November
Laboraro, la 1 November
Kaofela ba tla rutoa ke Jehova.—Joh. 6:45.
Jehova o re thusa ka litsela tse ling tse ngata. A ka u thusa hore u khobe matšoafo ha u kopana le motho ea u hanyetsang tšimong. Hape a ka u thusa hore u hopole lengolo le nepahetseng leo u ka le ballang motho ea thabelang molaetsa oa Bibele. Jehova o boetse o u fa matla a hore u tsoele pele u bolela molaetsa oa Bibele esita le ha batho ba sa batle ho u mamela. (Jer. 20:7-9) Jehova o boetse o re bontšitse hore o molemo ka hore a re koetlisetse ho etsa mosebetsi oa boboleli. Libokeng tsa har’a beke, re fumana mehlala ea seo re ka se buang le batho tšimong ’me re khothalletsoa ho sebelisa mehlala eo. Qalong re ka ’na ra ikutloa re tšaba ho bolela molaetsa oa Bibele re sebelisa mekhoa e mecha empa ha re se re e leka, re ka bona hore ea atleha. Ha re le libokeng le likopanong re khothalletsoa hore re leke litsela tse ncha tsa ho bolela molaetsa oa Bibele tseo re sa li tloaelang. Re ka ’na ra tšoha ha re nahana ho sebelisa mekhoa eo empa ha re e leka, Jehova o tla re hlohonolofatsa. w21.08 27 ¶5-6
Labone, la 2 November
Le sebelise nako ea lona hantle hobane matsatsing ao re phelang ho oona ho tletse bokhopo.—Baef. 5:16.
Lengolong la hae le eang ho Bakorinthe, moapostola Pauluse o ile a ba khalemela ka matla. Ka mor’a ho ba ngolla lengolo leo, o ile a romela Tite ho bona. O ile a thaba haholo ha a utloa hore ba amohetse khalemelo eo! (2 Bakor. 7:6, 7) Baholo ba ka etsisa mohlala oa Pauluse ka ho qeta nako ba e-na le Bakreste-’moho le bona. Ba ka etsa sena ka hore ba fihle esale ka nako libokeng e le hore ba ka khothatsana le Bakreste-’moho. Hangata ha ho hlokahale nako e telele ho fa mora kapa morali oabo rona khothatso eo a e hlokang. (Bar. 1:12) Moholo ea etsisang mohlala oa Pauluse o sebelisa Bibele ha a khothatsa bara le barali babo rona le ho ba kholisa hore Jehova oa ba rata. O lula a batla menyetla ea ho ba babatsa. Ha moholo a fana ka keletso, o fana ka eona a sebelisa Lentsoe la Molimo. O toba taba empa o bua ka mosa e le hore motho ea fuoang keletso a ka e amohela.—Bagal. 6:1. w22.03 28-29 ¶11-12
Labohlano, la 3 November
Re fuoe mosebetsi ona o ikhethang le hoja re tšoana feela le lijana tsa letsopa tse tšetseng letlotlo le khethehileng e le hore ho ka hlaka hore matla a sa tloaelehang ao re nang le ’ona a tsoa ho Molimo eseng ho rona.—2 Bakor. 4:7.
Kajeno Jehova o fa bahlanka ba hae “matla a fetang se tloaelehileng” e le hore ba tsoele pele ho mo sebeletsa ka botšepehi. Tsela e ’ngoe eo re matlafatsoang ka eona ke thapelo. Ho ea ka Baefese 6:18, moapostola Pauluse o ile a re khothalletsa hore re rapele Molimo “ka nako e ’ngoe le e ’ngoe.” Ha re etsa joalo, Molimo o tla re matlafatsa ka hore a arabele lithapelo tsa rona. Ka linako tse ling, re ka ikutloa re imetsoe hoo re sa tsebeng hore na re rapelle eng. Empa Jehova o batla hore re mo rapele leha ho ka ba thata hore re mo bolelle kamoo re ikutloang kateng. (Bar. 8:26, 27) O boetse o re matlafatsa ka Bibele. Pauluse o ne a bala Mangolo e le hore a mo khothatse le ho mo matlafatsa, le rona re ka etsa ntho e tšoanang. (Bar. 15:4) Ha re ntse re bala Lentsoe la Molimo ebile re nahanisisa ka lona, Jehova a ka sebelisa moea oa hae ho re thusa hore re utloisise hore na re ka sebelisa Bibele joang bophelong ba rona.—Baheb. 4:12. w21.05 22 ¶8-10
Moqebelo, la 4 November
Molimo . . . [oa le matlafatsa.] O etsa hore le be le tabatabelo ebile o le fa matla a hore le etse lintho tse mo khahlisang.—Bafil. 2:13.
Re nka mosebetsi oa rona oa ho ruta e le oa bohlokoa le hoja re kopana le mathata a ka etsang hore re se ke ra o etsa kamoo re ka ratang kateng. Maemo a rona a ka ’na a re sitisa. Ka mohlala, bahoeletsi ba bang ba se ba holile haholo kapa baa kula. Na le uena u boemong bo tšoanang? Haeba ho joalo, hopola hore re ile ra bona hore re ka khona ho ithuta Bibele le batho re sebelisa lifouno tsa rona kapa lisebelisoa tse ling tsa elektronike. Ka hona, u ka khona ho ithuta Bibele le motho u le ha hao. Hape ho na le molemo o mong. Batho ba bang ba ka ’na ba rata ho ithuta Bibele empa ba sa fumanehe nakong eo re bolelang ka eona. Leha ho le joalo, ba ka fumaneha hoseng kapa mantsiboea. Na u ka ithuta Bibele le motho ka linako tseo? Jesu o ile a ruta Nikodemase bosiu e leng nako eo Nikodemase a neng a e thabela.—Joh. 3:1, 2. w21.07 5 ¶10-11
Sontaha, la 5 November
Batho bana ba re baa nthapela, ba ntlhompha ka melomo feela empa lipelo tsa bona li suthetse hole le ’na.—Esa. 29:13.
Barutuoa ba Johanne Mokolobetsi ba ile ba makalla barutuoa ba Jesu ha ba ne ba sa itime lijo. Jesu o ile a hlalosa hore ho ne ho se na lebaka la hore ba itime lijo ha a ntse a phela. (Mat. 9:14-17) Ho ntse ho le joalo, Bafarisi le bahanyetsi ba Jesu ba ne ba mo hloile hobane o ne a sa etse meetlo le litloaelo tsa bona. Ba ile ba halefa ha a ne a folisa batho ka Sabatha. (Mar. 3:1-6; Joh. 9:16) Ka lehlakoreng le leng, ba ne ba ikotla sefuba ka hore ba hlompha molao oa Sabatha empa ka lehlakoreng le leng ba ne ba bona ho se na bothata ha ba etsetsa khoebo ka tempeleng. Ba ile ba tuka ke bohale ha Jesu a ba khalemela ka matla mabapi le ntho eo. (Mat. 21:12, 13, 15) Athe batho bao Jesu a ileng a ba ruta ha a ne a le ka synagogeng Nazaretha, ba ile ba koata hona hoo ha Jesu a sebelisa mehlala ea Baiseraele ho ba bontša kamoo ba neng ba ikhohomosa ebile ba se na tumelo kateng. (Luka 4:16, 25-30) Tsela eo Jesu a ileng a etsa lintho ka eona eo batho ba neng ba sa e lebella, e ile ea etsa hore ba bangata ba se ke ba mo rata.—Mat. 11:16-19. w21.05 5-6 ¶13-14
Mantaha, la 6 November
Re tseba maqheka a hae.—2 Bakor. 2:11.
Tsela e ’ngoe eo ka eona Jehova a re lemosang hore re se ke ra ikhohomosa le ho ba meharo ke ka ho re khothaletsa ho ithuta linthong tse etsahalletseng batho ba bang nakong e fetileng. Ha re nahana ka ho ba meharo, re hopola Satane Diabolose. Kaha Satane e ne e le lengeloi la Jehova, ho ka etsahala hore ebe o ne a e-na le mesebetsi e mengata ea bohlokoa. Empa o ne a sa khotsofala. O ne a batla ho rapeloa e leng ntho e tšoanelang Jehova feela. Satane o batla hore re tšoane le eena, kahoo o leka ho etsa hore re se ke ra khotsofalla lintho tseo re nang le tsona. Lekhetlo la pele leo a ileng a leka ho etsa joalo, ke ha a ne a bua le Eva. Ka lerato Jehova o ile a fa Eva le monna oa hae lijo tse ngata tse khotsofatsang le tse monate ’me o ile a re ba je litholoana tsa “sefate se seng le se seng sa serapa” ntle le se le seng. (Gen. 2:16) Leha ho le joalo, Satane o ile a qhekella Eva hore a nahane hore o lokela ho ja tholoana ea sefate se thibetsoeng. Eva ha aa ka a khotsofalla lintho tseo a neng a e-na le tsona, o ile a ba meharo. Rea tseba hore na ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo. O ile a etsa sebe eaba oa shoa.—Gen. 3:6, 19. w21.06 14 ¶2-3; 17 ¶9
Labobeli, la 7 November
Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.—Gen. 1:28.
Adama le Eva ba ne ba lokela hore ba be le bana le hore ba hlokomele lefatše. Haeba Adama le Eva ba ne ba ile ba mamela Jehova, bona le bana ba bona ba ka be ba bile karolo ea lelapa la Molimo ka ho sa feleng. Adama le Eva ba ne ba e-na le karolo ea bohlokoa lelapeng la Jehova. Davida ha a bua ka tsela eo Jehova a bopileng batho ka eona ho Pesaleme ea 8:5, o re: “U ile oa boela oa mo etsa ea ka tlaasana ho ba kang melimo, [kapa mangeloi, NWT] joale oa mo roesa moqhaka oa khanya le bokhabane.” Ke ’nete hore Jehova ha aa ka a fa batho matla, bohlale le bokhoni bo tšoanang le ba mangeloi. (Pes. 103:20) Leha ho le joalo, batho ba “ka tlaasana” ho mangeloi ao a matla. Ka masoabi, Adama le Eva ba ile ba lahleheloa ke ho ba karolo ea lelapa la Jehova. Ntho ena e entse hore bana ba bona ba be le mathata. Empa morero oa Jehova ha o e-s’o ka o fetoha. O batla hore batho ba mo mamelang e be bana ba hae ka ho sa feleng. w21.08 2-3 ¶2-4
Laboraro, la 8 November
Jehova o re ho Zorobabele: ‘“Lintho tsena tsohle li ke ke tsa etsahala ka lebotho la sesole kapa ka matla a batho empa li tla etsahala ka moea oa ka.—Zak. 4:6.
Mehleng ena, bahlanka ba Jehova ba bangata baa hanyetsoa. Ka mohlala, ba bang ba lula linaheng tseo ba sa khoneng ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi ’me ba ka ’na ba tšoaroa le ho “hulanyetsoa ka pel’a babusisi le marena” hore ba fane ka bopaki ho bona. (Mat. 10:17, 18) Lipaki tse ling li hanyetsoa ka tsela e ’ngoe e fapaneng. Li lula linaheng tseo li nang le bolokolohi ba ho sebeletsa Jehova empa li hlorisoa ke ba malapa ba ikemiselitseng ho li thibela hore li sebeletse Molimo. (Mat. 10:32-36) Maemong a mangata, ba lelapa ba khaotsa ho re hanyetsa ha ba hlokomela hore ba ke ke ba khona ho re thibela ho sebeletsa Jehova. Hape maemong a mang batho ba neng ba hlorisoa hamorao e ile ea e-ba Lipaki Tsa Jehova tse chesehang. U se ke oa khaotsa ho sebeletsa Jehova ha u hlorisoa, ho e-na le hoo u be sebete. Ha oa lokela ho tšaba letho hobane Jehova o u thusa ka moea oa hae o halalelang. w22.03 16 ¶8
Labone, la 9 November
Lona ba ratang Jehova, hloeang lintho tse mpe.—Pes. 97:10.
Bibele e re Jehova o hloile “mahlo a iphahamisang, leleme la bohata le matsoho a tšollang mali a hlokang molato.” (Liprov. 6:16, 17) O boetse o “hloile motho ea tšollang mali le ea thetsang.” (Pes. 5:6) Jehova o hloile boitšoaro bona haholo ’me o ile a bontša sena ka hore a felise batho bohle ba neng ba le khopo ba mehleng ea Noe hobane ba ne ba entse hore ho be le pefo lefatšeng. (Gen. 6:13) Jehova o ile a sebelisa moprofeta Malakia ho bontša hore o hloile batho ba hlalang balekane ba bona ba se nang molato ka bolotsana. Molimo ha aa amohele borapeli ba bona ebile ba tla ikarabella ho eena ka tsela eo ba etsang lintho ka eona. (Mal. 2:13-16; Baheb. 13:4) Jehova o batla hore re ‘nyonye se khopo.’ (Bar. 12:9) Lentsoe ‘nyonya’ le bolela boikutlo bo matla ba ho hloea ntho e itseng haholo. Ka tsela e tšoanang, re lokela ho nyonya haeba re nahana ka ho etsa ntho e itseng eo re tsebang hore Jehova o re e fosahetse. w22.03 4-5 ¶11-12
Labohlano, la 10 November
Ho thaba bohle ba mo letetseng.—Esa. 30:18.
Haufinyane ntate oa rona o tla re hlohonolofatsa a sebelisa ’Muso oa hae. Batho ba lulang ba letetse Jehova ba tla fumana litlhohonolofatso tse ngata hona joale le lefatšeng le lecha. Ha batho ba Molimo ba se ba phela lefatšeng le lecha, ha ba sa tla hlola ba mamella mathata ao ba nang le ’ona hona joale. Bohloko le ho hloka toka ha li sa tla hlola li e-ba teng. (Tšen. 21:4) Ha re sa tla hlola re tšoenyeha ka lebaka la lintho tseo re se nang tsona hobane ho tla be ho e-na le lintho tse ngata tseo re li hlokang. (Pes. 72:16; Esa. 54:13) Eo e tla be e le nako e thabisang haholo. Hona joale Jehova o re lokisetsa ho phela tlas’a ’Muso oa hae ka hore a re thuse hore re tlohele ho etsa lintho tse mpe tseo re neng re li etsa le ho ba le makhabane a mo thabisang. U se ke oa nyahama eaba u tlohela ho sebeletsa Jehova. Bophelo bo monate bo sa tla. Ha re ntse re emetse nako eo, e se eka re ka tsoela pele re letetse Jehova ka mamello ha a ntse a phetha mosebetsi oa hae. w21.08 13 ¶17-19
Moqebelo, la 11 November
Le se ke la lebala ho etsa lintho tse molemo le ho arolela ba bang lintho tseo le nang le tsona hobane Molimo o thabisoa ke mahlabelo a joalo.—Baheb. 13:16.
Nakoana ka mor’a ho fumana lengolo la moapostola Pauluse, Bakreste bao ba Judea ba ile ba tlameha ho siea mahae a bona, likhoebo le beng ka bona bao eseng Bakreste ’me ba “qale ho balehela lithabeng.” (Mat. 24:16) Ka nako eo, e ne e le habohlokoa haholo hore ba thusane. Haeba pele ho moo ba ile ba sebelisa keletso ea Pauluse ea hore ba arolelane lintho tseo ba nang le tsona le ba bang, ba ka be ba ile ba nolofalloa ke ho tloaela ho phela ka lintho tse fokolang. Ha ho bonolo hore bara le barali babo rona ba re bolelle seo ba se hlokang. Ka hona e-ba motho ea atamelehang. Mohlomong u tseba bara le barali babo rona phuthehong ea heno ba lulang ba thusa batho ba bang. Ha ba etse hore re ikutloe eka rea ba khathatsa. Rea tseba hore ba ikemiselitse ho re thusa ’me re batla ho ba etsisa. w22.02 23-24 ¶13-15
Sontaha, la 12 November
Le sebetse ka thata hore le lule le momahane ka hore le be le khotso.—Baef. 4:3.
Lilemong tsa morao tjena liphutheho tse ngata le lipotoloho li ile tsa hlophisoa bocha. Haeba re kopuoa ho ea liphuthehong tse ncha ho ka ba thata ho siea metsoalle le ba lelapa. Na baholo ba fumana tataiso e tobileng ho tsoa ho Jehova ea hore na ba abele mohoeletsi e mong le e mong phutheho efe? Ha ho joalo, ’me taba eo e ka etsa hore ho be thata ho mamela tataiso eo re e fuoang. Empa Jehova o tšepela baholo ho etsa liqeto tse joalo ’me le rona re lokela ho ba tšepa. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšehetsa liqeto tsa baholo esita le haeba re sa lumellane le tsona? Hobane ka ho etsa joalo re thusa hore ho be le bonngoe ka phuthehong. Liphutheho lia atleha ha bohle ka boikokobetso ba tšehetsa liqeto tsa baholo. (Baheb. 13:17) Habohlokoa le ho feta, re bontša Jehova hore rea mo tšepa ka hore re sebelisane hantle le bao a ba tšepetseng ho re hlokomela.—Lik. 20:28. w22.02 4-5 ¶9-10
Mantaha, la 13 November
U tsoele pele ho ikitlaelletsa ho bala phatlalatsa, ho eletsa le ho ruta.—1 Tim. 4:13.
Haeba u mor’abo rona ea kolobelitsoeng, u ka ’na oa leka ho ntlafatsa tsela eo u buang le ho ruta ka eona. Hobane’ng? Hobane ha u ‘ikakhela ka setotsoana’ ho baleng, ho bueng le ho ruteng, u tla thusa bamameli ba hao haholo. (1 Tim. 4:15) Leka ho ithuta hore na u ka ntlafatsa bokhoni ba hao ba ho bua joang u sebelisa bukana ea Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta. Ithute ntlha e le ’ngoe ka nako, itloaetse eona ha u le hae ’me u e sebelise ha u fana ka lipuo. Kopa likeletso ho moeletsi ea thusang kapa ho baholo ba bang “ba sebetsang ka thata ho bueng le ho ruteng.” (1 Tim. 5:17) U se ke oa ameha feela ka ho sebelisa ntho eo u ithutileng eona empa hape u thuse bamameli ba hao hore ba matlafatse tumelo ea bona kapa u ba khothalletse hore ba etse ntho eo ba ithutileng eona. Ha u etsa joalo, u tla thaba le ho feta ʼme le bona ba tla thaba. w21.08 24 ¶17
Labobeli, la 14 November
Le ikokobetse ’me le nke ba bang e le ba bohlokoa ho le feta.—Bafil. 2:3.
Haeba re nka batho ba bang ba re phahametse, re ke ke ra hlolisana ka hore ke mang ea nang le litalenta kapa bokhoni bo fetang ba e mong. Ho e-na le hoo, re tla ba thabela. Taba eo ke ’nete haholo haeba batho bao ba sebelisa bokhoni ba bona hore ba rorise Jehova. Ka ho etsa joalo, re tla etsa hore ho be le khotso le bonngoe ka phuthehong. Re ka hlola mohono ka ho inyenyefatsa, e leng ho bolelang hore re tsebe moo matla a rona a fellang teng. Ha re inyenyefatsa, re ke ke ra batla ho bontša batho hore re na le talenta kapa bokhoni bo fetang ba batho ba bang. Ho e-na le hoo, re tla leka ho ithuta ho batho ba nang le bokhoni bo fetang boo re nang le bona. Mohlala, a re re mor’abo rona o khona ho fana ka lipuo tse monate haholo. Re ka mo botsa hore na o lokisetsa lipuo tsa hae joang. Haeba morali’abo rona a le motle haholo lipitseng, re ka mo botsa hore na re ka etsa’ng e le hore le rona re ntlafatse. w21.07 16 ¶8-9
Laboraro, la 15 November
[Jehova ke] ea se nang leeme.—Deut. 32:4.
Bukeng ea Numere re bala ka hore Jehova o ile a ahlolela monna e mong oa Moiseraele lefu ka lebaka la ho roalla ka Sabatha. Ho Samuele oa bobeli, re ithuta hore lilemo tse makholo hamorao Jehova o ile a tšoarela Morena Davida ha a ne a entse bofebe a bile a bolaile motho. (Num. 15:32, 35; 2 Sam. 12:9, 13) Re ka ’na ra ipotsa ra re: ‘Ke hobane’ng ha Jehova a ile a tšoarela Davida ea neng a febile ebile a bolaile empa a ile a ahlolela monna eo e mong lefu ka phoso eo ho bonahalang eka e ne se kholo hakaalo? Ha se kamehla Bibele e fanang ka lintlha tsohle. Mohlala, rea tseba hore Davida o ile a bakela liphoso tsa hae e le kannete. (Pes. 51:2-4) Empa monna ea ileng a tlola molao oa Sabatha e ne e le motho oa mofuta ofe? Na o ne a soabetse ntho eo a neng a e entse? Na o ne a kile a tlola melao ea Jehova nakong e fetileng? Na o ne a kile a iphapanya kapa a hana ha a lemosoa nakong e fetileng? Bibele ha e hlalose. Leha ho le joalo re tseba lintlha tse lekaneng ka Molimo oa rona tse re kholisang hore “o lokile litseleng tsohle tsa hae.”—Pes. 145:17. w22.02 2-3 ¶3-4
Labone, la 16 November
Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.—Liprov. 11:2
Motho ea inyenyefalitseng ha aa lebella ho etsa lintho tseo a ke keng a khona ho li etsa. Kahoo, o tla lula a thabile le ho sebetsa ka thata. Re ka bapisa motho ea inyenyefalitseng le ea khannang koloi moepeng. Mokhanni o lokela ho fokotsa lebelo la koloi e le hore a khone ho hloa moepa oo. Ke ’nete hore koloi e tla tsamaea butle empa e tla tsoela pele e tsamaea. Ka ho tšoanang, motho ea inyenyefalitseng oa tseba ha e le nako ea hore a etse liphetoho le hore a etse lintho butle e le hore a tsoele pele a sebeletsa Jehova le ho thusa batho ba bang. (Bafil. 4:5.) Nahana ka mohlala oa Barzilai ea neng a le lilemo li 80 ha Morena Davida a mo kopa hore a sebeletse ntlong ea borena. Kaha Barzilai o ne a inyenyefalitse ha aa ka a amohela kopo eo ea morena. Barzilai o ne a tseba hore ho na le lintho tseo a ke keng a khona ho li etsa ka lebaka la ho hola, kahoo o ile a buella Kimhame ea neng a ntse a le mocha hore e be eena ea sebeletsang ntlong ea borena. (2 Sam. 19:35-37) Joaloka Barzilai, barab’abo rona ba holileng ba thabela ho lumella bacha hore e be bona ba etsang mosebetsi. w21.09 10 ¶6-7
Labohlano, la 17 November
Ha ho na motho ea ntsebang haese Ntate ebile ha ho na motho ea tsebang Ntate haese ’na le mang kapa mang eo ke ratang ho mo ruta ka Ntate.—Luka 10:22.
Na u thatafalloa ke ho nka Jehova e le Ntate ea lerato? Ba bang ba rona ba ikutloa ka tsela eo. Re ka thatafalloa ke ho utloisisa hore na motsoali ea lerato ke ea joang hobane re hotse habohloko. Empa re khothatsoa ke ho tseba hore Jehova o utloisisa tsela eo re ikutloang ka eona hantle. O batla ho ba haufi le rona. Ke kahoo Lentsoe la hae le reng: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lona.” (Jak. 4:8) Jehova oa re rata hape o re tšepisa hore e tla ba Ntate ea molemo ka ho fetisisa eo re ka bang le eena. Jesu a ka re thusa hore re atamele haufi le Jehova. O tseba Jehova hantle ebile o bonahatsa makhabane a hae ka ho phethahetseng. Ke kahoo a ileng a re: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Joh. 14:9) Joaloka abuti a moholo, Jesu o re ruta hore na re ka hlompha, ra mamela, ra qoba ho utloisa Ntate oa rona bohloko joang le hore na re ka etsa’ng hore a re amohele. Empa ka ho khetheha Jesu ha a ntse a le lefatšeng o ile a bontša ka ho hlaka hore Jehova o mosa hape o lerato haholo. w21.09 21 ¶4-5
Moqebelo, la 18 November
Le lise mohlape oo Molimo a le fileng oona hore le o hlokomele. —1 Pet. 5:2.
Batho ba Jehova ba rapela Molimo a le mong feela oa ’nete ba momahane. Jehova o file baholo boikarabelo bo boima ba ho boloka phutheho e hloekile. Haeba Mokreste a etsa sebe se tebileng, Jehova o lebelletse hore baholo ba hlahlobe hore na motho eo o lokela ho tlosoa ka phuthehong kapa che. Ntho e ’ngoe eo ba lokelang ho e etsa ke ho fumana hore na motho eo o fela a baketse phoso eo a e entseng. A ka ’na a re o bakile empa na o hloile ntho eo a e entseng e le kannete? Na o ikemiselitse hore a se ke a pheta sebe seo? Haeba lebaka le leng le entseng hore a etse sebe ke hobane a e-na le metsoalle e fosahetseng, na o ikemiselitse ho khaotsa setsoalle le batho bao? Baholo baa rapela ebe ba sheba lintlha kaofela ba ipapisitse le seo Bibele e se buang le hore na mofosi o ikutloa joang ka seo a se entseng. Ka mor’a moo, ba etsa qeto ea hore na mofosi o tla lula e ntse e le karolo ea phutheho kapa che. Maemong a mang a ka tlameha ho khaoloa.—1 Bakor. 5:11-13. w22.02 5 ¶11-12
Sontaha, la 19 November
Le apare botho bo bocha.—Bakol. 3:10.
Ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re kolobelitsoe, kaofela ha rona re batla hore re be le botho boo Jehova a bo ratang. E le hore re be le botho boo, re lokela ho laola tsela eo re nahanang ka eona. Hobane’ng? Hobane ntho e ka sehloohong e susumetsang botho ba rona ke tsela eo re nahanang ka eona. Haeba re lula re nahana ka hore na ke joang re ka ikhotsofatsang, re tla bua le ho etsa lintho tse fosahetseng. (Baef. 4:17-19) Empa haeba re lula re nahana ka lintho tse nepahetseng, re ka bua le ho etsa lintho tse tla thabisa Ntate oa rona Jehova. (Bagal. 5:16) Leha ho le joalo, re ke ke ra khona ho khaotsa ho nahana ka lintho tse mpe ka ho felletseng empa re ka khetha hore re se ke ra etsa lintho tseo. Pele re kolobetsoa, re lokela ho tlohela ho bua le ho etsa lintho tseo Jehova a li hloileng. Ena ke ntho ea pele ebile e le ea bohlokoa eo re ka e etsang e le hore re hlobole botho ba khale. Leha ho le joalo, e le hore re thabise Jehova, re lokela ho apara botho bo bocha. w22.03 8 ¶1-2
Mantaha, la 20 November
Le ile la etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe hantle e le hore le lokise bothata bona.—2 Bakor. 7:11.
Ha ho bonolo hore baholo ba tsebe hore na motho ea entseng sebe se tebileng o se a bakile e le kannete. Hobane’ng? Baholo ha ba tsebe se ka pelong ea motho, kahoo ba itšetlehile ka bopaki boo ba tla bo fumana ba hore na motho eo o se a fetotse tsela eo a ikutloang ka eona ka sebe seo a se entseng. Ba tla lokela ho bona bopaki bo kholisang ba hore o fetotse tsela eo a nahanang ka eona, a ikutloang ka eona le boitšoaro ba hae. Ho ka ’na ha nka nako e telele hore motho eo a etse liphetoho tse hlokahalang. E le hore motho ea khaotsoeng a bontše hore o bakile e le kannete, o lokela ho tla libokeng kamehla ’me a mamele keletso ea baholo ea hore a rapele le ho bala Bibele kamehla. Hape o tla etsa ka hohle hore a qobe maemo a ileng a etsa hore a etse sebe. Haeba a sebetsa ka thata hore a lokise kamano ea hae le Jehova, a ka kholiseha hore Jehova o tla mo tšoarela ’me baholo ba tla mo thusa hore a khutlisetsoe ka phuthehong. w21.10 6 ¶16-18
Labobeli, la 21 November
U se ke oa iketsetsa setšoantšo kapa ntho leha e le efe e tšoanang le ntho e holimo maholimong kapa e tlase lefatšeng . . . U se ke oa li inamela.—Ex. 20:4, 5.
Kaha Jesu o ne a rata Jehova haholo, o ne a rapela eena feela ha a ne a le leholimong esita le ha a le lefatšeng. (Luka 4:8) O ile a ruta barutuoa ba hae ntho e tšoanang. Ha ho le ka mohla Jesu le barutuoa ba hae ba ileng ba sebelisa litšoantšo borapeling. Kaha Jehova ke Moea, ha ho na ntho leha e le efe eo motho a ka e etsang e ka tšoanang le eena. (Esa. 46:5) Na batho ba iketsetsang litšoantšo tsa batho bao ba ba nkang e le bahalaleli ebe baa li rapela ba etsa phoso? Molaong oa bobeli ho e leshome Jehova o ile a bua mantsoe a temaneng ea kajeno. Mantsoe ao a hlakile ho batho ba batlang ho thabisa Molimo. Batho ba ithutang histori baa lumela hore Bakreste ba mehleng ea pele ba ne ba sebeletsa Molimo feela. Mehleng ena, Lipaki Tsa Jehova li etsisa Bakreste bao ba mehleng ea pele. w21.10 19-20 ¶5-6
Laboraro, la 22 November
Monna ea ka holim’a ntlo a se ke a theoha ebe o kena ka tlung ea hae ho ea nka ntho leha e le efe.—Mat. 24:17.
Jesu o ile a lemosa Bakreste ba mehleng ea baapostola ba neng ba lula Judea hore ho na le nako eo ka eona motse oa Jerusalema o neng o tla ‘lika-liketsoa ke mabotho a liahelong.’ (Luka 21:20-24) Ha seo se etsahala, ba ne ba lokela hore “ba qale ho balehela lithabeng.” Haeba ba ne ba ka tloha motseng ba ne ba tla pholoha empa ba ne ba tla lahleheloa ke lintho tse ngata. Lilemo tse ’maloa tse fetileng Molula-Qhooa o mong o ile oa re: “Ba ile ba siea masimo le mahae, ba bile ba sa phuthe le thepa ea bona ka matlung a bona. Ba kholisehile hore Jehova o tla ba sireletsa le ho ba tšehetsa, ba ile ba etelletsa borapeli ba hae ka pele ho lintho tsohle tseo ho ka bonahalang e le tsa bohlokoa.” Molula-Qhooa oo o boetse o ile oa re: “Ho ka ’na ha e-ba le liteko tse larileng ka pele mabapi le kamoo re talimang lintho tse bonahalang kateng; na ke tsona lintho tsa bohlokoahali, kapa na pholoho e tla tlela bohle ba ka lehlakoreng la Molimo ke ea bohlokoa haholoanyane? E, ho baleha ha rona ho ka ’na ha akarelletsa mathata a itseng le ho amohuoa lintho tse itseng. Re tla tlameha ho itokisetsa ho etsa eng kapa eng e hlokahalang.” w22.01 4 ¶7-8
Labone, la 23 November
Molimo, lerato la hao le bohlokoa haholo.—Pes. 36:7.
Ka mor’a nako e seng kae Baiseraele ba tlohile Egepeta, Jehova o ile a bolella Moshe ka makhabane ao a nang le ’ona le ka lebitso la Hae. O ile a re: “Jehova, Jehova, Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete, ea bolokelang ba likete mosa o lerato, ea tšoarelang phoso le tlolo le sebe.” (Ex. 34:6, 7) Ka mantsoe ana a amang maikutlo, Jehova o ile a bolella Moshe ka ntho e ikhethang ka mosa o lerato oo a nang le oona. Ntho eo e ikhethang ke’ng? Jehova ha a itlhalose e le Molimo ea nang le mosa o lerato feela empa e le Molimo “ea tletseng mosa o lerato.” Tlhaloso ena e boetse e hlaha ka makhetlo a mang a tšeletseng ka Bibeleng. (Num. 14:18; Neh. 9:17; Pes. 86:15; 103:8; Joele 2:13; Jon. 4:2) Hohle moo tlhaloso ena e hlahang teng ho buuoa ka Jehova e seng batho. Na ha se ntho e babatsehang hore ebe Jehova o itlhalosa ka tsela ee? w21.11 2-3 ¶3-4
Labohlano, la 24 November
Tlohelang ho tšoenyeha ka bophelo ba lona.—Mat. 6:25.
Banyalani ba ka ba ithuta mohlaleng oa moapostola Petrose le mosali oa hae. Moapostola Petrose o ne a tlameha ho etsa qeto ea bohlokoa ka mor’a likhoeli tse ka bang tse tšeletseng ho isa ho selemo a kopane le Jesu. Petrose o ne a iphelisa ka ho cheha litlhapi. Kahoo, ha Jesu a ne a mema Petrose hore a mo latele bophelo bohle ba hae, Petrose o ne a lokela ho nahana ka mosali oa hae pele a ka etsa qeto. (Luka 5:1-11) Petrose o ile a khetha ho tsamaea le Jesu ha a il’o bolela litaba tse molemo. Hape e tlameha ebe mosali oa Petrose o ile a tšehetsa qeto ea hae. Bibele e bontša hore ka mor’a hore Jesu a tsosoe, ka linako tse ling Petrose o ne a tsamaea le mosali oa hae. (1 Bakor. 9:5) Ha ho pelaelo hore mosali oa Petrose o ne a beha mohlala o motle, ke kahoo Petrose a neng a e-na le bolokolohi ba ho bua ha a ne a fana ka keletso ho banna le basali ba Bakreste. (1 Pet. 3:1-7) Re kholisehile hore Petrose le mosali oa hae ba ne ba tšepa tšepiso ea Jehova ea hore O tla ba hlokomela haeba ba beha ’Muso pele bophelong ba bona.—Matheu 6:25, 31-34. w21.11 18 ¶14
Moqebelo, la 25 November
Le nketsise.—1 Bakor. 11:1.
Moapostola Pauluse o ne a rata bara ba bo. O ile a sebetsa ka thata hore a ba hlokomele. (Lik. 20:31) Ke ka lebaka lena bara le barali ba bo ba neng ba mo rata haholo. Ka lekhetlo le leng ha baholo ba Efese ba utloa hore ha ba sa tla mo bona hape, ho ile “ha tsoha ho lla ho hoholo har’a bona.” (Lik. 20:37) Baholo le bona ba sebetsa ka thata ebile ba rata Bakreste-’moho le bona haholo hoo ba ikemiselitseng ho etsa sohle se matleng a bona ho ba thusa. (Bafil. 2:16, 17) Empa ka linako tse ling, ho ba thata hore baholo ba etse lintho tsohle tseo ba lokelang ho li etsa. Ke’ng e ka ba thusang? Baholo bana ba sebetsang ka thata ba ka hlahloba mohlala oa Pauluse. Pauluse e ne e le motho joaloka rona. O ne a sa phethahala ’me ka linako tse ling o ne a thatafalloa ke ho etsa se nepahetseng. (Bar. 7:18-20) Hape o ne a e-na le mathata a mangata. Empa Pauluse ha aa ka a felloa ke thabo ’me ha aa ka a emisa ho sebeletsa bara ba bo. Ha baholo ba etsisa Pauluse, ba tla tsoela pele ho sebeletsa Jehova ba thabile leha ba e-na le mathata. w22.03 26 ¶1-2
Sontaha, la 26 November
Le boloke lisabatha tsa ka. Ke ’na Jehova Molimo oa lona.—Lev. 19:3.
Levitike 19:3 e bua ka ho boloka Sabatha. Kaha Bakreste ha ba tlas’a Molao, ha re boloke Sabatha ea beke le beke. Leha ho le joalo, re ka ithuta ho hongata tseleng eo Baiseraele ba neng ba boloka Sabatha ka eona le hore na ho e boloka ho ne ho ba tsoela molemo joang. Sabatha e ne e le nako eo ka eona motho e mong le e mong a neng a sa etse mosebetsi leha e le ofe empa o ne a tsepamisa mohopolo oa hae ho sebeletseng Molimo. Ke kahoo Jesu a neng a ea synagogeng motseng oa habo ka letsatsi la Sabatha ’me a bala Lentsoe la Molimo. (Ex. 31:12-15; Luka 4:16-18.) Taelo ea Jehova e hlahang ho Levitike 19:3 e reng le ‘boloke lisabatha tsa [hae]’ e lokela ho re khothalletsa hore re iketsetse nako letsatsi le letsatsi ea hore re sebeletse Molimo. Na u nahana hore ho na le liphetoho tseo u lokelang ho li etsa e le hore u mamele taelo eo? Haeba kamehla u iketsetsa nako ea hore u sebeletse Jehova, seo se tla etsa hore u be le setsoalle se haufi le eena, e leng ntho eo u lokelang ho e etsa e le hore u halalele. w21.12 5 ¶13
Mantaha, la 27 November
Ha kea tlela batho ba lokileng, ke tletse ho phehella baetsalibe hore ba bake.—Luka 5:32.
Ha Jesu a le lefatšeng, o ne a e-ba le nako ea batho ba mefuta eohle. O ne a e-ja le batho ba ruileng le ba nang le matla a itseng empa ka nako e tšoanang, a boetse a qeta nako e ngata le batho ba futsanehileng le ba hateletsoeng. Ho phaella moo, o ne a le mosa ho batho ba neng ba nkoa e le “baetsalibe.” Baloki ba ile ba khopisoa ke lintho tseo Jesu a ileng a li etsa. Ba ile ba re ho barutuoa ba hae: “Ke hobane’ng ha le ja ’me le noa le babokelli ba lekhetho le baetsalibe?” Eaba Jesu o araba ka ho bua mantsoe a temana ea letsatsi ea kajeno. (Luka 5:29-31) Nako e telele pele Mesia a tla lefatšeng, moprofeta Esaia o ile a profeta hore batho ba ne ba sa tl’o mo amohela. O ile a re: “O ile a nyelisoa ’me a qojoa ke batho . . . E ne eka re pateloa sefahleho sa hae. O ile a nyelisoa, ’me ra mo nka e se oa bohlokoa.” (Esa. 53:3) Boprofeta boo, bo ile ba bontša hore Mesia o ne a tla qojoa “ke batho,” kahoo, Bajuda bao ba mehleng ea hae ba ka be ba ile ba lebella hore Jesu o ne a tla hanyetsoa. w21.05 8-9 ¶3-4
Labobeli, la 28 November
Jehova o tla mo thusa hore a be matla hape.—Jak. 5:15.
Ba bang ba Bakreste ba pele ba ne ba lieha ho mamela keletso eo ba e fuoeng. (Jak. 1:22) Ba bang ba ne ba tšoara batho ba ruileng hantle ho feta ba futsanehileng. (Jak. 2:1-3) Ha ba bang bona ba ne ba hloleha ho laola tsela eo ba buang ka eona. (Jak. 3:8-10) Bakreste bao ba ne ba e-na le bothata bo boholo empa Jakobo ha aa ka a khaotsa ho ba thusa. O ile a fana ka keletso ka tsela e mosa le e tobileng, a ba a khothaletsa ba bang ba hlokang thuso hore ba ee ho baholo e le hore ba ba thuse hore ba etse liphetoho. (Jak. 5:13, 14) Re ithuta’ng? E-ba motho ea utloisisang le ea mamellang batho ba bang. Ho ka ’na ha e-ba thata hore batho ba bangata ba ithutang Bibele ba mamele keletso ea eona. (Jak. 4:1-4) Ho ka ’na ha nka nako hore ba tlohele lintho tse mpe tseo ba li etsang ’me ba be le makhabane ao Bakreste ba lokelang ho ba le ’ona. Re lokela ho ba le sebete sa hore re bolelle batho bao re ithutang Bibele le bona hore na ke hokae moo ba lokelang ho ntlafatsa. Re boetse re lokela ho ba le mamello le ho tšepa hore Jehova o tla hulela batho ba ikokobelitseng ho eena le ho ba fa matla ao ba a hlokang e le hore ba etse liphetoho bophelong ba bona.—Jak. 4:10. w22.01 11 ¶11-12
Laboraro, la 29 November
Mang kapa mang ea ithibang litsebe hore a se ke a utloa sello sa mofutsanaLe eena o tla lla ’me a ke ke a mameloa.—Liprov. 21:13.
Bakreste bohle ba batla ho etsisa Jehova ka hore ba bontše mohau. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore Jehova a ke ke a mamela batho ba sa bontšeng batho ba bang mohau. Ha ho motho ea batlang hore Jehova a se ke a mamela lithapelo tsa hae, ke kahoo re lekang ka hohle hore re be batho ba mohau. Re lokela ho ipha nako ea ho mamela Bakreste-’moho le rona ba utloileng bohloko ’me re lule re mamela “mohoo o belaelang oa ea tlaase.” Ka ho tšoanang, re leka ka hohle ho mamela keletso ena e tsoang ka Bibeleng e re’ng: “Ea sa bontšeng mohau o tla ahloloa ntle ho mohau.” (Jak. 2:13) Ho tla ba bonolo hore re bontše batho ba bang mohau haeba le rona re hopola hore re hloka ho bontšoa mohau. Re batla ho bontša mohau haholo-holo haeba moetsalibe ea bakileng a khutlela ka phuthehong. Mehlala e ka Bibeleng e ka re thusa hore re be batho ba mohau ’me re se ke ra ba batho ba se nang kutloelo-bohloko. w21.10 12 ¶16-17
Labone, la 30 November
Lulang mona, ke ea mane ke e’o rapela.—Mat. 26:36.
Bosiung ba ho qetela Jesu a le lefatšeng ha tšebeletso ea hae e se e ntse e tla fela, o ile a batla sebaka se ka thoko ho ea rapela le ho nahanisisa. O ile a fumana sebaka seo serapeng sa Gethesemane. Ha a le moo, o ile a bolella barutuoa ba hae ntho ea bohlokoa ka thapelo. Ha ba fihla serapeng sa Gethesemane, e ne e le bosiu haholo. Mohlomong e ne e le ka mor’a 12 bosiu. Jesu o ile a re baapostola ba ‘lule ba lebetse’ ha eena a il’o rapela. (Mat. 26:37-39) Ha Jesu a ntse a rapela, baapostola ba hae ba ile ba ea le sephume sa boroko. Ha a ba fumana ba robetse, o ile a ba khothalletsa hape hore ba ‘lule ba lebetse ’me ba rapele ba sa khaotse.’ (Mat 26:40, 41) Jesu o ile a hlokomela hore ba ne ba tšoenyehile haholo ba bile ba khathetse. Ka kutloelo-bohloko, o ile a hlokomela hore “nama ea fokola.” Ho ntse ho le joalo, ka makhetlo a mang a mabeli, Jesu o ile a ea ho ea rapela ’me ha a khutla o ile a fumana baapostola ba hae ba robetse ho e-na le hore ba rapele.—Mat. 26:42-45. w22.01 28 ¶10-11