Ba re Behetse Mohlala
JOALOKAHA HO BOLETSE CRAIG ZANKER
Ka lilemo tse robeli ’na le mosali oa ka, Gayle, re bile bo-pula-maliboho, basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova. Ka tse tšeletseng tse fetileng, re ’nile ra sebeletsa har’a Batala motseng oa mahaeng o ka thōko ho Australia. Re mpa feela re latela mohlala o motle oo re ileng ra o beheloa ke batsoali ba ka le batsoali ba batsoali ba ka.
A NKE ke u bolelle haholo-holo ka batsoali ba batsoali ba ka. Kamehla re ne re ba bitsa Opa le Oma ka tsela e bontšang kameho e lerato, e bolelang ntate-moholo le nkhono ka Sedutche. Ntate-moholo oa ka, Charles Harris, o ntse a sebeletsa ka cheseho Melbourne, moo a phetseng teng ka lilemo tse ka bang 50.
Ho Ithuta Linnete tsa Bibele
Opa o hlahetse toropong e ’ngoe e nyenyane Tasmania, naheng ea sehleke-hleke ea Australia. Ka 1924, ha a ne a le lilemo li 14, ntate oa hae o ile a reka lekese fantising leo a kenyang liaparo tsa hae ho lona ha a le leoatleng. Le ile la ipaka ho ba lekese la matlotlo e le kannete, ka puo ea moea, hobane le ne le tšetse libuka tse ngotsoeng ke mopresidente oa pele oa Watch Tower Bible and Tract Society, Charles Taze Russell.
Kamoo ho bonahalang kateng ntate oa Opa o ne a sa thahaselle libuka tsena hakaalo, empa Opa o ile a qala ho li bala ’me hang-hang a hlokomela hore li fupere linnete tsa bohlokoa tsa Bibele. Kahoo o ile a qala ho batla Liithuti tsa Machaba tsa Bibele, baemeli ba bahatisi ba buka eo bao hona joale ba tsejoang e le Lipaki tsa Jehova. O ne a batla ho bua le bona e le hore a ka fumana litlhaloso tse eketsehileng tsa linnete tsa Bibele tseo a neng a ithuta tsona.
Ka mor’a ho etsa lipatlisiso tse ngata o ile a fumana basali ba bararo ba hōlileng ba neng ba le mafolo-folo ho ruteng ba bang. Ba ile ba ba le tšusumetso e matla ho Charles e monyenyane. Qetellong, ka 1930, o ile a etsa boinehelo ho Jehova Molimo ’me o ile a kolobetsoa metsing. O ile a tlohela mosebetsi oa hae oa ho ba raselakha ’me a leba ka leboea Sydney, moo a ileng a amohela kabelo ea ho ba moevangeli oa nako e tletseng.
Ho Bula Maliboho Australia
Ka lilemo tse seng kae tse latelang, tšimo eo Charles a neng a bolela ho eona e ne e akarelletsa motsana o lebōpong la leoatle oa Bondi o ka thōko ho Sydney hammoho le libaka tsa mahaeng naheng ea New South Wales. Eaba o abeloa Perth, Australia Bophirimela, e bohōle ba lik’hilomithara tse likete ka lehlakoreng le leng la k’honthinente ena. Ka likhoeli tse tšeletseng o ile a paka tšimong ea khoebo ea Perth, eaba o sebetsa le bo-pula-maliboho ba bang ba babeli, o ile a abeloa libaka tse nang le baahi ba seng bakae ba qalikaneng tsa leboea-bophirimela ho Australia.
Kabelo ea boboleli ea sehlopha sena sa ba bararo—Arthur Willis, George Rollsten, le Charles—e ne e le sebaka se lekanang le Italy hane! Baahi ba ne ba qalikane, libaka tsa mahaeng li se na limela, ’me mocheso o le matla. Ka linako tse ling ho ne ho hlokahala hore ba tsamaee sebaka sa lik’hilomithara tse 500 lipakeng tsa mapolasi, a bitsoang metebo ea likhomo. Koloi eo ba neng ba e sebelisa e ne e le mokeretlana, esita le ho latela litekanyetso tsa 1930, empa ba ne ba e-na le tumelo e matla le boikemisetso bo boholo.
’Mila e mesesaane, e likoti ea mobu e ne e fapakana le litselana tse ngata tsa likamele, ’me mona le mane lerōle le lesesaane (le bitsoang lerōle le leholo) le ne le koahela likutu tse kotsi tsa lifate. Ha ho makatse hore ebe liporing tsa koloi li ne li atisa ho robeha. Ase e ka morao e ile ea robeha ka makhetlo a mabeli, ’me lithaere li ile tsa taboha ka makhetlo a mangata. Bo-pula-maliboho bana ba ne ba atisa ho etsa lilapa ka lithaere tsa khale ba li lapella karolong e ka hare ea thaere e tabohileng ka liboutu tsa marulelo e le hore ba ka tsoela pele leetong la bona.
Ha ke ne ke sa ntse ke le moshemane, ke ile ka botsa Opa hore na ke’ng se ileng sa ba khothaletsa hore ba ’ne ba tsoele pele le tlas’a maemo a thata hakaalo. O ile a hlalosa hore ha ba ne ba le thōko le batho ba ne ba le haufi le Jehova. O ile a bolela hore seo ka nako e ’ngoe e neng e le bothata nameng, se ile sa fetoha tlhohonolofatso moeeng.
A sa bonahatse boikutlo leha e le bofe ba ho iphahamisa kapa ho itokafatsa, Opa o ile a bontša hore o maketse hore ebe ho bonahala batho ba bangata haholo ba amehile ka ho tlōlisang ka ho bokella lintho tse bonahalang. O ile a nkhopotsa: “Ho molemo ka ho fetisisa ho phela ka lintho tse seng kae tse bonahalang kamoo ho ka khonehang. Haeba Jesu o ne a ikemiselitse ho robala ka ntle ha ho hlokahala, kahoo re lokela ho thabela ho etsa se tšoanang haeba kabelo ea rōna e hloka hore re se etse.” (Mattheu 8:19, 20) ’Me, ka sebele, eena le balekane ba hae ba ile ba ho etsa.
O Memeloa Tšimong Naheng Esele
Ka 1935, Opa o ile a fumana kabelo e ncha ea boboleli—ea ho ea pakela baahi ba lihleke-hleke tsa South Pacific. A na le basebetsi-’moho le eena ba tšeletseng, o ile a tsamaea ka seketsoana sa bolelele ba limithara tse 16 sa Mokhatlo oa Watch Tower sa Lightbearer.
Ka nako e ’ngoe, ha ba ntse ba le Coral Sea e ka leboea ho Australia, enjine e thusang Lightbearer ho sesa e ile ea robeha. Ho ne ho se moea ho hang, kahoo ba ne ba selebaletsoe ba le lik’hilomithara tse ngata ho tloha moo ho omileng. Le hoja ho ne ho e-na le kotsi ea hore sekepe se ka robehela Mopopotlong oa Great Barrier, Opa o ne a khahliloe ke khutso e khōlō. O ile a ngola sena bukaneng ea hae ea ho ngola lintlha tsa letsatsi le letsatsi: “Leoatle le ne le le joaloka letamo la metsi a emeng. Ha ke sa tla hlola ke lebala ho likela ha letsatsi mantsiboea a mang le a mang leoatleng leo le khutsitseng. Pono eo e ne e le ntle hoo e sa tloheng mohopolong oa ka.”
Hoa thabisa hore pele ba ka hoholehela mopopotlong, moea o ile oa khutla, ’me ba tsamaea ba sireletsehile ka liseile ho ea fihla Boema-kepeng ba Moresby, Papua New Guinea, moo ba ileng ba lokisa enjine teng. Ha ba tloha Boema-kepeng ba Moresby ba ile ba ea Sehleke-hlekeng sa Thursday eaba ba fetela Java, e leng sehleke-hleke se seholo sa Indonesia. Opa o ile a rata ka ho tebileng naha ena e neng e hlalosoa e le “sefaha sa molaleng sa liperela tse entseng mokoloko ho potoloha equator.” Ka nako eo, Indonesia e ne e le kolone ea Madutche, kahoo ntate-moholo o ile a ithuta Sedutche le Seindonesia. Leha ho le joalo, libuka tseo a neng a nehelana ka tsona mosebetsing oa hae oa boboleli e ne e le tsa lipuo tse hlano: Sedutche, Seindonesia, Sechaena, Senyesemane, le Searabia.
Opa o ne a atleha haholo ho tsamaiseng libuka tsa Bibele. Ka nako e ’ngoe Clem Deschamp, ea neng a ikarabella polokelong ea libuka ea Watch Tower e Batavia (eo hona joale e leng Djakarta), o ile a bitsoa ke ofisiri ea Ledutche e neng e lebisitse tlhokomelo e khethehileng mosebetsing oa rōna oa boboleli. Ofisiri eo e ile ea botsa: “Le na le batho ba bakae ba sebetsang tlaase mola Java Bochabela?”
Moena Deschamp a araba: “A le mong feela.”
Ofisiri ea kharuma: “Na u lebeletse hore ke lumele seo? E tlameha ebe le na le lebotho le leholo la basebetsi tlaase mane, ha ke ahlola ka lenane la libuka tsa lōna tse abjoang hohle!”
Opa o ikutloa hore eo e ne e le e ’ngoe ea lipabatso tse khotsofatsang ka ho fetisisa bophelong ba hae. Empa ruri e ne e mo loketse, kaha e ne e se ho sa tloaelehang hore a tsamaise libuka tse lipakeng tsa 1 500 le 3 000 ka khoeli.
Lenyalo, Thibelo, le Ntoa
Ka December 1938, Opa o ile a nyala moroetsana e mong oa Moindonesia ea bitsoang Wilhelmina, eo e ileng ea e-ba nkhono. Oma, kapa nkhono, o ne a le mosa, a le bonolo, a le mafolo-folo a bile a le lentsoe le bonolo. Kea tseba, hobane ha ke sa le ngoana e ne e le motsoalle oa ka ea haufi-ufi.
Ka mor’a lenyalo la bona Opa le Oma ba ile ba tsoela pele ka tšebeletso ea bona ea bopula-maliboho ba le hammoho. Nakong ena basebetsi ba bang ba Lightbearer ba ne ba qhalanetse likarolong tse ling tsa lefatše kapa ba khutletse hae. Empa Opa o ne a entse Indonesia lehae la hae, ’me o ne a ikemiselitse ho lula teng.
Ha Ntoa ea II ea Lefatše e atamela, ’muso oa Madutche o neng o busa Indonesia, le o neng o sebetsa tlas’a khatello ea baruti, o ile oa qala ho beha lithibelo mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova, qetellong o ile oa thibela mosebetsi oa rōna. Kahoo boboleli bo ne bo etsoa ka thata, ho sebelisoa Bibele feela. Hoo e ka bang toropong e ’ngoe le e ’ngoe eo Opa le Oma ba neng ba e etela, ba ne ba isoa ka pel’a liofisiri ’me ba hlongoa lipotso. Ba ne ba tšoaroa joaloka linokoane. Nakoana ka mor’a hore thibelo e be teng, monna oa ausi oa Oma o ile a kenngoa teronkong ka lebaka la boemo ba hae ba Bokreste ba ho se nke lehlakore. O ile a shoela teronkong ea Madutche.
Opa le Oma ba ne ba lula ka terakeng e haheletsoeng k’haravene. Ba sebelisa lehae lena le tsamaeang, ba ile ba bolela Java eohle. Ka 1940, ha tšokelo ea tlhaselo ea sesole sa Japane e hlahella, ba ile ba hlohonolofatsoa ka ngoan’a ngoanana, eo e ileng ea e-ba ’mè oa ka. Ba ile ba reha lesea lena Victory, ba le rehella ka sehlooho sa puo eo mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society, J. F. Rutherford a ileng a fana ka eona lilemong tse peli pejana. Ba ile ba tsoela pele ho bula maliboho ho fihlela nako ea ho tsoaloa ha ngoana.
Mathoasong a 1942, Opa, Oma, le Victory ba ne ba le sekepeng sa Madutche se nkang thepa ba tsoa Borneo ha ho utloahala molumo o moholo oa sethunya o tsoang sekepeng sa ntoa sa Japane. Mabone ’ohle a ile a tima, ’me batho ba ile ba hoeletsa. Ka tsela ena ntoa e ile ea kena-kenana le bophelo ba lelapa leso. Le hoja ba ile ba fihla boema-kepeng ba sireletsehile, Majapane a ile a hlasela Java matsatsing a seng makae feela ka mor’a moo, ’me ofisiri ea Ledutche e ile ea bolella masole a Japane moo Opa le Oma ba leng teng.
Ha Majapane a ba fumana, ba ile ba amohuoa thepa eohle ea bona, esita le lintho tseo Victory e monyenyane a bapalang ka tsona, ’me ba ile ba isoa likampong tsa mahloriso tse peli tse fapaneng. Victory o ile a lumelloa hore a lule le Oma, ’me Opa haa ka a ba bona ka lilemo tse tharo le halofo tse latelang.
Bophelo Likampong tsa Mahloriso
Nakong ea botlamuoa ba hae, Opa o ile a isoa litoropong tse sa tšoaneng—ho tloha Surabaja ho ea Ngawi, ho ea Bandung, ’me qetellong ho ea Tjimahi. Ho isoa libakeng tsena tse fapaneng ka linako tsohle ho ne ho etsoa ka morero oa ho thibela boiteko leha e le bofe ba ho rera ho baleha. Boholo ba batšoaruoa e ne e le Madutche, le Mabrithani a seng makae le Maaustralia a ’maloa. Ha ba sa ntse ba le likampong tsena, Opa o ile a ithuta mosebetsi oa ho kuta moriri, e leng tsebo eo a e sebelisang seoelo le hona joale. Buka feela ea bolumeli eo a neng a lumeletsoe ho ba le eona ke Bibele—King James Version ea hae.
Ka nako e tšoanang, Oma le Victory le bona ba ne ba isoa likampong tse sa tšoaneng. Likampong tsena basali ba ne ba bitsoa ke molaoli oa kampo hore ba e’o sebeletsa ka ntle bakeng sa “tšebeletso ea sechaba.” Leha ho le joalo, ka lebaka le itseng, le ka mohla Oma ha a ka ba a khethoa. Hamorao o ile a hlokomela hore basali bana ba ne ba nkoa hore ba e’o sebeletsa e le matekatse bakeng sa masole a Japane.
Kaha masole a Japane a ne a sa rate bana ba banana, ka mehla Oma o ne a apesa Victory joaloka moshemane le moriri oa hae o lula o le mokhutšoanyane. Lebitso leo Victory le ile la baka khathatso e khōlō ha molaoli oa kampo a batla ho tseba seo lebitso leo le se bolelang—ke Tlhōlo ea Lebotho la Japane la Bohatelli kapa Tlhōlo ea Maamerika?
Ka motlotlo nkhono o ile a araba: “Tlhōlo ea ’Muso oa Molimo mebusong eohle ea lefatše!”
Ka lebaka la ho hana ho re, “Tlhōlo ea Lebotho la Japane la Bohatelli,” Oma le morali oa hae ea lilemo li hlano ba ile ba qobelloa ho ema lipasha ka lihora tse robeli letsatsing le bataolang la linaha tse chesang. Ho se moriti, ho se metsi, ba sa lule fatše, ba sa inamele pele. Empa ka thuso ea Jehova ba ile ba feta tekong eo e matla ka katleho.
Selemo ka mor’a hore Oma a tšoaroe, molaoli oa kampo o ile a mo bolella hore monna oa hae o shoele! Ka masoabi o ile a beha setšoantšo sa Opa ka tlaase-tlaase sutuk’heiseng ea hae e bothotsehileng ’me a tsoela pele, ho sa tsotellehe mesarelo ea hae.
Bophelo ba kampong ea teronko bo ne bo le thata. Lijo tsa letsatsi le letsatsi bakeng sa motho ka mong e ne e le kopi e le ’ngoe ea tapioca bakeng sa lijo tsa hoseng, ligrama tse 190 tsa bohobe bo entsoeng ka sago bakeng sa lijo tsa motšehare, ’me bakeng sa lijo tsa mantsiboea, e le kopi e le ’ngoe ea reisi e phehiloeng e ka har’a sopho e metsi ea meroho. Ka lebaka la lijo tse joalo tsa boleng bo tlaase, ho ne ho tloaelehile hore ho be le khaello ea phepo e nepahetseng, ’me bahlaseluoa ba letšollo ba ne ba e-shoa letsatsi le letsatsi.
Nakong eo Opa a tšoeroeng, o ile a tšoaroa ke lefu la poone le nutritional edema (lefu le bakoang ke tlala). Oma le eena o ile a batla a e-shoa, kaha o ne a atisa ho fa Victory lijo tsa hae ho etsa hore ngoanana enoa e monyenyane a se bolaoe ke tlala. Ho ne ho e-na le bokhopo le tlala ka linako tsohle. Ba ile ba khona ho feta maemo ao ka katleho feela ka ho ipoloka ba le haufi le Molimo oa bona, Jehova.
Ke hopola hantle a mang a mantsoe ao Opa a ratang ho a bua: “Tokoloho ke ho ba tumellanong le Ea Nang le Bomolimo, Jehova.” Kahoo, Opa o ne a inka a lokolohile ka tsela ea sebele esita leha a mamella tšoaro e sehlōhō ea teronkong. Lerato leo eena le Oma ba neng ba e-na le lona ho Jehova ka sebele le ile la ba thusa ho “mamella lintho tsohle.” (1 Ba-Korinthe 13:7, NW) Kamano eo e haufi le Molimo ke seo ’na le Gayle re batlang ho se boloka hona joale.
Tokoloho le Poelano e Tsotehang
Qetellong, Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea lala ka 1945. Nakoana ka mor’a ho inehela ha Japane, Opa o ile a tsamaisoa ka terene. Ha a le tseleng a tsoa Djakarta a ea Bandung, terene e ile ea emisoa ke masole a Indonesia. Le hoja ntoa ea ’ona le Majapane e ne e emisitse, Maindonesia a ne a loanela ho lokoloha ho Madutche. Opa o ne a maketse haholo hore ebe ka tšohanyetso o theoloa tereneng hoo a ileng a lebala ho bua Senyesemane ’me ho e-na le hoo a qala ho bua Sedutche. Ho Maindonesia, Sedutche e ne e le puo ea sera, ’me sera se ne se lokela ho bolaoa.
Ka lehlohonolo, ha masole a ne a phenya-phenya Opa, a ile a fumana lengolo la hae la ho khanna la Australia, leo a neng a le lebetse ka nako ena eohle. Ka lehlohonolo Maindonesia a ne a sa loane le Australia. Ho fihlela kajeno, Opa o nka ho fumanoa ha lengolo la ho khanna le ileng la paka hore ke moahi oa Australia e le ho kenella ha bomolimo, hobane hona setopong seo lihora li se kae feela hamorao, mabotho ’ona ao a ile a bolaea banna ba 12 ba Madutche ba neng ba feta ka terene.
Nakoana ka mor’a ketsahalo ena, Oma le Victory ba ne ba emetse lipalangoang tse tsoang libakeng tse tsekolotsoeng ke ntoa. Ha ba ntse ba lutse ka thōko ho tsela, mokoloko o sa feleng oa literaka o nkileng masole le baahi o ile oa feta. Ka tšohanyetso, ka lebaka le sa tsejoeng, mokoloko ona o ile oa ema. Ho ile ha etsahala hore Oma a shebe ka terakeng e haufi-ufi le eena karolong e ka morao e butsoeng, ’me ho makaleng ha hae, ho ne ho lutse monna e mong ea manneng linama eo a ileng a mo tseba hang-hang. E ne e le monna oa hae! O ne a se na mantsoe a ho bolela maikutlo a hae mabapi le poelano ea bona.
Ba Khutlela Australia
Ha ntate-moholo le lelapa la hae ba khutlela Australia ka 1946, ka mor’a ho phela Indonesia ka lilemo tse 11, bophelo bo ne bo se bonolo bakeng sa bona. Ba ile ba khutla joaloka baphaphathehi ba ntoa—ba se na letho, ba sa fepeha hantle ’meleng, ’me ba belaelloa ke baahi ba bangata ba sebaka seo. Oma le Victory ba ile ba tlameha ho utloa bohloko ba khethollo ea morabe khahlanong le bajaki ba tsoang Asia. Opa o ne a lokela ho sebetsa ka thata ’me e le ka lihora tse ngata bakeng sa ho hlokomela lelapa la hae le ho le lokisetsa lehae. Ho sa tsotellehe mathata ana, ba ile ba mamella ’me ba feta ho ’ona ka katleho bomoea ba bona bo sa ameha.
Hona joale, lilemo tse fetang 48 hamorao, Opa o lula Melbourne, moo a ntseng a kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo. O ile a bona ha Victory le bana ba hae ba amohela ’nete, ba nehela bophelo ba bona ho Jehova, ’me e mong ka mor’a e mong a kenela tšebeletso ea nako e tletseng ea bopula-maliboho.
Des Zanker, eo e ileng ea e-ba ntate, le Victory ba ile ba kolobetsoa mathoasong a bo-1950, ’me Des e ile ea e-ba setho sa lelapa la Bethele la Australia ka 1958. Ka mor’a hore a nyale Victory, ea neng a sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng, ba ile ba bula maliboho ka nakoana eaba ba memeloa tšebeletsong ea ho tsamaea. Joale ke ile ka hlaha, ’me ba ile ba tlameha ho tlohela mosebetsi oa ho tsamaea e le hore ba ka nkhōlisa. Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse 27, Ntate o ntse a bula maliboho.
Mathoasong a 1990, Oma o ile a shoela lapeng ka khotso, ntlong eona eo ’mè a hōliselitsoeng ho eona. Le ’na ke ile ka hōlisetsoa ntlong eona ena e Melbourne, le moena oa ka le khaitseli e nyenyane. E bile tlhohonolofatso ea sebele hore ebe lelapa la rōna le ile la lula hammoho. Ka linako tse ling ho ne ho petetsane, empa ha ke hopole le ka mohla nkile ka tšoenyeha ka hona. Esita le lilemong tse ’nè tse qalang tsa lenyalo la rōna, mosali oa ka, Gayle, o ile a lula ho eona ’me a e rata. Qetellong ha re tloha re ea kabelong ea rōna e ncha, ke ile ka lla. Ke ne ke ile ka fumana tšehetso le lerato le lengata haholo ka har’a ntlo eo.
Leha ho le joalo, hona joale ’na le Gayle re na le lebaka la ho ba le thabo e ngata, hobane re khona ho etsa seo batsoali ba ka le batsoali ba bona ba se entseng. Ha re tloha hae, re ile ra fumana matšeliso lebakeng la rōna la ho tsamaea, e leng ho etsa thato ea Jehova tšebeletsong ea nako e tletseng. Re leka ka matla ho latela mohlala o motle oa baholo-holo ba rōna, ba ileng ba fumana matšeliso a tšoanang ha ba sebetsa likabelong tse thata, ha ba futsanehile haholo, esita leha ba koaletsoe kampong ea mahloriso ea Japane ka lilemo.—2 Ba-Korinthe 1:3, 4.
Kamehla Opa o ’nile a fumana khothatso mantsoeng a bululetsoeng a Morena Davida ho Jehova: “Mosa oa hao o lerato o molemo ho feta bophelo.” (Pesaleme ea 63:3, NW) Haesale e le takatso e matla ea ntate-moholo hore a thabele mosa oo o lerato ka ho sa feleng. Ke takatso ea lelapa lohle la hae ho o kopanela le eena.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Oma le Opa Harris
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Craig Zanker (ka morao), le mosali oa hae, batsoali ba hae, le moen’ae le khaitseli ea hae e nyenyane