March
Moqebelo, la 1 March
Tšepo ha e soetse.—Bar. 5:5.
Lefatše le lecha ha le e-s’o be teng. Leha ho le joalo, nahana ka lintho tse bopiloeng tse kang linaleli, lifate, liphoofolo le batho. Ha ho na motho ea ka hanang hore lintho tsena li teng. Le hoja pele li ne li le sieo, hona joale li teng hobane Jehova o li bopile. (Gen. 1:1, 26, 27) Molimo o tšepisa hore o tla etsa hore lefatše lena le be lecha. O tla phethahatsa tšepiso eo. Lefatšeng le lecha batho ba tla phela ka ho sa feleng ba sa kule. Re ka kholiseha hore lefatše le lecha le tla tla ka nako eo Molimo a e behileng. (Esa. 65:17; Tšen. 21:3, 4) Sebetsa ka thata ho matlafatsa tumelo ea hao hona joale. Lula u ananela sehlabelo sa Jesu. Nahana ka lintho tsohle tseo Jehova a nang le matla a ho li etsa. Etsa lintho tse amanang le borapeli ba rona. Ka ho etsa joalo, u tla ba har’a “ba ileng ba fumana litšepiso ka lebaka la tumelo le mamello ea bona.”—Baheb. 6:11, 12. w23.04 31 ¶18-19
Sontaha, la 2 March
Na ha kea u bolella hore ha u ka lumela u tla bona matla a Molimo?—Joh. 11:40.
Ka mor’a moo Jesu o ile a sheba holimo eaba o rapela phatlalatsa. O ne a batla hore ho rorisoe Jehova bakeng sa ntho eo a neng a tl’o e etsa. Jesu o ile a hoeletsa a re: “Lazaro, tsoa!” (Joh. 11:43) Lazaro a tsoa ka lebitleng. Jesu o ile a etsa ntho eo batho ba bangata ba neng ba nahana hore e ke ke ea etsahala. Tlaleho ena e matlafatsa tumelo ea rona ea hore ho tla ba le tsoho ea bafu. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Hopola hore Jesu o ile a re ho Maretha: “Khaitseli ea hao e tla tsoha.” (Joh. 11:23) Joaloka Ntate oa hae, Jesu o batla ho tsosa bafu ebile o na le matla a ho etsa joalo. Ha a ne a lla, o ile a bontša hore o labalabela ho tsosa bafu le ho tlosa bohloko bo bakiloeng ke lefu. Jesu o ile a bontša hore o na le matla a ho tsosa bafu ha a ne a tsosa Lazaro. Hape hopola hore na Jesu o ile a re’ng ho Maretha e leng se hlahang temaneng ea letsatsi lena. Re na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore Molimo o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho tsosa bafu. w23.04 11-12 ¶15-16
Mantaha, la 3 March
Jehova o haufi le bohle ba mo bitsang, Bohle ba mo bitsang e le kannete.—Pes. 145:18.
Ha re hlokomela hore na thato ea Jehova ke efe, re ka ’na ra lokela ho fetola lintho tseo re li rapellang. Re lokela ho hopola hore Jehova o na le morero ’me o tla o phetha ka nako eo a e khethileng. Morero oo o akareletsa ho felisa mathata ’ohle a re hlahelang mehleng ena ka ho feletseng. Mathata ao a akareletsa likoluoa tsa tlhaho, ho kula le lefu. Jehova o tla sebelisa ’Muso oa hae ho phethahatsa morero oo. (Dan. 2:44;Tšen. 12:9) Empa hona joale, Jehova o sa lumeletse Satane hore a buse lefatše. (Joh 12:31; Tše. 12:9) Haeba Jehova a ne a ka rarolla mathata a rona hona joale, ho ne ho tla bonahala eka Satane o ntse a busa lefatše hantle. Le hoja re lokela ho emela hore Jehova a phethahatse litšepiso tse ling tsa hae, ha se hore o re lahlile kherehloa. Jehova o tla re thusa. w23.05 8 ¶4; 9-10 ¶7-8
Labobeli, la 4 March
Le tsebe kamoo le lokelang ho araba motho e mong le e mong kateng.—Bakol. 4:6.
Re ka thusa batho ba bang joang hore ba be teng Sehopotsong? Ntho ea pele eo re ka e etsang ke ho ba mema hore ba tle Sehopotsong. Re ka mema batho bao re kopanang le bona tšimong. Hape re ka etsa lethathamo la batho bao re batlang ho ba mema. Batho bana e ka ba ba lelapa, basebetsi-’moho, bao re kenang sekolo le bona le batho ba bang bao re ba tsebang. Haeba re se na limemo tse hatisitsoeng tse lekaneng, re ka ba romella link ea memo lisebelisoeng tsa bona tsa elektronike. Re ka makala hore na ke batho ba bakae ba ka tlang Sehopotsong. (Moek. 11:6) Lula u hopola hore batho bao u ba memang ba ka ’na ba e-ba le lipotso, haholo-holo haeba e le lekhetlo la pele ba tla libokeng. Re lokela ho nahana ka lipotso tseo ba ka ’nang ba li botsa ’me re itokisetse ho li araba. Le ka mor’a Sehopotso, batho ba ka thabelang ho ithuta Bibele ba ka ’na ba e-ba le lipotso tse ling. Pele ho Sehopotso, nakong ea sona le ka mor’a sona re batla ho leka ka matla ho thusa ‘batho bao lipelo tsa bona li ba susumetsang hore ba amohele lentsoe’ e le hore ba ka thabela ketsahalo ena.—Lik. 13:48. w24.01 12 ¶13, 15; 13 ¶16
Laboraro, la 5 March
Le moholi o hlahang ka nako e khutšoanyane ebe oa nyamela.—Jak. 4:14.
Ka Bibeleng ho na le litlaleho tse robeli tse buang ka batho ba ileng ba tsosoa bafung. Li bale ka hloko. Ha u ntse u li bala, leka ho bona hore na u ka ithuta’ng ha u ntse u bala litlaleho tseo. Nahana hore na tlaleho e ’ngoe le e ’ngoe e bontša joang hore Jehova o batla ho tsosa bafu le hore o na le matla a ho etsa joalo. Etsa bonnete ba hore u nahanisisa ka tlaleho e buang ka tsoho ea Jesu kaha ke eona ea bohlokoa ka ho fetisisa. Hopola hore batho ba bangata ba ile ba bona Jesu ka mor’a hore a tsosoe le hore tumelo ea rona e thehiloe tsohong ea hae. (1 Bakor. 15:3-6, 20-22) Re ananela haholo hore ebe Jehova o re tšepisa hore o tla tsosa bafu. Re kholisehile hore tšepiso ena e tla phethahala hobane Jehova o batla ho tsosa bafu ebile o na le matla a ho etsa joalo. A re ikemisetseng ho matlafatsa tumelo ea rona ea hore tšepiso ena e tla phethahala. Ha re etsa joalo, re tla atamela haufi le Molimo ea re tšepisang hore baratuoa ba rona ba tla tsoha.—Joh. 11:23. w23.04 8 ¶2; 12 ¶17; 13 ¶20
Labone, la 6 March
U tsamaee le Molimo oa hao u ikokobelitse.—Mik. 6:8.
Ha re ikokobelitse re ke ke ra nahana hore re bohlokoa ho feta batho ba bang ebile rea tseba hore ho na le lintho tseo re ke keng ra khona ho li etsa. Hape re hlompha batho ba bang le ho ba nka e le ba bohlokoa ho re feta. (Bafil. 2:3) Gideone e ne e le motho ea ikokobelitseng. Ha lengeloi la Jehova le bolella Gideone hore o tla pholosa Baiseraele ho Bamidiane ba matla, ka boikokobetso o ile a re: “Lelapa leso ke lona le lenyenyane lelokong la Manase ebile ’na ke e monyenyane ntlong ea Ntate.” (Baahl. 6:15) O ne a ikutloa a sa tšoanelehe ho etsa mosebetsi oo empa Jehova o ne a tseba hore a ka khona ho o etsa. Jehova o ile a thusa Gideone hore a khone ho etsa mosebetsi oa hae ka katleho. Baholo ba leka kahohle hore ba ikokobetse linthong tsohle. (Lik. 20:18, 19) Ha ba ikhohomose ka lintho tseo ba khonang ho li etsa kapa tseo ba li entseng. Hape ha ba nahane hore ha ba na thuso ka lebaka la liphoso tseo ba li entseng. w23.06 3 ¶4-5
Labohlano, la 7 March
Ngoana eo o tla u khoba hlooho.—Gen. 3:15.
Ho khojoa ha hlooho ea Satane ke hona ho tl’o etsahala ka mor’a lilemo tse sekete. (Tšen. 20:7-10) Pele seo se etsahala, Bibele e ile ea bua ka liketsahalo tse sa tloaelehang tse tl’o etsahala. Ea pele, mebuso e tla etsa phatlalatso e reng “khotso le tšireletseho!” (1 Bathes. 5:2, 3) “Hang-hang” ka mor’a hore ho etsoe phatlalatso eo, mahlomola a maholo a tla qala ha mebuso e hlasela bolumeli ba bohata. (Tšen. 17:16) Ka mor’a moo, Jesu o tla ahlola batho, a arole linku ho lipoli. (Mat. 25:31-33, 46) Leha ho le joalo, Satane o tla be a ntse a hlasela batho ba Molimo. Kaha o ba hloile, o tla susumetsa lichaba tse ikopantseng tseo Bibele e li bitsang Gogo oa naha ea Magogo ho hlasela batho ba Jehova. (Ezek. 38:2, 10, 11) Ho na le nako eo batlotsuoa ba tla bokana ’moho leholimong e le ho thusa Kreste le lebotho la hae le leholimong ho loana ka ntoa ea Armagedone, e leng qetello ea mahlomola a maholo. (Mat. 24:31; Tšen. 16:14, 16) Ka mor’a moo, Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete e tla qala ho busa lefatšeng.—Tšen. 20:6. w23.10 20-21 ¶9-10
Moqebelo, la 8 March
’Na mohlanka oa hao esale ke hlompha Jehova ho tloha ke sa le mocha.—1 Mar. 18:12.
Mehleng ena, bahlanka ba bangata ba Jehova ba phela linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o thibetsoeng. Bana bana ba bo rona ba hlompha ba boholong pusong empa joaloka Obadia, ba bontša hore ba inehetse ho Jehova feela ka hore ba hane ho khaotsa ho mo sebeletsa. (Mat. 22:21) Ba bontša hore ba hlompha Molimo ka hore ba mamele eena eseng batho. (Lik. 5:29) Ba etsa joalo ka hore ba tšoare liboka ka lekunutu le hore ba tsoele pele ba bolela litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. (Mat. 10:16, 28) Ba etsa sohle seo ba ka se khonang hore bana ba bo rona ba be le lintho tsohle tse ba thusang hore ba be le kamano e ntle le Jehova. Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Henri ea lulang naheng e ’ngoe Afrika moo mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ileng oa thibeloa ka nako e telele. Ka nako eo, o ile a ithaopela ho isetsa Bakreste-’moho le eena lingoloa tse thehiloeng Bibeleng. O re: “Ke motho ea lihlong ka tlhaho. . . . Jehova o ile a mpha sebete seo ke neng ke se hloka. Na u bona eka u ka ba sebete joaloka Mor’abo rona Henri? U ka khona haeba u ithuta ho hlompha Molimo. w23.06 16 ¶9, 11
Sontaha, la 9 March
Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong.—Rom. 5:12.
Ha Adama le Eva ba fetohela Jehova, ho ne ho ka bonahala eka Satane o sentse morero oa Molimo oa hore batho ba phethahetseng le ba mamelang Molimo ba tlale lefatše. E ka ’na eaba Satane o ne a nahana hore Jehova a ke ke a phethahatsa morero oa hae. Mohlomong o ne a nahanne hore Molimo o tla felisa Adama le Eva ebe o bopa batho ba bang ba phethahetseng e le hore a ka phethahatsa morero oa hae ka batho. Empa haeba Molimo a ne a ile a etsa joalo, Diabolose a ka be a itse Molimo o leshano. Hobane’ng? Hobane joalokaha Genese 1:28 e bontša, Jehova o ile a bolella Adama le Eva hore bana ba bona ba ne ba tla tlala lefatše. Kapa mohlomong Satane o ne a nahana hore Jehova o ne a tla lumella Adama le Eva hore ba be le bana ’me bana bao ba ne ba ke ke ba phethahala le ka mohla. (Moek. 7:20; Bar. 3:23) Haeba seo se ne se ka etsahala, Diabolose o ne a tla qosa Jehova ka hore o hlolehile ho phethahatsa morero oa hae. Hobane’ng? Hobane morero oa Molimo o ne o ke ke oa phethahala oa hore lefatše le tlale ka bana ba Adama le Eva ba phethahetseng le ba mamelang Molimo. w23.11 6 ¶15-16
Mantaha, la 10 March
Le se ke la fetela ka nģ’ane ho lintho tse ngotsoeng.—1 Bakor. 4:6.
Jehova o re fa litaelo tse hlakileng a sebelisa Lentsoe la hae le mokhatlo oa hae. Ha ho hlokahale hore re eketse litaelo tseo a re fang tsona. (Liprov. 3:5-7) Kahoo, ha re fetele ka nģ’ane ho lintho tse ngotsoeng ka Bibeleng kapa ho etsetsa Bakreste-’moho melao ka lintho tseo Bibele e sa bueng ka tsona. Satane o sebelisa “leshano” le ‘tsela eo batho ba tloaetseng ho etsa lintho ka eona’ ho khelosa batho le ho etsa hore ba se ke ba utloana. (Bakol. 2:8) Mehleng ea baapostola, mashano ana a ne a akareletsa lifilosofi tsa batho, lithuto tsa Bajuda tse sa lumellaneng le Bibele le thuto ea hore Bakreste ba lokela ho mamela Molao oa Moshe. Mashano ana a ne a thetsa batho hobane a ne a etsa hore ba se ke ba mamela Jehova e leng eena Mohloli oa bohlale. Mehleng ena Satane o sebelisa marang-rang ho phatlalatsa litaba tse se nang bopaki le mashano a buuoang ke baeta-pele ba lipolotiki. w23.07 16 ¶11-12
Labobeli, la 11 March
Jehova, mesebetsi ea hao e meholo haholo.Menahano ea hao e tebile haholo.—Pes. 92:5.
Le hoja Satane, Adama le Eva ba ile ba fetohela Molimo, Jehova o ne a ntse a e-na le tsela eo Satane a neng a sa e lebella eo a neng a ka phethahatsa morero oa hae ka eona. Jehova o ile a lumella hore Adama le Eva ba be le bana e leng ntho e neng e bontša hore ha a leshano. Jehova o ile a bontša hore ha aa hloleha ho phethahatsa morero oa hae. O ile a phethahatsa morero oa hae ka hore a etse hore ho be le “ngoana” ea neng a tla pholosa litloholo tsa Adama le Eva. (Gen. 3:15; 22:18) Satane o ne a sa lebella hore Jehova o tla etsa hore bana ba Adama ba lopolloe. Hobane’ng? Hobane ketso ena e bontša hore Jehova o lerato empa Satane eena ha a na lerato. (Mat. 20:28; Joh. 3:16) Ke’ng e neng e tla etsahala ka lebaka la tokisetso ena? Qetellong ea puso ea Kreste ea lilemo tse sekete, bana ba phethahetseng le ba mamelang Molimo ba Adama le Eva ba tla lula lefatšeng la Paradeise joalokaha Jehova a ne a rerile qalong. w23.11 6 ¶17
Laboraro, la 12 March
Molimo o tla ahlola.—Baheb. 13:4.
Re hlompha molao oa Jehova o bontšang hore bophelo le mali ke tsa bohlokoa. Hobane’ng? Hobane Jehova o re mali a emela bophelo e leng mpho ea bohlokoa eo a re fileng eona. (Lev. 17:14) Ha Jehova a lumella batho hore ba ka ja nama, o ile a ba laela hore ba se ke ba ja mali. (Gen. 9:4) O ile a pheta taelo eo ha a ne a fa Baiseraele Molao oa Moshe. (Lev. 17:10) Hape o ile a re sehlopha se busang sa mehleng ea baapostola se laele Bakreste bohle hore ba “qobe . . . mali.” (Lik. 15:28, 29) Re hlompha taelo ena ha re etsa qeto ea hore na re tla amohela mofuta ofe oa phekolo. Hape re hlompha molao oa Jehova o reng re qobe boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. Moapostola Pauluse o re eletsa hore re ‘bolaee’ litakatso tsa rona tse sa lokang. Taba ena e bolela hore re lokela ho leka ka matla ho felisa litakatso tse sa lokang tseo re nang le tsona. Re qoba ho shebella kapa ho etsa ntho leha e le efe e ka etsang hore re etse boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.—Bakol. 3:5; Jobo 31:1. w23.07 15 ¶5-6
Labone, la 13 March
Qetellong Samsone a bolella Delila se ka pelong ea hae.—Baahl. 16:17.
Na Samsone o ne a foufalitsoe ke lerato hoo a ileng a sitoa ho bona hore na Delila o batla ho etsa’ng? Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Delila o ile a phehella Samsone ka makhetlo hore a mo bolelle hore na o nka matla a hae kae eaba Samsone o qetella a inehetse. Ka bomalimabe, Samsone o ile a ipeha boemong bo ileng ba etsa hore a lahleheloe ke matla a hae le hore Jehova a mo lahle ka nakoana.(Baahl. 16:16-20) Samsone o ile a fumana litholoana tse bosula hobane a ile a tšepa Delila ho e-na le ho tšepa Jehova. Bafilista ba ile ba mo tšoara eaba ba mo ntša mahlo. O ile a kenngoa teronkong Gaza eaba e ba motho ea silang koro. Hamorao Bafilista ba ile ba tlotlolla Samsone nakong eo ba neng ba entse mokete. Ba ile ba etsetsa molimo oa bona oa bohata Dagone sehlabelo se seholo joalokaha eka ke eena ea neng a ba file Samsone. Ba ile ba ntša Samsone teronkong ba mo tlisa moketeng oo e le hore ‘a tl’o ba qabola.’—Baahl. 16:21-25. w23.09 5-6 ¶13-14
Labohlano, la 14 March
Etsang lintho tseo batho bohle ba nkang li lokile.—Bar. 12:17.
Motho eo u sebetsang le eena kapa ngoana eo u kenang sekolo le eena a ka ’na a u botsa hore na ke hobane’ng ha u mamela melao ea Bibele. Re leka ka litsela tsohle ho buella lintho tseo re li lumelang empa ka nako e tšoanang re hlompha maikutlo a batho ba bang. (1 Pet. 3:15) Ho e-na le hore re nke hore motho eo oa re hlasela, re lokela ho nahana hore na potso ea hae e ka re thusa joang hore re tsebe hore na ke lintho life tseo a li nkang e le tsa bohlokoa. Re lokela ho mo araba ka tsela e bonolo le e mosa ho sa tsotellehe lebaka leo a re botsang lipotso ka lona. Tsela eo re arabang lipotso tsa hae ka eona e ka etsa hore a fetole maikutlo a hae. Ka mohlala, haeba mosebetsi-’moho a re botsa hore na ke hobane’ng ha re sa keteke matsatsi a tsoalo, re ka nahana ka lipotso tse latelang: Na o nahana hore ha rea lumelloa ho ithabisa? Re ka qala ka ho mo babatsa ka hore o tsotella batho ba bang. Seo se ka re fa monyetla oa hore re qoqe le eena ka hore na Bibele e re’ng ka matsatsi a tsoalo. w23.09 17 ¶10-11
Moqebelo, la 15 March
Le itebele e le hore batho bana ba sa mameleng molao ba se ke ba le khelosa ka mashano a bona eaba le qetella le lahlile tsela e nepahetseng.—2 Pet. 3:17.
Re na le monyetla o babatsehang oa hore re sebelise nako e setseng ho bolella batho bohle molaetsa oa Bibele. Moapostola Petrose o re khothaletsa hore re ‘lule re hopola’ letsatsi la Jehova. (2 Pet. 3:11, 12) Re ka etsa seo joang? Letsatsi le letsatsi re ka leka ho nahana ka hore na bophelo bo tla be bo le monate hakae lefatšeng le lecha. Ipone u hema moea o hloekileng, u ja lijo tse nang le phepo, u amohela ba lelapa le metsoalle ea hao e tla beng e tsositsoe ebile u ruta batho ba phetseng mehleng ea khale ka tsela eo boprofeta ba Bibele bo phethahetseng ka eona. Ho nahana ka lintho tsena ho tla u thusa hore u lule u lebeletse letsatsi la Jehova ebile ho tla etsa hore u kholisehe hore bofelo bo haufi. Re ke ke ra khelosoa ke lithuto tsa leshano kaha ‘re tsebile lintho tsena esale pele’ ka bokamoso ba rona. w23.09 27 ¶5-6
Sontaha, la 16 March
Le mamele batsoali ba lona feela joalokaha Morena a batla hobane ho etsa joalo ho nepahetse.—Baef. 6:1.
Bacha ba pota-potiloe ke lithaka tsa bona tse sa ‘mameleng batsoali.’ (2 Tim. 3:1, 2) Ke hobane’ng ha bacha ba bangata ba sa mamele? Ba bang ba nka hore batsoali ba bona ke baikaketsi hobane ba lebeletse hore bana ba etse lintho tseo bona ba hlolehang ho li etsa. Bacha ba bang ba nka hore likeletso tsa batsoali ba bona li feletsoe ke nako, ha li sebetse kapa hore batsoali ba ba tšoara ka thata haholo. Haeba u mocha, na u ee u ikutloe joalo? Bacha ba bangata ba thatafalloa ho mamela taelo ea Jehova e hlahang temaneng ea letsatsi ea kajeno. Uena u ka thusoa ke’ng hore u mamele taelo eo? U ka ithuta ho mamela ho Jesu. O behile mohlala o motle ka ho fetisisa tabeng ena. (1 Pet. 2:21-24) O ne a phethahetse empa batsoali ba hae bona ba ne ba sa phethahala. Ho ntse ho le joalo, o ile a ba hlompha leha ba ne ba etsa liphoso ebile ba sa mo utloisise ka linako tse ling.—Ex. 20:12. w23.10 7 ¶4-5
Mantaha, la 17 March
Taelo e tlileng pele e felisitsoe hobane ea haelloa ebile ha e sebetse.—Baheb. 7:18.
Moapostola Pauluse o ile a ba hlalosetsa hore mahlabelo ao Molao oa Moshe o neng o re ba lokela ho a etsa, a ne a sa etse hore ba tšoareloe libe ka ho feletseng. Ke kahoo Molao o ‘felisitsoeng.’ Pauluse o ile a ba ruta lithuto tse ling tse tebileng. O ile a hopotsa Bakreste-’moho le eena ka ‘tšepo e molemo’ eo ba nang le eona ka lebaka la sehlabelo sa Jesu se neng se tla ba thusa hore ba ‘atamele ho Molimo.’ (Baheb. 7:19) Pauluse o ile a hlalosetsa Bakreste-’moho le eena ba Baheberu hore na ke hobane’ng ha tsela eo ba rapelang Jehova ka eona e ne e le molemo ho feta eo ba neng ba mo rapela ka eona ha ba ne ba le bolumeling ba Sejuda. Tsela eo Bajuda ba neng ba rapela Jehova ka eona ho latela Molao e ne e le “seriti sa lintho tse tlang empa ntho ea sebele ke Kreste.” (Bakol. 2:17) Kaha seriti se tšoantšetsa ntho ea sebele, ka ho tšoanang tsela eo Bajuda ba neng ba rapela Jehova ka eona nakong e fetileng, e ne e tšoantšetsa tsela e molemo le ho feta eo Molimo a neng a tla rapeloa ka eona. Re lokela ho utloisisa tsela eo Jehova a hlophisitseng hore re tšoareloe libe e le hore re ka mo rapela ka tsela e nepahetseng. w23.10 25 ¶4-5
Labobeli, la 18 March
Nakong ea bofelo, morena oa boroa o tla sututsana le morena oa leboea ’me morena oa leboea o tla mo futuhela.—Dan. 11:40.
Khaolo ea 11 ea Daniele e bua ka marena a mabeli a loantšanang. Ha re bapisa boprofeta bona le boprofeta bo bong bo hlahang ka Bibeleng, re khona ho bona hore “morena oa leboea” ke naha ea Russia le linaha tse e tšehetsang le hore “morena oa boroa” ke ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. Batho ba Molimo ba busoang ke “morena oa leboea” ba hlorisoa ke morena enoa. Lipaki tse ling tsa Jehova lia shapuoa ebile li koalloa literonkong ka lebaka la seo li se lumelang. Bana ba bo rona ha ba tšosoe ke mahloriso ana. Tsela eo “morena oa leboea” a ba tšoarang ka eona e etsa hore ba be le tumelo e matla hobane baa tseba hore lintho tseo a li etsang li phethahatsa boprofeta bo bukeng ea Daniele. (Dan. 11:41) Ho tseba taba ena ho ka re thusa hore re lule re e-na le tšepo ebile re tšepahalla Jehova. w23.08 11 ¶15-16
Laboraro, la 19 March
Mang kapa mang ea le thetsang o thetsa thaka ea leihlo la ka.—Zak. 2:8.
Kaha Jehova oa re rata, o utloisisa kapele hore na re ikutloa joang ’me o labalabela ho re sireletsa. O utloa bohloko ha re utloile bohloko. Kahoo, re ka kholiseha hore o tla re araba ha re mo rapela re re: “Ntšireletse joaloka thaka ea leihlo la hao.” (Pes. 17:8) Leihlo ke karolo ea ’mele e boi le ea bohlokoa haholo. Kahoo, ha Jehova a re bapisa le thaka ea leihlo la hae, ho tšoana le ha eka o re: ‘Mang kapa mang ea le lematsang, batho ba ka, o lematsa ntho ea bohlokoa ho ’na.’ Jehova o batla hore u kholisehe hore oa u rata. Leha ho le joalo, oa tseba hore ka lebaka la lintho tse re etsahaletseng khale, re ka ’na ra belaella hore oa re rata. Kapa e ka ’na eaba u tobane le mathata hona joale a etsang hore u utloe u sa kholiseha hore Jehova oa u rata. Ke eng e ka matlafatsang kholiseho ea rona? Ke ho ithuta kamoo Jehova a bontšitseng kateng hore o rata Jesu, batlotsuoa le rona kaofela. w24.01 27 ¶6-7
Labone, la 20 March
Molimo oa rona o ne a e-na le rona ’me a re lopolla letsohong la sera.—Esdr. 8:31.
Esdrase o ne a bone kamoo Jehova a thusang batho ba hae kateng ha ba le mathateng. Lilemo tse ’maloa pele ho moo, ka selemo sa 484 pele ho mehla ea Jesu, ho ka etsahala hore Esdrase o ne a lula Babilona ha Morena Asueruse a ntša taelo ea hore Bajuda bohle ba tlas’a ’Muso oa Persia ba bolaoe. (Esth. 3:7, 13-15) Bophelo ba Esdrase bo ne bo le tsietsing. Ha eena le Bajuda bohle “liprofinseng tsohle” ba utloa ka taba eo, ba ile ba itima lijo le ho lla. E tlameha ebe ba ile ba rapela Jehova ho mo kopa hore a ba tataise. (Esth. 4:3) Nahana hore na Esdrase le Bajuda ba bang ba ile ba ikutloa joang ha batho ba neng ba batla ho ba bolaea e se e le bona ba bolaoang. (Esth. 9:1, 2) Taba ena e ileng ea etsahalla Bajuda e ile ea matlafatsa tšepo ea Esdrase ea hore Jehova o khona ho sireletsa batho ba hae le ho etsa hore ba be malala-a-laotsoe bakeng sa mathata a neng a tla ba hlahela nakong e tlang. w23.11 17 ¶12-13
Labohlano, la 21 March
Motho eo Molimo a mo nkang a lokile empa e se ka lebaka la mesebetsi ea hae.—Bar. 4:6.
Moapostola Pauluse o ne a bua ka mesebetsi e amanang le ho “phetha molao” oo Moshe a neng a fane ka oona Thabeng ea Sinai. (Bar. 3:21, 28) Ho bonahala eka mehleng ea Pauluse, Bakreste ba bangata ba Bajuda ba ne ba lumela hore ba ntse ba lokela ho mamela Molao oa Moshe. Kahoo, Pauluse o ile a sebelisa mohlala oa Abrahama ho bontša hore motho ha aa tlameha ho “phetha molao” e le hore Molimo a mo nke a lokile. Ho e-na le hoo, motho o hloka ho ba le tumelo. Taba ena ea khothatsa hobane ea re kholisa hore re ka khona ho khahlisa Molimo. Ha re e-na le tumelo ho Molimo le ho Kreste, Molimo o tla re nka re le ba lokileng. Leha ho le joalo, “mesebetsi” eo ho buuoeng ka eona ho Jakobo khaolo ea bobeli ha se mesebetsi e tšoanang le eo Pauluse a buileng ka eona. Jakobo o ne a bua ka mesebetsi kapa liketso tseo Bakreste ba li etsang bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi. (Jak. 2:24) Mesebetsi eo ke eona e bontšang hore na Mokreste o na le tumelo ea ’nete ho Molimo kapa che. w23.12 3 ¶8; 4-5 ¶10-11
Moqebelo, la 22 March
Monna ke hlooho ea mosali oa hae.—Baef. 5:23.
Barali ba bo rona ba batlang ho nyaloa, ba lokela ho khetha molekane ka hloko. Hopola hore motho eo e tl’o ba hlooho ea lelapa ’me u tla lokela hore u mo mamele. (Bar. 7:2; Baef. 5:33) Kahoo ipotse: ‘Na o leka ho nahana le ho etsa lintho joaloka Jesu? Na ho sebeletsa Jehova ke eona ntho e tlang pele bophelong ba hae? Na o khona ho etsa liqeto tse nepahetseng? Na oa lumela ha a entse phoso? Na o hlompha basali? Na o tla khona ho nthusa hore ke lule ke rata Jehova? Na o tla khona ho ntlhokomela ka lintho tseo ke li hlokang ’me e be motsoalle oa ka? E le hore u fumane monna ea lokileng, le uena u lokela ho ba mosali ea lokileng. Mosali ea lokileng ke “mothusi” oa monna oa hae. (Gen. 2:18) Kaha o rata Jehova, o etsa sohle seo a ka se khonang hore a lule a bua monna oa hae hantle. (Liprov. 31:11, 12; 1 Tim. 3:11) U ka itokisetsa hore u be mosali ea molemo hona joale ka hore u ntlafatse tsela eo u ratang Jehova ka eona le ka hore u thuse batho ba bang lapeng le ka phuthehong. w23.12 22-23 ¶18-19
Sontaha, la 23 March
Haeba mang kapa mang ho lona a haelloa ke bohlale, a ’ne a bo kope ho Molimo.—Jak. 1:5.
Jehova o tšepisa hore o tla re fa bohlale e le hore re ka etsa liqeto tse nepahetseng. Re hloka bohlale bo tsoang ho Jehova ha re etsa liqeto tse ka fetolang bophelo ba rona. O boetse o re fa matla a ho mamella. Jehova o tla re fa matla a ho mamella mathata a rona joalokaha a ile a thusa moapostola Pauluse. (Bafil. 4:13) Mokhoa o mong oo a re fang matla ka oona ke ka ho sebelisa Bakreste-’moho le rona. Bosiung ba hae ba ho qetela pele a re shoela, Jesu o ile a rapela ka matla. O ile a kopa Jehova hore a se ke a lumella batho hore ba nahane hore oa mo nyefola. Ho e-na le ho etsa joalo, Jehova o ile a roma lengeloi ho eena hore le mo matlafatse. (Luka 22:42, 43) Ka ho tšoanang, Jehova a ka re khothatsa ka ho etsa hore Bakreste-’moho ba re letsetse kapa ba re etele. Le rona re lokela ho batla menyetla ea ho bua “lentsoe le nepahetseng” le Bakreste-’moho le rona.—Liprov. 12:25. w23.05 10-11 ¶9-11
Mantaha, la 24 March
Le tsoele pele ho khothatsana le ho matlafatsana.—1 Bathes. 5:11.
Ba seng ba khaolitse ho tla libokeng ba tlileng sehopotsong mohlomong ba ne ba tšaba hore ba ke ke ba amoheloa hantle. Kahoo, qobang ho ba botsa lipotso tse ka ba hlabisang lihlong kapa ka ho bua lintho tse ka ba utloisang bohloko. Re thabela ho boela re sebeletsa Jehova hammoho le bara le barali bana ba bo rona. (Pes. 119:176; Lik. 20:35) Re thabela hore ebe Jesu o lokiselitse hore re hopole lefu la hae selemo le selemo. Ho na le melemo e mengata eo re e fumanang ha re ea Sehopotsong le eo batho ba bang ba e fumanang. (Esa. 48:17, 18) Ho ea Sehopotsong ho etsa hore re rate Jehova le Jesu le ho feta. Re bontša hore re ananela seo ba re etselitseng sona. Re ba le kamano e matla le Bakreste-’moho le rona. Hape re ka thusa batho ba bang hore ba bone hore na ke joang ba ka fumanang litlhohonolofatso tseo re li fumanang ka lebaka la topollo. Kahoo, a re lekeng ka matla ho itokisetsa Sehopotso sa selemong sena hobane ke letsatsi la bohlokoa haholo. w24.01 14 ¶18-19
Labobeli, la 25 March
’Na Jehova ke[a] . . . u tatais[a].—Esa. 48:17.
Jehova o re tataisa joang? O sebelisa Lentsoe la hae Bibele. Leha ho le joalo, o boetse o sebelisa batho hore ba re tataise. Ka mohlala, o sebelisa “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” ho re fa lintho tse re thusang hore re be le tumelo e matla e le hore re khone ho etsa liqeto tse nepahetseng. (Mat. 24:45) Hape Jehova o sebelisa bahlanka ba bang ba hae ba tšepahalang. Ka mohlala, balebeli ba potoloho le baholo baa re khothatsa ebile ba re fa litaelo tse ka re thusang hore re mamelle mathata. Re ananela hore ebe Jehova oa re tataisa mehleng ena ea bofelo le hore o re thusa hore re lule re le metsoalle ea hae e le hore re ka thabela bophelo hona joale le ka ho sa feleng. Ka linako tse ling re ka utloa ho le thata hore re mamele tataiso ea Jehova, haholo-holo ha e fanoa ke batho ba etsang liphoso joaloka rona. Maemong a joalo re lokela ho kholiseha hore ke Jehova ea tataisang batho ba hae le hore ho mamela tataiso ea hae ho lula ho re tsoela molemo. w24.02 20 ¶2-3
Laboraro, la 26 March
Re se ke ra bua feela hore re rata batho ba bang empa re bontše le ka liketso hore rea ba rata.—1 Joh. 3:18.
Ho ithuta Lentsoe la Molimo ka hloko ho tla re thusa hore re mo rate haholoanyane. Ha u ntse u bala Bibele, leka ho fumana hore na u ka ithuta eng ka Jehova karolong eo. Ipotse: ‘Karolo ee e bontša joang hore Jehova oa nthata? E mpha mabaka afe a hore ke rate Jehova?’ Ntho e ’ngoe eo re ka e etsang e le hore re rate Jehova haholoanyane ke ho mo rapela letsatsi le leng le le leng, re mo bolelle hore na re ikutloa joang. (Pes. 25:4, 5) Jehova o tla arabela lithapelo tsa rona. (1 Joh. 3:21, 22) Hape re lokela ho rata batho ba bang. Lilemo ka mor’a hore moapostola Pauluse e be Mokreste o ile a kopana le mohlankana ea bitsoang Timothea. Timothea o ne a rata Jehova a bile a rata le batho ba bang. Pauluse o ile a re ho Bafilipi: “Ha ke na motho e mong ea tšoanang le [Timothea] ea ka le hlokomelang ka lintho tseo le li hlokang.” (Bafil. 2:20) Pauluse o ne a khahliloe ke tsela eo Timothea a neng a rata bara le barali babo ka eona. Ha ho pelaelo hore liphutheho tseo Timothea a neng a li etela li ne li lula li mo lebeletse ka tjantjello.—1 Bakor. 4:17. w23.07 9 ¶7-10
Labone, la 27 March
Nke ke ka . . . u furalla.—Baheb. 13:5.
Moshe o ile a shoa pele Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. Na Jehova o ile a tlohela ho thusa batho ba hae ka mor’a hore Moshe a shoe? Le letho. Hafeela ba ne ba tšepahala, Jehova o ile a ba hlokomela. Pele Moshe a shoa, Jehova o ile a mo bolella hore a khethe Joshua e le eena ea tla etella sechaba pele. Moshe o ne a koetlisitse Joshua ka lilemo tse ngata. (Ex. 33:11; Deut. 34:9) Ntle ho moo, ho ne ho e-na le banna ba bang ba bangata ba neng ba khona ho etella pele, joaloka balaoli ba ba likete, ba ba makholo, ba ba mashome a mahlano le ba ba leshome. (Deut. 1:15) Batho ba Molimo ba ne ba hlokometsoe. Mohlala o mong o tšoanang ke oa Elia. O ne a eteletse pele borapeli ba ’nete Iseraele ka lilemo tse ngata. Empa hamorao Jehova o ile a mo fa mosebetsi o mong sebakeng se fapaneng, ka boroa ho Juda. (2 Mar. 2:1; 2 Likron. 21:12) Na Baiseraele ba tšepahalang ba ’muso oa meloko e leshome ba ile ba sala ba se na motho ea ba etellang pele? Che. Elia o ne a koetlisitse Elisha ka lilemo tse ngata. Jehova o ile a phethahatsa morero oa hae oa ho hlokomela ba mo tšepahallang. w24.02 5 ¶12
Labohlano, la 28 March
Tsoelang pele le phela joaloka bana ba leseli.—Baef. 5:8.
Bakreste ba Efese ba ne ba se ba phela tumellanong le Lentsoe la Jehova, leo e neng eka ke leseli le neng le ba tataisa. (Pes. 119:105) Ba ne ba se ba tlohetse litloaelo tsa bolumeli ba bohata le boitšoaro bo bobe. Ba ne ba se ba ‘etsisa Molimo’ ba bile ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho mo sebeletsa le ho mo thabisa. (Baef. 5:1) Ka tsela e tšoanang, pele re ithuta ’nete re ne re le lefifing la bolumeli ba bohata le lefifing la boitšoaro bo bobe. Ba bang ba rona re ne re keteka matsatsi a phomolo a bolumeli ba bohata, ha ba bang ba rona re ne re phela re etsa boitšoaro bo bobe. Empa re ile ra etsa liphetoho ka mor’a ho ithuta ka melao ea Jehova ea se nepahetseng le se fosahetseng. Re ile ra qala ho phela ka tsela eo a batlang hore re phele ka eona ’me re fumane melemo e mengata. (Esa. 48:17) Leha ho le joalo, re ntse re tsoela pele re kopana le mathata. Re lokela hore re se ke ra khutlela lefifing leo re tsoang ho lona ’me re ‘tsoele pele re phela joaloka bana ba leseli.’ w24.03 21 ¶6-7
Moqebelo, la 29 March
A re tsoeleng pele ka seo re seng re se fihletse.—Bafil. 3:16.
U ka bona eka ha u e-s’o lokele ho inehela ho Jehova le hore u kolobetsoe. Mohlomong u hloka ho etsa liphetoho bophelong ba hao e le hore bo lumellane le melao ea Jehova kapa mohlomong u hloka nako e eketsehileng e le ho matlafatsa tumelo ea hao. (Bakol. 2:6, 7) Ha se batho bohle ba ithutang Bibele ba ka etsang liphetoho bophelong ba bona ka nako e tšoanang. Hape ha se bacha bohle ba lekanang ka lilemo ba loketseng ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa. Leka ho hlahloba hore na ke hokae moo u ka ntlafatsang teng u sa ipapise le motho e mong. (Bagal. 6:4, 5) Haeba u hlokomela hore ha u e-s’o lokele ho inehela ho Jehova, etsa lintho tse tla u thusa hore u inehele ho eena. Kopa Jehova hore a u thuse hore u etse liphetoho tse hlokahalang bophelong ba hao. (Bafil. 2:13) U ka kholiseha hore Jehova o tla utloa thapelo ea hao ’me a u thuse.—1 Joh. 5:14. w24.03 5 ¶9-10
Sontaha, la 30 March
Banna, . . . le phelisane le basali ba lona ka tsela e bontšang hore lea ba tseba.—1 Pet. 3:7.
Ho na le nako eo Sara a neng a koatile ’me o ile a bolella Abrahama hore na o ikutloa joang a ba a mo tšoaea phoso. Abrahama o ne a tseba hore Sara o ikokobelitse le hore oa mo tšehetsa. O ile a mo mamela a ba a leka ho rarolla bothata. (Gen. 16:5, 6) Re ka ithuta’ng? Banna, le na le matla a ho etsetsa malapa a lona liqeto. (1 Bakor. 11:3) Kahoo, ntho eo u ka e etsang ke hore u mamele ka hloko hape u nahanele maikutlo a mosali oa hao pele u ka etsa qeto, haholo-holo e tla mo ama. (1 Bakor. 13:4, 5) Ka letsatsi le leng, Abrahama o ile a etsa qeto ea ho amohela baeti bao ba neng ba sa ba lebella. O ile a kopa Sara hore a tlohele ntho eo a neng a e etsa ’me a etse bohobe bo bongata. (Gen. 18:6) Ka potlako Sara o ile a tlohela ntho eo a neng a e etsa ’me a mamela Abrahama. Basali, le ka etsisa Sara ka hore le tšehetse liqeto tseo banna ba lona ba li etsang. Ha u etsa joalo, u tla matlafatsa lenyalo la hao.—1 Pet. 3:5, 6. w23.05 24-25 ¶16-17
Mantaha, la 31 March
Motho ea nang le bohlale bo tsoang leholimong . . . o itokiselitse ho mamela.—Jak. 3:17.
Ka mor’a hore Gideone a khethoe hore a tataise sechaba sa Iseraele, o ne a hloka ho mamela le ho ba sebete. O ne a lokela ho etsa mosebetsi o kotsi oa hore a senye aletare ea ntate oa hae ea borapeli ba Baale. (Baahl. 6:25, 26) Hamorao ha Gideone a se a e-na le masole, Jehova o ile a mo bolella ka makhetlo a mabeli hore a fokotse palo ea ’ona. (Baahl. 7:2-7) Jehova o ile a boela a mo bolella hore a hlasele lira tsa Baiseraele har’a mp’a bosiu. (Baahl. 7:9-11) Baholo ba lokela ho lula ba “itokiselitse ho mamela.” Ha moholo a latela seo Bibele e se rutang le tataiso e fanoang ke mokhatlo oa Molimo, o bontša hore oa mamela. Ha a etsa joalo, o behela ba bang mohlala o motle. Leha ho le joalo, a ka thatafalloa ke ho mamela. Ka mohlala, a ka ’na a thatafalloa ke ho mamela litaelo tse fetohang nako le nako. Maemong a mang a ka ’na a ipotsa hore na tataiso eo a e fuoang ea utloahala le hore na e tla sebetsa. A ka boela a kopuoa hore a etse mosebetsi o ka ’nang oa etsa hore a tšoaroe. Baholo ba ka etsisa Gideone joang ka hore ba mamele maemong a tšoanang le aa? Mamela tataiso u be u e sebelise. w23.06 4-5 ¶9-11