February
Labone, la 1 February
Le ratane joalokaha ke le ratile.—Joh. 15:12.
Temana ea letsatsi ea kajeno e bolela’ng? Jesu o ile a re lerato lena le bolela hore Mokreste o lokela ho rata batho ba bang ho feta kamoo a ithatang kateng, hoo a ka ba shoelang haeba ho hlokahala. Lentsoe la Molimo le re lerato ke la bohlokoa haholo. Ka mohlala, batho ba bangata ba rata litemana tsena: “Molimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8) “U rate moahisani oa hao joalokaha u ithata.” (Mat. 22:39) “Motho ea lerato o lula a itokiselitse ho tšoarela.” (1 Pet. 4:8) “Lerato ha le fele.” (1 Bakor. 13:8) Litemana tsena le tse ling li bontša ka ho hlaka hore ke habohlokoa ho ratana. Jehova ke Mohloli oa lerato ’me batho ba hae ba khona ho ratana e le kannete hobane o ba fa moea oa hae o halalelang ’me oa ba hlohonolofatsa. (1 Joh. 4:7) Ke kahoo Jesu a ileng a re ke balateli ba hae feela ba ka ratanang e le kannete. Batho ba bangata ba khona ho tseba balateli ba Jesu hobane ba ratana e le kannete joalokaha a boletse. w23.03 27-28 ¶5-8
Labohlano, la 2 February
U tšoaretsoe libe.—Luka 7:48.
Mohlomong u batla ho ntlafatsa tabeng ea ho tšoarela batho ba bang. U ka qala ka ho bala le ho nahanisisa ka litlaleho tsa Bibele tse buang ka batho ba ileng ba khona ho tšoarela ba bang esita le ba ileng ba sitoa ho tšoarela. Nahana ka mohlala oa Jesu. O ile a tšoarela batho ba bang ka bolokolohi. (Luka 7:47) O ne a sheba lintho tseo ba ka khonang ho li etsa eseng liphoso tsa bona. Empa Bafarisi ba mehleng ea Jesu ba ne “ba nka ba bang kaofela e se letho.” (Luka 18:9) Ka mor’a ho nahanisisa ka mehlala ena, ipotse: ‘Ke bona eng ho batho ba bang? Ke makhabane afe a bona ao nka a etsisang?’ Haeba u thatafalloa ke ho tšoarela motho, nahana ka lintho tseo u li ratang ka eena ebe u li ngola fatše. Ka mor’a moo, ipotse: ‘Jesu o talima motho eo joang? Na a ka mo tšoarela liphoso tsa hae?’ Ha re etsa joalo, re ka fetola tsela eo re nahanang ka eona. Qalong, ho ka ’na ha hlokahala hore re sebetse ka thata ho tšoarela motho ea re foselitseng. Empa ha re phehella ho ntlafatsa, re tla nolofalloa ho tšoarela batho ba bang. w22.04 23 ¶6
Moqebelo, la 3 February
O ile a roma lengeloi . . . hore le mo bontše [tšenolo] ka toro.—Tšen. 1:1.
Bukeng ea Tšenolo, re bala ka libata tse tšoantšetsang lira tsa Molimo. Ka mohlala, ho na le “sebata se nyolohang ka leoatleng.” Se na le “linaka tse leshome le lihlooho tse supileng.” (Tšen. 13:1) Ka mor’a sebata sena ho hlaha “sebata se seng se nyoloha lefatšeng.” Sebata sena se bua joaloka drakone ’me se etsa hore “mollo o theohe leholimong.” (Tšen. 13:11-13) Joale re bona sebata se seng se fapaneng, “sebata se ’mala o sekareleta,” se palangoeng ke seotsoa. Libata tsena tse tharo li tšoantšetsa lira tseo esale li loantša Jehova Molimo le ’Muso oa hae ka nako e telele. Ke ka hona ho leng bohlokoa hore re li tsebe. (Tšen. 17:1, 3) Re lokela ho utloisisa hore na seotsoa le libata tsena li emela’ng. Tsela e molemo ea ho utloisisa ke hore re lumelle Bibele hore e itlhalose. Lipono tse ngata tse hlahang bukeng ea Tšenolo li hlalositsoe mangolong a mang a Bibele. w22.05 8-9 ¶3-4
Sontaha, la 4 February
U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle.—Mat. 22:37.
Ho na le lintho tseo bahlanka ba bang ba Jehova ba sa khoneng ho li etsa ka lebaka la ho tsofala kapa ho kula ’me sena se etsa hore ba nyahame. Haeba ka linako tse ling u nyahamisoa ke hore ho na le lintho tseo u sa khoneng ho li etsa, ipotse: ‘Jehova o batla hore ke etse’ng?’ O batla hore u etse seo u ka se khonang hona joale. Nahana ka boemo bona, Morali oa bo rona ea lilemo li 80 o nyahamisoa ke hore ha a sa khona ho etsa lintho tseo a neng a li etsa tšebeletsong ha a ne a le lilemo li 40. O nahana hore Jehova ha a thabisoe ke lintho tseo a li etsang hona joale le hoja a etsa sohle seo a ka se khonang. Empa na taba eo ke ’nete? Ak’u nahane ka ntlha ena. Haeba morali oa bo rona a ne a etsa sohle seo a ka se khonang ha a le lilemo li 40 ’me a ntse a etsa joalo le ha a le lilemo li 80, sena se bolela hore ha aa ka a khaotsa ho fana ka sohle seo a ka se khonang. Ha re etsa sohle seo re ka se khonang, Jehova o tla re re “entse hantle.” (Bapisa le Matheu 25:20-23.) Re tla thaba haeba re nahana ka lintho tseo re ka khonang ho li etsa eseng tseo re sa khoneng ho li etsa. w22.04 10 ¶2; 11 ¶4-6
Mantaha, la 5 February
Ka bona motse o halalelang e leng Jerusalema e Ncha.—Tšen. 21:2.
Tšenolo khaolo ea 21 e bapisa ba 144 000 le motse o motle haholo o bitsoang “Jerusalema e Mocha.” Motheo oa motse ona ke majoe a leshome le metso e ’meli ao ho ’ona ho ngotsoeng “mabitso a leshome le metso e ’meli a baapostola ba leshome le metso e ’meli ba Konyana.” (Tšen. 21:10-14; Baef. 2:20) Motse ona oa tšoantšetso ha ho na o tšoanang le oona. Tsela ea oona e kholo e entsoe ka khauta e hloekileng. Liheke tsa oona tse 12 li entsoe ka liperela, marako le metheo ea oona e khabisitsoe ka majoe a bohlokoa ’me motse o lekana ka mahlakoreng ’ohle. (Tšen. 21:15-21) Empa Johanne o hlokomela hore ho na le ntho e sieo. O re: “Ha kea ka ka bona tempele ho oona, kaha Jehova Molimo ea Matla ’Ohle ke tempele ea oona, le Konyana ke eona. Motse ha o hloke letsatsi kapa khoeli ho o khantšetsa, kaha khanya ea Molimo e ne e o bonesitse, ’me lebone la oona e ne e le Konyana.” (Tšen. 21:22, 23) Batho bao e leng karolo ea Jerusalema e Mocha ba tla ba le Jehova.—Baheb. 7:27; Tšen. 22:3, 4. w22.05 17-18 ¶14-15
Labobeli, la 6 February
Le tsoele pele ho mamellana le ho tšoarelana . . . Le tšoarele batho ba bang ka pelo eohle feela joalokaha Jehova le eena a le tšoarela.—Bakol. 3:13.
Jehova ke ’Mopi oa rona, Mofani oa molao le Moahloli hape ke Ntate oa rona ea lerato. (Pes. 100:3; Esa. 33:22) Ha re entse libe, o na le matla a ho re tšoarela ebile o ikemiselitse ho etsa joalo haeba re baka e le kannete. (Pes. 86:5) Jehova o ile a sebelisa moprofeta Esaia ho ngola mantsoe ana a re kholisang a reng: “Le hoja libe tsa lona li ka ba joaloka sekareleta, li tla soeufala joaloka lehloa.” (Esa. 1:18) Kaofela ha rona re bua le ho etsa lintho tse utloisang batho ba bang bohloko hobane ha rea phethahala. (Jak. 3:2) Leha ho le joalo, seo ha se bolele hore re ke ke ra khona ho ba metsoalle ea batho ba bang. Re ka khona ho ba metsoalle ea bona haeba re ithuta ho ba batho ba tšoarelang. (Liprov. 17:9; 19:11; Mat. 18:21, 22) Jehova o batla hore re tšoarelane haeba re utloisane bohloko esita le linthong tse nyenyane. Re lokela ho etsa joalo hobane Jehova o re tšoarela “ka tsela e kholo.”—Esa. 55:7. w22.06 8 ¶1-2
Laboraro, la 7 February
Le etsise ba ileng ba fumana litšepiso ka lebaka la tumelo le mamello ea bona.—Baheb. 6:12.
Re ka ithuta lintho tse ngata ho Bakreste-’moho le hoja re sa lokela ho ipapisa le bona. E le ho hlakisa taba ena, a re ke re bueng ka mohlala oa Jesu. Ke ’nete hore re baetsalibe ebile re etsa liphoso empa re ntse re ka ithuta lintho tse ngata makhabaneng ao Jesu a ileng a a bontša le tseleng eo a neng a etsa lintho ka eona. (1 Pet. 2:21) Ha re latela mohlala oa hae, re tla khona ho etsa lintho joaloka eena ’me re tla atleha ha re ntse re sebeletsa Jehova. Ka Bibeleng ho na le mehlala ea bahlanka ba Jehova ba ileng ba mo tšepahalla. Re ka khona ho etsisa mohlala oa bona le hoja ba ne ba etsa liphoso. Nahana ka Morena Davida eo Jehova a neng a re ke ‘monna ea ratoang ke pelo ea hae.’ (Lik. 13:22) Davida o ile a etsa liphoso tse kholo, leha ho le joalo ho na le lintho tseo re ka ithutang tsona ho eena. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Hobane ha aa ka a leka ho ipehela mabaka bakeng sa liphoso tsa hae. O ile a mamela ha a khalemeloa ’me a soabela lintho tseo a li entseng. Ka lebaka leo, Jehova o ile a mo tšoarela.—Pes. 51:3, 4, 10-12. w22.04 13 ¶11-12
Labone, la 8 February
Motho o tla fana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona hore a pholose bophelo ba hae.—Jobo 2:4.
Bibele e re lefu ke sera. (1 Bakor. 15:25, 26) Re ka ’na ra tšoenyeha haholo ka lefu haeba re kula kapa ho kula batho bao re ba ratang. Ke hobane’ng ha re tšaba lefu? Hobane Jehova o re bopile re e-na le takatso ea ho batla ho phela ka ho sa feleng. (Moek. 3:11) Ho tšaba lefu ho ka re thusa hore re sireletse bophelo ba rona. Ho ka re thusa hore re je hantle, re ikoetlise, re ee ngakeng re be re qobe ho beha bophelo ba rona kotsing ho sa hlokahale. Satane oa tseba hore re rata bophelo. O re re ka tela ntho leha e le efe, esita le setsoalle sa rona le Jehova hore feela re phele. (Jobo 2:5) Empa ntho ena eo Satane a e buang ha se ’nete. Kaha ke eena “ea nang le mokhoa oa ho baka lefu,” o sebelisa tšabo eo re nang le eona ka lefu e le ho etsa hore re se ke ra sebeletsa Jehova.—Baheb. 2:14, 15. w22.06 18 ¶15-16
Labohlano, la 9 February
Letsatsi le se ke la likela le ntse le halefile.—Baef. 4:26.
Ha mosebetsi oa rona o thibetsoe, re ka ’na ra lokela ho kopana re le lihlopha tse nyenyane. Kahoo, ke ha bohlokoa hore re lule re e-na le khotso le ba bang. Loantšang Satane eseng bana ba bo lona. Iphapanyetseng liphoso tsa ba bang empa ha ho hlaha bothata le bo lokise kapele. (Liprov. 19:11) Ikemisetseng ho thusana. (Tite 3:14) Tsela eo sehlopha se seng sa tšimo se ileng sa thusa morali oa bo rona e mong ka eona, e ile ea thusa bohle sehlopheng seo. Ba ile ba momahana joaloka lelapa. (Pes. 133:1) Bakreste-’moho le rona ba bangata ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova le hoja ’muso o thibetse mosebetsi oa rona linaheng tseo ba lulang ho tsona. Ba bang ba isitsoe literonkong ka lebaka la ho emela tumelo ea bona. Re ka rapella bona le ba malapa a bona. Re ka boela ra rapella bana ba bo rona ba behang bophelo ba bona kotsing e le hore ba thuse ba literonkong ka ho ba matlafatsa tumelo, ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang le ka ho ba emela makhotleng a linyeoe. (Bakol. 4:3, 18) Le ka mohla a re se keng ra lebala hore ho rapella Bakreste-’moho le rona bana ho ka ba thusa haholo.—2 Bathes. 3:1, 2; 1 Tim. 2:1, 2. w22.12 26-27 ¶15-16
Moqebelo, la 10 February
Uena ea rutang ba bang, ke hobane’ng ha u sa etse lintho tseo u li rutang?—Bar. 2:21.
Hangata bana ba etsisa batsoali ba bona. Ha ho na motsoali ea sa etseng liphoso. (Bar. 3:23) Leha ho le joalo, batsoali ba lokela ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho behela bana ba bona mohlala o motle. Ntate e mong o re: “Bana ba tšoana le seponche se monyang ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” O boetse o re: “Ba tla re bolella haeba re sa etse lintho tseo re ba rutang tsona.” Kahoo, re lokela ho rata Jehova le ho bontša seo ka liketso haeba re batla hore bana ba rona ba mo rate. Ho na le litsela tse ngata tseo ka tsona batsoali ba ka rutang bana ba bona ho rata Jehova. Mor’abo rona Andrew ea lilemo li 17 o re: “Batsoali ba ka ba ne ba lula ba nthuta hore ho rapela ke habohlokoa. Ntate oa ka o ne a rapela le ’na bosiu bo bong le bo bong esita le ka mor’a hore ke ithapelle ’me hona joale ho bonolo hore ke rapele le ho nka Jehova e le Ntate ea lerato.” Batsoali, lulang le hopola hore ha le rata Jehova, seo se tla etsa hore le bana ba lona ba mo rate. w22.05 27 ¶7; 28 ¶8
Sontaha, la 11 February
Kolobetso ea le pholosa.—1 Pet. 3:21.
U ka etsa’ng e le hore u tšoanelehe ho kolobetsoa? E ’ngoe ea lintho tsa pele eo re lokelang ho e etsa ke hore re bakele libe tsa rona e le kannete. (Lik. 2:37, 38) Ha u bakile e le kannete u tla etsa liphetoho. Na u khaolitse ho etsa lintho tseo Jehova a sa li rateng joaloka boitšoaro bo bobe, ho tsuba le ho rohakana kapa ho bua lintho tse hlabang? (1 Bakor. 6:9, 10; 2 Bakor. 7:1; Baef. 4:29) U ’ne u leke ho etsa liphetoho. Kopa motho eo u ithutang Bibele le eena kapa baholo hore ba u thuse ba be ba u tataise. Haeba u ntse u le mocha ebile u lula le batsoali ba hao, ba kope hore ba u thuse ho tlohela lintho tse mpe tse ka u sitisang hore u kolobetsoe. Ho bohlokoa hore u itloaetse ho etsa lintho tse tla matlafatsa tumelo ea hao. Taba eo e akareletsa ho ea libokeng le ho arabela ha re le moo. (Baheb. 10:24, 25) Ha u se u le mohoeletsi ea sa kolobetsoang, itloaetse ho ea tšimong kamehla. w23.03 10-11 ¶14-16
Mantaha, la 12 February
Jehova Molimo a re ho noha: “Ka lebaka la seo u se entseng, u rohakiloe.”—Gen. 3:14.
Genese 3:14, 15 e bua ka “noha” le “peo” ea noha. A re qaleng pele ka ho bua ka “noha.” Noha ea sebele e ne e ke ke ea utloisisa seo Jehova a neng a se bua serapeng sa Edene. Kahoo, e tlameha ebe Jehova o ne a ahlola sebopuoa se bohlale. Jehova o ne a bua le mang? Tšenolo 12:9 e re hlalosetsa hantle hore na noha ke mang. Temana ena e hlalosa hore “noha ea pele” ke Satane Diabolose. Ka linako tse ling ha Bibele e bua ka peo ka tsela ea tšoantšetso, e bolela batho ba nahanang le ho etsa lintho joaloka ntate oa bona. Kahoo, peo ea noha e tšoantšetsa mangeloi a sa tšepahaleng le batho bao joaloka Satane ba leng khahlanong le Jehova Molimo le bahlanka ba Hae. Peo ea noha e akareletsa mangeloi a ileng a tloha leholimong mehleng ea Noe le batho ba khopo ba itšoereng hampe joaloka ntate oa bona Diabolose.—Gen. 6:1, 2; Joh. 8:44; 1 Joh. 5:19; Juda 6. w22.07 15 ¶4-5
Labobeli, la 13 February
Le khone ho lemoha hore na lintho tsa bohlokoa haholo ke life.—Bafil. 1:10.
Moapostola Pauluse o ne a rata Bakreste-’moho le eena haholo. O ile a qenehela le ho utloela Bakreste-’moho le eena bohloko ha ba ne ba e-na le mathata hobane le eena o ile a hlaheloa ke mathata. Ho na le nako eo Pauluse a ileng a felloa ke chelete ’me o ile a lokela ho batla mosebetsi e le hore a itlhokomele le ho hlokomela batho bao a neng a e-na le bona. (Lik. 20:34) O ne a iphelisa ka ho etsa litente. Ha a fihla Korinthe, o ile a sebetsa le Akuila le Prisilla bao le bona ba neng ba etsa mosebetsi oa ho etsa litente. Leha ho le joalo, “ka sabatha e ’ngoe le e ’ngoe” o ne a bolella Bajuda le Bagerike litaba tse molemo. Ha Silase le Timothea ba fihla, “Pauluse a qala ho tšoareha ka matla haholo ka lentsoe.” (Lik. 18:2-5) Pauluse o ne a lula a tseba hore ntho ea bohlokoa bophelong ba hae ke ho sebeletsa Jehova. Kaha Pauluse o ne a sebetsa ka thata, o ile a khona ho khothatsa Bakreste-’moho le eena. O ile a ba hopotsa hore ba se ke ba lumella mathata le ho tšoenyeha ka ho hlokomela ba malapa a bona ho ba sitisa ho etsa “lintho tsa bohlokoa haholo,” e leng lintho tsohle tse amanang le borapeli ba bona. w22.08 20 ¶3
Laboraro, la 14 February
Litaba tse monate tsa ’Muso li lokela ho boleloa lichabeng tsohle pele.—Mar. 13:10.
Ke thato ea Molimo hore litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae li boleloe lefatšeng lohle mehleng ena. (1 Tim. 2:3, 4) Mosebetsi ona ke oa Jehova ’me ke oa bohlokoa haholo hoo a khethileng Mora oa hae eo a mo ratang hore a o tataise. Kaha Jesu oa re tataisa, re ka kholiseha hore mosebetsi oa boboleli o tla etsoa lefatšeng lohle pele bofelo bo fihla joalokaha Jehova a batla. (Mat. 24:14) Re kholisoa ke’ng? Nakoana pele a nyolohela leholimong o ile a kopana le balateli ba hae thabeng ea Galilea. O ile a re ho bona: “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng.” Hlokomela hore na o ile a re’ng ka mor’a moo. O ile a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Mat. 28:18, 19) Kahoo, e ’ngoe ea lintho tseo Jesu a filoeng matla holim’a eona, ke ho tataisa mosebetsi oa boboleli ’me o ntse a tsoela pele ho tataisa mosebetsi ona. w22.07 8 ¶1, 3; 9 ¶4
Labone, la 15 February
Ho na le nako eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae ebe baa tsoa. Ba entseng lintho tse lokileng ba tla tsohela bophelo.—Joh. 5:28, 29.
Batho ba lokileng ba ileng ba etsa lintho tse lokileng pele ba hlokahala, ba tla fumana ‘tsoho ea bophelo’ hobane mabitso a bona a tla be a ngotsoe bukeng ea bophelo. Sena se bolela hore tsoho ea batho “ba entseng lintho tse molemo” eo Johanne 5:29 e buang ka eona, e tšoana le tsoho ea batho “ba lokileng” bao Liketso 24:15 e buang ka bona. Kutloisiso ena e tšoana le polelo e ho Baroma 6:7, e reng: “Ea shoeleng o hlakotsoe molato oa sebe sa hae.” Kahoo, ha batho ba lokileng ba hlokahala Jehova o tšoarela libe tsa bona empa o tla lula a hopola lintho tsohle tse lokileng tseo ba ileng ba li etsa ha ba ntse ba phela. (Baheb. 6:10) Ke ’nete hore batho bana ba lokileng ba ileng ba tsosoa ba tla lokela hore ba lule ba tšepahala e le hore mabitso a bona a lule a ngotsoe bukeng ea bophelo. w22.09 17 ¶13; 18 ¶15
Labohlano, la 16 February
Re ka tšepa lintho tsohle tseo [Jehova] a li etsang.—Pes. 33:4.
Moprofeta Daniele o re behetse mohlala o motle oa ho tšepahala. Le hoja a ile a isoa botlamuoeng Babylona, o ile a tuma ka ho tšepahala ha a le moo. O ile a ba le botumo bo botle le ho feta ba ho tšepahala ka mor’a hore Jehova a mo thuse ho hlalosa litoro tsa Morena Nebukadnezare oa Babylona. (Dan. 4:20-22, 25) Ho ntse ho le joalo, lilemo hamorao Daniele o ile a bontša hore oa tšepahala ka hore a hlalose mongolo oo ho neng ho se na motho ea khonang ho o hlalosa ka tsela e nepahetseng. Mongolo oo o ne o le leboteng la paleise ea Babylona. (Dan. 5:5, 25-29) Hamorao Dariuse oa Momede le balaoli ba phahameng le bona ba ile ba hlokomela hore Daniele o na le “moea o sa tloaelehang.” Ba ne ba lumela hore Daniele “e ne e le ea ka tšeptjoang ’me ho hang ha hoa ka ha fumanoa ho se tsotelle kapa ntho e fosahetseng ho eena.” (Dan. 6:3, 4) E ka ba hantle hore re ipotse: ‘Na ke tsebahala ke le motho ea tšepahalang?’ Ha re tšepahala re etsa hore Jehova a rorisoe. w22.09 8-9 ¶2-4
Moqebelo, la 17 February
Le etsise Molimo hobane le bana ba hae bao a ba ratang.—Baef. 5:1.
Ho mamela melao ea Jehova ea se nepahetseng le se fosahetseng ho re tsoela molemo. Na u hlokomela lebaka? Ak’u nahane feela hore na ho ne ho tla etsahala’ng haeba banka e ’ngoe le e ’ngoe e ne e ka ipehela melao mabapi le ho fumana boleng ba chelete kapa haeba kontraka e ’ngoe le e ’ngoe ea kaho e ne e ka latela lipehelo tsa eona tsa ho metha. Seo se ne se ka baka moferefere. Hape haeba lingaka le baoki ba ne ba sa latele melao e tšoanang ha ba phekola, batho ba bang ba ne ba ka shoa. Sena sea bontša hore melao e behiloeng ea re sireletsa. Ka tsela e tšoanang, melao ea Molimo ea se nepahetseng le se fosahatseng ea re sireletsa. Jehova o hlohonolofatsa batho ba lekang ho mamela melao ea hae. O tšepisa hore “ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pes. 37:29) Ak’u nahane hore na batho e tla ba ba momahaneng, ba nang le khotso le ba thabileng hakae ha kaofela ha rona re mamela melao ea Jehova. Jehova o batla hore u be teng ka nako eo. Kaofela ha rona re na le mabaka a utloahalang a hore re rate seo Jehova a reng se nepahetse. w22.08 27-28 ¶6-8
Sontaha, la 18 February
U lule u sebelisa kelello hantle linthong tsohle.—2 Tim. 4:5.
Ha ho etsahala ntho e itseng e re utloisang bohloko, botšepehi ba rona ho Jehova le ho mokhatlo oa hae bo ka lekoa. Re ka thusoa ke’ng ha re hlaheloa ke ntho e joalo? Re lokela ho sebelisa likelello tsa rona hantle, re eme re tiile tumelong. Re sebelisa likelello tsa rona hantle ha re lula re khobile matšoafo, re nahana lintho hantle ebile re leka ho bona lintho kamoo Jehova a li bonang kateng. Haeba re etsa joalo re ke ke ra nkoa ke maikutlo. Mohlomong u kile oa utloisoa bohloko ke Mokreste-’moho, mohlomong ebile e le ea nang le boikarabelo ka phuthehong? E ka ’na eaba o ne a sa rera ho u utloisa bohloko. (Bar. 3:23; Jak. 3:2) Ho ntse ho le joalo, ntho eo a e entseng e u utloisitse bohloko. E ka ’na eaba u ile oa ba oa ipotsa hore na haeba Paki e etsa ntho e tjena, na ehlile ona ke mokhatlo oa Molimo. Ke eona ntho eo Satane a batlang hore u e nahane. (2 Bakor. 2:11) Ho nahana joalo ho ka etsa hore re khaotse ho sebeletsa Jehova ’me re tlohele le mokhatlo oa hae. Kahoo, re lokela ho qoba ho jara batho ka pelo. w22.11 20 ¶1, 3; 21 ¶4
Mantaha, la 19 February
Tšepa Jehova.—Pes. 27:14.
Jehova o re file tšepo e thabisang ea bophelo bo sa feleng. Ba bang ba rona ba na le tšepo ea ho phela leholimong e le libopuoa tse matla tsa moea. (1 Bakor. 15:50, 53) Ha ba bang bona ba e-na le tšepo ea ho phela lefatšeng ka ho sa feleng ba sa kule ebile ba thabile. (Tšen. 21:3, 4) Ho sa tsotellehe hore na re tla phela ka ho sa feleng leholimong kapa lefatšeng, tšepo eo re nang le eona ke ea bohlokoa haholo ho rona. Re ka kholiseha hore tšepo ea rona ka bokamoso e tla phethahala hobane ke Jehova ea tšepisitseng. (Bar. 15:13) Rea tseba hore na o tšepisitse eng hape rea tseba hore o tla phethahatsa lintho tse a li tšepisitseng. (Num. 23:19) Re tseba hantle hore Jehova o na le boikemisetso le matla a ho phethahatsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a reng o tla e etsa. Sena se bolela hore tšepo ea rona ha se toro feela kapa ntho eo re batlang hore e etsahale. Ntate oa rona ea leholimong oa re rata hape o batla hore re mo tšepe. Ha re tšepa Jehova haholo re tla khona ho mamella mathata, re be sebete hape re lule re thabile ho sa tsotellehe hore na re etsahalloa ke eng. w22.10 24 ¶1-3
Labobeli, la 20 February
Ke sechaba se sa mameleng, . . . [se] sa rateng ho utloa molao oa Jehova.—Esa. 30:9.
Jehova o ile a re Esaia a bolelle Baiseraele hore hobane ba hanne ho mo mamela, ba tla hlaheloa ke lintho tse bohloko. (Esa. 30:5, 17; Jer. 25:8-11) Sena se ile sa fela sa etsahala hobane ba ile ba ea botlamuoeng Babilona. Ntle le moo, ho ne ho ntse ho e-na le batho ba bang ba tšepahalang har’a Bajuda bao Esaia a ileng a ba bolella hore ka letsatsi le leng Jehova o tla ba lumella hore ba khutlele Jerusalema hape. (Esa. 30:18, 19) Ke sona se ileng sa etsahala. Jehova o ile a ba lokolla Babilona. Leha ho le joalo, lilemo tse ngata li ile tsa feta pele Jehova a ba lokolla. Polelo e reng: “Jehova o letile ka mamello hore a le hauhele,” e bontša hore ho tla feta nako pele batho ba tšepahalang ba pholosoa. Ha e le hantle, Baiseraele ba qetile lilemo tse 70 ba le botlamuoeng Babilona pele ba bang ba bona ba ka lumelloa ho khutlela Jerusalema. (Esa. 10:21; Jer. 29:10) Ha Baiseraele ba le botlamuoeng Babilona ba ne ba lla hobane ba utloile bohloko empa ha ba khutlela Jerusalema ba ile ba lla hobane ba thabile. w22.11 9 ¶4
Laboraro, la 21 February
Ho thaba ba hlorisitsoeng ka lebaka la ho loka.—Mat. 5:10.
Baapostola ba Jesu ba ne ba hlorisoa hobane ba ne ba ruta ka Jesu ’me ba ile ba mamella. Le mehleng ena, linaheng tse ngata bara le barali babo rona le bona ba hlorisoa ka tsela e tšoanang le ea baapostola. Ka makhetlo a mangata, baahloli ba lekhotla le phahameng la Bajuda ba ile ba laela baapostola “hore ba se ke ba hlola ba ruta kapa ba bua ka lebitso la Jesu.” (Lik. 4:18-20; 5:27, 28, 40) Empa ba ne ba tseba hore ho na le motho ea nang le matla a maholo ea ileng a ba ‘laela hore ba bolelle batho le ho fana ka bopaki bo hlakileng’ bo mabapi le Kreste. (Lik. 10:42) Babuelli ba bona e leng Petrose le Johanne, ka sebete ba ile ba re ba tla mamela Molimo ho e-na le ho mamela baahloli bao le hore ba ke ke ba tlohela ho bua ka Jesu. (Lik. 5:29) Ka mor’a hore baapostola ba shapeloe botšepehi ba bona, ba ile ba tsoa lekhotleng le phahameng la Bajuda “ba thabile hobane ba nka e le tlotla ho tlotlolloa ka lebaka la lebitso la [Jesu]” ’me ba ile ba tsoela pele ba bolela litaba tse molemo.—Lik. 5:41, 42. w22.10 12-13 ¶2-4
Labobeli, la 22 February
Ho atamela ho Molimo ho ntsoela molemo.—Pes. 73:28.
Ha re qala ho ithuta ka Jehova, re ithuta lithuto tsa motheo tsa Bibele feela. Ha moapostola Pauluse a ne a ngolla Baheberu, o ile a re lithuto tseo ke “lintho tsa motheo.” O ne a sa nyenyefatse “lithuto tsa motheo” empa o ne a li bapisa le lebese le matlafatsang lesea. (Baheb. 5:12; 6:1) O ile a khothaletsa Bakreste bohle hore ba se ke ba ithuta feela lithuto tsa motheo empa hape ba ithute lithuto tse tebileng tsa Lentsoe la Molimo. Na u labalabela ho ithuta lithuto tse tebileng tsa Bibele? Na u ikemiselitse ho tsoela pele u eketsa tsebo ea hao le ho ithuta ka Jehova le merero ea hae? Leha ho le joalo, bongata ba rona re thatafalloa ke ho ithuta. Na u na le bothata bo tšoanang? Ha u ntse u kena sekolo, na u ile oa ithuta mekhoa e metle ea ho bala le ho ithuta? Na u ne u utloa ho ithuta ho le monate ebile ho e-na le molemo? Kapa u ile oa kholiseha hore ha oa etsetsoa ho ithuta libuka? Haeba u ikutloa joalo, ha se uena feela. Leha ho le joalo, Jehova a ka u thusa hobane o phethahetse ebile ke Tichere e hloahloa ka ho fetisisa. w23.03 9-10 ¶8-10
Labohlano, la 23 February
Ka boikokobetso le lumelle Molimo hore a kenye lentsoe la hae ka lipelong tsa lona hobane le na le matla a ho le pholosa.—Jak. 1:21.
Haeba re ikokobelitse, re tla lumella Lentsoe la Molimo hore le re fetole. Lintho tseo re ithutang tsona Bibeleng ka mohau, qenehelo le lerato li ka re fetola hafeela re qoba ho ikhohomosa. Tsela eo re tšoarang batho ba bang ka eona e ka bontša hore na re lumella Lentsoe la Molimo le re fetole kapa che. Bafarisi ha baa ka ba lumella hore Lentsoe la Molimo le ba fetole, ho e-na le hoo ba ile ba “ahlola ba se nang molato.” (Mat. 12:7) Ka tsela e tšoanang, tsela eo re nahanang le ho tšoara batho ba bang ka eona ea bontša hore na re lumella hore Lentsoe la Molimo le re fetole. Ka mohlala, na re tloaetse ho bua ka lintho tse ntle tseo batho ba bang ba li etsang kapa re potlakela ho bua ka liphoso tsa bona? Na re bontša batho ba bang mohau le ho ikemisetsa ho ba tšoarela kapa re ba tšoaea-tšoaea liphoso le ho lula re ba koatetse? Likarabo tsa rona lipotsong tsena li tla bontša hore na re lumella seo re se balang se fetole tsela eo re nahanang ka eona, maikutlo a rona le tsela eo re etsang lintho ka eona.—1 Tim. 4:12, 15; Baheb. 4:12. w23.02 12 ¶13-14
Moqebelo, la 24 February
’Na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na ea reng ho uena, ‘U se ke oa tšoha. Ke tla u thusa.’—Esa. 41:13.
Nahana ka mohlala oa Josefa oa Arimathea. Bajuda ba ne ba mo hlompha haholo. E ne e le setho sa lekhotla le phahameng la Bajuda e leng Sanhedrine. Empa ha Jesu a ntse a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng, Josefa o ile a bontša sebete. Johanne o ile a re Josefa e ne e le “morutuoa oa Jesu ka sekhukhu hobane o ne a tšaba Bajuda.” (Joh. 19:38) Josefa o ne a rata molaetsa oa ’Muso empa o ile a patela ba bang hore o lumela ho Jesu. Mohlomong o ne a tšaba hore batho ha ba sa tla hlola ba mo hlompha ha ba ka utloa hore ke morutuoa oa Jesu. Leha ho le joalo, Bibele e re bolella hore ka mor’a hore Jesu a shoe, qetellong Josefa o ile “a ba sebete a ea ka pel’a Pilato ’me a kopa setopo sa Jesu.” (Mar. 15:42, 43) Ho tloha ka nako eo, Josefa ha aa ka a pata hore ke morutuoa oa Jesu. Na le uena u tšaba batho joaloka Josefa? w23.01 30 ¶13-14
Sontaha, la 25 February
Ho thaba batho ba hao le bahlanka bana ba hao ba lulang ba e-na le uena kamehla ’me ba utloa bohlale ba hao.—1 Mar. 10:8.
Nakong eo Solomone e neng e le morena Iseraele, mofumahali oa Sheba o ile a utloa hore Baiseraele ba phela ka khotso ebile ba hafa ka nkatana. O ile a etela Jerusalema a tsoa hole ho tla ikholisa hore na ho fela ho le joalo. (1 Mar. 10:1) Ka mor’a ho bona hore na ho ne ho le joang tlas’a puso ea Solomone, o ile a bua mantsoe a hlahang temaneng a kajeno ea letsatsi. Maemo a neng a le teng pusong ea Solomone ke mohlala feela oa seo Jehova a tla se etsetsa batho ha Mora oa Hae Jesu e se e le Morena. Jesu o feta Solomone ka litsela tsohle. Solomone o ne a sa phethahala ebile o ile a etsa liphoso tse ngata tse ileng tsa kenya batho ba Molimo mathateng. Jesu eena ke ’Musi ea phethahetseng ebile ha a etse liphoso. (Luka 1:32; Baheb. 4:14, 15) Kreste o bontšitse hore a ke ke a etsa sebe kapa a etsa ntho leha e le efe e ka bang kotsi ho batho ba tšepahalang bao a ba busang. Ke Morena ea molemo ka ho fetisisa eo re ka bang le eena. w22.12 11 ¶9-10
Mantaha, la 26 February
Mamelang ba le etellang pele le be le ikokobeletse bona hobane ba lula ba le hlokometse.—Baheb. 13:17.
Re lokela ho etsa’ng haeba lefu le tšoaetsanoang le ata sebakeng seo re lulang ho sona? Re lokela ho mamela melao e tsoang ’musong e kang ea hore re hlape matsoho, re se ke ra atamelana le batho ba bang, re roale limonkoana re be re qobe ho kopana le batho ba bang. Ha re etsa lintho tsena re tla be re bontša hore re ananela haholo mpho ea bophelo eo Molimo a re fileng eona. Nakong eo ho nang le maemo a tšohanyetso, re ka ’na ra utloa litaba tseo eseng ’nete ho metsoalle, baahisani le mecha ea liphatlalatso. E ka ba hantle hore re mamele litaba tse tsoang ’musong le ho lingaka ho e-na le hore re mamele “lentsoe le leng le le leng.” (Liproverbia 14:15) Sehlopha se Busang le liofisi tsa makala li etsa bonnete ba hore li fumana lintlha tse nepahetseng pele li fana ka tataiso e amanang le ho ea libokeng le tšimong. Ha re mamela tataiso eo rea itšireletsa ebile re sireletsa le batho ba bang. Hape re tla etsa hore batho ba khahloe ke tsela eo Lipaki Tsa Jehova li etsang lintho ka eona.—1 Pet. 2:12. w23.02 23 ¶11-12
Labobeli, la 27 February
Mamela[ng] ’me [le] ithute ho tšaba Jehova.—Deut. 31:13.
Ha Baiseraele ba ne ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, ba ile ba lula libakeng tse fapaneng. Ho ne ho ka ba bonolo hore Baiseraele ba lulang libakeng tse ling ba khaotse ho tsotella ba lulang ho tse ling. Jehova o ile a etsa hore Baiseraele ba kopane ka linako tse sa tšoaneng e le hore ba tl’o utloa ha Lentsoe la hae le baloa le ha le hlalosoa. (Deut. 31:10-12; Neh. 8:2, 8, 18) Nahana hore na Moiseraele o ne a tla ikutloa joang ha a fihla Jerusalema ’me a bona balumeli-’moho le eena ba bangata ba tsoang libakeng tse sa tšoaneng. Jehova o ile a sebelisa tokisetso eo ho ba thusa hore ba momahane. Hamorao ho ile ha thehoa phutheho ea Bokreste e neng e e-na le banna la basali ba buang lipuo tse sa tšoaneng ebile ba tsoa maemong a sa tšoaneng. Leha ho le joalo, ba ne ba rapela Molimo ba momahane. Batho bao e ileng ea e-ba Bakreste, ba ne ba ka utloisisa Lentsoe la Molimo ha ba thusoa ke Bakreste-’moho le bona le ha ba kopane ’moho.—Lik. 2:42; 8:30, 31. w23.02 3 ¶7
Laboraro, la 28 February
Ba tla fumana bophelo bo sa feleng.—John 17:3.
Jehova o tšepisa batho ba mo mamelang hore ba tla fumana “bophelo bo sa feleng.” (Bar. 6:23) Ha re nahanisisa ka tšepiso ena re rata Jehova le ho feta. Ak’u nahane feela: Ntate oa rona ea leholimong o re rata haholo hoo ho se nang letho le ka re arohanyang le eena. Tšepiso eo Molimo a re etselitseng eona ea bophelo bo sa feleng e re thusa hore re mamelle mathata ao re nang le ’ona hona joale. Re ke ke ra tlohela ho sebeletsa Jehova esita le haeba lira tsa rona li re tšosa ka hore li tla re bolaea. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hobane rea tseba hore haeba re shoa re ntse re tšepahalla Jehova, o tla re tsosa ’me re tla ba le tšepo ea hore re tla phela ho se mohla re tla shoa. (Joh. 5:28, 29; 1 Bakor. 15:55-58; Baheb. 2:15) Rea tseba hore Jehova a ka khona ho etsa hore re phele ka ho sa feleng hobane ke Mohloli oa bophelo ’me o phela ka ho sa feleng. (Pes. 36:9) Bibele ea tiisa hore haesale Jehova a le teng ebile o tla lula a le teng.—Pes. 90:2; 102:12, 24, 27. w22.12 2 ¶1-3
Labone, la 29 February
Ke eng e ka sitisang Kreste hore a re rate? Na ke mathata, mahlomola, mahloriso?—Bar. 8:35.
Rona bahlanka ba Jehova ha re makale ha re hlaheloa ke mathata. Rea tseba hore Bibele e re: “Re tla hlaheloa ke mathata a mangata pele re kena ’Musong oa Molimo.” (Lik. 14:22) Hape rea tseba hore mathata a mang a rona a ke ke a fela hona joale empa a tla fela ha re se re phela lefatšeng le lecha la Molimo. Lefatšeng leo, “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng. Masoabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha li sa tla hlola li e-ba teng.” (Tšen. 21:4) Jehova ha a etse hore re se ke ra hlaheloa ke mathata empa o re thusa hore re a mamelle. Hlokomela hore na moapostola Pauluse o ile a re’ng ho Bakreste ba neng ba lula Roma. O ile a qala ka ho bua ka mathata ao eena le bara babo ba ileng ba e-ba le ’ona, o ile a boela a re: “Re hlaha re hlotse ka lebaka la ea ileng a re rata.” (Bar. 8:36, 37) Taba ena e bolela hore Jehova a ka u thusa leha u ntse u e-na le mathata. w23.01 14 ¶1-2