Liithuti tsa Gileade li Laba-labela ho Hasa Litaba tse Molemo
“NTHO e tsotehang ka ho fetisisa eo re kileng ra e nahana.” Eo ke tsela eo Anders le Amalia Groth ba ileng ba ikutloa ka eona ka koetliso ea bona ea boromuoa. Ba ile ba hlalosa maikutlo a liithuti tsohle tse 48 tsa sehlopha sa bo97 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ha ba phaella ka ho re: “Koetliso ea Gileade e re susumelitse le ho re hlomella, kahoo re laba-labela ho ea likabelong tsa rōna tse ncha.”
Re ka hlokomela thabo ena ha liithuti li ntse li hlalosa lenaneong la kabo ea mangolo; ka la 4 September, 1994, ba 6 420 ba ile ba bokana bakeng sa ketsahalo ena.
David Abel le mosali oa hae, Kelli ba ile ba re: “Theodore Jaracz oa Sehlopha se Busang o ile a bula lenaneo lena ka ho bua ka sehlooho se reng ‘Ho Rutoa ke Jehova.’ Ntlha eo re ke keng ra e lebala le ka mohla ke ha Moena Jaracz a re: ‘Re lokela ho amohela hore ha re letho ha re bapisoa le Jehova,’ ’me a tšoantšetsa sena ka thuto e matla e fumanoang ho Jobo likhaolong tsa 38 le 39. Moena Jaracz o ile a totobatsa hore le hoja re ekelitse tsebo ea rōna ea Bibele ka Sekolo sa Gileade, ha re tsebe karabo ea potso e ’ngoe le e ’ngoe. Re tlameha ho tsoela pele ho ithuta Lentsoe la Molimo.”
Joale ho ile ha bua Christian le Angele Coffy, ba re: “Re ile ra khahloa ke puo e ileng ea fanoa ke Max Larson sehloohong se reng ‘Motheo o Molemo ke oa Bohlokoa Bofe?’ Re ile ra thaba ha a re bapisa le mohaho o batlang motheo o tebileng moo ho leng thata e le hore o ka tsitsa esita le nakong ea tšisinyeho ea lefatše. Ka ho khothalla ho ithuta, re ka hlaolela kamano e haufi le Jehova le ho theha tumelo ea rōna tsebong e tebileng e le hore re ka lula re tsitsitse linakong tsa mathata.”
Gary le Lynn Elfers ba ile ba re: “Puo ea Milton Henschel, mopresidente oa sekolo sena, sehloohong se reng ‘Masimo a Soeufaletse Kotulo’ e tla hopoloa ka nako e telele. Lengolo la sehlooho, Johanne 4:35-38, le ile la hatisa tokelo eo re nang le eona ea ho kena tšimong e seng e ile ea jaloa ke basebetsi ba tlileng pele. Sena se tla re susumeletsa ho sebetsa re na le boikutlo ba ho potlaka.” Ha ba lumellana le sena Jan le Sirpa Vaahtola ba ile ba hlokomela: “Moena Henschel o ile a hōlisa tebello ea rōna mabapi le kotulo e ka pele ka ho fana ka tlaleho ea morao-rao e tsoang Baltic States. Keketseho ea Estonia e ne e le karolo ea 51 lekholong, Latvia e le karolo ea 106 lekholong, le ea Lithuania e le karolo ea 51 lekholong. Ke ho thabisang hakaakang! Baena moo ba kōpa Morena ka tieo hore a romele basebetsi ba eketsehileng. Re ile ra thaba ka ho khethehileng ha re utloa sena, kaha kabelo ea rōna e Estonia!”
Kevin le Evelyn Cortina ba ile ba hopola: “Ho ile ha latela Joel Adams ka sehlooho se reng ‘Tšepa Jehova.’ O ile a re eletsa hore le ka mohla re se nahane hore ka linako tse ling re ka tšepa Jehova ha ka tse ling re ka itšetleha ka bohlale ba rōna. Likabelong tsa rōna re tla tobana le liphephetso tse ngata—tsa bophelo bo botle, lijo, puo, lineano le tse ling tse joalo. Kaofela ha tsona li tla hloka hore re tšepe Jehova.”
Ho ile ha latela Gerrit Lösch, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, ea ileng a bua ka mokhoa o batsi ka sehlooho se reng “Tsoela Pele U Bonahatsa Mohau oa Jehova.” Alen le Ann Marie Gokavi ba ile ba re: “O ile a totobatsa hore ho ba mohau ho baromuoa-’moho le rōna le bao re ba bolellang litaba tse molemo ke pontšo ea khōlo ea Bokreste. Likabelo tsa ho ea linaheng lisele li akarelletsa ho itela, empa haeba mohau o le sieo, joale ho itela ha rōna e ke ke ea e-ba ha bohlokoa hakaalo.” (Mattheu 9:13) Peter le Fleur Hupston ba ile ba phaella: “Moena Lösch o itse re lokela ho ba mohau le ho baena le bo-khaitseli ba rōna, ka puo ea tšoantšetso, re ba talime ka forekekere e furalalitsoeng, kahoo liphoso tsa bona li tla nyenyefala ho e-na le ho hōla.”
Mickey le Sherry Minsky ba ile ba hopola: “Ho ile ha latela Jack Redford, e mong oa barupeli ba rōna ba Gileade, ka sehlooho se reng ‘Na U ka Amohela Khalemelo?’ O ile a totobatsa hore boikakaso bo etsa hore ho be thata ho amohela khalemelo ’me haeba re le ba khopehang habonolo ha re eletsoa, re tla lahleheloa ke melemo ea eona. Eaba o fana ka litlhahiso tse itseng tse sebetsang tabeng ea ho amohela khalemelo tse thehiloeng ho Lillo tsa Jeremia 3:27-31.” Charles le Joan Held ba ile ba phaella: “Boholo ba nako re iphoufaletsa mefokolo ea rōna; kahoo, re tlameha ho talima khalemelo e le tsela ea ho re bula mahlo hore re elelloe lintho tseo re neng re sa li elelloe. Khalemelo kapa keletso e tsoang ho Jehova ke pontšo ea lerato la hae ho rōna.”
Kenneth le Lisbeth Ardkäll ba ile ba re: “Morupeli e mong, Ulysses Glass, o ile a bua ka sehlooho se reng ‘Fumana Bohlale bo Sebetsang bo Isang Bophelong.’ O ile a botsa: ‘Le tla etsa’ng ka seo le ithutileng sona?’ Eaba o etsa papiso e thehiloeng ho Liproverbia 30:24-26 mabapi le pela e nyenyane le kamoo Jehova a e hlomeletseng ka ho feletseng bakeng sa bophelo. Ka lehlakoreng le leng, rōna, ha re bohlale ka tlhaho, kahoo ho hlokahala hore re ikitlaetse e le hore re fumane bohlale. Jehova o re hlomeletse ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e hlokang e le hore re ka etsa seo. Hafeela re atamela haufi le Jehova hape re atamelana haufi ka lerato, re tla finyella ho hongata.”
Puo ea Sehlooho
Jay le Gwen Abraczinskas ba ile ba re: “Moena Karl F. Klein, setho sa Sehlopha se Busang, ka mofuthu o ile a hlahloba Pesaleme ea 19 le rōna puong ea hae e reng ‘Lehakoe Har’a Mahakoe.’ O ile a hatisa kananelo e tebileng ea mopesaleme Davida bakeng sa Jehova le lerato leo a neng a e-na le lona bakeng sa Lentsoe la Molimo.” Keith le Donna Hornback ba ile ba re: “Moena Klein o ile a arola pesaleme ena likarolo tse tharo. Karolo ea 1 (litemana tsa 1-6) e bontša kananelo ea Davida bakeng sa pōpo ea Molimo, karolo ea 2 (litemana tsa 7-10) e bontša kananelo ea hae bakeng sa melao ea Molimo, ’me karolo ea 3 (litemana tsa 11-14) e re hopotsa hore, joaloka Davida, re lokela ho batla ho ba le kamano e ntle le Jehova.”
David le Raylene Long ba ile ba re: “Re ile ra thabela ntlha ea hore ho tšaba Jehova hoa hlokahala e le hore re ka qoba se leng sebe. Sena se etsa hore re etse se hloekileng mahlong a hae.” Frank le Vibeke Madsen ba ile ba lumellana le sena. Ba ile ba re: “Litlhaloso tsa Moena Klein tabeng ea hore na likhopotso, melao le litaelo tsa Jehova li molemo hakae li akarelitsoe ka nepo ho seo re ithutileng sona Gileade. Seo se ile sa etsa hore re ikemisetse ho khomarela Lentsoe la Molimo haholoanyane nakong e tlang le ho le tšoara joaloka lekese la matlotlo la mahakoe.”
Ka mor’a puo ea sehlooho, liithuti li ile tsa amohela mangolo a tsona, ’me ho ile ha tsebisoa likabelo tsa tsona tsa ho ea linaheng lisele. Ka mor’a khefu bakeng sa lijonyana tse khathollang, bohle ba ile ba bokana hape bakeng sa lenaneo la mantsiboea. Liithuti li ile tsa kopanela ho arabeng lipotso tse ileng tsa phahamisoa nakong ea Thuto ea Molula-Qhooa e khutsufalitsoeng.
Bob le Shannon Lakatos ba ile ba hopola: “Eaba ho latela lenaneo la liithuti ‘Ho Koetlisetsoa ho ba Baboleli ba ’Muso Lefatšeng Lohle.’ Karolo ea pele ea lenaneo lena e bile ea liphihlelo tsa liithuti tšebeletsong ea tšimo nakong ea thupelo ea rōna ea likhoeli tse hlano. Le ne le tobisitsoe tšebelisong e masene ea lipotso tšebeletsong ea rōna. Karolo ea lipuisano e ile ea bontša litsela tse ntle tsa ho talimana le liphephetso le maemo a fetohang a bophelo ba boromuoa. Linehelano tse tharo tsa liselaete, tsa Costa Rica, India, le Malawi, li ile tsa etsa hore re nyarele ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova oa lefatše lohle.”
Jesse le Michelle Duncan ba ile ba re: “Tšoantšiso e ileng ea latela, E-ba ea Busoang Ke Molimo, Eseng Lefatše, e ile ea bontša tšusumetso e mpe eo beng ka rōna ba lefatše, ba likelello li itaolang ba ka bang le eona.” Wenzel le Kelly Koula ba ile ba phaella: “E ile ea bontša hore Bakreste ba tlameha ho hlokomela hore melao e tataisang le litaelo tsa Puso ea Bomolimo lia hlokahala ebile li molemo.”
Lenaneo lena le thabisang le ile la koaloa ka pina le thapelo. Ha liithuti li tsamaea li lebeletse ho tloha li e-ea likabelong tsa tsona linaheng lisele tse 18, mehopolo ea tsona e ile ea behoa hantle ke polelo ena ea karohano ea Tommi le Jael Kauko: “Re laba-labela haholo ho ea likabelong tsa rōna le ho sebelisa seo re ithutileng sona. Re fumane ho hongata haholo—joale ke nako ea rōna ea ho fana.”
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Sehlopha sa Bo97 se Abeloang Mangolo a Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower
Lethathamong le ka tlaase mona, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ka ho le letona moleng o mong le o mong.
(1) Hong, J.; Hong, D.; Groth, A.; Cortina, E.; Lakatos, S.; Hornback, D.; Acevedo, L.; Coffy, A. (2) Elfers, L.; Gokavi, A.; Ardkäll, L.; Abraczinskas, G.; Knott, K.; Lizer, T.; Abel, K.; Abel, D. (3) Duncan, M.; Gokavi, A.; Held, J.; Hupston, F.; Lakatos, B.; Long, R.; Minsky, S.; Acevedo, E. (4) Ardkäll, K.; Kauko, J.; Vaahtola, S.; Cortina, K.; Carson, N.; Minsky, M.; Lizer, G.; Koula, K. (5) Duncan, J.; Abraczinskas, J.; Vaahtola, J.; Madsen, F.; Madsen, V.; Long, D.; Carson, C.; Elfers, G. (6) Kauko, T.; Hupston, P.; Held, C.; Groth, A.; Hornback, K.; Koula, W.; Knott, D.; Coffy, C.