Ho Loantša Bobolu ka Sabole ea Moea
“Le apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing bo sa sekisetseng.”—Baefese 4:24.
HA ’Muso oa Roma o le sehlohlolong sa oona, e ne e le puso ea batho e phahameng ka ho fetisisa e kileng ea bonoa lefatšeng. Melao ea Roma e ne e e-na le liphello tse matla hoo e ntseng e le motheo oa melao ea linaha tse ngata. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na Roma e finyeletse eng, mabotho a eona a maholo a sesole a ile a sitoa ho hlōla sera se le seng se bolotsana: bobolu. Qetellong, bobolu bo ile ba potlakisa ho oa ha Roma.
Moapostola Pauluse e ne e le e mong oa ba ileng ba utloisoa bohloko ke ba boholong ba Roma ba lemaletseng bobolu. Ho bonahala hore ’musisi oa Roma ea ileng a mo hloma lipotso, Felixe, o ile a hlokomela hore Pauluse ha a na molato. Empa Felixe, eo e neng e le e mong oa babusisi ba neng ba lemaletse bobolu ka ho fetisisa mehleng ea hae, o ile a liehisa nyeoe ea Pauluse, a tšepile hore Pauluse o tla mo fa chelete hore a lokolloe.—Liketso 24:22-26.
Ho e-na le ho fa Felixe tjotjo, Pauluse o ile a bua le eena ka ho toba ka “ho loka le boitšoaro.” Felixe ha aa ka a fetola litsela tsa hae, ’me Pauluse o ile a lula teronkong ho e-na le ho leka ho qoba tsamaiso ea molao ka ho ntša tjotjo. O ile a bolela molaetsa oa ’nete le botšepehi, ’me a phela tumellanong le oona. O ile a ngolla Bakreste ba Bajuda a re: “Re tšepa hore re na le matsoalo a tšepahalang, kaha re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”—Baheberu 13:18.
Boemo bo joalo bo ne bo fapane ho hang le boitšoaro ba nakong eo. Mor’abo Felixe, Pallas, e ne e le e mong oa banna ba ruileng ka ho fetisisa lefatšeng la boholo-holo, ’me leruo la hae—leo ho lekanngoang hore le ne le ka etsa liranta tse limilione tse 275—hoo e ka bang kaofela ha lona le ne le bokeletsoe ka tjotjo le ka ho qhekella. Leha ho le joalo, leruo la hae hase letho ha le bapisoa le liranta tse limilione tse likete tseo babusi ba bang ba lemaletseng bobolu ba lekholong la bo20 la lilemo ba li patileng liak’haonteng tsa lekunutu tsa libanka. Ho hlakile hore ke lithoto feela tse ka lumelang hore mebuso ea kajeno e atlehile ho loantša bobolu.
Kaha bobolu bo metse ka metso ka nako e telele hakana, na re lokela ho nka hore ke sebōpeho sa batho? Kapa na ho na le ho ka etsoang ho thibela bobolu?
Bobolu bo ka Thibeloa Joang?
Bohato ba pele bo totobetseng ba ho thibela bobolu ke ho hlokomela hore bobolu boa senya ebile bo fosahetse, kaha bo tsoela ba sa tšepahaleng molemo ’me bo fella ka tahlehelo ho ba bang. Ha ho pelaelo hore ho entsoe khatelo-pele e itseng tabeng eo. Motlatsi oa mongoli oa naha oa United States, James Foley, o itse: “Kaofela re hlokomela hore tšenyo ea tjotjo e khōlō. Tjotjo e fokolisa puso e molemo, e senya katleho ea moruo le khōlo ea oona, e senya khoebo, ’me ke khoreletso ho baahi ho pota lefatše.” Ba bangata ba ka lumellana le eena. Ka la 17 December, 1997, linaha tse khōlō tse 34 li ile tsa tekenela “tumellano e mabapi le melao-motheo ea tjotjo” e reretsoeng ho “ba le phello e khōlō ntoeng ea lefatše lohle khahlanong le bobolu.” Tumellano ena “e etsa hore e be tlōlo ea molao ho ntša tjotjo kapa ho e tšepisa ofisiri ea ’muso e sebetsanang le linaha tse ling e le hore motho a ka fumana kapa a tsoela pele a e-na le litšebelisano tsa khoebo tsa machaba.”
Leha ho le joalo, tjotjo e ntšoang bakeng sa ho fumana likonteraka tsa khoebo linaheng tse ling, ke karoloana e nyenyane feela ea bobolu. Ho felisa bobolu ka ho feletseng ho hloka bohato ba bobeli, bo thata haholoanyane: ho fetola pelo kapa, ha e le hantle, ho fetola lipelo tse ngata. Hohle batho ba lokela ho ithuta ho hloea tjotjo le bobolu. Ke boemong bo joalo feela moo ho fumana lintho ka bolotsana ho tla fela. Ho finyella sena, makasine ea Newsweek e ile ea re ba bang ba na le maikutlo a hore mebuso e lokela ho “khothalletsa maikutlo a akaretsang a hore baahi ba be khabane.” Transparency International, e leng sehlopha seo mosebetsi oa sona e leng ho susumetsa ba boholong ho felisa bobolu, ka ho tšoanang se buella hore batšehetsi ba sona “ba jale ‘peō ea botšepehi’” mosebetsing.
Ntoa e khahlanong le bobolu e amana le melao-motheo ea se nepahetseng le se fosahetseng, ’me e ke ke ea hlōloa ka ho etsa melao feela kapa ka “sabole” ea likotlo tsa molao. (Baroma 13:4, 5) Peō ea bokhabane le botšepehi e lokela ho jaloa ka lipelong tsa batho. Sena se ka finyelloa hamolemohali ka ho sebelisa seo moapostola Pauluse a itseng ke “sabole ea moea,” Lentsoe la Molimo, Bibele.—Baefese 6:17.
Bibele e Nyatsa Bobolu
Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a hana ho lumella bobolu? Hobane o ne a batla ho etsa thato ea Molimo, “ea sa tšoareng le ea mong ka leeme leha e le ho amohela tjotjo.” (Deuteronoma 10:17, NW) Ho feta moo, ha ho pelaelo hore Pauluse o ile a hopola taelo e tobileng e fumanoang Molaong oa Moshe: “U se ke ua ba leeme kapa ua amohela tjotjo, etsoe tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale ’me e khopamisa mantsoe a ba lokileng.” (Deuteronoma 16:19, NW) Ka ho tšoanang Morena Davida o ne a utloisisa hore Jehova o hloile bobolu, ’me o ile a kōpa hore Molimo a se ke a mo balla har’a baetsalibe, “bao matsoho a bona a matona a tletseng tjotjo.”—Pesaleme ea 26:10, NW.
Ba rapelang Molimo ka pelo eohle ba na le mabaka a eketsehileng a ho hana bobolu. Solomone o ile a ngola: “Ka toka morena o etsa hore naha e be le botsitso, empa ea chachehelang tjotjo oa e liha.” (Liproverbia 29:4, New International Version) Toka—haholo-holo ha e sebelisoa ho tloha ho ea ka holimo-limo ho ea ho ea ka tlaase-tlaase—e tlisa botsitso, athe bobolu bo fumanehisa naha. Hoa thahasellisa hore ebe Newsweek e ile ea re: “Pusong eo ho eona e mong le e mong a batlang ho fumana melemo ea tjotjo ’me a tseba kamoo a ka e fumanang kateng, moruo o ka oa habonolo.”
Esita leha moruo o sa oe ka ho feletseng, ba ratang toka baa nyahama ha bobolu bo ata bo sa thijoe. (Pesaleme ea 73:3, 13) ’Mōpi oa rōna, ea bōpeletseng takatso ea toka ka ho rōna, le eena oa siteloa. Nakong e fetileng, Jehova o ’nile a kenella ho felisa bobolu bo totobetseng. Ka mohlala, o ile a bolella baahi ba Jerusalema sefahla-mahlo hore na ke hobane’ng ha a ne a tla tlohela ho ba sireletsa lireng tsa bona.
Ka moprofeta oa hae Mikea, Molimo o ile a re: ‘Utloang he taba ena, lōna lihlooho tsa ntlo ea Jakobo, le lōna marena a ntlo ea Iseraele, lōna le ilang ho loka, le khopamisang tsohle tse lokileng. Hlooho tsa teng li ahlolela limpho [“tjotjo,” NW], baprista ba teng ba ruta ka baka la moputso, baprofeta ba teng ba noha ka baka la chelete . . . Ka baka leo, ka molato oa lōna, Sione o tla lengoa joalo ka tšimo, Jerusalema a fetohe liqubu tsa majoe.’ Bobolu bo ne bo sithabelitse sechaba sa Iseraele, hantle feela joalokaha bo ile ba fokolisa Roma makholo a lilemo hamorao. Tumellanong le temoso ea Molimo, lilemo tse ka bang lekholo ka mor’a hore Mikea a ngole mantsoe ao, Jerusalema e ile ea timetsoa le ho furalloa.—Mikea 3:9, 11, 12.
Leha ho le joalo, ha ho motho kapa sechaba seo ho hlokahalang hore se lemalle bobolu. Molimo o khothalletsa ba khopo hore ba tlohele tsela ea bona ea bophelo ’me ba fetole tsela eo ba nahanang ka eona. (Esaia 55:7) O batla hore e mong le e mong oa rōna a etse hore meharo e nkeloe sebaka ke ho hloka boithati le bobolu bo nkeloe sebaka ke ho loka. Jehova oa re hopotsa: “Ea etsetsang ea tlaase bolotsana o nyelisitse Moetsi oa hae, empa ea bontšang mohau ho ea futsanehileng oa Mo tlotlisa.”—Liproverbia 14:31, NW.
Ho Loantša Bobolu ka Katleho ka ’Nete ea Bibele
Motho a ka susumetsoa ke eng hore a etse phetoho e joalo? Ke matla a tšoanang le a ileng a susumetsa Pauluse hore a tlohele bophelo ba Bofarisi e le hore e ka ba molateli oa Jesu Kreste ea matla. O ile a ngola: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” (Baheberu 4:12) Kajeno, ’nete ea Mangolo e ntse e khothalletsa botšepehi, esita le har’a ba ’nileng ba kenella ka ho teba bobolung. Nahana ka mohlala ona.
Kapele ka mor’a hore Alexander, oa Europe Bochabela, a qete tšebeletso ea hae ea sesole, e ile ea e-ba setho sa sehlopha sa linokoane se neng se fumana chelete ka khoebo ea bolotsana, ho qhekella le tjotjo.a Oa hlalosa: “Mosebetsi oa ka e ne e le ho qhekella bo-rakhoebo ba ruileng ka hore ba ntše chelete hore ke ba sireletse. Hang ha ke ne ke entse hore rakhoebo ea itseng a ntšepe, litho tse ling tsa sehlopha sa rōna li ne li mo tšosa ka hore li tla mo ntša kotsi. Joale ke ne ke ee ke ithaopele ho sebetsana le taba ena—ha a ka lefa chelete e ngata. ‘Batho bao ke neng ke ba sebeletsa’ ba ne ba nteboha ka lebaka la ho ba thusa ho sebetsana le mathata a bona, le hoja ha e le hantle ke ne ke le sesosa sa ’ona. Le hoja ho ka utloahala ho makatsa, ena ke karolo ea mosebetsi eo ke neng ke e rata.
“Ke ne ke boetse ke thabela chelete le monyaka tseo ke neng ke li tlisetsoa ke bophelo ba mofuta ona. Ke ne ke khanna koloi e theko e phahameng, ke lula foleteng e ntle, ’me ke e-na le chelete ea ho reka eng kapa eng eo ke neng ke e batla. Batho ba ne ba ntšaba, e leng se neng se mpha maikutlo a hore ke matla. Ka tsela e itseng ke ne ke ikutloa ke le ’mampoli le hore molao o ke ke oa nketsa letho. Mathata afe kapa afe ao ke neng ke e-na le ’ona le mapolesa a ne a ka rarolloa ke ’muelli oa molao oa setsebi, ea neng a e-na le litsela tsa ho tsoa toka tlaase, kapa ka ho ntša tjotjo ho motho ea loketseng.
“Leha ho le joalo, ke ka seoelo batho bao bophelo ba bona bo itšetlehileng ka bobolu ba tšepahalang. Setho se seng sa sehlopha sa rōna sa linokoane se ile sa qala ho ntlhoea, ’me ke ile ka iphumana ke se ke sa ratoe. Ka tšohanyetso feela ke ile ka lahleheloa ke koloi ea ka e majabajaba, chelete ea ka, kharebe ea ka e neng e rata lintho tsa theko e phahameng. Ke ile ka ba ka shapuoa hampe. Ho fetoha hona ha boemo ho ile ha etsa hore ke nahane ka ho teba ka morero oa bophelo.
“Likhoeli tse seng kae pejana, ’Mè o ne a ile a fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me ke ile ka qala ho bala lingoliloeng tsa tsona. Se ngotsoeng ho Liproverbia 4:14, 15 se ile sa hla sa etsa hore ke nahane: ‘U se ke ua kena tseleng ea ba bolotsana, u se ke ua hata le ’mileng oa ba khopo. Sikoloha, u se ke ua ba ua leba teng, u khelohe, u iphetele.’ Litemana tse kang tsena li ile tsa nkholisa hore ba batlang ho phela bophelo ba bonokoane ha ba na bokamoso ba sebele. Ke ile ka qala ho rapela Jehova ke mo kōpa hore a ntataise ka tsela e nepahetseng. Ke ile ka ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ’me qetellong, ke ile ka nehela bophelo ba ka ho Molimo. Ke ’nile ka phela ka botšepehi ho tloha ka nako eo.
“Ka sebele, ho phela ka litekanyetso tsa botšepehi ho entse hore ke amohele chelete e nyenyane haholo. Empa hona joale ke ikutloa hore ke na le bokamoso, hore bophelo ba ka bo na le morero oa sebele. Ke hlokomela hore mokhoa oohle oa ka oa bophelo ba nakong e fetileng ka majabajaba ’ohle a bona bo ne bo tšoana feela le ntlo e hahiloeng ka likarete e emetseng ho oa neng kapa neng. Nakong e fetileng, letsoalo la ka le ne le thatafetse. Hona joale, ka lebaka la ho ithuta Bibele, le ntšoenya neng kapa neng ha ke susumelletseha hore ke se ke ka tšepahala—esita le linthong tse nyenyane. Ke leka ho phela tumellanong le Pesaleme ea 37:3, e reng: ‘U be le tšepo ho Jehova, u etse ho hotle; u ahe lefatšeng, u ikhorisetse ’neteng.’”
“Ea Hloileng Tjotjo o Tla Phela”
Joalokaha Alexander a hlokometse, ’nete ea Bibele e ka susumelletsa motho ho hlōla bobolu. O ile a etsa liphetoho tumellanong le seo moapostola Pauluse a se buang lengolong la hae le eang ho Baefese: “Le lahle botho ba khale bo lumellanang le tsela ea lōna ea pele ea boitšoaro le bo ntseng bo bolisoa ho ea ka litakatso tsa bona tse thetsang; . . . le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lōna, le hore le apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing bo sa sekisetseng. Ka lebaka leo, kaha joale le lahlile bohata, le bue ’nete e mong le e mong oa lōna le moahelani oa hae, hobane re litho ba bang tsa ba bang. Ea utsoang a a se ke a hlola a utsoa, empa ho e-na le hoo, a a etse mosebetsi o thata, a etsa ka matsoho seo e leng mosebetsi o molemo, e le hore a ka ba le ho hong hoo a ho abelang ea hlokang.” (Baefese 4:22-25, 28) Bokamoso ba moloko oa batho bo itšetlehile ka liphetoho tse joalo.
Haeba li sa thibeloe, meharo le bobolu li ka senya lefatše, feela joalokaha li ile tsa tlatsetsa ho senyeng ’Muso oa Roma. Leha ho le joalo, hoa thabisa hore ebe ’Mōpi oa moloko oa batho ha a rere hore litaba tse joalo li iketsahalle ka tsietsi. O rerile “ho senya ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Jehova o tšepisa ba labalabelang lefatše le lokolohileng bobolung hore haufinyane ho tla tla “maholimo a macha le lefatše le lecha . . . ’me ho tsena ho loka ho tla aha.”—2 Petrose 3:13.
Ka sebele, ho ka ’na ha se be bonolo ho phela ka litekanyetso tsa botšepehi kajeno. Leha ho le joalo, Jehova o re kholisa hore qetellong, “motho ea meharo o bakela lelapa la hae mathata, empa ea hloileng tjotjo o tla phela.”b (Liproverbia 15:27, NIV) Ka ho tlohela bobolu hona joale, re bontša hore re tiile ha re rapela Molimo re re: “’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.”—Matheu 6:10.
Ha re ntse re letetse hore ’Muso oo o nke bohato, e mong le e mong oa rōna a ka ‘itjalla peō ka ho loka’ ka ho hana ho khothalletsa bobolu kapa ho bo sebelisa. (Hosea 10:12, NW) Haeba re etsa joalo, bophelo ba rōna le bona bo tla paka hore Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le matla. Sabole ea moea e ka hlōla bobolu.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso la hae le fetotsoe.
b Ka sebele, ho na le phapang pakeng tsa tjotjo le mpho e etsoang bakeng sa tšebeletso e itseng. Ha tjotjo e fanoa bakeng sa ho khopamisa toka kapa bakeng sa merero e meng ea bolotsana, mpho e etsoang bakeng sa tšebeletso e itseng ke pontšo ea ho ananela tšebeletso e entsoeng. E hlalosoa ho “Lipotso tse Tsoang ho Babali” tokollong ea Molula-Qhooa ea October 1, 1986.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ka thuso ea Bibele, re ka hlaolela “botho bo bocha” le ho phema bobolu