Keresemese—Ke Hobane’ng ha e Ratoa Hakaale Japane?
HO LUMELA ho Father Christmas ho metse ka metso har’a bana naheng ea Japane ea Bobuddha le Boshinto. Ka 1989, bana ba Majapane ba ile ba ngola mangolo a 160 000 a eang ho Santa World Sweden. Ha ho naha e ’ngoe e rometseng mangolo a mangata ho feta ao. Ba ile ba ngola mangolo ka tšepo ea ho khotsofatsa litakatso tsa lipelo tsa bona, ebang ke “Computer e Hlahisang Litšoantšo” ea li-yen tse 18 000 (liranta tse 374) ea ho bapala kapa video e hlahisang lipapali ea li-yen tse 12 500 (liranta tse 261).
Ho banana ba Majapane, ho laetsana Mantsiboeeng a Pele ho Keresemese ke ketsahalo e khethehileng. Mainichi Daily News e re: “Ho latela phuputso e entsoeng ho basali ba bacha, karolo ea 38 lekholong e boletse hore e entse litokisetso tsa Mantsiboea a Pele ho Keresemese khoeli esale pele.” Bahlankana ba na le sepheo sa boithati sa ho batla ho intša le likharebe tsa bona Mantsiboeeng a Pele ho Keresemese. Makasine o mong o ile oa fana ka tlhahiso ena ho bahlankana: “E ka ba hantle ho rapela hammoho le kharebe ea hao le khutsitse. Rapellang sebakeng se seng se setle. Kapele kamano ea lōna e tla ba e atamelaneng haholoanyane.”
Banna ba Majapane le bona ba tšepa hore ba tla fumana matla a itseng a boselamose ka neano ea bona ea Keresemese ea ho reka “kuku e khabisitsoeng” ha ba khutlela lapeng ba tsoa mosebetsing. Ho thoe ho tšoantšisa Santa Claus ho lefella ho hlokomoloha lelapa karolong eohle ea selemo.
Ka sebele, Keresemese e metse ka metso har’a Majapane ao eseng Bakreste. Ha e le hantle, karolo ea 78 lekholong ea batho bao batsamaisi ba mabenkele ba buisaneng le bona e boletse hore e etsa ntho e ’ngoe e khethehileng bakeng sa Keresemese. Lenane leo ke le leholo haholo naheng eo e leng karolo ea 1 lekholong feela ea baahi e ipolelang hore e lumela Bokresteng. Le hoja ba ipolela hore ba latela Bobuddha kapa Boshinto, ba ikutloa ba lokolohile hore ba ka thabela letsatsi la phomolo la “Bokreste.” Almanakeng ea eona, Sehalalelo sa Boshinto sa Ise se tsebahalang se thathamisa December 25 e le “letsatsi la tsoalo ea Kreste” hammoho le mekete ea Majapane. Leha ho le joalo, liketso tsa batho bao eseng Bakreste ba kenellang boithabisong nakong ea Keresemese li hlahisa potso:
Keresemese ke Mokete oa Bo-mang?
Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary e hlalosa Keresemese e le “mokete oa Bokreste o tšoaroang ka December 25 . . . oa ho ikhopotsa letsatsi la tsoalo ea Kreste.” E ’nile ea talingoa e le nako ea “Bakreste” ea ho “kopana maikutlong a bona a thabo ka letsatsi la tsoalo ea Kreste.”
Batho ba ketekang Keresemese e le feela mokete oa bolumeli ba ka talima batho ba fetolang letsatsi leo ka boithabiso le ho fana ka limpho e le ba tenang ebile ba nyefola. Leamerika le lulang Japane le ngotse: “Japane re amehile ka khoebo ka ho fetisisa: eseng ka Kreste.” E mong o ngotse sena mabapi le Keresemese ea Majapane: “Ho motho ea tsoang ka Bophirimela, hase kalakunu [eo hangata e sa fumaneheng limmarakeng tsa Majapane] e leng sieo, empa ho sieo ke motsoako oa bohlokoa ka ho fetisisa, moea oa eona.”
Kahoo, moea oa Keresemese ke eng? Na ke moea o bang teng tšebeletsong ea kereke oa lipina, holly, le likerese, tseo batho ba bangata ba li sebelisang ha ba ea kerekeng hang ka selemo? Kapa na ke lerato, thabo, le ho fana ka limpho ho susumetsang batho ba bangata hore ba fane? Na ke khutso e bang teng lebaleng la ntoa ha masole a phomotse ka matsatsi a ’maloa a “khotso lefatšeng”?
Ka ho makatsang, hangata moea oa Keresemese o sitoa ho tlisa khotso esita le ka lapeng. Ho latela phuputso e entsoeng ka 1987 Engelane, ho ile ha hakanngoa hore ho tla qhoma ‘ntoa ea lehae’ malapeng a Brithani a etsang karolo ea 70 lekholong ka Keresemese selemong seo. Ho loantšana ka baka la chelete e ne e le sona sesosa se seholo. Ho noa joala ka ho tlōlisang le ho se phethe ha motho karolo ea hae ka lapeng le hona ho hlahisa ntoa ka lapeng.
Motho e mong ea tsoang karolong e ka Bophirimela ea lulang Japane, ea neng a etetse lapeng ka Keresemese haufinyane o ngotse: “Ke ipotsa hore na ha re lahleheloe ke ho hong mabapi le tlhaloso ea ’nete ea Keresemese. Selemo le selemo ka December 25, ke laba-labela ho khutlela mofuteng oa khale oa Keresemese o siiloeng ke nako—tšebeletso ea bohetene ea ho ketekoa ha tšimoloho ea mariha ka ho rapela lifate le ho etsa meketjana e lerata. Re sa ntse re e-na le mekhabiso eohle ea bohetene—mistletoe, holly, lifate tsa fir joalo-joalo—empa ka tsela e itseng, Keresemese e fetohile ho tloha ha Bakreste ba e amohela ’me ba e fetola mokete oa bolumeli.”
Bonneteng, Keresemese ke letsatsi la phomolo la bohetene. The World Book Encyclopedia e bolela hore Bakreste ba pele ha baa ka ba e keteka “hobane ba ne ba talima ho ketekoa ha letsatsi la tsoalo ea motho ofe kapa ofe e le mokhoa oa bahetene.” Mekete ea bohetene ea Saturnalia le ea Selemo se Secha ke mohloli oa boithabiso le ho fapanyetsana ka limpho.
Haeba Keresemese e hlile ke mokete oa bohetene, Bakreste ba ’nete ba tlameha ho botsa potso, na Keresemese e loketse Bakreste? A re boneng seo Bibele e se buang ka mokete oa letsatsi la tsoalo ea Kreste.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Tšimoloho ea Mokete oa Keresemese
Le hoja lintlha tse qaqileng li ile tsa lahleha mehleng ea khale, litšupiso li bontša hore ka 336 C.E., kereke ea Roma e ne e keteka Keresemese ea mofuta o itseng. The New Encyclopædia Britannica ea hlalosa: “Letsatsi la Keresemese le ile la khethoa hore e be December 25 ka morero oa ho nka sebaka sa mokete o moholo oa molimo oa letsatsi.” Ke ka nako eo bahetene ba neng ba etsa mekete ea bona nakong ea mokete oa Saturnalia oa Maroma le mokete oa Macelts le Majeremane oa tšimoloho ea mariha. The New Caxton Encyclopedia e bolela hore “Kereke e ile ea sebelisa monyetla oo hore e fetole mekete ena hore e be ea Bokreste.”