Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 4/1 leq. 23
  • “Le Tseba Bibele Haholo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Le Tseba Bibele Haholo”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hase Barekisi ba Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Nka Thusa ba Hlokang Joang?
    Tsoha!—2006
  • Ke Hobane’ng ha re Hloka Matichere?
    Tsoha!—2002
  • Nka Etsa’ng Hore ke Utloane le Tichere ea Ka?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 4/1 leq. 23

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

“Le Tseba Bibele Haholo”

HA Jesu ea lilemo li 12 a ne a bua ka sebete le baeta-pele ba bolumeli Jerusalema, “bohle ba neng ba mo mametse ba ne ba makatsoa ka nako eohle ke kutloisiso ea hae le likarabo tsa hae.” (Luka 2:47) Ka ho tšoanang, kajeno bahlanka ba Jehova ba bangata ba bacha ba iteta sebete hore ba bue le mesuoe ea bona le liithuti-’moho le bona ka Molimo le Bibele, ’me ba atisa ho ba le liphihlelo tse thabisang.

Tiffany, ea lilemo li 14, o ne a le ka tlelaseng eo ho eona ho neng ho buuoa ka boprofeta ba Bibele ba libeke tse 70 tsa lilemo, bo fumanoang ho Daniele 9:24-26. Mosuoe o ile a fana ka lintlha tse seng kae mabapi le litemana tsena eaba kapele o hoalatsa taba ena feela.

Qalong, Tiffany o ne a le leqe ho phahamisa letsoho. O re: “Empa ka lebaka le itseng, ke ile ka hla ka tšoenngoa ke hore ebe litemana tsena ha lia hlalosoa ka ho feletseng. ’Me kapele ka phahamisa letsoho.” Mosuoe o ne a maketse hore ebe ho na le e mong ea hlileng a nang le seo a ka se buang ka taba ena, kaha liithuti tse ngata li ne li thatafalloa ho e utloisisa.

Ha a fuoa monyetla oa ho hlalosa boprofeta bona, Tiffany o ile a ema ’me a bua a sa sheba pampiring. Ha a qeta, ho ile ha thōla ha re tu! ka tlelaseng. Tiffany o ne a batla a tšohile. Eaba liithuti li opa liatla nako e telele.

Ka makhetlo-khetlo mosuoe o ile a re: “Seo se khahlisa haholo Tiffany, seo se khahlisa haholo.” O ile a lumela hore oa tseba hore joang kapa joang litemana tseo li tšoere se eketsehileng, empa haesale, Tiffany ke eena motho oa pele ea mo hlaloselitseng tsona ka ho hlaka hakana. Ha nako ea tlelase eo e fela, o ile a botsa Tiffany hore na ho tlile joang hore a tsebe Bibele hakaalo.

O ile a araba: “Ke hobane ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Batsoali ba ka ba ile ba tlameha ho ntlhalosetsa boprofeta boo ka makhetlo a mangata pele ke bo utloisisa.”

Liithuti-’moho le eena le tsona li ile tsa makalla tsebo ea hae ea Bibele. Seithuti se seng se ile sa re ho Tiffany: “Joale kea tseba hore na ke hobane’ng ha lōna Lipaki tsa Jehova le kena ntlo le ntlo; ke hobane le tseba Bibele haholo.” Ba bang ba ile ba tšepisa hore ha ba sa tla mo soma ka seo a se lumelang.

Ha Tiffany a phetela batsoali ba hae phihlelo ea hae, ba ile ba etsa tlhahiso ea hore a fe mosuoe oa hae buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Nakong eo a neng a e fa mosuoe oa hae ’me a mo bontša karolo e hlalosang boprofeta ba Daniele, o ile a amohela buka eo ntle ho tikatiko ’me a mo leboha.

Ka sebele, ha bacha ba Bakreste ba bua ka sebete ka seo batsoali ba bona ba ba rutileng sona mabapi le Molimo le Bibele, ba lebisa tlotla le tlhompho ho Jehova ’me ba itlisetsa litlhohonolofatso.—Matheu 21:15, 16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela