Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 1/1 maq. 9-18
  • Ho Ithabela ho ’Mōpi oa Rōna e Moholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ithabela ho ’Mōpi oa Rōna e Moholo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ho e Potlakisa’
  • Ho Hlokomela Keketseho e Tsoelang Pele
  • Lihora tse Limillione tse Sekete
  • Lenaneo le Leholo la Kaho
  • Ho Hahela Bokamoso bo sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Mosebetsi oa Kaho o Tlotlisang Jehova
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Ho Haha Hammoho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Karolo 5—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 1/1 maq. 9-18

Ho Ithabela ho ’Mōpi oa Rōna e Moholo

“Iseraele a e ke e ithabele ho Moetsi oa eona e moholo, bara ba Sione—a ba ke ba nyakalle ho Morena oa bona.”—PESALEME EA 149:2, NW.

1. Ho sa tsotellehe mohoo oa “tokoloho qetellong,” boemo ba sebele ba batho ke bofe?

LEFATŠE la kajeno le hlasetsoe ke “bohloko ba tsieleho.” Ena ke polelo eo Jesu a ileng a e sebelisa boprofeteng ba hae bo mabapi le “bofelo ba tsamaiso ea lintho,” e leng nako ea koluoa e qalileng ka ntoa ea pele ea lefatše ka 1914. (Mattheu 24:3-8, NW) Bo-ralipolotiki ba bangata ba bona feela tlokotsi bakeng sa bokamoso. Ho sa tsotellehe mohoo oa “tokoloho qetellong” Europe Bochabela, eo e kileng ea ba mopresidente sebakeng seo o ile a akaretsa boemo ha a re: “Sepenya sa baahi le mocheso o moholo, masoba a leng teng ho ozone le AIDS, tšokelo ea botšosi ka libetsa tsa nuclear le lekhalo le ntseng le eketseha haholo pakeng tsa linaha tse ruileng tse karolong e ka leboea ea lefatše le linaha tse futsanehileng tse karolong e ka boroa ea lefatše, kotsi ea tlala, ho fokotseha ha bophelo le tikoloho le mehloli ea lintho tsa tlhaho tsa polanete e lefatše, ho ata ha mokhatlo oa batho bao likhopolo le boikutlo ba bona bo laoloang ke mananeo a thelevishine le tšokelo e ntseng e hola ea lintoa tsa mahae—lintho tsena kaofela, ha li kopanngoa le mabaka a mang a likete, li fana ka tšokelo e akaretsang ho batho.” Ha ho ’muso oa batho o ka tlosang tšokelo ena e tla fella ka tlokotsi e bolaeang.—Jeremia 10:23.

2. Ke mang ea nang le tharollo ea ka ho sa feleng mathateng a batho, hona o se a nkile mehato efe?

2 Leha ho le joalo, re ka thaba hore ’Mōpi oa rōna e Moholo o na le tharollo ea ka ho sa feleng. Boprofeteng ba Jesu “bofelo ba tsamaiso ea lintho” bo amahanngoa le “ho ba teng” ha hae ho sa bonahaleng. (Mattheu 24:3, 37-39, NW) E le hore Jehova a bōpe “maholimo a macha,” o behile Jesu teroneng e le Morena oa Messia, bopaki ba boprofeta bo bontša hore sena se etsahetse maholimong ka selemo sa 1914.a (2 Petrose 3:13) Jesu e le ’musi-’moho le ’Musi Morena Jehova, hona joale o laetsoe ho ahlola lichaba le ho arola batho ba bonolo, ba kang linku ba lefatše ho ba manganga ba kang lipoli. “Lipoli” tse sa tšabeng Molimo li tšoaetsoe “timetso ea ka ho sa feleng” ’me “linku” li tšoaetsoe bophelo bo sa feleng sebakeng sa lefatše sa ’Muso.—Mattheu 25:31-34, 46, NW.

3. Bakreste ba na le lebaka lefe la ho nyakalla?

3 Masala a Iseraele oa moea a leng lefatšeng, ao hona joale a kopaneng le bongata bo boholo ba linku tsena tse bontšang kutlo, a na le mabaka a utloahalang a ho nyakalla ho Jehova, Morena oa ka ho sa feleng, ha a tlisa merero ea hae e meholo tlhōrōng ka ’Muso oa Mora oa hae. A ka re: “Ke tla ithabela ho Jehova, moea [“sephefumolohi,” NW] oa ka o nyakalle ho Molimo oa ka, hobane o nkapesitse ka liaparo tsa poloko . . . Hobane joale ka ha lefatše le melisa limela tsa lona, le joale ka tšimo ha e melisa tse jaliloeng ho eona, ho joalo Morena Jehova o tla melisa ho loka le lithoko pontšeng ea lichaba kaofela.” (Esaia 61:10, 11) Ho “melisa” hona ho pakoa ke batho ba limillione bao hona joale ba bokelloang ho lichaba tsohle ho tla bina thoriso ea Jehova.

‘Ho e Potlakisa’

4, 5. (a) Ho bokelloa ha batho ba Molimo ho ile ha boleloa esale pele joang? (b) Ke keketseho efe e hlaheletseng e bileng teng selemong sa tšebeletso sa 1992?

4 Ho bokella hoa eketseha ha bofelo ba tsamaiso ena ea Satane bo atamela. ’Mōpi oa rōna e Moholo o re: “Sechaba sa hao e tla ba sa ba lokileng feela . . . ke lehlomela leo ke le hlomileng, ke mosebetsi oa khanya ea ka. E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ea nyatsehang a fetohe sechaba se sengata. ’Na Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.” (Esaia 60:21, 22) Ho potlakisa hona ho bontšoa ka ho hlollang ho Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso sa 1992 ea Lipaki tsa Jehova Lefatšeng Lohle, e hatisitsoeng ho maqephe 12 ho ea ho 15 a makasine ona.

5 Ho hlaheletseng tlalehong ena ke tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba ’Muso ba 4 472 787, e leng keketseho ea 193 967—e leng karolo ea 4,5 lekholong ho feta ea selemo se fetileng. Tlhōrō ea ba 301 002 ba kolobelitsoeng ka 1992 e boetse e bontša hore ba bangata ba amohela ’nete ea Bibele. Re thaba hakaakang hore “ka letsatsi la botšo le la lefifi, . . . ho tla sechaba se seholo, se matla,” bao joaloka tsie e ngata, ba atolosang bopaki ba ’Muso “ho isa pheletsong ea lefatše”! (Joele 2:2, 25; Liketso 1:8) Ho tloha Alaska e leqhoa—moo sefofane sa Mokhatlo oa Watch Tower se etetseng libaka tse thibeletsoeng ke lehloa ka makhetlo a fetang 50—ho ea mahoatateng a tlabotsoeng ke letsatsi a Mali le Burkina Faso le lihleke-hleke tse qalikaneng tsa Micronesia, bahlanka ba Jehova ba khanya joaloka “leseli la lichaba, [a] tle [a] be poloko . . . ho isa pheletsong ea lefatše.”—Esaia 49:6.

6, 7. Ke phetoho efe e bonahetseng lilemong tsa morao, hona bahlanka ba Jehova ba arabetse joang ho eona?

6 Jehova o bile joaloka qhobosheane le tora e matla ha a sireletsa le ho tšehetsa batho ba hae. Likarolong tse ngata tsa lefatše, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tlameha ho mamella khatello e sehlōhō le mahloriso ka mashome a lilemo. (Pesaleme ea 37:39, 40; 61:3, 4) Empa morao tjena, joalokaha eka ke ka mohlolo, ho ile ha tlosoa lithibelo le mekoallo linaheng tse ka bang 21, e leng hore hona joale batho ba Molimo ka bolokolohi ba ka phatlalatsa hore ’Mōpi oa rōna e Moholo o behile Kreste e le Morena holim’a lefatše.—Pesaleme ea 2:6-12.

7 Na batho ba Jehova ba sebelisa tokoloho eo ba sa tsoa e fumana hamolemo? Hlokomela chateng mona keketseho e teng Bulgaria, Romania, le moo pele e neng e le Soviet Union Europe Bochabela le Angola, Benin, le Mozambique Afrika. Le Zaire, keketseho e khōlō. Baena ba rōna ba lokolohileng ba arabela pitsong ka lipelo tse thabileng: “Isang teboho ho Jehova, hobane o molemo . . . , ho Moetsi oa lintho tse hlollang, tse khōlō tseo a li entseng ka boeena: hobane mosa oa hae o lerato ke oa ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 136:1, 4, NW) Liteboho tsena li bontšoa ka tšebeletso e chesehang ea ho bokella batho ba bang ba kang linku ka lehlakoreng la ’Muso.

8. Ke joang barorisi ba bacha ba Jehova ba leng joaloka “ba fofang joale ka maru” Europe Bochabela? le Afrika?

8 Lehlabuleng le fetileng la Europe, ho bile le batho ba bangata ka mokhoa o makatsang likopanong tsa batho ba Jehova tse ileng tsa tšoaroa linaheng tseo pele e neng e le tsa Bokomonisi. Esita le ho makatsang ka ho fetisisa ke palo ea ba ileng ba kolobetsoa linaheng tseo. Ka ho tšoanang, Togo, Afrika, thibelo e ile ea tlosoa ka December 10, 1991. Khoeling e latelang ho ile ha tšoaroa kopano ka har’a naha. Palo ea batho ba bileng teng kopanong ena ha e bapisoa le kakaretso ea khoeli le khoeli ea bahoeletsi ba 6 443 tšimong, e ile ea nyolohela ho 25 467, ’me ha kolobetsoa ba 556—e leng karolo ea 8,6 lekholong ea palo ea bahoeletsi. Joalokaha Esaia 60:8 (NW) e bontša, barorisi ba bacha ba Jehova ke “ba fofang joale ka maru le joale ka maeba a rurelang lirobeng tsa ’ona” ka liphuthehong tsa batho ba Jehova.

9. Ke litokisetso life tse entsoeng hore Bakreste ba leng linaheng tse sa tsoa fumana bolokolohi ‘ba je ’me ba khore’?

9 Ho lapela lijo tsa moea Europe Bochabela le Afrika ho boetse hoa hlokomeloa. Lifektheri tsa Mokhatlo oa Watch Tower Jeremane, Italy, le Afrika Boroa li rometse thepa e ngata ea lingoliloeng ka teraka, ka lipuo tse ngata, linaheng tse lapileng moeeng. Nakong e fetileng, ho ne ho hlokahala hore Lipaki tse ngata li alimane likopi tsa khale tsa limakasine, empa hona joale li se li fumana lijo tse ngata tsa moea. Li thabela ho ba le karolo phethahatsong ea boprofeta bo reng: “Le tla ja, le be le khore; le tla rorisa lebitso la Jehova, Molimo oa lōna, ea le etselitseng tse hlollang.”—Joele 2:26.

Ho Hlokomela Keketseho e Tsoelang Pele

10. Ka baka la palo e khōlō ea ba bileng teng Sehopotsong, ke memo efe e fuoang batho bohle ba thahasellang?

10 Ho makatsang e le kannete ke palo ea ba bileng teng bakeng sa Sehopotso sa lefu la Jesu, 11 431 171, e leng keketseho ea ba 781-013, kapa karolo ea 7,3 lekholong ho feta selemong se fetileng. Lea amoheloa lōna bohle ba bacha! E ka ba hantle hakaakang hore bohle ba sa tsoa thahasella joalo ba ka thabela melemo ea thuto ea lehae ea Bibele le e mong oa Lipaki tsa Jehova! (Bona Esaia 48:17.) Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso e bontša hore lithuto tse 4 278 127 ho tsena li khannoa khoeli ka ’ngoe, e leng keketseho e ntle ea karolo ea 8,4 lekholong. Leha ho le joalo, ba bangata ba ka etsa hore ba fumanehe bakeng sa tšebeletso ena. Lipaki tsa Jehova li thabela ho etela batho ba thahasellang ka mehla le ho khanna thuto ea Bibele e sa lefelloeng malapeng a bona, ka hona ba thusa batho bana hore ba tsitsise maoto a bona tseleng e isang bophelong bo sa feleng. (Johanne 3:16, 36) Ke hobane’ng ha u sa kōpe thuto e joalo? Hopola hore, ka linako tsohle u tla amoheloa ka mofuthu Holong ea ’Muso!—Pesaleme ea 122:1; Ba-Roma 15:7.

11, 12. (a) Linaheng tse ling ho na le mathata afe? (b) Ke ka tsela efe “ho leka-lekanya” ho bileng teng pakeng tsa linaha tse ruileng haholoanyane le tse futsanehileng haholoanyane?

11 Liphutheho tse nang le Liholo tse ntle tsa ’Muso li hlohonolofatsoa ka ho enneng. Boemo e ba bo fapaneng linaheng tseo ho tsona Lipaki tse tšepahalang li mameletseng ho ba tlas’a thibelo ka lilemo tse ngata, li kopana ka sekhukhu ka lihlopha tse nyenyane. Libakeng tse ’maloa tse joalo, hona joale li se li lokolohile empa li na le Liholo tse ’maloa tsa ’Muso. Ka mohlala, naheng ea Afrika, liphuthehong tse 93, ho na le Liholo tse tharo feela tsa ’Muso. Kahoo hangata ho tšoareloa liboka thoteng. Phuthehong e nang le bahoeletsi ba 150 ho ka etsahala hore ho be le batho ba 450 ba bang teng ka mehla libokeng tsena.

12 Europe Bochabela hangata ho thata ho reka setša kapa ho haha, empa ho na le khatelo-pele e entsoeng. Ho ile ha reroa hore ho tla neheloa mohaho o motle o mocha oa lekala ka November 28, 1992, Poland. Menehelo e fanoang ka seatla se bulehileng mosebetsing oa lefatše ka bophara oa Lipaki tsa Jehova e sebelisetsoa ho thusa ho haha liholo le mehaho e meng. Ka hona, “ho leka-lekanya” ho ba teng ka hore ho fana ha baena ka seatla se bulehileng ha ba nehelana ka ‘se ba ngatafaletseng’ mabapi le lintho tse bonahalang ho thusa tabeng ea ho hlokomela litlhoko tsa moea tsa liphutheho tse leng linaheng tse nang le bothata.—2 Ba-Korinthe 8:13, 14, NW.

Lihora tse Limillione tse Sekete

13. Ho qetiloe lihora tse kae boboleling le ho ruta ka 1992, ’me palo ee e bontša boiteko ba bo-mang?

13 U ne u tla etsa eng ka lihora tse limillione tse sekete? Bohle ba fumanang bophelo bo sa feleng ba tla khona ho qeta lihora tse ngata hakaalo, esita le tse fetang tseo, tšebeletsong e behang litholoana, le e khotsofatsang ea Jehova. Empa ak’u nahane hore na ho ka ba joang ho petetsa lihora tseo kaofela selemong se le seng! Ke seo batho ba Jehova ba ileng ba se finyella ka 1992. Ha re kopanya litlaleho ka ’ngoe tsa bahoeletsi bohle ba ’Muso, re fumana tlhōrō e ncha ea lihora tse 1 024 910 434 tse sebelisitsoeng ka tsela e molemo ka ho fetisisa eo lihora li ka sebelisoang ka eona—ho rorisa ’Mōpi oa rōna e Moholo, ba “ruta . . . pontšeng le ka matlung.” (Liketso 20:20) Ka kakaretso, Lipaki tse 4 289 737 li ne li tlaleha khoeli le khoeli. Ke batho ba maemo ’ohle a bophelo. Ba bang nako eo ba ka nehelanang ka eona mosebetsing oa ’Muso e lekanyelitsoe. Bana ba kopanyeletsa lihlooho tsa malapa, tse tlamehang ho hlokomela malapa; ba hōlileng; le ba bangata ba nang le mathata a bophelo; haesita le bana ba ntseng ba kena sekolo. Leha ho le joalo, tlaleho e entsoeng ke e mong le e mong ke pontšo ea bohlokoa ea lerato ho Jehova.—Bapisa le Luka 21:2-4.

14. Bacha ba ‘hopola ’Mōpi oa bona e Moholo’ joang?

14 Moloko o sa leng mocha o hōlela tšebeletsong ea Jehova, ’me ho thabisang ke hore ba bangata ba ’ona ba sebelisa mantsoe a Salomone a ho Moeklesia 12:1 (NW): “Hopola, hona joale, ’Mōpi oa hao e Moholo matsatsing a bohlankana ba hao.” Ba itšebelisa ka matla mosebetsing oa bona oa sekolo, haesita le koetlisong ea lintho tsa moea eo ba e fuoang ke batsoali ba bona ba itetseng. Ebile thabo ho bona bana ba bangata ba lilemong tsa bocha ba eme likopanong tsa morao tjena, ba inehela bakeng sa kolobetso. Ho boetse hoa thabisa ho tseba hore ba bangata ka ho ithutela khoebo kapa mosebetsi o itseng, ba etsa litokisetso tse sebetsang bakeng sa ho bula maliboho ha ba qeta sekolong. Ka hona, ba tla khona ho itjara, joalokaha nako le nako moapostola Pauluse a ne a itjara ka ho etsa litente.—Liketso 18:1-4.

15, 16. Bo-pula-maliboho le bahlanka ba bang ba nako e tletseng ba tlatselitse joang mosebetsing oa ’Muso, hona ba bang ba bona ba thabetse litlhohonolofatso life?

15 Ke tlatsetso e kaakang eo bo-pula-maliboho le bahlanka ba bang ba leng tšebeletsong ea nako e tletseng ba e etsang ho ntšetsa pele mosebetsi oa ’Muso! Manane a bo-pula-maliboho a ile a eketseha ho fihla tlhōrōng ea ba 931 521 selemong sena se fetileng. Ha ba ntse ba ruta ka ntlo le ntlo letsatsi le leng le le leng le ho khanna lithuto tsa Bibele malapeng a batho, ba atleha ho itlhalosa ka ho hlakileng ka Mangolo. Ho feta moo, ba bangata ba ile ba tšoaneleha ho ea Sekolong sa Tšebeletso sa Bo-pula-maliboho sa libeke tse peli, se ba thusitseng ho hlaolela tsebo e khōloanyane le thabo ha ba etsa mosebetsi oa Molimo.

16 E mong le e mong oa bo-pula-maliboho bana ba tšepahalang a ka pheta mantsoe a ho Esaia 50:4: “Morena Jehova o ’neile leleme la ba rutehileng, ke tle ke tsebe ho khothatsa ea khathetseng ka lentsoe la ka.” Kajeno ho na le batho ba bangata ba khathetseng ke lefatše le senyehileng le ba pota-potileng empa ba fumana khatholoho ka lentsoe le buuoang ke bo-pula-maliboho ba rōna ba tšepahalang.—Bapisa le Liproverbia 15:23; Ezekiele 9:4.

Lenaneo le Leholo la Kaho

17. Ho phaella ho kaho ea moea, ke kaho efe ea sebele e bileng teng lilemong tsa morao?

17 Katleho ea moea ea Lipaki tsa Jehova ea lefatše ka bophara e boetse e etsa hore ho be le khōlo mabapi le lintho tse bonahalang. Ho atolosoa ha mehaho bakeng sa khatiso, liofisi, le mahae a Bethele le kaho ea Liholo tsa ’Muso le Liholo tsa Kopano hoa hlokahala. Kahoo, ho hlokahala hore Lipaki tsa Jehova e be lihahi ka kutloisiso ea sebele. Mosebetsi o tšoanang oa kaho o ile oa etsoa mehleng ea Morena Salomone. Salomone o ile a haha tempele bakeng sa borapeli ba Jehova ho latela “polane . . . eo a e fumaneng ka pululelo,” eo Jehova a ileng a e neha ntate oa hae, Morena Davida. (1 Likronike 28:11, 12, NW) Ka hona, Salomone ha a ka a matlafatsa bamameli ba hae feela ka mantsoe a bohlokoa a bohlale empa o boetse a etella pele kahong ea mohaho o motle hoo ho seng lefatše le ki-leng la ba le ’ona.—1 Marena 6:1; 9:15, 17-19.

18, 19. (a) Ke merero efe e potlakileng ea kaho e etsoang ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova? (b) Moea oa Jehova o bonahetse joang kahong ea sebele le ea moea?

18 Kajeno Lipaki tsa Jehova ha li hahe li sebelisa lipolane tse bululetsoeng, empa li na le moea oa Molimo. Joaloka mehleng ea Iseraele, sena se li susumeletsa hore li hahe ka tsela e makatsang batho ba lefatše. (Zakaria 4:6) Nako e khutšoaane. Ho hlokahala Liholo tsa ’Muso le mehaho e meng hang-hang. Linaheng tse ling batho ba tloaetse Liholo tsa ’Muso tse hahuoang ka potlako. Ka mohlala, lilemong tse fetileng tse 10, Canada e tlaleha hore ho hahuoe liholo tse 306, holo ka ’ngoe e hahoa ka nako e ka tlaase ho matsatsi a mabeli. Ka baka la keketseho e potlakileng ea mosebetsi oa Jehova lefatšeng ka bophara, hona joale ho hahoa kakaretso ea mehaho e mecha ea makala kapa makala a eketsoang a 43 kapa ho ntse ho reroa hore a hahuoe. Ho feta moo, mohaho oa bolulo oa mekato e 30, o ka khonang ho fana ka bolulo bakeng sa baithaopi ba ka bang sekete ba Bethele, o se o tla fela Brooklyn. Hona Motseng oa New York, Patterson, kaho ea setsi sa thuto ea Bibele, seo e leng morero o moholo ka ho fetisisa oo Mokhatlo oa Watch Tower o kileng oa o etsa, o ntse o tsoela pele ka lebelo le fetang leo o neng o le reretsoe.

19 Merero ena e tsoela pele ka katleho ’me ho etsoa mosebetsi o motle ka tsela e makatsang le lik’hamphani tse hlaheletseng tsa lefatše. Hobane’ng? Ke ka baka la menehelo e meholo e etsoang ke Lipaki tse inehetseng tsa Jehova. Moea oa hae o li susumeletsa hore li fane eseng feela ka tšehetso ea lintho tse bonahalang empa le ho fana ka pelo eohle ka nako le matla a tsona. Libaka tsa kaho li tletse ka basebetsi ba koetlisitsoeng hantle, ba itetseng. Ha ho na seteraeke sa basebetsi, ’me ha ho ba ithepetlisang mosebetsing. Ba susumetsoa ke moea oa Jehova joalokaha o ile oa susumetsa lihahi tsa tabernakele mehleng ea Moshe le ba neng ba haha tempele mehleng ea Salomone. Tšobotsi e hlaheletseng e hlokoang ho basebetsi bana ke bomoea ba bona.—Bapisa le Exoda 35:30-35; 36:1-3; 39:42, 43; 1 Marena 6:11-14.

20. (a) Litaba tse molemo li sa ntse li tla boleloa ho isa bohōleng bofe? (b) Ke tebello efe e thabisang e letetseng batho ba Jehova?

20 Salomone o ile a ntšetsa pele lenaneo la hae la kaho ka mor’a ho qeta tempele. (2 Likronike 8:1-6) Hore na bopaki ba kajeno bo tla eketseha ho isa bohōleng bofe—ka nako e tšoanang ho hahuoa liholo le mehaho e meng—ha re tsebe. Leha ho le joalo, re tseba hore ha litaba tsena tse molemo tsa ’Muso li boletsoe ho isa bohōleng boo Jehova a bo batlang, joale bofelo, e leng ‘mahlomola a maholo,’ bo tla tla. (Mattheu 24:14, 21) Lefatšeng le ke keng la hlola le senngoa ke batho ba meharo, tokisetso ea Jehova ea “maholimo a macha le lefatše le lecha” e tla tlisetsa batho litlhohonolofatso tse ngata. Ka hona e se eka re ka ‘ba le thabo le nyakallo e sa feleng ka seo Molimo a tla se bōpa,’ re rorise ’Mōpi oa rōna e Moholo!—Esaia 65:17-19, 21, 25.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona “Let Your Kingdom Come,” e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., maqephe 105-16, 186-9.

Na U ka Hlalosa?

◻ Re na le mabaka afe a ho ithabela ho ’Mōpi oa rōna e Moholo?

◻ Ke keketseho efe e tlalehiloeng selemong sa tšebeletso sa 1992?

◻ Linaheng tseo pele bopaki bo neng bo thibetsoe, ho tlalehoa tlhohonolofatso efe e enneng?

◻ Ke joang bacha le bo-pula-maliboho ba tlatselitseng keketsehong e leng teng mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova?

◻ Batho ba Jehova ba ’nile ba tšoareha joang mesebetsing ea kaho ea sebele le ea moea?

[Lebokose le leqepheng la 17]

Selemong se fetileng ho ile ha qetoa lihora tse fetang limillione tse sekete mosebetsing oa boboleli le oa ho ruta

[Chate e leqepheng la 12-15]

TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 1992 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Batho ba likete tse makholo ba ileng ba kolobetsoa selemong se fetileng ba bonahatsa tlhohonolofatso ea Jehova mosebetsing oa boboleli le oa ho ruta

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Bacha ba bangata ba ‘hopola ’Mōpi oa bona e Moholo’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela