Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 9/1 leq. 31
  • Ho Batla ho Entsoeng ka Nako e Telele Hoa Putsoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla ho Entsoeng ka Nako e Telele Hoa Putsoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tumelo ea Hae e Khothatsa ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Tloha ho Tepelleng Maikutlo ho ea Thabong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Ikemisetsa ho Phela ka Melao ea Jehova ea Boitšoaro
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 9/1 leq. 31

Ho Batla ho Entsoeng ka Nako e Telele Hoa Putsoa

“JEHOVA? Jehova ke mang?” Silvia ea lilemo li robeli o ne a bone lebitso leo ka har’a Bibele ea Searmenia, eo e neng e le letlotlo la lelapa leo a le bontšitsoeng ke ngoananyana e mong. O ile a botsa hohle, empa moo a neng a lula teng, Yerevan, Armenia, ho ne ho se motho ea neng a ka mo bolella hore na Jehova ke mang—esita le batsoali ba hae, kapa mesuoe ea hae, esita le bona baruti kerekeng ea sebaka seo.

Silvia o ile a hōla, a qeta sekolong, a ba a fumana mosebetsi, empa leha ho le joalo o ne a ntse a sa tsebe hore na Jehova ke mang. Ha e le mocha ea seng a tiile, o ile a tšoanela ho baleha Armenia, ’me ka mor’a nako e itseng o ile a qetella a le Poland, a lula ka kamoreng e nyenyane le baphaphathehi ba bang. E mong oa batho ba lulang le eena kamoreng eo o ne a fumana baeti ba kamehla. Silvia o ile a botsa: “Baeti baa ba hao ke bo-mang?” Karabo e ile ea e-ba hore: “Ke Lipaki tsa Jehova, li tlil’o nthuta Bibele.”

Pelo ea Silvia e ile ea tlōla ke thabo ha a utloa lebitso Jehova. Qetellong, o ile a qala ho tseba hore na Jehova ke mang le hore na ke Molimo ea lerato hakaakang. Leha ho le joalo, ka potlako o ile a tšoanela ho tloha Poland. O ile a batla setšabelo Denmark, ka mose ho Leoatle la Baltic. O ne a tšoere meroalo e seng mekae feela, empa har’a eona ho ne ho e-na le lingoliloeng tsa Bibele tse hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova. Leqepheng le ka morao la se seng sa lingoliloeng, Silvia o ile a fumana lethathamo la liaterese tsa Mokhatlo oa Watch Tower le liofisi tsa makala. Leo e ne e le le leng la matlotlo a hae a bohlokoa ka ho fetisisa—e le mocha oa hae oa ho ea ho Jehova!

Ha a le Denmark, Silvia o ile a isoa kampong ea baphaphathehi, ’me kapele-pele o ile a qala ho batla Lipaki tsa Jehova. Ho tsoa lethathamong la hae la liaterese, o ne a tseba hore ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower moo Denmark e ne e le toropong ea Holbæk. Empa sebaka seo se ne se le hokae? Silvia o ile a fallisetsoa kampong e ’ngoe ka terene, ’me ha a le tseleng a e-ea moo, terene e ile ea feta Holbæk! Pelo ea hae e ile ea boela ea tlōla ke thabo.

Letsatsing le leng le chesang kapele ka mor’a moo, Silvia o ile a palama terene a khutlela Holbæk ’me a tsamaea ka maoto ho tloha seteisheneng ho ea ofising ea lekala. Oa hopola: “Eitse ha ke kena ka serapeng, ka lula holim’a benche ka ba ka re, ‘Ena ke paradeise!’ ” O ile a amoheloa ka mofuthu lekaleng ’me qetellong o ile a khona ho ba le thuto ea hae ea Bibele.

Empa o ile a boela a falla ka makhetlo a ’maloa. Silvia o ile a tšoanela ho batla Lipaki tsa Jehova le ho qala thuto ea hae ea Bibele ka makhetlo a le likampong tsa baphaphathehi tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse peli, o ne a se a ithutile ho lekaneng hore a ka nehela bophelo ba hae ho Jehova. O ile a kolobetsoa ’me ka potlako ka mor’a moo a kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ka 1998 ba boholong pusong Denmark ba ile ba mo lumella ho lula teng e le motšabeli.

Hona joale Silvia o lilemo li 26 ’me o sebeletsa tulong e ileng ea mo hopotsa paradeise, ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova Denmark. Silvia oa hlalosa: “Ke eng seo nka se buang? Ke ’nile ka batla Jehova ho tloha ha ke sa le ngoananyana. Joale ke mo fumane. Ke ne ke labalabela ho qeta bophelo bohle ba ka tšebeletsong ea hae, ’me ke ’na enoa mona Bethele. Ke rapella hore lena e be lehae la ka ka lilemo tse ngata tse tlang!”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela