Tumelo ea Hae e Khothatsa ba Bang
HA Silvia a hlaha ka December 1992, o ile a bonahala e le ngoana oa ngoanana ea phetseng hantle. Empa ha a e-na le lilemo tse peli, lingaka li ile tsa fumana hore o na le boloetse bo sa phekoleheng bo bitsoang cystic fibrosis, bo sitisang motho ho phefumoloha le bo bakang mathata a tšilo ea lijo. Silvia o loantša boloetse ba hae ka ho noa lipilisi tse 36 ka letsatsi, o hoha meriana, ’me oa sililoa. Kaha matšoafo a hae a etsa feela karolo ea 25 lekholong ea mosebetsi oa ’ona, o lokela ho sebelisa tanka ea oxygen, esita le ha a tsoela ka ntle ho ntlo.
’Mè oa hae, e leng Teresa, o re: “Tsela eo Silvia a loantšang boloetse bona ba hae ka eona ea hlolla. Ka lebaka la tsebo ea hae ea Mangolo, o na le tumelo e matla. Tumelo ena e mo thusa hore a sebetsane le mahlomola a hae le bohloko. Kamehla o hopola tšepiso ea Jehova ea lefatše le lecha, moo bohle ba kulang ba tla phekoloa teng.” (Tšenolo 21:4) Ka linako tse ling ha batsoali ba hae le khaitseli ea hae ba nyahama, ba khothatsoa ke ho bososela ha Silvia ka tšepo. O re ho bona: “Bophelo ba lefatšeng le lecha bo tla nka sebaka sa mahlomola ’ohle a rōna a hona joale.”
Kamehla Silvia o bolella batho ba bang litaba tse molemo tsa Lentsoe la Molimo, ’me bao a buang le bona baa hlokomela hore sefahleho sa hae se khanya khotso le hore o thabile. Litho tsa phutheho ea Bokreste eo a eang libokeng tsa eona Canary Islands le tsona li thaba haholo ha li mo utloa a fana ka litlhaloso le ha li mo bona a kopanela. Ka mor’a seboka se seng le se seng, Silvia o rata ho sala Holong ea ’Muso a bua le bara le barali babo ba Bakreste. Thabo ea hae le cheseho ea hae li mo entse thatohatsi ea phutheho kaofela.
Ntat’ae, Antonio o re: “Silvia o re ruta thuto ea bohlokoa. Esita le ha re e-na le mathata, bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo, ’me re lokela ho bo ananela.” Joaloka Silvia, bahlanka bohle ba Molimo—ba baholo le ba banyenyane ba lebeletse ka cheseho nako eo ka eona “ho [sa tl’o ba le] moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Silvia o bala temana ea Bibele ha ’mè oa hae a ntse a tšoere tanka ea “oxygen”