December
Sontaha, la 1 December
Nka thibeloa ke’ng hore ke kolobetsoe?—Lik. 8:36.
Na kannete letona la Moethiopia le ne le se le loketse ho kolobetsoa? Nahana ka taba ena, monna oa Moethiopia “o ne a tsoa Jerusalema a tsoa rapela.” (Lik. 8:27) Kahoo, e tlameha ebe o ne a sokolohetse bolumeling ba Sejuda. E tlameha ebe o ne a ithutile ka Jehova Mangolong a Seheberu a halalelang. Ho ntse ho le joalo, o ne a labalabela ho ithuta ka ho eketsehileng. Ha e le hantle, ha Filipi a kopana le eena tseleng, o ne a ntse a bala buka ea moprofeta Esaia. (Lik. 8:28) O ne a batla ho ithuta ka ho eketsehileng. O ile a nka leeto le lelelele ho tloha Ethiopia a ea tempeleng e Jerusalema ho ea rapela Jehova. Monna oa Moethiopia o ile a ithuta lintho tsa bohlokoa tse ncha ho Filipi. E ’ngoe ea tsona ke hore na Mesia ke mang. (Lik. 8:34, 35) O ile a rata Jehova le Mora oa hae le ho feta. O ile a susumeletseha hore a etse qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa ea ho kolobetsoa ’me ea e-ba molateli oa Jesu Kreste. Filipi o ile a bona hore oa tšoaneleha kahoo, o ile a mo kolobetsa. w23.03 8-9 ¶3-6
Mantaha, la 2 December
Mantsoe ao le a buang e ke e be a mosa kamehla.—Bakol. 4:6.
Re ke ke ra thabisa Jehova haeba re bua leshano. (Liprov. 6:16, 17) Le hoja batho ba bangata mehleng ena ba nka hore ho bua leshano ho tloaelehile, re qoba ho le bua hobane Jehova o re le fosahetse. (Pes. 15:1, 2) Re qoba ho bua leshano le ho fana ka lintlha tse sa fellang ka boomo e leng se ka etsang hore batho ba fihlele qeto e fosahetseng. Hape re Qobe ho bua batho ba bang hampe. (Liprov. 25:23; 2 Bathes. 3:11) Haeba u hlokomela hore moqoqo oa lona o fetoha lesebo, u fetole ka hore u bue ka ntho e khothatsang. Re lokela ho sebetsa ka thata hore re bue ka tsela e tla thabisa Jehova, kaha re phela lefatšeng leo batho ba bangata ba buang puo e litšila. O tla re hlohonolofatsa ha re leka ho bua ka tsela e tla tlisa thoriso ho eena ha re le tšimong, libokeng le ha re qoqa le batho ba bang. Ha Jehova a felisa lefatše lena le khopo, ho tla ba bonolo hore re mo tlotlise ka lintho tseo re li buang.—Juda 15. w22.04 9 ¶18-20
Labobeli, la 3 December
Re bontša lerato hobane Molimo o ile a re rata pele.—1 Joh. 4:19.
Ha re nahana kamoo Jehova le Jesu ba re ratang kateng, le rona re susumeletseha hore re ba rate. (1 Joh. 4:10) Re ba rata le ho feta ha re hlokomela hore Jesu o shoetse e mong le e mong oa rona. Moapostola Pauluse o ile a hlokomela sena ’me a bontša kananelo ha a ne a ngolla Bagalata a re: ‘Mora oa Molimo o ile a nthata a ba a fana ka bophelo ba hae molemong oa ka.’ (Bagal. 2:20) Kaha Jesu o ile a re shoela, Jehova o khona ho re hulela ho eena hore re be metsoalle ea hae. (Joh. 6:44) Hoa thabisa hore ebe Jehova o ile a bona lintho tse ntle ho uena ’me a patala theko e phahameng e le hore u ka ba e mong oa metsoalle ea hae. E tlameha ebe taba ena e etsa hore u rate Jehova le Jesu le ho feta. Re lokela ho ipotsa, ‘Lerato leo ke ratang Jehova le Jesu ka lona le lokela ho ntšusumeletsa ho etsa’ng?’ Lerato leo re ratang Molimo le Kreste ka lona le etsa hore re rate ba bang.—2 Bakor. 5:14, 15; 6:1, 2. w23.01 28 ¶6-7
Laboraro, la 4 December
Ke tla etsa hore batho ba bue puo e hloekileng.—Sof. 3:9.
Bibele ke ntho ea bohlokoa eo Jehova a e sebelisang ho thusa batho ba hae hore ba mo ‘sebeletse mahetla a bapile.’ Jehova o entse hore likarolo tse ngata tsa Bibele li ngoloe ka tsela e neng e tla utloisisoa ke batho ba ikokobelitseng feela. (Luka 10:21) Batho ba bangata ba bala Bibele. Leha ho le joalo, ke batho ba ikokobelitseng feela ba e utloisisang le ba etsang lintho tseo ba ithutileng tsona. (2 Bakor. 3:15, 16) Bibele e re bontša hore Jehova o bohlale. Jehova o sebelisa Bibele ho re ruta re le sehlopha hape o ruta le ho khothatsa e mong le e mong oa rona. Ha re bala Lentsoe la Molimo, re khona ho bona hore Jehova o tsotella e mong le e mong oa rona. (Esa. 30:21) Ke ka makhetlo a makae u kileng oa bala temana ea Bibele ’me oa utloa eka e ngoletsoe uena? Bibele e ngoletsoe hore batho ba bangata ba e utloisise. Kahoo, ho tla joang hore e be le lintlha tseo uena u li hlokang? Lebaka ke hore Mongoli oa Bibele o bohlale ho feta motho leha e le ofe.—2 Tim. 3:16, 17. w23.02 4-5 ¶8-10
Labone, la 5 December
Nahanisisa ka lintho tsena, u li etse ka mafolofolo ’ohle e le hore batho bohle ba bone hore oa hola.—1 Tim. 4:15.
Re rata Jehova haholo hobane re Bakreste ba ’nete. Re batla ho mo sebeletsa kahohle kamoo re ka khonang. Empa e le hore re sebeletse Jehova ka botlalo, re lokela ho ipehela lintho tseo re tla li finyella tse kang ho ba le makhabane a Bokreste, ho ba le bokhoni bo itseng le ho batla litsela tsa ho thusa batho ba bang. Ke hobane’ng ha re batla ho ba bahlanka ba Jehova ba molemo haholoanyane? Lebaka le ka sehloohong ke hobane re batla ho thabisa Ntate oa rona ea leholimong. Jehova oa thaba ha re sebelisa bokhoni le litalenta tsa rona ka ho feletseng tšebeletsong ea hae. Ho ekeletsa moo, re batla ho ntlafatsa tseleng eo re sebeletsang Jehova ka eona e le hore re ka thusa bara le barali ba bo rona. (1 Bathes. 4:9, 10) Ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re le Lipaki, re ntse re ka ntlafatsa. w22.04 22 ¶1-2
Labohlano, la 6 December
Li tla ja linama tsa lona li le chese lore!—Tšen. 17:16.
Mebuso ea lipolotiki ea lefatše lena e tla hlasela Babylona e Moholo e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Tlhaselo ena e tla ba pontšo ea ho qala ha matšoenyeho a maholo. Na taba ee e tla etsa hore batho ba bangata ba batle ho sebeletsa Jehova? Che. Ho e-na le hoo, Tšenolo khaolo ea 6 e re batho ba sa sebeletseng Jehova ba tla batla tšireletso mebusong ea lipolotiki le khoebong ea lefatše lena, e leng lintho tse tšoantšoang le lithaba. Jehova o tla ba nka e le bahanyetsi ba hae hobane ba sa ka ba tšehetsa ’Muso oa hae. (Luka 11:23; Tšen. 6:15-17) Ho tla bonahala hore bahlanka ba Jehova ba fapane e le kannete le batho ba bang nakong ena e thata haholo ea matšoenyeho a maholo. E tla be e le bona feela batho ba sebeletsang Jehova le ba hanang ho tšehetsa “sebata.”—Tšen. 13:14-17. w22.05 16-17 ¶8-9
Moqebelo, la 7 December
Le ne le phatlalatsa litaba tse monate tse sa feleng, le li bolella batho ba lulang lefatšeng, ba merabe eohle, lichaba tsohle, maloko ’ohle le lipuo tsohle.—Tšen. 14:6.
Ha se “litaba tse molemo” feela tseo bahlanka ba Jehova ba lokelang ho li bolela. (Mat. 24:14) Ba boetse ba lokela ho tšehetsa mosebetsi oa mangeloi ao ho buuoang ka ’ona ho Tšenolo khaolo ea borobeli ho ea ho leshome. Mangeloi ana a phatlalatsa molaetsa oa likahlolo tse tla tlela batho ba sa tšehetseng ’Muso oa Molimo. Haesale Lipaki Tsa Jehova li phatlalatsa molaetsa oa kahlolo o tšoantšoang le “sefako le mollo,” li bolela likahlolo tsa Molimo khahlanong le mekhatlo eohle ea lefatše lena le khopo la Satane. (Tšen. 8:7, 13) Batho ba hloka ho tseba hore bofelo bo haufi e le hore ba etse liphetoho tse tla ba thusa ho pholoha letsatsi la bohale ba Jehova. (Sof. 2:2, 3) Empa ona ha se molaetsa oo batho ba o thabelang. Re hloka ho ba sebete e le hore re ba bolelle oona. Nakong ea matšoenyeho a maholo, molaetsa oo re tla beng re o phatlalatsa o tla halefisa batho le ho feta.—Tšen. 16:21. w22.05 6-7 ¶18-19
Sontaha, la 8 December
U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle, ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.—Mat. 22:37.
Ak’u nahane ka banyalani ba Bakreste ba tl’o ba batsoali. Ho ka etsahala hore ka lilemo tse ngata ba ne ba utloa ha ho fanoa ka lipuo tse buang ka ho holisa bana. Hona joale ba se ba tla sebelisa melao-motheo e neng e baloa lipuong tseo hobane ba se ba tl’o ba le ngoana. Kannete bona ke boikarabelo bo boholo. Mangolo a mang e ba a bohlokoa haholo ha maemo a rona a fetoha. Lena ke le leng la mabaka a etsang hore bahlanka ba Jehova ba bale Mangolo ’me ba nahanisise ka ’ona “ka matsatsi ’ohle” a bophelo ba bona joalokaha marena a Iseraele a ne a laetsoe hore a etse joalo. (Deut. 17:19) Batsoali, le na le boikarabelo ba bohlokoa ba ho ruta bana ba lona ka Jehova. Le lokela ho ruta bana ba lona ka Molimo ’me le ba thuse hore ba mo rate. w22.05 26 ¶2-3
Mantaha, la 9 December
Le apare botho bo bocha.—Bakol. 3:10.
Ha hoa lekana ho utloisoa bohloko ke tsela eo re neng re phela ka eona pele kapa lintho tse mpe tseo re neng re li etsa. Re lokela ho ikemisetsa ho fetoha. Ntho ea bohlokoa eo Jehova a e shebang ha a khetha ho tšoarela motho ke hore na motho eo o sokolohile. Ho sokoloha ho bolela ho fetoha. Ka mantsoe a mang motho o lokela ho tlohela lintho tse mpe tseo a li etsang ’me a phele ka tsela eo Jehova a e batlang. (Esa. 55:7) O lokela ho fetola tsela eo a nahanang ka eona e le hore a ka nahana joaloka Jehova. (Bar. 12:2; Baef. 4:23) O boetse o lokela ho khaotsa ho nahana ka lintho tse mpe le ho li etsa. (Bakol. 3:7-9) Lebaka le ka sehloohong leo Jehova a re tšoarelang le ho re hloekisa sebeng ka lona, ke hobane re e-na le tumelo sehlabelong sa Kreste. Jehova o tla re tšoarela ka lebaka la sehlabelo seo ha a bona re etsa boiteko ba ho fetola boitšoaro ba rona.—1 Joh. 1:7. w22.06 5-6 ¶16-17
Labobeli, la 10 December
U se ke oa tšaba mathata a haufi le ho u hlahela.—Tšen. 2:10.
Esale batho ba se na lerato ho tloha ha Adama le Eva ba fetohela Jehova. (Moek. 8:9) Mohlala, ba nang le matla a bolaoli ba sebelisa matla a bona hampe, linokoane li etsa liketso tse sehloho, sekolong bo-’mampoli ba rohaka bana ba bang ebile baa ba tšosa. Batho ba bang ba tšoara ba malapa a bona hampe. Ha ho makatse hore ebe batho ba tšaba ba bang. Ke joang Satane a lekang ho sebelisa tšabo eo khahlanong le rona? Satane o etsa hore re tšabe batho hoo re ka emisang ho etsa mosebetsi oa boboleli kapa lintho tse ling tseo Jehova a reng re li etse. Satane o susumetsa mebuso hore e re hlorise e be e thibele mosebetsi oa rona. (Luka 21:12) Lefatšeng lena le laoloang ke Satane, batho ba bangata ba hasa mashano ka Lipaki Tsa Jehova. Batho ba lumelang mashano ao, ba ka re soma kapa ba re hlorisa. (Mat. 10:36) Na maraba a Satane aa re makatsa? Che. O ne a ntse a a sebelisa le mehleng ea Bakreste ba pele.—Lik. 5:27, 28, 40. w22.06 16 ¶10-11
Laboraro, la 11 December
Ba thusang ba bangata hore ba etse lintho tse lokileng, ba tla khanya joaloka linaleli ka ho sa feleng.—Dan. 12:3.
Ke bo-mang ba tla ba har’a “ba bangata” ba tla thusoa hore ba etse lintho tse lokileng? Batho bana ba tla akareletsa ba tla tsosoa le ba tla pholoha Armagedone le bana ba ka ’nang ba hlaha lefatšeng le lecha. Ha lilemo tse sekete li fela, batho bohle ba phelang lefatšeng ba tla be ba phethahetse. Re lokela ho hopola hore ho phethahala ha ho bolele hore motho o se a ntse a fumane bophelo bo sa feleng. Ak’u nahane ka Adama le Eva. Ba ne ba phethahetse empa ba ne ba lokela hore ba mamele Jehova Molimo pele a ka ba fa bophelo bo sa feleng. Ka masoabi ba ile ba hloleha ho mo mamela. (Bar. 5:12) Kaha batho ba tla be ba le lefatšeng kaofela ha bona ba tla be ba phetse hantle ba se na sebe qetellong ea lilemo tse sekete, na kaofela ba tla tšehetsa bobusi ba Jehova ka ho sa feleng? Kapa na ba bang ba tla tšoana le Adama le Eva ba sa kang ba tšepahala le hoja ba ne ba phethahetse? Re hloka ho fumana likarabo tsa lipotso tsena. w22.09 22-23 ¶12-14
Labone, la 12 December
’Muso oa lefatše e se e le ’Muso oa Morena oa rona le oa Kreste oa hae.—Tšen. 11:15.
Na u thatafalloa ke ho lumela hore lintho li tla loka ha u bona mathata ao lefatše le leng ka har’a ’ona hona joale? Litho tsa malapa ha li sa ratana joaloka pele. Batho ba se ba rata ntoa le ho feta ebile ke baithati. Batho ba bangata ba thatafalloa ke ho tšepa ba boholong pusong. Empa ’ona maemo ana a ka re kholisa hore lintho li tla loka. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Lebaka ke hobane batho ba etsa lintho joalokaha ho hlalositsoe boprofeteng bo mabapi le ‘matsatsi a ho qetela.’ (2 Tim. 3:1-5) Motho ea nang le ’nete a ke ke a hana hore boprofeta bona boa phethahala. Ho phethahala ha bona ke bopaki ba hore Kreste Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo. Empa bona ha se bona feela boprofeta bo buang ka ’Muso oa Molimo. Boprofeta bona kaofela bo lumellana hantle, ho re fa setšoantšo se hlakileng sa hore na re hokae liketsahalong tsa boprofeta ba Jehova. w22.07 2 ¶1-2
Labohlano, la 13 December
Lintho tse lokileng tseo motho a li etsang li bontša hore o bohlale.—Mat. 11:19.
Nakong ea seoa sena, re ile ra fuoa tataiso e hlakileng ea hore na re ka tšoara liboka joang le ho etsa mosebetsi oa boboleli. Kapele feela re ile ra qala ho tšoara liboka le likopano tse kholo le tse nyenyane ka marang-rang. Re ile ra boela ra qala ho sebelisa mangolo le lifono haholo ho bolela litaba tse molemo. Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba rona. Makala a mangata a tlalehile hore palo ea bahoeletsi e eketsehile haholo. Batho ba bangata ba na le lipale tse khothatsang tseo ba ka li phetang tsa lintho tse ba etsahaletseng nakong eo. E ka ’na eaba batho ba bang ba ne ba utloa eka mokhatlo o feteletsa lintho ka hore re be hlokolosi haholo nakong ena ea seoa. Empa nako le nako re lula re bona hore tataiso eo re ileng ra e fuoa e ne e le bohlale. Ha re ntse re nahanisisa ka tsela e lerato eo Jesu a etellang batho ba hae pele ka eona, re kholisehile hore ho sa tsotellehe hore na ka moso ho tla etsahala’ng, Jehova le Mora oa hae ea ratoang ba tla lula ba e-na le rona.—Heb. 13:5, 6. w22.07 13 ¶15-16
Moqebelo, la 14 December
Lulang le rapela. Le lebohele lintho tsohle. Molimo o batla hore balateli ba Kreste Jesu ba etse lintho tsena.—1 Bathes. 5: 17,18.
Re lokela ho rorisa Jehova lithapelong tsa rona hape re lokela ho mo leboha ka lintho tseo a re fang tsona. Ka mohlala, re ka mo leboha ka mebala e metle ea lipalesa tseo a li entseng, lijo tse ngata tse monate tseo re nang le tsona le ka metsoalle eo re nang le eona. Ntate oa rona ea lerato o re fa lintho tsena le tse ling tse ngata e le ho re thabisa. (Pes. 104:12-15, 24) Habohlokoa le ho feta, re leboha Jehova ka likeletso tseo a re fang tsona e le hore re lule re e-na le tumelo e matla le ka tšepo e babatsehang eo re nang le eona ka bokamoso. Ho ka ba bonolo hore re lebale ho leboha Jehova ka lintho tsohle tseo a re etsetsang tsona. Ke’ng e ka u thusang hore u hopole ho mo leboha? U ka ngola fatše lintho tseo u li rapelletseng ’me ka mor’a moo u shebe hore na Jehova o li arabetse joang ebe u rapela Jehova ’me u mo lebohe ka hore o u thusitse.—Bakol. 3:15. w22.07 22 ¶8-9
Sontaha, la 15 December
O thabela molao oa Jehova, o bala molao oa Hae le ho nahanisisa ka oona bosiu le motšehare.—Pes. 1:2.
Rea tseba hore ho ithuta Bibele feela ha hoa lekana. Re lokela ho phelela ’nete, e leng se bolela’ng hore re lokela ho sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona e le hore ’nete e re tsoele molemo. Ha re etsa joalo, ’nete eo re e fumaneng e tla etsa hore re thabe. (Jak. 1:25) Re ka tseba joang hore re phelela ’nete? Mor’abo rona e mong o re re ka itlhahloba ho bona hore na ke hokae moo re etsang hantle le moo re lokelang ho etsa liphetoho. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ho ea boholeng boo ho bona re hatetseng pele, a re tsoeleng pele re tsamaea ka ho laolehileng ka mokhoa ona o tšoanang.” (Bafil. 3:16) A k’u nahane ka melemo eo re tla e fumana haeba re etsa sohle seo re ka se khonang ho “tsoela pele ho tsamaea ’neteng.” Bophelo ba rona boa ntlafala ebile re thabisa Jehova le Bakreste-’moho. (Liprov. 27:11; 3 Joh. 4) Ana ke mabaka a utloahalang a hore re rate le ho phelela ’nete. w22.08 19 ¶16-18
Mantaha, la 16 December
Le lise mohlape oo Molimo a le fileng oona.—1 Pet. 5:2.
Baholo ba ka bontša joang hore ba rata Jehova le Jesu? Tsela ea bohlokoa ke ka ho hlokomela linku tsa Jesu. (1 Pet. 5:1, 2) Jesu o ile a hlakisetsa moapostola Petrose taba ena hantle. Ka mor’a hore Petrose a latole ka makhetlo a mararo hore o tseba Jesu, o ile a batla ho bontša hore o mo rata haholo. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe, o ile a botsa Petrose a re: “Simone mora oa Johanne, na oa nthata?” Re ka kholiseha hore Petrose o ne a ka etsa eng kapa eng ho bontša hore o rata Mong’a hae. Jesu o ile a re ho Petrose: “Lisa linku tsa ka tse nyenyane.” (Joh. 21:15-17) Petrose o ile a hlokomela linku tsa Morena bophelo ba hae bohle ho bontša hore oa mo rata. Baholo, le ka bontša joang hore mantsoe ao Jesu a a buileng ho Petrose ke a bohlokoa ho lona? Le ka bontša hore le rata Jehova le Jesu ka hore le lule le etsa maeto a bolisa le ka ho thusa batho ba seng ba tlohetse ho sebeletsa Jehova hore ba khutlele ho eena.—Ezek. 34:11, 12. w23.01 29 ¶10-11
Labobeli, la 17 December
Molimo oa tšepahala ’me a ke ke a lumella hore le hlaheloe ke liteko tseo le ke keng la khona ho li mamella.—1 Bakor. 10:13.
Qoba kotsi ea ho nahana hore ha ho na motho ea ka utloisisang bothata bo itseng boo u tobaneng le bona. Ho nahana ka tsela eo ho ka etsa hore u se ke oa ba le tšepo hape u nahane hore ha u na matla a ho loantša litakatso tse fosahetseng. Empa Bibele eona e re: “Ha le lekoa, o tla le thusa e le hore le khone ho mamella.” Kahoo, leha takatso e fosahetseng e ka ba matla, re ka khona ho lula re tšepahalla Jehova. A ka re thusa hore re se ke ra inehela. Lula u hopola hore re ke ke ra qoba ho ba le litakatso tse fosahetseng hobane ha rea phethahala. Empa re ka khona ho li hanela kapele feela joalokaha Josefa a ile a etsa ha a baleha mosali oa Potifaro. (Gen. 39:12) Ha ho hlokahale hore u inehele litakatsong tse fosahetseng. w23.01 12-13 ¶16-17
Laboraro, la 18 December
Molimo ha a leeme.—Bar. 2:11.
Jehova o na le toka. (Deut. 32:4) Hangata motho ea nang le toka ha a leeme ’me Jehova le eena ha a leeme. (Lik. 10:34, 35) Taba ea hore ebe Bibele e ile ea ngoloa ka puo eo batho ba neng ba e bua ka nako eo e bontša hore Molimo ha a leeme. Jehova o ile a tšepisa hore nakong ea bofelo, “tsebo ea ’nete” e fumanehang ka Bibeleng e ne “e tla ba ngata.” Batho ba bangata ba ne ba tla e utloisisa. (Dan. 12:4) Ntho e ’ngoe e ileng ea thusa batho ba bangata hore ba utloisise Bibele ke hore eona le lingoloa tse thehiloeng Bibeleng li ile tsa fetoleloa, tsa hatisoa le ho fuoa batho ba bangata. Bahlanka ba Jehova ba se ba fetoletse Bibele e felletse kapa e sa fella ka lipuo tse fetang 240 ’me batho ba ka e fumana mahala. Kahoo, batho ba lichaba tsohle ba ithuta “litaba tse monate tsa ’Muso” pele bofelo bo tla. (Mat. 24:14) Molimo oa rona ea nang le toka o batla ho fa motho e mong le e mong monyetla oa hore a bale Lentsoe la hae e le hore a mo tsebe. Lebaka ke hobane o re rata haholo. w23.02 5 ¶11-12
Labone, la 19 December
Le khaotse ho etsisa batho ba lefatše lena. Ho e-na le hoo, le lumelle Molimo hore a fetole tsela eo le nahanang ka eona.—Bar. 12:2.
Na u rata ho loka? Ha ho pelaelo hore ho joalo. Kaofela ha rona ha rea phethahala, kahoo haeba re sa hlokomele re ka susumetsoa ke tsela eo batho ba ikutloang ka eona ka ho loka. (Esa. 5:20) Ha batho ba nahana ka motho eo ho thoeng o lokile, hangata ba nahana ka motho ea ikhohomosang, ea tšoaea-tšoaeang batho ba bang liphoso le ea nahanang hore o ba phahametse. Empa Molimo ha a rate batho ba joalo ho hang. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a khalemela ka matla baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae ba neng ba ipehela melao ea hore na se lokileng ke sefe. (Moek. 7:16; Luka 16:15) Kahoo, ho loka ha ho bolele hore motho o inka a phahametse batho ba bang. Ho loka ke ntho e ntle. Ho bolela ho etsa lintho tseo Jehova Molimo a reng li nepahetse. Ka Bibeleng mantsoe a fetoletsoeng e le “ho loka” a bolela ho mamela melao e phahameng ea Jehova. w22.08 27 ¶3-5
Labohlano, la 20 December
Ke le bitsitse metsoalle.—Joh. 15:15.
Jesu o ne a tšepa balateli ba hae ho sa tsotellehe liphoso tsa bona. (Joh. 15:16) Ha Jakobo le Johanne ba kopa Jesu hore a ba fe boemo bo khethehileng ’Musong oa Molimo, Jesu ha aa ka a belaella mabaka ao ba sebeletsang Jehova ka ’ona ’me ha aa ka a re e se ke ea hlola e e-ba baapostola. (Mar. 10:35-40) Hamorao bosiung boo Jesu a ileng a tšoaroa ka bona, baapostola ba hae ba ile ba mo tlohela kaofela ’me ba baleha. (Mat. 26:56) Ho ntse ho le joalo, Jesu ha aa ka a khaotsa ho ba tšepa. O ne a tseba mefokolo ea bona hantle empa “o ile a ba rata ho isa bofelong.” (Joh. 13:1) Ka mor’a hore a tsosoe, o ile a ba a fa baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11 boikarabello ba bohlokoa ba ho etella pele mosebetsi oa ho etsa barutuoa le ho hlokomela linku tsa hae. (Mat. 28:19, 20; Joh. 21:15-17) O ne a e-na le mabaka a utloahalang a ho tšepa banna bana ba sa phethahalang. Kaofela ha bona ba ile ba tšepahala ho fihlela ba hlokahala. Ruri Jesu o re behetse mohlala o motle oa ho tšepa batho ba sa phethahalang. w22.09 6 ¶12
Moqebelo, la 21 December
Nke ke ka tšoha letho hobane Jehova o ka lehlakoreng la ka.—Pes. 118:6.
Haeba re kholisehile hore Jehova oa re rata ebile re kholisehile hore o tla lula a re tšehelitse, re ke ke ra tšosoa ke Satane. Mohlala, mongoli oa Pesaleme ea 118 o ile a kopana le mathata a boima haholo. O ne a e-na le lira tse ngata, ho akarelletsa le batho ba neng ba tumme (temana ea 9 le 10). Ka linako tse ling o ne a e-ba tlas’a khatello e matla (temana ea 13). Hape Jehova o ile a mo khalemela ka matla (temana ea 18). Ho ntse ho le joalo, mopesaleme o ile a bina a re: “Nke ke ka tšoha.” O ne a tseba hore le hoja Jehova a ile a mo khalemela, ke Ntate oa hae ea leholimong ea mo ratang. Mopesaleme o ne a kholisehile hore ho sa tsotellehe hore na ke boemo bofe boo a kopanang le bona, Molimo oa hae ea lerato o ikemiselitse ho mo thusa. (Pes. 118:29) Re lokela ho kholiseha hore Jehova oa re rata. Ho ba le kholiseho eo ho tla re thusa hore re se ke ra tšosoa ke lintho tsena tse tharo e leng (1) ho tšaba hore re ke ke ra khona ho hlokomela lelapa, (2) ho tšaba batho le (3) ho tšaba lefu. w22.06 15 ¶3-4
Sontaha, la 22 December
Motho ea mamellang mathata oa thaba hobane ha Molimo a mo amohela o tla putsoa ka bophelo.—Jak. 1:12.
Re lokela ho etsa hore ho sebeletsa Jehova e be eona ntho e tlang pele bophelong ba rona. Re lokela ho sebeletsa Jehova kaha o re bopile. (Tšen. 4:11; 14:6, 7) Ntho ea bohlokoa e lokelang ho tla pele bophelong ke ho sebeletsa Jehova ka tsela eo a batlang re mo sebeletse ka eona, e leng ka “moea le nete.” (Joh. 4:23, 24) Re batla hore moea oa Molimo o halalelang o re thuse ho mo sebeletsa ka tsela e lumellanang le seo re ithutang sona Lentsoeng la hae. Ho sebeletsa Jehova e lokela e be eona ntho e tlang pele le haeba re lula sebakeng seo mosebetsi oa rona o thibetsoeng. Hona joale bara le barali babo rona ba fetang lekholo ba koalletsoe ka lebaka la hore ke Lipaki Tsa Jehova. Ho ntse ho le joalo, ba thabela ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho rapela, ho ithuta le ho bolella batho ba bang ka Molimo oa rona le ka ’Muso oa hae. Ha batho ba re tlotlolla kapa ba re hlorisa, re ka thabisoa ke ho tseba hore Jehova o na le rona hape o tla re putsa.—1 Pet. 4:14. w22.10 9 ¶13
Mantaha, la 23 December
Bohlale boa sireletsa.—Moek. 7:12.
Bukeng ea Liproverbia Jehova o fana ka likeletso tse nakong le tse sebetsang. A re hlahlobeng e meng ea mehlala e ’meli ea likeletso tsena tse bohlale. Oa pele ke oa ho Khotsofalla lintho tseo u nang le tsona. Liproverbia 23:4, 5 e fana ka keletso ena: “U se ke oa sebetsa ka thata hore u fumane maruo. . . . A tla mela mapheo ’me a fofele holimo joaloka ntsu.” Leha ho le joalo, batho ba bangata kajeno ba ruileng le ba futsanehileng ba amehile ka ho etsa chelete. Ke ka lebaka lena hangata ba etsang lintho tse ba senyang lebitso, tse senyang likamano tsa bona le batho ba bang ’me ba qetelle ka ho kula. (Liprov. 28:20; 1 Tim. 6:9, 10) Mohlala oa bobeli ke oa ho nahana pele u bua. Haeba re sa hlokomele, re ka utloisa batho bohloko haholo ka lintho tseo re li buang. Liproverbia 12:18 e re: “Lipuo tse sa nahanoang li hlaba joaloka sabole empa lipuo tsa ba bohlale lia folisa.” Re tla etsa hore ho be le khotso haeba re sa bue ka liphoso tsa batho ba bang.—Liprov. 20:19. w22.10 21 ¶14; 22 ¶16-17
Labobeli, la 24 December
Ja moqolo ona, ha u qeta u tsamaee u e’o bua le Baiseraele.—Ezek. 3:1.
Ezekiele o ne a lokela ho utloisisa ka ho feletseng molaetsa oo a neng a tlameha ho o bolella batho. O ne a tlameha ho utloisisa molaetsa oo e le hore o ka mo susumeletsa ho bolela. Ka mor’a moo ho ile ha etsahala ntho e makatsang. Ezekiele o ile a hlokomela hore moqolo oo “o ne o le monate joaloka mahe a linotši.” (Ezek. 3:3) Hobane’ng? Ezekiele o ne a nka ho emela Jehova e le ntho e thabisang kapa e monate. (Pes. 19:8-11) O ne a ananela hore Jehova o mo khethile hore e be moprofeta oa hae. Ka mor’a moo, Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Mamela mantsoe ’ohle ao ke u bolellang ’ona, u a mamele ka hloko.” (Ezek. 3:10) Jehova o ile a re Ezekiele a leke ho hopola mantsoe a ngotsoeng moqolong oo le ho nahanisisa ka ’ona. Ho etsa joalo ho ile ha thusa Ezekiele hore tumelo ea hae e matlafale. Hape ho ile ha mo thusa hore a bolelle batho molaetsa o matla. (Ezek. 3:11) Ha Ezekiele a se a utloisisa molaetsa oa Molimo, o ne a se a loketse ho bolela molaetsa le ho tsoela pele ho o bolela ho fihlela a qeta mosebetsi oa hae. w22.11 6 ¶12-14
Laboraro, la 25 December
Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo.—1 Sam. 15:22.
U ka etsa’ng haeba ho e-ba le liphetoho tse lekang botšepehi ba hao ka mokhatlong? Amohela liphetoho tseo. Tšehetsa liphetoho tse etsoang ka mokhatlong. Ha Baiseraele ba ntse ba tsamaea lefeelleng, Bakohathe ba ne ba jara areka ea selekane. (Num. 3:29, 31; 10:33; Josh. 3:2-4) Oo e ne e le mosebetsi o ikhethang hakaakang! Empa lintho li ile tsa fetoha ha Baiseraele ba se ba le Naheng e Tšepisitsoeng. Areka e ne e se e sa hloke ho tlosoa sebakeng se seng e isoa ho se seng. Kahoo, ba ile ba fuoa mesebetsi e meng. (1 Likron. 6:31-33; 26:1, 24) Ha ho na moo ho bontšoang hore Bakohathe ba ile ba belaella mesebetsi ea bona kapa hore ba ile ba batla mesebetsi e meng e hlahelletseng hobane ba ne ba e-na le mosebetsi o khethehileng pele. Re ithuta’ng? Re lokela ho tšehetsa liphetoho tse etsoang ka mokhatlong oa Jehova esita le haeba li ama mosebetsi oo re o fuoeng ka phuthehong. Thabela mosebetsi ofe kapa ofe oo o u fuoang. U hopole hore Jehova o re rata hobane re mo mamela eseng ka lebaka la mesebetsi eo re e etsang ka phuthehong. w22.11 23 ¶10-11
Labone, la 26 December
Ha aa ka a ntšoabela hobane ke le motšoaruoa.—2 Tim. 1:16.
Onesiforase o ile a batla moapostola Pauluse ’me ha a mo fumana o ile mo thusa ka lintho tseo a li hlokang. Onesiforase o ile a beha bophelo ba hae kotsing ka ho etsa joalo. Ke eng seo re ka ithuta’ng sona ho Onesiforase? Ha rea lokela ho tšaba batho hoo re ke keng ra tšehetsa Bakreste-’moho le rona ha ba hlorisoa. Ho e-na le hoo, re lokela ho etsa sohle hore re ba thuse. (Liprov. 17:17) Ba hloka hore re ba rate re be re ba tšehetse. Nahana kamoo bara le barali ba bo rona ba Russia ba thusitseng Bakreste-’moho le bona ba koaletsoeng literonkong. Ha ba bang ba isoa nyeoeng, bara le barali ba bo rona ba bangata ba ea khotla ho ea ba tšehetsa. Re ithuta’ng tabeng ee? Ha rea lokela ho tšoha ha bara ba bo rona ba etellang pele ba etselletsoa, ba tšoaroa kapa ba hlorisoa. Ho e-na le hoo, re lokela ho ba rapella, re thuse ba malapa a bona re be re batle litsela tse ling tsa ho ba tšehetsa.—Lik. 12:5; 2 Bakor. 1:10, 11. w22.11 17 ¶11-12
Labohlano, la 27 December
Ba ntšelisa haholo.—Bakol. 4:11.
Baholo ba lokela ho khothatsa Bakreste-’moho ka Bibele le ho thusa ba tšoenyehileng. (1 Pet. 5:2) Nakong ea koluoa, baholo ba lokela ho etsa bonnete ba hore bara le barali ba bo rona ba sireletsehile le hore ba na le lijo, liaparo le moo ba lulang teng. Le ka mor’a likhoeli tse ngata ka mor’a koluoa, Bakreste-’moho ba ntse ba hloka ho khothatsoa ka Bibele le ho tšelisoa. (Joh. 21:15) Mor’abo rona Harold eo e leng setho sa Komiti ea Lekala, ea kopaneng le bara le barali ba bo rona ba bangata ba hlahetsoeng ke likoluoa o re: “Ho nka nako hore ba be hantle. Ba ka ’na ba lebala ka lintho tse ba lahlehetseng empa ho ka ba thata hore ba lebale moratuoa oa bona ea hlokahetseng, ntho ea bohlokoa eo ba neng ba e-na le eona le boemo bo kotsi boo ba neng ba le ho bona. Ha ba hopola lintho tsena, li ka boela tsa ba utloisa bohloko. Taba ena ha e bolele hore ha ba na tumelo empa e bolela hore le bona ba na le maikutlo joaloka ’na le uena.” Baholo ba sebelisa keletso e reng “llang le ba llang.”—Bar. 12:15. w22.12 22 ¶1; 24-25 ¶10-11
Moqebelo, la 28 December
Le tsoele pele le tataisoa ke moea o halalelang ’me ho hang le ke ke la batla ho etsa lintho tse mpe.—Bagal. 5:16.
Jehova o fana ka moea oa hae o halalelang ho re thusa ho atleha ho etsa se nepahetseng. Ha re bala Lentsoe la Molimo, re lumella moea oo o halalelang hore o re susumetse. Re boetse re fumana moea o halalelang ha re le libokeng. Re ba le bara le barali ba bo rona ba lekang ka thata ho etsa se nepahetseng joaloka rona ’me taba eo ea re khothatsa. (Baheb. 10:24, 25; 13:7) Hape Jehova o re fa moea o halalelang ha re mo kopa hore a re thuse ho loantša mefokolo ea rona. Moea oo o halalelang o re fa matla ’me o re thusa hore re se ke ra tela. Le hoja lintho tsena li ke ke tsa felisa litakatso tse fosahetseng, li ka re thusa hore re se ke ra hloloa ke litakatso tseo. Ha re se re qalile ho etsa lintho tse tla re thusa ho matlafatsa setsoalle sa rona le Jehova, ho bohlokoa hore re lule re etsa lintho tseo. Hape re lule re batla ho etsa lintho tse nepahetseng. w23.01 11 ¶13-14
Sontaha, la 29 December
Nke ke ka lumella ntho leha e le efe hore e ntaole.—1 Bakor. 6:12.
Le hoja Bibele e se buka ea bophelo bo botle kapa ea phepo e nepahetseng, ea re bolella hore na Jehova o ikutloa joang ka ho itlhokomela le ho ja hantle. Ka mohlala, o re eletsa hore re “qobe lintho tse kotsi” tse ka senyang ’mele ea rona. (Moek. 11:10) Bibele e re re qobe ho ja haholo le ho noa joala haholo. (Liprov. 23:20) Jehova o batla hore re bontše hore re na le boitšoaro ha re khetha le ha re lekanyetsa hore na re tla ja’ng le ho noa’ng. (1 Bakor. 9:25) Re ka etsa liqeto tse bontšang hore re ananela mpho ea bophelo eo Molimo a re fileng eona ka hore re sebelise bokhoni ba rona ba ho nahana hantle. (Pes. 119:99, 100; Liprov. 2:11) Ka mohlala, re khetha hantle hore na re ja eng. Haeba re rata lijo tse itseng empa re tseba hore lia re kulisa, re lokela ho li qoba. Hape re tla be re bontša hore re bohlale haeba re robala ka ho lekaneng, re ikoetlisa kamehla, re lula re hloekile ’meleng re bile re hloekisa mahae a rona. w23.02 21 ¶6-7
Mantaha, la 30 December
Na oa o utloisisa?—Luka 10:26.
U ka fumana lithuto tsa bohlokoa joang ha u bala Bibele? Hlokomela hore 2 Timothea 3:16, 17 e re’ng. Temana ena e re “Mangolo ’ohle a . . . molemo” hobane aa (1) ruta, (2) aa khalemela, (3) a lokisa lintho ebile (4) aa laea. U ka fumana molemo oa lintlha tsena tse ’nè le libukeng tseo u sa tloaelang ho li sebelisa. Batlisisa hore na seo u se balang se u ruta’ng ka Jehova, morero oa hae le melao-motheo ea Bibele. Hlokomela kamoo e leng molemo bakeng sa ho khalemela. U ka etsa sena ka hore u ngole litemana tse u thusang hore u hlokomele le ho qoba lintho tse mpe le hore u lule u tšepahalla Jehova. Batlisisa hore na seo u se balang se ka u thusa joang ho lokisa ntho e fosahetseng eo e ka ’nang eaba motho e mong o e buile tšimong. U ka boela oa batla taeo eo litemana tseo li fanang ka eona e tla u thusa hore u nahane ka tsela eo Jehova a nahanang ka eona. Ha u hopola lintlha tsena tse ’nè u tla fumana lithuto tsa bohlokoa tse tla u thusa hore u fumane molemo ha u bala Bibele. w23.02 11 ¶11
Labobeli, la 31 December
’Muso oa hae o ke ke oa felisoa.—Dan. 7:14.
Boprofeta bo bong ba Daniele bo ile ba bolela esale pele hore Jesu o tla busa ka mor’a hore ho fete linako tse supileng. Na re ka khona ho tseba hore na o qalile ho busa neng? (Dan. 4:10-17) “Linako tse supileng” li emela lilemo tse 2 520. Nako eo e qalile ka selemo sa 607 pele Jesu a tla lefatšeng ha Bababylona ba tlosa morena oa ho qetela teroneng ea Jehova e Jerusalema. E ile ea fela ka 1914 ha Jehova a beha Jesu “ea nang le tokelo ea molao” e le Morena oa ’Muso oa Molimo. (Ezek. 21:25-27) Boprofeta boo bo ka re tsoela molemo joang? Ha re utloisisa boprofeta bo buang ka “linako tse supileng” re tla kholiseha hore Jehova o phethahatsa litšepiso tsa hae ka nako e nepahetseng. Jehova o ile a khetha nako eo a tla etsa Jesu Morena ka eona. Ha nako eo e fihla, o ile a fela a mo etsa Morena. Kahoo, rea tseba hore o tla boela a phethahatse boprofeta bo bong bohle ka nako eo a e behileng. Kannete letsatsi la Jehova le ‘ke ke la siuoa ke nako.’—Hab. 2:3. w22.07 3 ¶3-5