Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 11/1 leq. 24
  • Babatli ba ’Nete ba Arabela Bopaking bo sa Reroang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Babatli ba ’Nete ba Arabela Bopaking bo sa Reroang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Keteke Keresemese?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Na U Lokela ho Keteka Keresemese?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Keresemese—Ke Hobane’ng ha e Ratoa Hakaale Japane?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Keresemese e Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 11/1 leq. 24

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Babatli ba ’Nete ba Arabela Bopaking bo sa Reroang

BIBELE e re tsebisa hore batho ba kang linku ba tla arabela lentsoeng la Molisa ea Molemo. (Johanne 10:27) Hona ho etsahetse linaheng tse ngata, ho kopanyelletsa le Brithani.

◻ Ka mohlala, ka 1988, nakoana feela pele ho Keresemese, Pamela, e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a arabela thelefono ofising moo a sebetsang teng ’me a bua le morekisi ea sebeletsang k’hamphane e tšoanang karolong e ’ngoe ea Engelane. Pele a ka mo salisa hantle, monna eo o ile a botsa: “Na u se u loketse Keresemese?” Pamela o ile a re: “Che!” Motho ea letsitseng o ile a botsa: “Na ha ua siuoa ke nako?” Pamela o ile a arabela: “Ha ke keteke Keresemese.” Monna eo o ile a re hoo ha hoa tloaeleha ’me a botsa hore na hobane’ng. Pamela o ile a ’molella hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me a tsoela pele ho hlalosa hore ha ho na molao ka har’a Bibele oa ho keteka tsoalo ea Jesu ’me ntle ho moo, Jesu ha aa tsoaloa ka December 25. Ho feta moo, Keresemese qalong e ne e le mokete oa bohetene. Monna ea buang le eena mohaleng o ile a re hoo hohle ho utloahala ho thahasellisa haholo.

Likhoeli tse tharo hamorao Pamela o ile a arabela thelefono, ’me motho ea letsitseng o ile a re: “Na u hopola ha u ne u buisana le ’na pele ho Keresemese ’me u mpolella hore ha u keteke Keresemese? Koana, ke fumane ’nete!” E ne e le eena monna eo, ’me o ile a hlalosa hore libeke tse peli ka mor’a Keresemese, Lipaki tse peli li ile tsa fihla lapeng la hae. O ile a li memela ho kena, ’me thuto ea Bibele e ile ea qaloa. O ile a hlalosa hore o entse tsoelo-pele e khōlō lithutong tsa hae. O ile a bolella kharebe ea hae eo a lulang le eona hore mokhoa oa bona oa bophelo ha o khahlise Jehova, kahoo ba ile ba arohana, ’me joale bobeli ba bona ba ne ba e-tla libokeng Holong ea ’Muso.

Bofelong ba selemo, ba ile ba amoheloa joaloka bahoeletsi ba sa kolobetsoang, ’me mathoasong a 1990 ba ile ba nyalana. Ba ile ba kolobetsoa hammoho. E bile phello e ntle ka baka la bopaki bo bokhutšoanyane, bo sa reroang thelefonong!

◻ Jehova o ile a hlohonolofatsa khaitseli e mong ea neng a etsa bopaki bo sa reroang Engelane. Ha monna oa inshorense a fihla tlung ea hae, khaitseli o ile a botsa hore na o ne a ke ke a rata ho sireletsoa hore a be le bophelo bo botle, thabo, le bophelo bo sa feleng. O ile a re oa rata ’me a ’motsa hore na ke inshorense efe eo a buang ka eona. Hoba a bontšoe ho tsoa Bibeleng tšepiso ea Molimo ea bophelo bo sa feleng Paradeiseng lefatšeng, o ile a amohela kopi ea buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ’me o ile a bala khatiso eo kaofela ka bosiu bo le bong. Ha a etela khaitseli hape, o ile a ’molella hore boitsebiso bo ne bo tsoteha—hoja feela a ka be a na le tumelo ea ho bo lumela. Khaitseli o ile a ’molella hore o lokela ho ithuta Bibele le ho tla libokeng Holong ea ’Muso. Ho ile ha lokisetsoa thuto ea Bibele, ’me o ile a qala ho tla libokeng. O ile a kolobetsoa lehoetleng la selemo sona seo. Selemo feela hamorao, o ile a nyala morali oa khaitseli ea ileng a mo pakela ka lekhetlo la pele. Khaitseli o re: “Joale, ke ithuetse moena le mokhoenyana ka bopaki ba ka bo sa reroang!”

Ke ’nete hore babatli ba ’nete ba arabela ha ’nete ea Bibele e tsamaisoa ka bopaki bo sa reroang. Joalokaha Jesu a boletse, linku tsa hae li utloa lentsoe la hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela