E se Eka le ka Mohla re ke ke ra Ikhula ho ea Timetsong!
“Ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong.”—BAHEBERU 10:39.
1. Ke maemo afe a ileng a etsa hore moapostola Petrose a inehele tšabong?
ETLAMEHA ebe baapostola ba ile ba nyaroha ha Monghali oa bona eo ba mo ratang, Jesu, a ba bolella hore kaofela ba tla hasana ’me ba mo siee shalabeng. Ntho e joalo e ne e ka etsahala joang le hona e le ka nako ee eo a neng a hloka thuso ka ho fetisisa? Petrose o ile a tsitlella: “Esita le haeba ba bang kaofela ba khoptjoa, leha ho le joalo ’na ha nka ke.” Ha e le hantle, Petrose e ne e le monna ea sebete, ea sa tšabeng letho. Empa eitse ha Jesu a ekoa ’me a tšoaroa, baapostola ba ile ba hasana—ho akarelletsa le eena Petrose. Hamorao, ha Jesu a ntse a hoqisitsoe ka lipotso ka tlung ea Moprista ea Phahameng Kaifase, Petrose o ne a ntse a lika-lika ka lebaleng, a tšohile. Ha bosiu boo bo batang bo ntse bo roalella, mohlomong Petrose o ile a tšoha hore ho ka ’na ha bolaoa Jesu hammoho le metsoalle eohle ea hae. Ha batho ba bang ba emeng moo ba hlokomela hore Petrose ke e mong oa metsoalle e haufi-ufi ea Jesu, o ile a tšoha. Ka makhetlo a mararo o ile a latola kamano ea hae le Jesu. Petrose o bile a latola le hore oa mo tseba!—Mareka 14:27-31, 66-72.
2. (a) Ke hobane’ng ha tšabo ea Petrose bosiung ba ho tšoaroa ha Jesu e sa ka ea mo etsa hore e be oa “mofuta o ikhulang”? (b) Boikemisetso ba rōna e lokela ho ba bofe?
2 Eo e bile nako ea bofokoli bophelong ba Petrose, nako eo ho seng pelaelo hore o ile a ikoahlaela eona ka matsatsi ’ohle a hae. Empa na ketso ea Petrose bosiung boo e ile ea mo etsa lekoala? Na e ile ea mo etsa e mong oa “mofuta” oo hamorao moapostola Pauluse a ileng a o hlalosa ha a ngola see ka oona: “Joale ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong”? (Baheberu 10:39) Boholo ba rōna mohlomong bo ka lumela hore mantsoe a Pauluse ha a sebetse ho Petrose. Hobane’ng? Hobane ho tšoha ha Petrose e bile ha nakoana, ho phonyoheloa ho honyenyane ha motho eo bophelo ba hae bo neng bo khetholloa ka sebete se tsotehang le tumelo. Ka mokhoa o tšoanang, bongata ba rōna re na le linako tse fetileng tseo re soabang ha re li hopola, linako tseo ka tsona tšabo e ileng ea re phelephanyetsa ’me ea re sitisa ho emela ’nete ka sebete kamoo re neng re ka rata kateng. (Bapisa le Baroma 7:21-23.) Re ka kholiseha hore ho phonyoheloa ho joalo ha nakoana ha ho re etse mofuta o ikhulang ho ea timetsong. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore re ikemisetse hore ha re na ho ba batho ba mofuta oo le ka mohla. Hobane’ng? Hona re ka qoba ho ba batho ba joalo joang?
Se Boleloang ke ho Ikhula ho ea Timetsong
3. Moprofeta Elija le moprofeta Jonase ba ile ba inehela tšabo joang?
3 Ha Pauluse a ne a ngola ka “mofuta o ikhulang,” o ne a sa bue ka bao le hoja ba le sebete, ba neng ba ka ’na ba phonyoheloa ka nakoana. Ha ho pelaelo hore Pauluse o ne a tseba phihlelo ea Petrose le maemo a mang a joalo. Elija, moprofeta ea sebete le ea buang taba ka ho toba, o kile a ineela tšabong eaba oa baleha ha Mofumahali Jezebele ea khopo a mo tšosa ka lefu. (1 Marena 19:1-4) Moprofeta Jonase o ile a hlaseloa ke tšabo ka mokhoa o tebileng. Jehova o ne a mo romme hore a ee motseng oa Ninive o tummeng ka pefo le bokhopo. Ka potlako Jonase o ile a palama sekepe se eang Tarshishe—e lik’hilomithara tse 3 500 ka lehlakoreng lesele ho Ninive. (Jonase 1:1-3) Leha ho le joalo, ha ho le ea mong oa baprofeta bana ba tšepahalang kapa moapostola Petrose eo ho neng ho ka hlalosoa ka nepo hore ke mofuta o ikhulang. Ke hobane’ng ha ho le joalo?
4, 5. (a) Taba eo ho buuoang ka eona e re thusa joang ho fumana hore na Pauluse o ne a bolela’ng ka ‘timetso’ ho Baheberu 10:39? (b) Pauluse o ne a bolela’ng ha a re: “Ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong”?
4 Hlokomela polelo e feletseng e sebelisitsoeng ke Pauluse: “Joale ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong.” O ne a bolela’ng ka ‘timetso’? Lentsoe la Segerike leo a le sebelisitseng, ka linako tse ling le bolela timetso ea ka ho sa feleng. Tlhaloso ena e lumellana le taba eo ho buuoang ka eona. Pauluse o ne a sa tsoa lemosa: “Haeba re tloaela ho etsa sebe ka boomo ka mor’a hore re amohele tsebo e nepahetseng ea ’nete, ha ho sa na sehlabelo leha e le sefe se setseng bakeng sa libe, empa ho na le tebello e itseng e tšabehang ea kahlolo ’me ho na le poulelo e tukang e tla timetsa ba hanyetsang.”—Baheberu 10:26, 27.
5 Kahoo, ha Pauluse a ne a re ho balumeli-’moho le eena, “ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong,” o ne a bolela hore eena le babali ba hae ba tšepahalang ba Bakreste ba ne ba ikemiselitse hore le ka mohla ba ke ke ba furalla Jehova eaba ba khaotsa ho mo sebeletsa. Ho etsa joalo ho ne ho ka isa feela timetsong ea ka ho sa feleng. Judase Iskariota ke e mong ea ileng a ikhula ho ea timetsong e joalo, joalokaha ho ile ha etsa lira tse ling tsa ’nete tseo ka boomo li ileng tsa sebetsa khahlanong le moea oa Jehova. (Johanne 17:12; 2 Bathesalonika 2:3) Batho ba joalo ba har’a “makoala” a oelang timetsong ea ka ho sa feleng ka letšeng la tšoantšetso la mollo. (Tšenolo 21:8) Che, le ka mohla ha re rate ho ba batho ba mofuta oo!
6. Satane Diabolose o batla hore re nke tsela efe?
6 Satane Diabolose o batla hore re ikhule ho ea timetsong. Kaha ke setsebi sa “bomenemene,” oa tseba hore tsela e senyang joalo e atisa ho qala ka litsela tse nyenyane. (Baefese 6:11, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Ha mahloriso a tobileng a sitoa ho finyella merero ea hae, o batla ho senya tumelo ea Bakreste ba ’nete ka mekhoa e potelletseng. O batla ho bona Lipaki tsa Jehova tse sebete, tse chesehang li khutsitse. A re boneng maqiti ao a ileng a a sebelisa khahlanong le Bakreste ba Baheberu bao Pauluse a ileng a ba ngolla.
Kamoo Bakreste ba Ileng ba Hatelloa Hore ba Ikhule
7. (a) Histori ea phutheho ea Jerusalema e ne e le efe? (b) Babali ba bang ba Pauluse ba ne ba e-na le maemo afe moeeng?
7 Bopaki bo bontša hore Pauluse o ile a ngola lengolo la hae le eang ho Baheberu hoo e ka bang ka 61 C.E. Phutheho ea Jerusalema e ne e e-na le histori e moferefere. Ka mor’a lefu la Jesu, ho ile ha tsoha mahloriso a befileng, a ileng a qobella Bakreste ba bangata ba motseng oo hore ba phasalle. Leha ho le joalo, nako ea khotso e ile ea latela, ea lumella hore palo ea Bakreste e ate. (Liketso 8:4; 9:31) Ha lilemo li ntse li feta, mahloriso le mathata a ne a ntse a e-ba teng ka linako tse itseng. Ho bonahala eka ka nako eo Pauluse a neng a ngola lengolo le eang ho Baheberu, phutheho eo e ne e boetse e thabela nako ea khotso e itseng. Leha ho le joalo, likhatello li ne li ntse li le teng. Ho ne ho fetile nako e ka etsang lilemo tse mashome a mararo esale Jesu a ile a profeta hore Jerusalema e tla timetsoa. Mohlomong ho ne ho e-na le ba bang ba neng ba ikutloa hore bofelo bo liehile ho tlōla tekanyo le hore bo ka ’na ba tla ba se ba shoele. Ba bang, haholo-holo ba neng ba le bacha tumelong, ba ne ba e-so lekoe ka mahloriso a matla ’me ba ne ba sa tsebe ho hokaalo ka hore ho hlokahala mamello tlas’a teko. (Baheberu 12:4) Ho ke ke ha latoloa hore Satane o ne a batla ho sebelisa maemo a joalo. O ile a sebelisa “bomenemene” bofe?
8. Bajuda ba bangata ba ne ba ikutloa joang ka phutheho ea Bokreste e neng e sa tsoa thehoa?
8 Baahi ba Bajuda ba Jerusalema le Judea ba ne ba nyelisa phutheho ea Bakreste e neng e sa tsoa thehoa. Ha re talima se lengolong la Pauluse, re fumana mohlala oa litšomo tseo baeta-pele ba ikhohomosang ba bolumeli ba Bajuda le balateli ba bona ba neng ba li tobisa ho Bakreste. E ka ’na eaba ba ile ba re: ‘Re na le tempele e khōlō Jerusalema, e bileng teng ka makholo a lilemo! Re na le moprista ea phahameng ea khabane ea sebeletsang moo, hammoho le baprista ba hae ba tlaase. Mahlabelo a nyeheloa letsatsi le letsatsi. Re na le Molao, o ileng oa fetisetsoa ho Moshe ka mangeloi le o ileng oa tiisoa ka lipontšo tse tšosang Thabeng ea Sinai. Sehlopha sena se secha sa bakhelohi, Bakreste bana, se koenehileng Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda, ha se na le e ’ngoe ea lintho tsena!’ Na litšomo tsee li ile tsa finyella morero oa tsona? Ho hlakile hore Bakreste ba bang ba Baheberu ba ile ba tšoenngoa ke litlhaselo tsena. Lengolo la Pauluse le ile la ba thusa ka nako e nepahetseng.
Lebaka Leo ka Lona ba sa Lokelang Hore le ka Mohla ba Ikhule ho ea Timetsong
9. (a) Ke taba efe e hlahellang hohle lengolong la Baheberu? (b) Ke ka kutloisiso efe Bakreste ba sebelelitseng tempeleng e molemo ho feta e neng e le Jerusalema?
9 A re hlahlobeng mabaka a mabeli ao Pauluse a ileng a a neha bara le barali babo ba neng ba le Judea a hore le ka mohla ba se ke ba ikhula ho ea timetsong. La pele—e leng bophahamo ba tsamaiso ea borapeli ea Bokreste—le hlahella hohle ka lengolong le eang ho Baheberu. Lengolong lohle la hae, Pauluse o hōlisa taba ena. Tempele e Jerusalema e ne e le feela setšoantšo sa ntho e khōlō ea sebele, e leng tempele ea moea ea Jehova, mohaho o “sa etsoang ka matsoho.” (Baheberu 9:11) Bakreste bao ba ne ba e-na le tokelo ea ho sebeletsa tokisetsong eo ea moea ea borapeli bo hloekileng. Ba ne ba sebeletsa tlas’a selekane se molemo, selekane se secha seo e neng e le khale se tšepisitsoe, se neng se e-na le Mokena-lipakeng ea phahameng ho feta Moshe, Jesu Kreste.—Jeremia 31:31-34.
10, 11. (a) Ke hobane’ng ha lesika leo Jesu a hlahetseng ho lona le sa ka la mo amoha tokelo ea ho sebeletsa e le Moprista ea Phahameng tempeleng ea moea? (b) Ke ka litsela life Jesu e neng e le Moprista ea Phahameng ho feta ea neng a sebeletsa tempeleng ea Jerusalema?
10 Bakreste bao ba ne ba boetse ba e-na le Moprista ea Phahameng ea molemo haholoanyane, Jesu Kreste. Che, o ne a sa hlaha lesikeng la Arone. Ho e-na le hoo, e ne e le Moprista ea Phahameng “ka mokhoa oa Melkisedeke.” (Pesaleme ea 110:4) Melkisedeke, eo lesika la hae le neng le sa tlalehoa, e ne e le morena oa Saleme ea boholo-holo e bile e le moprista ea phahameng oa eona. Ka tsela eo, ho latela boprofeta, o ne a tšoantšetsa ka nepo Jesu eo boprista ba hae bo neng bo sa itšetleha ka lesika leha e le lefe la batho ba sa phethahalang, empa bo itšetlehile ka ntho e ’ngoe e molemo haholoanyane—kano ea Jehova Molimo ka boeena. Joaloka Melkisedeke, Jesu ha a sebeletse e le Moprista ea Phahameng feela empa o boetse o sebeletsa e le Morena, ea ke keng a shoa le ka mohla.—Baheberu 7:11-21.
11 Ho feta moo, ho fapana le moprista ea phahameng tempeleng ea Jerusalema, ho ne ho sa hlokahale hore Jesu a nyehele mahlabelo selemo le selemo. Sehlabelo sa hae e ne e le bophelo ba hae bo phethahetseng, boo a ileng a bo nyehela hang le ka ho ke keng ha phetoa. (Baheberu 7:27) Mahlabelo ao ’ohle a neng a nyeheloa tempeleng e ne e le liriti feela, litšoantšo tsa seo Jesu a se nyehetseng. Sehlabelo sa hae se phethahetseng se lokiselitse tšoarelo ea sebele bakeng sa libe tsa bohle ba nang le tumelo. Ho hong ho thabisang ke litlhaloso tsa Pauluse tse bontšang hore Moprista enoa ea Phahameng e ntse e le eena Jesu eane ea sa fetoheng eo Bakreste ba Jerusalema ba neng ba mo tsebile. O ne a ikokobelitse, a le mosa ’me a ‘utloela mefokolo ea rōna bohloko.’ (Baheberu 4:15; 13:8) Bakreste bao ba tlotsitsoeng ba ne ba lebelletse ho sebeletsa e le baprista ba tlaase ba Kreste! Ba ne ba ka nahana joang ka ho ikhula ho ea “linthong tse fokolang le tse futsanehileng” tsa Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda e silafetseng?—Bagalata 4:9.
12, 13. (a) Pauluse o ile a fana ka lebaka lefe la bobeli la hore ho se ke ha ikhuloa le ka mohla? (b) Ke hobane’ng ha tlaleho ea mamello ea nakong e fetileng ea Bakreste ba Baheberu e ne e tla ba khothatsa hore le ka mohla ba se ke ba ikhula ho ea timetsong?
12 Joalokaha eka seo e ne e se bopaki bo lekaneng, Pauluse o ile a fa Baheberu lebaka la bobeli la hore le ka mohla ba se ke ba ikhula ho ea timetsong—e leng tlaleho ea bona ea mamello. O ile a ngola: “Le ’ne le tsoele pele le hopola matsatsi a pele ao ka ’ona, ka mor’a hore le behoe leseling, le ileng la mamella tlhōlisano e khōlō tlas’a litlhokofatso.” Pauluse o ile a ba hopotsa hore ba ne ba ‘pepeselitsoe linyeliso le matšoenyeho joalokaha eka ke ka lebaleng la liketsahalo.’ Ba bang ba ne ba kene lichankaneng; ba bang ba ne ba qenehetse ba literonkong le ho ba tšehetsa. E, ba ne ba bonahalitse tumelo e behang mohlala le tiisetso. (Baheberu 10:32-34) Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ba kōpa hore ‘ba ’ne ba tsoele pele ba hopola’ liphihlelo tse bohloko joalo? Na hoo ho ne ho sa tl’o ba nyahamisa?
13 Ho fapana le moo, ho “hopola matsatsi a pele” ho ne ho tla hopotsa Baheberu kamoo Jehova a ileng a ba matlafatsa kateng ha ba le litekong. Ka thuso ea hae, ba ne ba se ba hanyelitse litlhaselo tse ngata tsa Satane. Pauluse o ile a ngola: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.” (Baheberu 6:10) E, Jehova o ne a hopola mesebetsi eohle ea bona ea botšepehi, a e bolokile khopolong ea hae e se nang moeli. Re hopotsoa ka khothatso ea Jesu ea hore re boloke matlotlo leholimong. Ha ho lesholu le ka utsoang matlotlo ana; ha ho tšoele kapa mafome tse ka a jang. (Matheu 6:19-21) Ha e le hantle, matlotlo ana a ka senyeha feela haeba Mokreste a ikhula ho ea timetsong. Sena se ne se tla senya matlotlo leha e le afe ao a neng a a bolokile leholimong. Pauluse o file Bakreste ba Baheberu lebaka le matla hakaakang la hore le ka mohla ba se ke ba phehella tsela e joalo! Ba ne ba tla be ba senyetsa’ng lilemo tsohle tsa bona tsa tšebeletso e tšepahalang? E ne e tla ba ho nepahetseng le ho molemo haholo hore ba ’ne ba mamelle.
Lebaka la Hore le ka Mohla re se ke ra Ikhula ho ea Timetsong
14. Ke liphephetso life tseo re talimaneng le tsona tse tšoanang le tseo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba talimane le tsona?
14 Kajeno Bakreste ba ’nete ba na le mabaka a matla ka ho tšoanang a hore ba se ke ba ikhula. La pele, a re hopoleng hore na re na le lehlohonolo le lekaakang la mofuta oa borapeli bo hloekileng boo Jehova a re fileng bona. Joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, re phela nakong eo ka eona litho tsa malumeli a tsebahalang haholoanyane li re tšehang le ho re soma, ka boikhohomoso li supa mehaho ea tsona e khahlehang ea bolumeli le ho bolela hore lineano tsa tsona ke tsa khale. Leha ho le joalo, Jehova o re tiisetsa hore o amohela mofuta oa rōna oa borapeli. Ha e le hantle, kajeno re thabela litlhohonolofatso tseo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba se na tsona. U ka ’na ua ipotsa, ‘Ho ka ba joalo joang?’ Etsoe bona ba phetse ha tempele ea moea e qala ho sebetsa. Kreste o ile a fetoha Moprista ea Phahameng oa eona ha a kolobetsoa ka 29 C.E. Ba bang ba bona ba bone Mora oa Molimo ea etsang mehlolo. Esita le ka mor’a lefu la hae, ho bile le mehlolo e eketsehileng. Leha ho le joalo, joalokaha ho boletsoe esale pele, lineo tse joalo li ile tsa fela hamorao.—1 Bakorinthe 13:8.
15. Bakreste ba ’nete kajeno ba phela nakong ea ha ho phethahatsoa boprofeta bofe, ’me seo se bolela eng ho rōna?
15 Leha ho le joalo, re phela nakong ea phethahatso ea bohlokoa ea boprofeta bo pharalletseng ba tempele ba Ezekiele khaolo ea 40-48.a Kahoo, re bone ha ho tsosolosoa tsamaiso ea Molimo ea borapeli bo hloekileng. Tempele eo ea moea e hloekisitsoe litšila tsa mefuta eohle ea bolumeli le tsa borapeli ba litšoantšo. (Ezekiele 43:9; Malakia 3:1-5) Nahana ka melemo eo re e fumantšitsoeng ke tlhoekiso ena.
16. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba talimane le tšekamelo efe e nyahamisang?
16 Lekholong la pele la lilemo, bokamoso bo ne bo bonahala bo le lerootho bakeng sa phutheho e hlophisitsoeng ea Bokreste. Jesu o ne a boletse esale pele hore ho ne ho tla tšoana le ha tšimo ea koro e jetsoeng bocha e ne e jalelletsoe ka mofoka, e le hore koro e se ke ea khetholleha hantle ho mofoka. (Matheu 13:24-30) ’Me ho bile joalo. Qetellong ea lekholo la pele la lilemo, ha moapostola Johanne ea tsofetseng a ne a sebetsa e le thibelo ea ho qetela khahlanong le ho silafala, bokoenehi bo ne bo se bo ntse bo atleha. (2 Bathesalonika 2:6; 1 Johanne 2:18) Nakoana ka mor’a lefu la baapostola, ho ile ha hlaha sehlopha se ikarotseng sa baruti, se hatellang mohlape le se aparang liaparo tse khethehileng. Bokoenehi bo ile ba nama joaloka hlaha. E ne e le ho nyahamisang hakaakang ho Bakreste ba tšepahalang! Ba ile ba bona ha tokisetso e sa tsoa hlomamisoa ea borapeli bo hloekileng e pupetsoa ke mofuta o silafetseng. Sena se etsahetse ka nako e ka tlaase ho lilemo tse lekholo ka mor’a hore Kreste a thehe phutheho ena.
17. Ke ka kutloisiso efe phutheho ea kajeno ea Bokreste e tšoarelletseng ho feta ea habo eona ea lekholong la pele la lilemo?
17 Joale, hlahloba phapang. Kajeno, borapeli bo hloekileng bo se bo bile teng ka nako e telele ho feta nakong ea ho fihlela lefung la baapostola. Ho tloha ha ho phatlalatsoa khatiso ea pele ea makasine ena khale koana ka 1879, Jehova o re hlohonolofalitse ka borapeli bo ntseng bo hloeka ho ea pele. Jehova le Kreste Jesu ba kene tempeleng ea moea ka 1918 ka morero oa ho e hloekisa. (Malakia 3:1-5) Ho tloha ka 1919, tokisetso ea ho rapela Jehova Molimo e ’nile ea ntlafatsoa hanyane ka hanyane. Kutloisiso ea rōna ea boprofeta ba Bibele le melao-motheo ea eona e hlakile haholoanyane. (Liproverbia 4:18) Tlotla e ea ho mang? Ha e ee ho batho feela tjee ba sa phethahalang. Ke Jehova feela, ka Mora oa hae e le Hlooho ea phutheho, ea ka sireletsang batho ba Hae hore ba se ke ba silafala mehleng ena e silafetseng. Joale, le ka mohla a re se keng ra hlōleha ho leboha Jehova hore ebe kajeno o re lumelletse ho ba le karolo borapeling bo hloekileng. Hape re ke re ikemisetse hore le ka mohla re ke ke ra ikhula ho ea timetsong!
18. Re na le lebaka lefe la hore le ka mohla re se ke ra ikhula ho ea timetsong?
18 Joaloka Bakreste bao ba Baheberu, re na le lebaka la bobeli la ho hana tsela ea bokoala ea ho ikhula, ’me lona ke tlaleho ea rōna ea mamello. Ebang re sa tsoa qala ho sebeletsa Jehova lilemong tsa morao tjena kapa esale re etsa joalo ka botšepehi ka mashome a lilemo, re hahile tlaleho ea mesebetsi ea Bokreste. Ba bangata ba rōna re bile mahlorisong, ebang ke ka ho kenngoa chankaneng, ho thibeloa, ho tšoaroa ka sehlōhō kapa ho lahleheloa ke thepa. Ba bang ba bangata ba tobane le khanyetso ea lelapa, litšomo, ho tšehoa le boiphapanyo. Bohle re mameletse, re ntse re tsoela pele tšebeletsong ea rōna eo re e etsetsang Jehova ka botšepehi ho sa tsotellehe liphephetso le liteko tsa bophelo. Ka ho etsa joalo, re iketselitse tlaleho ea ho tiisetsa eo Jehova a ke keng a e lebala, e leng polokelo ea matlotlo leholimong. Joale, ke ’nete hore ena hase nako ea ho ikhula ho ea tsamaisong ea khale e silafetseng eo re ileng ra e furalla! Re tla be re senyetsa’ng mosebetsi ’ohle oa rōna o boima? Sena ke ’nete haholo kajeno, ha “nakoana e seng kae” e setse pele bofelo bo tla.—Baheberu 10:37.
19. Sehloohong sa rōna se latelang ho tla tšohloa eng?
19 Ka sebele, a re ikemisetseng hore “ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong”! Ho e-na le hoo, a re beng “mofuta o nang le tumelo.” (Baheberu 10:39) Re ka tiisa joang hore re tšoanela tlhaloso eo, hona re ka thusa Bakreste-’moho le rōna joang hore ba etse se tšoanang? Sehloohong sa rōna se latelang ho tla tšohloa taba ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
Na U sa Hopola?
◻ Ho ikhula ho ea timetsong ho bolela’ng?
◻ Bakreste ba Baheberu bao Pauluse a neng a ba ngolla ba ne ba imetsoe ke likhatello life?
◻ Pauluse o ile a fa Baheberu mabaka afe a hore ba se ke ba ikhula ho ea timetsong?
◻ Re na le mabaka afe a ho etsa qeto ea hore le ka mohla re ke ke ra ikhula ho ea timetsong?
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Ho phonyoheloa ha Petrose ka lebaka la tšabo ha hoa ka ha mo etsa hore ebe oa “mofuta o ikhulang ho ea timetsong”