Na Bafutsana ba ka Khona ho Tšepahala?
Amelia o ne a e-na le matsatsi a 29 feela ha nkhono oa hae a mo isa ngakeng. ’Mè oa Amelia o ne a ke ke a khona ho tsamaea le bona, hobane o ne a le hae a kula a e-na le bana ba bang ba bane.
Ntate o ne a le kae-kae sebakeng se seng a il’o batla mosebetsi. Ngaka e ile ea hlahloba lesea lena. Ho ne ho e-na le matšoao a phepo e fosahetseng, e leng ntho e tloaelehileng Afrika Bophirimela. Empa bothata bo boholo e ne e le lefu la “cellulitis.” Sefuba se senyenyane sa Amelia se ne se hlehla ka lebaka la leqeba le leholo le bakiloeng ke lefu leo.
Eitse ha ngaka e neha nkhono lengolo la litaelo tsa meriana, o ile a botsa: “Moriana oo e tla ba bokae?” Ngaka ea arabela: “E tla ba lidolara tse ’nè ho isa ho tse hlano.”
Nkhono o ile a khotsa ka ho tsieleha. O ne a se na leha e le lidolara tse peli tsa ho lefa chelete ea ho bona ngaka. O ile a khotsa: “Ekaba ke hokae lefatšeng moo re tlang ho fumana chelete ea mofuta oo!”
Ngaka e ile ea phehella: “U tla lokela ho e fumana kae-kae. Kōpa metsoalle ea hao le beng ka uena. Haeba u sa phekole lefu lena, le tla nama le kene maling, ’me lesea lena le tla shoa.”
Lelapa labo Amelia le ile la fumana chelete ka mokhoa o mong, ’me lesea le ile la tsoela pele le phela khoeling ea lona ea bobeli. Leha ho le joalo, batho ba limillione linaheng tse hōlang moruong ho pota lefatše ba sitoa ho alima chelete ho metsoalle ea bona le ho beng ka bona. ’Me litebello tsa ntlafatso ea moruo li lerootho.
The State of the World’s Children Report 1989 ea UNICEF (United Nations Children’s Fund [Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Letlōle la Bana]) e re: “Ka mor’a lilemo tse mashome tsa tsoelo-pele e tsitsitseng ea moruo, libaka tse khōlō tsa lefatše li chechela morao ho ea bofumeng.” Afrika le Latin America, karolelano ea chelete e kenang ka har’a naha e ile ea theoha ka karolo ea 10 ho ea ho 25 lekholong lilemong tsa bo-1980. ’Me lilemong tse ’maloa tse fetileng lichabeng tse 37 tse futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng, chelete e sebelisoang bakeng sa bophelo bo botle e ile ea theoha ka karolo ea 50 lekholong.
Sena se bolela eng bakeng sa ba limillione ba phelang bofumeng? Ho ba bangata, sena se bolela hore ba ke ke ba reka lijo kapa meriana tse hlokahalang. Ka baka leo, bana ba bona, balekane ba bona ba lenyalo, kapa batsoali ba bona ba ka tobana le kahlolo ea lefu e sa hlokahaleng, ha ba sa retelehele ho fumaneng chelete ka tsela e bonahalang e le eona feela e bulehileng ho bona—ka ho utsoa! E, bofuma bo ka bolela ho loana le mathata a bohloko a boitšoaro: bosholu kapa lefu? leshano kapa tlala? tjotjo kapa ho hloka litlhoko tsa bophelo?
Afrika Bophirimela ho na le maele a reng: “Moo u ropang khomo teng, ke hona moo e tla fula teng.” Ka mantsoe a mang batho ba tla sebelisa ka ho felletseng boemo leha e le bofe bo ba lumellang ho ithuisa. Hangata ba boholong ka har’a linaha lefatšeng ka bophara ba sebelisa litulo tsa bona ho fumana litjotjo ka mahahapa, ba fumana chelete ka bolotsana, kapa baa utsoa. Lebaka leo ba ikemelang ka lona ke ho re: ‘Ithuse ha u sa ntsane u khona ho ithusa. U ka ’na ua hloka monyetla oa ho etsa joalo hamorao.’ Ha boemo bo bobe ba moruo linaheng tse hōlang moruong bo ntse bo mpefala, batho ba hlokang ba ka ’na ba tsoela pele ho amohela khopolo ea hore botšepehi e ke ke ea e-ba leano le molemohali bakeng sa bafutsana.
Bibele e re: “U se ke ua utsoa.” (Exoda 20:15) Empa haeba ka sebele bafutsana ba ke ke ba khona ho tšepahala, na ho belaelloa bonnete ba melao ea boitšoaro ea Bibele? Na melao ea Molimo ke e sa sebetseng, e sa nahaneleng litlhoko tsa sebele tsa batho? Phihlelo ea Bakreste ba ’nete ba likete-kete linaheng tse hōlang moruong e fana ka karabelo e hlakileng lipotsong tsena.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
“Moo u ropang khomo teng, ke hona moo e tla fula teng”
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Bafutsana ke ba bang ba batho ba sebetsang ka thata linaheng tse hōlang moruong