April
Labobeli, la 1 April
Ke hobane’ng ha u nkentse tjee? . . . Ke hobane’ng ha u nqhekelletse?—Gen. 29:25.
Bahlanka ba Jehova bao Bibele e buang ka bona ba ile ba e-ba le mathata ao ba neng ba sa a lebella. Nahana ka Jakobo. Ntate oa hae o ile a re a batle mosali ho barali ba Labane eo e neng e le morapeli oa Jehova ’me o ile a mo tiisetsa hore Jehova o ne a tla mo hlohonolofatsa. (Gen. 28:1-4) Jakobo o ile a etsa se nepahetseng. O ile a tloha Kanana ’me a ea ha Labane ea neng a e-na le barali ba babeli e leng Lea le Ragele. Jakobo o ile a rata morali e monyenyane oa Labane e leng Ragele ’me a lumela ho sebeletsa ntate oa hae lilemo tse supileng pele a mo nyala. (Gen. 29:18) Empa lintho ha lia ka tsa tsamaea ka tsela eo Jakobo a neng a lebeletse. Labane o ile a mo qhekella hore a nyale morali oa hae e moholo e leng Lea. Labane o ile a lumella Jakobo hore a nyale Ragele beke ka mor’a moo, hafeela a ne a ka mo sebeletsa lilemo tse ling tse supileng. (Gen. 29:26, 27) Labane ha aa ka a sebetsa Jakobo hantle le litabeng tsa khoebo ’me ha aa ka a tšoara Jakobo hantle ka lilemo tse 20.—Gen. 31:41, 42. w23.04 15 ¶5
Laboraro, la 2 April
Le mo bolelle lintho tsohle tse ka lipelong tsa lona.—Pes. 62:8.
Re ka ea ho mang ha re hloka ho tšelisoa le ho tataisoa? Re tseba karabo ea potso eo. Re ka rapela Jehova Molimo. Jehova o re mema hore re mo rapele. Bibele e re: “Lulang le rapela.” Kahoo, rea tseba hore o batla hore re mo rapele hangata. (1 Bathes. 5:17) Re ka mo rapela ka bolokolohi re mo kopa tataiso likarolong tsohle tsa bophelo ba rona. (Liprov. 3:5, 6) Kaha Jehova ke Molimo ea fanang, o batla hore re mo rapele hangata kamoo re ka khonang. Jesu o ne a tseba hore Jehova o nka lithapelo tsa rona li le bohlokoa. Pele a tla lefatšeng, o ile a bona ha Ntate oa hae a araba lithapelo tsa banna le basali ba tšepahalang. Ka mohlala, Jesu o ne a e-na le Ntate oa hae ha a araba lithapelo tse tsoang pelong tsa Anna, Davida, Elia le batho ba bang ba bangata ba tšepahalang. (1 Sam. 1:10, 11, 20; 1 Mar. 19:4-6; Pes. 32:5) Ke kahoo Jesu a ileng a ruta balateli ba hae hore ba rapele hangata, ba kholisehile hore lithapelo tsa bona li tla arajoa.—Mat. 7:7-11. w23.05 2 ¶1, 3
Labone, la 3 April
Ho tšaba batho ke leraba empa ea tšepang Jehova o tla sireletsoa.—Liprov. 29:25.
Moprista ea Phahameng Jehojada o ne a hlompha Jehova. Taba ena e ile ea totobala ha Athalia morali oa Jezebele a inkela puso Juda ka mahahapa. O ne a le pelo e mpe ebile a le meharo hore a fumane puso hoo a ileng a leka ho bolaea litloholo tsohle tsa hae tseo e neng e le majalefa a puso. (2 Likron. 22:10, 11) E mong oa litloholo tsa hae e leng Joase o ile a pholosoa ke Joshabeathe mosali oa Jehojada. Eena le monna oa hae ba ile ba mo pata le ho mo hlokomela. Ketso eo ea bona e ile ea etsa hore litloholo tsa Davida e be tsona tse lulang li busa. Jehojada o ile a tšepahalla Jehova ’me ha aa ka a thothometsoa ke Athalia. Ha Joase a se a le lilemo li supileng, Jehojada o ile a boela a bontša hore o tšepahalla Jehova. O ile a etsa leqheka. Ha leqheka leo le ne le ka atleha, Joase setloholo sa Davida eo e neng e bile e le mojalefa ka molao, e ne e tla ba morena. Empa ha le ne le ke ke la atleha, menyetla ea hore Jehojada a bolaoe e ne e le mengata. Jehova o ile a hlohonolofatsa leqheka leo ’me le ile la atleha. w23.06 17 ¶12-13
Labohlano, la 4 April
Tseba hore Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa batho le hore o o fa motho eo a batlang ho mo fa oona.—Dan. 4:25.
Morena Nebukadnezare o ne a ka nahana hore Daniele oa mo fetohela ebile o ne a ka mo bolaea. Empa Daniele o ile a bontša sebete ’me a hlalosa toro eo. Ke’ng eo e ka ’nang eaba e thusitse Daniele hore a be sebete bophelo bohle ba hae? Ha Daniele a sa le monyenyane, o ile a ithuta mohlaleng o motle oa batsoali ba hae. (Deut. 6:6-9) Daniele o ne a tseba Melao e Leshome le Melao e meng e akareletsang hore Baiseraele ba ne ba lokela ho ja’ng le hore ba ne ba sa lokela ho ja’ng. (Lev. 11:4-8; Dan. 1:8, 11-13) Daniele o ne a boetse a tseba ka histori ea batho ba Molimo le hore ho ile ha etsahala’ng ka bona ha ba ne ba sa mamele melao ea Jehova. (Dan. 9:10, 11) Lintho tse ileng tsa etsahalla Daniele li ile tsa mo thusa hore a kholisehe hore Jehova le mangeloi a hae a matla ba tla mo thusa.—Dan. 2:19-24; 10:12, 18, 19. w23.08 3 ¶5-6
Moqebelo, la 5 April
Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.—Liprov. 11:2.
Rebeka e ne e le mosali ea bohlale le ea tsebang nako e nepahetseng ea ho etsa liqeto. (Gen. 24:58; 27:5-17) Leha ho le joalo, o ne a hlompha a bile a ikokobelitse. (Gen. 24:17, 18, 65) Haeba u bontša boikokobetso joaloka Rebeka ka hore u tšehetse litokisetso tsa Jehova, u tla behela ba lelapa la hao le phutheho mohlala o motle. Bakreste bohle ba lokelang ho ba le boinyenyefatso. Esthere e ne e le mosali ea tšabang Jehova ebile a inyenyefatsa ’me sena se ile sa etsa hore a se ke a ikhohomosa. O ne a mamela likeletso tseo a neng a li fuoa ke motsoala oa hae Mordekai ’me o ne a li sebelisa. (Esth. 2:10, 20, 22) Le rona re ka etsa ka tsela e tšoanang, re ka inyenyefatsa, re kope keletso moo ho hlokahalang ebe rea e sebelisa. (Tite 2:3-5) Ho na le tsela e ’ngoe eo Esthere a ileng a bontša ka eona hore o inyenyefalitse. O ne a le “motle a bile a le seemo se setle” empa ha aa ka a ipitsetsa mahlo.—Esth. 2:7, 15. w23.12 19-20 ¶6-8
Sontaha, la 6 April
Molimo o moholo ho lipelo tsa rona ebile o tseba lintho tsohle.—1 Joh. 3:20.
Jehova ha a batle hore re lule re ikutloa re le molato. Haeba re ile ra bolela sebe sa rona, ra baka eaba re leka ka litsela tsohle ho qoba ho pheta sebe seo, re ka tšepa hore Jehova o re tšoaretse. (Lik. 3:19) Ka mor’a hore re etse lintho tsena, Jehova ha a batle hore re ikutloe re le molato. Oa tseba hore ho lula re ikutloa re le molato ho ka re utloisa bohloko. (Pes. 31:10) Ha re lula re utloile bohloko, re ka ’na ra tlohela ho matha peisong ea bophelo. (2 Bakor. 2:7) Ha u ikutloa u le molato, hopola hore Molimo “o tšoarela e le kannete.” (Pes. 130:4) Ha Jehova a tšoarela batho ba baketseng libe tsa bona, o tšepisa hore ‘ha a sa tla hlola a hopola libe tsa bona.’ (Jer. 31:34) Ka mantsoe a mang Jehova a ke ke a nahana ka libe tsa hao hobane o u tšoaretse. Ha oa lokela ho ikutloisa bohloko ka lebaka la liphoso tseo u ileng oa li etsa hobane u se u sa khone ho mo sebeletsa joaloka pele. Jehova ha a lule a nahana ka libe tseo u li entseng, le uena ha oa lokela hore u lule u nahana ka tsona. w23.08 30-31 ¶14-15
Mantaha, la 7 April
Le eme le tiile, le sa sisinyehe.—1 Bakor. 15:58.
Nakong ea seoa sa COVID-19, Lipaki Tsa Jehova tse ileng tsa mamela tataiso e fanoeng ke mokhatlo ha lia ka tsa tšoenyeha joaloka batho ba neng ba mamela mashano a neng a phatlalatsoa ka nako eo. (Mat. 24:45) Re lokela ho lula re hopola hore na “lintho tsa bohlokoa haholo ke life.” (Bafil. 1:9, 10) Haeba re phathahane ka lintho tse re sitisang, re ka senya nako le matla a rona. Lintho tse tloaelehileng tse kang ho ja, ho noa, ho ithabisa le mosebetsi li ka re sitisa haeba re li lumella hore e be tsona lintho tsa bohlokoa bophelong ba rona. (Luka 21:34, 35) Letsatsi le letsatsi, re utloa le ho bala ka litaba tsa batho ba ipelaetsang le tsa lipolotiki. Re lokela ho etsa bonnete ba hore litaba tsena ha li re sitise. Ho seng joalo, re ka qetella re se re tšehetsa mokha o itseng. Satane o sebelisa litsela tse fapaneng ho leka hore re se ke ra etsa lintho tse nepahetseng. w23.07 16-17 ¶12-13
Labobeli, la 8 April
Le ’ne le etse tjena ho nkhopola.—Luka 22:19.
Bahlanka ba Jehova ba nka letsatsi la Sehopotso sa lefu la Kreste e le letsatsi la bohlokoa ka ho fetisisa selemong. Lebaka ke hobane ketsahalo ena ke eona feela eo Jesu a laetseng balateli ba hae hore ba ikhopotse eona. (Luka 22:19, 20) Ketsahalo ena e re hopotsa hore na re ka etsa’ng ho bontša hore re ananela sehlabelo sa Jesu. (2 Bakor. 5:14, 15) E re fa monyetla oa ho “khothatsana” le bara le barali ba bo rona. (Bar. 1:12) Batho ba bang ba thabisoa ke seo ba se bonang le ho se utloa ha ba tlile Sehopotsong ’me ba etsa qeto ea hore ba ithute Bibele. Lebaka le leng le etsang hore re ikemisetse ho ea Sehopotsong ke hobane rea tseba hore letsatsi leo le etsa hore re momahane le Bakreste-’moho le rona lefatšeng lohle. Ke kahoo Sehopotso e leng ketsahalo ea bohlokoa ho rona. w24.01 8 ¶1-3
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 9 Nisane) Luka 19:29-44
Laboraro, la 9 April
Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea mong e le hore e mong le e mong ea bontšang hore o lumela ho eena a se ke a timetsoa empa a fumane bophelo bo sa feleng.—Joh. 3:16.
Ha re ntse re tsoela pele ho nahanisisa ka hore na Jehova le Jesu ba lahlehetsoe hakae, re tla utloisisa haholoanyane hore na ba re rata hakae. (Bagal. 2:20) Jehova o re lopolotse hobane a re rata. Jehova o bontšitse hore oa re rata ka hore a tele motho oa bohlokoa ka ho fetisisa ho eena e leng Jesu. O ile a lumella hore Mora oa hae a utloe bohloko a be a re shoele. Jehova ha a pate tsela eo a ikutloang ka eona ka rona empa oa re bolella hore na o re rata hakae. (Jer. 31:3) Jehova o re huletse ho eena hobane a re rata. (Bapisa le Deuteronoma 7:7, 8.) Ha ho na ntho kapa motho ea ka re arohanyang le lerato la hae. (Bar. 8:38, 39) Lerato lee le etsa hore u ikutloe joang? w24.01 28 ¶10-11
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 10 Nisane) Luka 19:45-48; Matheu 21:18, 19; 21:12, 13
Labone, la 10 April
O ne a fana ka tšepo ea hore popo . . . e tla lokolloa.—Bar. 8:20, 21.
Bakreste ba tlotsitsoeng ba ananela tšepo eo ba nang le eona ea ho phela leholimong. E mong oa bona e leng Mor’abo rona Frederick Franz, o ile a bua mantsoe ana a tsoang pelong: “Tšepo ea rona ke ntho ea sebele, ’me e tla phethahatsoa ka botlalo ho e mong le e mong oa ho qetela oa litho tse 144 000 tsa mohlatsoana ka tekanyo eo re sitoang ho e nahana.” Ka 1991, Mor’abo rona Franz o ile a re: “Ha rea lahleheloa ke bohlokoa ba tšepo eo. . . . Re e ananela haholoanyane ha re lokela ho e emela haleletsana. Ke ntho eo re lokelang ho e emela. . . . Ke nka tšepo ea rona e le ea bohlokoa ho feta leha e le neng pele.” Tšepo eo re nang le eona e re thabisa haholo, ebang re lebeletse ho phela ka ho sa feleng lefatšeng kapa leholimong. Hape tšepo eo e ka matlafala le ho feta. w23.12 9 ¶6; 10 ¶8
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 11 Nisane) Luka 20:1-47
Labohlano, la 11 April
Ho ke ke ha khoneha hore mali a lipoho le a lipoli a tlose libe.—Baheb. 10:4.
Ka ntle ho monyako oa tabernakele ho ne ho e-na le aletare ea koporo eo Bajuda ba neng ba etsetsa Jehova mahlabelo a liphoofolo ho eona. (Ex. 27:1, 2; 40:29) Leha ho le joalo, mahlabelo ao a ne a sa bolele hore batho ba ne ba tla tšoareloa libe tsa bona ka ho feletseng. (Baheb. 10:1-3) Mahlabelo a liphoofolo a neng a lula a etsoa tabernakeleng, a ne a tšoantšetsa sehlabelo se le seng se neng se tla etsa hore batho ba tšoareloe libe ka ho feletseng. Jesu o ne a tseba hore Jehova o mo rometse lefatšeng e le hore a tl’o fana ka bophelo ba hae e le tefo bakeng sa ho lopolla batho. (Mat. 20:28) Kahoo ha Jesu a ne a kolobetsoa, o ne a ikemiselitse ho etsa thato ea Jehova. (Joh. 6:38; Bagal. 1:4) Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae “hanngoe ebile e le la ho qetela” e le hore batho bohle ba lumelang ho Kreste ba ka tšoareloa libe ka ho sa feleng.—Heb. 10:5-7, 10. w23.10 26-27 ¶10-11
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 12 Nisane) Luka 22:1-6; Mareka 14:1, 2, 10, 11
LETSATSI LA SEHOPOTSO
Ha Letsatsi le se le Liketse
Moqebelo, la 12 April
Mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rona.—Bar. 6:23.
Re ne re ke ke ra khona ho itokolla sebeng le lefung. (Pes. 49:7, 8) Jehova o ile a lokisetsa hore Jesu a fane ka bophelo ba hae ho re lopolla. Kahoo, Jehova le Jesu ba ile ba itela haholo. Haeba re tsoela pele ho nahanisisa ka lintho tseo Jehova le Jesu ba li tetseng molemong oa rona, re tla bontša hore re ananela topollo. Ha Adama a ne a etsa sebe, o ile a lahleheloa ke monyetla oa hore eena le bana ba hae ba phele ka ho sa feleng. Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo e le hore a ka lopolla bana ba Adama sebeng. Ha Jesu a le lefatšeng, “ha aa ka a etsa sebe ebile ho ne ho se na bolotsana ho eena.” (1 Pet. 2:22) Nakong eo Jesu a neng a bolaoa, bophelo ba hae bo ne bo tšoana hantle le ba Adama pele a etsa sebe. Kahoo, bophelo ba Jesu bo ne bo patalla sebe seo Adama a neng a se entse.—1 Bakor. 15:45; 1 Tim. 2:6. w24.01 10 ¶5-6
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 13 Nisane) Luka 22:7-13; Mareka 14:12-16 (Liketsahalo tsa mantsiboea a la 14 Nisane) Luka 22:14-65
Sontaha, la 13 April
O kene sehalalelisisong ka mali a hae eseng a lipoli kapa a lipohoana. O kene moo hanngoe ebile e le la ho qetela ’me a re pholosa ka ho sa feleng.—Baheb. 9:12.
Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a kena Sehalalelisisong sa tempele ea tšoantšetso. Re khona ho bona kamoo borapeli ba ’nete boo Jehova a bo hlophisitseng bo phahameng kateng. Borapeli bona bo bile teng ka lebaka la sehlabelo sa Jesu Kreste le boprista ba hae. Moprista ea phahameng oa Iseraele o ne a kena Sehalalelisisong se entsoeng ke batho ka mali a mahlabelo a liphoofolo empa Jesu o ile a kena “leholimong la sebele” e leng sebaka se halalelang ka ho fetisisa e le hore a ka hlaha ka pel’a Jehova. O ile a hlahisa bophelo ba hae bo phethahetseng molemong oa rona e le hore “a tlose sebe ka sehlabelo sa hae.” (Baheb. 9:24-26) Hona joale re tla ithuta hore kaofela ha rona re ka khona ho rapela Jehova tempeleng ea hae ea tšoantšetso, ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng. w23.10 28 ¶13-14
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 14 Nisane) Luka 22:66-71
Mantaha, la 14 April
Ka hona, a re atameleng terone ea Molimo ea re bontšang mosa ’me re mo rapele ka bolokolohi bohle.—Baheb. 4:16.
Nahana ka hore na Jesu o etsa’ng leholimong e le Morena oa rona ea mosa le Moprista ea Phahameng. Ka lebaka la hae, re khona ho atamela “terone ea Molimo ea re bontšang mosa” ka thapelo ’me re mo kope hore a re bontše mohau le hore a re thuse “ka nako e nepahetseng.” (Heb. 4:14, 15) Letsatsi le letsatsi re lokela ho nahana ka lintho tseo Jehova le Jesu ba re etselitseng tsona le tseo ba ntseng ba re etsetsa tsona. Lerato la bona le lokela ho re susumeletsa hore re lule re sebeletsa Jehova ka cheseho. (2 Bakor. 5:14, 15) Tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo re ka bontšang hore rea leboha, ke ka ho leka ho thusa batho ba bang hore e be Lipaki Tsa Jehova le barutuoa ba Jesu. (Mat. 28:19, 20) Sena ke seo Moapostola Pauluse a ileng a se etsa. O ne a tseba hore thato ea Jehova ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete.”—1 Tim. 2:3, 4. w23.10 22-23 ¶13-14
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 15 Nisane) Matheu 27:62-66
Labobeli, la 15 April
Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng. Masoabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha li sa tla hlola li e-ba teng.—Tšen. 21:4.
Bahlanka bohle ba Molimo ba rata tšepiso ena eo re tl’o tla re bua ka eona. Re ka etsa’ng hore re kholisehe re be re kholise batho ba bang hore litšepiso tseo ho buuoeng ka tsona ho Tšenolo 21:3, 4 li tla phethahala? Jehova o fane ka mabaka a utloahalang a hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore tšepiso ea hae e tla phethahala. Re fumana mabaka a ho tšepa tšepiso eo Jehova a e entseng ea hore lefatše e tla ba Paradeise litemaneng tse latelang. Li re: “Ea lutseng teroneng a re: ‘Bona, ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.’ Hape a re: ‘Ngola mantsoe ana hobane aa tšepahala ’me ke a ’nete.’ A boela a re ho ’na: ‘Mantsoe ana a se a phethahetse. Ke ’na Alfa le Omega, qalo le qetello.’”—Tšen. 21:5, 6a. w23.11 3 ¶3-5
’Malo oa Bibele oa Sehopotso: (Liketsahalo tsa motšehare oa la 16 Nisane) Luka 24:1-12
Laboraro, la 16 April
U ’ne u eletse banna ba bacha hore ba be le kelello.—Tite 2:6.
Mor’abo rona e mocha oa bontša hore o se a nahana joaloka Jehova ka hore a apare le ho itokisa hantle. Hangata batho ba tlang ka feshene le ba e bapatsang ha ba hlomphe Jehova. Hape ba boitšoaro bo bobe, liaparo tseo ba li etsang li penya bo-ntate kapa li etsa hore ba shebahale eka ke bo-’mè. Mor’abo rona e mocha ea batlang ho ba le tumelo e matla o tataisoa ke melao-motheo ea Bibele le mehlala e metle ka phuthehong. Ha a khetha hore na o tla apara’ng, a ka ipotsa: ‘Na tsela eo ke itokisang ka eona e bontša hore ke nahanela ba bang? Na tsela eo ke aparang ka eona e nolofalletsa ba bang hore ba lumele hore ehlile ke ikemiselitse ho sebeletsa Molimo?’ (1 Bakor. 10:31-33) Mor’abo rona e mocha ea nahanang joaloka Jehova, o tla hlomphuoa ke bara le barali ba bo rona le Ntate oa hae ea leholimong. w23.12 26 ¶7
Labone, la 17 April
’Muso oa ka ha se oa lefatše lena. Hoja e ne e le oa lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne.—Joh. 18:36.
Nakong e fetileng “morena oa boroa” o ile a hlorisa batho ba Jehova. (Dan. 11:40) Ka mohlala, o ile a ba hlorisa nakong ea Ntoa ea Pele le ea Bobeli ea Lefatše ha ba bangata ba bona ba ne ba koalloa literonkong hobane ba sa kenelle lipolotiking. Le bana ba bona ba ne ba lelekoa likolong. Lilemong tsa morao tjena, Lipaki Tsa Jehova tse lulang moo morena oa boroa a busang, le tsona li ile tsa e-ba le mathata a mang. Ka mohlala, ha e le nako ea likhetho Mokreste a ka ’na a utloa eka a ka tšehetsa mokha o itseng kapa ralipolotiki ea itseng. Le hoja a ke ke a vouta, a ka ’na a tšehetsa mokha oo ka pelong ea hae. Kahoo, ke habohlokoa hore re se ke ra kenella lipolotiking esita le ka pelong.—Joh. 15:18, 19. w23.08 12 ¶17
Labohlano, la 18 April
E se eka Jehova ea re jarelang mojaro letsatsi le letsatsi, a ka rorisoa.—Pes. 68:19.
Ha re matha peisong ena ea bophelo, re lokela hore re ‘mathe ka tsela e tla etsa hore re hlole.’ (1 Bakor. 9:24) Jesu o ile a re re ka “imeloa ke ho ja ho tlola, ho noa haholo le mathata a bophelo.” (Luka 21:34) Mangolo ana le a mang a ka u thusa hore u tsebe hore ke hokae moo u lokelang ho ntlafatsa teng ha u ntse u matha peisong ena ea bophelo. Re ka kholiseha hore re tla hlola peisong ena ea bophelo hobane Jehova o tla re fa matla ao re a hlokang. (Esa. 40:29-31) U se ke oa nyahama ha u ntse u matha peisong ena. Etsisa moapostola Pauluse ea ileng a sebetsa ka thata hore a fumane moputso oo a neng a o tšepisitsoe. (Bafil. 3:13, 14) Ha ho na motho ea ka u mathelang peiso ena empa Jehova o tla u thusa hore u atlehe. Jehova a ka u thusa hore u etse lintho tseo u lokelang ho li etsa le hore u se ke oa etsa lintho tse sa hlokahaleng. Jehova o tla u thusa hore u mamelle ha u ntse u matha peisong ena le hore u hlole. w23.08 31 ¶16-17
Moqebelo, la 19 April
Hlompha ntate oa hao le ’mè oa hao.—Ex. 20:12.
Ha Jesu a le lilemo li 12 batsoali ba hae ba ile ba mo siea Jerusalema. (Luka 2:46-52) Ha e le hantle, e ne e le boikarabelo ba Josefa le Maria ho etsa bonnete ba hore bana bohle ba bona ba teng sehlopheng se eang hae ka mor’a mokete. Ha Josefa le Maria ba qetella ba fumane Jesu, Maria o ile a mo beha molato ka ho etsa hore ba khathatsehe. Jesu a ka be a ile a re ba mo hlokela toka. Ho e-na le hoo, o ile a ba araba ka bonolo le ka tlhompho. Leha ho le joalo, Josefa le Maria “ba ne ba sa utloisise hore na o bolela’ng.” Ho ntse ho le joalo, Jesu “o ile a tsoela pele ho mamela batsoali ba hae.” Bacha, na ho na le nako eo le utloang ho le thata ho mamela batsoali ba lona ha ba etsa liphoso kapa ba sa le utloisise? Le ka thusoa ke’ng? Nahana ka hore na Jehova o ikutloa joang. Bibele e re ha le mamela batsoali, “le thabisa Morena.” (Bakol. 3:20) Jehova oa tseba hore ka linako tse ling batsoali ba lona ha ba le utloisise kapa ba etsa melao eo le ka utloang eka ea le hatella. Empa haeba le ba mamela ho ntse ho le joalo, lea mo thabisa. w23.10 7 ¶5-6
Sontaha, la 20 April
Ba se ke ba tsitlella maikutlo a bona, ba be bonolo ho batho bohle.—Tite 3:2.
Ngoana eo re kenang sekolo le eena a ka re Lipaki Tsa Jehova li lokela ho fetola tsela eo li ikutloang ka eona ka li-gay. Re ka ’na ra lokela ho mo kholisa hore re hlompha qeto ea motho e mong le e mong ea hore a ikhethele hore na o batla ho phela ka tsela efe. (1 Pet. 2:17) Re ka boela ra mo bontša hore ho mamela melao ea Bibele ho etsa hore re thabele bophelo. Ha re kopana le motho ea sa lumellaneng le rona, ha rea lokela ho nahana hore rea tseba hore o lumela’ng. Ka mohlala, u ka re’ng haeba ngoana eo u kenang sekolo le eena a re ke ho hloka kelello ho lumela ho Molimo? Na u lokela ho nahana hore o lumela hore lintho li ikentse le hore o tseba lintho tse ngata ka taba eo? E ka ’na eaba o bua lintho tseo a li utloileng ho batho ba bang. Mohlomong u ka mo fa linki e mo isang websaeteng ea jw.org e buang ka popo. Hamorao a ka ’na a batla ho buisana le uena ka sehlooho kapa video eo a e fumaneng ho eona. Ho bua ka tsela e bontšang tlhompho ho ka mo thusa hore a batle ho ithuta hore na Bibele e re’ng ka taba eo. w23.09 17 ¶12-13
Mantaha, la 21 April
Jehova, u molemo ebile u ikemiselitse ho tšoarela. Bohle ba llelang ho uena u ba rata haholo.—Pes. 86:5.
Re ka kholiseha hore Jehova o tla re sebelisa a be a re hlohonolofatse le haeba re entse liphoso, hafeela re etsa sohle hore re li tlohele re bile re tsoela pele ho mo tšepa. (Liprov. 28:13) Le hoja Samsone a ne a sa phethahala, ha aa ka a tlohela ho sebeletsa Jehova esita le ka mor’a hore a etse phoso tabeng ea Delila. Le Jehova o ile a tsoela pele ho mo sebelisa ho etsa lintho tse kholo. Hape Jehova o ile a ’na a mo nka e le motho ea nang le tumelo ka tsela e khethehileng a ba a mo kenyeletsa lethathamong la batho ba tšepahalang ba hlahang ho Baheberu khaolo ea 11. Kannete hoa khothatsa ho tseba hore re sebeletsa Ntate oa rona ea leholimong ea re ratang, ea batlang ho re matlafatsa haholo-holo ha re fokola. E se eka le rona joaloka Samsone re ka re ho Jehova: “Ke kopa u nkhopole ’me u ’matlafatse.”—Baahl. 16:28. w23.09 7 ¶18-19
Labobeli, la 22 April
Le lebelle letsatsi la Jehova ’me le lule le le hopola.—2 Pet. 3:12.
Ho lula re nahana ka letsatsi la Jehova ho re susumeletsa hore re bolelle batho ba bang litaba tse monate tse tsoang ka Bibeleng. Ka linako tse ling re ka tšaba ho ba bolella litaba tsena. Hobane’ng? Lebaka ke hobane re ka ’na ra tšaba batho. Petrose le eena o ile a tšaba batho. Ha ho ne ho tšoeroe nyeoe ea Jesu bosiung bo bong, Petrose o ile a tšaba ho bua hore ke e mong oa barutuoa ba Jesu ’me o ile a hana ka makhetlo hore oa mo tseba. (Mat. 26:69-75) Leha ho le joalo, hamorao Petrose ha aa ka a hlola a tšaba batho, ke kahoo a ileng a re: “Le se ke la tšaba lintho tseo ba li tšabang kapa tsa le ferekanya.” (1 Pet. 3:14) Mantsoe a Petrose a etsa hore re kholisehe hore le rona re ka khaotsa ho tšaba batho. Re ka thusoa ke’ng hore re se ke ra tšaba batho? Petrose o ile a re: “Le lumele ka lipelong tsa lona hore Kreste ke Morena le hore oa halalela.” (1 Pet. 3:15) Taba ena e akareletsa ho nahana ka matla ao Morena oa rona Kreste Jesu a nang le ’ona. w23.09 27-28 ¶6-8
Laboraro, la 23 April
Boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano [le] ntho e ’ngoe le e ’ngoe e litšila . . . li se ke tsa buuoa le ho buuoa har’a lona.—Baef. 5:3.
Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra etsa “lintho tse se nang thuso tsa lefifi.” (Baef. 5:11) Ke ’nete hore ha motho a sheba, a mamela kapa a bua ka lintho tse sa hloekang kapa tse litšila, ho ba bonolo hore a qetelle a etsa lintho tse fosahetseng. (Gen. 3:6; Jak. 1:14, 15) Lefatše la Satane le leka ho re thetsa. Le etsa hore re lumele hore boitšoaro boo Jehova a reng bo litšila ebile ha boa hloeka, ha bo phoso. (2 Pet. 2:19) Esale Diabolose a ferekanya batho e le hore ba se ke ba khona ho lemoha se nepahetseng le se fosahetseng. (Esa. 5:20; 2 Bakor. 4:4) Ha ho makatse hore ebe li-movie, mananeo a thelevishene le liwebsaete li bontša lintho tse khahlanong le melao ea Jehova e lokileng. Satane o batla hore re nahane hore boitšoaro bo sa hloekang le litloaelo tse litšila tse tummeng lefatšeng lena ha li kotsi.—Baef. 5:6. w24.03 22 ¶8-10
Labone, la 24 April
Tšebeletso eo banna bana ba e etsang ke mohlala le setšoantšo sa lintho tse leholimong.—Baheb. 8:5.
Tabernakele e ne e le tente eo Baiseraele ba neng ba tsamaea ka eona hohle moo ba neng ba ea teng. Ba ile ba e sebelisa ka lilemo tse ka bang 500 ho fihlela ho hahoa tempele Jerusalema. (Ex. 25:8, 9; Num. 9:22) Tabernakele e ne e le sebaka seo Baiseraele ba neng ba rapela Molimo ho sona le ho mo etsetsa mahlabelo. (Ex. 29:43-46) Empa tabernakele e ne e boetse e tšoantšetsa tsela e molemo le ho feta. Tabernakele ea mehleng ea Bajuda e ne e le “setšoantšo sa lintho tse leholimong” ’me e ne e tšoantšetsa tempele ea Jehova e kholo ea tšoantšetso. Moapostola Pauluse o ile a re: “Tente ena [kapa tabernakele] e tšoantšetsa lintho tse etsahalang ka nako ena.” (Baheb. 9:9) Ka nako eo Pauluse a neng a ngolla Bakreste ba Baheberu ka eona, tempele ea tšoantšetso e ne e se e ntse e le teng. E bile teng ka selemo sa 29 mehleng ea Jesu. Ka selemo seo, Jesu o ile a kolobetsoa, a tlotsoa ka moea o halalelang a ba a qala ho sebeletsa e le ‘moprista ea phahameng’ tempeleng ea Jehova ea tšoantšetso.—Baheb. 4:14; Lik. 10:37, 38. w23.10 25-26 ¶6-7
Labohlano, la 25 April
Batho bohle ba ke ba bone hore ha le batho ba tsitlellang maikutlong a lona.—Bafil. 4:5.
Ka tsela e tšoanang, le rona re lokela ho fetoha le maemo ha ho e-ba le liphetoho bophelong ba rona e le hore re ka tsoela pele re sebeletsa Jehova re thabile. Joang? Re lokela ho ba batho ba fetohang le maemo ka hore re amohele ha ho e-ba le liphetoho bophelong ba rona le ka hore re hlomphe maikutlo a batho ba bang le liqeto tseo ba li etsang. Re le bahlanka ba Jehova, re batla ho ba batho ba fetohang le maemo. Re boetse re batla ho ba le boikokobetso le ho ba mohau. Jehova o bitsoa “Lefika” hobane o lula a tiile ’me ha a sisinyehe. (Deut. 32:4) Leha ho le joalo, o khona ho fetoha le maemo. Ha lintho li ntse li fetoha lefatšeng, Molimo oa rona le eena o fetoha le maemo e le hore morero oa hae o phethahale. Jehova o re bopile re tšoana le eena. Kahoo, re na le bokhoni ba ho fetoha le maemo. O fane ka melao-motheo ka Bibeleng e re thusang ho etsa liqeto tse bohlale ho sa tsotellehe mathata a re hlahelang. Mohlala oo Jehova a re behelang oona le melao-motheo eo a re fileng eona ke bopaki ba hore le hoja e le “Lefika,” o khona ho fetoha le maemo. w23.07 20 ¶1-3
Moqebelo, la 26 April
Ha ke tšoenyehile haholo, u ile oa ntšelisa oa ba oa etsa hore ke thabe.—Pes. 94:19.
Ka Bibeleng, Jehova o itšoantša le ’mè ea lerato. (Esa. 66:12, 13) Ak’u nahane ka ’mè ea ratang ngoana oa hae e monyenyane a bile a mo hlokomela ’me a etsa bonnete ba hore o mo fa seo a se hlokang. Ha re utloile bohloko, re ka kholiseha hore Jehova oa re rata. A ke ke a khaotsa ho re rata ha re etsa phoso. (Pes. 103:8) Baiseraele ba ile ba fosetsa Jehova ka makhetlo empa ha ba ne ba baka o ne a ba kholisa hore o ntse a ba rata. Ka mohlala, o ile a re: “U bile motho oa bohlokoa mahlong a ka, u ile oa hlomphuoa ’me ke u ratile.” (Esa. 43:4, 5) Jehova o ntse a re rata ka tsela e tšoanang le mehleng ena. Le haeba re entse liphoso tse tebileng, haeba re baka ’me re khutlela ho eena, re tla bona hore o ntse a re rata. O tšepisa hore ‘o tla re tšoarela ka pelo eohle.’ (Esa. 55:7) Bibele e re ha Jehova a re tšoarela re tla ba le “linako tse khathollang . . . ho tsoa ho Jehova.”—Lik. 3:19. w24.01 27 ¶4-5
Sontaha, la 27 April
Jehova Molimo oa ka o ne a e-na le ’na.—Esdr. 7:28.
Jehova a ka re thusa ha re kopana le boemo bo boima. Ka mohlala, re ka bona kamoo Jehova a re thusang kateng ha re kopa mohiri oa rona nako ea ho ea kopanong kapa ha re kopa ho sebetsa lihora tse sa tloaelehang e le hore re khone ho ea libokeng. Re ka makatsoa ke karabo eo re ka ’nang ra e fumana. Seo se ka fella ka hore re tšepe Jehova le ho feta. Ka boikokobetso, Esdrase o ile a rapella thuso ea Jehova. Nako eohle ha a ne a ikutloa a imetsoe ke mosebetsi oo a neng a tšoanela ho o etsa, o ne a rapela Jehova ka boikokobetso. (Esdr. 8:21-23; 9:3-5) Kaha Esdrase o ne a tšepile Jehova, batho ba neng ba mo potolohile ba ne ba ikemiselitse ho mo tšehetsa le ho etsisa tumelo ea hae. (Esdr. 10:1-4) Ha re tšoenyehile haholo ka lintho tseo re li hlokang hore re phele kapa tšireletseho ea malapa a rona, re lokela ho rapela Jehova re tšepile hore o tla re thusa. w23.11 18 ¶15-17
Mantaha, la 28 April
[Abrahama] a bontša tumelo ho Jehova eaba Molimo o mo nka e le motho ea lokileng.—Gen. 15:6.
Jehova ha a re re lokile hafeela re etsa lintho tsohle tseo Abrahama a ileng a li etsa. Ha e le hantle, ho na le litsela tse ngata tseo ka tsona re ka bontšang ka mesebetsi ea rona hore re na le tumelo. Re ka amohela batho ba qalang ho tla libokeng, ra thusa bana ba bo rona ba hlokang e le kannete hape ra tšoara ba malapa a rona hantle, e leng lintho tseo kaofela ha tsona Molimo a li ananelang a bileng a tla re hlohonolofatsa ka lebaka la tsona. (Bar. 15:7; 1 Tim. 5:4, 8; 1 Joh. 3:18) E ’ngoe ea litsela tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa ho bontša hore re na le tumelo ke ho bolella batho ba bang litaba tse monate ka cheseho. (1 Tim. 4:16) Kaofela ha rona re ka bontša ka liketso tsa rona hore re na le tumelo ea hore litšepiso tsa Jehova li tla phethahala le hore litsela tsa hae li molemo ka ho fetisisa. Ha re etsa joalo, re ka kholiseha ka ho feletseng hore Molimo o tla re nka re lokile a be a re bitse metsoalle ea hae. w23.12 2 ¶3; 6 ¶15
Labobeli, la 29 April
E-ba matla ’me u be sebete joaloka monna.—1 Mar. 2:2.
Ha a se a ntse a tlo shoa Morena Davida o ile a bua mantsoe ana a ka holimo. ho Solomone. (1 Mar. 2:1, 3) Banna bohle ba Bakreste ba tla be ba etsa lintho ka bohlale haeba ba mamela keletso ena. E le hore ba atlehe, ba tlameha ho mamela melao ea Molimo le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele linthong tsohle tseo ba li etsang. (Luka 2:52) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore bara ba bo rona ba bacha e be Bakreste ba nang le tumelo e matla? Monna oa Mokreste o na le boikarabelo bo bongata ba bohlokoa ka lapeng le ka phuthehong. Re kholisehile hore lona bara ba bo rona ba bacha le kile la nahana ka boikarabelo boo le ka bang le bona nakong e tlang. U ka ’na oa batla ho ba pula-maliboho, mohlanka ea sebeletsang ’me hamorao oa ba moholo. U ka ’na oa batla ho nyala le ho ba le bana. (Baef. 6:4; 1 Tim. 3:1) E le hore u atlehe ho finyella lintho tsena, u lokela ho ba Mokreste ea nang le tumelo e matla. w23.12 24 ¶1-2
Laboraro, la 30 April
Ke tla felloa ke nako haeba nka bua ka Gideone.—Baheb. 11:32.
Jehova o file baholo ba Bakreste boikarabelo ba hore ba hlokomele linku tsa hae. Bara bana ba bo rona ba tšepahalang, ba ananela mosebetsi oa bohlokoa oo Jehova a ba fileng oona oa hore ba hlokomele bara le barali ba bo rona ’me ba sebetsa ka thata hore e be “balisa ba sebele.” (Jer. 23:4; 1 Pet. 5:2) Re ananela haholo hore ebe re na le baholo ka phuthehong. Baholo ba ka ithuta mohlaleng oa Moahloli Gideone. (Baheb. 6:12) O ne a etella pele bahlanka ba Molimo a bile a ba sireletsa. (Baahl. 2:16; 1 Likron. 17:6) Feela joalokaha Molimo a ne a khethile Gideone, o khethile baholo hore ba hlokomele bahlanka ba hae nakong ena e thata. (Lik. 20:28; 2 Tim. 3:1) Re ka ithuta mohlaleng oa Gideone oa ho ikokobetsa le ho mamela. O ile a mamella ha a ntse a etsa mosebetsi oa hae. Ho sa tsotellehe hore na re sebeletsa re le baholo kapa che, re ka bontša hore rea ba ananela. Re ka tšehetsa bara bana ba bo rona ba sebetsang ka thata.—Baheb. 13:17. w23.06 2 ¶1; 3 ¶3