Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 6/15 maq. 3-4
  • Maikutlo a Fosahetseng a Tloaelehileng ka Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Fosahetseng a Tloaelehileng ka Bibele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maikutlo a Fosahetseng a Tloaelehileng
  • Na ke Buka ea “Likereke tsa Bokhelohi”?
  • Ke Hobane’ng ha ho Baloa Bibele?
  • Kamoo U ka Atlehisang ho Bala Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ke Hobane’ng ha Kereke ea ka e Arohane?
    Tsoha!—1988
  • Mapatso Moahong
    Tsoha!—1988
  • Tšoara Lentsoe la Molimo ka Tieo
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 6/15 maq. 3-4

Maikutlo a Fosahetseng a Tloaelehileng ka Bibele

E BITSA likotoana tsa silevera tse boima ba liponto tse 8 000 000! Theko e tšosang hakaakang bakeng sa buka e le ’ngoe! Leha ho le joalo, ha morekisi fantising e neng e tšoaretsoe London ka Tšitoe 1983, a otla noto ea hae fatše, ho ile ha tlameha hore moreki ea tsoang Riphabliking e Kopaneng ea Jeremane a lefe chelete eo. Ke buka efe e neng e lefelloa chelete e boima joalo? E ne e le karolo ea Bibele, e ne e le buka ea Melaetsa e Molemo e neng e fana ka leseli lekholong la bo12 la lilemo.

Ho sa tsotellehe hore na mabaka a ho lefa chelete ena e ngata bakeng sa buka ena e ngotsoeng ka letsoho e ne e le afe, ke ho thahasellisang hore e be ho ne ho ka lefuoa theko e boima hakaalo bakeng sa karolo ea Bibele e ngotsoeng ka letsoho. Ke ka baka leo batho ba bangata ba neng ba nahana hore Bibele ke buka ea theko e ke keng ea lefuoa. Leha ho le joalo, ba bang ba sheba Bibele ka leihlo la pelaelo kapa la lehloeo. Hobane’ng?

Maikutlo a Fosahetseng a Tloaelehileng

Batho ba bangata, haholo-holo linaheng tse khelohileng Kerekeng ea K’hatholike, ba bolela hore Bibele e tšoana le seletsa sa khale se ka sebelisoang ho hlahisa melumo e mengata. Ba ikutloa hore Bibele e ka sebelisoa ho paka lithuto tse ngata tse hanyetsanang. Ba re: ‘Hohle ho itšetlehile ka tsela eo u e hlalosang ka eona.’ Na hoo ho nepahetse? Ke ’nete hore Bibele e ka qotsoa ka morero oa ho tšehetsa maikutlo a sa tšoaneng. Le haeba lipolelo li ntšoa moelelong oa taba, na buka ea sengoli sefe kapa sefe e ke ke ea etsoa hore e bonahale e se e ka e ea ikhanyetsa? Leha ho le joalo, na hoo e tla be e le ho tšepahala? Lipaki tsa Jehova li lumela hore ho bala Bibele ka botšepehi ha ho lumelle litlhaloso tse hanyetsanang tsa lithuto tsa sehlooho.

Bibele ka boeona e-ea bolela: “Le tsoe le se le lumela hobane ha ho boprofeta Lengolong bo hlahileng ka ho itlhalosetsa ha motho.” (2 Petrose 1:20) Ka mantsoe a mang, matla a susumetsang ho ngoloa ha Mangolo a boprofeta e ne e se matla a motho, empa moea o halalelang kapa, matla a sebetsang a Molimo. Ke eena oa pele ho baprofeta bohle le Mobululeli oa boprofeta bohle ba ’nete ba Bibele ka matla a hae a sebetsang a sa bonahaleng.

Maikutlo a mang a fosahetseng a tloaelehileng ke hore, Molimo o bululetseng Mangolo a Bakreste a Segerike o mosa le lerato, empa ha e le Molimo o bululetseng Mangolo a Seheberu o sehlōhō hape o tletse maikutlo a boiphetetso. Sengoli sa meqoqo sa Lefora Stendhal se ngotse hore Molimo “ke ’m’ampoli, ’me mehopolo eohle ea hae ke ea boiphetetso; Bibele ea hae e bua feela ka kotlo e sehlōhō.” Maikutlo ana ha a makatse, a tsoa ho motho eo ka baka la ho se lumele ho Molimo a inahanelang ka mokhoa oo a ratang kateng. Ka bomalimabe, ba bangata ba ipitsang Bakreste, ho akarelletsa le baruti ba bang, ba na le maikutlo ao.

’Nete ke hore karolong eo qalong e neng e ngotsoe ka Seheberu le karolong e ngotsoeng ka Segerike, Mangolo a bolela ka tatelano hore ho teng ‘Molimo o le mong’ feela. (1 Ba-Korinthe 8:6; Deuteronoma 6:4) Likarolo tseo ka bobeli li bontša hore Molimo o mohau, o lokile, o lerato, e bile o tiile. (Exoda 34:6, 7; Pesaleme ea 103:6-8; 1 Johanne 4:8; Ba-Heberu 12:28, 29) Litemana tse ling tse bontšang mosa o moholo oa Molimo li fumanoa karolong ea Bibele ea Seheberu, e kang Lipesaleme. Taba e fapaneng ka ho fetisisa ke hore, “Testamente e Ncha” e na le litlhaloso tse tobileng tsa kahlolo e sehlōhō ka ho fetisisa e lebisitsoeng ho ba khopo. (2 Ba-Thessalonika 1:6-9; Tšenolo, likhaolo 18 le 19) Bibele ho tloha qalehong ho ea qetellong e tšoaretse ba lokileng tšepo e babatsehang. (Genese 22:17, 18; Pesaleme ea 37:10, 11, 29; Tšenolo 21:3, 4) Kahoo, Bibele e lumellana ho tloha qalong ho isa qetellong.

Na ke Buka ea “Likereke tsa Bokhelohi”?

Maikutlo a fosahetseng le a tloaelehileng har’a Makatholike a makholo a limillione a lefatšeng ke hore Bibele ke “buka ea likereke tsa bokhelohi.” Makatholike a tšepahalang a ke ke a beoa molato tabeng ena. Ka makholo a lilemo Kereke ea Roma e Katholike e thibetse ho bala Bibele ka puo efe kapa efe ntle ho Selatine. Hona ha etsa hore Makatholike a mangata a fumanehileng a hlōlehe ho iphumanela Mangolo ana. Ke ’nete, ho tloha ka 1897 ’me haholo-holo ho tloha Sebokeng sa bobeli sa Vatican (1962-1965), Makatholike a bile le tokelo ea ho bala Bibele ka lipuo tse tloaelehileng tse lumelloang ke Roma. Empa meetlo e shoa ka thata. Ka hona linaheng tse busoang ke Katholike, ho baloa ha Bibele ho ntse ho amahanngoa le Likereke tsa Bokhelohi.

Makatholike a mangata a mafolo-folo a fumaneng Bibele lilemong tsa morao tjena a ntse a le boi ho e nka. Hobane’ng? Hobane kereke ea bona e ruta hore ho bala Bibele ho ka ba kotsi. Hobane’ng? Hobane Kereke ea Roma e Katholike e re Bibele ha e na tšenolo e felletseng ea ’nete ea Bokreste; ho hlokahala e tlatselletsoe ka “neano.” Georges Auzou, moprofesara oa Katholike oa Mangolo a Halalelang, o boletse taba e latelang bukeng ea hae La Parole de Dieu (Lentsoe la Molimo): “Neano e etella pele, e koahela Mangolo. . . . [Neano] e re thusa ho utloisisa lebaka le entseng hore Kereke e se lumelle hore Bibele kapa thuto ea Bibele ke tlamo kapa ntho e hlokahalang ka hohle-hohle.”

Ke Hobane’ng ha ho Baloa Bibele?

Leha ho le joalo, Makatholike a mangata a tšepahalang lefatšeng lohle a fumana Bibele ’me a batla thuso ea ho e utloisisa. Ho joalo le ka litho tsa Likereke tsa Bokhelohi tse nyahameng esita le ba bang ba neng ba beile tšepo ea bona bokomonising, pusong ea sechaba, kapa mahlaleng.

Ha mongolli oa molumeli Alain Woodrow a ngola koranteng ea letsatsi le letsatsi ea Paris Le Monde o lokolisa mabaka a tsositseng thahasello litabeng tsa moea: “Pele, ke ka baka la boitšoaro ba hlaho pherekanong e baketsoeng ke ho hlōleha ha litsamaiso tse khōlō tsa monahano, maikutlo, lipolotiki, le bohlale.” A phaella ka mabaka a mang, “ho nyahama likerekeng tse khōlō ka baka la ho sekisetsa ha tsona le mebuso ea lipolotiki le ea lichelete ea lefatše lena,” ’me a qetella ka hoo a ho bitsitseng “tšabo ea lipono tse bukeng ea Tšenolo.”

Mohlomong u e mong oa ba qalileng ho bala Bibele. Haeba ho joalo, ho tla hlokahala hore u tsebe mokhoa oa hore ho bala ha hao Bibele e be ho atlehang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela