba lokela ho ithuta mekhoa e mecha ea ho lema. Ke hobane’ng ha Jehova a ne a ba lemosa ka ho rapela melimo e meng empa a ne a bua le bona ka mekhoa e mecha ea temo? Jehova o ne a tseba hore Baiseraele ba tla lekeha hore ba ithute mekhoa e mecha ea temo ho batho ba ba potolohileng ba rapelang melimo ea bohata.—Num. 25:3, 5; Baahl. 2:13 1 Mar. 18:18. w19.06 3 ¶4-6
Labone, la 11 March
Sena ke seo ke tsoelang pele ho se rapella, hore lerato la lona le ka ata ka ho eketsehileng.—Bafil. 1:9.
Ha moapostola Pauluse, Silase, Luka, le Timothea ba fihla Filipi e leng e ’ngoe ea likolone tsa Roma, ba ile ba fumana batho ba bangata ba thabelang molaetsa oa Bibele. Bara bana babo rona ba bane ba ile ba theha phutheho e ileng ea thusa bara le barali babo bona ba bacha hore ba kopane ’moho ’me ho ka etsahala hore ebe ba ne ba kopanela ha molumeli-’moho le bona ea bitsoang Lydia. (Lik. 16:40) Hamorao, phutheho ena e ncha e ile ea kopana le mathata. Satane o ile a etsa hore batho ba sa rateng molaetsa oa Bibele ba loantše Pauluse le bo-mphato’ae. Pauluse le Silase ba ile ba tšoaroa, ba otloa ka melamu eaba ba kenngoa teronkong. Ka mor’a hore ba lokolloe, ba ile ba etela phutheho ena e ncha ho ea e khothatsa. Ka mor’a moo, Pauluse, Silase le Timothea ba ile ba tsamaea empa ho bonahala eka Luka eena o ile a sala. Joale, bara le barali bao babo rona ba ile ba sala ba etsa’ng? Jehova o ile a ba thusa ka moea oa hae hore ba mo sebeletse ka cheseho. (Bafil. 2:12) Ha se feela Pauluse a neng a ikotla sefuba ka bona! w19.08 8 ¶1-2
Labohlano, la 12 March
Ea alingoang ke mohlanka oa motho ea mo alimang.—Liprov. 22:7.
Na u sa tsoa falla haufinyane? Kaha ho fallela sebakeng se seng ho hloka chelete, ho ka ba bonolo hore re qetelle re entse likoloto. Kahoo, u se ke oa alima chelete e le hore u reke lintho tseo ha e le hantle u sa li hlokeng. (Liprov. 22:3) Ha re le tlas’a khatello, ho ka ’na ha e-ba thata le ho feta ho etsa qeto ea hore na re tla alima chelete e kae, haholo-holo ha re hlokometse setho sa lelapa se kulang. Maemong a joalo, u hopole hore “thapelo le thapeli” li ka u thusa hore u etse liqeto tse nepahetseng. Jehova a ka araba lithapelo tsa hao ka ho u thusa hore u khobe matšoafo e le hore u ka etsa liqeto tse nepahetseng. (Bafil. 4:6, 7; 1 Pet. 5:7) Lula u le haufi le batho ba ratang tšebeletso. Bolella metsoalle ea hao e haufi hore na u ikutloa joang le hore na u thulana le mathata afe, haholo-holo eo e ka ’nang eaba e kile ea e-ba boemong bo tšoanang le ba hao. Ho etsa joalo ho ka ’na ha u thusa hore u imolohe. (Moek. 4:9, 10) Metsoalle eo u ileng oa ba le eona pele u falla e tla lula e u rata. w19.08 22 ¶9-10
Moqebelo, la 13 March
Tsa a bokellela . . . Har–Magedone.—Tšen. 16:16.
Ke hobane’ng ha Jehova a ile a amahanya ntoa ea hae ea letsatsi le leholo le Megido? Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, lintoa tse ngata li ne li loaneloa Megido le sebakeng se haufi sa phula ea Jezriele. Ka linako tse ling, Jehova o ne a thusa bahlanka ba hae hore ba hlole lintoa tseo. Mohlala, Molimo o ile a sebelisa ‘metsi a Megido’ ho thusa Moahloli oa Baiseraele e leng Barake hore a hlole lebotho la Bakanana le neng le eteletsoe pele ke Sisera. Barake hammoho le moprofeta oa mosali ea bitsoang Debora, ba ile ba rorisa Jehova ka hore ebe o ba thusitse ho hlola ntoa eo ka mohlolo. Ba ile ba binela Jehova ba re: “Linaleli tsa loana leholimong, tsa loantša Sisera. . . . Kahoo lira tsohle tsa hao li ke li timele, Jehova, ’me ba u ratang ba be joaloka letsatsi ha le hlaha ka matla a lona.” (Baahl. 5:19-21, 31) Ka tsela e tšoanang, ka ntoa ea Armagedone, lira tsohle tsa Molimo li tla felisoa ebe batho ba ratang Molimo, bona ba pholosoa. Empa ho na le ntho ea bohlokoa eo lintoa tsena tse peli li fapanang ka eona. Ka Armagedone, bahlanka ba Molimo ba ke ke ba loana. Ho ke ke ha fumanoa le libetsa feela ho bona. ‘Matla a bona e tla ba ho lula ba sa khathatseha ’me ba e-na le tšepo’ ho Jehova le mabotho a hae a leholimo.—Esa. 30:15; Tšen. 19:11-15. w19.09 9 ¶4-5
Sontaha, la 14 March
Tloong ho ’na. —Mat. 11:28.
Tsela e ’ngoe eo re ka tlang ho Jesu ka eona ke ka hore re leke ka hohle ho ithuta lintho tseo a li buileng le tseo a li entseng. (Luka 1:1-4) Ke boikarabelo ba rona ho ithuta seo Bibele e se buang ka Jesu. Re boetse re tla ho Jesu ha re etsa qeto ea ho kolobetsoa le ho ba barutuoa ba hae. Tsela e ’ngoe ea ho tla ho Jesu ke ka ho ea ho baholo ha re hloka thuso. Jesu o sebelisa banna bana bao e leng limpho ho hlokomela linku tsa hae. (Baef. 4:7, 8, 11; Joh. 21:16; 1 Pet. 5:1-3) Re lokela ho nka bohato ba ho kopa thuso ho bona. Re ke ke ra lebella hore baholo ba tsebe ka mohlolo hore na re nahana’ng kapa re hloka’ng. Nahana ka seo Mor’abo rona Julian a ileng a se bua, o re: “Ke ile ka kopa thuso ’me ka thaba haholo hore ebe baholo ba ile ba nketela.” Baholo ba tšepahalang joaloka ba ileng ba etela Mor’abo rona Julian ba ka re thusa ho tseba “kelello ea Kreste.” Hona ho bolela hore ba ka re thusa ho utloisisa le ho etsisa tsela eo a neng a nahana ka eona le ho etsa lintho ka eona. (1 Bakor. 2:16; 1 Pet. 2:21) Ha ba re thusa joalo, re tla thaba haholo. w19.09 21 ¶4-5
Mantaha, la 15 March
Ke na le linku tse ling, tseo e seng tsa lesaka lena. —Joh. 10:16.
Ka Bibeleng, ho na le banna le basali ba tšepahalang ba ileng ba tataisoa ke moea o halalelang le hoja e se karolo ea ba 144 000. E mong oa bona ke Johanne Mokolobetsi. (Mat. 11:11) E mong ke Davida. (Lik. 2:34) Bona hammoho le ba bang ba bangata ba tla tsosetsoa ho tla phela paradeiseng mona lefatšeng. Ba kopane le ba bongata bo boholo, ba tla ba le monyetla oa ho bontša hore ba tšepahalla Jehova le bobusi ba hae. Lena ke lekhetlo la pele Jehova a bokella batho ba limilione ho tsoa lichabeng tsohle hore ba mo rapele hammoho. Ebang re na le tšepo ea ho ea phela leholimong kapa lefatšeng, re lokela ho thusa batho ba bangata ka hohle kamoo re ka khonang hore ebe karolo ea bongata bo boholo ba “linku tse ling.” Haufinyane, Jehova o tla tlisa matšoenyeho a maholo a tla felisa mebuso le malumeli a sotlileng batho ka nako e telele. Bongata bo boholo bo na le monyetla o babatsehang hakaakang oa ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng lefatšeng!—Tšen. 7:14. w19.09 31 ¶18-19
Labobeli, la 16 March
Matsatsing a ho qetela ho tla tla basomi ka ho soma ha bona.—2 Pet. 3:3.
Botšepehi ba rona ho Jehova le ho ’Muso oa hae bo tla lekoa le ho feta ha matšoenyeho a maholo a ntse a atamela. Ka nako eo, batho ba ka ’na ba re soma. Le leng la mabaka a ka sehloohong ke hobane ha re etse lintho tse etsoang ke batho ba busoang ke Satane. Re lokela ho matlafatsa botšepehi ba rona esale hona joale e le hore re tle lule re tšepahala ka matšoenyeho a maholo. Ka matšoenyeho a maholo, lintho li tla fetoha ho barab’abo rona ba etellang pele. Ka nako eo, batlotsuoa bohle ba tla beng ba ntse ba le lefatšeng, ba tla nkeloa leholimong e le hore ba ka kenya letsoho ntoeng ea Armagedone. (Mat. 24:31; Tšen. 2:26, 27) Sena se bolela hore ho tla be ho se ho se na Sehlopha se Busang lefatšeng. Leha ho le joalo, bongata bo boholo bo tla lula bo hlophisehile. Barab’abo rona ba khethiloeng ba tla bo etella pele. Re lokela ho bontša hore re tšepa Jehova ka hore re mamele litaelo tseo a tla li fa bara bana babo rona. Bophelo ba rona bo tla itšetleha ka litaelo tseo. w19.10 17 ¶13-14
Laboraro, la 17 March
Ke tla ea moo u eang teng . . . Ke tla shoela moo u shoelang teng.—Ruthe 1:16, 17.
Naomi o ne a tšepahala a bile a rata Jehova. Empa ka mor’a hore a hlokahalloe ke monna le bara ba babeli, o ne a se a batla ho fetola lebitso la hae hore a se hlole a bitsoa Naomi empa a bitsoe “Mara,” e bolelang “Ho utloa bohloko.” (Ruthe 1:3, 5, 20, 21) Ruthe eo e neng e le ngoetsi ea Naomi o ile a lula le eena nakong eo e thata. Ruthe o ile a hlokomela Naomi ka lintho tseo a li hlokang, a ba a mo tšelisa. Ruthe o ile a bontša hore o rata Naomi ebile oa mo tšehetsa ka tsela eo a neng a bua le eena ka eona. Motho ea hlokahaletsoeng ke molekane ka phuthehong o hloka tšehetso ea rona. Banyalani ba ka tšoantšoa le lifate tse peli tse hotseng li bapile. Ha nako e ntse e ea, metso ea lifate tseo ea kopana. Ha sefate se seng se fotholoa ka metso se bile se e-shoa, se setseng se tla ba le mathata. Ka tsela e tšoanang, ha motho a hlokahalloa ke molekane a ka ’na a sithabela ka nako e telele. w19.06 23 ¶12-13
Labone, la 18 March
E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae.—Jak. 1:14.
Ha rea lokela ho ba hlokolosi feela ka hore na ke boithabiso ba mofuta ofe boo re bo thabelang empa re boetse re lokela ho ela hloko hore na re qeta nako e kae re le ho bona. Ho seng joalo, re ka qeta nako e ngata haholo re ithabisa ho feta nako eo re e qetang re sebeletsa Jehova. Ntho ea pele e ka u thusang ekaba hore u tsebe hantle hore na u qeta nako e kae u ntse u ithabisa. U ka etsa joalo joang? Ngola fatše lihora tseo u li qetang u shebelletse thelevishene, u kene Inthaneteng le eo u e qetang u bapala ka fono. Haeba u bona hore u ja nako e ngata haholo, leka ho ngola fatše hore na u tla qeta nako e kae u etsa eng. Ipehele nako ea ho etsa lintho tsa bohlokoa pele ebe ka mor’a moo u beha ea boithabiso. Ha u qetile ho etsa joalo, kopa Jehova hore a u thuse u phelele qeto ea hao. Ha u etsa joalo, u tla ba le matla le nako ea ho ithuta Bibele, ho tšoara borapeli ba lelapa, ho ea libokeng le ho ea tšimong. Hape u ke ke oa ikoahlaela nako eo u e qetang u ithabisa. w19.10 30 ¶14, 16; 31 ¶17
Labohlano, la 19 March
Matla a ho lakatsa a teng ho ’na, empa matla a ho hlahisa se setle ha a eo.—Bar. 7:18.
Hoo e ka bang ka selemo sa 55, Bakreste ba Korinthe ba ile ba etsa qeto ea bohlokoa. Ba ile ba utloela ka mathata a barab’abo bona ba lulang Jerusalema le Judea’me ba ile ba ikopanya le liphutheho tse ling ho bokella chelete ho ba thusa. (1 Bakor. 16:1; 2 Bakor. 8:6) Leha ho le joalo, likhoeli tse ’maloa hamorao, moapostola Pauluse o ile a hlokomela hore Bakorinthe ba ne ba sa ntša monehelo joalokaha ba ne ba tšepisitse. Kahoo, limpho tsa bona li ne li ke ke tsa tsamaela hong le tsa liphutheho tse ling hore li ee Jerusalema (2 Bakor. 9:4, 5) Bakorinthe ba ne ba entse qeto e nepahetseng ’me Pauluse o ile a ba babatsa ka hore ba na le tumelo e matla le hore ba ne ba e-na le takatso e ntle ea ho fana. Empa o ile a boela a tlameha ho ba khothalletsa ho phetha litšepiso tsa bona. (2 Bakor. 8:7, 10, 11) Mohlala oa bona oa re bontša hore le bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba ka ’na ba thatafalloa ho phetha litšepiso tsa bona. Hobane’ng? Kaha ha rea phethahala, hangata re etsa lintho tse se nang thuso pele ho tsa bohlokoa. Kapa ho ka ’na ha etsahala ntho eo re sa e lebellang e ka re sitisang ho phetha lintho tseo re neng re batla ho li etsa.—Moek. 9:11. w19.11 26-27 ¶3-5
Moqebelo, la 20 March
Le nke thebe e kholo ea tumelo.—Baef. 6:16.
Joalokaha thebe e kholo e sireletsa ’mele oohle, tumelo ea rona e re sireletsa khahlanong le boitšoaro bo bobe, lintoa le lintho tsohle tseo Molimo a sa li rateng. Bakreste ba loana ntoa ea moea ’me lira tsa bona li akareletsa meea e khopo. (Baef. 6:10-12) U ka tseba joang hore u tla ba le tumelo e matla ha u lekoa? Pele ho tsohle, rapela Jehova hore a u thuse. Ka mor’a moo, u sebelise Bibele ho u thusa ho ipona kamoo Molimo a u bonang kateng. (Baheb. 4:12) Bibele e re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao.” (Liprov. 3:5, 6) U ntse u nahanne ka temana eo, ke hobane’ng ha u sa hlahlobe bocha tse ling tsa liqeto tseo u sa tsoa li etsa haufinyane? Mohlala, na u ile oa thulana le mathata a lichelete? Ha u ntse u leka ho sebetsana le bothata boo, na u ile oa nahana ka tšepiso ea Jehova e hlahang ho Baheberu 13:5 e reng, “ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla”? Na tšepiso eo e ile ea u kholisa hore Jehova o tla u thusa? Haeba ho joalo, taba eo e bontša hore u bolokile thebe ea hao ea tumelo e le maemong a matle. w19.11 14 ¶1, 4
Sontaha, la 21 March
[Bana] ke lefa le tsoang ho Jehova.—Pes. 127:3.
Ngoana o hloka hore motsoali ka mong a mo tsotelle, a mo fe nako le matla. Kahoo, ha banyalani ba hlahlamisa bana kapele, ho tla ba thata hore ba fe ngoana e mong le e mong nako eo a e hlokang. Banyalani ba bang ba neng ba e-na le bana ba bangata ba banyane, ba re ho ne ho le boima ho ba holisa. ’Mè a ka ’na a lula a khathetse ’me a imetsoe kelellong. A ka ’na a khathala hoo a se nang matla a ho ithuta, ho rapela le ho ea tšimong kamehla. A ka boela a thatafalloa ke ho mamela libokeng le ho rua molemo ho tsona. Monna ea ratang mosali oa hae, o tla etsa sohle ho mo thusa ho hlokomela bana ha ba le libokeng le ha ba le hae. Mohlala, a ka thusa mosali oa hae ka mesebetsi ea lapeng. O tla sebetsa ka thata ho etsa bonnete ba hore lelapa lohle le rua molemo Borapeling ba Lelapa. Hape o tla ea tšimong le lelapa kamehla. w19.12 24 ¶8
Mantaha, la 22 March
Selemo sa mashome a mahlano e tla ba Jubile bakeng sa lona.—Lev. 25:11.
Ke melemo efe eo Baiseraele ba neng ba e fumana ka Jubile? Mohlala, a re re Moiseraele o ne a kene sekolotong seo a hlolehang ho se patala ’me a tlameha ho rekisa tšimo ea hae e le hore a se patale. Ka selemo sa Jubile, tšimo eo ea hae e ne e khutlisetsoa ho eena. Ka tsela eo, Moiseraele o ne a ‘khutlela setšeng sa hae, ’me bana ba hae ba ne ba tla ja lefa leo. Kapa mohlomong Moiseraele e mong o ne a e-na le sekoloto se seholo hoo a ileng a tlameha ho ithekisa hore e be lekhoba kapa a rekise e mong oa bana ba hae hore e il’o ba lekhoba ho patala sekoloto sa hae. Ka selemo sa Jubile, lekhoba le ne le ‘khutlela lelapeng la lona.’ (Lev. 25:10) Kahoo, ho ne ho se na motho eo e neng e e-ba lekhoba ho ea ho ile. Ho phaella moo, Jehova o ne a itse: “Ho se ke ha e-ba le ea mong ea tla futsaneha har’a lona, hobane ruri Jehova o tla le hlohonolofatsa naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona e le lefa hore le e rue.” (Deut. 15:4) Taba ena e fapane hole le ntho e etsahalang lefatšeng mehleng ena, moo batho ba ruileng ebang baruihali ha ba futsanehileng bona eba bafutsana-futse! w19.12 8-9 ¶3-4
Labobeli, la 23 March
Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka.—Liprov. 27:11.
Ha a ne a tobane le liteko tse boima o ne a rapela “ka mehoo e matla le meokho.” (Baheb. 5:7) Lithapelo tsa hae tse tsoang botebong ba pelo li ne li bontša hore o tšepahalla Jehova hape li ne li etsa hore a ikemisetse ho mo mamela kahohle-hohle. Ho Jehova, lithapelo tsa hae li ne li tšoana le libano tse monko o monate. Jesu o ile a thabisa ntate oa hae bophelo bohle ba hae a ba a fana ka bopaki ba hore ke Jehova feela ea nang le tokelo ea ho busa. Re ka etsisa Jesu ka hore kahohle kamoo re ka khonang re mamele Jehova le ho mo tšepahalla. Ha re thulana le mathata re rapela Jehova ka lipelo tsohle tsa rona hore a re thuse hobane re batla ho mo khahlisa. Rea elelloa hore Jehova a ke ke a amohela lithapelo tsa rona haeba re etsa lintho tseo a sa li rateng. Empa haeba re etsa lintho tseo Jehova a li thabelang re ka kholiseha hore lithapelo tsa rona tse tsoang botebong ba pelo li tla tšoana le monko o monate ho eena. Hape re ka kholiseha hore ho tšepahala ha rona le ho ’mamela ho thabisa Jehova. w19.11 21-22 ¶7-8
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 9 Nisane) Luka 19:29-44
Laboraro, la 24 March
Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene?—Mat. 24:45.
Ka 1919, Jesu o ile khetha sehlopha se senyenyane sa barab’abo rona hore e be “lekhoba le tšepahalang le le masene.” Lekhoba leo le etella mosebetsi oa boboleli pele hape le fa balateli ba Kreste lijo “ka nako e tšoanetseng.” Satane le mahlahana a hae ba leka ka matla ho thatafaletsa lekhoba ho etsa mosebetsi oa lona ’me ha e ne se ka thuso ea Jehova le ne le ke ke la atleha. Ho sa tsotellehe lintoa tse peli tsa lefatše, ho putlama ha moruo lefatšeng lohle, ho hlorisoa le ho tšoaroa ka ho hloka toka ha batho Molimo, lekhoba le tšepahalang le ’nile la tsoela pele ho fa Bakreste lijo. Nahana ka lingoliloeng tse ngata tse teng tse fumanehang mahala ka lipuo tse fetang 900! Bona ke bopaki bo totobetseng ba hore Molimo o tšehetsa lekhoba. Mosebetsi oa boboleli le oona ke bopaki bo bontšang hore Molimo oa le hlohonolofatsa. Litaba tse molemo li boleloa “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.”—Mat. 24:14. w19.11 24 ¶15-16
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 10 Nisane) Luka 19:45-48; Matheu 21:18, 19; 21:12, 13
Labone, la 25 March
[Jesu] a utluoa ka mokhoa o amohelehang ka lebaka la tšabo ea hae ea bomolimo.—Baheb. 5:7.
Moprista ea Phahameng o ne a chesa libano pele a ka etsa mahlabelo. Ka ho etsa joalo, o ne a etsa bonnete ba hore Molimo oa mo amohela nakong eo a etsang mahlabelo. Pele Jesu a ka fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo ha a ntse a le lefatšeng, o ne a lokela ho etsa ntho ea bohlokoa eo e leng hore e ne e le bohlokoa le ho feta ho pholosa moloko oa batho. E ne e le eng ntho eo? O ne a lokela ho mamela le ho tšepahalla Jehova bophelo bohle ba hae ha a le lefatšeng e le hore Jehova a amohele sehlabelo sa hae. Ka tsela eo, Jesu o ne a tla bontša hore ho etsa lintho kamoo Jehova a batlang ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela. O ne a tla fana ka bopaki bo totobetseng ba hore tsela eo Jehova busang ka eona e nepahetse. Jesu o ile a mamela Jehova ka ho phethahetseng bophelo bohle ba hae ha a le lefatšeng. Le hoja Jesu a ile a thulana le mathata le liteko ’me a tseba le hore o tl’o shoa lefu le sehloho, o ne a ikemiselitse ho fana ka bopaki ba hore ke Jehova feela ea ka khonang ho busa batho ka tsela e nepahetseng.—Bafil. 2:8. w19.11 21 ¶6-7
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 11 Nisane) Luka 20:1-47
Labohlano, la 26 March
Ke lona ba nkhomaretseng litekong tsa ka.—Luka 22:28.
Nakong eo Jesu a ntseng a le lefatšeng, baapostola ba hae e ne e le metsoalle ea sebele ho eena. (Liprov. 18:24) Metsoalle eo e ne e le bohlokoa haholo ho Jesu. Ha a ntse a le lefatšeng mona, ha ho le ea mong oa bana babo ea ileng a lumela ho eena. (Joh. 7:3-5) Ka nako e ’ngoe beng ka eena ba ne ba bile ba nahana hore o lahlehetsoe ke kelello. (Mar. 3:21) Ke kahoo bosiung ba ho qetela a le lefatšeng a ileng a bua mantsoe a hlahang temaneng ea letsatsi ea kajeno. Ka linako tse ling, baapostola ba Jesu ba ne ba e-na le ho mo soetsa empa o ne a sa ameha ka liphoso tsa bona hobane ba ne ba e-na le tumelo ho eena. (Mat. 26:40; Mar. 10:13, 14; Joh. 6:66-69) Bosiung ba ho qetela pele a bolaoa, Jesu o ile a re ho balateli ba hae ba tšepahalang: “Ke le bitsitse metsoalle, hobane lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate ke le tsebisitse tsona.” (Joh. 15:15) Ha ho pelaelo hore metsoalle eo ea hae e ne e mo khothatsa haholo. w19.04 11 ¶11-12
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 12 Nisane) Luka 22:1-6; Mareka 14:1, 2, 10, 11
Letsatsi la Sehopotso
Ha Letsatsi le se le Liketse
Moqebelo, la 27 March
Moea o paka le moea oa rona hore re bana ba Molimo.—Bar. 8:16.
Motho a ka tseba joang hore o bitselitsoe ho ea phela leholimong? Karabo e hlaha mantsoeng ao moapostola Pauluse a ileng a a bua ho batho “ba bitselitsoeng ho ba bahalaleli” ba neng ba lula Roma. Ho phaella mantsoeng a hlahang temaneng ea letsatsi ea kajeno, o ile a re: “Ha lea ka la amohela moea oa bokhoba o bakang tšabo hape, empa le ile la amohela moea oa ho nkeloa ka lapeng le le bara, e leng moea oo ka oona re hoeletsang: “Abba, Ntate!” (Bar. 1:7; 8:15) A sebelisa moea o halalelang, Molimo o etsa hore ho hlake hore batlotsuoa ba bitselitsoe ho ea phela leholimong. (1 Bathes. 2:12) Jehova o etsa hore batlotsuoa ba utloe hantle ho tloha pelong le kelellong hore ba memetsoe ho ea phela leholimong. (1 Joh. 2:20, 27) Batlotsuoa ha ba hloke ho tiisetsoa ke motho e mong hore ba tlotsitsoe. w20.01 22 ¶7-8
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 13 Nisane) Luka 22:7-13; Mareka 14:12-16 (Liketsahalo tsa mantsiboea a la 14 Nisane) Luka 22:14-65
Sontaha, la 28 March
Ha ho ea nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moea oa hae molemong oa metsoalle ea hae.—Joh. 15:13.
Motheo oa “Molao oa Kreste” ke lerato e leng ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. (Bagal. 6:2) Jesu o ne a etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka lerato. Ho hauhela batho, kapa ho ba utloela bohloko ho susumetsoa ke lerato. Jesu o ne a susumetsoa ke khauho hore a rute batho, a folise ba kulang, a fepe ba lapileng, a be a tsose bafu. (Mat. 14:14; 15:32-38; Mar. 6:34; Luka 7:11-15) Jesu o ile a itella batho. Ka holimo ho tsohle, o ile a bontša hore o rata batho ka hore a tele bophelo ba hae. Re ka etsisa Jesu ka hore re itelle batho ba bang. Re ka boela ra mo etsisa ka hore re hauhele batho ba tšimong ea rona. Haeba re susumetsoa ke khauho hore re bolele le ho ruta batho litaba tse molemo, re tla be re mamela molao oa Kreste. w19.05 4 ¶8-10
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 14 Nisane) Luka 22:66-71
Mantaha, la 29 March
[Jehova] o nthometse hore ke bolelle baholehuoa tokollo . . . , ho etsa hore ba hateletsoeng ba tsamaee ba lokolohile.—Luka 4:18.
Jesu o ile a thusa batho hore ba lokolohe lithutong tse hatellang tsa baeta-pele ba bolumeli. Mehleng eo, Bajuda ba bangata ba ne ba qobelloa hore ba etse meetlo le ho lumela lithuto tse fosahetseng. (Mat. 5:31-37; 15:1-11) Batho ba neng ba re ba thusa sechaba hore se sebeletse Molimo, ba ne ba sa mo sebeletse hantle ’me ka tsela e itseng ba ne ba foufetse. Kaha batho bao ba ile ba hana ho lumela ho Mesia le thutong ea hae, ba ile ba lula ba le lefifing la ho se tsebe Molimo hape libe tsa bona ha lia ka tsa tšoareloa. (Joh. 9:1, 14-16, 35-41) Jesu o ile a bontša batho ba ikokobelitseng hore na ba ka lokolloa lithutong tse fosahetseng joang, ka mohlala oa hae le lithuto tse nepahetseng tseo a neng a ba ruta tsona. (Mar. 1:22; 2:23–3:5) Hape, Jesu o ile a fana ka tokoloho ka ho ntša batho bokhobeng ba sebe seo ba se futsitseng. Kaha Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae e le thekollo, Jehova o ne a tla e sebelisa ho tšoarela batho ba bontšang tumelo sehlabelong sa Jesu le linthong tseo Jesu a neng a li etsa.—Baheb. 10:12-18. w19.12 10 ¶8; 11 ¶10-11
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 15 Nisane) Matheu 27:62-66
Labobeli, la 30 March
Le ile la tiisoa ka moea o halalelang o tšepisitsoeng, oo e leng pontšo esale pele ea lefa la rona.—Baef. 1:13, 14.
Jehova o sebelisa moea o halalelang ho hlakisetsa Bakreste bohle ba tlotsitsoeng hore ehlile o ba khethile. Kahoo, moea o halalelang ke “pontšo” e ba tiisetsang hore ba na le tšepo ea ho ea phela leholimong ka ho sa feleng eseng lefatšeng.(2 Bakor. 1:21, 22) Haeba Mokreste a tlotsitsoe na taba eo e bolela hore joang kapa joang o ea leholimong? Che! Ntho eo a kholisehileng ka eona ke hore o khethetsoe ho ea leholimong. Leha ho le joalo, o lokela ho hopola temoso ena: “Barab’eso, le etse haholoanyane sohle se matleng a lona ho itiisetsa ho bitsoa le ho khethoa ha lona; etsoe haeba le tsoela pele ho etsa lintho tsena ho hang le ke ke la hloleha le ka mohla.” (2 Pet. 1:10) Kahoo, le haeba Mokreste ea tlotsitsoeng a bitselitsoe ho ea leholimong, o tla fumana moputso hafeela a lula a tšepahala.—Bafil. 3:12-14; Baheb. 3:1; Tšen. 2:10. w20.01 21-22 ¶5-6
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 16 Nisane) Luka 24:1-12
Laboraro, la 31 March
Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.—Liprov. 12:18.
Lebaka le ileng la etsa hore metsoalle e meraro ea Jobo e se ke ea mo utloela bohloko ke hobane ha ea ka ea leka ho utloisisa hore na ha e le hantle ho etsahala’ng ka eena. Ka lebaka leo, e ile ea iketsetsa liqeto tse fosahetseng eaba e ahlola Jobo ka bohata. Re ka qoba ho etsa phoso e tšoanang le ea eona joang? Re lokela ho hopola hore ke Jehova feela ea tsebang sesosa sa mathata a rona hantle. Kahoo, mamela ka hloko ha motho ea nang le mathata a u bolella ’ona. U se ke oa mamela lintho tseo a li buang feela, empa u leke ho ikenya lieteng tsa hae. Ho etsa joalo ke hona ho tla u thusa ho bontša hore u fela u utloela mora kapa morali’eno bohloko. Ho utloela batho bohloko ho tla re thusa hore re se ke ra hasa mathata ao batho ba bang ba thulaneng le ’ona. Motho ea sebang ba bang ha a momahanye phutheho, empa o etsa hore e be le maquloana. (Liprov. 20:19; Bar. 14:19) A ka lematsa motho ea seng a ntse a utloile bohloko. Ho ka ba molemo hore re shebe lintho tse ntle tseo batho ba li etsang, ebe re nahana hore na re ka ba thusa joang hore ba hlole mathata a bona. w19.06 21-22 ¶8-9