Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 12/15 maq. 9-13
  • Ho Fumana Khotso ea Sebele Naheng e Tletseng Likhathatso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Fumana Khotso ea Sebele Naheng e Tletseng Likhathatso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • “Ha ke Hōla, Ke Tla ba Setho sa IRA!”
  • Ho se Jele Paate ke Tšireletso ea Sebele
  • “Lithunya Tsa ka e ne e le Tsona Feela Tse Ntšireletsang”
  • “Ho Hang ke ne ke sa Utloisise se Etsahalang”
  • “Kamehla Lipaki li ne li re Lebisa Bibeleng”
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 12/15 maq. 9-13

Ho Fumana Khotso ea Sebele Naheng e Tletseng Likhathatso

“Pefo e tšabehang ka ho fetisisa ea lihlotšoana tsa bolumeli e tsoile taolong,” ho boletse joalo tlaleho e ’ngoe khale koana ka 1969. E ne e le ha Likhathatso, nako ea hona joale ea merusu Ireland e ka Leboea, li qala ho tota.

PEFO ea lihlotšoana tsa bolumeli le ho bolaeana li ile tsa fetoha ntho e tloaelehileng ha babolai ba Maprostanta le ba Mak’hatholike, “banna ba hlaha ka mahlakoreng a mabeli” a lipolotiki le bolumeli ba arohana, ’me ba loanela puso ea Ireland ka matla. The Irish Times e tlaleha hore ho tloha ka nako eo “batho ba fetang 3 600 ba bolailoe ’me ba likete ba khaohile litho pefong ea lilemo tse ka bang 30.”

Ha e le hantle, ena hase ntoa e ncha. E ’nile ea hlasela Ireland ka lilemo tse makholo. Lilemong tsa morao tjena liphello tsa eona tse bolaeang ka ho fetisisa li ’nile tsa ama Ireland e ka Leboea, empa bophelo ba batho ho pholletsa le Ireland bo ’nile ba behoa kotsing ke khalefo le qhoebeshano tseo e li bakileng.

Boemong boo, ka lilemo tse fetang lekholo hona joale, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa lebisa tlhokomelo tharollong ea sebele ea mathata a hlasetseng naha ena e tletseng likhathatso. Tharollo eo ke ’Muso oa Molimo o matsohong a Jesu Kreste. (Matheu 6:9, 10) Qalong ea Likhathatso tsena ka 1969, ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse 876 Ireland. Hona joale li feta 4 500, liphuthehong tse fetang 100. Tsena ke liphihlelo tse seng kae tse tsoang ho ba bang ba furaletseng mesebetsi ea lipolotiki le ea lebotho la sesole la sekhukhu.

“Ha ke Hōla, Ke Tla ba Setho sa IRA!”

Michaela o hōtse e le Mok’hatholike Rephabliking ea Ireland. Sekolong o ile a rutoa ho hong ka histori ea Ireland le ntoa ea eona ea nako e telele le Brithani. Ha e sa le ngoana, o ile a ba le lehloeo le tebileng bakeng sa Manyesemane, ao a neng a bona e le “bahatelli ba batho ba Ireland.” Ha a le lilemo li leshome, o ile a bolella nkhono’ae a re, “Ha ke hōla, ke tla ba setho sa IRA!” (The Irish Republican Army [Lebotho la Ntoa la Rephabliki ea Ireland]) O re: “Ke ile ka jabeloa sefahlehong ka tsela eo ke ntseng ke e hopola le kajeno.” Hamorao o ile a utloa hore ntat’ae-moholo o ne a le lebothong la ntoa la Brithani Ntoeng ea I ea Lefatše. Nkhono’ae o kile a tlameha ho ema ka pel’a ntat’ae-moholo hore a thibele litho tsa IRA ho mo thunya.

Ho ntse ho le joalo, ha Michael a hōla o ne a batla ho etsa ho hong ho thusa Mak’hatholike a habo a Ireland e ka Leboea. O re: “Ka nako eo ho ’na ho ne ho bonahala eka litho tsa IRA ke bona feela batho ba neng ba etsa ho hong ho thusa Mak’hatholike a Ireland e ka Leboea.” A susumelitsoe ke seo a boneng e le lebaka le utloahalang, e ile ea e-ba setho sa IRA ’me a koetlisetsoa ho sebelisa libetsa. Metsoalle ea hae e meraro e ile ea thunngoa ke masole a sekhukhu a Maprostanta Ireland e ka Leboea ea ba ea e-shoa.

Michael o ile a qetella a feletsoe ke tšepo ntoeng ea lebotho la sesole la sekhukhu, ka mohlala, a tšoenngoa ke lintoa tse sehlōhō tse neng li loanoa pakeng tsa lihlopha tse fapaneng tsa lebotho la sesole la sekhukhu. Ha a le teronkong ka lebaka la melato e amanang le mesebetsi ea IRA, o ile a rapela Molimo hore a mo thuse ho fumana tsela ea ’nete e isang khotsong le tokeng tse tšoarellang. Ka mor’a nako e itseng Lipaki tsa Jehova li ile tsa etela ha hae. Leha ho le joalo, lehloeo la khale le ile la etsa mekoallo. Lipaki tsena e ne e le Manyesemane. Lehloeo la hae le tebileng le ile la mo thatafalletsa ho mamela. O re: “E ne e se kamehla ke ba thabelang, empa ba ile ba phehella ho nketela le ho buisana le ’na, ’me ke ile ka qala ho bona hore ’Muso oa Molimo o ne o tla felisa ho hloka toka hohle ha lipolotiki le bochaba hoo ke neng ke loanela ho ho felisa.”—Pesaleme ea 37:10, 11; 72:12-14.

Pharela e ile ea hlaha bosiung bo bong ha Michael a ne a kopana le molaoli oa mabotho a IRA, ’me a re, “Re na le mosebetsi oo u ka o etsang.” Michael o re: “Ke ile ka ikutloa hore ke lokela ho etsa khetho ka nako eona eo, eaba ke hula moea ’me ka re, ‘Hona joale ke e mong oa Lipaki tsa Jehova,’ le hoja ke ne ke e-so kolobetsoe ka nako eo. Ke ne ke tseba hantle hore ke batla ho ba mohlanka oa Jehova.” Molaoli oa mabotho o ile a araba ka ho re: “U lokela ho tšetlehoa leboteng ’me u thunngoe.” Ho sa tsotellehe tšoso eo, Michael o ile a tlohela IRA. O ile a fumana sebete sa ho etsa sena ka ho lumella mantsoe a Jehova ho ama kelello ea hae le pelo. “Ha nako e ntse e feta mosali oa ka le bana ba ka ba bang le bona ba ile ba nehela bophelo ba bona ho Jehova. Hona joale re na le khotso ea ’nete ka lipelong tsa rōna. ’Me re tla lula re leboha Jehova ka ho re lumella ho ithuta ’nete le ho kopanela ho haseng molaetsa oa khotso naheng e tletseng likhathatso.”—Pesaleme ea 34:14; 119:165.

Ho se Jele Paate ke Tšireletso ea Sebele

“Ke hōletse mahaeng a Setereke sa Derry Ireland e ka Leboea,” ho rialo Patrick. “Ha ke sa le ngoana, ke ne ke sa tsebe letho haese Likhathatso. Ho totobetse hore tikoloho eo e ile ea ama boikutlo ba ka le monahano.” Patrick o ile a hlaolela maikutlo a feteletseng a susumetsoang ke bochaba bo kotsi le ho hloea Brithani ka ho teba. O ile a bona batho ba bolumeli ka mahlakoreng a mabeli a ntoa ea lipolotiki ba tlōla melao-motheo ea Bokreste hammoho le melao-motheo ea mekhoa e metle ea batho. Ka lebaka leo, o ile a furalla bolumeli, a qetella a latola boteng ba Molimo ’me ea e-ba molateli oa Marx ea hlooho e thata.—Bapisa le Matheu 15:7-9; 23:27, 28.

Patrick o re: “Lintho tsa khale tseo ke sa ntseng ke li hopola ke ha batšoaruoa ba tšehetsang puso ea rephabliki ba Leboea ba itima lijo. Sena se ile sa nkama ka ho teba. Ke hopola ke hloma lifolakha tsa Ireland ’me ke ngola molaetsa o khahlanong le Brithani hohle moo ke neng nka khona. Ha ke le lilemo li 15 feela, ke ile ka ba mohlokomeli lepatong la e mong oa ba neng ba itima lijo ea ileng a shoela teronkong.” Joaloka ba bang ba bangata ba ileng ba tšoasoa moferefereng le pherekanong tsa nakong eo, Patrick o ile a kopanela merusung le ho macheng ha ho ipelaetsa a lelekisa seo a neng nka hore ke toka le ho lekana sechabeng. O ile a ba a tloaelana le ba ’maloa ba buellang bochaba, bao bongata ba bona ba neng ba kentsoe teronkong ke ba boholong ba Brithani.

Patrick o re: “Joale, ka lebaka la boemo ba lichelete, ke ile ka qetella ke qeta nako e itseng Engelane. Ha ke le moo, mapolesa a Brithani a ile a tšoara e mong oa metsoalle ea ka ea neng a le letšolong la ho hlasela ka libomo.” Le hoja Patrick a ne a ntse a tšehetsa ka matla moea oa bochaba, maikutlo a hae a ile a qala ho fetoha. O ile a qala ho bona hore ho hloea Manyesemane kaofela ha e le hantle ho ne ho sa utloahale. O re: “Ke ile ka boela ka qala ho hlokomela hore ha ho mohla mosebetsi oa lebotho la sesole la sekhukhu o tla rarolla mathata ana le ho tlosa ho hloka toka ho neng ho ntšoenya. Ho ne ho e-na le bobolu bo bongata haholo le liphoso tse ling har’a ba laolang mekhatlo ea lebotho la sesole la sekhukhu.”—Moeklesia 4:1; Jeremia 10:23.

Patrick o ile a qetella a khutletse Ireland e ka Leboea. “Ha ke khutla, motsoalle e mong o ile a nteanya le Lipaki tsa Jehova.” Ha a ithuta Bibele le Lipaki, Patrick o ile a qala ho bona tharollo ea sebele ea lintoa tsa batho le qhoebeshano. O ile a tsoela pele ka potlako moeeng ha melao-motheo ea Bibele e ntse e ama kelello ea hae le pelo. (Baefese 4:20-24) O re: “Hona joale, ho e-na le ho rera bolotsana ba ho phethola taolo e teng, ke iphumana ke bolela molaetsa oa khotso o tsoang Bibeleng, esita le libakeng tseo ho tsona ho lulang batho ba inehetseng lipolotiking moo ke neng nke ke ka iteta sefuba ho ea teng pele. Ha e le hantle, nakong eo ka eona ho neng ho e-na le lipolao tse ngata tsa lihlotšoana tsa bolumeli Belfast, ke Lipaki tsa Jehova feela tse neng li ka tsamaea ka bolokolohi li sa hlomela libakeng tsa batho ba inehetseng lipolotiking le ba nang le moea oa bochaba.” Joaloka Lipaki tse ling tsa Ireland e ka Leboea nakong ena, o ile a hlokomela hore ho se jele paate, feela joaloka Bakreste ba pele, ke tšireletso ea sebele. (Johanne 17:16; 18:36) O phetha ka ho re: “Ho lokolla haholo ho bona hore Jehova ka Jesu Kreste o tla tlisetsa batho bohle toka ea ’nete le tokoloho khatellong.”—Esaia 32:1, 16-18.

“Lithunya Tsa ka e ne e le Tsona Feela Tse Ntšireletsang”

William o re: “Ke hōletse ka lehlakoreng le leng la moeli oa lipolotiki le bolumeli. Ke ne ke qoetse lehloeong le tšehetsoang ke Maprostanta ’me ke e-na le lehloeo le matla la ntho efe kapa efe ea Mak’hatholike. Ke ne nke ke ka ea le lebenkeleng la Mak’hatholike haeba ho khoneha, ’me ke ile ka etela Rephabliki ea Ireland hanngoe feela. Ke ile ka ba setho sa lihlopha le mekhatlo e sa tšoaneng ea Maprostanta, e kang Orange Order—e leng mokhatlo o inehetseng ho sirelletsa Boprostanta le mokhoa oa bona oa bophelo.” Ha William a ne a le lilemo li 22, e ile ea e-ba setho sa Lebotho la Tšireletso la Ulster, e leng karolo ea lebotho la ntoa la Brithani leo litho tsa lona li thaothuoeng hona teng. Boholo ba litho tsa lona e ne e le Maprostanta. O ne a ikemiselitse ho bolaea e le hore a sireletse lefa la hae. “Ke ne ke e-na le lithunya tse ’maloa ’me ke ne nke ke ka qeaqea ho li sebelisa haeba ho hlokahala. Ke ne ke beha se seng tlas’a mosamo bosiu.”

Empa ho ile ha e-ba le phetoho e khōlō. “Ke ile ka qala ho hlokomela hore Lipaki tsa Jehova li na le ntho e ’ngoe e khethehileng ha ke ne ke sebetsa haufi le e mong oa tsona re nchafatsa ntlo e ’ngoe ea khale. Motho enoa eo e neng e le mosebetsi-’moho le ’na o bile le tšusumetso e matla ho ’na. Ha re ntse re haha ntlo ena hammoho, ke ne ke khona ho mo botsa lipotso tse ngata tse neng li ntšoenya tse mabapi le Likhathatso, bolumeli le Molimo. Likarabo tsa hae tse bonolo, tse hlakileng li ile tsa nthusa ho bona hore na ha e le hantle Lipaki tsa Jehova li joang—sehlopha sa batho se kopaneng, se seng mabifi le se sa jeleng paate lipolotiking, se khetholloang ka ho rata Molimo le moahisani.”—Johanne 13:34, 35.

Ka mor’a likhoeli tse ’nè thuto ea Bibele e qalisitsoe, William o ile a itokolla mekhatlong eohle ea bolumeli le ea lipolotiki eo e neng e le setho sa eona. Oa hopola: “Bona e bile bohato ba bohlokoa ho ’na, hobane ke ne ke tlameha ho lahla litloaelo tse ngata tseo ke neng ke li rata ebile e le tsa nako e telele.” Leha ho le joalo, teko e khōlō ka ho fetisisa e ne e sa ntse e larile ka pele ho eena. “Ka lebaka la boemo ba Ireland e ka Leboea, ke ne ke ikutloa hore lithunya tsa ka e ne e le tsona feela tse ntšireletsang. Lebotho la sesole la sekhukhu la IRA le ne le nka hore ke ‘phofu ea sebele’ ea lona. Ka hona, ho ne ho le thata haholo hore ke tele libetsa tsena.” Leha ho le joalo, butle-butle keletso ea Bibele, e kang e fumanoang ho Esaia 2:2-4, e ile e fetola boikutlo ba hae. O ile a qetella a bone hore Jehova ke tširelo ea sebele ho eena, hantle feela joalokaha E bile tširelo ho Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Joale William o ile a tela lithunya tsa hae.

“E ’ngoe ea lintho tseo ke hlileng ke li thabetseng,” ho rialo William, “ke hore hona joale metsoalle ea ka ea hlooho ea khomo le ea kamehla ke batho bao pele ke neng ke tla ba nka e le lira tse lokelang ho shoa. Hape, ho khona ho isa molaetsa oa Bibele oa tšepo moo pele ho ’na e neng e le ‘libaka tse sa kenoeng’ ke mohloli oa sebele oa thabo. Ha ke hopola seo ’nete e nketselitseng sona le lelapa la ka ke leboha Jehova le mokhatlo oa hae ka ho sa feleng.”

“Ho Hang ke ne ke sa Utloisise se Etsahalang”

Robert le Teresa ba hōtse ka mekhoa e fapaneng ka ho feletseng. Robert o re: “Ke tsoa lelapeng la Maprostanta a matla. Beng ka ’na ba bang ba ’nile ba ameha mesebetsing ea lebotho la sesole la sekhukhu. ’Na ke ile ka ba setho sa Lebotho la Tšireletso la Ulster la lebotho la ntoa la Brithani ha ke le lilemo li 19. Boholo ba nako eo bo ile ba sebelisetsoa ho lebela libakeng tseo Teresa a neng a lula ho tsona. Bosiung bo bong ke ile ka tlosoa bolebeling ba kamehla ’me ka isoa mesebetsing e meng. Bosiung boo Land-Rover eo ke neng ke tla be ke tsamaea ka eona e ile ea phatloha. Masole a mabeli a ile a shoa ’me a mang a mabeli a ile a lemala.”

Robert o ile a qala ho ipotsa lipotso ka morero oa bophelo. “Ke ’nile ka lumela ho Molimo, empa ha ke ne ke talima ho pota Ireland e ka Leboea, ho hang ke ne ke sa utloisise se etsahalang. Ha e le hantle ke ile ka qala ho rapela Molimo. Ke ile ka botsa Molimo hore na o hlile o teng le hore haeba a hlile a le teng, ke kōpa hore a mpontše tsela e nepahetseng ea ho phela. Ke hopola ke re ho Molimo e tlameha ebe ho na le bolumeli bo le bong ba ’nete kae-kae!” Ka mor’a matsatsi a seng makae, e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a etela Robert ’me a mo siela lingoliloeng. Ha Robert a fihla hae e se e le bosiu mantsiboeeng ao a e-tsoa mosebetsing oa ho lebela, o ile a qala ho li bala ’me a li qeta ka hora ea bohlano hoseng. O re: “Kapele ke ile ka hlokomela hore ke ’nete, ’me ke ne ke bona hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e e-tsoa Bibeleng ka ho toba.” (2 Timothea 3:16) O ile a qala ho ithuta Bibele, ’me ka mor’a nakoana a nehela bophelo ba hae ho Molimo.

“Kamehla Lipaki li ne li re Lebisa Bibeleng”

Ka lehlakoreng le leng, Teresa o ne a hōletse Bok’hatholikeng, a tšehetsa moea oa bochaba ka ho teba. “Ha ke sa le ngoanana, ke ile ka ba setho sa Sinn Féin.”b Teresa oa lumela: “Sena se ile sa etsa hore ke kopanele mesebetsing ea lebotho la sesole la sekhukhu. Ke ne ke thusa ho bokella chelete bakeng sa ntoa ea sesole. Ke ne ke tsebisa IRA se etsahalang sebakeng seo ke lulang ho sona. Hape ke ile ka kopanela merusung le litlhaselong tsa ho betsa mapolesa le balebeli ba lebotho la ntoa ka majoe.”

Ha litho tse ling tsa lelapa labo Teresa li qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, le eena o ile a lakatsa ho ba le tsebo. Matla a Lentsoe la Molimo a ile a ba le tšusumetso e khōlō ho eena. O re: “Kamehla Lipaki li ne li re lebisa Bibeleng bakeng sa ho fumana likarabo tsa lipotso. Tšepiso e ho Daniele 2:44 ka sebele e ile ea re bula mahlo. Ke ile ka bona hore ’Muso oa Molimo ke tsela ea sebele ea ho tlosa ho hloka toka hohle hoo ke neng ke ho loantša.” O ne a ikutloa a eketsa ho nyonya masetla-libete a etsoang ke masole a sekhukhu. Ka mohlala, Teresa o ne a sitoa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha mang kapa mang ea nang le maikutlo a qenehelo le mekhoa e metle a ne a ka thabela litaba tsa mesebetsi ea bokhukhuni moo masole kapa ba bang ba neng ba bolaoa kapa ba holofatsoa ’me malapa a sithabetsoa ke mesarelo le tsieleho. Le eena o ile a arabela ’neteng ea Bibele a ba a lumella hore melao-motheo ea Molimo e fetole monahano oa hae. O ile a nehela bophelo ba hae ho Molimo ’me kapele a kolobetsoa.—Liproverbia 2:1-5, 10-14.

Teresa o ile a kopana le Robert ha kabobeli ba ne ba le libokeng tsa e ’ngoe ea liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tsa Ireland e ka Leboea. Oa hlalosa: “Ha ke qala ho kopana le Robert, ke ile ka thatafalloa ho lumela hore ke ne ke bua ke khobile matšoafo hakana le ka khotso le motho eo e neng e se khale ha ke ne ke mo nka e le karolo ea mokhatlo oa Brithani oa lipolotiki le ntoa. Ka sebele Lentsoe la Molimo le ne le nthusitse ho tlosa bora le lehloeo tse metseng ka metso.” Eena le Robert ba ile ba hlokomela hore ho e-na le ho arohanngoa ke bora le lehloeo tse bakoang ke lineano tsa bona tse sa tšoaneng le mekhoa ea bophelo, joale ba ne ba e-na le lintho tse ngata tseo ba tšoanang ka tsona. E matla ka ho fetisisa ho tsona e ne e le ho rata Jehova Molimo. Ba ile ba nyalana. Hona joale ba sebetsa hammoho ha ba isa molaetsa oa Molimo oa khotso ea ’nete ho batho ba limelo tsohle le litumelo naheng ena e tletseng likhathatso.

Ba bang Ireland ba bile le liphihlelo tse tšoanang. Ka ho mamela le ho amohela lithuto tsa Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, ba lokolohile ‘lifilosofing le lithetsong tsa lefeela’ tsa batho. (Bakolose 2:8) Hona joale ba behile tšepo ea bona e feletseng litšepisong tsa Molimo tse ka Bibeleng. Ba thabela ho abela mang kapa mang ea tla mamela tšepo ea bona ea khotso ea nako e tlang—e tla beng e lokolohile ka ho feletseng lihlotšoaneng tsa bolumeli le mefuteng e meng ea pefo.—Esaia 11:6-9.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe.

b Mokha oa lipolotiki o amanang haufi-ufi le IRA ea Nakoana.

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

The paramilitary struggle has been idealized in murals throughout Northern Ireland

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela