October
Sontaha, la 1 October
Ho thaba motho ea ntšepang a sa belaele.—Mat. 11:6.
Lentsoe la Molimo ke lona mohloli oa lithuto tsa rona le lintho tseo re li lumelang. Ho ntse ho le joalo, batho ba bangata mehleng ena ha ba rate ho re mamela hobane ba nahana hore re e re etsa lintho ka tsela e bolutu le hore lintho tseo re li rutang ha li lumellane le tseo ba batlang ho li utloa. Re ka etsa’ng hore re se ke ra khoptjoa? Moapostola Pauluse o ile a re ho Bakreste ba Roma: “Tumelo e latela ntho e utloiloeng. Ntho e utloiloeng le eona e teng ka lentsoe le mabapi le Kreste.” (Bar. 10:17) Kahoo, re ba le tumelo ka ho ithuta Mangolo e seng ka ho ba teng litšebeletsong tsa bolumeli tse sa lumellaneng le Mangolo ho sa tsotellehe hore na li bonahala li le monate hakae. Re lokela ho ba le tumelo e matla e thehiloeng tsebong e nepahetseng hobane ‘kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho khahlisa Molimo.’ (Baheb. 11:1, 6) Kahoo, ha re hloke hore ho be le mohlolo o ikhethang o tsoang leholimong o tla paka hore re tseleng e nepahetseng. Re lokela ho hlahloba ka hloko lithuto tsa Bibele e le hore re se ke ra ba le lipelaelo le hore tumelo ea rona e be matla. w21.05 4-5 ¶11-12
Mantaha, la 2 October
Lintho tse nketsahaletseng li entse hore litaba tse monate li boleloe le ho feta.—Bafil. 1:12.
Moapostola Pauluse o ne a e-na le mathata a mangata. O ne a hloka matla haholo-holo ha batho ba ne ba mo shapa, ba mo otla ka majoe le ha ba ne ba mo koalla teronkong. (2 Bakor. 11:23-25) Pauluse o ne a lumela hore ka linako tse ling, o ne a lokela ho sebetsa ka thata e le hore a hlole ho nyahama. (Bar. 7:18, 19, 24) O ne a boetse a mamelletse ho kula hoo a neng a ho tšoantša le “moutloa nameng” ’me o ne a batla hore Molimo a o tlose ho eena. (2 Bakor. 12:7, 8) Jehova o ile a fa Pauluse matla a hore a tsoele pele a bolela ho sa tsotellehe mathata ao a neng a e-na le ’ona. Nahana ka ntho eo Pauluse a ileng a khona ho e etsa. Ka mohlala, ha a ne a le ntlong eo a neng a koalletsoe ho eona Roma, o ile a phatlalatsa molaetsa oa ’Muso oa Molimo ka mafolo-folo ho batho ba bangata mohlomong ho akarelletsa le ho ba boholong pusong. (Lik. 28:17; Bafil. 4:21, 22) O ile a boela a bolela molaetsa oo ho Balebeli ba bangata ba Moemphera le ho batho bohle ba neng ba mo etela. (Lik. 28:30, 31; Bafil. 1:13) Hona ka nako eo, Molimo o ile a sebelisa Pauluse hore a ngole mangolo a thusitseng Bakreste ba ’nete ’me a ntse a ba thusa le kajeno. w21.05 21 ¶4-5
Labobeli, la 3 October
“Le se ke la fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngotsoeng” e le hore le se ke la ikhohomosa.—1 Bakor. 4:6.
Kaha Morena Uzia oa Juda o ne a ikhohomosa, ha aa ka a mamela taelo eo a neng a e fuoe eaba o etsa ntho eo a neng a sa lokela ho e etsa. Uzia o ne a e-na le bokhoni ba ho etsa lintho hantle. O ile a hlola lintoa tse ngata, a haha metse e mengata hape o ne a atlehile le temong. ‘Molimo oa ’nete o ile a mo atlehisa.’ (2 Likron. 26:3-7, 10) Bibele e re: “Leha ho le joalo, hang ha a le matla, pelo ea hae ea ikhohomosa ho fihlela boemong ba ho baka tšenyo.” Jehova o ne a fane ka taelo ea hore ke baprista feela ba neng ba lumelletsoe ho chesa libano tempeleng. Empa Morena Uzia o ile a ea tempeleng eaba o chesa libano. Jehova ha aa ka a thabisoa ke ntho eo eaba o otla monna eo ea ikhohomosang ka lepera. (2 Likron. 26:16-21) Na ho ikhohomosa ho ka etsa hore le rona re oele lerabeng le tšoanang le leo Uzia a ileng a oela ho lona? Ho joalo, haeba feela re inahana ho feta tekano. Re lokela ho hopola hore bokhoni le mesebetsi eo re nang le eona ka phuthehong li tsoa ho Jehova. (1 Bakor. 4:6, 7.) Haeba re ikhohomosa, Jehova a ke ke a re sebelisa. w21.06 16 ¶7-8
Laboraro, la 4 October
Le se ke la thabela feela hore ebe bademona baa le mamela empa le thabisoe ke hore mabitso a lona a ngotsoe maholimong.—Luka 10:20.
Jesu o ne a tseba hore barutuoa ba hae ba ke ke ba lula ba thabile joalo tšebeletsong ea bona. Ha e le hantle, ha re tsebe hore na ke batho ba bakae ba ileng ba mamela barutuoa eaba e e-ba Bakreste. Ntho ea bohlokoa eo e neng e lokela ho ba thabisa ke ho tseba hore Jehova o ananela boiteko ba bona eseng lintho tseo ba li finyelletseng. Haeba re mamella boboleling re tla fumana bophelo bo sa feleng. Ha re jala le ho kotula peo ea ’nete ea ’Muso ka pelo eohle re boetse re jala ka “sepheo sa ho jalla moea” ka ho lumella moea o halalelang oa Molimo hore o sebetse ho rona ka bolokolohi. Haeba re sa ‘tele’ kapa hona ho ‘khathala,’ Jehova o re tšepisa hore re tla fumana bophelo bo sa feleng ho sa tsotellehe hore na re thusa batho ba bang hore ba kolobetsoe kapa che.—Bagal. 6:7-9. w21.10 26 ¶8-9
Labone, la 5 October
A ba hauhela . . . A qala ho ba ruta lintho tse ngata.—Mar. 6:34.
Ka lekhetlo le leng, Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba khathetse haholo ka mor’a ho etsa mosebetsi oa boboleli. Ba ne ba hloka sebaka sa ho phomola, leha ho le joalo, bongata bo ile ba ba fumana. Jesu o ile a susumetsoa ke khauho ’me a qala ho bo ruta “lintho tse ngata.” O ile a ipeha boemong ba batho bao. O ile a bona kamoo ba neng ba sotleha kateng le kamoo ba se nang tšepo ’me o ne a batla ho ba thusa. Le kajeno, batho ba boemong bo tšoanang. Batho kajeno ba na le mathata ’me ha ba na tšepo leha ba bonahala ba thabile ba bile ba khotsofetse bophelong. Ba joaloka linku tse lahlehileng, tse hlokang molisa ea ka li tataisang. Moapostola Pauluse o ile a re batho ba tjena ke ba sa tsebeng Molimo le ba se nang tšepo. (Baef. 2:12) Ha re bona kamoo batho ba tšimong ea rona ba hlokang ho tseba Molimo kateng, lerato le kutloelo-bohloko li etsa hore re ba thuse ’me re ka etsa joalo ka ho ithuta Bibele le bona. w21.07 5 ¶8
Labohlano, la 6 October
A re se keng ra ikhohomosa, . . . ra honohela ba bang.—Bagal. 5:26.
Motho ea ikhohomosang oa ikhantša hape ha a nahane ka batho ba bang. Motho ea mona o khalla lintho tsa batho ba bang ebile o batla le ho ba nkela tsona. Kahoo, motho ea mohono ha e le hantle o na le lehloeo. Boikhohomoso le mohono li ka tšoantšoa le litšila tse bang teng ka har’a mafura a tsamaisang sefofane. Sefofane se ka khona ho fofa empa litšila tseo li ka koala lipeipi tse tsamaisang mafura eaba li etsa hore sefofane se soahlamane. Ka tsela e tšoanang, motho e mong a ka ’na a ba le nako a sebeletsa Jehova. Empa haeba motho eo a ikhohomosa hape a le mohono, o tla tsoa kotsi. (Liprov. 16:18) O tla tlohela ho sebeletsa Jehova, a ikutloise bohloko hammoho le batho ba bang. Re ka hlola ho ikhohomosa ka hore re hopole keletso eo moapostola Pauluse e reng: “Le [se ke la etsa] letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa empa ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse.”—Bafil. 2:3. w21.07 15-16 ¶6-8
Moqebelo, la 7 October
Litaba tse monate tseo re li bolelang, ha rea li bua ka mantsoe feela empa le li utloile le thusoa ke moea o halalelang. Re ne re kholisehile hore molaetsa oo re le bolellang oona ke ’nete ’me o le thusitse haholo.—1 Bathes. 1:5.
Batho ba bang ba lumela hore bolumeli ba ’nete bo lokela ho araba lipotso tsohle esita le tseo Bibele e sa bueng ka tsona ka ho toba. Empa na taba ee ea utloahala? A re ke re bueng ka mohlala oa moapostola Pauluse. O ile a khothalletsa balumeli-’moho le eena hore ba ‘nepisise lintho tsohle’ empa a boela a lumela hore le eena ho na le lintho tseo a neng a sa li utloisise. (1 Bathes. 5:21) O ile a re: “Re na le tsebo e sa fellang . . . re bona ka setšoantšo se lerootho ka seipone sa tšepe.” (1 Bakor. 13:9, 12) Pauluse o ne a sa utloisise ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me ho joalo le ka rona. Empa o ile a utloisisa lintho tsa bohlokoa ka Jehova. Lintho tseo a neng a li tseba li ne li lekane ho mo kholisa hore o fumane ’nete. Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka kholisehang hore re fumane ’nete ke ka hore re bapise tsela eo Jesu a neng a sebeletsa Jehova le eo Lipaki Tsa Jehova li etsang lintho ka eona mehleng ena. w21.10 18-19 ¶2-4
Sontaha, la 8 October
Ha ba le lilemo li 50, ba khaotse ho sebeletsa.—Num. 8:25.
Lona ba holileng, ho sa tsotellehe hore na le tšebeletsong ea nako e tletseng kapa che le ka etsa lintho tse ngata ho thusa batho ba bang. Le ka etsa joalo joang? Leka ho tloaela maemo a hao a macha, ipehele lintho tseo u batlang ho li finyella ’me u amehe ka lintho tseo u khonang ho li etsa e seng tseo u sa khoneng ho li etsa. Morena Davida o ne a batla ho hahela Jehova ntlo ka pelo ea hae eohle. Leha ho le joalo, ha Jehova a mo bolella hore mosebetsi oo o ne o tla etsoa ke Solomone ea neng a ntse a le mocha, Davida o ile a amohela qeto ea Jehova ’me a tšehetsa mosebetsi oo oa ho haha kahohle-hohle. (1 Likron. 17:4; 22:5) Davida ha aa ka a nahana hore ke eena ea neng a tšoaneleha ho etsa mosebetsi ona hobane Solomone a ne a le mocha ebile a se na boiphihlelo. (1 Likron. 29:1) Davida o ne a tseba hore tempele e ne e tla hahuoa hobane Jehova a hlohonolofalitse mosebetsi oo e seng ka lebaka la lilemo kapa boiphihlelo ba ba etellang pele. Batho ba holileng mehleng ena ba etsisa Davida ka hore ba sebetse ka thata esita le ha ba fumana mesebetsi e fapaneng mokhatlong oa Molimo. Baa tseba hore Jehova o tla hlohonolofatsa bacha ba etsang mosebetsi oo ba neng ba o etsa pele. w21.09 9 ¶4; 10 ¶5, 8
Mantaha, la 9 October
O tla tataisa ba bonolo hore ba etse se lokileng, a rute ba bonolo tsela ea hae.—Pes. 25:9.
Haeba re ipehela lintho tseo re batlang ho li finyella tšebeletsong ea Jehova, re tla thaba ebile bophelo ba rona bo tla ba le morero. Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa ke hore re ipehele lintho tseo re ka khonang ho li finyella ho latela bokhoni ba rona le maemo a rona, eseng ho latela batho ba bang. Haeba re ipehela lintho tseo re batlang ho li finyella re ipapisitse le batho ba bang, re tla utloa bohloko re be re nyahame. (Luka 14:28) Kaha u mohlanka oa Jehova, oa ikhetha hape u motho oa bohlokoa haholo lelapeng la hae. Jehova ha aa ka a u hulela ho eena hobane u le bohlokoa ho feta batho ba bang. Ho e-na le hoo, o ile a u hula hobane a bona hore u motho ea ikokobelitseng, ea ikemiselitseng ho ithuta ka eena le ho etsa liphetoho. Kholiseha hore oa thaba ha a bona o etsa sohle seo u ka se khonang ho mo sebeletsa. Taba ea hore oa mamella ebile oa tšepahala e bontša hore u na le “pelo e ntle le e molemo.” (Luka 8:15) Kahoo, tsoela pele u sebeletsa Jehova kahohle kamoo u ka khonang. Ha u etsa joalo, u tla ba le lebaka la ho thaba “mabapi le [uena u] le mong.”—Bagal. 6:4. w21.07 24 ¶15; 25 ¶20
Labobeli, la 10 October
Ea thusang motho ea entseng sebe ho tlohela lintho tse mpe tseo a li entseng, o tla pholosa bophelo ba motho eo.—Jak. 5:20.
Hangata re hloka ho ba le mamello nakong eo re ntseng re emetse hore toka e phethahatsoe. Ka mohlala ha baholo ba elelloa hore motho o entse sebe se tebileng ka phuthehong, ba rapella “bohlale bo tsoang holimo” e le hore ba bone lintho ka tsela eo Jehova a li bonang ka eona. (Jak. 3:17) Morero oa bona ke ho ‘khutlisa moetsalibe phosong ea tsela ea hae’ haeba ho khoneha. (Jak. 5:19, 20) Ba boetse ba batla ho etsa kahohle kamoo ba ka khonang ho sireletsa phutheho le ho tšelisa ba utloisitsoeng bohloko. (2 Bakor. 1:3, 4) Ha ha ba fumana hore motho o entse sebe se tebileng, ba qala pele ka ho batla lintlha kaofela, e leng ntho e ka nkang nako. Ka mor’a moo, baa rapela le ho fana ka keletso e hlahang ka Mangolong ebe ba fana ka khalemelo ho mofosi “ka tekanyo e loketseng.” (Jer. 30:11) Baholo ha ba etse qeto ka lepotla-potla. Ha ba latela tataiso ea Jehova, phutheho eohle e tla fumana molemo. w21.08 11 ¶12-13
Laboraro, la 11 October
Ke tla ea moo u eang teng . . . Batho ba heno e tla ba batho ba heso ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.—Ruthe 1:16.
Ka lebaka la tlala e neng e le Iseraele, Naomi, monna oa hae le bara ba bona ba babeli ba ile ba fallela Moabe. Ha ba ntse ba le moo, monna oa Naomi o ile a hlokahala. Bara ba hae ba babeli ba ile ba nyala empa ka masoabi le bona ba ile ba hlokahala. (Ruthe 1:3-5) Maemo ana a utloisang bohloko a ile a etsa hore Naomi a nyahame haholo. O ile a nyahama hoo a ileng a nahana hore Jehova o khahlanong le eena. Utloa hore na o ile a re o ikutloa joang ka Molimo, o ile a re: “Letsoho la Jehova le tsoile khahlanong le ’na.” “Ea Matla ’Ohle o nkutloisitse bohloko haholo.” O ile a boela a re: “[Ke] Jehova ea nkokobelitseng le Ea Matla ’Ohle ea mpaketseng tlokotsi.” (Ruthe 1:13, 20, 21) Jehova oa utloisisa hore “khatello feela e ka etsa hore ea bohlale a etse ka bohlanya.” (Moek. 7:7) O ile a susumeletsa Ruthe hore a bontše Naomi mosa o lerato. Ruthe o ne a batla ho bontša matsal’ae lerato ’me ka mosa o ile a mo thusa hore a se ke a nyahama haholo le ho mo tsebisa hore Jehova o ntse a mo rata. w21.11 9 ¶9; 10 ¶10, 13
Labone, la 12 October
[U] ’ne [u] kope Molimo.—Jak 1:5.
Haeba re sebeletsa Jehova kahohle kamoo re ka khonang, na ntho eo e bolela hore ha rea lokela ho batla menyetla e eketsehileng ea ho eketsa tšebeletso ea rona? Ha ho joalo. Re ka khona ra ba ra etsa lintho tse ka re thusang ho tsoela pele re atleha mosebetsing oa boboleli le ho thusa bara le barali ba bo rona. Haeba ka bohlale le ka boikokobetso re ameha ka ho thusa bara le barali ba bo rona ho e-na le ho ameha ka rona, re tla atleha. (Liprov. 11:2; Lik. 20:35) U ka etsa’ng? Kopa Jehova a u thuse u tsebe hore na ha e le hantle ke lintho life tseo u ka khonang ho li finyella. (Liprov. 16:3) Na u ka leka ho etsa lintho tse kang ho ba pula-maliboho e thusang kapa ea kamehla, ho ea Bethele kapa ho sebetsa kahong? Kapa mohlomong u ka ithuta puo e ’ngoe e le hore u rute batho ka Bibele kapa u ee sebakeng se seng moo ho buuoang puo e’ngoe. w21.08 23 ¶14-15
Labohlano, la 13 October
Lerato la [Jehova] ha le fele le ka mohla.—Pes. 136:1.
Jehova o rata ho bontša mosa o lerato haholo. (Hos. 6:6). Molimo a sebelisa moprofeta Mikea o re re rate ho bontša mosa o lerato. (Mik. 6:8) Empa ho hlakile hore pele re ka etsa joalo re lokela ho tseba hore na mosa o lerato ke’ng. Mosa o lerato ke’ng? Ka Bibeleng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ea senyesemane, mantsoe “mosa o lerato” a hlaha ka makhetlo a 230. Ha e le hantle, a bolela’ng mantsoe aa? A bolela hore haeba motho a e-na le mosa o lerato o tla lula a rata motho e mong le ho mo tšepahalla ka linako tsohle. Hangata ha ho buuoa ka lerato lena ho buuoa ka lerato leo Molimo a ratang batho ka lona empa hape ho boetse ho buuoa ka lerato leo batho ba le bontšanang. Jehova ke eena ea re behelang mohlala o motle oa ho bontša mosa o lerato. Ha ho makatse hore ebe Morena Davida o ile a susumelletsa hore a re: “Jehova, mohau oa hao o phahame ho isa maholimong . . . Molimo, mohau oa hao o rateha hakaakang!” (Pes. 36:5, 7) Na joaloka Davida re ananela ka ho tebileng lerato la Molimo? w21.11 2 ¶1-2; 3 ¶4
Moqebelo, la 14 October
Le rapele tjena: ‘Ntate oa rona ea maholimong.’—Mat. 6:9.
Lelapa la barapeli ba Jehova le akarelletsa Jesu e leng “letsibolo la popo eohle” le mangeloi a se nang palo. (Bakol. 1:15; Pes. 103:20) Ha Jesu a ntse a le lefatšeng o ile a re batho ba tšepahalang ba ka bitsa Jehova Ntate oa bona. Ha a bua le balateli ba hae o ile a re Jehova ke ‘Ntate oa hae le Ntate oa bona.’ (Joh. 20:17) Kahoo, ha re inehela ho Jehova ebile re kolobetsoa re ba litho tsa lelapa la hae le re ratang. (Mar. 10:29, 30) Jehova ke Ntate ea lerato. Jesu o batla hore re bone Jehova ka tsela eo a mo bonang ka eona, e le motsoali ea lerato eo ho leng bonolo ho mo atamela e seng e le motho feela ea sa nahaneleng le ea fanang ka litaelo. Ha a etsa thapelo ea mohlala o ile a qala ka ho re: “Ntat’a rona.” Jesu a ka be a ile a re re bitse Jehova “Ea Matla ’ohle,” “’Mopi,” kapa “Morena oa bosafeleng” e leng litlotla tse sa fosahalang. (Gen. 49:25; Esa. 40:28; 1 Tim. 1:17) Ho e-na le hoo, Jesu o ile a re re mo bitse “Ntate.” w21.09 20 ¶1, 3
Sontaha, la 15 October
Manase a tseba hore Jehova ke Molimo oa ’nete.—2 Likron. 33:13.
Manase o ile a ba manganga ’me a hana ho mamela litemoso tse tsoang ho baprofeta ba Jehova. “Qetellong Jehova a tlisa khahlanong le [Juda] balaoli ba lebotho la morena oa Assyria, kahoo ba hapa Manase likoting ’me ba mo tlama ka litlamo tse peli tsa koporo eaba ba mo isa Babylona.” Nakong eo a neng a tšoeroe naheng eo, ho bonahala Manase a ile a nahanisisa ka lintho tseo a li entseng. O ile “a ’na a ikokobetsa haholo ka lebaka la Molimo oa baholo-holo ba hae.” O ile a ba a “nolofatsa sefahleho sa Jehova Molimo oa hae.” Ha e le hantle, Manase o ile “a ’na a mo rapela.” (2 Likron. 33:10-13) Ka mor’a nako Jehova o ile a araba lithapelo tsa Manase. O ile a bona hore Manase o fetohile ka lebaka la lintho tseo a neng a li rapella. Jehova o ile a mamela Manase ha a ne a mo kopa hore a mo tšoarele ’me a mo lumella hore e be morena hape. Manase o ile a sebetsa ka thata hore a bontše hore o bakile e le kannete. w21.10 4 ¶10-11
Mantaha, la 16 October
Ba babeli ba molemo ho feta a le mong hobane ba na le moputso o moholoanyane bakeng sa mosebetsi oa bona o boima.—Moek. 4:9.
Akuila le Prisilla Ba ne ba tlameha ho tloha sebakeng seo ba se tloaetseng, ba batle bolulo bo bocha ’me ba qale khoebo ea bona ea ho etsa litente sebakeng se secha. Ha Akuila le Prisilla ba se ba le lelapeng la bona le lecha Korinthe, ba ile ba qala ho thusa phutheho ea moo ’me ba sebetsa le moapostola Pauluse ho matlafatsa Bakreste-’moho. Hamorao ba ile ba ea libakeng tse ling moo ho neng ho e-na le tlhokahalo ea baboleli. (Lik. 18:18-21; Bar. 16:3-5) Ba ne ba phathahane ebile ba thabela bophelo hammoho. Mehleng ena, banyalani ba ka etsisa Akuila le Prisilla ka ho beha ’Muso pele. Nako e loketseng ea hore ba buisane ka lintho tseo ba batlang ho li etsa bophelong ke pele ba nyalana. Ha banyalani ba etsa liqeto hammoho ’me ba ipehela lintho tseo ba batlang ho li finyella tšebeletsong ea Jehova, ba tla ba le menyetla ea ho bona ha Jehova a ba thusa bophelong ba bona.—Moek. 4:9, 12. w21.11 17 ¶11-12
Labobeli, la 17 October
E mong le e mong oa lona a hlomphe ’mè oa hae le ntate oa hae . . . Ke ’na Jehova Molimo oa lona.—Lev. 19: 3.
Ho hlakile hore ke ntho ea bohlokoa hore re mamele taelo ea Molimo ea hore re hlomphe batsoali ba rona. Taelo e hlahang ho Levitike 19:3 ea hore re hlomphe batsoali ba rona, e hlaha ka mor’a mantsoe a reng: “Le lokela ho halalela, hobane ’na Jehova Molimo oa lona kea halalela.” (Lev. 19:2) Ha re nahana ka taelo eo Jehova a re fileng eona ea hore re hlomphe batsoali ba rona, re ka ’na ra ipotsa: ‘Na ke hlompha batsoali ba ka?’ Haeba u bona eka ho na le lintho tseo u sa li etsang hantle, u ka etsa qeto hona joale ea hore u lokise. Ke ’nete hore u ke ke oa fetola lintho tseo u li entseng nakong e fetileng empa u ka etsa sohle seo u ka se khonang hona joale ho qeta nako le batsoali ba hao le ho ba thusa. Mohlomong u ka lokisetsa hore ho be le nako eo u e qetang u e-na le bona. Kapa mohlomong u ka ba thusa ka ho ba rekela lintho tseo ba li hlokang, oa ba thusa hore ba be le setsoalle se haufi le Jehova le ho mo sebeletsa kapa u ka ba khothatsa le ho ba tšelisa. Ha u etsa joalo, u tla be u bontša hore u mamela taelo e hlahang ho Levitike 19:3. w21.12 4-5 ¶10-12
Laboraro, la 18 October
Khaotsang ho ahlola.—Mat. 7:1.
Morena Davida o ile a etsa libe tse tebileng. Ka mohlala, o ile a etsa bofebe le Bathe-sheba, a ba a etsa hore monna oa hae a bolaoe. (2 Sam. 11:2-4, 14, 15, 24) Ntho eo Davida a ileng a e etsa e ile ea utloisa eena, lelapa la hae le basali ba bang ba hae bohloko. (2 Sam. 12:10, 11) Ka letsatsi le leng, Davida o ile a hloleha ho tšepa Jehova ka ho felletseng ka hore a laele hore banna ba masole a Iseraele ba baloe, e leng ntho eo Jehova a neng a sa mo laela hore a e etse. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Baiseraele ba 70 000 ba ile ba bolaoa ke lefu la seoa. (2 Sam. 24:1-4, 10-15) Na u ne u tla nahana hore Jehova ha a lokela ho mo tšoarela? Jehova eena ha aa ka a nahana joalo. O ne a amehile haholo ka hore Davida o ile a bakela libe tsa hae le hore o ile a mo tšepahalla bophelo bohle ba hae. Kahoo, Jehova o ile a tšoarela Davida ka libe tse tebileng tseo a ileng a li etsa. Jehova o ne a tseba hore Davida o mo rata haholo le hore o ne a batla ho etsa se nepahetseng. Na ha u thabisoe ke taba ea hore Molimo oa rona o sheba lintho tse ntle tseo re li etsang le makhabane a rona?—1 Mar. 9:4; 1 Likron. 29:10, 17. w21.12 19 ¶11-13
Labone, la 19 October
Hang-hang a boela a bona ’me a qala ho mo latela a rorisa Molimo.—Luka 18:43.
Jesu o ne a bontša batho ba nang le bokooa mosa. Hopola molaetsa oo a ileng a o bolella Johanne Mokolobetsi o reng: “Ba foufetseng baa bona, ba holofetseng baa tsamaea, balepera ba ntse ba hloekisoa ’me ba sa utloeng litsebeng baa utloa, [le] bafu ba ntse ba tsosoa.” Ka mor’a hore batho bohle ba bone mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa, ba ile “ba fana ka thoriso ho Molimo.” (Luka 7:20-22) Bakreste ba etsisa Jesu ka hore ba bontše batho ba nang le bokooa mosa. Kahoo, re ba bontša mosa, rea ba nahanela hape rea ba mamella. Ke ’nete hore Jehova ha aa re fa matla a ho etsa mehlolo. Leha ho le joalo, re na le monyetla o babatsehang haholo oa ho bolella batho ba nang le bokooa le ba sa tsebeng Molimo ka molaetsa o buang ka Paradeise, eo ho eona ho tl’o phela batho ba phethahetseng le ba nang le kamano e ntle le Molimo. (Luka 4:18) Molaetsa ona o se o ntse o thusa batho ba bangata hore ba rorise Molimo. w21.12 9 ¶5
Labohlano, la 20 October
Le utloile hore Jobo o ile a mamella ’me [la bona] seo Jehova a mo etselitseng sona.—Jak. 5:11.
Jakobo o ne a ruta lintho tse tsoang ka Mangolong. O ile a sebelisa Lentsoe la Molimo ho thusa batho ho bona hore Jehova o lula a hlohonolofatsa batho ba mo tšepahallang joaloka Jobo. Jakobo o ne a ba ruta lintho tsena a sebelisa mantsoe a bonolo le a utloahalang. Ka tsela eo, o ne a etsa hore batho ba rorise Jehova eseng eena. Re ithuta’ng? Ruta ka tsela e bonolo ’me u sebelise Lentsoe la Molimo. Ha re ruta batho ha rea lokela ho ba bontša hore na re tseba hakae empa re lokela ho ba bontša hore na Jehova o tseba hakae le hore oa ba tsotella. (Bar. 11:33) Re ka khona ho etsa seo haeba kamehla re sebelisa Bibele ha re ruta. Ka mohlala, ho e-na le ho bolella batho bao re ithutang Bibele le bona hore na re ne re ka etsa’ng haeba re ne re le boemong ba bona, re lokela ho ba thusa hore ba nahane ka mehlala e ka Bibeleng le hore na Jehova o nahana le ho ikutloa joang. Kahoo, ba tla batla ho etsa lintho tseo ba ithutileng tsona hobane ba batla ho thabisa Jehova eseng rona. w22.01 11 ¶9-10
Moqebelo, la 21 October
U rate motho e mong joalokaha u ithata.—Lev. 19:18.
Molimo ha a lebella hore re qobe ho ntša motho e mong kotsi feela empa o batla hore re etse ho fetang hoo. Ho mo rata joalokaha re ithata ke ntho eo re lokelang ho e etsa haeba a batla ho thabisa Molimo. Jesu o ile a bontša hore molao o ho Levitike 19:18 ke oa bohlokoa haholo. Mofarisi e mong o ile a botsa Jesu a re: “Taelo e kholo ke efe Molaong?” Jesu o ile a mo araba a re, “taelo e kholo le ea pele” ke hore u rate Jehova ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao ’ohle le ka kelello ea hao eohle. Ka mor’a moo, Jesu o ile a qotsa Levitike 19:18 ’me a re: “Ea bobeli e joaloka eona, ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’” (Mat. 22:35-40) Ho na le litsela tse ngata tseo re ka bontšang batho ba bang hore rea ba rata. Tsela e ’ngoe ke hore re mamele keletso e ho Levitike 19:18. E re: “U se ke oa iphetetsa kapa oa jara bara ba batho ba heno ka pelo.” w21.12 10-11 ¶11-13
Sontaha, la 22 October
Ha a bona sefefo, a tšoha eaba oa teba. A hoeletsa a re: “Morena, mpholose!”—Mat. 14:30.
Jesu o ile a otlolla letsoho la hae ’me a pholosa moapostola Petrose. Ke ha bohlokoa ho hopola hore Petrose o ile a thusoa ke ho lula a shebile Jesu hore a khone ho tsamaea holim’a metsi. Empa hang feela ha Petrose a sheba sefefo o ile a tšoha haholo le ho belaela eaba o qala ho teba. (Mat. 14:24-31) Re ka ithuta ho hong mohlaleng oa Petrose. Ha a tsoa ka sekepeng ’me a tsamaea holim’a metsi, o ne a sa lebella hore ho na le ntho e tla mo sitisa ebe o qala ho teba. O ne a batla ho lula a tsamaea holim’a metsi ho fihlela a fihla ho Mong’a hae. Empa o ile a hloleha ho lula a nahanne ka ntho eo a neng a batla ho e finyella. Le hoja re ke ke ra tsamaea holim’a metsi mehleng ena empa re ntse re hloka ho ba le tumelo e le hore re mamelle mathata ao re nang le ’ona. Haeba re sa lule re tšepa Jehova le litšepiso tsa hae, tumelo ea rona e tla fokola joalokaha eka re teba ka har’a mathata a rona. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na re na le mathata a mangata hakae a kang lifefo, re lokela ho lula re tšepile Jehova le ho tšepa hore o tla re thusa. w21.12 17-18 ¶6-7
Mantaha, la 23 October
Ke tla kena ka tlung ea hao hobane u nthata haholo.—Pes. 5:7.
Thapelo, ho ithuta le ho nahanisisa ke karolo ea borapeli ba rona. Ha re rapela, re buisana le Ntate oa rona oa leholimo ea re ratang haholo. Ha re ithuta Bibele, re fumana “tsebo ea Molimo” ea bohlale ka ho fetisisa. (Liprov. 2:1-5) Ha re nahanisisa ka ho teba ka lintho tseo re ithutang tsona ka Jehova, re ela hloko makhabane a hae le lintho tse hlollang tseo a batlang ho li etsetsa batho. Ena ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho sebelisa nako ea rona. Empa re ka thusoa ke’ng ho sebelisa nako ea rona ka tsela eo? Haeba ho khoneha, khetha sebaka se khutsitseng. Nahana ka mohlala oa Jesu. Pele a qala tšebeletso ea hae lefatšeng, o ile a qeta matsatsi a 40 lefeelleng. (Luka 4:1, 2) Ha Jesu a ntse a le sebakeng seo se khutsitseng, o ne a ka rapela Ntate oa hae Jehova le ho nahanisisa ka thato ea Hae mabapi le eena. Taba eo e ile ea thusa Jesu hore a itokisetse liteko tseo haufi a neng a tl’o kopana le tsona. w22.01 27-28 ¶7-8
Labobeli, la 24 October
Ha baeletsi ba le bangata ho ba le katleho.—Liprov. 15:22.
Moholo kapa mor’abo rona ea nang le boiphihlelo a ka ’na a re bontša ntho eo re lokelang ho sebeletsa ho eona. Haeba motho ea re ratang a susumelletseha ho re fa keletso e tsoang ka Bibeleng, re lokela ho e mamela le ho e sebelisa. Ho ka ’na ha e-ba thata hore re mamele keletso e tobileng le ho e sebelisa. Re ka ba ra utloa bohloko ha re eletsoa. Hobane’ng? Le hoja ho le bonolo hore re lumele hore ha rea phethahala, ho ka ’na ha e-ba thata hore re amohele keletso haeba motho e mong a re bontša phoso e itseng eo re e entseng. (Moek. 7:9.) Re ka ’na ra batla ho ikemela kapa ra belaella mabaka ao motho a re eletsang ka ’ona. Hape re ka utloisoa bohloko ke tsela eo a re elelitseng ka eona. Re ka ba ra tšoaea-tšoaea motho ea re eletsang liphoso ’me ra re: ‘Ebe o nahana hore ke mang eena hore a ka nkeletsa? Le eena o ntse a etsa liphoso!’ Haeba re sa thabele keletso eo re e fuoang, re ka ’na ra se e mamele kapa ra kopa motho e mong hore a re eletse hobane re e-na le tšepo ea hore o tla re bolella ntho eo re batlang ho e utloa. w22.02 8-9 ¶2-4
Laboraro, la 25 October
Haeba le khoba matšoafo ’me le ntšepa le tla ba matla.—Esa. 30:15.
Na bophelo lefatšeng le lecha bo tla ba le lintho tse tla etsa hore ho be thata ho tšepa tsela eo Jehova a etsang lintho ka eona? Ka mohlala, nahana ka se ileng sa etsahala nakoana ka mor’a hore Baiseraele ba lokolloe bokhobeng Egepeta. Ba bang ba ile ba qala ho tletleba ka hore ba lakatsa lijo tseo ba neng ba li ja Egepeta ’me ba ile ba nyatsa lijo tseo Jehova a neng a ba file tsona e leng manna. (Num. 11:4-6; 21:5) Na ho ka etsahala hore re ikutloe ka tsela e tšoanang ka mor’a matšoenyeho a maholo? Ha re tsebe hore na re tla ba le mosebetsi o mokae oa ho hloekisa lefatše e le hore qetellong e be paradeise. Ho ka etsahala hore ebe ho tla ba le mosebetsi o mongata ’me bophelo bo ke ke ba e-ba bonolo qalong. Na re tla khotsofalla lintho tseo Jehova a tla re fa tsona ka nako eo? Ntho eo re kholisehileng ka eona ke ena: Haeba re ananela lintho tseo Jehova a re fang tsona hona joale, re tla ananela le ho feta lintho tseo a tla re fa tsona ka nako eo. w22.02 7 ¶18-19
Labone, la 26 October
Ba tla tšoara seaparo se selelele sa Mojuda, ba tla etsa bonnete ba hore baa se tšoara ’me ba re: “Re batla ho tsamaea le lona.”—Zak. 8:23.
Boprofeteng bo ho Zakaria 8:23, mantsoe ana “Mojuda” le “lona” a bua ka sehlopha se le seng sa masala a batlotsuoa. (Bar. 2:28, 29) “Banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba” ba emela linku tse ling. Mantsoe a reng ‘ba tšoara’ a bolela hore ba ikamahanya le batlotsuoa ka hore ba be le bona borapeling bo hloekileng. Ka tsela e tšoanang, e le ho phethahatsa boprofeta bo ho Ezekiele 37:15-19, 24, 25, Jehova o kopantse batlotsuoa le linku tse ling hore ba sebetse hammoho ka kutloano. Boprofeta bona bo bua ka lithupa tse peli. Ba nang le tšepo ea ho phela leholimong, ba tšoantšoa le thupa ea “Juda” e leng moloko oo ho oona marena a Iseraele a neng a khethoa ho oona. Ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng bona ba tšoantšoa le thupa ea “Efraime.” Jehova o ne a tla kopanya lihlopha tsena tse peli hore ebe “thupa e le ’ngoe.” Taba ena e bontša hore ba sebetsa ba momahane tlas’a Morena oa bona a le mong, Kreste Jesu.—Joh. 10:16. w22.01 22 ¶9-10
Labohlano, la 27 October
Hlokomelang hore le se ke la etsa mesebetsi e lokileng ka pel’a batho hore feela ba le bone.—Mat. 6:1.
Jesu o ile a bua ka batho ba fang batho ba futsanehileng limpho ebe ba etsa bonnete ba hore batho ba bang ba tseba ka limpho tseo ba faneng ka tsona e le hore ba ba rorise. Le hoja ba ne ba etsa hantle ka hore ba fane, Jehova ha aa ka a thabisoa ke seo. (Mat. 6:2-4) Re ka khona ho ba batho ba molemo haeba re etsa lintho tse nepahetseng ka mabaka a nepahetseng. U lokela ho ipotsa: ‘Na ha ke tseba hore na se nepahetseng ke sefe kea se etsa? Lebaka la ka la ho etsa lintho tse molemo ke lefe?’ Jehova o khona ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ebile moea oa hae o halalelang o matla. (Gen. 1:2) Kahoo, litholoana tsa moea li ka re susumelletsa hore re etse ho hong. Ka mohlala, morutuoa Jakobo o ile a re: “Tumelo e se nang mesebetsi e shoele.” (Jak. 2:26) Litholoana tse ling tsa moea oa Molimo le tsona li ka re susumelletsa hore re etse ho hong. Kamehla ha re bontša litholoana tsa moea, sena se bontša hore moea oa Molimo oa re thusa. w22.03 11-12 ¶14-16
Moqebelo, la 28 October
Le halalele linthong tsohle tseo le li etsang joalokaha ea le bitsitseng a halalela.—1 Pet. 1:15.
Re ka ’na ra lula re sebeletsa Jehova le ho etsetsa batho ba bang lintho tse ntle. Leha ho le joalo, Moapostola Petrose o khothallelitse Bakreste hore ba etse ntho e ’ngoe hape ea bohlokoa. Pele Petrose a re khothalletsa hore re halalele boitšoarong bohle ba rona o ile a re: “Hlomellang likelello tsa lona bakeng sa tšebetso.” (1 Pet. 1:13) Tšebetso eo e ne e akarelletsa’ng? Petrose o ile a re bara ba bo Kreste ba tlotsitsoeng ba ne ba tla “‘bolela hohle makhabane a hlomphehang’ a ea [ba] bitsitseng.” (1 Pet. 2:9) Ha e le hantle Bakreste bohle mehleng ena, ba na le monyetla o babatsehang oa ho etsa mosebetsi ona oa bohlokoa o thusang batho ho feta lintho tse ling tseo re li etsang. Kannete bahlanka ba Molimo ba halalelang ba na le mosebetsi o ikhethang oa ho bolela le ho ruta batho molaetsa oa Bibele ka cheseho. (Mar 13:10) Ha re etsa sohle seo re ka se khonang ho etsa sena, re tla be re bontša hore re rata Molimo oa rona le batho ba bang. Hape re bontša hore re batla ho halalela boitšoarong bohle ba rona. w21.12 13 ¶18
Sontaha, la 29 October
Motho eo le mo tšoarelang le ’na kea mo tšoarela.—2 Bakor. 2:10.
Moapostola Pauluse o ne a lula a nahana ka lintho tse ntle tseo Bakreste-’moho le eena ba li etsang. O ne a tseba hore ha motho a etsa phoso, taba eo ha e bolele hore ke motho ea mobe. O ne a rata Bakreste-’moho le eena ’me a lula a bona lintho tse ntle tseo ba li etsang. Ha ba thatafalloa ke ho etsa se nepahetseng, o ne a batla ho ba thusa hobane a nahana hore ba na le boikemisetso ba ho etsa se nepahetseng. Nahana kamoo Pauluse a ileng a thusa barali ba bo ba babeli ba phuthehong ea Filipi. (Bafil. 4:1-3) Ho ne ho e-na le taba eo Evodia le Syntike ba neng ba sa lumellane ka eona e ileng ea etsa hore e se ke ea hlola e e-ba metsoalle. Pauluse o ile a ba mosa ’me ha aa ka a ba tšoaea liphoso empa o ile a sheba makhabane a bona. Barali bana ba bo ba tšepahalang ba ne ba sebelelitse Jehova ka nako e telele. Pauluse o ne a tseba hore Jehova oa ba rata. Kaha Pauluse o ne a e-na le boikutlo bo botle ka barali bana ba bo, o ile a ba khothalletsa hore ba lokise litaba. O ne a shebile lintho tse ntle tseo ba bang ba li etsang ’me o ile a lula a thabile le ho etsa hore ho lule ho e-na le khotso ka phuthehong. w22.03 30 ¶16-18
Mantaha, la 30 October
Jehova o haufi le bao lipelo tsa bona li utloileng bohloko. O pholosa ba khathetseng matla.—Pes. 34:18.
Khotso eo Jehova a fanang ka eona e re thusa hore re khobe matšoafo le hore re nahane ka tsela e hlakileng. Sena ke sona se ileng sa etsahalla morali oa bo rona Luz. O re: “Hangata ke jeoa ke bolutu. Taba ena e etsa hore ka linako tse ling ke utloe eka Jehova ha a nthate. Empa ha seo se etsahala, hang-hang ke bolella Jehova hore na ke ikutloa joang. Ho rapela ho nkokobetsa maikutlo.” Joalokaha mohlala oa hae o bontša, thapelo e ka re fa khotso. (Bafil. 4:6, 7) Rea tseba hore Jehova le Jesu ba tla re tšehetsa ha re hlokahaletsoe ke motho eo re mo ratang. Kaha Jehova Molimo le Jesu Kreste ba na le kutloelo-bohloko, re ikemiselitse ho bolela le ho ruta hobane re utloela batho bohloko. Hape re tšelisoa ke ho tseba hore Jehova le Mora oa hae ba tseba mefokolo ea rona ebile ba batla ho re thusa hore re mamelle. Re letetse ka tjantjello nako eo Jehova a tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho “hlakola meokho eohle mahlong a [rona].”—Tšen. 21:4. w22.01 15 ¶7; 19 ¶19-20
Labobeli, la 31 October
Kenang ka keiti e nyenyane hobane keiti e isang timelong e kholo le tsela e lebisang teng e sephara ’me ba kenang ka eona ba bangata.—Mat. 7:13.
Jesu o buile ka liheke tse peli tse fapaneng tse lebisang litseleng tse sa tšoaneng. E ’ngoe ke e lebisang tseleng e “pharaletseng” ha e ’ngoe e lebisa tseleng e ‘patisaneng.’ (Mat. 7:14) Ha ho na tsela ea boraro. Re lokela ho ikhethela hore na ke tsela efe eo re tla tsamaea ho eona. Ena e tla be e le qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re tla beng re e entse kaha ke tsela e le ’ngoe feela e lebisang bophelong bo sa feleng. Batho ba bangata ba tseleng e ‘pharaletseng’ hobane ho bonolo ho tsamaea ho eona. Ka masoabi, batho ba bangata ba khethile ho lula tseleng eo le ho latela bongata bo tsamaeang ho eona. Ha ba hlokomele hore mong’a tsela ena ke Satane Diabolose le hore e lebisa lefung. (1 Bakor. 6:9, 10; 1 Joh. 5:19) Ho fapana le tsela e ‘pharaletseng,’ tsela e ’ngoe e “patisane” ’me Jesu o ile a re ke ba ’maloa feela ba e fumanang. Hobane’ng? Hlokomela hore temaneng e latelang, Jesu o lemosa balateli ba hae ka baprofeta ba bohata.—Mat. 7:15. w21.12 22-23 ¶3-5