January
Moqebelo, la 1 January
Ho tloha boseeng u tsebile lingoliloeng tse halalelang, tse khonang ho u hlalefisetsa poloko ka tumelo mabapi le Kreste Jesu.—2 Tim. 3:15.
Tumelo ea Timothea e ne e thehiloe linneteng tse tsoang ka Bibeleng tse ileng tsa mo thusa hore ebe motsoalle oa Jehova. Le uena u lokela ho ithuta Bibele ’me ha u qeta u ikholise hore lintho tseo u ntseng u ithuta tsona ka Jehova ke ’nete. Empa pele, u lokela ho kholiseha ka lithuto tsena tse tharo tsa mantlha. Ea pele, u lokela ho kholiseha hore Jehova Molimo ke ’Mopi oa lintho tsohle. (Ex. 3:14, 15; Baheb. 3:4; Tšen. 4:11) Ea bobeli, u lokela ho ikholisa ka bouena hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng leo a le fileng batho. (2 Tim. 3:16, 17) Ea boraro, u lokela ho kholiseha hore Jehova o na le sehlopha se hlophisitsoeng sa batho ba mo sebeletsang e leng batho tataisoang ke Kreste ’me Lipaki Tsa Jehova ke sehlopha seo. (Esa. 43:10-12; Joh. 14:6; Lik. 15:14) Taba ena ha e bolele hore u lokela ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ngotsoeng ka har’a Bibele. Sepheo sa hao e lokela ho ba ho sebelisa matla a hao a ho nahana ho matlafatsa kholiseho eo u nang le eona ea hore lintho tseo u li lumelang ke ’nete.—Bar. 12:1. w20.07 10 ¶8-9
Sontaha, la 2 January
Tsa nehoa hore li se ke tsa ba bolaea, empa hore ba hlokofatsoe ka likhoeli tse hlano.—Tšen. 9:5.
Boprofeta bona bo bua ka sehlopha sa litsie tse nang le lifahleho tsa batho hape lihloohong tsa tsona ho ne ho e-na le ho “bonahalang e le meqhaka e joaloka khauta.” (Tšen. 9:7) Litsie tseo li hlokofatsa “batho [e leng lira tsa Molimo] ba se nang tiiso ea Molimo liphatleng tsa bona” ka likhoeli tse hlano, e leng nako eo tsie e phelang ka eona. (Tšen. 9:4) Boprofeta bona ho bonahala bo bua ka batlotsuoa ba Jehova. Ka sebete ba phatlalatsa likahlolo tsa Jehova tse tl’o tlela tsamaiso ena e khopo ’me ka lebaka leo ba etsa hore batšehetsi ba lefatše lena ba hloke botsitso. Na ehlile re re litsie tse hlalosoang ke Joele 2:7-9 ha se tse hlalosoang ho Tšenolo? Kannete ho joalo. Ka Bibeleng, ntho e le e ’ngoe e ka tšoantšetsa lintho tse fapaneng, ea hlalosoa ka tsela e fapaneng ho ea ka hore na e sebelisitsoe hokae. Ka mohlala, ho Tšenolo 5:5 Jesu o bitsoa “tau ea moloko oa Juda,” ha ho 1 Petrose 5:8, Diabolose a hlalosoa e le “tau e purumang.” w20.04 3 ¶8; 5 ¶10
Mantaha, la 3 January
Mahlo a Jehova a sebakeng se seng le se seng, a lula a talimile ba babe le ba molemo.—Liprov. 15:3.
Lekhabunyane la Sarai e leng Hagare le ile la etsa lintho ka booatla ka mor’a hore Abrame a le nyale. Ka mor’a hore e be moimana, o ile a qala ho hlompholla Sarai hobane Sarai a ne a se na bana. Lintho li ile tsa mpefala hoo Sarai a ileng a tebela Hagare. (Gen. 16:4-6) Kaha ha rea phethahala, re ka ’na ra nahana hore Hagare e ne e le moikhohomosi ea neng a tšoaneloa ke ho tlotlolloa ka tsela eo. Empa Jehova o ne a sa ikutloe joaloka Hagare. O ile a romela lengeloi la hae ho eena. Ha lengeloi leo le mo fumana, le ile la mo thusa hore a ikutloe hantle la ba la mo hlohonolofatsa. Hagare o ile hlokomela hore Jehova o ne a ntse a mo bona le hore o ne a utloisisa boemo boo a leng ho bona. Taba ena e ile ea mo ama pelo hoo a ileng a re: “U Molimo . . . ea mponang.” (Gen. 16:7-13) Jehova o ne a bona eng ho Hagare? O ne a tseba hore na Hagare o hlahetsoe ke’ng nakong e fetileng le hore na o ile a tlameha ho mamella’ng. Jehova o ne a tseba hore ho ne ho fosahetse hore Hagare a hlompholle Sarai. Empa o ne a boetse a utloisisa hore na Hagare o ikutloa joang le maemo ao a leng ho ’ona, ke kahoo a ileng a mo tšoara ka mosa. w20.04 16 ¶8-9
Labobeli, la 4 January
Ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong.—2 Tim. 4:7.
Moapostola Pauluse o ile a re Bakreste bohle ba ’nete ba peisong. (Baheb. 12:1) Ka hona, kaofela ha rona ebang re baholo kapa re banyane, re na le matla kapa re khathetse, re tlameha ho mamella ho isa qetellong e le hore re tle re fumane moputso oo Jehova a re tšepisang oona. (Mat. 24:13) Pauluse o ile a khona ho fana ka keletso eo hobane o ile a atleha ho matha “tseleng ea peiso ho fihlela qetellong.” (2 Tim. 4:7, 8) Empa ha e le hantle, Pauluse o ne a bua ka peiso efe moo? Ka linako tse ling, Pauluse o ne a bua ka lintho tse neng li etsahala lipapaling tsa mehleng ea Greece ea boholo-holo ho ruta lithuto tsa bohlokoa. (1 Bakor. 9:25-27; 2 Tim. 2:5) Maemong a mangata o ile a bapisa bophelo ba Bakreste le ho ba peisong. (1 Bakor. 9:24; Bagal. 2:2; Bafil. 2:16) Motho o kenela peiso ena ha a inehela ho Jehova le ha a kolobetsoa. (1 Pet. 3:21) O fihla moleng oa tlholo ha Jehova a mo fa moputso oa bophelo bo sa feleng.—Mat. 25:31-34, 46; 2 Tim. 4:8. w20.04 26 ¶1-3
Laboraro, la 5 January
Nkang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo.—Baef. 6:13.
“Morena oa tšepahala, ’me o tla le tiisa le ho le boloka ho ea khopo.” (2 Bathes. 3:3) Jehova o re sireletsa joang? Jehova o re file lihlomo tsa ntoa tse tla re sireletsa ha Satane a re hlasela. (Baef. 6:13-17) Lihlomo tsena li matla ebile li sebetsa hantle. Empa li tla re sireletsa haeba re lula re li apere kamehla. Mohlala, lebanta la ’nete le emela ’nete eo re e fumanang ka Lentsoeng la Molimo Bibele. Ke hobane’ng ha re lokela ho itlama ka lebanta lee? Hobane Satane “ke ntate oa leshano.” (Joh. 8:44) Haesale Satane a bua leshano ka lilemo tse likete ’me o khelositse “lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Tšen. 12:9) Empa ’nete eo re e fumanang ka Bibeleng ea re sireletsa hore re se ke ra khelosoa. Re ka tlama lebanta la ’nete joang? Re etsa joalo ka ho ithuta ’nete ka Jehova, ka ho mo rapela “ka moea le ka ’nete” le ka ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.—Joh. 4:24; Baef. 4:25; Baheb. 13:18. w21.03 26-27 ¶3-5
Labone, la 6 January
O tla boela a kene naheng ea Mokhabiso.—Dan. 11:41.
Naha eo e ne e ikhetha hobane e ne e le moo Jehova a sebeletsoang teng. Ho tloha selemong sa 33, naha ea mokhabiso ha ea ka ea hlola e e-ba sebaka se teng lefatšeng mona hobane batho ba Jehova ba tletse hohle lefatšeng. Ho e-na le hoo, naha ea mokhabiso ke mosebetsi oo bahlanka ba Jehova ba mo etsetsang oona o akareletsang ho mo rorisa libokeng le ho etsa mosebetsi oa boboleli. Matsatsing ana a ho qetela, morena oa leboea o kene “naheng ea Mokhabiso” ka makhetlo a mangata. Ka mohlala, nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, ha morena oa leboea e le puso ea Manazi, o ile a kena naheng ea mokhabiso ka hore a hlorise le ho bolaea bahlanka ba Molimo. Ka mor’a Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, Soviet Union e ile ea e-ba morena oa leboea ’me le eona ea kena naheng ea mokhabiso ka hore e sotle batho ba Molimo le ho ba qobella ho tloha linaheng tsa habo bona. w20.05 13 ¶7-8
Labohlano, la 7 January
Kamano e haufi-ufi le Jehova ke ea ba mo tšabang, le selekane sa hae, e le ho etsa hore ba se tsebe.—Pes. 25:14.
Nahana ka batho bao e ileng ea e-ba metsoalle ea Molimo pele Jesu a tla lefatšeng. Abrahama e ne e le monna ea neng a e-na le tumelo e matla. Lilemo tse ka holimo ho sekete ka mor’a hore Abrahama a hlokahale, Jehova o ile a mo bitsa “motsoalle oa ka.” (Esa. 41:8) Esita le lefu le ke le la arohanya Jehova le metsoalle ea hae e haufi. Abrahama o ntse a le mohopolong oa Jehova. (Luka 20:37, 38) Mohlala o mong ke oa Jobo. Nakong eo mangeloi a neng a bokane leholimong, Jehova o ile a ikotla sefuba ha a bua ka Jobo. O ile a re Jobo ke “monna ea sa tšoauoeng phoso le ea lokileng, ea tšabang Molimo le ea khelohang bobe.” (Jobo 1:6-8) U nahana hore Jehova o ile a ikutloa joang ka Daniele, ea mo sebelelitseng ka botšepehi le hoja a qetile lilemo tse 80 naheng eo batho ba teng ba neng ba sa sebeletse Molimo? Ka makhetlo a mararo, mangeloi a ile a tiisetsa monna eo ea holileng hore e ne e le motho ea “khahlehang haholo” ho Molimo. (Dan. 9:23; 10:11, 19) Re ka kholiseha hore Jehova o letetse nako eo ka eona a tla tsosa metsoalle ea hae.—Jobo 14:15. w20.05 27 ¶3-4
Moqebelo, la 8 January
Nthute melao ea hao.—Pes. 119:68.
Seithuti se hatelang pele se ka ithuta melao ea Jehova sa ba sa e rata. Empa na se tla mamela Jehova hobane se mo rata? Hopola hore Adama le Eva ba ne ba tseba melao ea Molimo empa, na ba ne ba hlile ba rata mofani oa melao eo e leng Jehova? (Gen. 3:1-6) Kahoo, sena se bolela hore ha rea lokela ho fella feela tabeng ea ho ruta liithuti tsa rona melao ea Jehova le hore na Jehova o lebeletse eng ho rona. Melao ea Jehova e re tsoela molemo kamehla. (Pes. 119:97, 111, 112) Empa liithuti tsa rona li ke ke tsa nahana joalo haeba li sa utloisise hore Jehova o entse melao ena hobane a re rata. Kahoo, re ka ’na ra botsa liithuti tsa rona potso ena: “U nahana ke hobane’ng ha Jehova a re bahlanka ba hae ba etse lintho tse itseng kapa ba se ke ba etsa tse itseng? Taba ee e re bolela’ng eng ka Jehova?” Haeba re thusa liithuti tsa rona hore li nahanisise ka Jehova le hore li ithute ho rata lebitso la hae, re tla khona ho li finyella lipelo. Taba ena e tla etsa hore ba se ke ba rata melao ea Jehova feela empa le eena ba mo rate. Ba tla lula ba e-na le tumelo hape ba tla khona ho mamella liteko tse boima tse larileng ka pel’a bona.—1 Bakor. 3:12-15. w20.06 10 ¶10-11
Sontaha, la 9 January
[U] potlakele ho utloa, [u] liehe ho bua—Jak. 1:19.
Re lokela ho ba le mamello hobane ho nka nako hore motho a lokise setsoalle sa hae le Jehova. Batho ba bangata ba neng ba khaolitse ho tla libokeng le tšimong ba re ba ile ba qalella hape ka mor’a hore baholo le bahoeletsi ba bang ba ba etele ka makhetlo-khetlo. Morali’abo rona Nancy oa Asia o re: “Motsoalle e mong oa ka o ile a nthusa haholo hore ke khutlele ho Jehova. O ne nthata joalokaha eka ke ngoan’abo. O ile a nkhopotsa kamoo re neng re le metsoalle kateng nakong e fetileng. Kamehla ha ke mo phetlela sefuba o ne a ’mamela ka hloko a bile a sa tsila-tsile ha a lokela ho mpha keletso. O ile a bontša hore ke motsoalle oa ’nete ebile o ikemiselitse ho nthusa.” Ha re utloeloa batho bohloko, ho joalokaha eka re ba thoba maqeba. Batho ba bang ba khaolitse ho tla libokeng hobane ba ile ba utloisoa bohloko ke Bakreste-’moho le bona. Kaha ba ntse ba ba jere ka pelo, ha ba sa na tabatabelo ea ho tla libokeng hape. E ka ’na eaba ba lumela hore ha baa tšoaroa ka toka. Kahoo, ho ka ’na ha hlokahala hore re ba mamele ka hloko re be re bontše hore re utloisisa tsela eo ba ikutloang ka eona. w20.06 26 ¶10-11
Mantaha, la 10 January
Le hlotse ea khopo.—1 Joh. 2:14.
Nako le nako ha u hana ho etsa ntho e fosahetseng, ho tla ba bonolo hore u etse e nepahetseng. U lule u hopola hape hore maikutlo a fosahetseng ao batho ba nang le ’ona ka thobalano a tsoa ho Satane. Kahoo, ha u hana ho inehella ho nahana joaloka batho ba lefatše lena, u tla be u ‘hlola ea khopo.’ Re lumella Jehova hore e be eena ea re bolellang hore na ntho eo a e nkang e le sebe ke efe. Ka hona, re leka kahohle hore re se ke ra etsa sebe. Empa haeba re etsa sebe, re bolella Jehova ka thapelo phoso eo re entseng. (1 Joh. 1:9) Athe haeba teng re entse sebe se tebileng haholo, re kopa thuso ho baholo bao Jehova a ba khethileng hore ba re hlokomele. (Jak. 5:14-16) Leha ho le joalo, ha rea lokela ho lula re ipeha molato ka lintho tseo re ileng ra li etsa nakong e fetileng. Hobane’ng? Hobane Ntate oa rona ea lerato o re file sehlabelo sa Mora oa hae sa thekollo e le hore libe tsa rona li ka tšoareloa. Jehova o phelela mantsoe a hae ha a re o tla tšoarela batho ba baketseng libe tsa bona. Kahoo, ha ho na letho le ka re sitisang ho sebeletsa Jehova ka letsoalo le hloekileng.—1 Joh. 2:1, 2, 12; 3:19, 20. w20.07 22-23 ¶9-10
Labobeli, la 11 January
Mohloli oa bophelo o ho uena.—Pes. 36:9.
Na u ne u tseba hore ho na le nako eo ka eona Jehova a kileng a ba mong feela? Leha ho le joalo, ho ne ho se mohla a jeoang ke bolutu. Jehova o ne a sa hloke ho ba le motho e mong e le hore a thabe. Empa o ne a batla hore batho ba thabele bophelo. A susumetsoa ke lerato o ile qala ho bopa lintho. (1 Joh. 4:19) Qalong feela, Jehova o ile a bopa mosebetsi-’moho le eena. Eaba o sebelisa Mora eo oa hae oa pele “ho bopa lintho tse ling tsohle” ho akareletsa le mangeloi a limilione. (Bakol. 1:16) Jesu o ile a thabela monyetla oo oa ho sebetsa le ntate oa hae haholo. (Liprov. 8:30) Mangeloi le ’ona a ne a e-na le lebaka la hore a thabe. A ne a le joaloka batho ba lutseng litulong tse kapele-pele lebaleng la liketsahalo ha Jehova le Mosebetsi oa hae ea hloahloa ba ne ba bopa leholimo le lefatše. Mangeloi a ile a etsa’ng? A ile a “qala ho hlaba litlatse” ha lefatše le ne le thehoa ’me ha ho potang ho re a ile a tsoela pele ho rorisa Jehova ka mesebetsi e babatsehang eo a ileng a e etsa ho akareletsa le o ka sehloohong oa ho bopa batho. (Jobo 38:7; Liprov. 8:31) Lintho tsena kaofela tseo Jehova a li bopileng li ile tsa bontša hore o lerato hape o bohlale.—Pes. 104:24; Bar. 1:20. w20.08 14 ¶1-2
Laboraro, la 12 January
Le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka.—Mat. 24:9.
Jehova o re bopile re e-na le takatso ea ho rata le ho ratoa. Kahoo, ha motho e mong a re hloile, re utloa bohloko ’me ka linako tse ling rea tšoha. Mor’abo rona o re: “Nakong eo masole a neng a nkotla, a nthohaka a bile a re a tla ntematsa hobane ke le Paki ea Jehova, ke ne ke tšohile ebile ke ikutloa ke tlotlolotsoe.” Ho hlouoa ka tsela eo ho utloisa bohloko empa ho boetse ha ho makatse. Jesu o ile a hla a cho hore re tla hlouoa. Ke hobane’ng ha batho ba hloile balateli ba Jesu? Hobane joaloka Jesu ha re “karolo ea lefatše.” (Joh. 15:17-19) Kahoo, le hoja re hlompha mebuso ea batho, re hana ho e rapela kapa ho rapela litšoantšo tse e emelang. Re rapela Jehova feela. Re tšehetsa taba ea hore Molimo o na le tokelo ea ho busa batho empa Satane le “peo” ea hae ba khahlanong le taba eo. (Gen. 3:1-5, 15) Re bolella batho hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla rarolla mathata a batho le hore haufinyane o tla felisa batho bohle ba khahlanong le oona. (Dan. 2:44; Tšen. 19:19-21) Molaetsa oo ke litaba tse monate ho batho ba bonolo empa li bosula ho batho ba khopo. w21.03 20 ¶1-2
Labone, la 13 January
Rea tseba hore re simoloha ho Molimo.—1 Joh. 5:19.
Jehova o file baralib’abo rona sebaka sa bohlokoa haholo ka mokhatlong oa hae. Ke mehlala e metle ea tumelo, bohlale, cheseho, sebete, ho fana le mesebetsi e metle. (Luka 8:2, 3; Lik. 16:14, 15; Bar. 16:3, 6; Bafil. 4:3; Baheb. 11:11, 31, 35) Re boetse rea thaba hore ebe re na le ba bangata ba holileng ka phuthehong. Ba na le mathata a sa tšoaneng ao ba ntseng ba sebetsana le ’ona ka lebaka la ho hola. Ho ntse ho le joalo, ba holileng ba ntse ba etsa boiteko bohle boboleling hape ba sebelisa matla ao ba nang le ’ona ho khothatsa le ho koetlisa ba bang. Kahoo, re rua molemo haholo ho bona. Kannete Jehova o ba rata haholo ebile le rona rea ba rata. (Liprov. 16:31) Ak’u nahane hape ka bacha bao re nang le bona. Ba thulana le mathata a mangata ha ba ntse ba hola lefatšeng lena le busoang ke Satane Diabolose le le susumetsoang ke lineano kapa lifilosofi tsa hae. Ho ntse ho le joalo, rea thaba ha re bona bacha bana ba e-ba teng libokeng le boboleling le ha ka sebete ba sireletsa tumelo ea bona. Kannete lona bacha, le na le sebaka sa bohlokoa haholo ka mokhatlong oa Jehova.—Pes. 8:2. w20.08 22 ¶9-11
Labohlano, la 14 January
Ke le romela le le joaloka linku har’a liphiri.—Mat. 10:16.
Ha re qala ho bolela ’me re itsebahatsa re le Lipaki Tsa Jehova re ka ’na ra ba har’a “lifefo” tsa ho hanyetsoa ke beng ka rona, ho sonngoa ke metsoalle ea rona le ho se ratoe ha molaetsa oa rona. U ka etsa’ng e le hore u be sebete? Taba ea pele, u lokela ho kholiseha hore Jesu o ntse a tsoela pele ho etella mosebetsi ona pele a le leholimong. (Joh. 16:33; Tšen. 14:14-16) Hape u lokela ho matlafatsa tumelo ea hao tšepisong eo Jehova a e entseng ea hore u tla u hlokomela. (Mat. 6:32-34) Kahoo, ha tumelo ea hao e ntse e ba matla, u tla ba sebete le ho feta. U bontšitse tumelo e matla ha u ne u tsebisa metsoalle ea hao le litho tsa lelapa hore u se u qalile ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova le ho ea libokeng. Ha ho potang hore u entse liphetoho tse kholo boitšoarong ba hao le tseleng eo u phelang ka eona e le hore u phele ka melao ea Jehova. Ho etsa joalo ho ile ha hloka hore u be le tumelo le sebete. Ha u ntse u tsoela pele ho matlafatsa sebete seo u nang le sona, u ka kholiseha hore “Jehova Molimo oa hao o na le uena kae kapa kae moo u ea teng.”—Josh. 1:7-9. w20.09 4-5 ¶11-12
Moqebelo, la 15 January
Jehova o ile a mo fa phomolo.—2 Likron. 14:6.
Morena Asa ke mohlala o motle haholo oa motho ea ileng a ba bohlale ka ho itšetleha ka Jehova ka botlalo. O ile a sebeletsa Jehova maemong a thata le ha ho ne ho e-na le khotso. Qalong feela, “pelo ea Asa e ne e feletse ho Jehova.” (1 Mar. 15:14) Tsela e ’ngoe eo ka eona Asa a ileng a bontša hore o inehetse ho Jehova ka eona ke ka ho felisa borapeli ba litšoantšo Juda. Bibele e re o ile “a tlosa lialetare lisele le libaka tse phahameng ’me a qhaqha litšiea tse halalelang le ho rema lipalo tse halalelang.” (2 Likron. 14:3, 5) O ile a ba a tlosa nkhono oa hae Maaka bofumahaling. Hobane’ng? Hobane o ne a khothaletsa borapeli ba litšoantšo. (1 Mar. 15:11-13) Asa ha aa ka a felisa borapeli ba bohata feela eaba o fella moo. O ile a khothaletsa borapeli bo hloekileng a ba a thusa batho ba Juda hore ba boele ba rapele Jehova. Jehova o ile a hlohonolofatsa Asa le Baiseraele ka ho ba fa nako ea khotso. Ka lilemo tse leshome tseo Asa a busitseng ka tsona “naha ha ea ka ea khathatsoa.”—2 Likron. 14:1, 4, 6. w20.09 14 ¶2-3
Sontaha, la 16 January
Timothea, u lebele se behiloeng tlhokomelong ea hao.—1 Tim. 6:20.
Hangata re atisa ho beha lintho tsa rona tsa bohlokoa ho batho ba bang hore ba li hlokomele. Ka mohlala, re ka ’na ra tsetela chelete ea rona bankeng. Ka ho etsa joalo, re lebeletse hore chelete ea rona e tla bolokeha le hore e ke ke ea lahleha kapa ea utsuoa. Moapostola Pauluse o ile a hopotsa Timothea hore o fumane ntho ea bohlokoa e leng tsebo e nepahetseng ka morero oo Molimo a nang le oona ka batho. Timothea le eena o ile a fuoa tokelo ea ho ‘bolela lentsoe’ le ho etsa “mosebetsi oa moevangeli.” (2 Tim. 4:2, 5) Pauluse o ile a khothaletsa Timothea hore a sireletse tokelo eo a e fuoeng. Le rona joaloka Timothea, re tšepetsoe ho etsa lintho tsa bohlokoa haholo. Jehova o bile mosa haholo ho rona ka ho re fa tsebo e nepahetseng ea linnete tse ka Lentsoeng la hae, Bibele. Linnete tsena li bohlokoa hobane li re ruta hore na re ka etsa’ng e le hore re be le kamano e ntle le Jehova hape li ea re hlalosetsa hore na ke eng e ka etsang hore re be le thabo ea ’makhonthe bophelong. Ha re lumela lithuto tsena ’me re phela tumellanong le tsona, re lokolloa bokhobeng ba lithuto tse fosahetseng le boitšoarong bo bobe.—1 Bakor. 6:9-11. w20.09 26 ¶1-3
Mantaha, la 17 January
[Lea] tseba hore na re ile ra ba batho ba mofuta ofe ho lona ka lebaka la lona.—1 Bathes. 1:5.
Motho eo u mo balisang o lokela ho bona hore u rata Lentsoe la Molimo le hore oa le lumela. Ntho eo e tla etsa hore a thabele lintho tseo a ithutang tsona Bibeleng. Mohlomong u ka ba oa mo joetsa hore na Bibele e u thusitse joang bophelong ba hao. O tla bona hore Bibele e na le likeletso tse molemo tse ka mo thusang. Ha u ntse u khanna thuto u ka bolella thuto ea hao ka mehlala ea Bakreste-’moho le uena ba ileng ba hlaheloa ke mathata a tšoanang le a hae le hore na ba ile ba a hlola joang. U ka boela oa khanna thuto u na le Mokreste-’moho le uena eo mohlala oa hae o ka thusang motho eo u mo balisang. Thusa thuto ea hao ho bona hore na ke melemo efe eo a ka e fumanang ha e sebelisa likeletso tsa Bibele bophelong ba eona. Haeba motho eo u ithutang Bibele le eena o na le molekane, na molekane eo le eena oa ithuta? Haeba ha ho joalo, u ka mo mema hore le eena a be teng ha le ithuta. U ka boela oa khothalletsa motho eo u ntseng u ithuta le eena hore a bolelle metsoalle ea hae le ba lelapa lintho tseo a ntseng a ithuta tsona.—Joh. 1:40-45. w20.10 16 ¶7-9
Labobeli, la 18 January
U a rute mora oa hao ka ho pheta-pheta.—Deut. 6:7.
Batsoali ba Jesu ba ile ba khona ho mo thusa hore ha a se a le moholo a be le kamano e ntle le Molimo hobane ba ile ba mamela litaelo tseo Jehova a li fileng batsoali. (Deut. 6:6, 7) Josefa le Maria ba ne ba rata Jehova haholo ’me ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho bona e ne e le ho ruta bana ba bona hore le bona ba rate Jehova haholo. Josefa le Maria ba ile ba khetha ho lula ba rapela Jehova ’moho le bana ba bona. Ba ne ba ea liphuthehong tsa beke le beke tse neng li tšoareloa synagogeng e Nazaretha. Hape ba ne ba ea moketeng oa Paseka o neng o tšoareloa Jerusalema selemo le selemo. (Luka 2:41; 4:16) Mohlomong ba ne ba nka monyetla ka maeto ao ba neng ba a nka ho ea Jerusalema hore ba rute Jesu le bana ba bo ka pale ea sechaba sa Molimo. E ka ’na eaba ba ne ba bile ba pota metseng e meng e hlahang ka Bibeleng ha ba le tseleng. Ha lelapa la bona le ntse le eketseha, ho tlameha ho ile ha e-ba thata hore ba lule ba sebeletsa Jehova kamehla. Empa ho lula ba sebeletsa Jehova ho ile ha ba tsoela molemo. Kaha ba ne ba etsa hore borapeli ba Jehova bo tle pele, lelapa la bona le ile la lula le e-na le kamano e ntle le Jehova. w20.10 28 ¶8-9
Laboraro, la 19 January
Esdrase o ne a lokisitse pelo ea hae hore a bale molao oa Jehova . . . le ho ruta molao oa tsamaiso.—Esdr. 7:10.
Haeba mohoeletsi e mong a u kopile hore u ee thutong le eena, e ka ba hantle hore u lokisetse sehlooho seo ba tl’o se bala. Mor’abo rona Dorin oa pula-maliboho e khethehileng o re: “Ke thaba haholo ha motho eo ke tsamaeang le eena a lokiselitse. Ka tsela eo, o tla khona ho fana ka lintlha tsa bohlokoa.” Ho feta moo, seithuti se tla bona hore le lokiselitse hantle ’me ntho eo e tla mo behela mohlala o motle. Le haeba u ke ke oa khona ho lokisetsa sehlooho seo ba tl’o se bala hantle, u ka ipha nako ea hore bonyane u shebe lintlha tsa bohlokoa sehloohong seo. Thapelo e bohlokoa haholo ha le khanna thuto, kahoo, haeba u koptjoa hore u rapele, u lokela ho nahana esale pele hore na u tla rapella eng. Ha u etsa joalo, u tla khona ho toba taba ha u rapela. (Pes. 141:2) Morali’abo rona Hanae ea lulang Japane o hopola kamoo morali’abo rona ea neng a tsamaea le mosuoe oa hae a neng rapela kateng. O re: “Ke ile ka hlokomela hore ke motsoalle oa Jehova ea haufi-ufi ebile ke ne ke batla ho tšoana le eena. Hape ke ne ke utloa ke ratoa ha a ne a bitsa lebitso la ka lithapelong tsa hae.” w21.03 9-10 ¶7-8
Labone, la 20 January
E-ba sebete! . . . U tla boela u pake Roma.—Lik. 23:11.
Jesu o ile a tšepisa moapostola Pauluse hore o tla fihla Roma. Empa Bajuda ba bang ba neng ba le Jerusalema ba ile ba rera ho hlasela Pauluse le ho mo bolaea. Ha molaoli oa sesole oa Roma e leng Claudiase Lysiase a tseba ka morero oo, o ile a thusa Pauluse. Hang-hang feela, Claudiase o ile a laela lebotho le leholo la sesole hore le sireletse Pauluse le tsamaee le eena ho ea Cesarea. Ha Pauluse a fihla Cesarea, ’Musisi Felixe o ile a laela hore Pauluse “a bolokoe a lebetsoe ka tlung ea ’muso ea moemphera ea Heroda.” Bajuda bane ba neng ba batla ho bolaea Pauluse ba ne ba ke ke ba khona le ho mo thetsa feela ha a le moo. (Lik. 23:12-35) Felixe o ne a se a nketsoe sebaka ke ’musisi e mocha ea bitsoang Festase ea neng a batla “ho fumana kamohelo ho Bajuda.” O ile a re ho Pauluse: “Na u lakatsa ho nyolohela Jerusalema ’me u ahloloe ka pel’a ka hona teng?” Pauluse o ne a tseba hore ba ka ’na ba mo bolaea ha a fihla Jerusalema. O ile a re: “Ke ipiletsa ho Cesare!” Festase o ile a re ho Pauluse: “U ipilelitse ho Cesare; u tla ea ho Cesare.” Haufinyane Pauluse o ne a tla fihla Roma, moo a neng a tla ba hole le Bajuda ba neng ba batla ho mo bolaea.—Lik. 25:6-12. w20.11 13 ¶4; 14 ¶8-10
Labohlano, la 21 January
Lipelo tsa rona li ka re [tsoa].—1 Joh. 3:20.
Ke ntho e tloaelehileng hore re ikutloe re le molato. Mohlala, batho ba bang ba ikutloa ba le molato ka lebaka la lintho tseo ba li entseng pele e e-ba Lipaki. Ba bang bona ba ikutloa ba le molato ka lebaka la liphoso tseo ba li entseng ka mor’a hore e be Lipaki. (Bar. 3:23) Rea batla ho etsa lintho tse nepahetseng. Empa “kaofela re khoptjoa hangata.” (Jak. 3:2; Bar. 7:21-23) Ha ho monate ho ikutloa re le molato empa ho ka re thusa. Joang? Maikutlo a joalo a ka re susumelletsa hore re etse liphetoho ’me re ikemisetse hore re se hlole re pheta liphoso tseo re li entseng. (Baheb. 12:12, 13) Ka linako tse ling re ka tsoela pele ho ikutloa re le molato le ka mor’a hore re bake ebile re bona hore Jehova o re tšoaretse. Ntho eo e ka ba kotsi. (Pes. 31:10; 38:3, 4) Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra lula re itšoaea liphoso ka lebaka la lintho tseo re li entseng. Hobane’ng? Hobane Satane a ka tlola-tlola ke thabo ha a ka bona re tlohela ho sebeletsa Jehova empa Jehova eena a ntse a re rata.—Bapisa 2 Bakorinthe 2:5-7, 11. w20.11 27 ¶12-13
Moqebelo, la 22 January
Ke ha lefeela hore ebe ke hloekisitse pelo ea ka le hore ebe ke hlatsoa matsoho a ka ka ho hloka molato.—Pes. 73:13.
Mopesaleme oa Molevi o ile a monela batho ba khopo le ba ikhohomosang, eseng hobane a ne a batla ho tšoana le bona empa hobane ba ne ba phela hamonate. (Pes. 73:2-9, 11-14) Ho ne ho bonahala eka ba na le lintho tsohle, ba phela hamonate, ba hlaba khobe ka lemao ebile ha ba na mathata. Molevi eo o ne a lokela ho bona lintho ka tsela eo Jehova a li bonang ka eona. Eitse hang hoba a etse joalo, ha aa ka a hlola a khathatseha hape o ile a thaba. O ile a re: “Ntle ho [Jehova] ha ho ntho e ’ngoe eo ke e thabelang lefatšeng.” (Ps. 73:25) Ka tsela e tšoanang, le ka mohla re se ke ra khalla batho ba khopo bao ho bonahalang eka ba phela hamonate. Monate oo oa bona ke oa nakoana. (Moek. 8:12, 13) Ha re ka ba khalla, re tla nyahama re be re qetelle re se re sentse kamano ea rona le Jehova. Kahoo, haeba u ka iphumana u se u khalla batho ba sa mameleng Molimo hobane u bona eka ba phela hamonate, etsisa Molevi eane. Mamela keletso e ntle e tsoang ho Molimo ’me u qete nako u e-na le batho ba etsang thato ea Jehova. Ha u rata Jehova ho feta ntho le ha e le efe, u tla ba le thabo e sa feleng. Hape u tla lula u le tseleng e lebisang ‘bophelong ba sebele.’—1 Tim. 6:19. w20.12 19-20 ¶14-16
Sontaha, la 23 January
Etsoe ha re tsebe bothata ba seo re lokelang ho se rapella joalokaha ho hlokahala hore re rapele empa moea o re kopela ka tieo ka lipoboli tse sa buuoeng.—Bar. 8:26.
Nakong eo u lahlelang matšoenyeho a hao ho Jehova ka thapelo, etsa bonnete ba hore u mo lebohe. Le ha re e-na le mathata a boima, ke habohlokoa hore re nahane ka lintho tse ntle tseo re nang le tsona. Haeba ka matsatsi a mang u sa khone ho bolella Jehova hore na u ikutloa joang, u hopole hore a ka araba thapelo ea hao le ha u ka re feela ‘Ke kopa u nthuse.’ (2 Likron. 18:31) Itšetlehe ka bohlale ba Jehova eseng ba hao. Mehleng ea Esaia, batho ba Juda ba ne ba tšaba hore Baassyria ba tla ba hlasela. Bajuda ba ne ba sa batle ho hloloa ke Baassyria eaba ba kopa thuso Egepeta. (Esa. 30:1, 2) Jehova o ile a ba lemosa hore ho tšepa Baegepeta ho ka ba ntša kotsi. (Esa. 30:7, 12, 13) Jehova o ile a re Esaia a bolelle Bajuda hore na ba ka sireletseha joang. O ile a re: “Matla a lona e tla ba ho lula le sa khathatseha ’me le e na le tšepo” ho Jehova.—Esa. 30:15b. w21.01 3-4 ¶8-9
Mantaha, la 24 January
Ka utloa palo ea ba neng ba tiisitsoe, likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene.—Tšen. 7:4.
Kahoo, ka lebaka la hore batlotsuoa ba ile ba tšepahala, ba tla fumana moputso oa hore e be marena le baprista hammoho le Jesu leholimong. (Tšen. 20:6) Jehova, Jesu le mangeloi ba tla thaba ha ba bona Bakreste ba tlotsitsoeng ba 144 000 ba fumana moputso oa bona oa ho phela leholimong. Ka mor’a hore moapostola Johanne a bue ka marena le baprista ba 144 000, o boetse o bona ntho e thabisang haholo, e leng “bongata bo boholo” bo pholohang Armagedone. Ho fapana le batlotsuoa, bongata bo boholo ke letšoele le leholo haholo ebile ha bo khone ho baleha. (Tšen. 7:9, 10) Bo “apere liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu” tse bontšang hore bo ipolokile bo “se na letheba lefatšeng” la Satane hape bo lutse bo tšepahala ho Molimo le Kreste. (Jak. 1:27) Bo hoeletsa bo thabile hore bo pholohile ka lebaka la ntho eo Jehova le Jesu, Konyana ea Molimo ba e entseng. Hape ba tšoere makala a palema ho bontša hore ba amohela ka thabo Morena eo Jehova a mo khethileng e leng Jesu.—Bapisa Johanne 12:12, 13. w21.01 15-16 ¶6-7
Labobeli, la 25 January
Ke boikokobetso ba hao bo nketsang hore ke be moholo.—2 Sam. 22:36.
Monna a ka ithuta ho ba hlooho ea lelapa e molemo ka hore a etsise tsela eo Jehova le Jesu ba sebelisang matla a bona a bohlooho kateng. Ak’u nahane ka boikokobetso. Ha ho na motho ea bohlale joaloka Jehova bokahohleng bohle empa ho ntse ho le joalo, o mamela maikutlo a bahlanka ba hae. (Gen. 18:23, 24, 32) Jehova o phethahetse empa ha aa lebella hore rona re etse lintho tse phethahetseng hona joale. Ho e-na le hoo, o thusa batho ba sa phethahalang ba mo sebeletsang hore ba atlehe. (Pes. 113:6, 7) Ha e le hantle, Bibele e hlalosa Jehova e le mothusi oa rona. (Pes. 27:9; Baheb. 13:6) Morena Davida o ile a lumela hore o khonne ho etsa mesebetsi e meholo eo a e filoeng hobane feela Jehova a ikokobelitse. Nahana ka mohlala oa Jesu. O ile a hlatsoa maoto a barutuoa ba hae le hoja e le Morena le Mosuoe oa bona. Jesu o ile a re: “Ke le behetse mohlala e le hore feela joalokaha ke entse ho lona, le ka etsa ka ho tšoanang.” (Joh. 13:12-17) Le hoja a ne a e-na le matla a maholo, ha aa ka a batla hore a sebeletsoe. Ho e-na le hoo, o ile a sebeletsa batho ba bang.—Mat. 20:28. w21.02 3-4 ¶8-10
Laboraro, la 26 January
Botle ba bahlankana ke matla a bona.—Liprov. 20:29.
Barab’abo rona ba bacha, ho na le lintho tse ngata tseo le ka li etsang ka phuthehong. Bongata ba lona le na le matla ebile le mafolo-folo. Le bohlokoa haholo bakeng sa phutheho. Mohlomong le ka rata ho ba bahlanka ba sebeletsang. Leha ho le joalo, le ka ’na la utloa eka batho ba bang ba nahana hore le banyenyane haholo kapa ha le na khona ho etsa mesebetsi ea bohlokoa. Le hoja le banyenyane, ho na le lintho tse ngata tseo le ka li etsang hona joale e le hore phutheho e ka le tšepa le ho le hlompha. Na barab’abo rona ba bacha ba na le bokhoni boo ba ka bo sebelisang ho thusa batho ba bang ka phuthehong? Boholo ba lona le na le bona. Mohlala, mohlomong le hlokometse hore batho ba bang ba holileng baa ananela ha le ba bontša hore ba ka sebelisa lifono tsa bona le lintho tse ling joang ha ba ithuta Bibele le ha ba lokisetsa liboka. Kaha le tseba ho sebelisa lintho tsena le ka thusa batho ba holileng haholo. Nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo le e etsang, etsang hore Ntate oa lona a be motlotlo ka lona. w21.03 2 ¶1, 3; 7 ¶18
Labone, la 27 January
E mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.—Bagal. 6:5.
Esita le haeba mosali a rutehile ho feta monna oa hae, ke boikarabello ba monna hore a etelle lelapa pele borapeling ba lelapa le ho le thusa hore le sebeletse Jehova. (Baef. 6:4) Mosali o lokela ho hlompha bohlooho ba monna oa hae empa e boetse ke boikarabello ba hae hore a lule a e-na le kamano e matla le Molimo. Kahoo, o lokela hore a iphe nako ea ho ithuta le ho thuisa. Ho etsa joalo ho tla mo thusa hore a lule a rata Jehova le ho mo hlompha le hore a thabele ho hlompha bohlooho ba monna oa hae. Basali ba lulang ba hlompha bohlooho ba balekane ba bona hobane ba rata Jehova, ba tla thaba ba be ba khotsofale ho feta batho ba sa natseng tokisetso ea Molimo ea bohlooho. Ba beha mohlala o motle haholo bakeng sa banna ba bacha le basali ba bacha. Hape ba etsa hore ho be le khotso le khutso malapeng a bona le ka phuthehong. (Tite 2:3-5) Mehleng ena basali ba etsa karolo e kholo haholo ea batho ba tšepahalang ba sebeletsang Jehova.—Pes. 68:11. w21.02 13 ¶21-23
Labohlano, la 28 January
Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lona.—Jak. 4:8.
Moapostola Pauluse e bile mohlala o motle haholo oa motho ea sebete le ea nang le mamello. Ka linako tse ling o ne a hloka matla. Empa o ile khona ho mamella hobane o ne a itšetlehile ka Jehova hore a mo fe matla ao a a hlokang. (2 Bakor. 12:8-10; Bafil. 4:13) Re ka khona ho ba le matla le sebete seo haeba ka boikokobetso re hlokomela hore re hloka hore Jehova a re thuse. (Jak. 4:10) Re ka kholiseha hore liteko tseo re thulanang le tsona ha se likotlo tse tsoang ho Jehova. Morutuoa Jakobo o re tiisetsa ka ho re: “Ha a le tlas’a teko ho se ke haeba le ea reng: ‘Ke ntse ke lekoa ke Molimo.’ Etsoe Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.” (Jak. 1:13) Ha re kholisehile ka ’nete eo, re tla khona ho atamela haufi haholo le ntate oa rona ea lerato. Jehova ha aa fetohe. (Jak. 1:17) O ile a tšehetsa Bakreste ba mehleng ea pele ha ba ne ba mamella liteko ’me le rona o tla re thusa. Etsa thapelo e tsoang botebong ba pelo ’me u kope Jehova hore a u fe bohlale, tumelo le sebete. A ke ke a u soetsa. w21.02 31 ¶19-21
Moqebelo, la 29 January
Tšepe e leotsoa ka tšepe. Ka ho tšoanang motho e mong o leotsa sefahleho sa e mong.—Liprov. 27:17.
U ka khothatsa seithuti se tlang libokeng ka ho se bontša hore oa se tsotella. (Bafil. 2:4) Ntle le hore u kena-kenane le litaba tsa sona, se babatse ka liphetoho tseo se li entseng, se botse hore na se ntse se bala joang le hore na ho ntse ho e-ea joang lapeng le mosebetsing. Meqoqo e joalo e ka etsa hore le be metsoalle. Ha u e-ba motsoalle oa motho ea ithutang Bibele, u mo thusa hore a batle ho kolobetsoa. Ha motho ea ithutang Bibele a ntse a etsa liphetoho a bile a tsoela pele ho ithuta, mo thuse hore ha a le ka phuthehong a ikutloe a le hae. U ka etsa joalo ka ho mo amohela ka mofuthu. (Baheb. 13:2) Ha motho ea ithutang Bibele e se e le mohoeletsi u ka mo kopa hore a tsamaee le uena ha u ea tšimong. Mor’abo rona Diego oa Brazil o re: “Barab’abo rona ba bangata ba ne ba nkopa hore ke tsamaee le bona ha ba e-ea tšimong. Ke ile ka ba monyetleng oa ho ba tseba hantle. Ke ile ka ithuta lintho tse ngata ’me ke ile ka ikutloa ke le haufi le Jehova le Jesu.” w21.03 12 ¶15-16
Sontaha, la 30 January
Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena.—Bar. 12:17.
Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ba rate lira tsa bona. (Mat. 5:44, 45) Na ho bonolo ho etsa joalo? Che, ha ho bonolo. Empa re ka khona ka thuso ea moea o halalelang oa Molimo. Litholoana tsa moea oa Molimo li akarelletsa lerato, mamello, mosa, bonolo le boitšoaro. (Bagal. 5:22, 23) Makhabane ana a re thusa hore re mamelle ha re hloiloe. Batho ba bangata ba ile ba khaotsa ho re hanyetsa hobane monna, mosali, ngoana kapa moahisane a bontšitse makhabane ao. Hape bahanyetsi ba bang e se e le bara le barali ba bo rona ba ratehang. Kahoo, haeba u thatafalloa ke ho rata batho ba u hloileng hobane feela u sebeletsa Jehova, rapella moea o halalelang. (Luka 11:13) Hape u kholisehe hore ho mamela Molimo kamehla ke ntho e molemo eo u ka e etsang. (Liprov. 3:5-7) Lehloeo le matla hape le utloisa bohloko empa ha se letho ha le bapisoa le lerato. Lerato le hapa lipelo tsa batho. Hape ha re lula re bontša batho ba bang lerato, re thabisa Jehova. Empa re ka lula re thabile esita le haeba bahanyetsi ba rona ba lula ba re hloile. w21.03 23 ¶13; 24 ¶15, 17
Mantaha, la 31 January
Ho na le sechaba se nyolohetseng naheng ea ka, se matla le se se nang palo.—Joele 1:6.
Moprofeta Joele o ne a profeta ka tlhaselo ea masole. (Joele 2:1, 8, 11) Jehova o ile a re o tla sebelisa “lebotho la hae la sesole” (masole a Babylona) ho ahlola Baiseraele ba sa mo mameleng. (Joele 2:25) Masole ao a hlaselang a bitsoa ‘a leboea’ hobane Bababylona ba ne ba tla hlasela Baiseraele ba hlaha leboea. (Joele 2:20) Masole ao a tšoantšoa le sehlopha sa litsie. Joele o re ka ’ona: ‘Lesole le leng le le leng le tseleng ea lona. . . . A potlakela motseng, . . . a hloella matlong, a kena ka lifensetere joaloka masholu.’ (Joele 2:8, 9) Na u khona ho bona se etsahalang? Ho tletse masole hohle ha ho moo mang kapa mang a ka ipatang teng. Ha ho na motho ea khonang ho baleha sabole ea Babylona. Joaloka litsie, Bababylona (kapa Bakalde) ba ile ba hlasela motse oa Jerusalema ka selemo sa 607. Bibele ha e tlaleha sena e re: “Morena oa Bakalde, . . ha aa ka a qenehela mohlankana kapa moroetsana, ea tsofetseng kapa sekooa.—2 Likron. 36:17 w20.04 5 ¶11-12