Lipaki tsa Jehova Lefatšeng Lohle—Poland
NAKONG ea hoetla ka 1989, mebuso ea Bokomonisi ho tloha Baltic ho ea Black Sea e ile ea qala ho oa. Ha Mokoallo oa Puso ea Lere la Tšepe o tsekoloha, lichaba tse ka Bochabela ho Europe li ile tsa qala ho ipatlela litsela tsa ho lokoloha. Har’a tsona e ne e le Poland, naha e apesitsoeng ke maralla a machitja, lithota, le lithaba tse matsutla-tsutla.a
Batho ba Poland ba sebetsa ka mafolo-folo, ’me Poland e hlahisitse litsebi le bo-rasaense ba tummeng lefatšeng. Ho feta moo, hona joale ho na le letšoele le ntseng le hōla la baboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.
Ba Sebete ha ba Pepesa Leshano
Poland ho na le ba bangata ba ratang ho ithuta ’nete e tsoang Bibeleng. Empa ba bang ba tšosoa ke beng ka bona le baahe-lani. Ka mohlala, sebakeng se haufinyane le Wrocław, mosali e mong ea thahasellang o ile a emisa ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova ha lelapa le metsoalle ba mo tlisetsa khatello. Leha ho le joalo, morali oa hae ea lilemo tse ka tlaase ho 20 o ile a bala letoto la lihlooho tsa Molula-Qhooa tse pepesang bolumeli ba bohata. Li ile tsa tsosa thahasello ea hae ’neteng.
Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng tsa ho ithuta Bibele, mocha enoa o ile a etsa qeto ea ho ikarola ka ho feletseng bolumeling ba bohata. O ile a etela moruti oa kereke ea hae ho mo tsebisa ka qeto ea hae. Moruti o ile a mo bolella hore a ngole se latelang: “’Na, K—— P——, ke itokolla tumelong ea K’hatholike.”
Ka Sontaha se latelang, polelo ena e ile ea baloa ka kerekeng. Ntate moholo oa ngoanana enoa o ile a akheha, ’me nkhono oa hae a bokolla. Leha ho le joalo, litho tse ling tsa pharishe li ile tsa khahloa ’me tsa re: “Qetellong, ho na le motho ea sebete ho lekana ho bolela hore ho na le leshano le lengata kerekeng ea rōna.” Hona joale mocha enoa ea lilemo tse ka tlaase ho 20 ea sebete ke khaitseli ea moea e kolobelitsoeng ’me o qalisitse lithuto tsa Bibele tse supileng motseng oa habo.
“Ka Litholoana tsa Bona”
Kujawy i Pomorze ea beke le beke e ile ea hatisa tlaleho ena “U Tla ba Bona ka Litholoana tsa Bona.” Karolo e itseng ea sehlooho sena e ile ea bolela hore balumeli ba Bokreste-’mōtoana “ka sebele ha ba nke ka ho teba hakaalo melao-motheo ea bolumeli eo ba e lumelang. Ho na le phapang e khōlō pakeng tsa bona le Lipaki tsa Jehova tse sebelisang seo li se bolelang, ’me li bolela seo Bibele e se laelang.”
Ka mor’a ho bapisa ponahalo ea Lipaki le ea Bakreste ka lebitso feela, tlaleho ena e ile ea tsoela pele: “Ho ka etsahala hore bana bao e leng bona ka lebitso feela ha ba tsebe linnete tsa bohlokoahali le melao-motheo ea tumelo ea bona, ’me ba atisa ho se li sebelise. . . . Ka boikutlo ba tsona, Lipaki tsa Jehova li bonahatsa ho lumellana ha lipolelo le liketso tsa tsona, ka tsela eo li paka hore hase ‘baporofeta ba bohata,’ ho e-na le hoo, li ka bonoa ka litholoana tsa tsona. ‘Ana morara o khōloa meutloeng, kapa a lifeie li khōloa libajoeng na?’ (Mattheu 7:15-20).”
Mosali e mong o ile a ngolla Przyjaciółka ea beke le beke lengolo, a tletleba ka hore mora oa hae o furaletse Kereke e K’hatholike ’me o fetohile e mong oa Lipaki tsa Jehova. Keletso ea mohlophisi e bile efe? “Haeba mora oa hao a se a kopanela le Lipaki tsa Jehova, a ithutile a bile a amohetse tumelo ea tsona, ke qeto ea hae ka ho feletseng, e lokelang ho amoheloa le ho hlomphuoa. . . . Sehlopha sena sa bolumeli se khetholleha ka libōpeho tse ngata tse ntle le tse lakatsehang sechabeng, tse kang bonngoe ba sona bo sa tloaelehang le tlamo ea kameho e lerato lihlopheng, botšepehi bo tsotehang le ho latela haufi-ufi melao e amohelehang ea bophelo ba sechaba, ’me sa ho qetela ke ho khona ha sona ho phela tumellanong le ’nete ea sona, ho hla se sebelisa melao-motheo eo se ipolelang hore sea e sebelisa. Ana ke makhabane a bohlokoa.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona Almanaka ea Lipaki tsa Jehova ea 1994.
[Lebokose le leqepheng la 9]
BOITSEBISO BO AMANG NAHA
Selemo sa Tšebeletso sa 1993
TLHŌRŌ EA BA FANANG KA BOPAKI: 113 551
KAROLELANO: Paki e le 1 ho 339
BA BILENG TENG SEHOPOTSONG: 235 642
KAKARETSO EA BAHOELETSI BA BO-PULA-MALIBOHO: 7 961
KAKARETSO EA LITHUTO TSA BIBELE: 79 131
PALO EA BA KOLOBELITSOENG: 8 164
PALO EA LIPHUTHEHO: 1 397
OFISI EA LEKALA: Nadarzyn
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ofisi ea lekala ea Poland, Lodz ka 1948
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Mosebetsi oa liplakate, June 1948, moo pele e neng e le Prussia Bochabela
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Litho tse 72 tsa basebetsi ba Bethele ea Poland, ka January 1993
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Lekala le lecha Nadarzyn