Banna ba Lipere ba Tšenolo—Kamoo ho Palama hoa Bona ho U Amang
MANTAHA oa la 1 ’Mesa, 1985, e ne e le letsatsi le sa tšoaneng le a mang ho bapalami ba bangata ba lipalangoang tse isang batho mesebetsing Toronto, Canada. Ba ipolelang hore ke baqhomisi ba liqhomane ba ne ba ile ba tšosa hore ba tla phatlola litsela tsa motse tse tsamaeang ka tlas’a lefatše. Hobane’ng? Ho hlokomelisa ka seo ba itseng e ne e le teko ea ho felisa batho ba Armenia Turkey lilemong tse fetileng, e leng ntho eo ’muso oa Turkey o e latotseng ka makhetlo.
Ha ho pelaelo, boholo ba bapalami bao ba lipalangoang ba ne ba tseba hanyenyane kapa ba sa tsebe letho ka taba eo ea lilemong tse fetileng. Empa ba feta tlas’a mathata a mang le lipelaelo tse ling. Hangata re angoa ke lintho tseo re tsebang hanyenyane haholo ka tsona.
Nakong ea leshome la bobeli la lilemo lekholong la bo20 la lilemo, liketsahalo tse hlokomelehang tsa qala ho etsahala phethahatsong ea boprofeta bo tsotehang ba Bibele bo fumanoang ho Tšenolo 6:1-8. Joalokaha ho senoletsoe moapostola oa Mokreste Johanne, banna ba lipere ba ne ba lokela ho palama mehleng ea qetello. ’Me le hoja ba limillione ba sa tsebe ka hona, ho palama hoa banna bao ba lipere ba Tšenolo ho ama e mong le e mong holim’a lefatse. Le uena u-ua ameha. Empa joang? Re tla bona ha re ntse re buisana ka e mong le e mong oa banna bana ba lipere.
Pere e Khunong
E ’ngoe ea lipere tse bonoeng ke Johanne e ne e le “pere . . . e khunong, ’me ea e kaletseng a fuoa matla a ho felisa khotso lefatšeng, hore batho ba bolaeane, ’me a neoa lerumo le leholo.”—Tšenolo 6:4.
“Lerumo le leholo” la monna enoa oa pere le tšoantšetsa ntoa. Ka baka leo, ho tloha ka 1914 batho ba ka bang limillione tse 69 ba shoele lintoeng tse peli tsa lefatše. Ke polao e kaakang! Kannete, letšoele le leholo la bahlolohali le likhutsana le paka hore mopalami oa pere e khunong, e tšoaeang ntoa ea machaba, o amme bophelo ba bona ka ho toba.
Ho feta moo, lintoa tse tsoelang pele le litšoso tsa lintoa li imetse haholo moloko o mocha. Linaheng tseo likhohlano tse matla li ntseng li hōla, bacha ke bona ba loanang haholo. Phello ea ntoa ho batho bana ba bacha e akaretsoa ka potso ena e ileng ea botsoa ke molula-setulo oa boemeli bo bong ba litokelo tsa botho: “Ke joang ba tla hōlela hore e be batho ba baholo ba phelang hantle likelellong le ba itekanetseng?”
Bacha linaheng tse fapaneng tse angoang ka ho toba ke ntoa ba ithutile ho bala nako ka lihora le matsatsi ho e-na le ka likhoeli le lilemo. Baa botsa: “Hamorao, ke mang ea ho tsotelletseng? Na u ka tiisa hore seqhomane se ke ke sa kena ka kamoreng ea ka bosiu ha ke il’o robala?”
Ho thoe’ng ka bana ba phelang linaheng tsa khotso? Na le bona ba utloa liphello tsa monna oa pere ea ntoa? E, tšokelo e lerootho ea ntoa ea nuclear e bile le liphello tse tebileng likelellong tsa bona. Mabapi le tšabo e bontšitsoeng ke liithuti tsa eona, tichere e ‘ngoe e ile ea hlalosa: “Ha ke utloa litlhaloso tsena li ntse li pheta-phetoa, ke ile ka tleloa ke maikutlo a ho se lumele. Bana bana ba banyenyane ba utloa ba e-na le tšabo e kholō eo ‘na ke sa e lumelleng.” Dr. Richard Logan oa Quebec, Canada, o-oa phaella: “Ho hloka thuso le ho hloka matla ke tlhaloso ea ho tepella kelellong. Ke seo re se bonang ho batho ba bacha ba bangata haholo.”
Empa ho thoe’ng haeba u sa phele naheng e harasantsoeng ke ntoa kapa u sa ikutloe hore bothata bona bo ama maikutlo a hao? Ho ntse ho le joalo, mopalami oa pere e khunong o ama bophelo ba hao. Motsotso o mong le o mong lidolara tse limillione tse 1,3 li sebelisoa ka ho toba mererong ea sesole—lidolara tse limillione tse likete tse ka bang 660 ka selemo lefatseng ka bophara. Ke mang ea lefellang see sohle? Uena. Ho sa tsotellehe hore na u phela hokae, u angoa ke mopalami oa pere e khunong.
Pere e Ntšo
Pere e ‘ngoe ea setšoantšo sena e hlalosoa ke Johanne ka mantsoe ana: “Eaba kea talima, ka bona pere e ntšo, ’me ea e kaletseng a tšoere sekala letsohong la hae. ’Me ka utloa lentsoe mahareng a libopuoa tse phelang tse ’ne, le re: Khala e le ’ngoe ea koro e rekoe ka denare, le khala tse tharo tsa harese ka denare; empa u se ke ua senya oli le veine.”—Tšenolo 6:5, 6.
Na u lapile? Ba limillione ba lapile. Ba angoa ka ho toba ke mopalami oa pere ena e ntšo, e tšoaeang tlala. Bana ba 30 ba shoa motsotso o mong le o mong ka baka la khaello ea lijo tse lekaneng kapa meriana—ba fetang limillione tse 15 ka selemo! Batho ba bang ba makholo-kholo a limillione ba phela maemong a hlomolang. Ho latela eo e kileng ea e-ba mookameli oa Banka ea Lefatše Robert McNamara, ba “khinnoe haholo ke ho se tsebe ho bala le ho ngola, phepo e fosahetseng, mafu, ho shoa ho hoholo hoa bana le tebello e fokolang haholo ea bophelo tse ba timang oona matla a liphatsa tsa lefutso ao ba tsoaloang ba e-na le oona.”
Likhoeling tsa morao tjena, ebile ho tloaelehileng ho bona litšoantso tsa banna, basali le bana ba Maafrika ba lapileng. Ha a fana ka setšoantšo se hlakileng sa mahlomola a joalo, Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng Javier Pèrez de Cuèllar o ile a lemosa: “Batho ba eketsehileng ba ka ’na ba shoa tikolohong ea Sahara Afrika ho feta ba shoeleng nakong ea Ntoa eohle ea Bobeli ea Lefatše. Le ba ka pholohang ba ka ’na ba holofala bophelo bohle ba bona, ebang ke ’meleng kapa kelellong.” Mahlatsipa ana a angoa ka ho toba ke mopalami oa pere e ntšo.
E ka ’na eaba ha u-ua lapa, empa ka sebele u ’nile ua angoa ke litšoantso tse hlomolang tsa ba otliloeng ke tlala. Ho latela maikutlo a mohlophisi ho New York Times ea May 20, 1985, ka nako eo ho ne ho se ho fanoe ka lidolara tse fetang billione ho fana ka thuso ho ba lapang. Haeba mohlomong u sa tlatsetsa ka ho toba, mebuso e meng e entse menehelo e meholo, e sebelisa chelete ea lekhetho. E, ho palangoa hoa pere e ntšo ho amme batho bohle ka ho toba kapa ka ho sa tobang.
Pere e Tšehla
Pono e bonoeng ke Johanne e tsoela pele ka tlhaloso ea pere e ‘ngoe le mopalami oa eona: “Eaba kea talima, ka bona pere e tšehla, ’me ea e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, a lateletsoe ke ngalo ea bafu; a fuoa matla holim’a karolo ea bone ea lefatše ho bolaea batho ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu [“lefu la seoa,” NW], le ka libatana tsa naha”—Tšenolo 6:8.
Lefu le palame pere e tšehla, ’me “lefu la seoa” e mpa e le e ’ngoe ea litsela tse fapaneng tseo bophelo bo nkuoang ka eona nakong ea ho palama hoa monna enoa oa pere. Ho sa tsotellehe tsoelo pele ea kajeno ea bohlale ba bongaka, lefatše le ntse le tlakiloe ke lefu ka mahlakore ‘ohle. Leha e ka ’na eaba hona joale ha rea tobana le koluoa e tšoanang le ho neng ho bitsoa mokakallane oa Spania o ileng oa latela Ntoa ea I ea Lefatše, ho ntse ho le joalo, palo ea ba bolaoang ke kankere, mathata a pelo, le mafu a mang a mangata e-ea tšosa. Ka mohlala, Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o hakanya hore bakuli ba bacha ba limillione tse 5,9 ba kankere ba ba teng lefatšeng ka bophara selemo le selemo. Bofofu ba linōka, malaria, snail fever, cholera, le mafu a mang a mangata a phaella mafung a seoa a teng a ntseng a hlokofatsa batho.
Leha ho le joalo, u ka ’na ua re, ‘Ha ke na le le leng la mafu ana.’ Hoo e ka ’na ea e-ba ’nete, empa u angoa ke ho palangoa hoa pere e tšehla. Litefello tsa sepetlele le tsa meriana ke tse tšabehang. Hona ho etsa hore batho ba batle mokhoa o mong oa insurance ea bophelo. Linaha tse ngata li fana ka thuso ea meriana e lefelloang ka makhetho. Hape nahana ka tefello e tšabehang e bakoang ke ho senya nako ea mosebetsi, eo qetellong e fetisetsoang ho uena ka litefello tse phahameng. E, ho palangoa hoa pere e tšehla hoa u ama.
Se Tlisoang ke Pere e Tšoeu
Kamor’a ho nahana ka liphello tse bohloko ha banna ba bang ba lipere ba palame, hoa khothatsa ho hlokomela seo Johanne a se buileng ka pere e tšoeu e etellang tse ling pele le mopalami oa eona. Moapostola o itse: “Eaba kea talima, ka bona pere e tšoeu, ’me ea e kaletseng a tšoere seqha; a fuoa moqhaka, ’me a tloha e le ea hlōlang le ea tla hlōla.”—Tšenolo 6:2.
Jesu Kreste o palama pere e tšoeu. (Tšenolo 19:11) Puso ea hae ea leholimo e qalile ka 1914 ka liketsahalo tse tšosang. Ntoa leholimong ea fella ka hore Diabolose le mangeloi a hae ba lahleloe lefatšeng. Kamorao ho moo, lentsoe le tsoang leholimong la re: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” Hona hoa tšoaea ho qala ho palama hoa banna ba lipere.—Tšenolo 12:7-12.
Empa ho palama hoa Jesu Kreste ho u ama joang? Kamanong le puso ea hae, Jesu o hlile a bolela: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) Kajeno, linaheng tse fetang 200 le lihlekehleke tsa leoatle, Lipaki tsa Jehova li bolela ’Muso oa Kreste o hlomiloeng. Na li kile tsa etela ha hao? Joale u amiloe ke ho palama hoa monna enoa oa pere.
Ha a tsoela pele ho bolela kamoo batho ba neng ba tla angoa ke ho busa hoa hae, Jesu o ile a profeta: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae. Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae; ’me o tla khetha ba bang ho ba bang, joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli. O tla bea linku ka letsohong la hae le letona, a bee lipōli ho le letšehali.”—Mattheu 25:31-33.
Ka lebaka la mosebetsi ona o etsoang nakong ea ha Jesu a palame pere e tšoeu, batho bohle ba tsebahatsoa e le “linku” kapa “lipōli.” Hlokomela phello. “Lipōli” li “tla ea bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng [“linku”] ba tla ea bophelong bo sa feleng.” (Mattheu 25:46) Ka hona, ho re na u arabela joang ho boleloeng hoa molaetsa oa ’Muso, ho tla bolela lefu kapa bophelo bakeng sa hao.
Le haeba pejana u sa ka ua nahana kamoo banna ba lipere ba Tšenolo ba u amang kateng, re u khothalletsa hore u arabele litabeng tse molemo tsa hore ho palama hoa bona ho tla fela haufinyane. Kamorao ho moo, lefatše le tla thabela mahlohonolo a mangata tlas’a puso ea Jesu, mopalami oa pere e tšoeu. Ka boprofeta Bibele e hlalosa a mang a oona: “Mehleng ea hae, ea lokileng o tla atleha, ’me [ha mopalami oa pere e khunong a se a ile] khotso e ea ’ne e ate ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng. [Bosieong ba mopalami oa pere e ntšo] nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa oona li hoase.”—Pesaleme ea 72:7, 16.
Ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng, o ile a bontša matla ao a a filoeng ke Molimo holim’a lintho tse joalo tse kang mafu a tšabehang le lona lefu. O tla bontša matla a joalo ka tekanyo e khōlō haholo nakong ea puso ea hae e le Morena ’me o tla hloekisa lefatše mafu oohle a seoa, litlala, le lintoa. Ka hona, mopalami oa pere e tšoeu o tla felisa ho palama ho senyang hoa banna ba bang ba lipere ba Tšenolo.
[Lebokose le leqepheng la 3]
BANNA BA LIPERE BAA TSEBAHATSOA
Tokollo ea Molula-Qhooa ea January 1, e bontšitse kamoo ho palama hoa banna ba lipere ba Tšenolo ho qalileng ho phethahatsoa.
PERE E TŠOEU: Jesu Kreste o palama pere ena e le Morena ea sa tsoa beoa teroneng leholimong. O tšoantšetsoa e le ea palamang joaloka Mohlōli oa ho loka ho tloha ha a beoa teroneng ka 1914.
PERE E KHUNONG: Mopalami oa pere ena o tšoaea ntoa. Khotso e tlosoa lefatšeng, ’me ho tšoailoe ho qhoma hoa ntoa ea lefatše.
PERE E NTŠO: Mopalami oa pere ena o tšoaea khaello ea lijo le tlala. Ha ba limillione ba lapa, ba bang ba ntse ba khona ho reka lijo tse monate.
PERE E TŠEHLA: Lefu le palama pere e tšehla. Ho bonoa lefu le tlang pele ho nako. Le fella ka mafu a seoa le lintho tse ling.