Maimonides—Monna ea Ileng a Hlalosa Bocha Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejode
“HO TLOHA ho Moshe ho fihlela ho Moses, ha ho ea kileng a tšoana le Moses.” Bajode ba bangata ba tla hlokomela polelo ena e poteletseng e le tlhaloso le tlhompho ho rafilosofi oa Mojode oa lekholong la bo12 la lilemo, mohlophisi oa molao, le mohlalosi oa Talmud le Mangolo, Moses Ben Maimon—ea boetseng a tsejoa e le Maimonides hape e le Rambam.a Kajeno ba bangata ha ba tsebe Maimonides, leha ho le joalo libuka tsa hae li bile le tšusumetso e tebileng monahanong oa Bajode, oa Mamosleme, le oa kereke mehleng ea hae. Ka tsela e feletseng o ile a hlalosa bocha tsamaiso ea bolumeli ea Sejode. Maimonides e ne e le mang, ’me ke hobane’ng ha Bajode ba bangata ba mo talima e le “Moshe oa bobeli”?
Maimonides e ne e le Mang?
Maimonides o ne a hlahele Córdoba, Spain, ka 1135. Ntat’ae, Maimon, eo a ileng a mo fa koetliso e ngata ea bolumeli qalong, e ne e le setsebi se tummeng haholo se tsoang lelapeng le hlaheletseng la bo-rabbi. Ha Maalmohad a hapa Córdoba ka 1148, Bajode ba ile ba talimana le khetho ea ho sokolohela Boislamong kapa ho baleha. Sena se ile sa qala nako e telele ea ho solla ha lelapa labo Maimonides. Ka 1160 ba ile ba lula Fez, Morocco, moo a ileng a fumana koetliso ea ho ba ngaka. Ka 1165 lelapa labo le ile la tlameha ho balehela Palestina.
Leha ho le joalo, boemo bo ne bo sa tsitsa Iseraele. Sechaba se senyenyane sa Bajode se ne se tobane le kotsi ea Masole a Lintoa tsa Bolumeli a Bokreste-’mōtoana le mabotho a Mamosleme ka ho tšoanang. Ka mor’a likhoeli tse ka tlaase ho tse tšeletseng ba le “Naheng e Halalelang,” Maimonides le lelapa ba ile ba fumana setšabelo Fustat, e leng Motse oa Khale oa Cairo, Egepeta. Ke mona moo litalenta tsa Maimonides li ileng tsa hlokomeloa ka ho feletseng. Ka 1177 o ile a fetoha hlooho ea sechaba sa Bajode, ’me ka 1185 o ile a khethoa e le ngaka lekhotleng la moeta-pele ea tummeng haholo oa Mamosleme, Saladin. Maimonides o ile a lula a le maemong ao ka bobeli ho fihlela lefung la hae ka 1204. Tsebo ea hae ea meriana e ne e tumme haholo hoo ho bileng ho boleloang hore le sebakeng se hōle koana joaloka Engelane, Morena Richard ea Pelo-ea-Tau o ile a etsa boiteko ba ho fumana Maimonides hore e be ngaka ea hae ea botho.
O Ile a Ngola Eng?
Maimonides e ne e le sengoli se khonang ho qapa haholo. Ha a ntse a balehela tlhoriso ea Mamosleme, a phela e le moleleri, o ile a bokella boholo ba buka ea hae ea pele ea bonono, Commentary on the Mishnah.b E ngotsoe ka Searabia, e hlakisa likhopolo le mantsoe a mangata a ho Mishnah, ’me ka linako tse ling e khelohela litlhalosong tsa filosofi ea Maimonides ka tsamaiso ea bolumeli ea Sejode. Karolong e hlalosang bukana Sanhedrin, Maimonides o ile a qapa melao-motheo e 13 e ka sehloohong ea tumelo ea Sejode. Tsamaiso ea bolumeli ea Sejode le ka mohla e ne e e-s’o ka e hlalosa ka molao thuto ea motheo ea bolumeli, kapa phatlalatso ea tumelo. Joale, Melao-motheo ea Tumelo e 13 ea Maimonides e ile ea fetoha mohlala oa tatellano ea ho bōptjoa ha thuto ea bolumeli ea Sejode.—Bona lebokose, leqepheng la 23.
Maimonides o ne a batla ho hlalosa tlhophiso e utloahalang ea lintho tsohle, ebang ke tsa sebele kapa tsa moea. O ne a nyatsa ho lumela lintho ho se na bopaki, a batla litlhaloso bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe motheong oa seo a neng a se talima e le bopaki bo nang le kelello le monahano. Tšekamelo ena ea tlhaho e ile ea isa ho ngoloeng ha buka ea hae ea bohlokoa haholo—Mishneh Torah.c
Mehleng ea Maimonides Bajode ba ne ba talima “Torah,” kapa “Molao,” o sebetsa eseng feela mantsoeng a ngotsoeng a tlalehiloeng ke Moshe empa le litlhalosong tsohle tsa bo-rabbi tsa Molao ona ho pholletsa le makholo a lilemo. Likhopolo tsena li ile tsa tlalehoa ho Talmud le liqetong tse likete-kete tsa bo-rabbi le libukeng tse buang ka Talmud. Maimonides o ile a hlokomela hore boholo le ho se hlophisehe ha boitsebiso bona kaofela, ho ne ho siile Mojode ea tloaelehileng feela a sa khone ho etsa liqeto tse amang bophelo ba hae ba letsatsi le letsatsi. Ba bangata ba ne ba se boemong ba ho ithuta lingoliloeng tsohle tsa bo-rabbi bophelong bohle ba bona, tseo boholo ba tsona li neng li ngotsoe ka Searame se thata. Tharollo ea Maimonides e ile ea e-ba ho hlophisa boitsebiso bona, a totobatsa liqeto tse sebetsang, le ho bo hlophisa hore e be pokello e le ’ngoe ea libuka tse 14, tse arotsoeng ho latela lihlooho tsa litaba. O ile a bo ngola ka Seheberu se hlakileng ka ho fetisisa, le se balehang phollatsi.
Mishneh Torah e ne e le tataiso e sebetsang hoo baeta-pele ba bang ba Bajode ba neng ba tšohile hore e ne e tla nkela Talmud sebaka ka ho feletseng. Leha ho le joalo, esita le ba neng ba e hanyetsa ba ile ba lumela tsebo e khōlō eo buka eo e neng e ngotsoe ka eona. Molao ona o neng o hlophisitsoe ka tsela e phahameng e ne e le phetoho e atlehileng, e phelisang bocha tsamaiso ea bolumeli ea Sejode eo motho ea tloaelehileng a neng a se a sa khone ho sebelisana le eona kapa hona ho e utloisisa ka ho feletseng.
Joale, Maimonides o ile a qala ho ngola buka e ’ngoe ea bohlokoa haholo—The Guide for the Perplexed. Ka lingoliloeng tsa boholo-holo tsa Segerike tse ileng tsa fetoleloa Searabieng, Bajode ba eketsehileng ba ile ba tloaelana le lingoliloeng tsa Aristotle le tsa bo-rafilosofi ba bang. Ba bang ba ne ba tsieleha, ba fumana ho le thata ho lumellanya moelelo oa sebele oa mantsoe a Bibele le filosofi. Ho The Guide for the Perplexed, Maimonides, ea neng a khahloa haholo ke Aristotle, o ile a batla ho hlalosa bohlokoa ba Bibele le tsamaiso ea bolumeli ea Sejode ka tsela e lumellanang le likhopolo tsa filosofi le monahano.—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 2:1-5, 11-16.
Ho phaella libukeng tsena tsa bohlokoa haholo le lingoliloeng tse ling tsa bolumeli, Maimonides o ile a ngola ka mokhoa o kholisang litabeng tsa meriana le botsebi ba linaleli. Tšobotsi e ’ngoe ea katleho ea ho ngola ha hae ha ea lokela ho hlokomolohuoa. Encyclopaedia Judaica ea hlalosa: “Mangolo a Maimonides a tšoaea qalo ea nako ea bohlokoa ho ngoleng mangolo. Ke sengoli sa mangolo sa pele sa Mojode seo mangolo a sona a bolokiloeng ka bongata. . . . Mangolo a hae a ile a ipiletsa likelellong le lipelong tsa bao a neng a ba ngolla, ’me o ne a feto-fetola mokhoa oa hae hore o ba tšoanele.”
O Ile a Ruta Eng?
Ka Melao-motheo ea hae e 13 ea Tumelo, Maimonides o fane ka sebōpeho se hlakileng sa tumelo, seo lintho tse ling tsa sona li thehiloeng Mangolong. Leha ho le joalo, melao-motheo oa bosupa le oa borobong e hanyetsana le bohlokoa ba tumelo e thehiloeng Mangolong ea ho lumela ho Jesu e le Messia.d Ha ho nahanoa ka lithuto tsa bokoenehi tsa Bokreste-mōtoana, tse kang Boraro-bo-bong, le boikaketsi bo totobetseng ka ho feletseng bo bontšitsoeng ka tšollo ea mali a mangata ka Lintoa tsa Bolumeli, hase ho makatsang ha Maimonides a sa ka a batlisisa ka hloko ka ho eketsehileng tabeng ea Bomessia ba Jesu.—Mattheu 7:21-23; 2 Petrose 2:1, 2.
Maimonides oa ngola: “Na ho ka ba le tšitiso e fetang [Bokreste]? Baprofeta bohle ba buile ka Messia e le molopolli le mopholosi oa Iseraele . . . [Ka ho fapaneng, Bokreste] bo ile ba baka hore Bajode ba bolaoe ka sabole, masala a bona a qhalakanngoe hohle le ho felisa matla a bona, hore Torah e fetoloe, le hore bongata ba batho ba lefatše bo tlōle molao le ho sebeletsa molimo o mong ho e-na le Morena.”—Mishneh Torah, “The Laws of Kings and Their Wars [Melao ea Marena le Lintoa tsa ’Ona],” khaolo 11.
Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe tlhompho eohle eo a e bontšitsoeng, Bajode ba bangata ba khetha ho hlokomoloha Maimonides litabeng tse itseng tseo a buileng ka tsona ka ho tobileng haholo. Ka tšusumetso e neng e hōla ea tsamaiso ea bolumeli ea Sejode ea mehlolo (Kabbalah), bonohe ba linaleli bo ne bo fetoha bo tloaelehileng haholo har’a Bajode. Maimonides o ile a ngola: “Mang le mang ea amehang bonoheng ba linaleli ’me a rera mosebetsi oa hae kapa leeto motheong oa nako e behiloeng ke ba hlahlobang maholimo o lokeloa ke ho shapuoa . . . Litaba tsena kaofela ke mashano le thetso . . . Mang le mang ea lumelang litabeng tsena . . . ke leoatla ebile ha a na kelello.”—Mishneh Torah, “Laws of Idolatry [Melao ea Borapeli ba Litšoantšo],” khaolo 11; bapisa le Levitike 19:26; Deuteronoma 18:9-13.
Maimonides o ile a boela a nyatsa ka bohale tloaelo e ’ngoe: “[Bo-rabbi] ba ipehetse chelete eo ba e batlang ho batho le sechabeng ’me ba entse hore batho ba nahane, ka booatla bo feletseng, hore ke ntho e tlamang le e loketseng . . . Sena sohle se fosahetse. Ha ho lentsoe le le leng, ebang ke ho Torah kapa lipolelong tse ling tse bohlale tsa [Talmud], le tšehetsang tumelo ena.” (Commentary on the Mishnah, Avot 4:5) Ka ho fapaneng le bo-rabbi bana, Maimonides o ne a sebetsa ka thata e le ngaka hore a iphelise, le ka mohla o ne a sa amohele tefo bakeng sa litšebeletso tsa bolumeli.—Bapisa le 2 Ba-Korinthe 2:17; 1 Ba-Thessalonika 2:9.
Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejode le Litumelo tse Ling li ile tsa Ameha Joang?
Moprofesa Yeshaiahu Leibowitz oa Univesithi ea Maheberu, Jerusalema, o boletse: “Maimonides ke motho ea bileng le tšusumetso e matla ka ho fetisisa historing ea tsamaiso ea bolumeli ea Sejode, ho tloha mehleng ea Bapatriareka le Baprofeta ho fihlela le mehleng ea kajeno.” Encyclopaedia Judaica ea hlalosa: “Tšusumetso ea Maimonides tsoelo-peleng ea kamoso ea tsamaiso ea bolumeli ea Sejode e ke ke ea lekanngoa. . . . C. Tchernowitz . . . o ea bohōleng ba ho hlalosa hore hoja e ne e se ka Maimonides tsamaiso ea bolumeli ea Sejode e ka be e arohile likoto ka lihlotšoana tsa bokhelohi le litumelo . . . E bile katleho ea hae e khōlō ho kopanya mekhoa le litšekamelo tse sa tšoaneng.”
Ka ho hlophisa bocha monahano oa Sejode hore o tšoanelane le likhopolo tsa hae tsa tlhophiso le monahano, Maimonides o ile a hlalosa tsamaiso ea bolumeli ea Sejode bocha. Litsebi le batho ba tloaelehileng ka ho tšoanang, ba ile ba fumana tlhaloso ena e ncha e le e sebetsang le e ipiletsang. Esita le bahanyetsi ba hae qetellong ba ile ba amohela boholo ba tsela eo Maimonides a etsang lintho ka eona. Le hoja lingoliloeng tsa hae li ne li reretsoe ho lokolla Bajode ho itšetleheng ka litlhaloso tse eang lolo-lolo, kapele-pele ho ile ha ngoloa litlhaloso tse telele ka libuka tsa hae.
Encyclopaedia Judaica ea hlalosa: “Maimonides e ne e le . . . rafilosofi oa Mojode oa bohlokoa ka ho fetisisa oa Mehleng e Bohareng, ’me buka ea hae Guide of the Perplexed ke buka ea bohlokoa ka ho fetisisa ea filosofi e hlahisitsoeng ke Mojode.” Le hoja e ngotsoe ka Searabia, The Guide for the Perplexed e ile ea fetoleloa Seheberung Maimonides a sa phela ’me kapele ka mor’a moo ea fetoleloa Selatineng, e leng ho ileng ha etsa hore e fumanehe bakeng sa ho ithuta ho pholletsa le Europe. Ka lebaka leo, motsoako o ikhethang oa Maimonides oa filosofi ea Aristotle le maikutlo a Sejode o ile oa potlakela ho fumana tsela ea ho kenella mokhoeng o ka sehloohong oa maikutlo a Bokreste-’mōtoana. Litsebi tsa Bokreste-’mōtoana tsa nakong eo, tse kang Albertus Magnus le Thomas Aquinas, hangata li ne li qotsa likhopolo tsa Maimonides. Litsebi tsa Boislamo le tsona li ile tsa susumetsoa. Tsela ea filosofi eo Maimonides a etsang lintho ka eona e ile ea susumetsa bo-rafilosofi ba Bajode ba tlileng ka mor’a hae, ba kang Baruch Spinoza, hore ba ikarole ka ho feletseng tsamaisong ea bolumeli ea Sejode ea orthodox.
Maimonides a ka ’na a talingoa e le Mohlalefihali ea phetseng pele ho Mehla ea Tsosoloso. Ho phehella ha hae taba ea hore tumelo e lumellane le mabaka e ntse e le molao-motheo o utloahalang. Molao-motheo ona o ile oa mo etsa hore a bue ka matla khahlanong le tumela-khoela ea bolumeli. Leha ho le joalo, mohlala o mobe oa Bokreste-mōtoana le tšusumetso ea Aristotle ea filosofi hangata li ne li mo thibela ho fihlela liqetong tse tumellanong le ’nete ea Bibele ka ho feletseng. Le hoja ese bohle ba neng ba tla lumellana le tlhaloso e ngotsoeng lebitleng la Maimonides—“Ho tloha ho Moshe ho fihlela ho Moses, ha ho ea kileng a tšoana le Moses”—ho tlameha ho lumeloe hore o ile a hlalosa bocha tsela le sebōpeho sa tsamaiso ea bolumeli ea Sejode.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Rambam” ke khutsufatso ea Seheberu, lebitso le entsoeng ka litlhaku tse qalang tsa mantsoe “Rabbi Moses Ben Maimon.”
b Mishnah ke pokello ea litlhaloso tsa bo-rabbi, tse thehiloeng ho seo Bajode ba se talimang e le molao oa neheletsano ea molomo. E ile ea ngoloa bofelong ba lekholo la bobeli la lilemo le mathoasong a lekholo la boraro la lilemo C.E., e bōpa ho qaleha ha Talmud. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona bukana e lekanang le makasine Will There Ever Be a World Without War? leqepheng la 10, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
c Lebitso Mishneh Torah ke lentsoe la Seheberu le nkiloeng ho Deuteronoma 17:18, ke hore, kopi, kapa ho phetoa ha Molao.
d Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka bopaki ba hore Jesu ke Messia ea tšepisitsoeng, bona bukana e lekanang le makasine Will There Ever Be a World Without War? maqepheng a 24-30, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
[Lebokose le leqepheng la 23]
MELAO-MOTHEO E 13 EA TUMELO EA MAIMONIDESe
1. Molimo ke ’Mōpi le ’Musi oa lintho tsohle. Eena a le mong feela o entse, oa etsa, ebile o tla etsa lintho tsohle.
2. Molimo o mong. Le ka tsela leha e le efe ha ho na bonngoe bo tšoanang le ba Hae.
3. Molimo ha a na ’mele. Likhopolo tsa nama ha li sebetse ho Eena.
4. Molimo ke qalo le qetello.
5. Ho loketse ho rapela Molimo feela. Motho a ka ’na a se ke a rapela motho leha e le mang kapa ntho leha e le efe e ’ngoe.
6. Mantsoe ’ohle a baprofeta ke ’nete.
7. Boprofeta ba Moshe ke ’nete ka ho feletseng. E ne e le e moholo ho baprofeta bohle, ba pele ho eena hammoho le ba ka mor’a hae.
8. Torah eohle eo re nang le eona hona joale ke e ileng ea fuoa Moshe.
9. Torah e ke ke ea fetoloa, ’me ho ke ke ha hlola ho e-ba le e ’ngoe eo Molimo a fanang ka eona.
10. Molimo o tseba liketso tsohle tsa motho le mehopolo ea hae.
11. Molimo o putsa ba bolokang melao ea Hae, ’me o ahlola ba Mo siteloang.
12. Messia o tla tla.
13. Bafu ba tla khutlisetsoa bophelong.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
e Maimonides o ile a hlalosa melao-motheo ena bukeng ea hae Commentary on the Mishnah, (Sanhedrin 10:1). Hamorao tsamaiso ea bolumeli ea Sejode e ile ea e amohela e le litaelo tsa molao. Taba e ngotsoeng e ka holimo mona e khutsufalitsoe kamoo e hlahang kateng bukeng ea lithapelo ea Sejode.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 21]
Jewish Division / The New York Public Library / Astor, Lenox, and Tilden Foundations