November
Labobeli, la 1 November
Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utloa, hoo ke booatla ho eena le tlotlollo.—Liprov. 18:13.
Kaha ha re tsebe lintlha kaofela ka Jonase, re ka ’na ra nahana hore o ne a sa tšepahale. Jehova o ile a mo fa taelo ea hore a il’o bolella Baninive hore o tl’o ba timetsa. Ho e-na le hore a ee moo, o ile a palama sekepe eaba o ea sebakeng se seng ’me a “tloha ka pel’a Jehova.” (Jon. 1:1-3) Na ha e ne e le uena u ka be u ile oa fa Jonase mosebetsi oo hape? Mohlomong u ne u ke ke oa mo fa. Empa Jehova eena o ne a e-na le mabaka a ho mo fa monyetla o mong. (Jon. 3:1, 2) Thapelo eo Jonase a ileng a e etsa e re ruta hore na e ne e le motho oa mofuta ofe. (Jon. 2:1, 2, 9) Re kholisehile hore Jonase o ile a rapela Jehova ka makhetlo a mangata empa thapelo eo a ileng a e etsa ha a le ka mpeng ea tlhapi, e re thusa ho utloisisa hore e ne e se motho feela ea ka balehang mosebetsi oo a o filoeng. Mantsoe a hae a bontša hore o ne a ikokobelitse, a e-na le kananelo hape a ikemiselitse ho mamela Jehova. Kahoo, ha re makale hore ebe Jehova ha a ka a shebana le phoso eo Jonase a e entseng empa o ile a araba thapelo ea hae a ba a tsoela pele ho mo sebelisa e le moprofeta. Kahoo, ho bohlokoa hore moholo e mong le e mong a tsebe lintlha kaofela pele a fana ka keletso. w20.04 15 ¶4-6
Laboraro, la 2 November
[Pauluse] a behelana mabaka le bona ka Mangolo, a hlalosa le ho paka ka litšupiso.—Lik. 17:2, 3.
Bakreste ba mehleng ea Pauluse ba ile ba lumela lithuto tsa Mangolo ba ba ba itšetleha ka moea o halalelang e le hore o ba thuse ho utloisisa Lentsoe la Molimo. Ba ile ba etsa lipatlisiso e le ho ikholisa hore lithuto tseo li thehiloe Mangolong. (Lik. 17:11, 12; Baheb. 5:14) Ha baa ka ba theha tumelo ea bona maikutlong a bona feela hape ba ne ba sa sebeletse Jehova hobane feela ba thabisoa ke ho ba har’a Bakreste-’moho le bona. Ho e-na le hoo, tumelo ea bona e ne e thehiloe holim’a ‘tsebo e nepahetseng ea Molimo.’ (Bakol. 1:9, 10) Lithuto tse ka Lentsoeng la Molimo ha li fetohe. (Pes. 119:160) Mohlala, ha li fetohe le haeba Mokreste-’moho le rona a re utloisa bohloko kapa a etsa sebe se tebileng. Li boetse ha li fetohe leha re thulana le mathata. Kahoo, re hloka hore re tsebe lithuto tsa Bibele hantle le hore re kholisehe hore ke ’nete. Haeba re e-na le tumelo e matla linthong tseo Bibele e li rutang, re tla lula re tšepahalla Jehova le linakong tse thata. w20.07 9 ¶6-7
Labone, la 3 November
[O re laetse] hore re bolelle batho le ho fana ka bopaki bo phethahetseng.—Lik. 10:42.
Ha re thusa barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng, o nka re thusa eena. (Mat. 25:34-40) Tsela e ka sehloohong eo re ka thusang batlotsuoa ka eona ke ka ho etsa barutuoa joalokaha Jesu a laetse. (Mat. 28:19, 20) Ke ka thuso ea “linku tse ling” batlotsuoa ba ka khonang ho phetha mosebetsi o etsoang lefatšeng kajeno. (Joh. 10:16) Haeba u e mong oa linku tse ling, nako le nako ha u kenya letsoho mosebetsing ona, u bontša hore u rata batlotsuoa hammoho le Jesu. Re boetse re ba metsoalle ea Jehova le Jesu ka ho fana ka chelete ho tšehetsa mosebetsi oo Jehova le Jesu ba o etellang pele. (Luka 16:9) Mohlala, re ka ntša monehelo bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle o tla thusa bara le barali ba bo rona ba hlahetsoeng ke likoluoa. Re ka boetse ra ntša monehelo bakeng sa phutheho ea habo rona le ho thusa batho ba hlokang.—Liprov. 19:17. w20.04 24 ¶12-13
Labohlano, la 4 November
A ke ke a nahana ka Molimo oa bo-ntat’ae. . . . Empa a le boemong ba hae o tla tlotlisa molimo oa liqhobosheane.—Dan. 11:37, 38.
E le ho phethahatsa boprofeta bona, morena oa leboea ha aa ka a bontša hore o “nahana ka Molimo oa bo-ntat’ae.” Ka tsela efe? Soviet Union e ile ea leka ho felisa bolumeli ka ho feletseng ea ba ea leka ho nka matla a bolumeli. E le ho fihlela sepheo seo, pelenyana ka 1918, ’muso oa Soviet Union o ile oa qala ho fana ka litaelo tse ileng tsa etsa hore likolong ho rutoe thuto ea hore Molimo ha a eo. Morena eo oa leboea o ile a “tlotlisa molimo oa liqhobosheane” joang? Soviet Union e ile ea sebelisa chelete e ngata haholo e le ho matlafatsa sesole sa eona ka ho etsa libetsa tse ngata haholo. Kahoo, ka bobeli morena oa leboea le morena oa boroa ba ne ba se ba e-na le libetsa tse ngata tse matla haholo le tse kotsi tse neng li ka rinya batho ba libilione! Morena oa leboea o ile a tšehetsa morena oa boroa ka tsela e ikhethang ka ho “beha ntho e nyonyehang e etsang lesupi” e leng Machaba a Kopaneng.—Dan. 11:31. w20.05 7 ¶16-17
Moqebelo, la 5 November
Mor’eno . . . o ne a lahlehile eaba oa fumanoa.—Luka 15:32.
Ke bo-mang ba ka teheusang batho ba seng ba sa tle libokeng? E mong le e mong oa rona a ka thusa, ho sa tsotellehe hore na u moholo, u pula-maliboho, u mohoeletsi kapa motho ea seng a sa tle libokeng ke mong ka uena. Na ho na le mong ka uena kapa motsoalle ea seng a sa tle libokeng? Na u kile oa kopana le motho ea seng a sa tle libokeng ha u le tšimong? Haeba motho eo a se na bothata ba ho u fa linomoro tsa fono kapa liaterese tsa hae, u ka li nka ebe u li fa e mong oa baholo. Mor’abo rona Thomas oa moholo o re: “Ke qala ka ho botsa bara le barali babo rona hore na ba tseba batho ba seng ba sa tle libokeng kapa ba sa ee tšimong le hore na ba tseba moo ba lulang teng. Joale ha ke chaketse batho bana ba seng ba khaolitse ho tla libokeng, kea ba botsa hore na bana ba bona le beng ka bona ba ntse ba e-ea joang. Ba bang ba ne ba tloaetse ho tla le bana ba bona libokeng ’me ho ka etsahala hore ebe bana bao e ne e se e le bahoeletsi. Le bona re ka ba thusa hore ba khutlele ka phuthehong. w20.06 24 ¶1; 25 ¶6-7
Sontaha, la 6 November
Ke tla hopola liketso tsa Jah; etsoe ke tla hopola ketso ea hao e hlollang ea khale.—Pes. 77:11.
Linthong tsohle tseo Jehova a li bopileng, ke batho feela ba nang le bokhoni ba ho ithuta melao ea boitšoaro ka hore ba hopole lintho tse ileng tsa etsahala nakong e fetileng. Ka lebaka leo, re ka khona ho ithuta melao e nepahetseng ’me ra fetola tsela eo re nahanang le ho phela ka eona. (1 Bakor. 6:9-11; Bakol. 3:9, 10) Ha e le hantle, re ka khona ho koetlisa matsoalo a rona hore a tsebe phapang ea ntho e nepahetseng le e fosahetseng. (Baheb. 5:14) Re boetse re ka ithuta ho ba lerato, ho ba mosa le ho ba mohau. Hape re ka etsisa Jehova ka hore re be le toka. Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka bontšang hore re ananela mpho eo Jehova a re fileng eona ea ho hopola, ke ka hore ka linako tsohle re leke ho hopola maemo ao ho ’ona Jehova a ileng a re thusa le ho re tšelisa nakong e fetileng. Ho etsa joalo ho tla etsa hore re kholisehe hore o tla re thusa le ka moso. (Pes. 77:12; 78:4, 7) Ntho e ’ngoe eo re ka e etsang ke hore re hopole lintho tse ntle tseo batho ba bang ba ileng ba re etsetsa tsona le ho ananela lintho tseo ba re etsetsang tsona. Bo-ralipatlisiso ba fumane hore batho ba lulang ba leboha ba na le monyetla o moholo oa ho lula ba thabile. w20.05 23 ¶12-13
Mantaha, la 7 November
U tšabe lebitso lena le khanyang le le tšabehang, la Jehova, Molimo oa hao.—Deut. 28:58.
U nahana hore Moshe o ile a ikutloa joang nakong eo a neng a le ka lehaheng ’me a bona khanya ea Jehova e feta? Buka ea Insight on the Scriptures ha e bua ka taba ena e re: “Ho ka etsahala hore ebe e ne e le ntho e hlollang ka ho fetisisa e ileng ea etsahala pele Jesu Kreste a tla lefatšeng.” Moshe o ile a utloa mantsoe ana a neng a buuoa ke lengeloi: “Jehova, Jehova, Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete, ea bolokelang ba likete mosa o lerato, ea tšoarelang phoso le tlolo le sebe.” (Ex. 33:17-23; 34:5-7) Ho ka etsahala hore ebe Moshe o ne a lula a hopola ketsahalo eo ha a ne a bua ka lebitso la Jehova joalokakaha temana ea letsatsi e bontša. Ha re nahana ka lebitso Jehova, e ka ba hantle hore re nahanisise ka hore na motho ea jereng lebitso leo ke oa mofuta ofe. Re lokela ho hopola makhabane a hae a kang, matla, bohlale, toka le lerato. Ha re nahana ka makhabane ao le a mang, re ka susumeletseha hore re hlomphe Jehova le ho feta.—Pes. 77:11-15. w20.06 8-9 ¶3-4
Labobeli, la 8 November
U tsoele pele linthong tseo u ileng oa ithuta tsona le tseo u ileng oa susumelletsoa hore u li lumele.”—2 Tim. 3:14.
Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba tla tsebahala ka lerato. (Joh. 13:34, 35) Empa ntle le ho bontšana lerato, ho na le lintho tse ngata tseo ba lokelang ho li etsa e le hore ba be le tumelo e matla. Tumelo ea rona ha ea lokela ho thehoa feela holim’a lerato leo re nang le lona ho bara le barali babo rona. Hobane’ng? A re re mohlomong molumeli-’moho le uena, ebang ke moholo kapa pula-maliboho, o etsa sebe se tebileng. Kapa a re re mohlomong mora kapa morali’abo rona o u utloisitse bohloko ka tsela e itseng. Kapa mohlomong motho e mong e ba mokoenehi ’me o fana ka maikutlo a hore lintho tseo re li lumelang ke mashano. Haeba lintho tsa mofuta oo li etsahala, na tumelo ea hao e tla thefuloa e be u khaotsa ho sebeletsa Jehova? Re ithuta’ng tabeng ee? Haeba u na le tumelo ho Jehova hobane feela u shebile hore na batho ba bang ba etsa’ng ho e-na le hore uena u etse hore kamano ea hao le Jehova e be matla, tumelo ea hao e tla fokola. Tsela eo u ikutloang ka eona ka Jehova le batho ba hae e ka u thusa hore u be le tumelo ho isa boholeng bo itseng, empa ho boetse ho bohlokoa hore u ithute Bibele ka ho teba, u utloisise lintho tseo u ithutang tsona u be u etse lipatlisiso e le hore u ikholise hore lintho tseo u ithutang tsona ka Jehova ke ’nete. U lokela ho ikholisa ka bouena hore Bibele e bua ’nete ka Jehova.—Bar. 12:2. w20.07 8 ¶2-3
Laboraro, la 9 November
Le thuse ba fokolang.—Lik. 20:35.
Ho na le lipale tse ngata tse bontšang hore mangeloi a re thusa hore re fumane batho ba seng ba sa tle libokeng ba batlang ho khutlela ho Jehova. (Tšen. 14:6) Mor’abo rona Silvio oa Ecuador o ile a rapela Jehova, a mo kopa hore a romele motho ea tla mo thusa hore a khutlele ho eena. Ha a ntse a rapela, ho ile ha kokotoa monyako. Baholo ba babeli ba ne ba mo etetse. Baholo bao ba ne ba thabile ’me ba ile ba qala ho mo thusa. Rea thaba ha re thusa batho ba khaolitseng ho tla libokeng hore ba khutlele ho Jehova. Mor’abo rona Salvador oa pula-maliboho o leka ka matla ho thusa batho ba khaolitseng ho tla libokeng. O re: “Ka linako tse ling ha ke nahana ka batho ba khutletseng ho Jehova ke thaba hoo ke llang. Ke thabisoa ke hore ke sebelitse le Jehova ho thusa nku ea hae e neng e hlahlathetse hore e khutlele ho eena.” Haeba u khaolitse ho ea libokeng kapa tšimong, u lokela ho kholiseha hore Jehova oa u rata. Jehova o emetse hore u khutlele ho eena ’me ha u khutla o tla u amohela ka liatla tse peli. w20.06 29 ¶16-18
Labone, la 10 November
[Le] tla bona Morupeli oa lona e Moholo.—Esa. 30:20.
Kaha Jehova ke ‘Morupeli oa rona e Moholo,’ o re file mehlala e ka Bibeleng e le ho re ruta. (Esa. 30:21) Ha re thuisa ka litlaleho tsa Bibele, re ithuta ka tsa batho ba ileng ba bontša makhabane a tšoanang le a Molimo. Re boetse re ithuta ho hong ha re hlahloba mehlala ea batho ba ileng ba hloleha ho bontša makhabane ana. (Pes. 37:37; 1 Bakor. 10:11) Na u sa hopola hore na Morena Saule o ile a hlaheloa ke’ng? Ha a sa le mocha, e ne e le motho ea ikokobelitseng. O ne a hlokomela moo matla a hae a fellang teng a bile a le lesisitheho hore a ka amohela boikarabelo bo eketsehileng. (1 Sam. 9:21; 10:20-22) Empa ha nako e ntse e-ea, o ile a qala ho etsa lintho tseo a neng a se na tokelo ea ho li etsa. O ile a bontša sebopeho sena se sebe nakoana ka mor’a hore e be morena. Athe boemong bo bong teng o ile a felloa ke pelo ha a ntse a emetse moprofeta Samuele eaba o etsa nyehelo ea secheso eo a neng a se na matla kapa tokelo ea ho e etsa. Kahoo, Jehova ha aa ka a hlola a amohela Saule eaba le borena boa mo fella. (1 Sam. 13:8-14) Re tla be re bontša hore re bohlale haeba re ithuta mohlaleng ona hore re qobe ho etsa lintho tseo re se nang tokelo ea ho li etsa. w20.08 10 ¶10-11
Labohlano, la 11 November
Le hlomphe ba . . . le okametseng Moreneng.—1 Bathes. 5:12.
Ke ’nete hore Jehova o fane ka “limpho [tseo e leng] banna” a sebelisa Kreste bakeng sa liphutheho tsa hae. (Baef. 4:8) “Limpho [tseo e leng] banna” li akareletsa barab’abo rona ba Sehlopha se Busang, bathusi ba Sehlopha se Busang, litho tsa Likomiti Tsa Makala, balebeli ba potoloho, barupeli ba likolo tsa Bibele, baholo ba liphutheho le bahlanka ba sebeletsang. Batho bana ba khethoa ke moea o halalelang hore ba hlokomele linku tsa Jehova le ho matlafatsa liphutheho. (1 Pet. 5:2, 3) Barab’abo rona ba khethoa ke moea o halalelang hore ba phethe likabelo tse sa tšoaneng. Joalokaha litho tsa ’mele tse sa tšoaneng tse kang matsoho le maoto li sebetsa hore li hlokomele ’mele oohle, barab’abo rona ba khethiloeng ke moea o halalelang ba sebetsa ka thata hore ba thuse phutheho eohle. Ha ba ipatlele thoriso ho ba bang. Ho e-na le hoo, ba etsa boiteko ba ho khothatsa le ho matlafatsa Bakreste-’moho le bona. (1 Bathes. 2:6-8) Re leboha Jehova ka barab’abo rona bana ba tšoanelehang ba se nang moea oa boithati! w20.08 21 ¶5-6
Moqebelo, la 12 November
E eang ’me le etse . . . barutuoa.—Mat. 28:19.
Lebaka le leng leo ka lona re batlang ho bolela ke hobane batho ba sohlokehile hape ba qhalakane ’me ba nyoretsoe ho ithuta ’nete ka ’Muso oa Molimo. (Mat. 9:36) Jehova o batla hore batho ba mefuta eohle ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete e le hore ba pholohe. (1 Tim. 2:4) Ha re hopola hore mosebetsi ona oo re o etsang o pholosa maphelo a batho, re tla susumeletseha hore re bolele. Ho pholoha ha batho ho itšetlehile ka rona. (Bar. 10:13-15; 1 Tim. 4:16) Re boetse re lokela ho ba le thepa e loketseng bakeng sa mosebetsi oa rona. Hape re lokela ho tseba ho e sebelisa. Jesu o ile a fa barutuoa ba hae litaelo tse hlakileng tsa hore na ba lokela ho etsa mosebetsi ona joang. O ile a ba bolella hore na ba nke eng, ba bolele hokae le hore na ba re’ng. (Mat. 10:5-7; Luka 10:1-11) Mehleng ena, mokhatlo oa Jehova o fane ka Teaching Toolbox e nang le thepa e sebetsang hantle haholo. Re boetse re rutoa hore na re ka sebelisa thepa eo joang. Koetliso eo e etsa hore re itšepe hape re be mesuoe e hloahloa.—2 Tim. 2:15. w20.09 4 ¶6-7, 10
Sontaha, la 13 November
Ha ho letho le nthabisang ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.—3 Joh. 4.
U nahana hore moapostola Johanne o ile a thaba hakae ha a utloa hore batho bao a ba rutileng ka Jehova ba ntse ba tsoela pele ho mo sebeletsa ka botšepehi? Bakreste bao ba ne ba thulane le mathata a mangata ’me Johanne o ne a ntse a sebetsa ka thata ho matlafatsa tumelo ea batho bao ba tšepahalang bao a neng a ba nka joaloka bana ba hae. Ka tsela e tšoanang, le rona rea thaba haeba bana ba rona e bang ke ba letsoele kapa bao re ba rutileng Bibele, ba inehela ho Jehova ’me ba loanela ho lula ba mo sebeletsa. (3 Joh. 3) E ka ’na eaba ka selemo sa 98, moea o halalelang oa Jehova o ile oa susumetsa Johanne hore a ngole mangolo a mararo. Sepheo sa ho ngola mangolo ao, e ne e le ho khothaletsa Bakreste ba tšepahalang hore ba lule ba e-na le tumelo ho Jesu le hore ba tsoele pele ho tsamaea ’neteng. Johanne o ne a tšoenyehile ka tšusumetso e mpe eo baruti ba bohata ba neng ba ntse ba e jala ka phuthehong ea Bokreste. (1 Joh. 2:18, 19, 26) Bakoenehi bao ba ne ba re ba tseba Molimo empa ba ne ba sa mamele melao ea hae ho hang. w20.07 20 ¶1-3
Mantaha, la 14 November
Bontšang tumelo ho Molimo, le bontše tumelo le ho ’na.—Joh. 14:1.
Re na le tumelo molaetseng oo re o phatlalatsang, kahoo re na le tabatabelo e matla ea ho bolella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. Re na le tumelo litšepisong tse ka Lentsoeng la Molimo. (Pes. 119:42; Esa. 40:8) Re bone ha boprofeta ba Bibele bo phethahala mehleng ena. Re bone ka mahlo a rona ha batho ba fetola bophelo ba bona ’me ba phela ka melao ea Molimo. Taba ena e fana ka bopaki bo re kholisang hore litaba tsa ’Muso oa Molimo ke molaetsa oo motho e mong le e mong a lokelang ho o tseba. Re boetse re na le tumelo ho Jehova, mohloli oa molaetsa oa rona oa boboleli le ho Jesu eo a mo fileng matla a borena ’Musong oa hae. Ho sa tsotellehe hore na re hlaheloa ke eng, Jehova o tla lula e le setšabelo le matla a rona. (Pes. 46:1-3) Ho phaella moo, re kholisehile hore Jesu o etella mosebetsi oa boboleli pele a le leholimong a sebelisa matla le bolaoli tseo a li filoeng ke Jehova. (Mat. 28:18-20) Tumelo e etsa hore re kholisehe le ho feta hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rona. w20.09 12 ¶15-17
Labobeli, la 15 November
O nketselitse ketso e ntle. . . . O entse seo a neng a ka se khona.—Mar. 14:6, 8.
Ka linako tse ling, baralib’abo rona ba ka hloka motho ea ba buellang ha ba tobane le bothata bo itseng. (Esa. 1:17) Ka mohlala, mohlolohali kapa morali’abo rona ea hlaliloeng a ka hloka motho e mong hore a mo thuse ka mesebetsi eo monna oa hae a neng a tloaetse ho e etsa. Morali’abo rona ea holileng a ka hloka motho ea ka mo thusang ho bua le lingaka. Kapa morali’abo rona oa pula-maliboho ea etsang mesebetsi e meng ka mokhatlong a ka hloka motho ea ka mo buellang ha a tontontšoa ka hore ha a be tšimong kamehla joaloka bo-pula-maliboho ba bang. Nahana ka mohlala oa Jesu. Jesu o ile a potlakela ho buella basali ba tšabang Molimo ha ba ne ba sa utloisisoe. Mohlala, o ile a sireletsa Maria ha Maretha a ne a mo bua hampe. (Luka 10:38-42) O ile a boela a sireletsa Maria hape nakong eo batho ba neng ba mo halefela ka hore o entse qeto e fosahetseng. (Mar. 14:3-9) Jesu o ile a utloisisa sepheo sa Maria eaba oa mo buella. O ile a ba a profeta hore ntho eo Maria a e entseng e ne e tla hopoloa “kae kapa kae moo litaba tse molemo li neng li tla boleloa teng lefatšeng lohle.” w20.09 24 ¶15-16
Laboraro, la 16 November
Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lona, eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata.—1 Pet. 5:2.
Molisa ea khabane o ne a utloisisa hore nku e ka lahleha. Haeba nku e neng e lahlehile e khutlela mohlapeng, molisa o ne a sa e tšoare hampe. Bona mohlala o bontšang hore na Jehova o ile a thusa bahlanka ba hae joang ba ileng ba khaotsa ho mo sebeletsa ka nakoana. Moprofeta Jonase o ile a baleha eaba ha ee moo Jehova a mo romileng. Leha ho le joalo Jehova ha aa ka mo lahla, o ile a mo pholosa feela joalokaha molisa ea ratang linku tsa hae a ne a ka etsa. O ile a mo fa matla ao a neng aa hloka hore a ee moo a neng a mo romile teng. (Jon. 2:7; 3:1, 2) Ka mor’a moo Jehova o ile a sebelisa semela sa mohope ho thusa Jonase ho bona hore bophelo bo bohlokoa. (Jon. 4:10, 11) Re ithuta’ng mohlaleng oo? Baholo ha baa lokela ho tela ha e mong oa bahlanka ba Jehova a khaolitse ho ea libokeng le tšimong. Ba lokela ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha nku e lahlehile. Hape, ha nku e lahlehileng e khutlela ho Jehova, baholo ba lokela ho e tšoara ka mosa ba be ba e bontše hore baa e rata. w20.06 20-21 ¶10-12
Labone, la 17 November
Ba tla thusoa ka thuso e nyenyane.—Dan. 11:34.
Ka mor’a hore Soviet Union e oe ka 1991, batho ba Molimo ba ile ba fumana “thuso e nyenyane” e leng tokoloho ea nakoana. Ka lebaka leo, Lipaki li ile tsa e-ba le bolokolohi ba ho paka ’me ho e-s’o ee kae, palo ea bahoeletsi ba neng ba phela linaheng tse oelang tlas’a Soviet Union ba ile ba eketseha ka sekhahla. Ka mor’a lilemo tse seng kae, Russia le linaha tse e tšehetsang e ile ea e-ba morena oa leboea. E le hore ’muso ebe morena oa leboea le oa boroa, o lokela ho etsa lintho tsena tse tharo: (1) o tlameha ho hlorisa batho ba Molimo, (2) o lokela ho bontša ka liketso hore o hloile Jehova le batho ba hae, le (3) o tlameha ho tseka sekola. Russia le bo-mphato ba eona ba hlasela batho ba Molimo ka hore ba thibele mosebetsi oa bona oa boboleli le ka ho hlorisa bara le barali babo rona ba likete-kete. Lintho tseo ba li etsang li bontša hore ba hloile Jehova le batho ba hae. Hape ba leka ka hohle hore ba be matla ho feta morena oa boroa e leng ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. w20.05 12 ¶3-4
Labohlano, la 18 November
[Ela] hloko kamehla . . . ho ruta ha hao.—1 Tim. 4:16.
Kaha ho ruta le ho etsa barutuoa ke li-ea-thoteng-li-bapile, re lokela ho ba mesuoe e hloahloa haholo. Nako le nako re khanna lithuto tsa Bibele tse limilione lefatšeng lohle. Kaha re rata Lentsoe la Molimo, re ka ’na ra utloa re batla ho bua haholo ka lona. Leha ho le joalo, ha motho a khanna Thuto ea Molula-Qhooa, Thuto ea Bibele ea phutheho kapa a khannela motho e mong thuto, ha a lokela ho bua haholo. Kaha motho ea khannang thuto o lokela ho sebelisa Bibele haholo ha a ruta, o lokela ho ba hlokolosi hore a se ke a bua haholo kapa a leka ho hlalosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e tsebang ka temana kapa taba e ’ngoe e hlahang ka Bibeleng. (Joh. 16:12) Hopola hore na ha u ne u kolobetsoa u ne u tseba Bibele hakae ebe u bapisa tsebo eo le eo u seng u e-na le eona hona joale. Ho ka etsahala hore ebe ka nako eo u ne u utloisisa lithuto tsa motheo feela. (Baheb. 6:1) Ho u nkile lilemo hore u ithute ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e tsebang hona joale, kahoo u se ke oa leka ho foqa thuto ea hao ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka nako e le ’ngoe. w20.10 14-15 ¶2-4
Moqebelo, la 19 November
Ke ’metli oa mapolanka mora oa Maria.—Mar. 6:3.
Jehova o ile a khethela Jesu batsoali ba nepahetseng. (Mat. 1:18-23; Luka 1:26-38) Mantsoe a tsoang pelong ao Maria a ileng a a bua a hlahang ka Bibeleng aa bontša hore o ne a rata Jehova le Lentsoe la hae haholo. (Luka 1:46-55) Le tsela eo Josefa a ileng a mamela tataiso ea Jehova ea bontša hore o ne a rata Jehova a bile a batla ho mo thabisa. (Mat. 1:24) Hlokomela hore Jehova ha aa ka a khetha batho ba hafang ka nkatana hore e be bona batsoali ba Jesu. Sehlabelo seo Josefa le Maria ba ileng ba se nyehela ha Jesu a qeta ho hlaha sea bontša hore ba ne ba futsanehile. (Luka 2:24) Ho ka etsahala hore ebe ba ne ba se na chelete kapa maruo a mangata, haholo hobane ba ile ba qetella ba e-na le bana ba supileng kapa ho feta. (Mat. 13:55, 56) Ho na le maemo a kotsi ao Jehova a ileng a sireletsa Jesu ho ’ona empa ha aa ka a mo sireletsa mathateng ’ohle. (Mat. 2:13-15) Mohlala, Jesu o ne a e-na le beng ka eena bao qalong ba neng ba sa lumele ho hang hore ke Mesia. (Mar. 3:21; Joh. 7:5) Hape e ka ’na eaba Jesu o ile a utloa bohloko ha a hlokahalloa ke ntate oa hae Josefa. w20.10 26-27 ¶4-6
Sontaha, la 20 November
Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.—Baheb. 13:5.
Na ha u le ka har’a mathata u ee u utloe eka ha u na mang-oe? Batho ba bangata ba kile ba ikutloa joalo ho akarelletsa le bahlanka ba Jehova. (1 Mar. 19:14) Haeba u kile oa ikutloa joalo, hopola tšepiso ena ea Jehova: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” Kahoo re ka bua ka phatla e phahameng ra re: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba.” (Baheb. 13:5, 6) Moapostola Pauluse o ile a ngola mantsoe ao ka selemo sa 61 ka mor’a mehla ea Jesu, a a ngolla Bakreste-’moho le eena ba lulang Judea. Mantsoe ao a re hopotsa Lengolo la Pesaleme ea 118:5-7. Joaloka mopesaleme, Pauluse o ne a tseba hore Jehova ke mothusi oa hae hobane a ’nile a mo thusa ka makhetlo a mangata. Mohlala, lilemo tse fetang tse peli pele a ngola Lengolo la Baheberu, o ile a pholoha ha leoatle le ne le befile nakong eo a neng a le tseleng ka sekepe. (Lik. 27:4, 15, 20) Lilemo pele Pauluse a nka leeto leo le nakong eo a seng a le tseleng, Jehova o ile a thusa Pauluse ka litsela tse ngata. w20.11 12 ¶1-2
Mantaha, la 21 November
U se ke oa re: “Ke hobane’ng ha matsatsi a pele a bile molemo ho feta aa?”—Moek. 7:10.
Ke hobane’ng ha e se bohlale ho lula re nahana hore nakong e fetileng bophelo ba rona bo ne bo le monate ho feta hona joale? Ho etsa joalo ho ka etsa hore re ikhopolele lintho tse monate feela. Hopola mohlala oa Baiseraele ba mehleng ea khale. Ka mor’a hore ba tlohe Egepeta, kapele feela ba ile ba lebala hore na bophelo ba bona bo ne bo le bosula joang moo. Ntho feela eo ba ileng ba e hopola ke lijo tse monate tseo ba neng ba li ja. Ba ile ba re: “Re hopotse hakaakang tlhapi eo re neng re e ja mahala Egepeta, likomkomere le mahapu le liliki le lieiee le konofolo!” (Num. 11:5) Empa na kannete ba ne ba fela ba ja lijo tseo “mahala”? Le letho. Baiseraele ba ne ba phela habohloko, ka nako eo ba ne ba sotloa hampe ba entsoe makhoba Egepeta. (Ex. 1:13, 14; 3:6-9) Empa mathata ao kaofela ba ile ba a lebala eaba ba lakatsa ho khutlela morao. Ho e-na le hore ba nahane haholo ka lintho tse ntle tseo Jehova a neng a sa tsoa ba etsetsa tsona, ba ile ba khetha ho nahana haholo ka lintho tsa khale. Jehova o ile a tuka ke bohale ka lebaka la boikutlo bona ba bona.—Num. 11:10. w20.11 25 ¶5-6
Labobeli, la 22 November
Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng, o pholosa ba sithabetseng moeeng.—Pes. 34:18.
Ka linako tse ling, re ka iphumana re ntse re nahana kamoo bophelo bo leng bokhutšoanyane kateng le kamoo bo tletseng “likhathatso” kateng. (Jobo 14:1) Kahoo, hoa utloahala hore ka linako tse ling re ka ikutloa re nyahame. Boholo ba bahlanka ba Jehova ba mehleng ea khale ba ile ba ikutloa joalo. Ba bang ba ne ba bile ba batla ho shoa. (1 Mar. 19:2-4; Jobo 3:1-3, 11; 7:15, 16) Empa Jehova, Molimo eo ba neng ba mo tšepa o ne a ba tšelisa le ho ba matlafatsa ka linako tsohle. Lipale tsa bona li ile tsa ngoloa ka Bibeleng e le ho re tšelisa le ho re laea. (Bar. 15:4) Nahana ka Josefa mora oa Jakobo. Bophelo ba hae bo ile ba fetoha haholo ka nako e khutšoanyane feela. O ne a se a sa lule le ntate oa hae ea mo ratang, e se e le lekhoba la boemo bo tlaase la molaoli oa lekhotla oa mohetene ea lulang Egepeta. (Gen. 37:3, 4, 21-28; 39:1) Ka mor’a moo, mosali oa Potifaro o ile a bua leshano a qosa Josefa ka hore o lekile ho mo beta. Eaba Potifaro o laela hore Josefa a lahleloe teronkong a sa batla le ho batla hore na litaba tseo ke ’nete. (Gen. 39:14-20; Pes. 105:17, 18) Ha se feela Josefa a neng a ka ikutloa a nyahame. w20.12 16-17 ¶1-4
Laboraro, la 23 November
Lebitso la hao le ke le halaletsoe.—Mat. 6:9.
Jesu o ile a re taba ena e lokela ho ba e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo re li rapellang. Empa ha e le hantle Jesu o ne a bolela’ng? Ho halaletsa ntho ho bolela ho etsa hore e hloeke kapa e hloke sekoli. Empa batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Na lebitso la Jehova le se le ntse le sa hloeka hape le se na sekoli?’ E le ho araba potso ena, re lokela ho nahana haholoanyane ka hore na lebitso la Jehova le akareletsa’ng. Lebitso ha se pokello feela ea litlhaku tse ka ngoloang holim’a leqephe kapa ntho feela e ka bitsoang. Bibele e re: “Lebitso le lokela ho khethoa ho e-na le maruo a mangata.” (Liprov. 22:1; Moek. 7:1) Ke hobane’ng ha lebitso le le bohlokoa hakaale? Ke hobane le akareletsa botumo ba motho le lintho tseo batho ba li nahanang ha ba utloa lebitso la hae. Kahoo, tsela eo lebitso le ngoloang kapa le bitsoang ka eona ha se ea bohlokoa hakaalo empa ntho ea bohlokoa ke hore na batho ba bang ba nahanang ha ba bona kapa ba utloa lebitso leo. Ha batho ba bua mashano ka Jehova ba senya botumo ba hae. Ha ba senya botumo ba hae, ba leka ho mo senya lebitso. w20.06 2-3 ¶5-7
Labone, la 24 November
Moea oa ka o khathatsehile haholo; Jehova—e tla ba halelele hakae?—Pes. 6:3.
Re ka tšoenyeha haholo ka mathata a rona hoo re ka hlolehang ho nahana ka lintho tse ling. Mohlala, re ka tšoenyeha ka hore re ke ke ra ba le chelete e lekaneng ho reka lintho tseo re li hlokang kapa re kule le hore re felloe ke mosebetsi kapa re se khone ho sebetsa. Hape re ka tšoenngoa ke hore re ke ke ra tšepahala ha re lekeha ho tlola melao ea Molimo. Haufinyane Satane o tl’o etsa hore batho bao a ba laolang ba hlasele batho ba Molimo, kahoo, re ka ngongoreha ka hore na ka nako eo re tla etsa’ng. Re ka ipotsa, ‘Na ke phoso ho tšoenyeha ka lintho tsee?’ Rea tseba hore Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Khaotsang ho tšoenyeha.” (Mat. 6:25) Empa na Jesu o ne a bolela hore ha rea lokela ho tšoenyeha ho hang? Qha! Ho feta moo, bahlanka ba bang ba Jehova ba nakong e fetileng, ba ile ba sebetsana le ho tšoenyeha empa Jehova ha aa ka a ba lahla. (1 Mar. 19:4) Ha e le hantle, Jesu o ne a re thoba maikutlo. O ne a sa batle ha re tšoenyeha haholo ka lintho tseo re li hlokang hoo li ka re sitisang ho sebeletsa Jehova. w21.01 3 ¶4-5
Labohlano, la 25 November
Hlooho ea mosali ke monna.—1 Bakor. 11:3.
Monna o ikarabella ho Jehova le Jesu mabapi le tsela eo a tšoarang lelapa la hae ka eona. (1 Pet. 3:7) Kaha Jehova ke Hlooho ea lelapa lohle la hae le leholimong le lefatšeng, o na le matla a ho etsa melao ea hore na bana ba hae ba lokela ho itšoara joang ebile o na le tokelo ea ho etsa bonnete ba hore ba mamela melao eo. (Esa. 33:22) Jesu le eena joaloka hlooho ea phutheho, o na le tokelo ea ho etsa melao le hore a e kenye tšebetsong. (Bagal. 6:2; Bakol. 1:18-20) Hlooho ea lelapa e ka latela mohlala oa Jehova le Jesu ka hore e etsetse lelapa la eona liqeto. (Bar. 7:2; Baef. 6:4) Leha ho le joalo, matla a hae a na le moeli. Mohlala, melao eo a e behang e lokela hore e lumellane le melao-motheo e ka Lentsoeng la Molimo. (Liprov. 3:5, 6) Hape hlooho ea lelapa ha e-na matla a ho etsa melao bakeng sa batho bao e seng litho tsa lelapa la eona. (Bar. 14:4) Ha bana ba hae ba phurusetsa, ba ntse ba lokela ho mo hlompha empa ha ba sa ikarabella tlas’a bohlooho ba hae.—Mat. 19:5. w21.02 2-3 ¶3-5
Moqebelo, la 26 November
[Lokisetsa] hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba [hao].—1 Tim. 5:8.
Ntho e ’ngoe eo hlooho ea lelapa e ka bontšang hore e rata lelapa la eona ke hore e le hlokomele ka litlhoko tsa mantlha. Leha ho le joalo, e lokela ho hopola hore ntho ea bohlokoa ke ho thusa lelapa la hae hore le sebeletse Jehova. (Mat. 5:3) Ha Jesu a le thupeng ea tlhokofatso a le haufi le ho shoa, o ile a etsa bonnete ba hore Maria o tla hlokomeloa. Ho sa tsotellehe bohloko bo boholo boo Jesu a neng a bo utloa, o ile a re moapostola Johanne a hlokomele ’mè oa hae. (Joh. 19:26, 27) Mor’abo rona eo e leng hlooho ea lelapa a ka ’na a ba le boikarabelo bo bongata. O lokela ho sebetsa ka thata mosebetsing oa hae oa boipheliso e le hore tsela eo a itšoarang ka eona e ise thoriso ho Jehova. (Baef. 6:5, 6; Tite 2:9, 10) Kapa mohlomong o na le boikarabelo ka phuthehong, joaloka ho ba molisa le ho etella pele mosebetsi oa boboleli. Ka nako e tšoanang ho bohlokoa hore a bale Bibele le mosali oa hae le bana ba hae kamehla. Ba tla ananela haholo lintho tseo a li etsang hore ba lule ba phetse hantle ’meleng le maikutlong le hore ba lule ba e-na le kamano e ntle le Jehova.—Baef. 5:28, 29; 6:4. w21.01 12 ¶15, 17
Sontaha, la 27 November
[Mosali ea nang le bokhoni] o lebela se etsahalang ho ba ntlo ea hae.—Liprov. 31:27.
Ha Bibele e hlalosa mosali ea nang le bokhoni, e re o khona ho hlokomela lelapa la hae, a reke le ho hlokomela thepa ea hae a be a etse mesebetsi ea khoebo. (Liprov. 31:15, 16, 18) Ha se lekhoba le se nang tokelo ea ho ntša maikutlo a lona. Ho e-na le hoo, monna oa hae oa mo tšepa ebile o mamela maikutlo a hae. (Liprov. 31:11, 26) Ha monna a tšoara mosali oa hae ka tsela e mosa le e nang le tlhompho, mosali oa hae o tla thabela ho mo mamela. Le hoja Jesu a entse lintho tse ngata, ha aa utloe eka o itheola seriti ha a hlompha bohlooho ba Jehova. (1 Bakor. 15:28; Bafil. 2:5, 6) Ka tsela e tšoanang, mosali ea nang le bokhoni ea latelang mohlala oa Jesu, a ke ke a utloa a khelloa fatše ha a hlompha monna oa hae. O tla tšehetsa monna oa hae, eseng hobane feela a mo rata empa ntho ea mantlha e le hore o rata Jehova ebile oa mo hlompha. Mosali oa Mokreste ea hlomphang bohlooho ba monna oa hae a ke ke a tšehetsa monna oa hae haeba a re a tsoe melao ea Bibele kapa melao-motheo ea eona tlaase. w21.02 11 ¶14-15; 12 ¶19
Mantaha, la 28 November
Matšoenyeho a hlahisa mamello.—Bar. 5:3.
Haesale tsela eo bahlanka ba Jehova ba mo ratang ka eona e ba thusa ho mamella liteko. Ka mohlala, ha lekhotla le phahameng la Bajuda le ne le laela baapostola hore ba khaotse ho bolela, lerato leo ba neng ba rata Molimo ka lona le ile la ba susumetsa hore ba ‘mamele Molimo e le ’Musi ho e-na le batho.’ (Lik. 5:29; 1 Joh. 5:3) Barab’abo rona ba hlorisoang ke mebuso e matla le e khopo, le bona ba thusoa ke ho rata Molimo haholo hore ba lule ba tšepahala. Ho e-na le hore re nyahame, rea thaba ha re hlouoe ke batho. (Lik. 5:41;Bar. 5:4, 5) Haeba re hanyetsoa ke litho tsa lelapa, ho ka ba thata haholo hore re mamelle. Ha ba bang ba lelapa ba hlokomela hore re batla ho ithuta ka Jehova ba ka ’na ba nahana hore re khelositsoe. Ba bang ba ka ’na ba nahana hore re lahlehetsoe ke kelello. (Bapisa Mareka 3:21.) Hape ba ka ’na ba re hanyetsa ka matla. Ha rea lokela ho makatsoa ke lintho tsena. Jesu o ile a re: “Lira tsa motho e tla ba batho ba ntlo ea hae.”—Mat. 10:36. w21.03 21 ¶6-7
Labobeli, la 29 November
Motho e mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua.—Jak. 1:19.
Ha u ile le mohoeletsi thutong, mamela ka hloko ha mohoeletsi le seithuti ba ntse ba bua. Ha u etsa joalo, u tla khona ho mo thusa ka nako e nepahetseng. Empa u lokela ho nahana pele u bua. Ka mohlala, u ke ke oa bua haholo, oa kena mohoeletsi hanong ha a ntse a hlalosa ntho e itseng kapa oa bua ka ntho e ’ngoe e fapaneng. Ho e-na le hoo, u ka bua ntlha e khutšoanyane, oa etsa mohlala kapa oa botsa potso e tla hlakisa ntlha e ntseng e rutoa. Ka linako tse ling, u ka ’na oa utloa eka ha ho na ntho e kaalo eo u ka e buang. Empa haeba u babatsa seithuti ’me u bontša hore oa se tsotella, u tla se thusa hore se thabele ho ithuta. Haeba seithuti se tla rua molemo, se bollelle ka bokhutšoanyane hore na ho tlile joang hore u ithute Bibele, ke bothata bofe boo u ileng oa bo hlola le hore na Jehova o u thusitse joang bophelong ba hao. (Pes. 78:4, 7) E ka ’na eaba ho utloa ka pale ea hao, ke eona ntho eo motho eo u ithutang le eena a neng a hloka ho e utloa. Ho ka matlafatsa tumelo ea hae kapa ha etsa hore a batle ho kolobetsoa. w21.03 10 ¶9-10
Laboraro, la 30 November
Le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.—Mat. 28:19.
Ha re atleha mosebetsing oa boboleli, ke mang ea lokelang ho fuoa tlotla? Pauluse o ile a araba potso eo ha a ne a ngolla phutheho ea Korinthe. O ile a re: “Ke ile ka lema, Apolose a nosetsa, empa Molimo a ’na a holisa; e leng hore ea lemang hase letho kapa ea nosetsang, haese Molimo ea holisang.” (1 Bakor. 3:6, 7) Joaloka Pauluse, re lokela hore kamehla re ise thoriso ho Jehova ha re ba le litholoana tse ntle boboleling. Re ka bontša joang hore re ananela tokelo eo re nang le eona ea ho sebetsa le Jehova, Jesu le mangeloi? (2 Bakor. 6:1) Re ka etsa joalo ka hore ka cheseho re bolelle batho ba bang molaetsa oa ’Muso. Ha rea lokela ho lema peo feela empa re boetse re lokela ho e nosetsa. Ha motho a bontša hore o rata molaetsa oa rona, re leka ka hohle ho etsa hore re khutlele ho eena e le hore re ka qalisa thuto ea Bibele. Ha thuto e ntse e tsoela pele, rea thaba ha re bona kamoo Jehova a thusang thuto eo hore e fetole tsela eo e nahanang le ho etsa lintho ka eona. w20.05 30-31 ¶14, 16-18