Ho Tloha Mehahong e Melelele Toropong ho ea Sekokong se Lehoatateng—E-ea ho Batho
HA HO pula kapa lehloa kapa sefako kapa liphiri esita le tsona litau tsa thabeng kapa tšimo e nang le baahi ba hlokang botsoalle tse neng li ka fokolisa moea oa bona oa boikemisetso. Ka potlako e makatsang, ba ne ba khemisa ka lebelo la lik’hilomithara tse 3000 ho haola har’a makhulo a sabaletseng, ho tšela linōka tse jang litlhokoa le likhohlo tse tebileng ho isa poso e potlakileng West Coast. E ne e le bo-mang?
E ne e le bapalami ba bacha ba sebete ba pony express.a Ke eng se ileng sa susumetsa boikemisetso bo matla joalo ho bahlankana baa? Mohlomong e ne e le phephetso, phihlelo e thabisang le khotsofalo ea ho tsamaisa poso. Ho thahasellisang, mopalami ka mong o ne a tšoere Bibele ka satlelebekeng ea hae hammoho le poso e ’ngoe ea bohlokoa.
Nako e fetang lilemo tse lekholo hamorao, moea o matla haholoanyane oa boikemisetso, cheseho le boinehelo o bonahatsoa ke baboleli ba ’Muso ba inehetseng ba fetang 113 000 ho pholletsa le Canada. Ba susumetsoa ke eng? Lerato ho Molimo le ho baahelani li ba susumelletsa ho bolela ’nete ea ’Muso ka lingoliloeng le ka molomo. ’Nete ena e fanang ka bophelo e potlakile ho feta poso leha e le efe e tsamaisoang ka pony express. E, ke molaetsa oa bohlokoa oa ’Muso oa Bibele e Halalelang, buka e neng e fumanoa ka lisatlelebekeng tsa bapalami ba pony express.—Liproverbia 2:21, 22; Esaia 2:2-4; 61:2; Matheu 22:37-39; 24:14.
Ba Susumelitsoe ke Lerato ho Jehova le ho Batho
Lipaki tsa Jehova li rata ho bua le batho ka ’Muso. U tla li fumana li etsa joalo mehahong e melelele litoropong, libakeng tse hōle tsa sekoko se lehoatateng, boema-fofaneng, literateng le libakeng tse ling tsa sechaba le ka thelefono. Ke hobane’ng ha li ho etsa libakeng tse fapa-fapaneng joalo?
Mekhoa ea bophelo e ntseng e fetoloa ke maemo a moruo le palo e eketsehang ea baahi li hlahisa phephetso e tšosang ea ho fumana batho lapeng. Maemong a mangata, ka bobeli monna le mosali baa sebetsa e le hore ba hlokomele litlhoko tsa motheo tsa lelapa, ’me hangata ba hlokomoloha litlhoko tsa moea. Har’a likhatello tse joalo, ka sebele ba hloka molaetsa o hlasimollang oa tšepo. Lipaki tsa Jehova li nka khato ka thabo. Li sebelisa temoho le mosa, li batla menyetla ea ho tlisetsa batho ba mefuta eohle litaba tse molemo ka mokhoa o ipiletsang le o susumetsang.—1 Timothea 2:3, 4.
Ka Lipuo Tse Ling: Ha Jesu a ne a laela balateli ba hae hore ba ‘ee ’me ba etse barutuoa,’ o ile a ba lumella ho nka bohato ba pele le ho ikemisetsa ho isa molaetsa oa tšepo ho batho ba lipuo tsohle. (Matheu 28:19) Ho tšoana le linaha tse ngata, Canada e fetohile sechaba sa batho ba bangata ba buang lipuo-puo, ’me baboleli ba bangata ba ’Muso ba tloaelane le maemo ka ho ithuta lipuo tse ncha.
Ka mohlala, banyalani ba bang, bao e leng basebeletsi ba nako e tletseng Edmonton, Alberta, ba ile ba bona bohlokoa ba ho finyella batho ba buang Sechaena sa Mamandarin toropong ea habo bona. Leha ho le joalo, pele ho ne ho hlokahala hore banyalani bana ba ithute puo eo, kahoo ba ile ba iteanya le seithuti sa univesithi se neng se bua Semandarin. Se ile sa lumela ho ba ruta puo eo ’me ka nako e tšoanang le sona sa ithuta linnete tsa Bibele ho bona. E ne e le boemo bo loketseng hakaakang! Nakong ea likhoeli tse 24 baboleli bana ba babeli ba inehetseng ba ’Muso ba ne ba tšoaneleha ho ruta ka Semandarin. Ka nako e tšoanang, tichere ena ea bona eo e neng e boetse e le seithuti e ile ea tšoaneleha bakeng sa kolobetso ea Bokreste.
Liphihlelo tse tšoanang li boetse li thabeloa le metseng e meng ha baboleli ba ’Muso, ba susumelitsoe ke lerato, ba ithuta lipuo tse kang Sepolishe, Serussia le Sevietnam.
Tseleng: Joaloka bapalami ba pony express ba lekholong le fetileng la lilemo, ba neng ba tsamaea ba le bang, baboleli ba bang ba ’Muso likarolong tse hare tsa British Columbia ba tsamaea ba le bang ka literaka. Boholo ba nako ea bona bo qetoa mosebetsing oa ho khanna literaka tse khōlō tse thothang likutu tsa lifate ho tloha merung ho li isa moo li sakhoang. Sena se hloka hore nako le nako ba buisane le bakhanni ba bang ba literaka ka seea-le-moea sa CB (citizens band), ho buisana ka sephethe-phethe le likotsi tsa tseleng.
Baboleli bana ba ’Muso ba sebelisa liea-le-moea tsa bona tsa CB ka tsela e ikhethang. Ba qalisa puisano seea-le-moeeng sa CB ka ho bua ka litaba tsa morao-rao. Joale ka bohlale ba bua ka Bibele. Lekhetlong le leng mokhanni-’moho le bona oa teraka o ile a arabela ka seo Bibele e se bolelang mabapi le tšepo bakeng sa bafu. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Lefu la mokhanni-’moho kotsing ea tseleng le ile la mo khathatsa ka ho tebileng. Ka thabo o ile a amohela thuto ea Bibele ’me hona joale a ka utluoa a bolella basebetsi-’moho le metsoalle litaba tse molemo. Ho feta moo, se ileng sa mo thabisa e bile thuto ea Bibele e ileng ea qalisoa le mohlolohali oa motsoalle oa hae ea hlokahetseng. Ho nka bohato ba pele ho nehelana ka molaetsa o fanang ka bophelo oa ’nete ka tsela ena e sa tloaelehang ho putsa hakaakang!
Ka Sefofane: Tabeng ea ho bolela molaetsa oa bohlokoa haholo oa ’nete, baboleli ba ’Muso ba chesehang ba ea moo batho ba leng teng, ‘ba kena metseng’ ka lifofane tse nyenyane. (Matheu 10:11, 12) Nakoaneng e fetileng, lihlopha tse peli tse tsamaeang ka sefofane, li susumelitsoe ke cheseho ea ho bolela litaba tse molemo ebile li itefella litšenyehelo tsa leeto, li ile tsa fofela ho batho ba qalikaneng lehoatateng le leholo le sekoko. Sehlopha ka seng sa sefofane se ile sa tsamaea lik’hilomithara tse 3000 le ho lula metseng e fapaneng e 14, lik’hilomithara tse 250 ho tloha Arctic Circle. Baboleli bana ba sa khathaleng ba ile ba tsoela pele ka matsatsi a supileng ho finyella batho ba leng likarolong tse ka thōko tse libakeng tse hōle.
Na sena sohle se ne se tšoaneloa ke boiteko boo? Nahana ka phello e ntle eo molaetsa oa Bibele o bileng le eona metseng ena. Basebeletsi ba etileng ba ile ba thusa ho tlatsa tlhoko e khōlō ea moea ha ba bontša morero oa Jehova oa ho etsa lefatše paradeise haufinyane. (Matheu 5:3) Nako e telele ka mor’a hore baboleli bana ba molaetsa ba tsamaee, batho ba lipelo li tšepahalang metseng ena ba ne ba tla ipalla Libibele tse 542 le lithuso tsa ho ithuta Bibele le limakasine tse 3000 tse ileng tsa siuoa matsohong a bona.—Bapisa le Liketso 12:24.
Ka Thelefono: Baahi ba likete-kete ba motse ba phela mehahong e sirelelitsoeng ka thata-thata ka tsamaiso e rarahaneng haholo ea tšireletso. Leha ho le joalo, baboleli ba ’Muso ba inehetseng ba tsoela pele ka cheseho le ka temoho. Ba khona joang ho ea moo batho baa ba leng teng? Le hoja ho khothalletsoa ho buisana le batho ka ho toba, hangata ho sebelisoa ka katleho inthak’homo e leng sebakeng sa ho amohela baeti lifoleteng. Ha sena se sa khonehe, ba phetla buka ea thelefono ebe ba sebelisa thelefono.
Hoseng ho hong mosali-moholo e mong o ile a arabela thelefono. Ka mor’a tumeliso e khutšoanyane e mosa, o ile a botsoa hore na o ikutloa hore ho tla ke ho be le nako eo ka eona batho ba tla tseba ho tsamaea ba sireletsehile literateng bosiu. O ile a balloa Mangolo ho mo tiisetsa hore khotso e tla ba ngata nakong e tlang. (Pesaleme ea 37:10, 11; Daniele 2:44; Matheu 6:9, 10) O ile a lumela hore ho buisanoe le eena ka thelefono bekeng e latelang ka nako e tšoanang ho tšohla hore na ke hobane’ng ha re lumela litšepiso tsa Molimo. Ka mor’a nako e etsang khoeli a ntse a ithuta Bibele ka thelefono, ho baloa lirapa thusong ea ho ithuta Bibele ebile ho botsoa lipotso tse loketseng, ’moleli oa ’Muso o ile a thoholetsoa ke mosali eo ka ho fana ka lithuto tse ngata hakaalo tse fapaneng beke le beke. Joale e ne e le nako ea ho bontša buka e ithutoang le ho mo neha kopi ea hae. Joale ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore batho bana ba babeli ba kopane. Ka sebele, Lipaki tsa Jehova li bontšitse lerato la tsona ho batho, ’me batho baa arabela, baa hlokomela hore Jehova o na le baboleli bana ba Bakreste.—Bapisa le 1 Bakorinthe 14:25.
Ka Lingoliloeng: Baboleli ba ’Muso ba profinseng ea Quebec moo ka ho khetheha ho buuoang Sefora le bona ba ea moo batho ba leng teng. Mosebeletsi e mong ea tsamaeang o ile a hlokomela: “Ka lilemo tse ngata barab’abo rōna ba ile ba ikutloa hore ha ho khatelo-pele ea letho eo ba e etsang ka lebaka la khanyetso e mabifi ea kereke. Empa ka lebaka la ho sebetsa ha barab’abo rōna ba sa khaotse le ho khutlela ka makhetlo a mangata, Bibele, eo e neng e hlile e le buka e sa tsejoeng ’me e baloa ke ba ’maloa feela, hona joale e fumanoa malapeng a mangata.”
Ho thabeloa liphello tse thabisang ha baevangeli ba bacha ba tsoa litsong tsohle tsa baahi Quebec, ho akarelletsa le lingaka. Ho joalo ka ngaka e ’ngoe. Mosali oa eona, eo e leng ’moleli oa ’Muso, ka makhetlo a mangata o ne a buisana le eona ka tšepo ea Bibele. Moholo oa phutheho ea falimehileng o ile a nka bohato ba pele ho memela ngaka ena sebokeng sa phutheho nakong eo ho neng ho ithutoa bukana e reng Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang? E ile ea tla eaba ea kopanela. E khahliloe ke boleng ba puisano le botebo ba eona ba moea, e ile ea amohela hore e rutoe Bibele. Hona joale ke ’moleli oa ’Muso.
Tšebeliso e atlehileng ea limakasine e phethahalitse karolo ea bohlokoa haholo ho hulela batho Bibeleng. Motho ha a tsebe hore na e tla ba sehlooho sefe se tla susumelletsa motho ’neteng. ’Moleli e mong oa ’Muso o ile a nehelana ka Tsoha! ho moahelani ea neng a sa batle ho mamela molaetsa empa a thahasella likokoanyana. Setšoantšo se leng sehloohong sa Tsoha! (ea Senyesemane) ea November 22, 1992, “Chagas’ Disease—Ho Aka Lefu” se ile sa mo hapa maikutlo. A khahliloe ke seo a se balileng, o ile a batla limakasine tse eketsehileng. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele, ’me nakong ea likhoeli tse tšeletseng o ne a bolella ba bang.
Libakeng Tsa Sechaba: Molao oa Canada o lumella bolokolohi ba puo libakeng tsa sechaba, tse kang boema-fofane. Boema-fofaneng ba Machaba ba Halifax, baboleli ba ’Muso ka bohlale ba atamela batsamai ba theohang lifofaneng, baa ba qoqisa. Ba sebelisa lipotso tse nakong ho lebisa puisano Bibeleng. Kaha ba nka Bibele e fellang ka pokothong le lingoliloeng, ba ka arabela litlhokong tsa moea. Lingaka tse buoang, bo-rasaense, babuelli ba molao, bakhanni ba lifofane, baruti, mapolesa, bakhanni ba litekesi, lienjiniere, matichere, masole le bo-ralipolotiki ba tsoang linaheng lisele ba har’a batho ba ileng ba utloa molaetsa oa ’Muso ka tsela ena ’me ba ile ba nka peō ea ’nete ho ea e jala libakeng tse hōle.—Bakolose 1:6.
Hoseng ho hong boema-fofaneng, monna e mong o ile a amohela limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ka lentsoe le bonolo, le iketlileng, o ile a re: “Che, ke ne ke sa lebella hore e ka ba Lipaki tsa Jehova!” Ke hobane’ng ha a ne a arabela joalo? Monna enoa e ne e le Momosleme ea inehetseng ea neng a sa tsoa rapela ntlong ea thapelo e leng boema-fofaneng. O ne a ntse a kōpa Molimo ho mo bontša bohlale, temohisiso le ’nete. Khopolo ea hore Lipaki tsa Jehova e bile karabelo ea thapelo ea hae ea hang-hang e ile ea mo makatsa.
Ka sebele, baboleli ba sebete ba ’Muso Canada ha ba lumelle letho ho ema tseleng ea bona bakeng sa ho nehelana ka molaetsa oa bohlokoa oa ’Muso. Ha ba lumelle ho sitisoa ke lipuo lisele, litsela tsa krabole tse makukuno, batho ba lulang hōle, libaka tse sirelelitsoeng ka thata-thata litoropong. Ba ikemiselitse ho nehelana ka molaetsa oa Molimo oa bophelo ho batho ba lipelo li tšepahalang ba batlang ’nete. Hammoho le mokhatlo oa bara ba motho oa lefatše lohle oa basebetsi-’moho le bona, ka ntle ho boithati ba mamela taelo ea Jesu ea ho ‘ea le ho etsa barutuoa.’—Matheu 28:19.
[Lebokose le leqepheng la 27]
Baboleli ba ’Muso ba Atlehileng ba Sebelisa
Thelefono Ba bang ba itse: “Lumela. Lebitso la ka ke [bolela lebitso]. Ke ’nile ka bua ka bokhutšoanyane le batho mohahong ona oa lōna kamoo khotso e ka finyelloang kateng. Na u nahana hore ho tla ke ho be le khotso lefatšeng lohle? [Emela karabelo.] Ho u tlosa matsoalong, ha ke etse phuputso kapa ho rekisa leha e le eng. Ho e-na le hoo, ke ’nile ka aba molaetsa o tsoang Mangolong a Halalelang oa hore ka sebele Molimo o tla tlisa khotso.” Joale mohlomong moqoqo o ka tsoela pele ka puisano e khutšoanyane ea Mangolo.
Ba bang ba ile ba re: “Lumela. Lebitso la ka ke [bolela lebitso]. Ke moithaopi sebakeng sena sa lōna. Ke ’nile ka fumana maikutlo a batho ba fapaneng ba lulang mohahong ona. Ba bangata ba amehile ka tšireletseho ea botho ka lebaka la pefo e ntseng e eketseha le tlōlo ea molao sebakeng sa rōna. Na see ke se u khathatsang le uena? [Emela karabelo.] Na u nahana hore ho tla ba le nako eo ka eona lefatše lohle le tla ikutloa le sireletsehile?” Emela karabelo ’me u tsoele pele ka molaetsa oa Mangolo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Pony express e ne e le tsamaiso ea poso United States e bileng teng ka nakoana ea likhoeli tse 18 ho tloha ka 1860 ho fihlela ka 1861.