December
Labone, la 1 December
Ea belaelang o joaloka leqhubu la leoatle le khannoang ke moea le le fefoleloang koana le koana.—Jak. 1:6.
Nako le nako ho ka etsahala hore re thatafalloe ke ho utloisisa ntho e itseng ka Bibeleng. Kapa ho ka ’na ha etsahala hore Jehova a se ke a araba lithapelo tsa rona ka tsela eo re neng re e nahanne. Ntho ena e ka etsa hore re be le lipelaelo. Haeba re iphapanyetsa lipelaelo tsa rona, li ka fokolisa tumelo ea rona tsa ba tsa senya setsoalle sa rona le Jehova. (Jak. 1:7, 8) Li ka ba tsa etsa hore re felloe ke tšepo ea rona ka bokamoso. Moapostola Pauluse o ile a tšoantša tšepo ea rona ka bokamoso le ankora. (Baheb. 6:19) Ankora e thusa sekepe hore se eme ng’a e le ’ngoe nakong eo sefefo se bang teng e le hore se se ke sa hoholehela majoeng. Empa ankora e ba le molemo haeba ketane e e kopanyang le sekepe e sa khaoha. Joalokaha mafome a senya ketane ea ankora, hoa tšoana le ka lipelaelo, li ka senya tumelo ea rona. Ha motho ea nang le lipelaelo a thulana le likhanyetso, a ka felloa ke tumelo ea hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsa hae. Haeba re felloa ke tumelo, re boetse re felloa ke tšepo. Ekaba ka mohlolo motho ea boemong boo a ka fumanang thabo. w21.02 30 ¶14-15
Labohlano, la 2 December
Abrahama o ile a beha tumelo ho Jehova.—Jak. 2:23.
E ka ’na eaba Abrahama o ne a le lilemo tse ka holimo ho 70 ha ba ne ba tloha Ure. (Gen. 11:31–12:4) Ho feta moo, ka lilemo tse ka bang lekholo o ile a lula naheng ea Kanana e le hloma-o-hlomolle. O ile a shoa ha a le lilemo li 175. (Gen. 25:7) Empa ha aa ka a bona ha Jehova a phethahatsa tšepiso ea hae ea ho fa litloholo tsa hae naha eo a neng a phela ho eona. Hape ha aa ka a bona ha motse, e leng ’Muso oa Molimo o thehoa. Ho ntse ho le joalo, Abrahama o hlalosoa a ile a shoa a “tsofetse ebile a khotsofetse.” (Gen. 25:8) Ho sa tsotellehe liqholotso tseo Abrahama a ileng a thulana le tsona, o ile a lula a e-na le tumelo e matla a bile a khotsofetse ha a letetse Jehova. O ile a thusoa ke’ng hore a lule a mamelletse? O ile a thusoa ke hore bophelong bohle ba hae, Jehova o ile a mo sireletsa hape a mo tšoara joaloka motsoalle oa hae. (Gen. 15:1; Esa. 41:8; Jak. 2:22) Joaloka Abrahama, re letetse motse o nang le metheo ea sebele. (Baheb. 11:10) Leha ho le joalo, ha rea letela hore motse oo o hahoe. ’Muso oa Molimo o ile oa hlongoa leholimong ka 1914 ’me o se o ntse o busa leholimong hona joale. (Tšen. 12:7-10) Re emetse hore o nke taolo ka ho feletseng mona lefatšeng. w20.08 4 ¶11-12
Moqebelo, la 3 December
Morero ka pelong ea motho o joaloka metsi a tebileng, empa motho ea nang le temoho o tla o kha.—Liprov. 20:5.
E le hore re mamele batho ba bang ka hloko, re lokela ho ikokobetsa hape re be le mamello. Re tla khona ho etsa bonyane lintho tsena tse tharo. Ea pele, re tla leka ho qoba ho iketsetsa liqeto tse fosahetseng ka batho ba bang. Ea bobeli, re tla tseba hore na Bakreste-’moho le rona ba ikutloa joang le hore na ke hobane’ng ha ba etsa lintho tse itseng ’me taba eo e tla etsa hore re ba utloele bohloko. Ea boraro, haeba u lumella molumeli-’moho le uena hore a ntše mabina-bine a pelo ea hae, u ka ’na oa mo thusa ho elelloa ntho eo a neng a sa e tsebe ka eena. Ka linako tse ling, ntho e re thusang hore re tsebe hore na re ikutloa joang, ke ho bua le batho ba bang. Bara le barali babo rona ba bang ba thatafalloa ho bolella batho ba bang hore na ba ikutloa joang ka lebaka la tsela eo ba holisitsoeng ka eona le setso sa bona. Ho ka ’na ha ba nka nako pele ba re bolella hore na ba ikutloa joang empa nakong eo ba etsang joalo, re tla khona ho ba utloisisa. Haeba re etsisa Jehova ka hore re be le mamello, re tla ba nolofaletsa hore ba re tšepe. Kahoo, re lokela ho ba mamela ka hloko nakong eo ba re bolellang maikutlo a bona. w20.04 15-16 ¶6-7
Sontaha, la 4 December
U tla tšoasa batho ba phela.—Luka 5:10.
Hangata litlhapi li lula sebakeng seo metsi a loketseng bakeng sa tsona le moo lijo li leng ngata. Na ke taba ea bohlokoa hore na motšoasi oa litlhapi o etsa mosebetsi oa hae ka nako efe? Tabeng eo, ak’u utloe hore na mor’abo rona e mong ea lulang sehlekehlekeng sa Pacific o ile a re’ng ha a ne a mema mor’abo rona e mong oa moromuoa hore a il’o tšoasa litlhapi le eena. Moromuoa eo o ile a re: “Ke tla kopana le uena hosane hoseng ka hora ea borobong.” Mor’abo rona o ile a re ho eena: “Che boo! re lokela ho ea moo ha e le nako e loketseng ea ho tšoasa litlhapi eseng ka nako eo rona re batlang ho ea ka eona.” Ka tsela e tšoanang, barutuoa ba mehleng ea Jesu ba ne ba ea moo “litlhapi” li ka bang hona teng ebile e le ka nako eo e leng hore ba tla li fumana ka eona. Ka mohlala, balateli ba Jesu ba ne ba bolela tempeleng, ka lisynagogeng, ka ntlo le ntlo le limmarakeng. (Lik. 5:42; 17:17; 18:4) Le rona re lokela ho tloaelana le mekhoa le liketso tsa batho ba tšimong ea rona. Re lokela ho feto-fetola maemo a rona e le hore re bolele ka nako le libakeng tseo re ka khonang ho fumana batho.—1 Bakor. 9:19-23. w20.09 4 ¶8-9
Mantaha, la 5 December
Ha re ntse re bua ’nete, a re holeng linthong tsohle ka lerato ho eo e leng hlooho, Kreste.—Baef. 4:15.
Tsela e ’ngoe eo re ka hahang setsoalle le Jesu ka eona ke ho tšehetsa litokisetso tse entsoeng ke mokhatlo oa Jehova. Re tla ba metsoalle ea Jesu e haufi haeba re sebelisana le batho bao a ba khethileng ho re hlokomela. (Baef. 4:16) Mohlala, re leka kahohle ho bona hore Liholo Tsa ’Muso tsohle lia sebelisoa. Ke kahoo liphutheho tse ling li ileng tsa kopanngoa. Ho etsa joalo ho thusitse mokhatlo ho boloka menehelo. Ka nako e tšoanang, bahoeletsi ba bang ba ile ba tlameha ho amohela liphetoho tsena tse ncha. E ka ’na eaba bahlanka bao ba Jehova ba tšepahalang ba ne ba le liphuthehong tse itseng ka lilemo tse ngata ’me ho ka etsahala hore ebe ba ne ba se ba rata Bakreste-’moho le bona ba moo haholo. Empa joale ho se ho thoe ba ee liphuthehong tse ling. Jesu o thaba haholo ha a bona barutuoa bana ba hae ba tšepahalang ba ikamahanya le phetoho eo. w20.04 24 ¶14
Labobeli, la 6 December
Morena oa boroa o tla kopanela le eena ho sututsaneng.—Dan. 11:40.
Morena oa leboea le morena oa boroa ba tsoela pele ho loantšana hobane ba tseka bompoli. Mohlala, nahana ka hore na ile ha etsahala’ng ka mor’a Ntoa ea Bobeli ea Lefatše ha Soviet Union le bo-mphato oa eona ba qala ho busa karolo e kholo ea Europe. Morena oa leboea o ile a etsa lintho tse ileng tsa susumetsa morena oa boroa hore a thehe mokhatlo le linaha tse ling hore ba loantše morena oa leboea. Mokhatlo oo o ile oa bitsoa NATO. Morena oa leboea le morena oa boroa ba tsoela pele ho sebelisa chelete e ngata e le hore ba be le mabotho a matla a sesole. Morena oa leboea o ile a loantša morena oa boroa ka hore a tšehetse linaha tse khahlanong le morena oa boroa tse Afrika, Asia le Latin America. Morao tjena Russia le linaha tse e tšehetsang li ile tsa e-ba matla lefatšeng. Li ile tsa boela tsa sebelisa lik’homphieutha kapa marang-rang e le ho loantša morena oa boroa. Marena ana a ile a qosana ka hore a sebelisa lik’homphieutha ka tsela e kotsi e etsang hore meruo ea bona e oe le hore mebuso e felloe ke matla. Joalokaha Daniele a boletse, morena oa leboea o tsoela pele ho hlorisa batho ba Molimo.—Dan. 11:41. w20.05 13 ¶5-6
Laboraro, la 7 December
Ke tla batla linku tsa ka ’me ke li hlokomele.—Ezek. 34:11.
“Na Mosali a ka lebala ngoana oa hae ea anyang?” Jehova o ile a botsa potso ena mehleng ea moprofeta Esaia. O ile a re: “Esita le basali bana ba ka lebala, leha ho le joalo ’na nke ke ka u lebala.” (Esa. 49:15) Ha se hangata Jehova a itšoantšang le ’mè empa lekhetlong lena o ile a itšoantša le eena. Jehova o ile a etsa mohlala ka kamano eo ’mè le ngoan’a hae ba bang le eona ho bontša hore na o rata bahlanka ba hae haholo hakae. Bo-’mè ba bangata ba ikutloa ka tsela e tšoanang le ea Morali’abo rona Jasmin. O re: “Ha ’mè a nyantša ngoan’a hae, ba ba le kamano e ikhethang e tla lula e le teng bophelo bohle.” Jehova oa hlokomela ha e mong oa bahlanka ba hae a khaotsa ho ea libokeng le tšimong. Boholo ba bara le barali babo rona ba neng ba khaolitse ho kopanela tšebeletsong ba khutlela ka phuthehong ’me rea thaba ha ba khutla. Jehova o batla hore ba khutlele ho eena ’me le rona ke seo re se batlang.—1 Pet. 2:25. w20.06 18 ¶1-3
Labone, la 8 December
Re behile mahlo a rona linthong tse sa bonoeng. . . . Etsoe lintho tse bonoang ke tsa nakoana, empa lintho tse sa bonoeng ke tsa ka ho sa feleng.—2 Bakor. 4:18.
Ha se matlotlo ’ohle ao re ka a bonang. Ha e le hantle, matlotlo a bohlokoa ke ao re sa a boneng. Ho Matheu khaolo ea 5 ho ea ho ea 7 Jesu o ile a bua ka matlotlo a leholimong a leng bohlokoa ho feta maruo kapa chelete. O ile a phaella ka hore: “Moo letlotlo la hao le leng teng, le pelo ea hao e tla ba hona teng.” (Mat. 6:19-21) Lipelo tsa rona li ka re susumeletsa hore re phehelle lintho tseo re nkang e le tsa bohlokoa. Re ipolokela “matlotlo leholimong” ka hore re iketsetse lebitso le letle kapa ka hore re be ka lehlakoreng la Molimo. Joalokaha Jesu a ile a hlalosa, matlotlo a mofuta oo a ke ke a senngoa kapa a utsuoa. Moapostola Pauluse o ile a re khothaletsa hore re behe “mahlo a rona linthong tse sa bonoeng.” (2 Bakor. 4:17, 18) Lintho tsena tseo re sa li boneng ke matlotlo a akareletsang melemo eo re tla e fumana lefatšeng le lecha. Re ka etsa’ng ho bontša hore re leboha Jehova ka limpho tsena tseo re sa li boneng tseo a re fileng tsona? w20.05 26 ¶1-2
Labohlano, la 9 December
Taeo ea ka e tla rotha joaloka pula.—Deut. 32:2.
Lintho tseo Moshe a ileng a li ruta Baiseraele li ile tsa ba hlatsoa lipelo le ho ba khatholla joaloka lipula tsa melupe ha li nosetsa lijalo e le hore li tlokome. Re ka etsa’ng e le hore tsela eo re rutang ka eona e be ka tsela eo? Ha re le tšimong kapa bopaking ba phatlalatsa, re ka sebelisa Bibele ho bontša batho lebitso la Molimo e leng Jehova. Re ka ba fa lingoliloeng, re ba bontša livideo le lintho tse hlahang websaeteng ea rona tse hlomphang Jehova. Ha u le mosebetsing, sekolong kapa leetong, u ka ba le monyetla oa hore u bue ka ntate oa rona ea lerato le hore na ke motho ea joang. Ha re bolella batho bao re kopanang le bona morero oo Jehova a nang le oona ka batho le lefatše, re ba thusa hore ba tsebe lintho tseo ba neng ba sa li tsebe ka Jehova ’me ba ka ’na ba hlokomela kamoo Jehova a ba ratang kateng. Ha re bolella batho linnete ka ntate oa rona, re kenya letsoho ho halaletseng lebitso la hae. Re thusa batho hore ba bone hore ba ’nile ba rutoa mashano ka Jehova Molimo oa rona. Molaetsa oa Bibele oo re ba bolellang oona oa ba khatholla kannete.—Esa. 65:13, 14. w20.06 10 ¶8-9
Moqebelo, la 10 December
Khutlelang ho ’na, ’me ke tla khutlela ho lona.—Mal. 3:7.
Re lokela ho ba le makhabane afe e le hore re thuse batho ba seng ba sa tle libokeng hore ba khutlele ho Jehova? Ho na le lintho tseo re ka ithutang tsona papisong ea Jesu ea mora ea lehlasoa ea ileng a khutlela hae. (Luka 15:17-24) Mora ea lehlasoa o ile a hlokomela hore e bile leoatla eaba o khutlela hae. Ha ntate oa hae a mo bona o ile a mo mathela eaba oa mo haka, a mo bontša hore oa mo rata. Empa mora enoa o ne a jeoa ke letsoalo le molato a bile a ikutloa a se a sa tšoanelehe hore ntate oa hae a ka mo tšoara joaloka mora. Ha a hlalosetsa ntate oa hae hore na o ikutloa joang, ntate o ile a ameha pelo eaba oa mo tiisetsa hore o ntse a mo rata. O ile a boela a mo tiisetsa hore o ntse a mo nka e le mor’a hae. E le ho mo kholisa hore ehlile o mo amohetse ka liatla tse peli, o ile a mo etsetsa mokete a ba a mo fa liphahlo tse ntle. Jehova o tšoana le ntate eane oa papisong ea Jesu. O rata bahlanka ba hae ba seng ba sa tle libokeng ebile o batla hore ba khutlele ho eena. Re ka khona ho ba thusa haeba re etsisa Jehova. Re lokela ho ba le mamello, kutloelo-bohloko le lerato e le hore re khone ho ba thusa. w20.06 25-26 ¶8-9
Sontaha, la 11 December
Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka, le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.—Joh. 8:31, 32.
Jesu o ile a re ba bang ba ne ba tla amohela ’nete “ka thabo” empa ebe tumelo ea bona ea fokola ha ba thulana le liteko. (Mat. 13:3-6, 20, 21) Mohlomong ha baa ka ba elelloa hore ha re latela Jesu, re tla kopana le mathata le liteko tse itseng. (Mat. 16:24) Kapa mohlomong ba ile ba nahana hore ho ba Mokreste ho bolela hore re tl’o phela bophelo bo se nang mathata, bo tletseng ka mahlohonolo feela le bo se nang liteko ho hang. Empa lefatšeng lena leo re phelang ho lona, re tla lula re e-na le mathata. Ka linako tse ling, ho na le lintho tse fetohang bophelong ba rona tse etsang hore thabo eo re nang le eona e fele. (Pes. 6:6; Moek. 9:11) Bara le barali babo rona ba bangata ba fane ka bopaki bo kholisang ba hore ba fumane ’nete. Joang? Kholiseho eo ba nang le eona ha e sisinyehe esita le nakong eo molumeli-’moho le bona a ba utloisang bohloko kapa a etsang boitšoaro bo sa lumellaneng le melao ea Molimo. (Pes. 119:165) Nako le nako ha ba e-ba le mathata, tumelo ea bona e ba matla le ho feta. (Jak. 1:2-4) Re tlameha ho ba le tumelo e matla joalo. w20.07 8 ¶1; 9 ¶4-5
Mantaha, la 12 December
Haeba mang kapa mang oa lona a haelloa ke bohlale, a ’ne a kope Molimo.—Jak. 1:5.
Pele u qala ho bala Bibele, kopa Jehova hore a u thuse ho bona hore na u ka ithuta’ng ha u ntse u bala. Ka mohlala, haeba u batla keletso mabapi le hore na u ka sebetsana joang le bothata boo u nang le bona, kopa Jehova hore a u thuse ho fumana melao-motheo ka Lentsoeng la hae e ka u thusang. (Bafil. 4:6, 7) Jehova o re file bokhoni bo ikhethang ba ho nahana. E le hore u phelise tlaleho ea Bibele, leka ho nahana ka boemo ba motho eo ’me u leke ho ba moo. Leka ho bona lintho tse mo potolohileng u be u leke ho ikutloa ka tsela eo e ka ’nang eaba u ne a ikutloa ka eona. U ka boela oa thuisa. Ho thuisa ke ho nahanisisa ka hloko ka ntho eo u e balang le ho bona hore na e u ama joang. Ho u thusa ho kopanya lintho tseo u ithutang tsona e le hore u be le kutloisiso e pharaletseng. Ho bala Bibele u sa thuise ho tšoana le ha u shebile lintho tse tafoleng tse hlokahalang bakeng sa ho etsa bohobe empa u sa li sebelise. Ho thuisa ho re thusa ho utloisisa taba ka ho hlaka. w21.03 15 ¶3-5
Labobeli, la 13 December
Ke leboha Molimo, . . . hore ebe ha ho mohla ke phetsang ho u hopola lithapeling tsa ka, bosiu le motšehare.—2 Tim. 1:3.
Moapostola Pauluse a ka be a hetlile morao eaba o nahana ka hore hoja o entse qeto e fapaneng a ka be a sa lleloa ke litšepe. A ka be a koatetse banna ba seterekeng sa Asia ba ileng ba mo lahla le ho khaotsa ho tšepa metsoalle e meng ea hae. Empa Pauluse ha aa ka a etsa joalo. Le hoja Pauluse a ne a tseba hore haufinyane o tl’o shoa, ha aa ka a lebala hore na ho bohlokoa hakae ho tlotlisa Jehova. Hape o ile a tsoela pele a nahana ka hore na a ka khothatsa batho ba bang joang. O ile a bontša hore o tšepile Jehova ka hore a rapele nako le nako. Pauluse ha aa ka a lula a nahana haholo ka batho ba ileng ba mo lahla. Ho e-na le hoo, o ile a bontša kamoo a ananelang metsoalle ea hae e ileng ea mo tšehetsa le ho mo thusa kateng. Ho feta moo, Pauluse o ile a lula a ithuta Lentsoe la Molimo. (2 Tim. 3:16, 17; 4:13) Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore o ne a kholisehile hore Jehova le Jesu baa mo rata. w21.03 18 ¶17-18
Laboraro, la 14 December
Feela joalokaha mofoka o bokelloa ’me o chesoa ka mollo, ho tla ba joalo qetellong ea tsamaiso ea lintho.—Mat. 13:40.
Neng-neng ka mor’a selemo sa 100, Bakreste ba bangata ba bohata ba ile ba tla ka phuthehong eaba ba ruta batho lithuto tse fosahetseng le ho ba patela ’nete e ka Lentsoeng la Molimo. Ho tloha ka nako eo ho fihlela ka 1870, ho ne ho se na batho ba hlophisitsoeng ba sebeletsang Molimo lefatšeng mona. Bakreste ba bohata ba ile ba hola joaloka lehola masimong eaba ho ba thata ho tseba hore na Bakreste ba ’nete ke bafe. (Mat. 13:36-43) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho tseba taba ee? Ke hobane liketsahalo tse hlahang ho Daniele khaolo ea 11, li bontša hore ho ne ho ke ke ha etsahala hore mebuso le marena a bileng teng ka selemo sa 100 ho ea ho sa 1870 e ne e ka ba morena oa leboea kapa morena oa boroa. Ho ne ho se na batho ba Molimo ba hlophisitsoeng bao ba neng ba ka ba hlasela. Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a selemo sa 1870, ho ne ho utloahala hore ebe morena oa leboea le morena oa boroa ba ka hlaha hape. w20.05 3 ¶5
Labone, la 15 December
Ho na le sechaba se nyolohetseng naheng ea ka.—Joele 1:6.
Joele o profeta ka kotlo ea litsie tse tla senya naha ea Iseraele ka ho ja limela tsohle tsa eona! (Joele 1:4) Ka lilemo-lemo, re ne re utloisisa hore boprofeta bona bo bua ka batho ba Jehova ba joaloka sehlopha sa litsie tse sa thijoeng ke mang kapa mang, ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa bona oa boboleli. Re ne re utloisisa hore mosebetsi ona o na le liphello tse mpe ho naha kapa ho batho ba leng bolumeling ba bohata. Empa ha re hlahloba boprofeta bohle, re tla hlokomela hore re ka bo utloisisa ka tsela e fapaneng. Ela hloko hore na Jehova o ile a fana ka tšepiso efe mabapi le kotlo ea litsie, o ile a re: “Ke tla suthisetsa oa leboea [e leng litsie] hole le lona.” (Joele 2:20) Haeba litsie li emela Lipaki tsa Jehova tse mamelang taelo ea Jesu ea ho bolela le ho etsa barutuoa, ke hobane’ng ha Jehova a re o tla li suthisetsa hole? (Ezek. 33:7-9; Mat. 28:19, 20) Hoa hlaka hore Jehova a ke ke a suthisa bahlanka ba hae empa o tla suthisa ntho kapa motho ea itseng ea batlang ho ba sitisa. w20.04 3 ¶3-5
Labohlano, la 16 December
Haeba mang kapa mang oa lona a haelloa ke bohlale, a ’ne a kope Molimo.—Jak. 1:5.
Re lokela ho itšoara joang haeba re bona eka Jehova ha a arabele thapelo ea rona hang-hang? Jakobo o itse re ’ne re kope Molimo. Jehova ha aa tenehe ha re lula re kopa hore a re fe bohlale. A ke ke a re halefela. Jehova o re fa bohlale “ka seatla se bulehileng” ha re mo kopa bona e le hore re mamelle liteko. (Pes. 25:12, 13) O bona mathata a rona, o re utloela bohloko hape o ikemiselitse hore re thusa. Kannete ntho eo e re thabisa haholo. Empa Jehova o re fa bohlale joang? O sebelisa Lentsoe la hae. (Liprov. 2:6) E le hore re be le bohlale boo, re lokela ho ithuta Lentsoe la Molimo le lingoliloeng tse thehiloeng ho lona. Empa ha rea lokela ho ipokeletsa ka tsebo feela. Re lokela ho sebelisa bohlale boo Molimo a re fang bona bophelong ba rona ka hore re mamele keletso ea hae. Jakobo o ile a re: “Le be baphethi ba Lentsoe eseng bautloi feela.” (Jak. 1:22) Ha re sebelisa keletso ea Molimo, re ba le khotso, re ba mohau hape re ba le kahlolo e molemo. (Jak. 3:17) Makhabane ao a re thusa hore re mamelle teko leha e le efe kantle le hore re felloe ke thabo. w21.02 29 ¶10-11
Moqebelo, la 17 December
Setho se seng le se seng . . . [se] sebeletsa kholo ea ’mele.—Baef. 4:16
Seithuti sa Bibele se ka tsoela pele ho etsa liphetoho ho fihlela se kolobetsoa haeba se fumana thuso ea ba bang ka phuthehong. Mohoeletsi e mong le e mong a ka etsa hore phutheho e hole. Pula-maliboho e ’ngoe e re: “Ho na le maele a reng, ‘noka e tlatsoa ke linokana.’ Ke nahana hore hoa tšoana le ha re etsa batho barutuoa, kaofela ha rona re thusa motho ea ithutang Bibele hore a tle ka phuthehong.” E le hore ngoana a hole, ba lelapa, metsoalle le matichere baa mo thusa. Ba etsa joalo ka ho mo khothatsa le ho mo ruta lintho tsa bohlokoa. Ka ho tšoanang, bahoeletsi ba ka eletsa batho ba ithutang Bibele, ba ba khothatsa le ho ba behela mohlala o motle o tla ba thusa hore ba kolobetsoe. (Liprov. 15:22) Ke hobane’ng ha mohoeletsi a lokela ho thaba ha batho ba bang ka phuthehong ba thusa motho eo a ithutang Bibele le eena? Hobane kaofela ha bona ba thusa seithuti hore se atlehe. w21.03 8 ¶1-3
Sontaha, la 18 December
Haeba re re: “Ha re na sebe,” rea ithetsa.—1 Joh. 1:8.
Bakreste bohle e bang ba baholo kapa ba banyane, ba lokela ho hana ho phela bophelo bo habeli. Johanne o ile a bontša hore re ke ke ra tsamaea ’neteng empa ka nako e tšoanang re phela bophelo bo sa hloekang. (1 Joh. 1:6) Haeba re batla ho amoheloa ke Jehova hona joale esita le nakong e tlang, re lokela hore re itšoare joalokaha eka re pooaneng moo re bonoang ke bohle. Ka ho cho joalo, re bontša hore esita le haeba batho ba sa bone hore na re etsa’ng moo re leng bang, Jehova eena o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re etsang. (Baheb. 4:13) Re lokela ho qoba ho nka sebe ka tsela eo batho ba lefatše lena ba se nkang ka eona. Mehleng ea Johanne, bakoenehi ba ne ba re motho e ka ba motsoalle oa Molimo le haeba a etsa lintho tseo Molimo a sa li rateng. Le mehleng ena, re phela har’a batho ba nang le maikutlo a tšoanang le ao. Ba bangata ba ipolela hore ba lumela ho Molimo empa ba hanyetsana le maikutlo ao Molimo a nang le ’ona ka sebe haholo-holo tabeng ea thobalano. Ntho eo Jehova a reng ke sebe kapa boitšoaro bo sa hloekang, batho bana bona ba re taba eo e ea ka maikutlo a motho hore na eena o batla ho etsa’ng. w20.07 22 ¶7-8
Mantaha, la 19 December
Rata . . . ka ketso le ’nete.—1 Joh. 3:18.
Na u emela baralib’eno nakong eo ba hlokang hore u etse joalo? Ak’u nahane ka mohlala ona. Bahoeletsi ba bang ba hlokomela hore morali’abo rona e mong ea phelang le molekane eo e seng Paki o fihla liboka li se li kene a be a tsamaee hang feela ha li qeta ho tsoa. Baa hlokomela hore ke ka seoelo a tlang le bana ba hae libokeng. Kahoo, ba mo bua hampe ’me ba re na ke hobane’ng ha a sa bue le monna oa hae ka matla. Empa ntho eo ba sa e tsebeng ke hore morali eo oa bo rona o etsa sohle seo a ka se khonang. Ha a khone ho laola nako eo a etsang lintho ka eona kapa hona ho etsa liqeto ka bana ba hae. Haeba u ne u ka bua hantle ka mosebetsi o matla oo a o etsang hape oa bolella batho ba bang hore na o iteka hakae, u ne u ka ’na oa etsa hore ba khaotse ho mo bua hampe. Baholo baa tseba hore ke taba ea bohlokoa ho Jehova hore baralib’abo rona ba tšoaroe hantle. (Jak. 1:27) Kahoo, ba leka ho etsisa mohlala oa Jesu oa ho leka-lekanya lintho le ho se behe melao ha ho bonahala eka ho molemo ho tenyetseha le maemo. (Mat. 15:22-28) Baholo ba etsang boiteko ba ho thusa baralib’abo rona ba etsa hore baralib’abo rona ba ikutloe ba ratoa ebile ba tšehelitsoe. w20.09 24-25 ¶17-19
Labobeli, la 20 December
[Molimo] o tsebisitse Morena Nebukadnezare se tla etsahala.—Dan. 2:28.
Ka boikokobetso, moprofeta Daniele o ile a lula a kopa tataiso ho Jehova. Mohlala, nakong eo Jehova a neng a mo sebelisa hore a hlalose toro ea Nebukadnezare, ha aa ka a re o khonne ho etsa joalo ka matla a hae. Ho e-na le hoo, ka boikokobetso bohle o ile a isa khanya le tlhompho ho Jehova. (Dan. 2:26-28) Re ithuta’ng tabeng ee? Haeba Bakreste-’moho le rona ba rata ho mamela lipuo tsa rona kapa re e-na le katleho e itseng mosebetsing oa boboleli, re lokela ho hopola hore tseo tsohle re li khonne ka lebaka la Jehova. Re lokela hore ka boikokobetso re lumele hore lintho tsena tsohle re khona ho li etsa ka lebaka la thuso ea Jehova. (Bafil. 4:13) Ha re etsa joalo re tla be re etsisa mohlala o motle oa Jesu. O ile a itšetleha ka Jehova. (Joh. 5:19, 30) Ha aa ka a leka ho inkela bolaoli ba Jehova. Bafilipi 2:6 e re bolella hore Jesu ke ea “sa kang a nahana ho inkela ka mahahapa, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo.” Kaha e ne e le Mora ea mamelang, Jesu o ile a tseba moo matla a hae a fellang teng ’me o ne a hlompha bolaoli ba Ntate oa hae. w20.08 10-11 ¶12-13
Laboraro, la 21 December
Mathang ka tsela eo le ka o fumanang.—1 Bakor. 9:24.
Batho ba bang ba ntseng ba matha peisong ena ea bophelo ba thulana le mathata ao batho ba bang ba ke keng ba a bona kapa ho a utloisisa. Haeba oa kula ’me u utloa eka batho ba bang ha ba u utloisise, u ka ’na oa khothatsoa ke mohlala oa Mefiboshethe. (2 Sam. 4:4) O ne a tlameha ho mamella bothata ba ho kula hape Morena Davida o ile a mo tšoara ka ho hloka toka. Ho ntse ho le joalo, ha aa ka a itumella ho nkoa ke maikutlo, ho e-na le hoo, o ile a ananela lintho tse ntle tseo a nang le tsona. O ile ananela taba ea hore ebe Davida o ile a mo tšoara ka mosa nakong e fetileng. (2 Sam. 9:6-10) Kahoo, ha Davida a mo tšoara ka ho hloka toka, o ile a sheba mahlakore a taba kaofela. Ha a ka a lumella hore phoso ea Davida e lule e mo koatisitse. Hape ha aa ka a beha Jehova molato ka ntho eo Davida a e entseng. Mefiboshethe o ile a nahana ka hore na a ka tšehetsa morena ea tlotsitsoeng ke Jehova joang. (2 Sam. 16:1-4; 19:24-30) Jehova o tlalehile pale ea Mefiboshethe ka Bibeleng molemong oa rona.—Bar. 15:4. w20.04 26 ¶3; 30 ¶18-19
Labone, la 22 December
Re basebetsi-’moho le Molimo.—1 Bakor. 3:9.
Batho ba bang ba ka mokhatlong ba khethoa hore e be baromuoa, bo-pula-maliboho ba khethehileng kapa bo-pula-maliboho ba kamehla. Ba entse qeto ea hore ho bolela molaetsa oa ’Muso le ho etsa barutuoa ho tle pele bophelong ba bona. Le hoja baevangeli bana ba ’Muso ba nako e tletseng ba se na chelete kapa lintho tse ngata, Jehova o ba hlohonolofalitse haholo. (Mar. 10:29, 30) Re rata bana bao ba bo rona haholo, ebile re motlotlo hore ebe ke karolo ea mokhatlo ona oa Jehova. Na barab’abo rona ba khethiloeng le ba tšebeletsong ea nako e tletseng ke bona feela ba nang le sebaka ka mokhatlong oa Molimo? Che, ha ho joalo! Baboleli bohle ba ’Muso oa Molimo ba bohlokoa ho Jehova le ho phutheho. (Bar. 10:15; 1 Bakor. 3:6-8) Ha e le hantle, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo mokhatlo o amehileng ka eona ke ho etsa batho barutuoa ba Jesu Kreste. (Mat. 28:19, 20; 1 Tim. 2:4) Batho ba ka phuthehong, e bang ba kolobelitsoe kapa ke bahoeletsi ba sa kolobetsoang, ba leka ho etsa hore mosebetsi ona e be oa bohlokoa haholo bophelong ba bona.—Mat. 24:14. w20.08 21 ¶7-8
Labohlano, la 23 December
Ke na le lona ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.—Mat. 28:20.
Joalokaha temana ea letsatsi ea kajeno e bontša, ha re thulana le mathata, Jesu o tla re tšehetsa. Mantsoe ao aa re matlafatsa. Joang? Ka linako tse ling ha ho bonolo hore re mamelle mathata. Mohlala, ha motho eo re mo ratang a hlokahala, bohloko boo re bo utloang ha bo nke matsatsi a seng makae feela empa bo ka nka lilemo. Ba bang ba thatafalloa ke bophelo ka lebaka la boqheku. Ka linako tse ling ba bang ba imeloa ke khatello ea maikutlo. Empa le har’a mathata ana re khona ho ba le matla a ho mamella hobane rea tseba hore Jesu o na le rona “ka matsatsi ’ohle,” esita le ka matsatsi ao mathata a re hloeleng setha. (Mat. 11:28-30) Bibele ea re bolella hore Jehova o sebelisa mangeloi ho re thusa. (Baheb. 1:7, 14) Mohlala, mangeloi aa re tšehetsa le ho re tataisa ha re ntse re bolella batho ba “sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng” “litaba tse molemo tsa ’Muso.”—Mat. 24:13, 14; Tšen. 14:6. w20.11 13-14 ¶6-7
Moqebelo, la 24 December
Morero ka pelong ea motho o joaloka metsi a tebileng,empa motho ea nang le temoho o tla o kha.—Liprov. 20:5.
Re lokela ho thusa thuto ea rona hore e utloisise hore lintho tseo e ithutang tsona li tsoa ka Bibeleng. (1 Bathes. 2:13) Re ka etsa seo joang? Re ka khothalletsa motho eo re ithutang le eena hore a bue ka lintho tseo a ntseng a ithuta tsona. Mo kope hore e be eena ea hlalosang litemana tsa Bibele ho e-na le hore u lule u mo hlalosetsa tsona. Mo thuse ho bona hore na Lentsoe la Molimo le ka mo thusa joang bophelong ba hae. Mo botse lipotso tse tla mo nolofalletsa hore a bue hore na o nahana joang kapa o ikutloa joang ka Mangolo ao a a balang. (Luka 10:25-28) Mohlala, u ka mo botsa lipotso tse kang tsena: “Lengolo lee le u thusitse joang hore u bone a mang a makhabane a Jehova? U bona eka lintho tseo u ithutileng tsona Bibeleng li ka u thusa joang? U ikutloa joang ka lintho tsee tseo u qetang ho ithuta tsona?” Taba e kholo ha se hore na motho eo u ithutang le eena o na le tsebo e ngata hakae, empa ke hore na tsebo eo oa e ananela le ho e sebelisa. Lumella Bibele e etse mosebetsi oa eona. U lokela ho ba le boikokobetso haeba u batla ho ntlafatsa tsela eo u khannang lithuto ka eona. w20.10 15 ¶5-6
Sontaha, la 25 December
Jala peo ea hao hoseng ’me u se ke oa lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane.—Moek. 11:6.
Re ka kholiseha hore mosebetsi oa boboleli o tla fihla pheletsong ka nako e loketseng. Nahana ho se hokae ka hore na ho ile ha etsahala’ng mehleng ea Noe. Jehova o bontšitse hore ke ’Moloki ea phethahetseng oa nako. Ka nako e ka etsang lilemo tse ka bang 120 esale pele, Jehova o ile a beha nako eo ka eona moroallo o neng o tla tla. Lilemo tse ngata hamorao, Jehova o ile a laela Noe hore a hahe areka. Bonyane ka lilemo tse ka bang 40 kapa 50 pele Moroallo o tla, Noe o ile a qala mosebetsi oo o boima. Le hoja batho ba ne ba sa mamele molaetsa oa hae, o ile a tsoela pele ho ba bolella molaetsa oa kahlolo ho fihlela Jehova a re ke nako ea hore a kene ka arekeng. Eaba ka nako e loketseng ‘Jehova o koala monyako.’ (Gen. 6:3; 7:1, 2, 16) Haufinyane Jehova o tla emisa mosebetsi oa boboleli ’me o tla “koala monyako” oa tsamaiso ea Satane ebe o tlisa lefatše le lecha le tletseng ka batho ba mo mamelang. Ho fihlela ka nako eo, e se eka kaofela ha rona re ka tšoana le Noe le ba bang ba sa kang ba lumella matsoho a bona ho phomola. E se eka re ka lula re tsepamisitse likelello tsa rona mosebetsing oa boboleli, re e-na le mamello le tumelo e matla ho Jehova le litšepisong tsa hae. w20.09 13 ¶18-19
Mantaha, la 26 December
Lintho tsohle li ke li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.—1 Bakor. 14:40.
Haeba ho ne ho sa tsebahale hantle hore na ke mang ea enang le matla a bohlooho, lelapa la Jehova le ne le ke ke la thaba le ho ba le tlhophiso. Mohlala, re ne re ke ke ra tseba hore na ke mang ea lokelang ho etsa liqeto le hore na ke mang ea nang le boikarabelo ba ho bona hore liqeto tseo li ea phethoa. Haeba tokisetso ea bohlooho ke ntho e ntle hakaale e tsoang ho Jehova, ke hobane’ng ha basali ba bangata mehleng ee ba hatelloa? Lebaka ke hobane banna ba bangata ha ba natse melao ea Jehova mabapi le lelapa ’me ba ikhethela ho latela litloaelo le meetlo ea moo ba phelang teng. Ba ka ’na ba boetse ba hlekefetsa basali ba bona e le hore feela ba khotsofatse litakatso tsa bona tsa boithati. Mohlala, monna a ka ’na a hatella mosali oa hae ka sepheo sa hore a iphumanele masiba kapa a batle ho bontša batho ba bang hore eena ke “monna kaofela.” A ka ’na a ipehela mabaka a hore a ke ke a qobella mosali hore a mo rate empa a ka etsa hore a mo tšabe. Hape a ka etsa hore ho tšajoa hoo e be tsela eo a iketsetsang borata ka mosali oa hae kateng. Monahano oo le boitšoaro boo bo bobe bo amoha basali tokelo le tlhompho tseo ba lokelang ho li fuoa ’me ntho ena e khahlanong le tsela eo Jehova a batlang hore lintho li etsoe ka eona.—Baef. 5:25, 28. w21.02 3 ¶6-7
Labobeli, la 27 December
[Lahlelang] matšoenyeho ’ohle a lona ho eena, hobane oa le tsotella.—1 Pet. 5:7.
Haeba u tšoenyehile ka mathata a hao, u ka rapela Jehova hore a u thuse. Ha lithapelo tsa hao li arajoa, u tla fumana “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle” oa motho. (Bafil. 4:6, 7) Jehova o tla u fa khotso eo ka matla a moea oa hae o halalelang. (Bagal. 5:22) Ha u bua le Jehova, mo phetlele sefuba. Toba taba. Mo bolelle bothata ba hao u be u mo hlalosetse tsela eo u ikutloang ka eona. Haeba ho bonahala eka ho na le mokhoa oa hore u sebetsane le bothata boo, mo kope hore a u fe bohlale le matla a hore u etse joalo. Haeba bothata boo bo le ka holimo ho matla a hao, kopa Jehova hore a u thuse u se ke oa tšoenyeha le ho khathatseha ka taba eo haholo. Ha u toba taba ha u rapela, u tla bona ka tsela e hlakileng hore na Jehova o arabela lithapelo tsa hao joang. Haeba Jehova a sa arabe lithapelo tsa rona hang-hang, re se ke ra tlohela ho rapela. Jehova o batla hore re tobe taba ha re bua le eena le hore re tsoele pele ho phehella thapelong.—Luka 11:8-10. w21.01 3 ¶6-7
Laboraro, la 28 December
[Jesu] a re ho bona: “Ha se batho bohle ba etsetsang polelo eo sebaka, empa ke feela ba nang le mpho eo.”—Mat. 19:11.
Mehleng ena liphutheho li na le banyalani le malapa. Empa hape li na le bara le barali ba bo rona ba bangata bao e leng masoha. Re lokela ho tšoara masoha joang? Ak’u nahane ka hore na Jesu o ne a nka bosoha joang. Ha a ntse a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng mona o ne a sa nyala. O ile a lula e le lesoha ’me o ile a qeta nako ea hae le ho lula a nahana ka mosebetsi oa hae. Jesu ha aa ka a ruta hore hoa hlokeha hore motho a be lenyalong kapa e be lesoha. Empa o ile a re Bakreste ba bang ba ka ’na ba khetha ho se kene lenyalong. (Mat. 19:12) Jesu o ne a hlompha masoha. Ha aa ka a nka masoha e le batho ba fokolang kapa bao ho nang le ntho e haellang bophelong ba bona. Joaloka Jesu, moapostola Pauluse le eena o ile a phetha kabelo ea hae e le lesoha. Ha ho le ka mohla Pauluse a kileng a ruta hore e ka ba phoso ho ba lenyalong. O ne a tseba hore taba ena ke qeto ea motho ka mong. w20.08 28 ¶7-8
Labone, la 29 December
Molimo ke lerato.—1 Joh. 4:16.
Moapostola Johanne o iele a phela nako e telele ’me o ile a thabela lintho tse ngata bophelong ba hae. O ile a thulana le liteko tsa mefuta eohle tse neng li ka ’na tsa fokolisa tumelo ea hae. Empa o ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho mamela litaelo tsa Jesu tse akarelletsang ho rata Bakreste-’moho le eena. Ka lebaka leo Johanne o ne a kholisehile hore Jehova le Jesu baa mo rata le hore ba ne ba tla mo fa matla a hore a mamelle teko leha e le efe. (Joh. 14:15-17; 15:10) Ho sa tsotellehe makhobonthithi ao Satane le lefatše la hae ba ileng ba a etsa, Johanne ha aa ka a tlohela ho bontša Bakreste-’moho le eena lerato ka lipuo le ka liketso. Joaloka Johanne, re phela lefatšeng le busoang ke Satane ’musi ea khopo ka ho fetisisa. (1 Joh. 3:1, 10) Kaha ntho eo a e batlang ke hore re hloee Bakreste-’moho le rona, a ke ke a khona ho etsa joalo haeba re sa mo lumelle. E se e ka re ka tsoela pele re bontša lerato ho bara le barali ba bo rona ka lintho tseo re li buang le tseo re li etsang. Ha re bontša lerato leo, re tla thabela ho ba ka har’a lelapa la Jehova ’me re tla phela bophelo bo monate haholo.—1 Joh. 4:7. w21.01 13 ¶18-19
Labohlano, la 30 December
‘Molimo o fana ka mamello.’—Bar. 15:5.
Lefatše lena le busoa ke Satane ’me ka linako tse ling ho ba thata hoo re sa tsebeng hore na re etse’ng. (2 Tim. 3:1) Empa ha rea lokela ho tšoenyeha kapa ho tšoha. Jehova oa tseba hore na re na le mathata afe. O tšepisa hore o tla re tšoara ka letsoho la hae le matla le letona ha re hloka thuso. (Esa. 41:10, 13) Re kholisehile hore Jehova o tla re thusa ’me Bibele e re thusa hore re be le matla ao re a hlokang hore re mamelle bothata le ha e le bofe. Livideo, litšoantšiso tse mameloang le buka ea “Etsisa Tumelo ea Bona” le tsona li ka u thusa. Pele u shebella, u mamela kapa u bala litlaleho tsena, kopa Jehova hore a u thuse ho fumana lintlha tsa bohlokoa tseo u ka li sebelisang. Ipehe boemong ba motho eo u ithutang ka eena. Thuisa ka hore na bahlanka bana ba Jehova ba ile ba etsa’ng le hore na ba thusitsoe ke’ng ho hlola mathata a bona. Ebe u etsa lintho tseo u ithutileng tsona bothateng ba hao. Leboha Jehova ka tsela eo a seng a ntse a u thusa ka eona. Bontša hore u ananela thuso eo ka ho batla litsela tseo u ka khothatsang batho ba bang le ho ba tšehetsa ka tsona. w21.03 19 ¶22-23
Moqebelo, la 31 December
Bara ke lefa le tsoang ho Jehova.—Pes. 127:3.
Haeba Bakreste ba nyalaneng ba batla ho ba le bana, ba lokela ho ipotsa lipotso tsena: ‘Na re batho ba ikokobelitseng, ba nang le kamano e ntle le Jehova? Na Jehova o ne a ka khetha rona hore re holise ngoana?’ (Pes. 127:4) Haeba u se u le motsoali, ipotse: ‘Na ke ruta bana ba ka hore ho bohlokoa ho sebetsa ka thata?’ (Moek. 3:12, 13) Na ke etsa sohle se matleng a ka ho sireletsa bana ba ka khahlanong le lintho tse fosahetseng kapa likotsi tse ka ba hlahelang?’ (Liprov. 22:3) U ka se khone ho sireletsa bana ba hao mathateng ’ohle. Empa ka lerato u ka khona ho ba koetlisetsa hore ba khone ho thulana le mathata a bophelo ka ho lula u ba ruta ho tšepa likeletso tse tsoang ka Bibeleng. (Liprov. 2:1-6) Mohlala, haeba e mong oa beng ka lona a khetha ho tlohella ho sebeletsa Jehova, u ka ruta ngoana oa hao u sebelisa Bibele hore a bone hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho tšepahalla Jehova ka linako tsohle. (Pes. 31:23) Kapa haeba motho eo le mo ratang a hlokahala, bontša bana ba hao litemana tsa Bibele tse ka ba tšelisang ha ba siame le tse ka ba thusang hore ba qetelle ba e-na le khotso.—2 Bakor. 1:3, 4; 2 Tim. 3:16. w20.10 27 ¶7