December
Labohlano, la 1 December
Li tla mamela lentsoe la ka.—Joh. 10:16.
Jesu o ile a bapisa kamano eo a nang le eona le balateli ba hae, le e teng pakeng tsa molisa le linku tsa hae. (Joh. 10:14) Papiso ena e loketse kaha linku li tseba molisa oa tsona ’me li mamela lentsoe la hae. Monna e mong o ile a bona ha sena se etsahala. O re: “Re ne re batla ho nka linepe tsa linku tse ’maloa ’me re leka ho li bitsa hore li tle ho rona. Empa ha lia ka tsa tla hobane ha li tsebe mantsoe a rona. Ka mor’a moo, ho ile ha tla moshanyana oa molisa, hang-hang feela ha a li bitsa li ile tsa ea ho eena.” Ntho eo monna eo a e boneng e re hopotsa mantsoe a Jesu mabapi le linku tsa hae e leng barutuoa ba hae. O ile a re: “Li tla mamela lentsoe la ka.” Empa Jesu o leholimong, joale re ka mo mamela joang? Re bontša hore re mamela lentsoe la Mong’a rona ka ho sebelisa lintho tseo a re rutileng tsona bophelong ba rona.—Mat. 7:24, 25. w21.12 16 ¶1-2
Moqebelo, la 2 December
Bohle ba entse sebe ’me ba hloleha ho bonahatsa khanya ea Molimo.—Bar. 3:23.
Moapostola Pauluse o ne a kile a hlorisa Bakreste. Empa hamorao o ile a utloisisa hore ntho eo a neng a e etsa e ne e fosahetse ’me o ne a ikemiselitse ho fetoha. (1 Tim. 1:12-16) Jehova o ile a thusa Pauluse ’me e ile ea e-ba moholo ea lerato, ea mosa le ea ikokobelitseng. O ne a lumela hore Jehova o tla mo tšoarela. (Bar. 7:21-25) Pauluse o ne a sa lebella hore a phethahale. Empa o ile a sebetsa ka thata hore a be le makhabane a Bokreste ’me o ile a ikokobetsa le ho itšetleha ka Jehova hore a mo thuse e le hore a ka etsa mosebetsi oa hae. (1 Bakor. 9:27; Bafil. 4:13) Baholo ha baa khethoa hobane ba phethahetse. Leha ho le joalo, Jehova o lebelletse hore ba lumele liphoso tsa bona ’me ba etse liphetoho moo ho hlokahalang. (Baef. 4:23, 24) Moholo o lokela ho itlhahloba a sebelisa Lentsoe la Molimo e le hore a bone hore na ke hokae moo a lokelang ho etsa liphetoho. Haeba a etsa joalo, Jehova o tla mo thusa hore a thabe ’me e be moholo ea molemo.—Jak. 1:25. w22.03 29-30 ¶13-15
Sontaha, la 3 December
Khaotsang ho ahlola.—Mat. 7:1.
Re lokela ho etsa’ng haeba re hlokomela hore re ile ra ahlola Mokreste-’moho le rona? Re lokela ho hopola hore re tlameha ho rata bara le barali ba bo rona. (Jak. 2:8) Hape re lokela ho rapela Jehova ka tieo, re mo kope hore a re thuse hore re khaotse ho ahlola batho ba bang. Re lokela ho etsa se lumellanang le lithapelo tsa rona ka hore re qete nako re e-na le motho eo re ileng ra mo ahlola. Re ka mo kopa hore a sebetse le rona tšimong kapa ra mo memela lijong. Ha re ntse re tseba Mokreste-’moho le rona haholoanyane, re ka leka ho etsisa mohlala oa Jehova le Jesu ka hore re shebe lintho tse ntle tseo a li etsang. Ha re etsa joalo, re tla be re bontša hore re mamela taelo ea molisa oa rona ea molemo e reng re khaotse ho ahlola batho ba bang. Joalokaha linku li mamela lentsoe la molisa oa tsona, le balateli ba Jesu ba mamela lentsoe la hae. Ebang re karolo ea “mohlatsoana” kapa re ba “linku tse ling,” e se eka re ka tsoela pele re mamela lentsoe la molisa ea molemo.—Luka 12:32; Joh. 10:11, 14, 16. w21.12 19 ¶11; 21 ¶17-18
Mantaha, la 4 December
A se ke a mamela keletso eo banna ba baholo ba ileng ba mo fa eona.—1 Mar. 12:8.
Ha Roboame e e-ba morena oa Iseraele, batho bao a ba busang ba ile ba kopa hore a ba bebofalletse mosebetsi o boima oo ntate oa hae Solomone a neng a ba file oona. Roboame o ile a etsa hantle ka hore a botse banna ba baholo ba Iseraele hore na o lokela ho araba batho bao joang. Ba ile ba mo eletsa hore haeba a ne a ka lumela ntho eo batho bao ba e kopang ba ne ba tla lula ba mo sebeletsa. (1 Mar. 12:3-7) Ho bonahala Roboame a ne a sa thabela keletso eo a e fuoeng, kahoo o ile a kopa banna bao a hotseng le bona hore ba mo eletse. Ba ile ba mo eletsa hore a ba hatelle le ho feta. (1 Mar. 12:9-11) Roboame o ne a lokela ho kopa Jehova hore a mo thuse hore na a mamele keletso efe. Ho e-na le hore a etse joalo, o ile a khetha ho mamela keletso ea banna bao a hotseng le bona. Seo se ile sa tlisetsa Roboame le sechaba sa Iseraele litla-morao tse bohloko. Le rona ha se kamehla re ka fumanang keletso eo re e thabelang empa haeba e thehiloe Lentsoeng la Molimo re lokela ho e mamela. w22.02 9 ¶6
Labobeli, la 5 December
Botle ba bahlankana ke matla a bona.—Liprov. 20:29.
Motho ea ikokobelitseng le ea inyenyefalitseng o nahana haholo ka lintho tseo bacha ba khonang ho li etsa e seng tseo ba lokelang ho ithuta tsona. O talima bacha e le basebetsi-’moho eseng batho bao a hlolisanang le bona. Batho ba holileng ba nka bacha e le limpho tse tsoang ho Jehova ebile baa ba ananela. Ha ba ntse ba felloa ke matla, baa ananela hore ebe bacha ba ikemiselitse ebile ba khona ho etsa mesebetsi ka phuthehong. Ka Bibeleng re fumana mohlala o motle oa Naomi ea neng a se a holile ea ileng a lumela hore mocha a mo thuse. Qalong Naomi o ile a khothalletsa ngoetsi ea hae Ruthe eo e neng e le mohlolohali hore a khutlele ho batho ba habo. Leha ho le joalo, ha Ruthe a tsitlella ho khutlela le eena Bethlehema, Naomi o ile a lumela hore a mo tšehetse. (Ruthe 1:7, 8, 18) Qeto eo e ile ea tsoela basali bao ba babeli molemo. (Ruthe 4:13-16.) Batho ba holileng ba ikokobelitseng ba etsisa mohlala oa Naomi. w21.09 10-11 ¶9-11
Laboraro, la 6 December
Molimo o lokile, ka lebaka leo a ke ke a lebala mosebetsi oa lona le kamoo le bontšitseng kateng hore le rata lebitso la hae.—Baheb. 6:10.
Ntate oa rona ea leholimong o utloisisa maemo a e mong le e mong oa rona. Mohlomong u etsa ho fetang hoo batho ba bang ba ho etsang. Mohlomong ha u khone ho etsa lintho tseo batho ba bang ba li etsang hobane oa kula, u tsofetse kapa u na le boikarabelo ba lelapa. U se ke oa nyahama. (Bagal. 6:4) Jehova a ke ke a lebala mosebetsi oa hao. O tla thaba haeba u fana ka sohle seo u ka se khonang ebile e le ka sepheo se nepahetseng. Jehova o tseba lintho tseo u ka ratang ho li etsa. O batla hore u thabe u be u khotsofatsoe ke lintho tseo u khonang ho mo etsetsa tsona. Le hona joale re na le khotso hobane rea tseba hore Jehova o tla re thusa ha re kopana le mathata. (Esa. 41:9, 10) Re na le mabaka a utloahalang a ho thaba ha re sebeletsa Ntate oa rona ea lerato hobane o tšoaneloa ke “ho amohela khanya le tlhompho” ho tsoa popong eohle ea hae!—Tšen. 4:11. w22.03 24 ¶16; 25 ¶18
Labone, la 7 December
Ke potlakela ho mamela litaelo tsa hao.—Pes. 119:60.
Re batla ho etsisa Jesu empa ha rea lokela ho nyahama haeba re sa khone ho etsisa Jesu ka ho feletseng. (Jak. 3:2) Motho ea rutoang a ke ke a khona ho etsisa mosuoe oa hae ka ho phethahetseng. Empa ha a ithuta liphosong tsa hae a bile a leka ho etsisa mosuoe oa hae, o tla tsoela pele ho ntlafatsa. Ka tsela e tšoanang, le rona haeba re sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona Bibeleng, re tla ntlafatsa ’me re latele mohlala oa Jesu haufi-ufi. (Pes 119:59) Batho ba bangata mehleng ena ba ichebile bobona. Empa batho ba Jehova bona ha ba joalo hohang. Re susumetsoa ke tsela eo Jesu a neng a itella batho ba bang ka eona ’me re ikemiselitse ho mo etsisa. (1 Pet. 2:21) Haeba re leka kahohle ho etsisa Jesu, re tla thaba hobane re tla be re khahlisa Jehova. w22.02 24 ¶16; 25 ¶18
Labohlano, la 8 December
Lintho tse ling tseo a li ngotseng li thata.—2 Pet. 3:16.
Tsela e ’ngoe eo Jehova a tataisang bahlanka ba hae mehleng ena, ke ka ho sebelisa Lentsoe la hae Bibele. Haeba re ipha nako ea ho nahanisisa ka lintho tseo Jehova a re rutang tsona, re tla khona ho mamela tataiso ea hae le ho etsa mosebetsi oa boboleli. (1 Tim. 4:15, 16) Tsela e ’ngoe hape eo Jehova a re tataisang ka eona ke ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45) Ka linako tse ling a ka le fa tataiso eo re sa e utloisiseng hantle. Ka mohlala, re ka ’na ra bolelloa hore na re etse’ng ho itokisetsa koluoa e itseng ea tlhaho ebe re nahana hore koluoa eo e ke ke ea etsahala sebakeng seo re lulang ho sona. Re lokela ho etsa’ng haeba re nahana hore litaelo tseo re li fuoang ha li utloahale? Nahana ka litlaleho tse ling tsa Bibele tseo re ileng ra li bala. Ka linako tse ling, bahlanka ba Molimo ba ile ba fuoa tataiso e neng e bonahala e sa utloahale empa e ile ea pholosa bophelo ba bona.—Baahl. 7:7; 8:10. w22.03 18-19 ¶15-16
Moqebelo, la 9 December
Ntate, ke beha bophelo ba ka matsohong a hao.—Luka 23:46.
Ka kholiseho eohle Jesu o ile a bua mantsoe a temana ea letsatsi ea kajeno. Jesu o ne a tseba hore bokamoso ba hae bo itsetlehile ka Jehova hape a kholisehile hore ntate oa hae o tla mo hopola. Re ka ithuta’ng mantsoeng a Jesu? Lula u tšepahalla Jehova le haeba bophelo ba hao bo le kotsing. E le hore u etse joalo u lokela hore u ‘tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle.’ (Liprov. 3:5) Nahana ka mohlala oa Joshua ea lilemo li 15 ea neng a kula haholo. O ile a hana ho amohela mefuta ea phekolo e neng e le khahlanong le melao ea Molimo. Nakoana pele a hlokahala o ile a re ho ’mè oa hae: “’Mè, ke tl’o ba mohopolong oa Jehova. . . . Ke kholisehile hore o tl’o ntsosa ha a tsosa bafu. Oa tseba hore na ke ikutloa joang. Ke mo rata haholo.” Kaofela ha rona re lokela ho ipotsa, ‘Haeba nka tobana le boemo bo lekang tumelo ea ka, na ke tla lula ke tšepahala ho Jehova ’me ke tšepe hore o tla nkhopola?’ w21.04 12-13 ¶15-16
Sontaha, la 10 December
Ea khathollang ba bang le eena o tla khatholloa.—Liprov. 11:25.
Batho ba Jehova ba matlafatsoa ke ho ea tšebeletsong ea tšimo. Ha re bolella batho ba bang molaetsa oa Bibele, rea thaba ho sa tsotellehe hore na baa re mamela kapa che. Batho ba bang ba ka ’na ba ikutloa eka ha ba khone ho sebetsa kahohle kamoo ba ka khonang tšebeletsong ea tšimo ka lebaka la maemo a bona. Haeba ke kamoo u ikutloang kateng, hopola hore Jehova oa thaba ha a bona u etsa boiteko. Jehova oa bona hore re batla ho ea tšimong ’me o ananela boiteko boo re bo etsang esita le ha ba bang ba sa khone ho tsoa ka matlong. A ka re thusa hore re bolelle batho ba re hlokomelang, lingaka, le baoki molaetsa oa Bibele. Haeba re bapisa lintho tseo re sa khoneng ho li etsa hona joale le tseo re neng re khona ho li etsa nakong e fetileng, re tla nyahama. Empa haeba re hlokomela kamoo Jehova a re thusang kateng hona joale, re tla ba le matla ao re a hlokang ho mamella mathata leha e le afe re thabile. Ha re tsebe hore na ha re ntse re jala peo ka ho ruta batho molaetsa oa Bibele, ke peo efe e tla hlahisa litholoana.—Moek. 11:6. w21.05 24-25 ¶14-17
Mantaha, la 11 December
Ke hobane’ng ha u sa hlompha lentsoe la Jehova ’me u entse ntho e mpe tjee mahlong a hae?—2 Sam. 12:9.
Ka lebaka la ho ba meharo, Morena Davida o ile a lebala lintho tseo Jehova a mo fileng tsona tse kang, maruo, botumo le ho hlola lira tsa hae tse ngata. Davida le eena o ile a ananela le ho lumela hore lintho tseo Molimo a mo fileng tsona li ne li le ngata ‘ho feta kamoo a ka li phetang.’ (Pes. 40:5) Empa ho ile ha etsahala hore Davida a lebale lintho tseo Jehova a mo fileng tsona. Le hoja Davida a ne a e-na le basali ba bangata, o ile ba meharo eaba o batla mosali oa motho e mong. Mosali eo e ne le Bathe-sheba ’me monna oa hae e ne e le Uria Mohethe. Davida o ile a inahana boeena, eaba o etsa thobalano le Bathe-sheba eaba Bathe-sheba oa ima. Davida ha aa ka a etsa bohlola feela empa o ile a etsa hore Uria a bolaoe. (2 Sam. 11:2-15) Davida o ne a nahana’ng? Na o ne a nahana hore Jehova ha a ’mone? Mohlanka eo ea tšepahalang oa Jehova, o ile a oela lerabeng la ho ba meharo le ho inahana boeena eaba o ipakela mathata a mangata. Empa hamorao, Davida o ile a amohela phoso ea hae eaba oa baka. O ile a thaba haholo ha Jehova a mo tšoarela.—2 Sam. 12:7-13. w21.06 17 ¶10
Labobeli, la 12 December
Ha re bolele hore re khona ho etsa mosebetsi . . . empa ke Molimo ea re thusang hore re o etse.—2 Bakor. 3:5.
Re ka ’na ra nahana hore re ke ke ra khona ho ithuta Bibele le motho. Mohlomong re nahana hore re hloka ho ba le bokhoni kapa tsebo e eketsehileng e le hore re ka khona ho ithuta Bibele le motho. Haeba u ikutloa ka tsela eo, hlokomela lintlha tse tharo tse ka u kholisang hore u ka khona ho ithuta Bibele le motho. Ea pele, Jehova o u nka u tšoaneleha ho ruta batho ba bang. Ea bobeli, Jesu ea nang le “matla ’ohle leholimong le lefatšeng,” o u laetse hore u rute batho ba bang. (Mat. 28:18) Ea boraro, u ka kopa thuso ho ba bang. Ha Jesu a ne a bua, o ne a itšetlehile ka lintho tseo Ntate oa hae a mo rutileng tsona ’me le uena u ka etsa joalo. (Joh. 8:28; 12:49) Ho ekelletsa moo, u ka kopa molebeli oa sehlopha sa tšebeletso ea tšimo, pula-maliboho kapa mohoeletsi ea nang le boiphihlelo hore a u thuse ho ithuta Bibele le motho. Tsela e ’ngoe e ka u thusang ke ka hore u tsamaee le e mong oa bahoeletsi bana ha a il’o ithuta Bibele le motho. w21.07 6 ¶12
Laboraro, la 13 December
Motho ea tšepahalang linthong tse nyenyane o tšepahala le ho tse kholo ’me motho ea sa tšepahaleng linthong tse nyenyane ha a tšepahale le ho tse kholo.—Luka 16:10.
Ha bofelo bo ntse bo atamela, re lokela ho tšepa tsela eo Jehova a etsang lintho ka eona ho feta leha e le neng pele. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Nakong ea matšoenyeho a maholo, re ka ’na ra fuoa litaelo tseo re ka utloang ho le thata ho li utloisisa kapa ho li mamela. Rea tseba hore Jehova a ke ke a buisana le rona ka ho toba. A ka ’na a re fa litaelo a sebelisa batho bao a ba khethileng hore ba re etelle pele. Eo e tla be e se nako ea ho belaella tataiso eo re e fuoang kapa ho ipotsa hore na ehlile ke tataiso e tsoang ho Jehova kapa ke qeto eo bara ba bo rona ba etellang pele ba iketselitseng eona. Na u tla tšepa Jehova le mokhatlo oa hae nakong eo ea bohlokoa? Tsela eo ka eona u nkang tataiso ea ba etellang pele hona joale, e tla u thusa ho arabela potso eo. Haeba u tšepa tataiso eo u e fuoang hona joale ebile u potlakela ho e mamela, u tla nolofalloa ho etsa joalo le nakong ea matšoenyeho a maholo. w22.02 6 ¶15
Labone, la 14 December
Seo ke se entseng ha se letho ha se bapisoa le seo le se entseng.—Baahl. 8:2.
Gideone le banna ba 300 ba ne ba hlotse ntoa ka thuso ea Jehova ’me ba ne ba ka ikotla sefuba ka taba eo. Banna ba Efraime ba ile ba kopana le Gideone ho ea pheha khang le eena eseng ho mo babatsa hobane ha aa ka a ba kopa thuso ha a ea ntoeng. (Baahl. 8:1) Gideone, o ile a ba etsetsa mohlala oa kamoo Jehova a ba thusitseng kateng. Ka lebaka leo, ba ile ba theola maikutlo. (Baahl. 8:3) Gideone o ne a ikemiselitse ho se ikhohomose e le hore a phehelle khotso har’a batho ba Molimo. Mohlaleng oa batho ba Efraime, re ithuta hore ha rea lokela ho ameha haholo ka ho sireletsa botumo ba rona ho feta ho hlompha Jehova. Lihlooho tsa malapa le baholo ba ka ithuta thuto ea bohlokoa ho Gideone. Haeba motho e mong a koatisitsoe ke ntho eo re e entseng, re lokela ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a ikutloa joalo. Re ka boela ra mo babatsa ka lintho tse ntle tseo a li entseng. Ho tla hlokahala hore re ikokobetse. Ho bopa khotso ho bohlokoa ho feta ho ikhohomosa. w21.07 16-17 ¶10-12
Labohlano, la 15 December
A re etse motho ea tšoanang le rona.—Gen. 1:26.
Jehova o re bontšitse hore o re nka re le ba bohlokoa ka hore a re bope ka setšoantšo sa hae. Kaha re bopiloe ka setšoantšo sa Molimo, re ka khona ho ba le makhabane a tšoanang le a hae a kang lerato, mosa, botšepehi le ho loka. (Pes. 86:15; 145:17) Ha re e-ba le makhabane ana, re tla be re rorisa Jehova ebile re bontša hore re ananela hore o re entse ka setšoantšo sa hae. (1 Pet. 1:14-16) Ha re itšoara ka tsela e thabisang ntate oa rona, rea thaba le ho khotsofala. Taba ea hore Jehova o re entse ka setšoantšo sa hae, ea bontša hore re ka khona ho ba batho bao a ba batlang lelapeng la hae. Jehova o re etselitse lehae le letle. Pele a bopa motho oa pele, Jehova o ile a lokisa lefatše hore batho ba khone ho phela ho lona. (Jobo 38:4-6; Jer. 10:12) Kaha Jehova oa fana ebile oa re nahanela, o ile a etsa lintho tse ngata tseo re ka li thabelang. (Pes. 104:14, 15, 24) Ka linako tse ling, o ne a ipha nako ea ho nahana ka lintho tseo a li bopileng ’me “a bona hore ho molemo.”—Gen. 1:10, 12, 31. w21.08 3 ¶5-6
Moqebelo, la 16 December
Litholoana tse behoang ke moea o halalelang ke lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro.—Bagal. 5:22, 23.
Kaofela ha rona re fuoe mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa. (Mat. 28:19, 20; Bar. 10:14) Na u ka rata ho ntlafatsa bokhoni ba hao mosebetsing oo oa bohlokoa? Ipehele lintho tseo u batlang ho li finyella ha u ntse u bala le ho sebelisa lintho tseo u ithutang tsona bukaneng ea Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta. Ha u ipehela lintho tseo u batlang ho li finyella, u se ke oa lebala ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e leng ho ba le makhabane a Bokreste. (Bakol. 3:12; 2 Pet. 1:5-8) Ha ho pelaelo hore kaofela ha rona re batla ho sebeletsa Jehova ho feta kamoo re mo sebeletsang kateng hona joale. Lefatšeng le lecha la Molimo, re tla mo sebeletsa kahohle-hohle. Ho fihlela nako eo, haeba re sebelisa menyetla eohle eo re nang le eona hona joale, re tla thaba le ho feta ’me re tla fokotsa ho nyahama. Habohlokoa le ho feta ke hore re tla hlompha le ho rorisa Jehova Molimo oa rona “ea thabileng.” (1 Tim. 1:11) Kahoo, a re thabisoeng ke mesebetsi eo re nang le eona. w21.08 25 ¶18-20
Sontaha, la 17 December
Ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng.—Baheb. 11:6.
Haeba u hotse u le Paki ea Jehova, e tlameha ebe u ile oa ithuta ka Jehova u sa le monyane haholo. U ile oa rutoa hore ke ’Mopi, o na le makhabane a ratehang le hore u batla ho etsa lefatše paradeise. (Gen. 1:1; Lik. 17:24-27) Batho ba bangata ha ba lumele hore Molimo o teng re se re sa re letho ka hore ke ’Mopi. Ho e-na le hoo, ba lumela hore bophelo bo bile teng ka tšohanyetso eaba ha nako e ntse e ea e e-ba lintho tse rarahaneng. Ba bang ba batho ba lumelang lintho tsena ba rutehile haholo. Ba re saense e bontšitse hore Bibele e fosahetse le hore batho ba nang le tumelo ho ’Mopi ke ba sa rutehang, ba seng bohlale le ba thetsehang habonolo. Ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re le Lipaki Tsa Jehova, kaofela ha rona re lokela ho lula re matlafatsa tumelo ea rona. Ha re etsa joalo, re ke ke ra khelosoa ke “filosofi le thetso ea lefeela” e rutoang ke batho ba hanyetsang Lentsoe la Molimo.—Bakol. 2:8. w21.08 14 ¶1-3
Mantaha, la 18 December
Jehova Molimo oa rona ea matla, u tšoaneloa ke ho rorisoa le ho hlomphuoa.—Tšen. 4:11.
Abele, Noe, Abrahama le Jobo ba ile ba bontša hore ba hlompha Jehova ebile baa mo rata kaha ba ne ba mamela Molimo, ba e-na le tumelo ho eena ebile ba mo etsetsa mahlabelo. Ba ile ba bontša ka ho hlaka hore ba hlompha Jehova ’me o ile a amohela borapeli ba bona. Hamorao Jehova o ile a fa Baiseraele Molao a sebelisa Moshe. Molao oo o ne o bontša kamoo Jehova a batlang hore batho ba mo rapele kateng. Ka mor’a hore Jesu a shoe a be a tsosoe, Jehova o ne a se a sa lebella hore batho ba mamele Molao oa Moshe. (Bar. 10:4) Bakreste ba ne ba se ba latela molao o mocha, e leng “molao oa Kreste.” (Bagal. 6:2) Ho mamela “molao” oo ho ne ho sa bolele hore ba lokela ho latela melao e mengata empa ba ne ba lokela ho etsisa mohlala oa Jesu le lithuto tsa hae. Le mehleng ena Bakreste ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho latela mohlala oa Kreste e le hore ba ka khahlisa Jehova. Ka ho etsa joalo baa khatholoha.—Mat. 11:29. w22.03 20-21 ¶4-5
Labobeli, la 19 December
O ne a tloaetse ho ea moo a leng mong hore a e’o rapela.—Luka 5:16.
Jehova o mamela bana ba hae o ile a mamela lithapelo tse ngata tseo Mora oa hae a ileng a li etsa ha a ntse a le lefatšeng. O ile a mamela Jesu ha a ne a rapela ka lintho tsa bohlokoa haholo tse kang ha a ne a khetha baapostola ba 12. (Luka 6:12, 13) Jehova o ile a boela a utloa ha Jesu a ne a rapela nakong eo a neng a tšoenyehile haholo. Nakoana pele a ekoa, Jesu o ile a rapela Ntate oa hae ka matla a mo bolella ka teko eo a neng a tl’o tobana le eona haufinyane. Jehova o ile a mamela lithapelo tsa Jesu a ba a romela le lengeloi hore le il’o mo khothatsa. (Luka 22:41-44) Mehleng ena, Jehova o tsoela pele ho mamela lithapelo tsa bahlanka ba hae hape o li araba ka nako e loketseng ebile e le ka tsela e molemo ka ho fetisisa. (Pes. 116:1, 2) Utloa kamoo morali’abo rona e mong oa India a ileng a tiisa taba ena kateng. O ne a e-na le khatello e matla haholo ea maikutlo ’me o ile a rapela Jehova ka matla ka taba eo. O re: “Lenaneo la JW Broadcasting® la May 2019 le ne le etselitsoe ’na kaha le ile la mpontša hore na nka sebetsana le ho tšoenyeha le ho khathatseha joang. E ne e le karabo ea lithapelo tsa ka.” w21.09 21-22 ¶6-7
Laboraro, la 20 December
[Balehelang] lithabeng.—Luka 21:21.
U ka inahanela hore na ho ne ho le thata hakae ho Bakreste bao ba mehleng ea baapostola hore ba siee hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba e-na le eona ’me ba qale bophelo bo bocha sebakeng se seng. Ba ne ba hloka ho ba le tumelo le ho tšepa hore Jehova o tla ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. Empa ke’ng e neng e tla ba thusa hore ba be le tumelo? Lilemo tse hlano pele Baroma ba pota-pota Jerusalema, moapostola Pauluse o ile a fa Baheberu keletso e molemo a re: “Mokhoa oa lona oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng. Etsoe o itse: ‘Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.’ E le hore re ka ba sebete ’me ra re: ‘Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?’” (Baheb. 13:5, 6) Ha ho pelaelo hore ho ile ha e-ba bonolo hore batho ba ileng ba mamela keletso ea Pauluse pele Baroma ba hlasela, ba tloaele ho phela ka lintho tse nyane tseo ba neng ba e-na le tsona malapeng a bona a macha. Ba ne ba kholisehile hore Jehova o ne a tla ba fa lintho tseo ba li hlokang. w22.01 4 ¶7, 9
Labone, la 21 December
Mesebetsi eohle ea hae e bontša hore o mohau.—Pes. 145:9.
Ha re nahana ka motho ea mohau re nahana ka motho ea mosa, ea pelo e ntle, ea nang le qenehelo le ea fanang. Re ka boela ra nahana ka pale eo Jesu a ileng a bua ka eona ea Mosamaria ea molemo. Monna eo oa Mosamaria o ile a “etsa ka mohau” Mojuda ea ileng a hlaseloa ke masholu. O ile “a susumetsoa ke khauho” ’me a lokisetsa hore Mojuda eo ea neng a lemetse a hlokomeloe. (Luka 10:29-37) Makhabaneng ao Molimo a nang le ’ona, papiso ena e tl’o re ruta haholo ka mohau. Molimo o mohau hobane oa re rata ’me o re bontša mohau ka litsela tse ngata letsatsi le leng le le leng. Ho na le tsela e ’ngoe hape eo motho a ka bontšang mohau ka eona. A ka khetha ho se fane ka kotlo ho motho eo e mo tšoanelang. Ha e le hantle, haesale Jehova a re bontša mohau ntlheng eo. Mopesaleme o ile a re: “Ha aa re etsa ho ea ka libe tsa rona.” (Pes. 103:10) Leha ho le joalo, ka linako tse ling Jehova a ka ’na a khalemela motho ea entseng sebe. w21.10 8 ¶1-2
Labohlano, la 22 December
Ke tla lula ke u rata kamehla le mehla.—Esa. 54:10.
Jehova o bontša mosa o lerato ho batho ba nang le kamano e haufi le eena e leng bahlanka ba hae. Taba ena e tiisoa ke ntho eo Morena Davida le moprofeta Daniele ba ileng ba e bua. Ka mohlala Davida o ile a re: “Ntšetsa pele mosa oa hao o lerato ho ba u tsebang.” “Mosa o lerato oa Jehova o teng ho tloha nakong e sa lekanyetsoang esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang ho ba mo tšabang.” Daniele eena o ile a re: “Oho! Jehova Molimo oa ’nete, . . . [ea] mosa o lerato ho ba mo ratang le ba bolokang litaelo tsa hae.” (Pes. 36:10; 103:17; Dan. 9:4) Ho ea ka mantsoe ana a bululetsoeng, Jehova o bontša mosa o lerato ho bahlanka ba hae hobane baa mo tseba, baa mo tšaba, baa mo rata ebile ba mamela litaelo tsa hae. Jehova o bontša mosa o lerato ho bahlanka ba hae ba mo sebeletsang ka tsela e nepahetseng feela. Pele re sebeletsa Jehova o ile a re bontša lerato leo a le bontšang batho bohle. (Pes. 104:14) Kaha hona joale re se re mo sebeletsa, re boetse re fumana le mosa o lerato. w21.11 4 ¶8-9
Moqebelo, la 23 December
Ke Jehova Molimo oa hao eo u lokelang ho mo rapela.—Mat. 4:10.
Re ikemiselitse ho mamela mantsoe a Jesu a ka holimo. Mehleng ena, batho ba bangata ba rata ho mamela baruti ba tummeng. Ka linako tse ling ho rata baruti bao haholo ho ka qetelletse ho entse hore batho bao ba ba rapele. Batho ba bangata ba ea likerekeng tsa bona, ba reka libuka tsa bona hape ba fana ka chelete e ngata e tšehetsang lintho tseo baruti bao ba li etsang. Ba bang ba mamela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e buang. Tsela eo batho bana ba ratang baruti ba bona ka eona, ba ba thabela joalokaha eka ba bona Jesu. Ho fapana le hoo, barapeli ba ’nete ba Jehova ha ba na baruti. Le hoja re mamela ba etellang pele, re mamela taelo ea Jesu e hlakileng e reng: “Lona bohle le bara ba motho.” (Mat. 23:8-10) Ha re rapele batho, ebang ke baruti kapa baeta-pele ba lipolotiki hape ha re ba tšehetse. Ho feta moo, ha re ikamahanye le lefatše. Maemong ana ’ohle, re hlaha re fapane le malumeli a mangata a ipitsang a Bokreste.—Joh. 18:36. w21.10 20 ¶6-7
Sontaha, la 24 December
Ke ’na Jehova Molimo oa hao . . . U se ke oa rapela melimo e meng ntle ho ’na.—Ex. 20:2, 3.
Mokreste e mong le e mong ea batlang ho halalela, o lokela ho etsa bonnete ba hore ha ho na ntho kapa motho ea bohlokoa ho feta setsoalle sa hae le Jehova. Kaha re Lipaki Tsa Jehova, re ikemiselitse ho qoba ho etsa ntho leha e le efe e ka hlomphollang lebitso la hae le halalelang.(Lev. 19:12; Esa. 57:15) Baiseraele ba ne ba bontša hore ba nka Jehova e le Molimo oa bona ka hore ba mamele melao ea hae. Levitike 18:4 e re: “Le lokela ho phetha liqeto tsa ka tsa boahloli, ’me le lokela ho boloka litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng e le hore le tsamaee ka tsona. Ke ’na Jehova Molimo oa lona.” Khaolo ea 19 e bua ka tse ling tsa “litaelo” tseo tse neng li filoe Baiseraele. Ka mohlala, litemana tsa 5-8, 21, 22 li bua ka mahlabelo a liphoofolo. Baiseraele ba ne ba lokela ho etsa mahlabelo ao ka tsela e neng e sa tl’o ‘silafatsa ntho e halalelang ea Jehova.’ Ho bala litemana tsena ho lokela ho re susumelletsa hore re batle ho thabisa Jehova le ho mo fa mahlabelo a thoriso ao a a amohelang joalokaha Baheberu 13:15 e re khothalletsa. w21.12 5-6 ¶14-15
Mantaha, la 25 December
U thabe le mosali oa bocha ba hao.—Liprov. 5:18.
Banyalani ba bacha ba ka ithuta mehlaleng ea batho ba bang ba ileng ba tšepa Jehova. E ka ’na eaba banyalani ba bang ba ile ba qeta lilemo tse ngata ba sebeletsa Jehova ka nako e tletseng. U ka kopa hore ba u eletse haeba u nahana ho eketsa tšebeletso ea hao. Ena ke tsela eo u tla beng u bontša hore u tšepa Jehova. (Liprov. 22:17, 19) Hopola hore lenyalo ke mpho e tsoang ho Jehova. (Mat. 19:5, 6) O batla hore banyalani ba le thabele. Banyalani ba bacha, a ke le nahaneng hore na le etsa’ng ka bophelo ba lona. Na le etsa sohle seo le ka se khonang ho bontša Jehova kamoo le ananelang limpho tseo a le fileng tsona? Rapelang Jehova. Batlang melao-motheo ea Bibele e ka le thusang boemong ba lona ebe le sebelisa keletso eo Jehova a le fang eona. Haeba le etelletsa pele tšebeletso ea Jehova bophelong ba lona le ka kholiseha hore le tla thaba bophelong ebile Jehova o tla le putsa. w21.11 19 ¶16, 18
Labobeli, la 26 December
Kaofela ha rona re etsa liphoso hangata.—Jak. 3:2.
Jakobo o ne a ikokobelitse. Jakobo o ne a sa nke hore ke motho oa bohlokoa kapa o phahametse Bakreste-’moho ka lebaka la lelapa leo a tsoang ho lona kapa mesebetsi eo a neng a e etsa ka phuthehong. O ile a bitsa Bakreste-’moho le eena “barab’eso ba ratoang.” (Jak. 1:16, 19; 2:5) Ha aa ka a etsa hore batho ba nahane hore eena ha a etse liphoso. Re ithuta’ng? Hopola hore kaofela ha rona re etsa liphoso. Ha rea lokela ho nahana hore ka tsela e itseng re phahametse batho bao re ithutang Bibele le bona. Hobane’ng? Hobane haeba re etsa hore ba nahane eka rona ha re etse liphoso, ntho eo e tla etsa ba nahane hore ba ke ke ba khona ho etsa lintho tseo Jehova a reng ba li etse. Empa haeba re ba bolella hore ka linako tse ling ho ne ho se bonolo hore re mamele likeletso tsa Bibele le hore Jehova o ile a re thusa hore re mamelle mathata, ho ka ba thusa hore ba bone hore le bona ba ka khona ho sebeletsa Jehova. w22.01 11-12 ¶13-14
Laboraro, la 27 December
Lulang le nahana ka tsela e tšoanang le eo Kreste Jesu a neng a nahana ka eona.—Bafil. 2:5.
Ha re ntse re tsoela pele ho nahana ka tsela eo Jesu a nahanang ka eona, re tla khona ho etsa lintho joaloka eena le ho etsisa botho ba hae. (Baheb. 1:3) U ka ’na oa re: ‘Jesu o phethahetse kahoo nke ke ka khona ho mo etsisa ka ho felletseng!’ Haeba u ikutloa ka tsela eo, hopola lintlha tsena tse latelang. Ea pele, Jehova o u bopile ka tsela e tla etsa hore u khone ho tšoana le eena le Jesu. Kahoo u ka khona ho ba etsisa ’me oa tšoana le bona ho ea boholeng bo itseng. (Gen. 1:26) Ea bobeli, moea oa Molimo o matla ka ho fetisisa. O ka u thusa hore u etse ntho leha e le efe eo u neng u ke ke oa khona ho e etsa. Ea boraro, Jehova ha a lebella hore re bontše litholoana tsa moea ka ho phethahetseng hona joale. Ntate oa rona ea lerato o tla fa batho ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng lilemo tse sekete ho ba thusa hore ba phethahale. (Tšen. 20:1-3) Ntho eo Jehova a e hlokang ho rona hona joale ke hore re etse sohle seo re ka se khonang le ho mo tšepa hore o tla re thusa. w22.03 9 ¶5-6
Labone, la 28 December
Jehova, le pele ke bua eng kapa eng, u se u ntse u tseba hore na ke tl’o re’ng.—Pes. 139:4.
Thapelo ha se eona feela tsela ea ho matlafatsa setsoalle sa rona le Jehova. Lintho tse ling tse ka re thusang ho atamela ho Molimo ke ho ithuta Lentsoe la hae le ho ea libokeng. Na ho na le ntho e ’ngoe eo u ka e etsang e le hore u sebelise nako ea ho ithuta le ea liboka hantle? Ipotse, ‘Ke lintho life tse ka ntšitisang ha ke le libokeng kapa ha ke ntse ke ithuta?’ Na u sitisoa ke batho ba u letsetsang, li-imeile kapa melaetsa e kenang fonong kapa sesebelisoeng leha e le sefe sa elektronike? Ha u hlokomela hore u ntse u nahana ka lintho tse ling ha u ithuta kapa u le libokeng, kopa Jehova hore a u thuse ho tsepamisa kelello. Ho ka ’na ha e-ba thata ho beha kelello ea hao Lentsoeng la Molimo. Empa ho bohlokoa ho etsa joalo. Rapella khotso e tla lebela pelo ea hao le ‘matla a hao a kelello.’—Bafil. 4:6, 7. w22.01 29-30 ¶12-14
Labohlano, la 29 December
Mamela mantsoe a ba bohlale ka hloko.—Liprov. 22:17.
Morena Uzia le eena o ile a hana ho mamela keletso. O ile a kena ka tempeleng ea Jehova, sebakeng seo ho neng ho lumelletsoe baprista feela eaba o leka ho fana ka libano. Baprista ba Jehova ba ile ba re ho eena: “Uzia, ha se mosebetsi oa hao ho chesetsa Jehova libano, empa ke mosebetsi oa baprista.” Uzia o ile a itšoara joang? Hoja o ile a ikokobetsa ’me a mamela keletso eo a e fuoeng eaba o tsoa ka tempeleng hang-hang, Jehova a ka be a ile a mo tšoarela. Empa Uzia ha aa ka a etsa joalo, ho e-na le hoo o ile “a halefa.” Ke hobane’ng ha a ile a hana ho mamela keletso? O ne a nahana hore kaha ke morena, o ne a ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang empa Jehova o ne a sa lumellane le taba eo. Kaha Uzia o ile a iketelletsa pele, o ile a otloa ka lepera ’me “a tsoela pele e le molepera ho fihlela letsatsing la lefu la hae.” (2 Likron. 26:16-21) Mohlala oa Uzia o re ruta hore haeba re sa mamele keletso ea Bibele, re tla senya kamano ea rona le Jehova ho sa tsotellehe hore na re bo-mang. w22.02 9 ¶7
Moqebelo, la 30 December
Bakang ’me le sokolohe, libe tsa lona li tle li hlakoloe e le hore Jehova a ka le khatholla.—Lik. 3:19.
Hangata motho ea nang le “botho ba khale” o nahana le ho etsa lintho tse fosahetseng. (Bakol. 3:9) E ka ’na eaba ke motho ea ichebileng boeena, ea koatang kapele, ea se nang teboho le ea ikhohomosang. E ka ’na eaba o thabela ho sheba pornography le ho shebella limovie tsa ntoa kapa tse nang le boitšoaro bo bobe. Ha ho pelaelo hore o na le makhabane a matle ’me e ka ’na eaba o ikoahlaela lintho tse mpe tseo a li buang kapa a li etsang. Leha ho le joalo, ha ho na ntho e mo susumetsang hore a batle ho fetola tsela eo a nahanang le ho itšoara ka eona. (Bagal. 5:19-21; 2 Tim. 3:2-5) Kaofela ha rona re etsa liphoso, kahoo ha ho na motho ea ka khonang ho khaotsa ho nahana le ho etsa lintho tse fosahetseng ka ho felletseng. Ka linako tse ling re tla etsa kapa re bue ntho eo re tla ikoahlaela eona. (Jer. 17:9; Jak. 3:2) Leha ho le joalo, ha re hlobola botho ba khale re ke ke ra lula re nahana le ho etsa lintho tse fosahetseng ’me bophelo ba rona bo tla fetoha.—Esa. 55:7. w22.03 3 ¶4-5
Sontaha, la 31 December
Le ikokobetse ’me le nke ba bang e le ba bohlokoa ho le feta.—Bafil. 2:3.
Baholo, shebang makhabane ao bara le barali babo rona ba nang le ’ona. Kaofela ha rea phethahala empa e mong le e mong o na le makhabane a ratehang. Ke ’nete hore ka linako tse ling baholo ba lokela ho fa bara le barali babo rona keletso. Joaloka moapostola Pauluse, baholo ba lokela ho sebetsa ka thata e le hore ba qobe ho sheba liphoso tseo bara le barali ba bo rona ba li etsang. Ba lokela ho hopola hore bara le barali babo rona ba rata Jehova, ba mo sebeletsa ba sa khaotse ebile ba batla ho etsa lintho tse nepahetseng. E mong le e mong ka phuthehong o tla ikutloa a ratoa haeba baholo ba ameha ka ho sheba makhabane a bara le barali babo rona. Hopola hore Jehova o batla hore le tšepahale eseng hore le phethahale. (1 Bakor. 4:2) Kholisehang hore Molimo o ananela mosebetsi oo le mo etsetsang oona. Jehova a ke ke a ‘lebala mosebetsi oa lona le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli ’me le tsoela pele ho sebeletsa.’—Baheb. 6:10. w22.03 31 ¶19, 21