Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 4/1 maq. 24-28
  • Ba Ile ba Tšepahala le ho Hloka Tšabo Har’a Khatello ea Manazi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Ile ba Tšepahala le ho Hloka Tšabo Har’a Khatello ea Manazi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Li ne li Thibetsoe—Empa li le Mafolofolo ho Feta Neng Kapa Neng
  • Ho se Tšabe ho Tlisa Tlhompho
  • Selemo sa ho Qetela sa Mahloriso a Manazi
  • Lipaki li Tsongoa ho ea Pele
  • Ho Hopoloa ke Jehova
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 4/1 maq. 24-28

Ba Ile ba Tšepahala le ho Hloka Tšabo Har’a Khatello ea Manazi

Ka la 17 June, 1946, Mofumahali Wilhelmina oa Netherlands o ile a romela molaetsa oa matšeliso lelapeng le leng la Lipaki tsa Jehova Amsterdam. Morero oa oona e ne e le ho hlalosa kamoo a hapiloeng maikutlo kateng ke mora oa lelapa leo, Jacob van Bennekom, ea neng a bolailoe ke Manazi nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Lilemong tse fetileng, lekhotla la motse la Doetinchem, toropo e karolong e ka bochabela ea Netherlands, le ile la etsa qeto ea ho rehella seterata se seng ka Bernard Polman, eo le eena e neng e le e mong oa Lipaki tsa Jehova tse neng li bolailoe nakong ea ntoa.

KE HOBANE’NG ha Jacob, Bernard le ba bang ba Lipaki tsa Jehova ba ile ba tsoheloa matla ke Manazi Netherlands nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše? Hona ke eng se ileng sa nolofalletsa Lipaki tsee ho lula li tšepahetse har’a lilemo tsa mahloriso a sehlōhō le hore qetellong li hlomphuoe le ho hapa maikutlo a batho ba naha ea habo tsona le a mofumahali oa eona? Hore re fumane lebaka, a re hlahlobeng liketsahalo tse ling tse ileng tsa baka qhoebeshano ena e kang ea Davida le Goliathe pakeng tsa sehlotšoana sa Lipaki tsa Jehova le mokhatlo oa Manazi o moholohali oa lipolotiki le sesole.

Li ne li Thibetsoe—Empa li le Mafolofolo ho Feta Neng Kapa Neng

Ka la 10 May, 1940, lebotho la Manazi le ile la hlasela Netherlands ka tšohanyetso. Kaha lingoliloeng tse abuoang ke Lipaki tsa Jehova li ne li senola liketso tse khopo tsa Bonazi ’me li buella ’Muso oa Molimo, Manazi ha aa ka a senya nako ho leka ho thibela mosebetsi oa Lipaki. Ka nako e ka tlaase ho libeke tse tharo Manazi a hlasetse Netherlands, a ile a ntša taelo ea sekhukhu e thibelang Lipaki tsa Jehova. Ka la 10 March, 1941, tlaleho ea koranta e ’ngoe e ile ea phatlalatsa thibelo eo, e qosa Lipaki ka ho etsa letšolo “khahlanong le mekhatlo eohle ea naha le ea likereke.” Ka lebaka leo, Lipaki li ile tsa tsongoa ka matla.

Ho thahasellisang ke hore le hoja Gestapo e tummeng hampe, kapa sepolesa sa sekhukhu, e ne e behile likereke tsohle leihlo, e ile ea hlorisa ka matla mokhatlo o le mong feela oa Bokreste. Rahistori oa Modache Dr. Louis de Jong oa totobatsa: “Ke sehlopha se le seng feela sa bolumeli—Lipaki tsa Jehova, se ileng sa hlaseloa ka ho hlorisoa ho fihlela lefung.”—Het Koninkrijk der Nederlanden in de Tweede Wereldoorlog (’Muso oa Netherlands Nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše).

Gestapo e ne e sebelisana le sepolesa sa Madache hore e fumane Lipaki le ho li tšoara. Ho phaella moo, molebeli e mong ea tsamaeang ea ileng a kenoa ke tšabo ’me a fetoha mokoenehi o ile a fa Manazi boitsebiso mabapi le bao e neng e kile ea e-ba balumeli-’moho le eena. Bofelong ba April 1941, Lipaki tse 113 li ne li tšoeroe. Na tlhaselo ee e ile ea felisa mosebetsi oa ho bolela?

Karabo e fumanoa ho Meldungen aus den Niederlanden (Litlaleho Tse Tsoang Netherlands), tokomane e sa tsoeleng sechabeng eo Sicherheitspolizei (Sepolesa sa Tšireletso) sa Jeremane se neng se e ngotse ka April 1941. Tlaleho ena e re ka Lipaki tsa Jehova: “Sehlopha sena sa bokhelohi se hanetsoeng, ka mafolofolo se etsa mosebetsi o sa lumelloang ka molao ka hare ho naha ena kaofela, se tšoara liboka le ho maneha lipampitšana tse nang le melaetsa e kang ‘Ho hlorisa Lipaki tsa Molimo ke tlōlo ea molao’ le ‘Jehova o tla otla bahlorisi ka timetso ea ka ho sa feleng.’” Libeke tse peli hamorao tokomane eona eo e ile ea tlaleha hore “ho sa tsotellehe mehato e matla e nkoang ke Sepolesa sa Tšireletso khahlanong le mosebetsi oa Liithuti tsa Bibele, mosebetsi oa tsona o ntse o tsoela pele ho hōla.” E, ho sa tsotellehe kotsi ea ho tšoaroa, Lipaki li ile tsa tsoela pele ka mosebetsi oa tsona, tsa tsamaisetsa batho lingoliloeng tse ka bang 350 000 ka 1941 feela!

Ke eng se ileng sa nolofalletsa sehlopha see se senyenyane empa e le se hōlang sa Lipaki tse makholo a seng makae hore se be sebete ho ikemela khahlanong le lira tsa sona tse tšosang? Joaloka moprofeta Esaia ea tšepahalang oa boholo-holo, Lipaki li ne li tšaba Molimo, eseng motho. Hobane’ng? Hobane li ne li kholisehile ka matla ka mantsoe a tšelisang a Jehova ho Esaia, a reng: “Ke ’na, ke ’na ke le tšelisang! Na ke ka’ng ha u ka tšaba motho ea shoang?”—Esaia 51:12.

Ho se Tšabe ho Tlisa Tlhompho

Qetellong ea 1941, palo ea Lipaki tse tšoeroeng e ne e phahametse ho 241. Leha ho le joalo, ke tse seng kae tse ileng tsa inehela ho tšabeng motho. Ho qotsitsoe mantsoe a Willy Lages, setho se neng se tumme hampe sa sepolesa sa sekhukhu sa Jeremane, ha a ne a re: “Karolo ea 90 lekholong ea Lipaki tsa Jehova e ile ea hana ho tsoa ka litaba, empa ke karolo e nyenyane haholo lekholong ea lihlopha tse ling e bileng le matla a ho khutsa.” Polelo ea moruti e mong oa Modache ea bitsoang Johannes J. Buskes, ea neng a le litlamong le Lipaki tse ling, e tiisa polelo ea Lages. Ka 1951, Buskes o ile a ngola:

“Ka nako eo, ke ile ka ba le tlhompho e matla bakeng sa tsona ka lebaka la ho tšepa ha tsona [Molimo] le ka lebaka la matla a tumelo ea tsona. Nke ke ka hlola ke lebala mohlankana eo e monyenyane—o ne a ke ke a ba ka holimo ho lilemo tse 19—ea neng a ile a aba lipampitšana tse neng li bolela esale pele ka ho oa ha Hitler le ’Muso oa Boraro. . . . A ka be a ile a lokolloa pele ho fela likhoeli tse tšeletseng haeba a ne a ka tšepisa hore o tla khaotsa mosebetsi oo. Sena o ile a hana a tiile ho se etsa, ’me o ile a ahloleloa nako e sa tsejoeng kampong ea mosebetsi o boima Jeremane. Re ne re tseba hantle hore na seo se bolela’ng. Ka letsatsi le hlahlamang hoseng ha a nkuoa ’me re mo lumelisa, ke ile ka mo bolella hore re tla mo hopola le ho mo rapella. O ile a araba feela ka ho re: ‘Le se ke la tšoenyeha ka ’na. Ha ho pelaelo hore ’Muso oa Molimo o tla tla.’ Ntho e joalo ha e lebalehe, le haeba u hanyetsa ka hohle lithuto tsa Lipaki tsena tsa Jehova.”

Ho sa tsotellehe khanyetso e sehlōhō, palo ea Lipaki e ile ea ’na ea eketseha. Le hoja ho ne ho e-na le tse ka bang 300 nakoana pele ho ntoa ea bobeli ea lefatše, palo ea tsona e ne e nyolohetse ho 1 379 ka 1943. Ka masoabi, bofelong ba selemo sona seo, ba 54 ho Lipaki tse fetang 350 tse neng li tšoeroe ba ne ba shoeletse likampong tsa mahloriso tse fapa-fapaneng. Ka 1944, ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse 141 tsa Netherlands tse neng li ntse li tšoeroe likampong tse fapa-fapaneng tsa mahloriso.

Selemo sa ho Qetela sa Mahloriso a Manazi

Ka mor’a letsatsi la makhaola-khang la la 6 June, 1944, ho hlorisoa ha Lipaki ho ile ha fihla selemong sa ho qetela. Litabeng tsa ntoa, Manazi le batlatsi ba ’ona a ne a le lekhatheng la ho hlōloa. Motho o ne a ka nahana hore boemong bona Manazi a ne a tla tela ho manakisa Bakreste ba se nang molato. Leha ho le joalo, selemong seo, ho ile ha tšoaroa Lipaki tse ling tse 48, ’me Lipaki tse ling hape tse 68 tse neng li le litlamong li ile tsa timela. E ’ngoe ho tsona e ne e le Jacob van Bennekom, ea boletsoeng pejana.

Jacob ea lilemo li 18 o ne a le har’a batho ba 580 ba ileng ba kolobetsoa e le Lipaki tsa Jehova ka 1941. Kapele ka mor’a moo o ile a tlohela mosebetsi o motle hobane o ne o hloka hore a koenehele ho se jele paate ha hae ha Bokreste. O ile a sebetsa e le ea rongoang ’me a qala ho sebetsa e le mosebeletsi oa nako e tletseng. Ha a ntse a tsamaisa lingoliloeng tsa Bibele, o ile a tšoaroa ’me a koalloa. Ka August 1944, Jacob ea lilemo li 21 o ile a ngolla lelapa labo a le chankaneng motseng oa Rotterdam, a re:

“Ke phela hantle haholo ’me ke tletse thabo. . . . Hona joale ke se ke hlonngoe lipotso ka makhetlo a mane. Makhetlo a mabeli a pele ho ne ho le boima haholo, ’me ke ile ka otloa hampe haholo, empa ka matla le mosa o sa tšoanelang tsa Morena, ha kea senola letho ho tla fihlela joale. . . . Ke se ke ile ka khona ho fana ka lipuo mona, tse tšeletseng kaofela, ho e-na le bamameli ba 102 kaofela. Ba bang ba bona ba bontša thahasello e ntle ’me ba tšepisitse hore hang ha ba lokolloa, ba tla ntšetsa [thahasello] ena pele.”

Ka la 14 September, 1944, Jacob o ile a isoa kampong ea mahloriso motseng oa Madache oa Amersfoort. Le hona moo o ile a tsoela pele ho bolela. Joang? E mong eo e neng e le motšoaruoa-’moho le eena o ile a hopola: “Batšoaruoa ba ne ba thonaka litompi tsa sakerete tse lahliloeng ke balebeli ’me ba li thata zolo ka maqephe a Bibele. Ka linako tse ling Jacob o ne a atleha ho bala mantsoe a seng makae leqepheng la Bibele le neng le tla tloha le sebelisetsoa ho thata zolo. O ne a sa senye nako ho sebelisa mantsoe ao e le motheo oa seo a re bolellang sona. Ka sebakanyana, re ile reha Jacob lebitso la bosoasoi la ‘Monna oa Bibele.’”

Ka October 1944, Jacob o ne a le har’a sehlopha se seholo sa batšoaruoa ba neng ba laetsoe ho cheka liforo tse chehang litanka tsa ntoa. Jacob o ile a hana mosebetsi oo hobane letsoalo la hae le ne le sa mo lumelle ho tšehetsa ntoa. Le hoja balebeli ba ne ba mo sokela nako le nako, ha aa ka a inehela. Ka la 13 October ofisiri e ’ngoe e ile ea mo ntša moo a neng a koaletsoe a le mong ea mo khutlisetsa mosebetsing. Jacob o ile a boela a hana. Qetellong, Jacob o ile a laeloa hore a ichekele lebitla ’me a bolaoa ka ho thunngoa.

Lipaki li Tsongoa ho ea Pele

Ho ema ka sebete ha Jacob le ba bang ho ile ha halefisa Manazi ha ba ha tsosa letšolo le leng la ho tsoma Lipaki. Phofu e ’ngoe ea ’ona e ne e le Evert Kettelarij ea lilemo li 18. Qalong, Evert o ile a khona ho baleha le ho ipata, empa hamorao o ile a tšoaroa ’me a shapuoa hampe ho etsa hore a fane ka boitsebiso bo mabapi le Lipaki tse ling. O ile a hana ’me a romeloa Jeremane kampong ea mosebetsi o boima.

Khoeling eona eo ea October 1944, mapolesa a ile a tsoma soare sa Evert, Bernard Luimes. Ha a mo fumana, o ne a e-na le Lipaki tse ling tse peli—Antonie Rehmeijer le Albertus Bos. Albertus o ne a se a ile a qeta likhoeli tse 14 kampong ea mahloriso. Leha ho le joalo, hoba a lokolloe, ka cheseho o ile a tsosolosa mosebetsi oa boboleli. Manazi a ile a qala ka ho otla banna bana ba bararo ka sehlōhō, eaba a ba bolaea ka ho ba thunya. Ebile feela ka mor’a ntoa moo litopo tsa banna bana li ileng tsa fumanoa le ho epeloa bocha. Nakoana ka mor’a ntoa, likoranta tse ’maloa tsa moo li ile tsa tlaleha polao ena. Koranta e ’ngoe e ile ea ngola hore Lipaki tsena tse tharo li ile tsa hana ka makhetlo a mangata ho etsetsa Manazi mosebetsi o hananang le molao oa Molimo ’me ea eketsa ka ho re “ba ile ba tšoanela ho lefella seo ka bophelo ba bona.”

Ho sa le joalo, ka la 10 November, 1944, Bernard Polman, ea boletsoeng pejana, o ile a tšoaroa eaba o romeloa ho ea sebetsa morerong o mong oa sesole. E ne e le eena feela Paki har’a basebetsi ba kampong ea mosebetsi o boima ebile e le eena feela ea hanang ho etsa mosebetsi ona. Balebeli ba ile ba leka maqheka a mangata hore a inehele. O ne a tingoa lijo. O ne a boetse a shapuoa ka sehlōhō ka melamu, kharafu le mofeng oa sethunya. Ho phaella moo, o ile a qobelloa ho tsamaea ka har’a metsi a batang a khutlang mangoleng, ka mor’a moo a koalloa ka kamoreng e mongobo e mokatong o ka tlaase, moo a ileng a tlameha ho qeta bosiu a apere liaparo tse metsi. Ho sa tsotellehe seo, Bernard ha aa ka a inehela.

Nakong eo, likhaitseli tsa Bernard tse peli, tseo e neng e se Lipaki tsa Jehova, li ile tsa lumelloa ho mo etela. Li ile tsa mo phehella hore a fetole maikutlo, empa seo ha sea ka sa mo sisinya ka tsela leha e le efe. Ha li botsa Bernard hore na ho na le seo li ka mo etsetsang sona, o ile a etsa tlhahiso ea hore li ee hae ’me li ithute Bibele. Joale, bahlorisi ba hae ba ile ba lumella mosali oa hae oa moimana hore a mo etele, ba tšepile hore o tla mo tlohelisa khanyetso ea hae. Empa boteng ba hae le mantsoe a bontšang sebete li ile tsa sebeletsa feela ho tiisa qeto ea Bernard ea ho lula a tšepahala ho Molimo. Ka la 17 November, 1944, bahlorisi ba bahlano ba Bernard ba ile ba mo thunya mahlong a basebetsi bohle ba kampong ea mosebetsi o boima. Leha Bernard a se a shoele, setopo sa hae se tamukane ke likulo, ofisiri e ikarabellang e ile ea tlaloa ke bohale hoo e ileng ea ntša sethunya sa eona eaba e thunya Bernard mahlo a mabeli.

Le hoja ketso ena e sehlōhō e ile ea nyarosa Lipaki tse ileng tsa tseba ka polao ena, li ile tsa lula li tšepahetse li bile li sa tšoha ’me li ile tsa tsoela pele ka mosebetsi oa tsona oa Bokreste. Phutheho e ’ngoe e nyenyane ea Lipaki tsa Jehova e neng e le sebakeng se haufi le moo Bernard a ileng a bolaeloa teng, e ile ea tlaleha sena nakoana ka mor’a hore a bolaoe: “Khoeling ena, ho sa tsotellehe boemo bo bobe ba leholimo le mathata ao Satane a a behileng tseleng ea rōna, re khonne ho eketsa mosebetsi oa rōna haholo. Palo ea lihora tse sebelitsoeng tšimong e phahame ho tloha ho 429 ho fihlela ho 765. . . . Ha mor’abo rōna e mong a ntse a paka, o ile a kopana le monna e mong eo a ileng a khona ho mo pakela ka mokhoa o motle. Monna enoa o ile a botsa hore na tumelo ena ke tumelo e le ’ngoe le ea monna ea thuntsoeng. Ha a utloa hore ke eona, monna enoa o ile a tsota: ‘A monna oa sebele, a tumelo ea sebele! Ke eena eo nka mo bitsang mohale tumelong!’ ”

Ho Hopoloa ke Jehova

Ka May 1945 Manazi a ile a hlōloa a ba a lelekoa Netherlands. Ho sa tsotellehe mahloriso a sa khaotseng a nakong ea ntoa, palo ea Lipaki tsa Jehova e ne e eketsehile ho tloha makholong a seng makae ho fihlela e feta 2 000. Ha a bua ka Lipaki tsena tsa nakong ea ntoa, rahistori Dr. de Jong oa lumela: “Tse ngata haholo li ile tsa hana ho koenehela tumelo ea tsona ho sa tsotellehe litšokelo le mahloriso.”

Kahoo, ke ka lebaka le utloahalang hore ebe babusi ba bang ba lefatše ba hopotse Lipaki tsa Jehova ka boemo bo sebete boo li ileng tsa bo nka pusong ea Manazi. Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa haholo ke hore tlaleho ena e ikhethang ea Lipaki tsena tsa nakong ea ntoa e tla hopoloa ke Jehova le Jesu. (Baheberu 6:10) Nakong ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Jesu Kreste e atamelang, Lipaki tsena tse tšepahalang le tse sa tšabeng tse ileng tsa tela bophelo ba tsona tšebeletsong ea Molimo, li tla tsosoa mabitleng a khopotso, li lebeletse bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise!—Johanne 5:28, 29.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Jacob van Bennekom

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Sekhechana se tabotsoeng koranteng se buang ka taelo ea ho thibela Lipaki tsa Jehova

[Litšoantšo tse leqepheng la 27]

Ka ho le letona: Bernard Luimes; ka tlaase: Albertus Bos (ka ho le letšehali) le Antoine Rehmeijer; ka tlaase: Ofisi ea Mokhatlo Heemstede

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela