March
Labohlano, la 1 March
Ke hobane’ng ha u ithorisa? —1 Bakor. 4:7.
Moapostola Petrose o ile a khothaletsa Bakreste-’moho le eena hore ba sebelise bokhoni kapa litalenta tseo ba nang le tsona ho khothatsa ba bang. O ile a re: “Ka tekanyo eo e mong le e mong a amohetseng mpho [kapa bokhoni] ka eona, le e sebelise ho sebeletsaneng joaloka batsamaisi ba khabane ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo.” (1 Pet. 4:10) Ha rea lokela ho tšaba ho sebelisa bokhoni ba rona hobane re nahana hore ba bang ba ka ’na ba ba mona kapa ba nyahama. Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore re se ke ra ikhohomosa. (1 Bakor. 4:6) Re lokela ho hopola hore ke Molimo ea re fileng bokhoni le litalenta tseo re nang le tsona. Re lokela ho li sebelisetsa ho khothatsa Bakreste-’moho eseng ho iphahamisetsa bona. (Bafil. 2:3) Re tla thaba ha re sebelisa bokhoni le matla ao re nang le ’ona ho sebeletsa Jehova. Ha re thabisoe ke hobane re nka hore re phahametse batho ba bang kapa re betere ho ba feta empa ke ho tseba hore re rorisa Jehova. w22.04 11-12 ¶7-9
Moqebelo, la 2 March
Ke kopa u nthuse hore ke utloisise Lintho tse hlollang tse ngotsoeng molaong oa hao.—Pes. 119:18.
Jesu o ne a rata Mangolo a Halalelang ’me mantsoe a ho Pesaleme ea 40:8 a bontša kamoo Jesu a neng a tla ikutloa kateng ka Lentsoe la Molimo. Mantsoe ao a re: “Ke thabela ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka, molao oa hao o ka pelong ea ka.” Kaha Jesu o ne a rata Mangolo, o ne a lula a thabile ’me o ile a tsoela pele a sebeletsa Jehova. Le rona re ka thaba le ho atleha haeba re bala Lentsoe la Molimo ebile re le rata. (Pes. 1:1-3) Re lokela ho etsisa mohlala oa Jesu ka hore re ntlafatse tsela eo re balang Bibele ka eona. E le hore re utloisise Bibele re lokela ho rapela, ho bala re iketlile, ho ipotsa lipotso le ho ngola lintlha tse khutšoanyane. Re ka sebelisa temoho ka hore re etse lipatlisiso ka seo re se balang re sebelisa lingoloa tse thehiloeng Bibeleng. Re ka lumella Lentsoe la Molimo hore le re fetole ka hore re lule re e-na le maikutlo a nepahetseng ha re le bala. Ha re leka kahohle ho etsa lintho tsena, re tla fumana molemo ha re bala Bibele ebile re tla ba metsoalle ea Jehova.—Pes. 119:17; Jak. 4:8. w23.02 13 ¶15-16
Sontaha, la 3 March
Merero ea motho ea khothetseng ea mo thusa.—Liprov. 21:5.
Khetha hore na u batla ho ithuta eng ebe u sebeletsa ho finyella lintho tseo u ipehetseng tsona. U ka finyella seo joang? A re re u batla ho ntlafatsa ho ba mosuoe ea hloahloa. U ka ithuta ka hloko bukana ea Ikitlaelletse ho Bala le ho Ruta. Ha u e-na le puo libokeng tsa har’a beke, u ka kopa mor’abo rona ea nang le boiphihlelo hore a mamele puo ea hao ha u ntse u e lokisetsa ebe o u fa litlhahiso tsa kamoo u ka ntlafatsang. Lokisetsa puo ea hao esale ka nako e le hore batho ba bang ba ka hlokomela hore u motho ea sebetsang ka thata le ea ka tšeptjoang. (2 Bakor. 8:22) Ho thoe’ng haeba ntho eo u batlang ho ithuta eona ehlile e u thatafalla? U se ke oa tela. Na Timothea e ile ea e-ba sebui le mosuoe ea hloahloa? Bibele ha e re letho tabeng eo. Empa e tlameha ebe Timothea o ile a ipabola kabelong eo a ileng a e fuoa hobane o ile a mamela keletso ea Pauluse.—2 Tim. 3:10. w22.04 24 ¶8-11
Mantaha, la 4 March
Ka bona sebata se nyoloha ka leoatleng se e-na le manaka a leshome [le] lihlooho tse supileng.—Tšen. 13:1.
Sebata se lihlooho li supileng se emela eng? Seo re se hlokomelang ke hore sebata sena se tšoana le lengau empa se na le maoto a bere le molomo oa tau le linaka tse leshome. Ho na le ho tšoana ho teng pakeng tsa sebata sena le libata tse ’nè tse hlalositsoeng ho Daniele khaolo ea bosupa. Sebata sena se hlahang lengolong la Tšenolo se kopantse litšobotsi tsa libata tse ’nè tse hlahang lengolong la Daniele. Sebata sena ha se tšoantšetse ’muso o le mong. Johanne o itse se busa “holim’a moloko o mong le o mong le batho ba bang le ba bang le leleme le leng le le leng le sechaba se seng le se seng.” Kahoo, e tlameha ebe se tšoantšetsa ntho e kholo ho feta ’muso leha e le ofe oa naha e ikemetseng. (Tšen. 13:7) Hoa hlaka hore sebata sena se emela mebuso eohle ea lipolotiki e ’nileng ea busa batho ho tla fihlela joale. (Moek. 8:9) Bopaki bo bong ke hore ka Bibeleng hangata palo leshome e sebelisoa ho bontša hore ntho e feletse. w22.05 9 ¶6
Labobeli, la 5 March
O tla hlakola meokho eohle ea bona. Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng. Masoabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha li sa tla hlola li e-ba teng.—Tšen. 21:4.
Ke bo-mang ba tla rua molemo litlhohonolofatsong tsee? Batho ba pele ba tla rua molemo ke bongata bo boholo bo tla pholoha Armagedone le bana bohle ba tla tsoaloa lefatšeng le lecha. Empa Tšenolo khaolo ea 20 e boetse e tšepisa hore bafu ba tla tsosoa. (Tšen. 20:11-13) “Ba lokileng” ba hlokahetseng ba tšepahala hammoho le “ba sa lokang,” e leng ba sa kang ba ba le monyetla oa ho ithuta ka Jehova, kaofela ba tla tsosoa hore ba tl’o phela mona lefatšeng. (Lik. 24:15; Joh. 5:28, 29) Na taba ee e bolela hore motho e mong le e mong o tla tsosoa nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete? Che. Batho ba ileng ba hana ho sebeletsa Jehova ka boomo pele ba hlokahala ba ke ke ba tsosoa. Ba ile ba ipaka hore ha ba tšoaneloe ke ho phela lefatšeng la Paradeise.—Mat. 25:46; 2 Bathes. 1:9; Tšen. 17:8; 20:15. w22.05 18 ¶16-17
Laboraro, la 6 March
Re tla tsamaea re ee ho mang? Mantsoe a hao a fana ka bophelo bo sa feleng.—Joh. 6:68.
Jesu o sebelisitse “lekhoba le tšepahalang le le masene” ho haha mokhatlo o ikhethang lefatšeng o etelletsang pele borapeli bo hloekileng. (Mat. 24:45) U ikutloa joang ka mokhatlo oo? Mohlomong u ikutloa joaloka moapostola Petrose ea ileng a bua mantsoe a hlahang temaneng ea letsatsi ea kajeno. Re ka be re le hokae hoja ha rea ka ra tseba ka mokhatlo oa Jehova? Ke ka hona Kreste a etsang bonnete ba hore re na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e hlokang hore re lule re tšepahalla Molimo. Hape o re koetlisetsa ho etsa mosebetsi oa ho bolela ka tsela e atlehang. Ho feta moo, o re thusa hore re apare “botho bo bocha” e le hore re khahlise Jehova. (Baef. 4:24) Jesu o fana ka tataiso e bohlale ha ho e-na le mathata. Re bone melemo ea tataiso eo ha seoa sa COVID-19 se qala. Ha batho ba bangata lefatšeng ba ne ba sa tsebe hore na ba etse’ng, Jesu o ile a etsa bonnete ba hore re fumana tataiso e hlakileng e le hore re lule re sireletsehile. w22.07 12 ¶13-14
Labone, la 7 March
Le khone ho lemoha hore na lintho tsa bohlokoa haholo ke life.—Bafil. 1:10.
Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba lule ba ruta bana ba bona ka eena. (Deut. 6:6, 7) Batsoali ba Baiseraele ba ne ba e-na le menyetla e mengata ea ho buisana le bana ba bona le ho ba ruta hore ba rate Jehova. Ka mohlala, moshanyana oa Moiseraele o ne a qeta nako e ngata a thusa ntate oa hae ho lema kapa ho kotula. Ngoanana eena o ne a qeta nako e ngata a thusa ’mè oa hae ka ho roka, ho loha ntho e itseng le ho etsa mesebetsi ea ka tlung. Batsoali ba ne ba ka bua le bana ba bona ka lintho tse ngata tsa bohlokoa ha ba ntse ba sebetsa le bona. Ka mohlala, ba ne ba ka bua ka makhabane a Jehova le kamoo a ntseng a thusa lelapa la bona kateng. Linaheng tse ngata batsoali ha ba khone ho qeta nako e ngata ba e-na le bana ba bona. E ka ’na eaba batsoali ba mosebetsing ’me bana bona ba sekolong. Batsoali ba lokela ho ipha nako ea hore ba buisane le bana ba bona.—Eph. 5:15, 16. w22.05 28 ¶10-11
Labohlano, la 8 March
Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba kena ’Musong oa Molimo?—1 Bakor. 6:9.
Motho ea etsang sebe se tebileng o tlola molao oa Molimo. Ha Mokreste a entse sebe se tebileng, o lokela ho rapela Jehova Molimo ebe ka mor’a moo o bua le baholo. (Pes. 32:5; Jak. 5:14) Baholo ba na le boikarabelo bofe? Ke Jehova feela ea nang le matla a ho tšoarela libe ka ho felletseng ’me o etsa joalo ka lebaka la sehlabelo sa thekollo. Leha ho le joalo, Jehova o file baholo boikarabelo ba hore ba sebelise Bibele ho etsa qeto ea hore na moetsalibe o lokela ho tsoela pele a le ka phuthehong. (1 Bakor. 5:12) E le hore ba fihlele qeto eo, ba lokela ho fumana likarabo tsa lipotso tsena: “Na mofosi o entse sebe seo ka boomo? Na o ile a leka ho se patela batho ba bang? Na o entse sebe seo ka makhetlo?” Lipotso tse ling tsa bohlokoa tseo ba lokelang ho fumana likarabo tsa tsona ke tsena: “Na ho na le bopaki ba hore o bakile e le kannete? Na ho na le bopaki bo bontšang hore Jehova o mo tšoaretse?”—Lik. 3:19. w22.06 9 ¶4
Moqebelo, la 9 March
Le rate ’nete.—Zak. 8:19.
Jesu o ile a khothaletsa barutuoa ba hae hore ba phehelle ho loka. (Mat. 5:6) Sena se bolela hore re lokela ho labalabela ho etsa lintho tseo Molimo a reng li nepahetse, li molemo ebile li hloekile. Na u rata ’nete le ho loka? Re kholisehile hore oa li rata. U hloile leshano, lintho tsohle tse fosahetseng le bokhopo. (Pes. 119:128, 163) Motho ea leshano o etsisa ’musi oa lefatše lena e leng Satane. (Joh. 8:44; 12:31) Morero o mong oa Satane ke ho senya lebitso le halalelang la Jehova Molimo. Haesale Satane a jala mashano ka Molimo oa rona ho tloha mohla a neng a mo fetohela serapeng sa Edene. O etsa hore batho ba nahane hore Jehova ke ’Musi ea leshano, ea ichebileng boeena le ea hanelang batho ka lintho tse molemo. (Gen. 3:1, 4, 5) Mashano a Satane a entse hore batho ba nke Molimo hampe. Ha batho ba sa “rate ’nete,” Satane a ka ba susumeletsa ho etsa lintho tsohle tse sa lokang le tse khopo.—Bar. 1:25-31. w23.03 2 ¶3
Sontaha, la 10 March
Lerato la [Jehova] ha le fele le ka mohla.—Pes. 100:5.
Mohlomong u sebetsa ka thata ho tlohela ho etsa ntho e ’ngoe eo u tsebang hore e fosahetse empa ka linako tse ling u iphumana u se u entse eona ntho eo. Kapa u ka ’na oa felloa ke mamello ha u bona hore u tl’o nka nako e telele e le hore u qetelle u tšoaneleha hore u kolobetsoe. Ke’ng e tla u thusa ho mamella? U tla thusoa ke ho rata Jehova. Ho rata Jehova ke ntho e ntle ka ho fetisisa. (Liprov. 3:3-6) Ha u rata Molimo haholo, u ke ke oa khaotsa ho mo sebeletsa ha u kopana le mathata. Hangata Bibele e bua ka lerato leo a ratang bahlanka ba hae ka lona. Ka lebaka la lerato lena leo Jehova a nang le lona, le ka mohla a ke ke a lahla bahlanka ba hae ebile a ke ke a khaotsa ho ba rata. Molimo o re bopile re tšoana le eena. (Gen. 1:26) U ka bontša lerato le tšoanang le la Molimo joang? U ka qala ka ho ananela lintho tseo Jehova a u etselitseng tsona. (1 Bathes. 5:18) Letsatsi le leng le le leng ipotse, “Jehova o bontšitse joang hore oa nthata?” Etsa bonnete ba hore u leboha Jehova ha u mo rapela, ka ho khetheha u lebohe lintho tseo a u etselitseng tsona. Elelloa hore Jehova o u etsetsa lintho tse molemo hobane a u rata. w23.03 12 ¶17-19
Mantaha, la 11 March
[Jesu] o ne a tseba menahano ea batho.—Joh. 2:25.
Jesu o ile a tsoela pele ho ba mosa ho baapostola bohle ba 12 le ho ba rata. Re ithuta’ng? Taba ea bohlokoa ha se feela hore na batho ba bang ba etsa’ng empa ke hore na le rona re etsa’ng ha ba re fosetsa. Haeba re koatetse Mokreste-’moho le rona, re ka ’na ra ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha seo a se entseng se nkoatisitse hakana? Na boemo boo bo bontša bofokoli boo ke lokelang ho ntlafatsa ho bona? Na ho ka etsahala hore ebe motho ea nkutloisitseng bohloko o na le mathata? Le hoja ke e-na le lebaka la hore ke koate, na nka mo bontša lerato ka hore ke mo tšoarele?’ Ha re ratana, rea bontša hore re Bakreste ba ’nete. Mohlala oa Jesu oa re ruta hore re lokela ho leka ho utloisisa Bakreste-’moho le rona. (Liprov. 20:5) Jesu o khona ho bona se ka lipelong empa rona re ke ke ra khona. Ho e-na le hoo, re ka khona ho mamella bara le barali ba bo rona ha ba etsa lintho tse etsang hore re tenehe. (Baef. 4:1, 2; 1 Pet. 3:8) Re ka etsa joalo haeba re ithuta haholoanyane ka tsela eo ba holisitsoeng ka eona. w23.03 29-30 ¶14-16
Labobeli, la 12 March
Eena ke Molimo oa ba phelang eseng oa bafu.—Luka 20:38.
Satane a ka nka monyetla haeba re kula ebe o leka ho etsa hore se ke ra mamela Molimo. Lingaka kapa litho tsa lelapa tseo eseng Lipaki li ka re hatella hore re tšele mali e leng ntho e khahlanong le melao ea Molimo. Kapa motho e mong a ka re susumetsa hore re amohele mokhoa oa phekolo o sa lumellaneng le melao-motheo ea Bibele. Le hoja re sa batle ho shoa, rea tseba hore Jehova a ke ke a tlohela ho re rata leha re ka shoa. (Bar. 8:37-39) Ha metsoalle ea Jehova e shoa oa e hopola. O e hopola joalokaha eka e ntse e phela. (Luka 20:37) Hape o hloloheloa ho e tsosa. (Jobo 14:15) Jehova o re rekile ka theko e phahameng haholo e le hore re “be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) Rea tseba hore Jehova o re rata haholo ebile oa re tsotella. Kahoo, ha re kula kapa re tšosoa ka hore re tla bolaoa, ha re fetohele Jehova empa re itšetleha ka eena hore a re tšelise a be a re fe bohlale le matla.—Pes. 41:3. w22.06 18 ¶16-17
Laboraro, la 13 March
Bohlale ba ’nete bo hoeletsa seterateng.—Liprov. 1:20.
Bibele e re: “Mohato oa pele oa ho fumana bohlale ke ho hlompha Jehova. Ho tseba Ea Halalelang ka ho Fetisisa ho bolela kutloisiso.” (Liprov. 9:10) Kahoo, ha ho e-na le qeto ea bohlokoa eo re lokelang ho e etsa re lokela ho tseba hore na Jehova o ikutloa joang ka eona. Re ka etsa joalo ka ho ithuta Bibele le lingoloa tsa rona tse thehiloeng Bibeleng. Ha re etsa joalo re bontša hore re bohlale. (Liprov. 2:5-7) Jehova ke eena ea ka re fang bohlale ba ’nete. (Bar. 16:27) Ke hobane’ng ha re re Jehova ke Mohloli oa bohlale? Ntlha ea pele, kaha Jehova ke ’Mopi, o tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka popo ea hae. (Pes. 104:24) Ntlha ea bobeli, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e etsang e bontša hore o bohlale. (Bar. 11:33) Ntlha ea boraro, re rua molemo haeba re mamela likeletso tse bohlale tse tsoang ho Jehova. (Liprov. 2:10-12) Haeba re batla ho ba le bohlale ba ’nete, re tlameha ho lumella Jehova hore a re tataise ka Lentsoe la hae ha re etsa liqeto. w22.10 19 ¶3-4
Labone, la 14 March
Ha qhoma ntoa leholimong: Mikaele le mangeloi a hae ba loana le drakone le mangeloi a eona. Drakone le mangeloi a eona ba ile ba hloloa ebile ha baa ka ba hlola ba lumelloa ho lula leholimong.—Tšen. 12:7, 8.
Ho ea ka Tšenolo khaolo ea 12, Satane le bademona ba hae ba ile ba hloloa eaba ba lahleloa tlaase lefatšeng. Satane o ile a halefa haholo hoo a ileng a ntšetsa bohloko ho batho ba phelang lefatšeng e leng ho ileng ha fella ka ‘bomalimabe lefatšeng.’ (Tšen. 12:9-12) Boprofeta boo bo re tsoela molemo joang? Liketsahalo tsa lefatše le boitšoaro ba batho bo ntseng bo mpefala, bo re thusa ho bona hore Jesu e se e le Morena. Kahoo ho e-na le hore re utloe bohloko ha re bona batho e le baithati ebile ba le khopo, re lokela ho hopola hore liketso tsa bona li phethahatsa boprofeta ba Bibele. ’Muso oa Molimo oa busa. (Pes. 37:1) Ha Armagedone e atamela, re ka lebella hore lintho li tla mpefala le ho feta. (Mar. 13:8; 2 Tim. 3:13) Ka hona re leboha Ntate oa rona ea leholimong ka ho re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha lefatše le tletse ka mathata a mangata hakana. w22.07 3-4 ¶7-8
Labohlano, la 15 March
Thapeli ea motho ea lokileng e matla haholo.—Jak. 5:16.
Re ka kopa hore Jehova a thuse Bakreste-’moho le rona ho mamella ho kula, likoluoa tsa tlhaho, lintoa, ho hlorisoa le mathata a mang. Re boetse re lokela ho rapella bara le barali babo rona ba sebetsang ka thata ho thusa ba hlokang. Mohlomong u tseba batho ba bang ba nang le mathata a tšoanang le ana. U ka ba bitsa ka mabitso ha u rapela. Ha re kopa Jehova hore a thuse Bakreste-’moho hore ba mamelle, re bontša hore re ba rata haholo. Bara babo rona ba etellang pele ka phuthehong baa ananela ha batho ba bang ba ba rapella ’me lithapelo tseo lia ba thusa. Moapostola Pauluse le eena o ne a tseba hore ho hlokahala hore ba bang ba mo rapelle. O ile a re: “[Le rapele] le bakeng sa ka, e le hore nka fuoa bokhoni ba ho bua ka ho ahlama ha molomo oa ka, ka ho bua ka bolokolohi ho tsebahatsa sephiri se halalelang sa litaba tse molemo.” (Baef. 6:19) Le mehleng ena, re na le bara babo rona ba bangata ba etellang pele ba sebetsang ka thata. Re bontša hore rea ba rata haeba re kopa Jehova hore a ba tšehetse ka mosebetsi oo ba o etsang. w22.07 23-24 ¶14-16
Moqebelo, la 16 March
Re be le tšepo ea hore re tla pholoha ’me tšepo eo e be helmete ea rona. —1 Thess. 5:8.
Lesole le roala helmete ho sireletsa hlooho ea lona ha le le ntoeng. Kaha le rona re ntoeng le Satane, re lokela ho sireletsa likelello tsa rona e le hore a se ke a li silafatsa. O sebelisa lintho tse ngata ho silafatsa menahano ea rona le ho etsa hore re lakatse ho etsa lintho tse fosahetseng. Kahoo, feela joalokaha helmete e sireletsa hlooho ea lesole, tšepo e sireletsa menahano ea rona e le hore re ka lula re tšepahalla Jehova. Haeba tšepo e se matla, re ka iphumana re se re nahana ka lintho tseo re li batlang feela eaba re lebala ka bophelo bo sa feleng. Nahana ka Bakreste ba neng ba phela Korinthe mehleng ea khale. Ba ile ba khaotsa ho lumela tšepisong ea Molimo ea tsoho. (1 Bakor. 15:12) Pauluse o ile a re batho ba se nang tšepo ea tsoho ba phelela ho khotsofatsa litakatso tsa bona feela. (1 Bakor. 15:32) Mehleng ena batho ba se nang tšepo litšepisong tsa Molimo ba etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka ba khotsofatsang. Ho fapana le bona, re behile tšepo ea rona bokamosong boo Molimo a re tšepisitseng bona. w22.10 25-26 ¶8-9
Sontaha, la 17 March
Lulang le rapela.—1 Bathes. 5:17.
Jehova o batla hore u mo rapele. O bona mathata ao u tobaneng le ’ona ’me o u kholisa hore o tla mamela lithapelo tsa hao ka nako leha e le efe. O thabela ho mamela barapeli ba hae. (Liprov. 15:8) U ka rapella eng ha u ikutloa eka ha u na mang oee? Bolella Jehova hore na u ikutloa joang. (Pes. 62:8) Bolella Jehova lintho tse u tšoenyang le hore na li etsa hore u ikutloe joang. Mo kope hore a u thuse ho sebetsana le tsela eo u ikutloang ka eona le hore a u fe sebete seo u se hlokang hore u itlhalose. Kopa Jehova bohlale ba ho hlalosa tumelo ea hao ka masene. (Luka 21:14, 15) Ha u ikutloa u nyahame, kopa Jehova hore a u thuse ho bua le Mokreste ea nang le boiphihlelo. U ka boela oa kopa Jehova hore a thuse Mokreste eo u tl’o bua le eena ho utloisisa tsela eo u ikutloang ka eona. Bona kamoo a arabelang lithapelo tsa hao kateng u be u amohele thuso eo ba bang ba u fang eona. Ha u etsa joalo, u ke ke oa ikutloa eka u mong. w22.08 10 ¶6
Mantaha, la 18 March
Batho bana . . . ba etsa lintho tse khahlanong le melao ea Sesare.—Lik. 17:7.
Bakreste ba phutheho e ncha ea Thesalonika ba ile ba hlorisoa haholo. Sehlopha sa bahanyetsi ba halefileng se ile sa hulela “bara ba bo rona ba itseng ho babusi ba motse.” (Lik. 17:6) U ka inahanela feela hore na Bakreste bao ba bacha ba ne ba tšohile hakae. Ba ne ba ka tlohela ho sebeletsa Jehova ka mafolo-folo empa moapostola Pauluse o ne a sa batle hore seo se etsahale. O ile a etsa bonnete ba hore phutheho eo e ncha e sala e hlokometsoe. Pauluse o ile a hopotsa Bathesalonika a re: “Re roma Timothea, mor’abo rona . . . , e le ho le tiisa le ho le tšelisa bakeng sa tumelo ea lona, e le hore ho se ke ha e-ba le ea ka sisinngoang ke matšoenyeho ana.” (1 Bathes. 3:2, 3) Timothea o ile a bona ha Pauluse a matlafatsa barab’abo ba Lystra. Kaha Timothea o ile a bona kamoo Jehova a ileng a ba thusa kateng, o ne a ka kholisa Bakreste-’moho le eena bao ba bacha hore le bona Jehova o tla ba thusa.—Lik. 14:8, 19-22; Baheb. 12:2. w22.08 21 ¶4
Labobeli, la 19 March
Re . . . fumana bophelo ka eena.—1 Joh. 4:9.
Ka 1870, sehlopha sa Liithuti Tsa Bibele se neng se eteletsoe pele ke Charles Taze Russell se ile sa qalella ho ithuta Bibele. Se ne se batla ho tseba ’nete mabapi le sehlabelo sa Jesu le hore na lefu la hae le lokela ho hopoloa ka tsela efe. Lintho tseo Liithuti Tsa Bibele li ileng tsa ithuta tsona li re tsoela molemo le mehleng ena. Li re tsoela molemo joang? Re utloisisa ’nete ka sehlabelo sa Jesu le hore na se tla tsoela batho bohle molemo joang. (1 Joh. 2:1, 2) Re boetse re ithutile kamoo Bibele e hlalosang tšepo eo batho ba thabisang Molimo ba nang le eona. Ba bang ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng ’me ba bang ba tla phela ka ho sa feleng leholimong ba sa shoe. Re ba metsoalle ea Jehova ha re hlokomela hore na o re rata hakae le hore na sehlabelo sa Jesu se re tsoela molemo joang. (1 Pet. 3:18) Re etsisa Bakreste ba nakong e fetileng ka hore re meme batho ba bang hore ba tl’o ikhopotsa le rona lefu la Jesu ka tsela eo a ileng a ruta balateli ba hae hore ba etse ka eona. w23.01 21 ¶6-7
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa mantsiboea a la 9 Nisane) Mareka 14:3-9
Laboraro, la 20 March
O ile a shoela batho bohle e le hore ba se ke ba hlola ba iphelela empa ba phelele ea ileng a ba shoela ’me a tsosoa.—2 Bakor. 5:15.
Jesu o ile a ruta batho ka litlhohonolofatso tseo ’Muso oa Molimo o tl’o li tlisa. Re ananela topollo hobane e etsa hore re thabele ho ba metsoalle ea Jehova le Jesu. Batho bohle ba lumelang ho Jesu ba boetse ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng le ho bona baratuoa ba bona ba hlokahetseng. (Joh. 5:28, 29; Bar. 6:23) Ha ho na letho leo re le entseng hore ebe Jehova o re hlohonolofalitse ka tsela ena ebile re ke ke ra khona ho patala Molimo le Kreste ka lintho tsena tseo ba re etselitseng tsona. (Bar. 5:8, 20, 21) Empa re ka ba bontša hore rea li ananela. Re ka etsa seo joang? Ka ho sebelisa lintho tsa rona ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, re ka thusetsa ka ho haha mehaho eo re e sebelisetsang ho rapela Jehova le ho e boloka e le maemong a matle. w23.01 26 ¶3; 28 ¶5
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 9 Nisane) Mareka 11:1-11
Labone, la 21 March
Ka bona Konyana . . . e-na le ba 144 000.—Tšen. 14:1.
Batho ba tla busa ’Musong oa Molimo ba tla lokela ho hlokomela batho ba libilione ba phelang lefatšeng lohle. Ba 144 000 e tla ba marena le baprista joaloka Jesu. (Tšen. 5:10) Ha Baiseraele ba ne ba le tlas’a Molao oa Moshe, baprista e ne e le bona ka ho khetheha ba neng ba thusa batho hore ba lule ba phetse hantle ba bile ba le haufi le Jehova. Molao oo e ne e le “setšoantšo feela sa lintho tse molemo tse tlang ho tla.” Kahoo, ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore Jesu hammoho le batho tla busa le eena ba tla thusa batho ba Molimo hore ba phele hantle le hore ba be haufi le Jehova. (Baheb. 10:1) Hona joale ha re tsebe hore na marena le baprista bana ba tla buisana joang le batho ba lefatšeng. Leha ho le joalo Re ka kholiseha hore Paradeiseng, batho bohle ba lefatšeng ba tla fumana tataiso eo ba e hlokang.—Tšen. 21:3, 4. w22.12 11 ¶11-13
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 10 Nisane) Mareka 11:12-19
Labohlano, la 22 March
Le tsoela pele ho bolella ba bang ka lefu la Morena ho fihlela a tla.—1 Bakor. 11:26.
Lebaka leo ka lona re memelang batho hore ba tle Sehopotsong ke hore ba qalang ho tla ka lekhetlo la pele ba tsebe lintho tseo Jehova le Jesu ba re etselitseng tsona. (Joh. 3:16) Re na le tšepo ea hore seo ba se bonang le ho se utloa Sehopotsong se tla etsa hore ba batle ho ithuta lintho tse ling ’me e be bahlanka ba Jehova. Re boetse re mema batho ba seng ba tlohetse ho sebeletsa Jehova. Re etsa joalo ho ba hopotsa hore Molimo o ntse a ba rata. Ba bangata ba khona ho tla ’me re thabela ho ba bona. Ha ba tlile Sehopotsong, sena se ba hopotsa kamoo ba neng ba thabela ho sebeletsa Jehova kateng nakong e fetileng. (Pes. 103:1-4) Ho sa tsotellehe hore na batho ba amohela memo kapa che, re etsa sohle seo re ka se khonang ho ba memela Sehopotsong hobane rea tseba hore Jehova o ela hloko motho e mong le e mong.—Luka 15:7; 1 Tim. 2:3, 4. w23.01 20 ¶1; 22-23 ¶9-11
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 11 Nisane) Mareka 11:20–12:27, 41-44
Moqebelo, la 23 March
Leihlo la Jehova le shebile ba mo tšabang.—Pes. 33:18.
Bosiung ba pele a shoa, Jesu o ile a etsa kopo e khethehileng ho Ntate oa hae ea leholimong. O ile a kopa Jehova hore a sireletse balateli ba hae. (Joh. 17:15, 20) Haesale Jehova a lebela le ho hlokomela batho ba hae. Leha ho le joalo, Jesu o ne a tseba hore Satane o tla hanyetsa balateli ba hae ka matla. Jesu o ne a boetse a tseba hore balateli ba hae ba tla hloka thuso ea Jehova e le hore ba tobane le litlhaselo tse khopo tsa Diabolose. Lefatše lena le laoloang ke Satane le bakela Bakreste ba ’nete mathata a mangata mehleng ena. Re kopana le mathata a ka re nyahamisang le a etsang hore ho be thata ho lula re tšepahalla Jehova. Empa ha rea lokela ho tšoha. Jehova oa re lebela, o bona mathata ao re kopanang le ’ona ’me o lula a ikemiselitse ho re thusa. Leihlo la Jehova “le ho ba mo tšabang hore a lopolle meea ea bona.”—Pes. 33:18-20. w22.08 8 ¶1-2
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 12 Nisane) Mareka 14:1, 2, 10, 11; Matheu 26:1-5, 14-16
LETSATSI LA SEHOPOTSO
Ha Letsatsi le se le Liketse
Sontaha, la 24 March
Le ’ne le etse tjena ho nkhopola.—Luka 22:19.
Selemo le selemo pele ho Sehopotso le ka mor’a sona, re bontša hore re ananela seo Jesu a re etselitseng sona ka hore re iphe nako ea ho rapela le ho nahanisisa ka hore na lefu la hae le re tsoela molemo joang. Re boetse re mema batho ba bangata hore ba be le rona moketeng ona oa bohlokoa. Re ikemiselitse hore re se ke ra lumella ntho leha e le efe ho re sitisa ho ea Sehopotsong. Ha re le Sehopotsong, re ithuta hore na ke hobane’ng ha batho ba hloka ho lopolloa le hore na ke joang lefu la motho a le mong le ka lokollang batho ba bangata libeng. Re hopotsoa hore na bohobe le veine li tšoantšetsa’ng le hore na ke bo-mang ba tšoanelang ho noa veine le ho ja bohobe. (Luka 22:19, 20) Hape re nahanisisa ka litlhohonolofatso tseo batho ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng ba tla li fumana lefatšeng le lecha. (Esa. 35:5, 6; 65:17, 21-23) Ha rea lokela ho nka taba ena hanyane. w23.01 20 ¶2; 21 ¶4
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 13 Nisane) Mareka 14:12-16; Matheu 26:17-19 (Liketsahalo tsa mantsiboea a la 14 Nisane) Mareka 14:17-72
Mantaha, la 25 March
Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea mong e le hore e mong le e mong ea bontšang hore o lumela ho eena . . . a fumane bophelo bo sa feleng.—Joh. 3:16.
Molimo o ile a etsa hore re be le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng ka hore a fane ka Mora oa hae ho re lopolla sebeng. (Mat. 20:28) Moapostola Pauluse o ile a re: “Kaha lefu le bile teng ka motho, tsoho ea bafu le eona e teng ka motho. Feela joalokaha bohle ba shoa ka lebaka la Adama, bohle ba tla phelisoa ka lebaka la Kreste.” (1 Bakor. 15:21, 22) Jesu o ile a ruta balateli ba hae ho rapella hore ’Muso oa Molimo o tle le hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng. (Mat. 6:9, 10) Morero o mong oa Molimo ke hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatšeng. E le ho finyella morero oo, Jehova o khethile Mora oa hae hore e be Morena oa ’Muso oa Bomesia. Molimo o ntse a bokella batho ba 144 000 ba tla sebetsa le Jesu ho phetha thato ea hae.—Tšen. 5:9, 10. w22.12 5 ¶11-12
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 14 Nisane) Mareka 15:1-47
Labobeli, la 26 March
Lerato leo Kreste a nang le lona lea re susumetsa . . . e le hore [batho bohle] ba se ke ba hlola ba iphelela.—2 Bakor. 5:14, 15.
Ha motho eo re mo ratang a hlokahala, re mo hopola haholo. Qalong re ka utloa bohloko, haholo-holo ha re hopola bohloko boo a neng a bo utloa pele a hlokahala. Ha nako e ntse e e-ea, re ka qala ho thaba ha re nahana ka ntho eo a re rutileng eona, eo a re etselitseng eona kapa tsela eo a re khothalitseng ka eona e ileng ea etsa hore re thabe. Ka tsela e tšoanang, re utloa bohloko ha re bala ka bohloko boo Jesu a ileng a bo utloa le ka lefu la hae. Nakong ena ea Sehopotso, re lokela ho nahana kamoo sehlabelo sa Jesu se leng bohlokoa kateng. (1 Bakor. 11:24, 25) Leha ho le joalo, re thaba haholo ha re nahana ka lintho tsohle tseo Jesu a li buileng le tseo a li entseng ha a ne a le lefatšeng. Re boetse rea khothala ha re nahana ka lintho tseo a li etsang hona joale le tseo a tla re etsetsa tsona nakong e tlang. w23.01 26 ¶1-2
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 15 Nisane) Matheu 27:62-66 (Liketsahalo tsa mantsiboea a la 16 Nisane) Mareka 16:1
Laboraro, la 27 March
Etsang hore ’Muso oa Molimo . . . e be [ntho e] tlang pele bophelong ba lona.—Mat. 6:33.
Ha Jesu a ne a shoa, barutuoa ba hae ba ne ba utloile bohloko haholo. Ba ne ba utloile bohloko haholo hobane ba ne ba lahlehetsoe ke motsoalle oa bona eo ba mo ratang ebile ba feletsoe le ke tšepo. (Luka 24:17-21) Leha ho le joalo, ha Jesu a hlaha ho bona o ile a ba thusa hore ba utloisise hore na o phethahalitse boprofeta ba Bibele joang. O ile a boela a ba fa mosebetsi oa bohlokoa oo ba neng ba lokela ho o etsa. (Luka 24:26, 27, 45-48) Ha Jesu a nyolohela leholimong, barutuoa ba hae ba ne ba se ba sa utloa bohloko empa ba ne ba thabile. Ba ne ba thabile haholo hobane ba ne ba tseba hore Jesu oa phela ebile o ne a tl’o ba thusa hore ba etse mosebetsi oo a ba fileng oona. Ba ne ba thabile hoo ba neng ba rorisa Jehova ba sa khaotse. (Luka 24:52, 53; Lik. 5:42) Re ka etsisa barutuoa ba Jesu ka ho etsa hore ’Muso oa Molimo e be ntho e tlang pele bophelong ba rona. Le hoja re hloka mamello e le hore re tsoele pele ho sebeletsa Jehova, o tšepisa hore o tla re hlohonolofatsa haholo ha re ka etsa joalo.—Liprov. 10:22. w23.01 30-31 ¶15-16
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 16 Nisane) Mareka 16:2-8
Labone, la 28 March
U tla khutlela leroleng.—Gen. 3:19.
Ha re batle ho etsa phoso e tšoanang le ea Adama le Eva. Re ka qoba ho etsa phoso e tšoanang ka hore re lule re ithuta ka Jehova, re ananele makhabane a hae ebile re leke ho utloisisa tsela eo a nahanang ka eona. Ha re etsa joalo, re tla rata Jehova le ho feta. Nahana ka Abrahama. O ne a rata Jehova haholo ’me a lula a mo mamela le hoja a ne a sa utloisise liqeto tseo Jehova a neng a li etsa. Hape o ile a leka ho tseba Jehova haholoanyane. Ka mohlala, ha Abrahama a utloa hore Jehova o entse qeto ea ho felisa Sodoma le Gomora, o ile a tšoha hore “Moahloli oa lefatše lohle” o ne a tl’o felisa batho ba lokileng hammoho le ba khopo. O ne a nahana hore ntho eo Jehova a neng a tl’o e etsa e ne e sa utloahale, kahoo ka boikokobetso o ile a botsa Jehova lipotso tse ngata. Jehova o ile a mo bontša mamello ’me a araba lipotso tsa hae. Qetellong Abrahama o ile a hlokomela hore Jehova ke eena ea hlahlobang lipelo ’me ha ho mohla a ahlolang ba se nang molato hammoho le ba nang le molato.—Gen. 18:20-32. w22.08 28 ¶9-10
Labohlano, la 29 March
Motho ea tšepahalang o boloka lekunutu.—Liprov. 11:13.
Ka selemo sa 455 pele ho mehla ea Jesu ka mor’a hore ’Musisi Nehemia a hahe marako a Jerusalema, o ile a batla banna ba tšepahalang hore ba hlokomele motse. Har’a banna ba ileng ba khethoa ho ne ho e-na le Hanania khosana ea Qhobosheane. Bibele e hlalosa Hanania “e le monna ea tšepahalang haholo ’me a tšaba Molimo oa ’nete ho feta ba bang ba bangata.” (Neh. 7:2) Hanania o ne a tšaba Jehova ebile a batla ho mo khahlisa ’me seo se ile sa etsa hore a sebetse ka thata kabelong e ’ngoe le e ’ngoe eo a ileng a e fuoa. Haeba le rona re e-na le makhabane a joalo, re tla khona ho tšepahala ha re ntse re sebeletsa Molimo. A re boneng mohlala oa Tykikase, motsoalle ea tšepahalang oa moapostola Pauluse. Tykikase o ne a thusa Pauluse haholo hoo Pauluse a ileng a re ke “mosebeletsi ea tšepahalang.” (Baef. 6:21, 22) Pauluse o ne a mo tšepetse hore a ise mangolo ho bara babo ba Efese le ba Kolose le hore a ba khothatse le ho ba tšelisa. Ha re nahana ka Tykikase, re hopola banna ba tšepahalang ba re hlokomelang tumelong mehleng ena.—Bakol. 4:7-9. w22.09 9-10 ¶5-6
Moqebelo, la 30 March
Motho ea lerato o lula a itokiselitse ho tšoarela.—1 Pet. 4:8.
Josefa o ile a kopana le liteko tse ngata ka lilemo tse ka bang 13. Josefa o ne a ka ’na a nahana hore Jehova ha a mo rate. Hape a ka be a ile a nahana hore Jehova o mo lahlile nakong eo a neng a mo hloka haholo. Josefa ha aa ka a koetla lehloeo. Ho e-na le hoo, o ile a khoba matšoafo. Ha aa ka a iphetetsa ho bo-abuti ba hae le hoja a ne a e-na le monyetla. Ho e-na le hoo, o ile a ba tšoarela ’me a ba bontša hore oa ba rata. (Gen. 45:4, 5) Josefa o thusitsoe ke hore o ile a sebelisa kelello hantle. Ha aa ka a nahana ka mathata a hae empa o ile a nahana ka hore na Jehova o batla’ng. (Gen. 50:19-21) Re ithuta’ng tabeng ee? Haeba u tšoaroa hampe, u se ke oa koatela Jehova kapa oa nahana hore o u lahlile. Ho e-na le hoo, nahana ka hore na o u thusa joang hore u mamelle bothata boo. Ho feta moo, ha batho ba u tšoara hampe, u iphapanyetse liphoso tsa bona ka hore u ba rate. w22.11 21 ¶4
Sontaha, la 31 March
Mebuso eohle e tla ba sebeletsa le ho ba mamela.—Dan. 7:27.
Moprofeta Daniele o ile a bona pono e bontšang hore Jehova o phahametse balaoli bohle ba bang. Daniele o ile a qala pele ka ho bona libata tse ’nè tse kholo tse emelang ’muso o matla oa lefatše oa nakong e fetileng e leng Babilona, Medo-Persia, Greece le Roma ’me oa mehleng ena ke Anglo-America. (Dan. 7:1-3, 17) Daniele o ile a bona Jehova Molimo a lutse teroneng lekhotleng le leholimong. (Dan. 7:9, 10) Molimo o nka matla a balaoli ba lefatše ’me o a fa batho ba tšoaneloang ke ’ona le ba matla ho ba feta. O a fa batho bafe? O a fa “e mong ea joaloka mor’a motho” e leng Jesu Kreste le “bahalaleli ba Ea Holimo-limo,” e leng ba 144 000 ba tla busa “ka ho sa feleng.” (Dan. 7:13, 14, 18) Ho hlakile hore Jehova ke “Ea Holimo-limo.” Ketsahalo eo Daniele a e boneng ponong e tiisa seo a buileng ka sona. Daniele o ile a re: “Molimo oa leholimo . . . o tlosa marena ebile o beha marena.” O ile a boela a re: “Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa batho le hore o o fa motho eo a batlang ho mo fa oona.”—Dan. 2:19-21 w22.10 14 ¶9-11